Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 4:1514-607 B.C.E.—Sechaba Se Khethiloeng, Se sa Tšoaneng le Tse Ling Kaofela
TSOALO e kopanyellelitseng letolo le lehalima e ne e tšepisa bokamoso bo molemo. E ne e le ka 1513 B.C.E., ’me sebaka e le Thabeng ea Sinai, moo nakong eo e neng e le Arabia empa kajeno e leng Egepeta. Ho ena le ho ba tsoalo ea motho, e ne e le tsoalo ea sechaba!
Nakong e ka tlaase ho selemo pele, e ne e le sechaba sa bopatriareka sa mong e ka bang limillione tse tharo, ba le botlamuoeng ’musong oa lefatše oa Egepeta. Joale e ne e le batho ba lokolotsoeng, bao Molimo oa bona o neng o rerile ho ba etsa sechaba—empa e seng mofuta feela tjee oa sechaba. E ne e tla ba sechaba se khethiloeng, se sa tšoaneng leha e le sefe se bileng teng pele kapa se neng se tla ba teng.
‘Kereke le Naha’—Empa ka ho Fapaneng
Boiteko ba Nimrode ba ho kopanya bolumeli le ’muso bo ile ba fella ka bomalimabe. Seo ha joale se neng se etsahala Thabeng ea Sinai ka litsela tse ling e ne e le ho kopanya bolumeli le ’muso. Na ho ne ho tla atleha?
Sechaba se hloka melao, ka lebaka leo Baiseraele ba ile ba fuoa melao e leshome ea motheo, eo ka tloaelo e tsejoang e le Melao e Shome, hammoho le litaelo tse ling tse ka bang 600. (Exoda 20:1-17) E ne e le tsamaiso ea molao e neng e theiloe holim’a linnete tsa motheo eo ka mehla e ’nileng ea sebelisoa bolumeling ba ’nete, ’me e ntse e sebelisoa, ekasita le lekholong la rōna la bo20 la lilemo.
Na melao ena e ne e theiloe tsamaisong ea Molao ea Hammurabi e neng e se e le teng? Batho ba bang ba ka nahana joalo, ka ha Hammurabi, morena oa lesika la pele la Babylona, o busitse lilemo tse ka holimo ho lekholo le halofo pele Iseraele e eba sechaba. Ka 1902 tsamaiso ea hae ea molao e ile ea fumanoa e ngotsoe holim’a lejoe leo pele le neng le le ka tempeleng ea Marduke Babylona. Leha ho le joalo, buka Documents From Old Testament Times e etsa qeto: “Ho sa tsotellehe likarolo tse ngata tse tšoanang, ha ho na motheo oa ho nahana hore Seheberu se ile sa alima mantsoe leha e le afe ka ho tobileng ho Sebabylona. Ekasita le moo likarolo tse peli tsa molao li fapanang hanyenyane mongolong, li fapana haholo ka seo li se bolelang.”
Eo ke tsela e le ’ngoe feela eo sechaba se neng se tla fapana ka eona. Ho phaella moo, pele se ne se se na morena oa motho. Se ne se tla tataisoa ke Morena ea sa bonahaleng ea maholimong, ka hona o ne a tla etsa hore sechaba sena e be se fapaneng kannete, se sa tšoaneng le tse ling kaofela. Ebile hoo e ka bang lilemo tse 400 hamorao ha lesika la marena a batho le ne le qalisoa. Empa ekasitana le nakong eo, sechaba se ne se ikhethile. Morena oa sona o ne a sa ipolele e le Molimo kapa ngoana oa Molimo joalokaha, ka mohlala, bo-Faro ba Egepeta ba ile ba etsa. Marena a Iseraele a ne a lula “teroneng ea Jehova” ka tsela ea boemeli.—1 Likronike 29:23.
Litšebetso tsa ’muso oa Iseraele, tse kopanyelletsang ho etsoa ha melao, boahloli, le ho ntšoa ha melao, li ka re hopotsa ka mebuso e meng kajeno. Empa hape, ho ne ho ena le phapang e khōlō. Esaia 33:22, (NW), ea hlalosa: “Hobane Jehova ke Moahloli oa rōna [boemeli ba kahlolo] Jehova ke Monei-molao oa rōna [matla a etsang melao], Jehova ke Morena oa rōna [mookameli ea laolang].” Litšebetso tsena tse tharo tsa ’muso li ne li kopantsoe ho Molimo oa Iseraele. Ha ho morena oa sechaba, baahloli ba sona, kapa baprista ba sona bao e neng e tla ba babusi ka ho felletseng. Kaofela ba ne ba tlanngoe ke melao le litataiso tsa Molimo oo ba neng ba o emela, ho fapana haholo le mebuso ea bompoli ea lipolotiki le batho ba bolumeli ba kajeno.
Ka hona, leha ho kopanngoa ha Kereke le Naha mehleng ea Nimrode e bile ho kopanngoa ha ’muso oa batho le bolumeli ba bohata, se etsahetseng Thabeng ea Sinai e ne e le ho kopanngoa ha ’muso oa Molimo le bolumeli ba ’nete. Sena se ile sa tiisetsa liphello tse molemo haholo.
Mekha ea ho Kopanela Tumelo
Ho haelloa ke tumelo ho ile ha fella ka ho lelera ha Baiseraele ka lilemo tse 40 lefeelleng.Joale, ka 1473 B.C.E., qetellong ba le haufi le ho kena Kanana, naheng eo Molimo oa bona o neng o ba tšepisitse eona, ba ile ba hopotsoa ka tlamo ea bona ea ho bontša khanya ea oona e le sechaba se neng se khethetsoe tšebetso ea oona. Ba ne ba sa lokela ho etsa setsoalle le Bakanana. Sena se tšoana le seo mosebetsi oa lipatlisiso o se bitsang “lehloeo la bona ho baahisani ba bona bao e neng e se Bayahveh, le ho phehella ha bona ho khetheheng ha Yahveh.”
E mong a ka ’na a hanyetsa, ‘empa butleng pele, hobane’ng ha ho bontšoa leeme le lekaale? E ka ’na eaba Bakanana ba ne ba tšepahala ka ho felletseng. Ka ntle ho moo, na malumeli ’ohle hase feela litsela tse fapaneng tsa ho atamela Molimo o le mong o tšoanang?’ Pele u lumela, hopola liphello tse mpe tse ileng tsa hlahela batho ba itseng ba lefatše le neng le tletse pefo pele ho Moroallo, mehleng ea mehaho e melelele ea Nimrode, le tikolohong ea melimo e mengata ea Egepeta. Ba bang ba batho bana ho ka etsahala hore ebe le bona ba ne ba tšepahala, empa sena ha sea ka sa ba sireletsa ho kotuleng litholoana tsa ho sebelisa malumeli ao ka ho totobetseng a neng a sa amoheloe ke ’Mōpi oa bona. Na bolumeli ba Bakanana bo ne bo le bobe joaloka ana a mang? Nahanisisa ka mabaka a bontšitsoeng lebokoseng “Bolumeli ba Kanana—Na e ne e le ba ’Nete Kapa ba Bohata?” ho leqephe 20 ebe u ahlola e le uena.
Ho Tenyetsehela ka Mahlakoreng a Mabeli
Ka mor’a hore ba kene Naheng ea Pallo, Joshua, ea ileng a hlahlama Moshe, o ile a etella pele ho loantšeng bolumeli ba bohata. Empa ka mor’a lefu la hae, Baiseraele ba ile ba hana ho tsoela pele ho hapa naha. Ba ile ba qalisa mokhoa oa ho phelisana ka khotso le lichaba tse ahellaneng le bona. Hona ho ne ho se molemong oa bona. Bakanana ba ile ba tšoana le meutloa e ka mahlakoreng a bona, ba ba tlatlapa butle-butle, ’me ka makhetlo ba ba etsa hore ba khelohe bolumeling ba ’nete.—Numere 33:55; Baahloli 2:20-22.
Ka lilemo tse ling tse 300 hamorao, baahloli ba 12 ba neng ba khethiloe ke Molimo ba ile ba hlaha ka nako le nako ho lopolla Baiseraele ba koenehang botlamuoeng ba bolumeli ba bohata. Bana ba kopanyelletsa banna ba neng ba tsejoa haholo joaloka Barake, Gideone, Jafeta, le Samsone.
Joale, ka 1117 B.C.E., ha etsahala phetoho e khōlō tsamaisong ea ’muso ha Saule a ne a beoa teroneng e le morena oa pele oa motho Iseraeleng. O ile a lateloa teroneng ke Davida, eo qetellong a ileng a hlōla lira tsohle tsa Iseraele tse neng li le Naheng ea Pallo, ’me a atolosa sechaba ho fihla meeling ea sona e neng e beiloe ke Molimo. Nakong ea puso ea mora oa hae Salomone, Iseraele e ile ea fihlela sehlohlolo sa khanya ea eona, le ho thabela katleho e neng e ikhetha ho baahisani bohle ba eona.
Empa lefung la Salomone ka 998 B.C.E. kapa 997 B.C.E., ho ile ha hlaha bomalimabe. Sechaba se ile sa arohana. Meloko e leshome e ka leboea ka morao ho moo e ile ea tsejoa e le Iseraele, meloko e ’meli e ka boroa ea Juda le Benyamine ea tsejoa e le Juda. Leha e ne e ipolela hore e emela Molimo oa ’nete, ha ho le ea mong oa marena a ka leboea a 19 a ileng a latellana, ho sa baloe Tibni, ea ileng a sebelisa bolumeli ba ’nete. (1 Marena 16:21, 22) Kamoo ho neng ho le kateng a ne a tenyetsehela ka mahlakoreng a mabeli, boemo bo ileng ba isa liphellong tse bohloko mehleng ea Morena Akabe. (Bona 1 Marena 18:19-40.) Liphello tse bohloko ka ho fetisisa li bile ka 740 B.C.E., ha Iseraele e ne e lihoa ke Baassyria.
Khabareng, mareneng a Juda a 19 ho qala ka mora oa Salomone Roboame, ke a seng makae feela a neng a sebelisa borapeli ba ’nete. Joalokaha sechaba se ne se tenyetseha pakeng tsa marena a matle le a mabe, ka ho tšoanang le batho ba sona ba ne ba tenyetseha pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata. Lithuto tsa bolumeli ba bohata le liketso tse hlephileng tsa lichaba tsa boahisani, ho kopanyelletsa le borapeli ba Baale, li ile tsa bonahala haholo malapeng a batho ba sona. Ha likarolo tsena “li ntse li tsoela pele ho kenella tumelong ea Iseraele,” ho bolela The New Encyclopcedia Britannica, “batho ba ile ba qala ho lahleheloa ke moelelo oa ho khetheha ha bona le mosebetsi oa bona oa ho ba lipaki ho lichaba.” Hona ho ile ha tlisa ho tšenyeho ea sechaba.
Ka ho hlakileng, taelo ea ho lula ba arohile ho Bakanana e ne e etselitsoe ho sirelletsa Baiseraele le ho boloka bohloeki ba borapeli ba bona. E le sechaba se neng se sebelisa bolumeli ba ’nete, ba ne ba lokela ho lula ba fapane ho hang le ba neng ba sa etse joalo. Empa ba ne ba thekesela hangata. Qetellong, ka 607 B.C.E., Jerusalema e ile ea timetsoa ke Bababylona, ’me baahi ba eona ba pholohileng ba ile ba isoa kholehong. Ka lilemo tse 70 ba ile ba utloa liphello tse bohloko tsa ho lahla bolumeli ba ’nete. Babylona, tšimoloho ea bolumeli ba bohata ba ka mor’a Moroallo, e ile ea hatakela sechaba se neng se khethiloe, se neng se sa tšoane le tse ling kaofela.
Ho ne ho Hlokahala Morena ea Nang le Thuso
Ha Baiseraele ba ne ba sebelisa bolumeli ba ’nete, ba ne ba thabela khotso le tšireletseho. Ho kopana ha ’muso oa Molimo le bolumeli ba ’nete ho ile ha ba tlisetsa melemo ea mefuta eohle. Empa katleho e ne e lekanyelitsoe. Haeba khotso le tšireletseho tse neng li latsuoa ka nako e lekanyelitsoeng ke sechaba se le seng li ne li tla finyelloa ka ho felletseng ke sechaba se seng le se seng, ho ne ho hlokahala ho eketsehileng. Morena—motho e mong ea neng a ka tseba ho fana ka puso e lokileng le bolumeli ba ’nete bakeng sa ho finyella katleho e felletseng—o ne a hlokahala haholo. E ne e tla ba eng, kapa mang?
Lilemo tse ka bang 250 ka mor’a ho oa ha Jerusalema, ho ile ha tsoaloa motho eo, leha nako ea hae ea ho phela e le khutšoaane, a neng a tla etsetsa eena le sechaba sa hae lebitso. Leoto la hae le ne le tla hata Babylona le Egepeta, moo a neng a tla rorisoa e le molopolli e moholo. Ka mor’a hore The New Encyclopcedia Britannica e hlahlobe liketsahalo tse ileng tsa latela, e ne e tla bua ka eena tjena lilemo tse makholo a 23 hamorao: “Ke ’nete ho bolela hore ’Muso oa Roma, [le] ho ata ha Bokreste e le bolumeli ba lefatše . . . kaofela ha tsona ka tekanyo eitseng e ne e le liphello tsa seo [a] se finyelletseng.”
Na morena enoa ea tsebahalang oa lefatše o ne a tla ipaka e le se neng se hlokahala? Sehlooho sa rōna se latelang, “Melimo ea Tšōmong e se Nang Molemo,” se tla arabela.
[Lebokose le leqepheng la ”19]
“Ho senngoa ha sechaba ho qala ka matlung a batho ba sona.”—Maele a Ashanti (pa Ghana)
[Lebokose le leqepheng la 20]
Bolumeli ba Kanana—Na e ne e le ba ’Nete Kapa ba Bohata?
“Mosebetsi oa ho epolla Palestina o hlahisitse litšoantšo tse ngata tsa A[starte] ka mefuta eohle; . .. e mengata ea eona ke litšoantšo tse nyenyane, tse hlobotseng, e leng pontšo ea hore molimotsana ona o ne o sebelisoa haholo-holo borapeling ba ka lapeng, mohlomong o roaloa ke basali kapa o beoa sekhutloaneng se khethehileng ka tlung .... Malumeli a mofuta oa boitšoaro bo bobe ba A[starte] le Baale a ne a ipiletsa ho batho feela. Ke ho hlakileng hore ho tsoa kotsi ho tebileng ho ne ho ke ke ha qojoa; likamano tse mpe tsa botona le botšehali ka morero oa ho hlompha molingoana, boitšoaro bo lihlong, le litakatso tse mpe tsa likamano tsa botona le botšehali li ile tsa fetoha karolo ea borapeli ’me hamorao tsa fetela ka lapeng.”—Calwer Bibellexikon (Buka ea Mantsoe ea Bibele ea Calwer).
“Mekete ea bolumeli e ile ea fetoha mekete e hlephileng ea lehlakore la bophoofolo la tlhaho ea motho. Ekasita le bangoli ba Magerike le ba Maroma ba ne ba tšohile ke lintho tseo Bakanana ba neng ba li etsa ka lebitso la bolumeli.”—The Lion Encyclopedia of the Bible.
“Ka litšebeletso tsa bolumeli tsa Bakanana, mona ho tla buuoa feela ka ho etsa bana mahlabelo, hobane mosebetsi oa ho epolla o pakile sena ka ho toba. Gezer le Megiddo, tsela eo ka eona litopo tsa bana li patiloeng... e paka ka ho khethehileng ... ketso ena.”—Die AIttestamentliche Wissenschaft (Thuto ea Mahlale ea Testamente ea Khale).
“Ha ho naheng leha e le efe moo ho fumanoeng palo e khōlō hakana ea litšoantšo tsa melimo ea basali e hlobotseng ea peleho, tse ling e le tse nyonyehang ka ho khethehileng boitšoarong. Ha ho moo borapeli ba linoha bo hlahellang haholo hakana. ... Libaka tse khethehileng tsa matekatse le maqhalaha a baprista li ne li fumaneha ka bongata. Ho etsa mahlabelo ka batho ho ne ho tumme . . . ka ho utloahalang, ho bonolo ho utloisisa ho nyonya hoo balateli ba YHWH-Molimo ba neng ba ho utloa ha ba ne ba talimane le borapeli ba litšoantšo ba Bakanana.”—Recent Discoveries in Bible Lands.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Setšoantšo sa molimo Baale, eo ho hlomphuoa ha hae ho ileng ha etsa hore Baiseraele ba khelohe borapeli ba ’nete
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Sebaka sa Polokelo ea lintho tsa Boholo-holo Louvre, Paris