Bach Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng ka Bomotlelara le Litlholisano tsa Bo-’mabotle?
“HA RE ne re etela New York ngoahola, monna e mong ea nang le khoebo ea hotele o ile a re ho ’mè, ‘U tlameha ho isa morali oa hao sekolong sa bomotlelara. . . . O motle,’” ho hopola Amy ea lilemo tse 12.
Bacha ba bangata ba batle ba bile le liphihlelo tse tšoanang. Racine ea lilemo tse 15 o ile a amohela molaetsa oa thelefono o tsoang ho monna e mong ea neng a leka ho khothalletsa eena le ngoan’abo mosebetsi oa bomotlelara. Ngoanana e mong oa Afrika Boroa o ile a kopuoa ho nka karolo tlholisanong ea bo-’mabotle. Limpho tsa chelete ha li ea lekanyetsoa ho banana feela. Jonathan e mocha o ile fuoa mosebetsi oa ho ba motlelara oa monna.
E, lefatšeng lohle, bahlankana le baroetsana le bana ba lilemo tsohle ba khothaletsoa mosebetsi oa bomotlelara, ho ba bo-’mabotle, le e meng e tšoanang. United States feela, ho tlalehoa hore ho tšoaroa litlholisano tsa bo-’mabotle tse likete tse lekholo selemo le selemo. Bahlōli ba fumana liranta tse likete-kete, meputso, le chelete ea ho ntšetsa thuto pele. Ho ba ’maloa ba ileng ba khethoa, ho hlōla tlholisanong ea bo-’mabotle ho felletse ka boithabiso le bomotlelara bo bitsang chelete e ngata.
Ngoanana e mong o itse: “Bophelo ba ka bohle ke ne ke batla ho ba motlelara oa lifeshene—motlelara oa liaparo bakeng sa limakasine tsa naha ea rōna le lipontšo tsa lifeshene. Moputso o tloha ho [liranta tse 65] ho ea ho [tse 260] ka hora.” Leha ho le joalo, ho tlalehoa hore limotlelara tse ling li fumana chelete e ka bang liranta tse 6 500 ka letsatsi! Ha ho makatse ha bacha ba bang ba Bakreste ba lekoa hore ba fumane chelete ka botle ba bona. U ne u tla arabela joang ha u fuoa monyetla o joalo o u tlisetsang thoriso?
Botle bo ka ba Molemo
Ho boleloa hore moroetsana oa Mojode Esthere o ne a “le motle, a boheha.” (Esthere 2:7) Ha e le hantle, u ka ba oa bolela hore o ile a qobelloa ho nka karolo litlholisanong tsa bo-’mabotle ba mefuta eohle. Boemo e ne e le bofe? Mofumahali oa Persia Vasthi o ne a theotsoe setulong ka lebaka la boikhohomoso. Hore ho fumanoe ea tla mo nkela sebaka, Morena Assueruse a bokella baroetsana ba batle ka ho fetisisa ’musong ’ohle oa hae. Nakong ea likhoeli tse 12, o ile a lokisetsa hore baroetsana ba fuoe mofuta o khethehileng oa lijo ’me ba tlole oli ea myrrha ka mehla. Moroetsana ka mong o ile a hlahlojoa. Ha ho fihla nako ea Esthere, o ile a khethoa ho ba mofumahali e mocha!—Esthere 1:12–2:17.
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Esthere a ile a nka karolo? Na u ne a ipatlela botumo ba lefeela? Che, Esthere o ne a latela tataiso ea Jehova, eo ka makhetlo a ileng a e batla ka thuso ea motsoal’ae oa bomolimo le mohlokomeli oa hae, Mordekai. (Esthere 4:5-17) Monna ea khopo ea bitsoang Hamane o ne a ntse a rera ho timetsa batho ba Molimo, sechaba sa Iseraele. ‘Phehisano ea bo-’mabotle’ e ile ea nolofaletsa Jehova ho rerela Esthere boemo bo phahameng boo a tlang ho tseba ho senya morero ona. Kahona botle ba Esthere bo ile ba ipaka e le tlhohonolofatso ho batho bohle ba Molimo!
Ho thoe’ng kajeno? Ponahalo ea motho ha se ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.a Leha ho le joalo, ponahalo e bohehang ha e akarelletsa mosa le boikokobetso e ka ba ntho ea bohlokoa. Leha ho le joalo, na sena se bolela hore ho ba motlelara kapa ho nka karolo tlholisanong ea bo-’mabotle ke tsela e bohlale ea ho sebelisa letlotlo lee? Kapa na ho na le lintho tse lokelang ho nahaneloa tse larileng ka nģane ho botumo, tlotla, kapa maruo?
Ka Mor’a Mabenyane
Bomotlelara ba lifeshene bo na le botle ba bona. Ho apara hantle, mabenyane a turang, moputso o motle, le litebello tsa ho eta le lipontšo tsa thelevishine—tsena kaofela ke tse khahlisang. Ho phaella moo, koetliso ea lifeshene e ile ea thusa basali ba bangata le banna ho tsamaea ka bokhabane le ho bua ka sebete le ka masene. Empa ka nģane ho botle le mabenyane, ho ka ’na ha ba le likotsi ho Mokreste.
Ha se hore bomotlelara ka bobona bo bobe. Ho apara lifeshene ho ka sebeletsa morero o lokileng: ho etsa hore sehlahisoa se bonahale se hohela. Ke ka lebaka leo ho sebelisoang matsoho a matle le maoto a masesane bakeng sa ho phatlalatsa polishe ea manala kapa lieta limakasineng tsa khoebo tsa TV. Ka ho tšoanang, banna le basali ba hlahelletseng ka mahetla ba sebelisoa ho phatlalatsa liaparo tsena. Ha re nahana hore liaparo tse joalo ke tse khabane, ha ho phoso haeba Mokreste a lefelloa ho li phatlalatsa.
Leha ho le joalo, ho na le mathata a mangata ao ho thulanoang le ’ona bomotlelareng ao ho seng bonolo ka mehla ho a qoba. Ka mohlala, u ne u tla arabela joang ha u bitsoa ho tla apara ntho ea moseho o seng khabane kapa e sa lokelang Mokreste? Kapa haeba motho ea nkang litšoantšo a u hatella ka bolotsana hore u eme ka tsela e tla tsosa maikutlo a botona kapa botšehali? Ho feta moo, ha se ka mehla motho a tsebang hantle kamoo litšoantšo tseo li tlang ho sebelisoa kateng. Ka mohlala, litšoantšo li ka hlaha setšoantšong se sebelisetsoang ho phahamisa matsatsi a mekete ea bolumeli kapa boitšoaro bo bobe.
Mosebetsi o joalo o ka ba le liphello bothong ba motho, ho hōlisa litšobotsi tse mpe. Khatiso e tsoelang pele ea ponahalo ea kantle ho feta “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo” e bakile hore limotlelara tse ling tsa lifeshene li fetohe tse se nang seriti ka ho eketsehileng. (1 Petrose 3:4) Hape, ho sebetsa ka liaparo tse turang, mabenyane, le tse ling ho ka tsosa monahano oa ho rata lintho tse bonahalang.—1 Timothea 6:10.
Mosebetsi oa bomotlelara o boetse o tsebahala ka ho pepesetsa motho ho batho ba bang, banna le basali ba phehellang ba batona kapa ba batšehali ho robala le bona haeba ba lakatsa ho tsoela pele ba sebetsa. Eo e kileng ea ba motlelara oa lifeshene o hlokometse: “Ka bonolo u tlameha ho lumela [likamano tsa botona le botšehali] hore u ’ne u tsoele pele.” Ba bang ba boetse ba bolela hore bosodoma bo atile har’a limotlelara tsa banna. Le hoja ho se joalo ka mehla, e ka ba bothata bo eketsehileng ho bomotlelara ho feta mosebetsing.
Lipontšo tsa Bo-’mabotle
Ho ka boleloa ho hongata ka litlholisano tsa bo-’mabotle. Ho phaella moo, ho na le khatello ea phehisano e matla. Sena se qobelletse ba hlōlisanang ho isa ntlheng ea ho sitisa bao ba phehisanang le bona. Ho ea ka tlaleho e ’ngoe, “bahlōlisani ba bang ba batla ho hlōla ka litsela tsohle hoo ba tlotsang lipstick liaparong tsa ho sesa tsa bao ba hlōlisang le bona kapa ka ‘kotsi’ ba tšela li-gown tsa bona ka Coke.”
Hape, batšehetsi ba litlholisano tsa bo-’mabotle ba lebelletse boitlamo bo felletseng ho baroetsana ba bona joaloka baemeli ba thekiso le ba likamano tsa sechaba. Hangata sena se hloka boithabiso ho fihlela ka meso. Moroetsana e mong o ile a bolelloa: “Moratuoa, le ka mohla ha u khathale. Hopola seo. Ke uena ea fihlileng pele phathing, ’me ke uena ea tla tsamaea ka morao.” Sena se ka pepesetsa mocha oa Mokreste botsoalleng bo kotsi ’me se ka etsa hore a ratane le motho eo e seng molumeli.—2 Ba-Korinthe 6:14.
Qetellong, ho ka etsahala hore litlholisano tsa bo-’mabotle li hlompholle molao-motheo oa Bibele ho Ba-Roma 1:25 (NW), o hanang ho ‘rapela pōpo le ho e neha tšebeletso e halalelang ho e-na le ho e neha Ea e bōpileng.’ (Bapisa Liketso 12:21-23.) Motheong oo feela, mocha oa Mokreste o tla etsa hantle ha a qoba ho nka karolo e nyenyane feela tlholisanong ea bo-’mabotle sekolong.
Botle ba Sebele
Bacha ba boletsoeng pelenyana ba ile ba tlameha ho hlahlobisisa linnete tsena hore ba iketsetse liqeto. Le hoja ho phehella mosebetsi oa ho ba motlelara ka bohona ho se kotsi, Amy le Racine ba ile ba etsa qeto ea ho se o phehelle. Ka ho tšoanang, Jonathan o ile a hana mosebetsi oa ho ba motlelara ’me hona joale o sebetsa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova, moo a phehellang pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng. Empa ngoanana e mong e motle o ile a kenela litlholisano tsa bo-’mabotle ’me a hlōla ho tse peli. Kajeno ha a sa ba teng libokeng tsa Bokreste. Mantsoe ana a ipakile e le ’nete hakaakang: “Ntho e makatsang le e ntle ha e molemo ka mehla; empa ntho e molemo e ntle ka mehla.”
Re boetse re hopotsoa ka Esthere. Ka lebaka la botle ba hae, o ile a kopanyelletsoa lenaneng la ba neng ba tla khethoa ke morena ho ba mofumahali. Leha ho le joalo, ebile bokhabane ba hae, boikokobetso, le kutlo le ho hloka meharo tseo ebileng botle ba hae ba sebele. (Esthere 2:13, 15-17) O ile a netefatsa mantsoe a Petrose: “Ho hlopheha ha lōna e se ke ea e-ba ho kantle, e leng moriri o foriloeng, kapa likhabiso tsa gauda, kapa liaparo tsa ho khaba; empa le hlophise motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase ho rateha ho Molimo.” (1 Petrose 3:3, 4) Ha nako e ntse e tsamaea, ho hlaolela litšobotsi tsena tsa Bokreste e tla ba leruo le leholo ho feta meputso ea nakoana ea botle ba ’mele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Chebahalo e Bohlokoa Hakae?” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea January 8, 1986.
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Litšoaneleho tsa Bokreste ke leruo le leholo ho feta meputso ea nakoana ea botle ba ’mele