“Bolumeli bo Kopanyelletsoa ho Oeng ho Hoholo ha Boitšoaro ba Rōna”
SEHLOOHO sena ho El Heraldo ea Barranquilla, Colombia, se ne se tšosa ka bosona. Empa ea se buileng o ile a se etsa hore se be bohlokoa haholoanyane—moprista oa Mojesuite oa K’hatholike Alberto Munera, moruti oa bolumeli Univesithing ea Gregory e Roma. O ne a hlalosa ka ho oa ha boitšoaro Colombia.
O boletse: “Macolombia ’ohle ke Mak’hatholike. Re ke ke ra latola ’nete ea hore bolumeli bo kopanyelletsoa ho oeng ho hoholo ha boitšoaro ba rōna. Joaloka moruti, motho oa ipotsa: Molato ke’ng ka bolumeli ba rōna ba K’hatholike ha ho bonahala bo se na lintho tse lekaneng tsa ho tšehetsa boitšoaro ba sehlopha [sa batho] kapa ho talimana le phetoho e ncha ea linako ka tsela e hlomphehang, ho feta boemo ba pele ho ea ho bo bocha ka ntle le ho oa ha mokhatlo oohle oa batho?”
Ka mor’a ho fana ka bopaki bo bontšang ho oa lipolotiking le boitšoarong, ho kopanyelletsa le ho rekisa lithethefatsi, lipolao tsa lipolotiki, le lintoa tse mabifi, o botsitse: “Ke bo-mang ba etsang lintho tsee? Na ke batho ba bolumeli ba Bomoseleme kapa Bobuddha . . . kapa ke batho ba se nang bolumeli? Kapa na ke batho bao u ba boneng tšebeletsong ea bolumeli ba kopanetse ka botšepehi Selallong ’me ba rapela Morena oa Rōna hore a ba thuse ba atlehe mosebetsing oa bona?”
Ka sebele, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba hatella boitšoaro ba Bokreste e le bopaki ba Bokreste ba ’nete, e seng ho kopanela litšebeletsong tsa bolumeli. Jesu o itse: “Ka lerato lena leo le nang le lona e mong ho e mong, batho bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” (Johanne 13:35, The Jerusalem Bible) Na ke lerato ha Mok’hatholike a bolaea kapa a hloile Mok’hatholike e mong, kapa a tlatlapa, a beta, a bua leshano, kapa a utsoa, kapa a rekisa lithethefatsi? ’Me na ke lerato la Bokreste ha kereke e sa nke bohato ho boloka boemo ba eona bo hloekile linthong tse hlokang kelello joalo tse sa bontšeng boitšoaro? Ha e le hantle, hangata batlōli ba ruileng ba molao ba hlomphuoa ka mapato a hlomphehang le litšebeletso tse ling tsa bolumeli.
Ka ho fapaneng, phutheho ea pele ea Bokreste e ne e khalemela baetsalibe ba sa bakeng ba neng ba ena le molato oa libe tse tebileng. Moapostola Pauluse o ngotse: “Seo ke se ngotseng ke hore ha lea lokela ho kopana le moena oa Mokreste ea phelang bophelo bo se nang boitšoaro, kapa eo e leng molotsana, kapa morapeli oa litšoantšo, kapa moetselletsi, kapa letahoa, kapa a sa tšepahale; le ho ja ha lea lokela ho ja lijo le batho ba joalo.”
Leha ho le joalo, ha se ka mehla motho a utloang ka ho amohuoa litokelo tsa ho ba setho sa kereke, ha e se feela ka mabaka a lipolotiki tse hanang boteng ba Molimo kapa ho hanyetsa melao ea kereke.—1 Ba-Korinthe 5:9-11; 6:9-11, JB.
Ho ena le ho lebisa tlhokomelo e loketseng thutong ea Bibele le bothong bo bocha ba Bokreste, Kereke e K’hatholike lilemong tse makholo e khotsofalletse ho rapela ka rosari, ho ea ’Miseng, le ho ipolela libe ho moprista. (Ba-Efese 4:17-24) Liphello kajeno ke ho oa boitšoarong le ho fokotseha ha tšehetso kerekeng. Mojesuite Múnera o hlalositse ka boemo ba Kereke e K’hatholike Colombia: “Ka bolumeli bo tjena, ho bonahala re ke ke ra arabela maemong ao re phelang ho ’ona. Ke le leng la mabaka a motheo ao ka ’ona Bokreste bo bonahalang bo oele . . . hore [Mak’hatholike] a bonahale e se Bakreste ka tsela leha e le efe kajeno.”
Ho totobetse, ho oa ha kajeno boitšoarong ho ama batho ba malumeli ’ohle. Ba bangata ba lebeletseng kolobetso ea kereke, ho nyalisoa, le ho patoa ba tsoela.pele ho bua leshano, ho utsoa, ho feba, le ho tlatlapa ka bolokolohi. Ekasitana le batlōli ba molao ba koalletsoeng chankaneng ba ipolela e le litho tsa malumeli a mang—Mok’hatholike, Moprotestanta, Mojode, joalo-joalo. Leha ho le joalo, liketso tsa bona li bontša hore bolumeli ba bona bo hlolehile ho hlahisa ka ho bona botho bo bocha. Molato o ka ba ho motloli oa molao ka boeena le/kapa bolumeling ba hae bo hlolehileng ho susumetsa mokhoa oa hae oa ho nahana le boitšoaro. Bolumeli bo boetse bo ikarabella ka batho ba bangata ba sa bontšeng boitšoaro.
Ho joalo ka ha Pauluse a profetile ka “mehla ea bofelo”: “Ba tla boloka ponahalo ea ka ntle ea bolumeli empa ba tla be ba hanne matla a bona a ka hare. U se ke ua sebelisana le batho ba joalo.”—2 Timothea 3:1-5, JB.
Bolumeli Ka Mor’a Moroallo
Edmond le Jules de Goncourt, bangoli ba Mafora ba lekholong sa bo19 la lilemo, ba itse: “Haeba Molimo o teng, bolumeli bo tlameha bo be bo Mo rohakile ho feta batho ba sa lumeleng boteng ba oona.” ’Me e le ’nete, bolumeli ba bohata ke thohako ho ’Mōpi oa batho. Leha ho le joalo, ka ho bo felisa ka Moroallo ka 2370 B.C.E., ’Mōpi o pakile hore a ke ke a lumella ho rohakoa ka ho sa feleng.
’Nete ena ea motheo ha e-ea ka ea fetoha, ekasitana leha bolumeli ba bohata bo ile ba hlaha hape. Ha e le hantle, ka mor’a Moroallo, bo ne bo tla nka libōpeho tse bonahalang tse neng li tla phunyelletsa le makholo a lilemo ho koahela lefatše lohle. Bo ne bo tla nama ho fihlela le ho uena! Tokollo ea rōna e latelang, sehlooho sa rōna “Setsomi, Tora, le Uena!” se tla hlalosa mokhoa oo hona ho neng ho tla etsahala ka ’ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Hangata bolumeli bo a ikaketsa. Ha bo thibele lehloeo la morabe, tlōlo ea molao, le boitšoaro bo bobe