Tšepo ke Efe Bakeng sa Lefatše le se Nang Libetsa?
E NE e tla ba tokoloho e kakaang haeba bothata ba khoebo ea libetsa bo ne bo ka tlosoa ’me pokello ea libetsa e lefatšeng lohle e ne e ka felisoa! Ho na le tšepo efe bakeng sa phello e joalo? Histori e bontša hore lichaba li ke ke tsa ho etsa ka boithatelo. Ho feta moo, libetsa e mpa e le feela letšoao la se etsahalang. Bothata bo lokela ho sebetsoa pele motsong oa bona hore bo rarollehe ka ho sa feleng. Na motso oo o ka fumanoa, ’me haeba ho le joalo, ke mang ea ka sebetsanang le ’ona?
Khoebo ea libetsa e fumana tšehetso ea eona ho e ’ngoe ea bomalimabe bo boholo ka ho fetisisa ba batho, ntoa. Empa ntoa ha e hlahe khoebong ea libetsa. Ho ena le hoo, khoebo ea libetsa e hlahile ntoeng. Joale, na motso oa bobe o lokela ho fumanoa ntoeng? Che, ntoa e mpa e le feela lekala leo khoebo ea libetsa e atlehang ho lona. Lekala leo le fumana tšehetso ea lona hokae?
Ke mang ea nang le matla a ho phatlalatsa ntoa? Melao kaofela e beha matla a joalo matsohong a mebuso ea eona, eo hangata e qalang lintoa kapa e sireletsa lithahasello tsa sechaba. Mebuso e tšehetsoa ke batho. Kahoo bothata bo amana le tsamaiso ena eohle ea batho ea lintho, e susumelitsoeng ke bochaba, phehisano ea moruo, puso ea sebaka ka seng, le khethollo ea morabe. Joale, na tsamaiso ena ke eona motso oa bothata? Che. Hlahlobo e haufi e tla bontša hore tsamaiso ena e khopo e fumana tšehetso ea eona motsong o patehileng, mohloli oo batho ba bangata ba o hlokomolohang.
Motso o Patehileng o Beoang Pooaneng
Motso ona o senotsoe ka Bibeleng. Buka ena ea boholo-holo e senola hore sebōpuoa se matla sa moea, se susumelitsoe ke takatso ea boithati, se ile sa iphahamisa khahlanong le Molimo. (Jobo 1:6-12; 2:1-7) Se bitsoa Satane (ho bolelang, Mohanyetsi) Diabolose (ho bolelang, Monģosi, Moetselletsi). Se ile sa kenya sebe le lefu lelapeng la motho. (Genese 3:1-7) Kahoo, se bitsoa “e mobe.” Ke sona se ileng sa susumetsa polao ea pele historing ea batho, hore Kaine a bolaee Abele.—1 Johanne 3:12; Genese 4:8.
Hape Bibele e senola Satane e le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” “drakone” e khōlō e ‘fanang ka matla, terone, le borena bo boholo’ ho bobusi ba tsamaiso ea bopolotiki lefatšeng ka bophara. Ka sebete Jesu Kreste o ile a bontša hore “Diabolose ke ’molai ha e sa le ho qaleng” ’me a ’mitsa “morena oa lefatše.”—2 Ba-Korinthe 4:4, NW; Tšenolo 12:9; 13:1, 2; Johanne 8:44; 14:30.
Leha ho le joalo, motso ona oa lefu o ke ke oa ba teng ka ho sa feleng. Thuto ea Bibele e khetholla nako ea joale e mahlōnōko historing ea batho e le mehla ea qetello ea tsamaiso ea Satane ea lintho, ho bolela hore “nako ea hae ha e sa le ekae” pele eena le maqiti a hae li timetsoa. Moapostola oa Jesu Johanne o tšoantšelitse tokisetso ea ho lokolloa tšusumetsong ena ea bosatane ka ho re: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li eso phethehe. Ka mor’a tseo, e ka khona e lokolleloe motsotso o se mokae.”—Tšenolo 12:12; 20:1-3.
Ho Felisa Bothata ba Lihlomo Tsa Ntoa
Ha motso oa bothata o felisitsoe, tšusumetso eohle ea ’ona e mpe e tla fela. Hore nako ea lilemo tse sekete tsa ho khutlisetsa khotso lefatšeng e be ntho e ka etsahalang, Jehova, Molimo o Matla ’Ohle ka boeena, o tla felisa bothata bo sithabetsang ba lihlomo tsa ntoa: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisite lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
Batho ba limillione ba se ba ntse ba itokisetsa ho phela tlas’a maemo a joalo a khotso. Lipaki tsa Jehova li se li ntse li phethahatsa boprofeta bona: “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Kahoo, ha ba nke karolo mofuteng ofe ka ofe oa khoebo ea lihlomo. Joaloka Jesu le barutuoa ba hae, ba boloka boemo bo tiileng ba ho se nke lehlakore litsekong tsa bopolotiki ’me ha ba nke karolo ntoeng kapa qhoebeshanong leha e le efe ea lefatše, ho sa tsotellehe se ka etsahalang.—Johanne 17:16.
Ho ea ka boprofeta ba Bibele bo phethahetseng, nako e atametse moo ho ke keng ha hlola ho eba le sebetsa se etsetsoang ntoa, le nako eo mehloli ea lefatše e tla sebelisoa feela molemong oa baahi ba lona. Morena oa Khotso, Jesu Kreste, Morena oa lefatše lohle, o tiisa sena: “O tla lopolla mohloki ea llang ho eena, le mohlōphehi ea hlokang mothusi. Ea fokolang le ea hlokang o tla ba utloela bohlōkō, a pholose bophelo ba mafutsana. O tla ba lopolla ho ba mamènèmènè le ho ba sehlōhō, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.” Ka lebaka leo, thaba! Haufinyana lefatše le se nang libetsa e tla ba ntho ea sebele!—Pesaleme ea 72:12-14, TLP.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Nako eo ho ke keng ha hlola ho e-ba le ntoa e atametse. Ho e-na le hoo, lefatše le tla fetoha paradeise ea khotso
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng
Tahiti Tourist Promotion Board
Foto ea U.S. Marine Corps