Pono ea Bibele
Morero oa Bophelo ke Eng?
BA BANGATA ba finyelletseng botumo le lehlohonolo ba fumane hore “katleho” ea bona e ne e sa fane ka tiisetso ea thabo. Ho na le ho neng ho haella bophelong ba bona, empa ke eng?
Bao ba tšoarehileng haholo ka bophelo kapa ho iketsetsa lebitso ka ho ipotsa lebaka leo re leng mona ka lona, ba ka tšoha ho fumana sepheo seo ba se batlang. Ka botumo bo bocha, ka tšohanyetso bophelo e ka ba bo sa tsitsang le bo tenang haeba bo hloka morero o phahameng. ’Nete ena e ile ea khahla Morena Salomone ea neng a ruile: “Empa eitse ha ke talima . . . mokhathala oo ke ikhathalitseng ka ’ona ha ke sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 2:11.
Ba bangata ba rōna ba ne ba tla thaba haeba ba ne ba ka finyella karolo ea mosebetsi oo morena enoa ea bohlale le ea mafolofolo a putsitsoeng ka eona. (Moeklesia 2:4-9) Leha ho le joalo, ho bonahala eka le kajeno katleho ea rōna ea botho “ha e amane haholo le thabo ea ka ho sa feleng,” ho ea ka babatlisisi ba Univesithi ea Columbia (U.S.A.). Ke eng se thusang? “Ho tšepa ha motho tseleng ea hae ho etsa tumelo ea hore bophelo bo na le morero e be ea bohlokoa,” ke kamoo tlhahlobo ea bona e fumaneng kateng. Ka masoabi, batho ba bangata ba tlohela ho batla morero o joalo ’me ho e-na le hoo ba nahana ka ho ipolaea.
Ha e le hantle, ho ea ka tlhahlobo ea 1987, ho nahana ka ho ipolaea, ho khathatsa seithuti se le seng se atlehileng haholo ho tse tharo tsa Amerika. Lebaka? Hobane baeta-pele bana ba bonahalang ba atlehile haholo ba liithuti ba ikutloa ba se na thuso, ba le tlas’a khatello ea ho atleha, kapa ba arohile ’me ba ikutloa ba le bolutu. E, hore re ithabele, re hloka boikutlo ba hore re ba bohlokoa—bophelo bo nang le morero, sepheo se seholo bophelong, kapa feela lebaka le letle la ho phela.
Re Mona ka Lebaka le Letle
Ha oa lokela ho batla hōle bopaki ba hore bophelo ha boa hlaha ka kotsi. Nahana ka botebo ka lintho tse tloaelehileng—ho etsoa ho rarahaneng ha lehlaku, ho tsoaloa ha lesea, bokahohleng bo tšosang. Qeto ea tlhaho ke e keng ea baleheloa ea hore e mong o entse lintho tsena ka morero. “Litšobotsi tsa oona tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka . . . ka lintho tseo o li entseng, ekasita le matla a oona a sa feleng le Bomolimo.”—Ba-Roma 1:20, NW.
Kahoo batho ba botsa, “Ke hobane’ng ha re le mona?” Ngaka ea Canada William Osler o ne a nepile ha a re: “Re mona ho eketsa seo re ka se khonang bophelong, e seng ho fumana seo re ka se khonang ho bona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Mokreste e mong, o hlalositse karabo ka mantsoe a 25 kapa a ka tlaase ho moo, ha a arabela: “Ke nahana hore u ne u ka re re mona ho etsa lefatše paradeise.”a (Genese 1:28; 2:8, 15) Empa—ho etsa paradeise? Na rōna batho re ka tšoaneloa ke mosebetsi o joalo?
Re sa Tsoa Qala!
Lilemo tseo re li phelang kajeno li re lumella ho ikutloisa hanyenyane feela seo re etselitsoeng ho se etsa. Nahana ka lisele tsa methapo ea boko tse ka bang limillione tse 100 000 le lisele tse ling tse ka bokong ba hao. Ho lekanyetsoa hore palo ea mahokahanyi ao lisele tsena li ka a etsang ha li kopana Ie tse ling ke 10 800. Ena ke palo e tšosang haholo ea liathomo tsa bokahleng tse 10 700 e imenne habeli! Nahana ka seo u neng u ka se etsa Ie ho ithuta sona ha u ne u itsamaela feela ka nako eo u sa etseng letho, ho ba le nako e sa feleng ea ho ithuta lintho tse u thahasellisang, le ho hōlisa litalenta kapa tsebo ea mesebetsi eo u e ratang. Ke tsebo e kaakang ka ho e mong le e mong oa rōna e neng e ka lula feela e sa sebelisoe?
Empa haeba u ne u na le nako e lekanyelitsoeng le thepa tseo ka tsona u ka hōlisang tsebo ea hao, na u ne u ka qoba ho teneha? E—ka temoho, joalokaha qetellong Salomone a entse, boikutlo boo ba khotsofalo bo phakisa ho fela!
Tharollo ea Salomone e bile efe? O elelitse: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao, ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi, ho e-so fihle lilemo tseo ka tsona u tla re: Ha ke sa khahlisoa ke tsona.” Ka ho tšoanang, Jesu o itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Moeklesia 12:1, 13; Liketso 20:35.
Senotlolo se Isang Khotsofalong
Ka baka Ieo, Jesu o bontšitse hore bophelo bo na le lintho tsa bohlokoa bo boholo, ea pele “rata morena, Molimo oa hao,” ea bobeli ho rata “oa heno joalokaha u ithata.” Sena se lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka bophelo bo sebelisanang ba liphoofolo !e limela. Joalokaha libōpuoa tsena tse tlaasana li etselitsoe ho itšetleha ka tse ling hore li phele, na ha se ho utloahalang hore rōna batho ba nang le tsebo e ngata re etselitsoe ho sebelisana !e ho sebeletsa Mohloli oa bophelo, Jehova?—Mattheu 22:37-39; Pesaleme ea 36:9.
Liphello tse sa feleng le tse ratehang—ho tlamahanya kamano ea rōna le batho le Jehova—ho tla boloka bophelo ba rōna bo ena le morero ka ho sa feleng. Ho fana hona ho thabileng ke senotlolo se lebisang bophelong bo khotsofatsang hona joale !e “lefatšeng le lecha” le tlang.—Esaia 65:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Bophelo bo sa Feleng—Tlhohonolofatso Kapa Thohako?
Mongoli oa libuka tsa bongaka Dr. Robert Jastrow o ile a botsoa, “Na bophelo bo sa feleng e ka ba tlhohonolofatso kapa thohako bathong?” Karabelo ea hae e bile efe? “E tla ba tlhohonolofatso ho ba nang le likelello tse batlang ho tseba le takatso e sa feleng ea ho ithuta. Monahano oa hore ba tla fumana tsebo ka ho sa feleng o tla ba khothatsa haholo. Empa ho ba bang ba nahanang hore ba ithutile lintho tsohle tse ka ithutoang le ba seng bohlale, e ka ba thohako e tšabehang. Ba ke ke ba ba le tsebo ea ho sebelisa nako ea bona hamolemo”—“TimesAdvocate,” Escondido, California, February 19, 1984.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Boko ba motho bo ne bo etselitsoe ho re sebeletsa ka ho sa feleng