Bach Baa Botsa . . .
’Mè le Ntate ha Baa Ruteha—Nka ba Hlompha Joang?
THOMAS EDISON o tsejoa lefatšeng e le moqapi oa lebone la motlakase. Ka ho tšoanang, Henry Ford o tsebahala lefatšeng ka ho hlahisa mechini e mengata ea boqapi e sebelisoang tlhahisong ea lintho. Empa na u ne u tseba hore Henry Ford le Thomas Edison ba ne ba na le thuto e fokolang?
Baapostola Petrose le Johanne e ne e le litšiea tsa phutheho ea Bokreste. E ne e le libui tse sebete le tse susumetsang tsa ’nete. Leha ho le joalo, ho ile ha boleloa hore “ha baa ruteha, ke batho feela” thutong ea lefatše.—Liketso 4:13, TLP.
E, historing eohle ho ’nile haeba le banna le basali ba ileng ba etsa lintho tse khōlō ho sa tsotellehe thuto e fokolang eo ba neng ba na le eona. Ha ho motho ea nahanang hantle ea neng a ka ba nyenyefatsa ka lebaka la seo. Joale ho hlakile hore ho na le ho hongata ha bohlokoa tabeng ea boleng le seriti sa motho ho feta thuto.
Sena ha se bolele hore thuto kapa ho se rutehe, e leng ho se tsebe ho bala le ho ngola, ke bofokoli. Linaheng tse ngata, motho ea se nang lengolo la diploma la sekolo se phahameng o thatafalloa ho fumana mosebetsi. Motho ea sa tsebeng ho bala a ke ke a iphumanela tsebo e ngata e leng libukeng le limakasineng. Motho ea sa tsebeng ho ngola a ka tlotlolloa haeba a kopuoa ho saena lebitso la hae kapa ho tlatsa foromo.
Joale, ho thoe’ng haeba batsoali ba motho ba sa ruteha? Afrika le likarolong tse ling tsa linaha tse futsanehileng, ho tloaelehile hore bacha ba rutehileng ba be le batsoali ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. Esita le linaheng tse tsoetseng pele moruong, bacha ba bang ba na le menyetla ea thuto eo batsoali ba bona ba sa kang ba ba le eona. Leha ho le joalo, haeba boemo bo joalo heno, u ikutloa joang ka batsoali ba hao? Na u tlotlolloa ke ho se rutehe ha bona? Kapa ho hobe ka ho fetisisa, na ka linako tse ling u ikutloa hore ba haelloa ke tsebo ’me ha ba lokeloa ke tlhompho?
Lebaka Leo Tlhompho e Loketseng ka Lona
Haeba nako le nako maikutlo a mabe joalo a u khathatsa, u ka thuseha ho nahana hore Molimo o batla hore u hlomphe batsoali ba hao. Ba-Efese 6:2, 3 ea laela: “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao—ke oo molao oa pele o nang le pallo—u tle u be le lehlohonolo, ’me u phele halelele lefatšeng.” Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa ho bontša tlhompho e le ‘ho tšoara ka tlhompho.’ Hlokomela hape hore litebello tsa hao tsa bophelo ba nakong e tlang li itšetlehile ka ho bontša batsoali ba hao tlhompho. Ho ba hlompholla ho tšoana le ho hlompholla Molimo.
Ho feta moo, u kolota batsoali ba hao bakeng sa bophelo boo ba u nehileng bona. Ba entse sohle se matleng a bona ho u neha lijo, liaparo, le bolulo—e leng mosebetsi o boima linaheng tse ngata tse futsanehileng—’me ha ho pelaelo hore ba tla ’ne ba etse joalo lilemong tse tlang. Ha ho theko e ka bapisoang le bohlokoa ba nako ea batsoali ba hao, tlhokomelo, le tataiso e lerato. Na ba lokela ho nyenyefatsoa hobane ba se na menyetla e itseng ea thuto? Ebang ba rutehile kapa ha ba ruteha, ke batsoali ba hao.
Hape, hopola hore ke batsoali ba hao ba ileng ba lefella thuto leha e le efe eo u nang le eona, ’me hangata ebile ka boitelo bo boholo. Na seo ha se lokele ho susumetsa kananelo ea hao?
Thuto eo Batsoali ba Nang le Eona
Ha e le hantle, mohlomong batsoali ba hao ba rutehile ho u feta. Thuto ea sekolo e fana ka motheo o batsi oo motho a ka hahang ho ’ona bophelong bohle ba hae. Empa ha e u rute lintho tsohle tseo ho hlokahalang hore u li tsebe bophelong.
Mantsoe a tloaelehileng Ghana ke ana: “Motho e moholo e kile ea ba ngoana, empa ngoana ha ho mohla e kileng ea ba motho e moholo.” Batsoali ba hao ba na le ntho e ’ngoe eo u ke keng oa e fumana bukeng: phihlelo ea bophelo. Na u kile ua sebetsa, ua lefella melato, ua hlokomela bana ba banyenyane, kapa ua hlokomela lelapa? Batsoali ba hao ba na le phihlelo ea lilemo linthong tsena.
Ho Ba-Heberu 5:14 (NW) Bibele e tsoela pele ho bontša hore matla a temoho a “koetlisetsoa ho khetha ho hotle le ho hobe,” e seng feela ka ho bala le ho ithuta, empa “ka ho sebelisoa”! Kahona batsoali ba hao ba boemong ba ho u neha tataiso ea boitšoaro, ho kenya lintho tsa bohlokoa ho uena. Sena se joalo haholo-holo haeba batsoali ba hao e le ba tšabang Molimo.
Se thahasellisang, phihlelo eo batsoali ba hao ba nang le eona ha e fokotsehe esita leha u se u hōlile ka ho lekaneng ho hlokomela lelapa ka bouena! Liproverbia 23:22 e re: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” Keletso ena e ne e sa lebisoa ho bana, empa ho batho ba baholo ba nang le batsoali ba hōlileng. E, esita leha motho a hōlile, ke ntho e bohlale ho mamela batsoali ba hao, le ho hlompha bohlale boo ba bo fumaneng ka phihlelo. Mohlomong batsoali ha ba ruteha, empa seo ha se bolele hore keletso ea bona ha se ea bohlokoa.
Ha ba Ruteha Empa Baa Atleha
Liphihlelo tsa sebele tsa ba bacha ba hōlisitsoeng ke batsoali ba sa rutehang li bontša hantle ’nete ea se latelang. Kwabena, mocha oa Ghana, o bua tjena ka ’mè oa hae ea neng a sa ruteha: “O ne a laea ka ho tiileng. Ke ile ka mo rata ka ho eketsehileng bakeng sa lintho tsa bohlokoa tseo a nthutileng tsona molemong oa ka. Likhaitseli tsa ka ke basali ba atlehileng, ’me ’mè a ka fumana karolo ea bohlokoa bakeng sa tlotla ena.”
Ka lehlakoreng le leng, Reginald o ile a hōlisoa ke ntatemoholo oa hae eo le eena a neng a sa ruteha. Reginald oa hopola: “Tataiso ea hae e ne e tiile ebile e le e matla, ’me li tlatselitse hore ke tsebe ho jara boikarabelo bo tebileng ke sa le monyenyane.”
Kwasi ke mocha e mong oa Ghana eo ’mè oa hae le ka mohla a sa kang a fumana monyetla oa thuto. Na see se ile sa mo etsa hore a nyatsehe pel’a mor’a hae? Che. Kwasi o sa hopola: “Ka mehla ke ne ke tsota bohlale ba ’mè. E ne e le mohoebi, ’me ha ke sa le sekolong se phahameng, nako le nako o ne a batla hore ho kopanngoe lipalo, ke ne ke tloaetse ho nka pene le pampiri. O ne a sebelisa lipalo tsa hlooho. Hangata e ne e le eena ea neng a fumana karabo e nepahetseng pele!”
Thusa Batsoali ba Hao!
Ke ’nete, ho se rutehe ho u neha menyetla e itseng. Empa sena ha se lebaka la ho khella batsoali ba hao fatše. Joaloka mocha, Jesu Kreste o ne a na le monyetla o phahametseng oa batsoali ba hae. O ne a phethahetse. Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e bontša hore o ile a tsoela pele ho “ikokobetsa tlas’a bona.”—Luka 2:51, TLP.
Ka lebaka la sena, na u kile ua nahana kamoo u ka sebelisang tsebo ea hao molemong oa batsoali ba hao? Ka mohlala, ba ka ’na ba ananela ho ba balla mangolo a bona, koranta, Bibele, le libuka tse theiloeng Bibeleng. Kapa ba ka rua molemo ha u ba ngolla mangolo kapa u ba tlatsetsa liforomo.
Hopola, ha Jehova Molimo a thusa batho ba hae, ‘o sitsa bohle ka phano e kholo, a se na ho khanana.’ (Jakobo 1:5) Ka mantsoe a mang, ha ho mohla a etsang hore re ikutloe re le lithoto ka ho hloka thuso ea hae. Kahoo sebelisana le batsoali ba hao ka tsela e bonolo, e mosa, ’me ba tla amohela thuso ea hao habonolo.
Kaha tsebo ea ho bala le ho ngola e le ea bohlokoa phuthehong ea Bokreste, mohlomong u ka neha batsoali ba hao khothatso e bonolo ea ho sebelisa mananeo a fapaneng a thusang ba sa tsebeng ho bala le ho ngola a fumanehang. Ka ho thahasellisang, linaheng tse ngata moo ho hloka tsebo ea ho bala le ho ngola ho jeleng setsi, Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova hangata e sebelisoa joaloka setsi sa ho ithuta. Mohlomong khothatso e mosa ea hao e ka ba sona seo ba se hlokang ho ba susumelletsa ho sebelisa menyetla ea lenaneo la thuto e fanoang mona.
Linaheng tse ling tsa Afrika, bana ba ema ho fihlela batsoali ba bona ba shoa hore ba ba nehe “tlhompho ea ho qetela” ka ho ba rekela lekase le turang haholo lepatong la bona. Ho molemo hakaakang hore u bontše batsoali ba hao tlhompho e tebileng ha ba sa phela! Le ka mohla u se ke ua belaela hore ba ile ba tingoa menyetla e itseng ha ba ne ba le bacha. Ba na le litšobotsi tse ngata ho feta ho se rutehe ha bona. Ka mehla ba hlomphe ka mantsoe le ka liketso. Ikemisetse “ho mamela,” esita le hoja u sa lumellane le bona. (Jakobo 3:17, NW) Baballa lerato le mofuthu le bohlale tseo batsoali ba hao ba nang le tsona, e leng litšobotsi tse fetang hōle ho tseba ho bala le ho ngola.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Batsoali e ka ba mohloli o enneng oa keletso esita le ha ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola