Pono ea Bibele
Na ka Sebele Diabolose o Teng?
HA U ne u le ngoana, na u ne u tšaba lefifi? Mohlomong u ne u nahana ka phoofolo e khōlō e tšabehang e u lalletseng ka ntle fenstereng ea hao e emetseng ho u hloibila ho batsoali ba hao. Kahobane hona joale u le motho e moholo u tseba ho bala boitsebiso ba ’nete le ho nahana hantle ’me tšabo ea hao ea bongoaneng e bonahala e le bothoto. Litsebi tse ling li bolela hore, “Ke hobane’ng ha ho sa nkuoe bohato ho ea pele le ho beha Diabolose karolo e tšoanang—hore a se hlole a tšoana le phoofolo e khōlō e tšabehang monahanong oa ngoana?”
Na ka sebele Diabolose ha a teng? Ke sona seo pampitšana ea bolumeli e u tiisetsang sona: “Bibele ha e tsebe letho ka phoofolo e khōlō joalo e tšabehang ea bokhopo” le hore “Ka lebaka la Diabolose le Satane re na le . . . . molao-motheo oa sebe le bobe tse futsitsoeng tlhahong ea motho.” Kapa ho joalokaha tichere ea sekolo sa Sontaha e hlalosa: “Banna ke bona feela bo-diabolose.” Na seo sohle se bonahala se le bonolo—mohlomong se le bonolo haholo?
Ho Hlalosa Boitšoaro ba Motho
Haeba batho ke bona feela bo-diabolose, ke hobane’ng ha kaofela re bontša kameho ka boiketlo ba malapa a rōna? Ka mohlala, re le batho ka bomong, batho ba bangata ba hlokomela ba malapa a bona ka lijo; ha ba ipolaee ka chefu ka boikemisetso, ’me ba qoba likotsi tse sokelang bophelo. Ha ho letho la bodiabolose ho seo! Leha ho le joalo, ha batho bana ba kopana joaloka lichaba, ho na le ntho e ’ngoe e sirang pono ea bona ka boiketlo ba bona. Joaloka lichaba, ba tlohella lijo tse setseng hore li bole ho e-na le ho fepa lichaba tsa tsona tse lapileng. Ba silafatsa tikoloho ea lefatše. Ba ipokella libetsa tsa ntoa—ntoa ea nuclear. Ke boikutlo bo makatsang ba ho ipolaea!
Ke tšusumetso efe e ikarabellang ka bofofu bona boitšoarong ba batho? Na ke sehlopha sa batho ba nang le tsebo? Ebe ke baeta-pele ba ’maloa ba haelloang ke kutloisiso? Ruri ho ameha ho hongata. Bibele e boetse e tsebahatsa motho e mong ea “foufalitseng likelello” tsa lefatše lohle le sa lumeleng la ‘tsamaiso ea lintho.’ Ke mang? “Ea bitsoang Diabolose le Satane, ea thetsang lefatše kaofela.” O laola tsamaiso eohle e hlophisitsoeng ea batho ka katleho hoo Bibele e mo bitsang “molimo” oa tsamaiso ea lefatše lena.—2 Ba-Korinthe 4:4; Tšenolo 12:9.
“Molimo” ona ha se ntho e tšosang bana e ipatileng ka ntle fensetereng ea hao. Empa ke sebōpuoa sa moea se sa bonahaleng, se nang le bohlale ba bopolotiki seo ntle ho katleho se ileng sa hlōleha ho amoha Jesu botšepehi ba hae ha se ne se batla ho mo neha mebuso eohle ea lefatše. (Luka 4:6, 7) Ka ho hlakileng, Satane o ile a neha batho ba bang matla joalo pele ho Jesu, hobane buka ea Bibele ea Daniele e senola hore mangeloi a mang a marabele a ile a amohela borena ba mebuso ea lefatše—ka litlotla tsa bobusi tse kang “khosana ea Persia” le “khosana ea ba-Gerike.”—Daniele 10:20, 21.
Kahona, Satane o hahile tlhophiso e khōlō—ea “morena oa lefatše” (le bonahalang) le “morena oa bademona” (ba sa bonahaleng). (Johanne 14:30; 16:11; Mattheu 12:24) Temoho ena ea hore Diabolose o etella mokhatlo oa lefatše lohle pele e hlalosa ho hongata.
Lebaka Leo a Etellang Mokhatlo Pele
Joalokaha moetapele oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa linokoane a ka ’na a okamela mesebetsi ea bonokoane eo e seng ea molao—lithethefatsi, bosholu, papali ea chelete, ho romella liphahlo kapa ho li amohela ho tsoa linaheng tse ling ka bonokoane, le tse ling—ntle le ho iponahatsa ka boeena ho basebeletsi ba hae, kahoo Satane o sebelisa mokhatlo o hlophisitsoeng ho laola batho ba bangata ho feta kamoo eena a neng a tla etsa ka boeena. Ntle le ho hlasela batho ka bomong, eena le bademona ba tšoara batho ba bangata joaloka hoja ke mohlape oa liphoofolo. Ha ho hlokahale hore a tsamaise e mong le e mong ka boeena. Ka bonolo o khelosa baetapele ba mohlape, ’me bongata bo tla latela. Joale ebe o tla shebana le ba khelohileng.
E, Diabolose ke motho oa sebele, empa setšoantšo sa hae sa sebele ha se tšoane le sa bohata se fetelelitsoeng seo re se bonang lipaleng tse ferekanyang tsa baruti. Na ke tse ferakanyang? E, ho joalokaha buka Satan, A Portrait e hlalosa: “Ho lumela ho Satane ho ile ha hlaka ka ho fokolang” lekholong la bo19 la lilemo, ’me baruti ba ile ba “etsa boiteko ba ho hlalosa Satane e le ntho e ’ngoe e seng motho oa moea.”
Ke Mang ea Buang ’Nete ka Diabolose?
Boikemisetso ba malumeli a joale ho belaella seo Bibele e se bolelang ka Diabolose bo tšehetsa mokhatlo oa batho o ratang lintho tse bonahalang o sa tsebeng ka Molimo. “Kajeno Diabolose o nyametse ’me . . . ’me Molimo ka booona o nyametse,” ho bolela Ruth Ansher bukeng ea hae The Reality of the Devil.
Ka ho belaela pono ea Bibele, “litsebi” tsa hona joale tsa bolumeli li hlokomolohile ntho e le ’ngoe e totobatsang histori. Ho joalokaha mongoli oa lipale oa Romania Eugène Ionesco a lumetse koranteng ea Jeremane: “Histori e ne e ke ke ea utloisisoa haeba re ne re tlameha ho tlohela tšusumetso ea bodemona.”—Welt am Sonntag, September 2, 1979.
Na ho na le motho leha e le ofe ea nang le sebete sa ho tšehetsa ’nete ka karolo ea Diabolose tlokotsing ea kajeno ea lefatše? E, o teng! Nahana ka “Qeto Khahlanong le Satane le Bakeng sa Jehova” e ileng ea amoheloa ka tumellano kopanong ea 1928. E ile ea tlama Lipaki tsa Jehova ho phatlalatsa joaloka mokhosi oa ntoa khahlanong le Satane, sera sa motho, hore ntoa e khōlō ea Armageddone haufinyane e tla thibela Satane le mokhatlo oa hae o khopo.
Ka sebele histori e tiisa hore Diabolose ke sera sa sebele ho e mong le e mong ho rōna. Empa ka ho hlakileng, Jehova Molimo ha a re siea re le bang. Ke hobane’ng ha u sa ithute ka ho eketsehileng? Ke ho putsang ho tseba sera sa rōna hore “re tle re se ke ra tlatlapuoa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ea hae.”—2 Ba-Korinthe 2:11.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
“Kajeno Diabolose o nyametse ’me . . . ’me Molimo ka booona o nyametse.”
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Diabolose oa sebele o fana ka setšoantšo se fokolang sa bolumeli kapa likhopolo tse ferekanyang tsa baruti
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Gustave Doré