Ke Mang ea Felisang Meru?
HANGATA potso eo e arabeloa ka ho beha mafutsana a lefatše molato. Ka makholo a lilemo, balemi linaheng tse futhumetseng ba ’nile ba phela ka ho chesa meru le ho lema mobu. Ba ne ba hleka karoloana ea moru le ho e chesa, ’me pele ba e chesa kapa ka mor’a ho e chesa, ba ne ba jala. Molora oa meru o ne o fana ka lijo tsa limela.
Ke khale mofuta ona oa temo o sibollotse ’nete e makatsang ka meru ea libakeng tse futhumetseng. Hoo e ka bang karolo ea 95 lekholong ea meru ena e mela mobung oa boemo bo fokolang haholo. Meru e sebelisa lijo kapele hoo bongata ba lijo bo bolokoang lifateng le limeleng tse ka holim’a mobu moo li bolokehileng hore pula e se ke ea li hohola. Kahoo meru ea libakeng tse futhumetseng e tikolohong e nepahetseng. Litaba tsena ha li thabise molemi.
Tlokotsi ea Mafutsana
Pula e hohola lijo tseo molora o li sieang morung o cheleng. Butle-butle, temo e fetoha pono e tšosang. Molemi ea futsanehileng oa Bolivia o hlalosa taba ka tsela ena: “Selemong sa pele, ke khaola lifate le ho li chesa. Poone e hōla hantle moloreng, ’me qetellong re ne re nahana hore re atlehile. . . . Empa ho tloha nakong eo, lintho li mpefetse. Mobu o ntse o fetoha sebataōlo, ha ho letho le melang ha e se lehola feela. . . . Ho thoe’ng ka likokonyana? Ha ke e-s’o bone likokonyana tse ngata hakaalo. . . . Re tsielehile.”
Nakong e fetileng, molemi o ne a hleka feela sebaka se itseng sa moru ebe o tlohella sa khale se sa lengoa. Hang ha moru o se o hlometse hape, sebaka seo se ne se ka lengoa hape. Leha ho le joalo, hore mokhoa ona o sebetse, sebaka se se nang lifate se lokela ho lika-liketsoa ke moru oa pele e le hore likokoanyana, linonyana, le liphoofolo li ka hasa peō le ho nontša lijalo tse ncha. Seo se nka nako e telele.
Sepenya sa baahi le sona se fetotse lintho. Ha balemi ba khobokellana sebakeng se le seng, sebaka sa temo se ea nyenyefala. Hangata balemi ba tsoang linaheng tse ling ba sebelisa mobu oa bona haholo ka lilemo li se kae, ebe ba kenella merung ba e chesa haholo.
Lebaka le leng le potlakisa boemo. Karolo ea bobeli ea batho ba linaheng tse futsanehileng ba itšetlehile ka patsi e le libeso ho pheha le mofuthu. Batho ba fetang limillione tse sekete ba ka fumana libeso tsa bona feela ka ho saga lifate ka lebelo le fetang kamoo li melang kateng lona hona joale.
Mabaka a Tebileng Haholoanyane
Ho bonolo ho beha mafutsana molato. Empa joalokaha liithuti tsa kahisano James D. Nations le Daniel I. Komer ba hlalosa, sena se tšoana le “ho beha masole molato oa ho baka lintoa.” Ba phaella: “Ke lintho tse se nang molemo. Bakeng sa ho utloisisa karolo ea bafalli ho senyeng meru, motho o lokela ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha malapa ana a ile a lula merung ka lekhetlo la pele. Karabo e bonolo: hobane ha ho naha moo a ka lulang teng.”
Naheng e ’ngoe e futhumetseng, hoo e ka bang karolo ea 72 lekholong ea naha ke ea feela karolo 2 lekholong ea balemi. Ho sa le joalo, karolo ea 83 lekholong ea malapa a balemi ha e na naha e lekaneng hore a phele kapa ha na eona ho hang. Mokhoa oo o ipheta ka boholo bo fapaneng ho potoloha lefatše. Libaka tse khōlō tseo e seng tsa batho bohle lia sebelisoa, empa e seng ho lema lijo tsa batho ba sebakeng seo, empa ho lema lijo tse romelloang kantle lichabeng tse ruileng libakeng tse pholileng.
Khoebo ea ho seha likutu ke e ’ngoe e molato haholo. Ntle le tšenyo e tobileng eo e e bakang merung, ho seha likutu ho boetse bo pepesetsa meru mollo—esita le batho. Litsela tse bakiloeng ke literekere nakong eo ho sehoang likutu merung li bula tsela bakeng sa balemi ba bangata ba tsoang linaheng tse ling.
Ha temo e sa atlehe, bahoebi ba mehlape ba reka sebaka sohle ebe ba se fetola makhulo. Ho joalo haholo-holo Amerika Boroa le Amerika Bohareng. Likhomo tse ngata tsa nama li hōlisetsoa ho romeloa lichabeng tse ruileng. Katse e tloaelehileng ea United States e ja nama e ngata ea khomo ho feta katse ea Amerika Bohareng.
Qetellong, ke lichaba tse tsoetseng pele tse thusang ka chelete ea ho felisa meru—ho khotsofatsa takatso ea tsona e meharo. Patsi ea libakeng tse futhumetseng, lihlahisoa, nama ea khomo tseo ba li rekang ka sekhahla lichabeng tse lulang libakeng tse futhumetseng, tsohle li hloka hore meru e senngoe. Takatso ea Amerika le Europe bakeng sa cocaine e bolela ho felisa lihektare tsa meru tse likete tse makholo bakeng sa limela tsa coca.
Phaello e Eketsehang
Mebuso e mengata e khothalletsa ho felisoa ha meru. E batla lekhetho ho balemi, lifeme tsa patsi, le lijong tse romellang linaheng tse ling. Lichaba tse ling li tla neha molemi sebaka haeba a se “ntlafatsa” ka ho felisa moru. Naha e ’ngoe Asia Boroa-bochabela e romelletse balemi ba limillione libakeng tse hōle tsa meru.
Mekhoa e joalo e buelloa hore e sebelisa meru molemong oa mafutsana kapa ho ntlafatsa moruo o theohang. Empa joalokaha litsebi li bona, phaello ena ea nakoana ha se ea sebele. Ka mohlala, naha eo mobu oa eona o neng o se motle bakeng sa lijalo tsa molemi o ke ke oa ba motle bakeng sa makhulo. Hangata makhulo a tloheloa ka mor’a lilemo tse leshome.
Hangata khoebo ea patsi le eona ea tšoana. Ha lifate li fotholoa morung ho sa nahaneloe bokamoso, meru e fela ka potlako. Banka ea Lefatše e lekanyetsa hore linaha tse fetang 20 ho tse 33 tseo hona joale li romellang patsi ea tsona linaheng tse ka ntle patsi eo e tla fela nakong ea lilemo tse leshome. Meru ea Thailand e ile ea felisoa ka sekhahla hoo e ileng ea tlameha ho thibela ho khaoloa ha lifate. Ho lekanyetsoa hore Philippines e tla be e hloka meru bohareng ba bo1990.
Empa taba e bohloko ke ena: Liphuputso li bontša hore sebaka se seholo sa moru se ka tlisa chelete e ngata ho feta ha o sa sebelisoe ’me lihlahisoa tsa ’ona—ka mohlala, litholoana le rubber—li ea kotuloa. E, chelete e ngata ho feta temo, makhulo, kapa ho senya meru. Leha ho le joalo, tšenyo e tsoela pele.
Lefatše le ke ke la mamella tšoaro ena ka ho sa feleng. Ho joalokaha buka Saving the Tropical Forests e hlalosa: “Haeba re tsoela pele ka tšenyo ea hona joale taba ha se hore na e be meru e tla fela empa hore na e tla fela neng.” Empa na lefatše le tla ba kotsing haeba meru eohle e senngoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Lintho tse Senyang Meru
Likhohola tse bakiloeng ke matamo
Temo ea ho khaola lifate le ho li chesa
Ho seha likutu
Sebaka sa ho hōlisetsa likhomo