E Felile ka ho Panya ha Leihlo!
UHAOLA har’a khanya ea mafube, u tsamaea har’a mela ea lifate tse likutu tse tenya tse bolelele ba mekato e 15. Ka holim’a hao ho na le bophelo bo bongata bo rarahaneng, bo teteaneng ka ho fetisisa, le bo enneng ka ho fetisisa karolong ea lefatše moo ho phelang libōpuoa. Lifate li khabisitsoe ka lifatjana tse ithatelang holim’a tsona tseo ka linako tse ling li leng bolelele ba limithara tse lekholo ’me li ithatetse ka limela tse tletseng hohle likutung le mahlakung. Monko o monate oa lipalesa tsa libakeng tse futhumetseng o nkhisa moea hamonate.
Ena ke meru ea libakeng tse futhumetseng. Empa hase feela e khabisang, e fetang feela litselana tse koahetsoeng ke moholi moo khanya e phunyeletsang teng. Ke mosebetsi o rarahaneng haholo oo likarolo tsa ’ona li sebetsang ka tumellano.
Bophelo bo bongata mona, ho na le mefuta e mengata ea bophelo qitikoeng ea rōna. Meru e nka feela karolo ea 6 lekholong ea sebaka sa lefatše empa e boetse e-na le halofo ea limela tsohle le mefuta ea liphoofolo. Lintho tsena li hlahisa karolo ea boraro ea lintho tse phelang lefatšeng. Ka holim’a hao, meru ke lehae la mefuta e fapaneng ea likokoanyana, linonyana, litšoene, le liphoofolo tse ling. Tse ngata ha ho mohla li theohelang tlaase. Lifate ke lijo tsa tsona le matlo a tsona, ’me le tsona li nontša lifate kapa li ja litholoana tsa tsona, li hasa peō ka moiteli oa tsona.
Pula e na ka mehla, e nosetsa meru le ho susumetsa lebili le rarahaneng la bophelo. Pula e hlatsoa makhapetla le likutu ka
motsoako o enneng o fepang limela tse bitsoang li-epiphyte tse melang holim’a lifate. Ha morao li-epiphyte li thusa sefate ho monya lijo tsa tsona tse ka sehloohong, le nitrogen moeeng. Li-epiphyte tse ngata li na le makhapetla a kang “litanka” tse bolokang lilithara tse ngata tsa metsi, ’me li etsa matša a manyenyane moeeng ao e leng lehae la linqaqane tse lulang lifateng le linonyana.
Ho sa tsotellehe hore na ke lijo tsa mofuta ofe tse fihlang fatše, li metsoa ka potlako. Liphoofolo, likokoanyana tse ngata, le li-bacteria li sebetsa hammoho ho fokotsa li-nut, litopo tsa liphoofolo, le makhapetla ho fihlela e e-ba moiteli. Joale mobu o li amohela ka cheseho. Haeba u ne u lokela ho hlakola lerole le maotong a hao, u ne u tla fumana likhoele tse tenya, tse tšoeu tsa metso le limela tsa fungi. Limela tsena tsa fungi li thusa metso ho monya lijo ka potlako pele pula e li hohola.
Empa a re re u tsamaea karolong e nyenyane ea moru, sebaka se boholo ba lebala la bolo la Amerika. Ka tšohanyetso, karolo eo eohle ea moru e-ea nyamela. E senngoa ka ho feletseng—ka ho panya ha leihlo! Ha u ntse u talima ka ho tšoha, karolo e haufi le uena, e lekanang le eo, le eona e nyamela ka motsotso o latelang, ’me e ’ngoe ka motsotso o latelang, joalo-joalo. Qetellong, u eme u le mong lehoatateng le se nang letho, mobung o thata letsatsing le chesang la sebakeng se futhumetseng.
Ho ea ka litekanyetso tse ling, meru ea lefatše e senngoa ka potlako joalo. Ba bang ba bile ba potlakisa sekhahla seo. Ho ea ka makasine oa Newsweek, sebaka se boholo ba halofo ea California se senngoa selemo le selemo. Makasine oa Scientific American oa September 1989 o hlalosa hore sechaba sena se ka ba boholo ba Switzerland le Netherlands ha li kopane.
Empa ho sa tsotellehe hore na boholo bo bokae, tšenyo ea eketseha. Ho senngoa ha meru ho bakile merusu lefatšeng lohle, ’me morusu o lebisitsoe haholo naheng e le ’ngoe.
Mohlala: Brazil
Ka 1987 litšoantšo tsa satellite tsa sebaka sa Amazon li bontšitse hore sekhahla sa ho senngoa ha meru sebakeng sena feela se ne se phahame ho feta litekanyetso tsa ho senngoa ha meru lefatšeng lohle! Ka hobane batho ba chesa meru ho e hleka, ho hotetsoa mello e likete bosiu. Leru la mosi le ne le le boholo ba India ’me le le letenya hoo maema-fofane a mang a ileng a tlameha ho koaloa. Ka tekanyetso, sebaka sa Amazon se lahleheloa ke sebaka sa meru se boholo ba Belgium selemo le selemo.
Seithuti sa tikoloho ea Brazil José Lutzenberger o bitsa sena “koluoa e khōlōhali ea bophelo historing.” Lefatšeng lohle liithuti tsa tikoloho lia loana. Li hlokomelisa sechaba ka meru. Esita le “liskipa” le mekete ea lipina tsa rock e boletse, “Sireletsang meru.” Joale ho fihlile khatello ea chelete.
Brazil e kolota liranta tse fetang limillione tse 260 molatong oa chelete ’me e lokela ho sebelisa karolo ea 40 lekholong ea thepa e romelloang ka ntle ho naha ho lefa phaello. E itšetlehile haholo ka thuso e tsoang linaheng tse ling le likalimo tsa chelete. Kahoo libanka tsa machaba li qala ho hana ka likalimo tsa chelete e ka sebelisoang ho felisa meru. Lichaba tse tsoetseng pele li ithaopela ho fapanyetsana molato oa chelete oa Brazil ka tšireletso e ntlafalitsoeng ea tikoloho ea bona. Mopresidente oa U.S. Bush o kōpile Japane hore e se alime Brazil chelete ea ho, betla tsela e haolang har’a meru e sa silafatsoang.
Bothata ba Lefatše Lohle
Ho baahi ba bangata ba Brazil, sena sohle ke khatello ea boikaketsi. Ke khale linaha tse tsoetseng pele li felisitse meru ea tsona ’me li ne li ke ke tsa lumella mebuso leha e le efe ea linaha tse ka ntle ho li thibela ho etsa joalo. Hona joale United States e qetella meru ea eona e setseng. Ha e le hantle, ha se meru ea linaheng tse futhumetseng; empa ke meru ea linaheng tse pholileng tsa Pacific Northwest. Liphoofolo le tsona li tla baleha mona.
Kahoo ho felisoa ha meru ke bothata ba lefatše lohle, eseng Brazil feela. Meru ea libakeng tse futhumetseng e boemong bo hlobaetsang hona joale. Karolo e fetang halofo ea tahlehelo ena e etsahala ka ntle ho Brazil. Afrika Bohareng le Asia Boroa-bochabela ke libaka tse ling tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tsa meru, ’me le hona moo meru e felisoa ka potlako.
Ho felisoa ha meru ho na le liphello tse lekanang lefatšeng lohle. Sena se bolela tlala, lenyora, esita le lefu har’a batho ba limillione. Ke bothata bo amang bophelo ba hao. Bo ama lijo tseo u li jang, meriana eo u e sebelisang, le boemo ba leholimo moo u phelang ho bona—mohlomong esita le bokamoso ba motho.
Empa u ka ipotsa: ‘Ke joang meru ena e ka bang le liphello tse tebileng? Ho thoe’ng haeba e ka felisoa nakong ea makholo a itseng a lilemo joalokaha litsebi tse ling li bolela? Na ruri eo e tla ba koluoa e khōlō?’
Pele re arabela lipotso tsena, ho lokela ho tla potso ena pele: Ke eng se bakang ho senngoa ha meru?
[Setšoantšo/’Mapa o leqepheng la 20]
Meru e Felang (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Pele meru e senngoa
Tšenyo ea joale
Selemo sa 2000 ka sekhahla sa kajeno sa ho senngoa ha meru