Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 4/8 maq. 27-29
  • Na Meru e na le Bokamoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Meru e na le Bokamoso?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Liithuti tsa Tikoloho li ka Etsa Phapang?
  • Motso oa Bothata
  • Meru ea Tropike—Na e ka Sireletsoa?
    Tsoha!—2003
  • E Felile ka ho Panya ha Leihlo!
    Tsoha!—1990
  • Meru Ea Tropike—Ke Mang ea Tla e Sireletsa?
    Tsoha!—2003
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 4/8 maq. 27-29

Na Meru e na le Bokamoso?

SEHLEKE-HLEKENG sa Easter Pacific Boroa, ho na le lejoe le leholo le leketlileng holim’a maralla, ’me le okametse leoatle ka ho makatsang. Batho ba le hahileng ke khale ba nyametse makholo a lilemo a fetileng. United States bophirima, mesaletsa ea meaho ea boholo-holo ke litšoantšo tsa batho ba ileng ba nyamela nako e telele pele batho ba basoeu ba fihla moo. Linaha tse ling tsa Bibele moo tsoelopele le khoebo li kileng tsa atleha teng hona joale ke mahoatata. Hobane’ng?

Mabakeng ana a mararo, mohlomong karabo e ka ba ho senngoa ha meru. Litsebi tse ling li nahana hore batho ba ile ba tlameha ho tloha libakeng tsena hobane ho ne ho sentsoe meru moo. Ka ntle ho lifate naha e ile ea fetoha sebatōlo, motho o ile a tsoella pele. Empa le kajeno motho o tšosa ho etsa ntho e tšoanang lefatšeng lohle. Na u tla etsa joalo? Na ho na le ntho e thibelang mokhoa oo?

Ba bangata ba leka ho etsa joalo. Himalaya, ho tlalehoa hore basali ba ile ba leka ho kopa lifate ka boiteko bo se nang thuso ho thibela basehi ba likutu. Malaysia, batala ba lulang merung ba entse ketane e thibelang batho ba kenang hammoho le mechini ea bona e meholo.

Batho ba limillione tse makholo a mabeli ba lulang merung ea libakeng tse futhumetseng ba tlokotsing. Ha tsoelopele e ntse e ntlafala, merabe ea batala e kenella hare merung, ka linako tse ling e kenella hare ho fihlela e kopana le bafalli ba lekang ho hapa sebaka se meru ho tsoa ka lehlakoreng le leng. Merabe e mengata e bolaoa ke mafu a batho ba tsoang linaheng tse ling. Merabe e meng e qobelloa ho itloaetsa ho phela sebakeng se secha ho fapana le seo e hōletseng ho sona, ’me e qetella e le har’a mafutsana a phelang sebakeng sa metse ea litoropo—a khetholloang le a hlokang. Empa joale lefatše le elelloa tlokotsi ea bona. Maikutlo a hlokomela tikoloho a se a qalile ho aparela lefatše.

Na Liithuti tsa Tikoloho li ka Etsa Phapang?

“Tsebo le boqapi ba mahlale li teng bakeng sa ho sireletsa meru ea lefatše ea libakeng tse futhumetseng,” ho simolla buka Saving the Tropical Forests. Sena se hlakisitsoe hantle lirapeng tsa boikhathollo ho potoloha lefatše. Guanacaste National Park Costa Rica e nehetsoe ho lema mefuta e mengata ea meru hape. Lifate tse limillione li jetsoe ke batho linaheng tse kang Kenya, India, Haiti, le Chaena. Empa ho jala lifate ha ho tšoane le ho tsosolosa meru.

Ka linako tse ling “ho lokisoa ha meru” ke khoebo ea ho jala mofuta o le mong oa lifate oo hamorao o tla kotuloa. Sena ha se tšoane le tsamaiso e rarahaneng ea bophelo ba limela. Ho feta moo, batho ba bang ba bolela hore moru o mongobo le ka mohla o ke ke oa khutlisetsoa boemong ba ’ona ba pele bo rarahaneng. Ha ho makatse ha liithuti tsa tikoloho li hatella hore thibelo e molemo ho feta tsosoloso.

Empa thibelo ha e bonolo joalokaha e utloahala. Haeba karolo ea moru e le nyenyane haholo, e ke ke ea pholoha. Liithuti tse ling tsa tikoloho li lekanyetsa hore bonyane karolo ea 10 ho isa ho ea 20 lekholong ea meru ea lefatše e lokela ho behelloa ka thoko haeba e lokela ho boloka bophelo bo enneng ba lintho tse fapaneng. Empa hona joale, ke feela karolo ea 3 lekholong ea meru ea Afrika e sirelelitsoeng. Asia Boroa, palo ke karolo ea 2 lekholong; Amerika Boroa ke karolo ea 1 lekholong.

Tse ling tsa libaka tseo li sirelelitsoe ka se melao e ngotsoeng feela. Libaka tsa boikhathollo ha li atlehe ha li reroa ka mokhoa o fokolang kapa li tsamaisoa hampe kapa ha bahlanka ba libaka tsa boikhathollo ka meharo ba utsoa chelete. Ba bang ba etsa chelete ka hore ka bolotsana ba lumelle ho sehoa ha likutu tsa lifate. Ho boetse ho haella basebetsi. Amazon, mohlokomeli a le mong o ile abeloa ho sireletsa sebaka sa moru se lekanang le Fora.

Liithuti tsa tikoloho li phehella hore balemi ba rutoe kamoo ba ka lemang ntle le ho qeta matla a mobu hore ba qobellehe hore ba falle ho ea pele ba ntse ba senya meru. Ba bang ba lekile ho jala mefuta e sa tšoaneng ea limela tšimong ’me ho etsa joalo ho bolaea likokoanyana tse jang mofuta o le mong oa semela. Lifate tsa litholoana li ka sireletsa mobu lipuleng tsa libakeng tse futhumetseng. Ba bang ba sebelisa mokhoa oa boholo-holo. Ba epa likanale ho potoloha tšingoana ebe ba tšela limela tse tala tsa metsi masingoaneng e le lijo tsa limela. Ho ka ’na ha ruuoa litlhapi e le mohloli o eketsehileng oa lijo. Mekhoa e joalo e se e atlehile.

Empa ho ruta batho “kamoo sena se ka etsoang” kateng ho bitsa chelete e ngata le tsebo. Lichaba tsa libakeng tse futhumetseng le tsona li ka ’na tsa ba le mathata a moruo bakeng sa morero oo oa nako e telele. Leha ho le joalo, esita leha tsebo ea ho etsa joalo e ne e pharalletse, e ne e ke ke ea rarolla bothata. Ho joalokaha Michael H. Robinson a ngotse ho Saving the Tropical Forests: “Meru ha e senngoe ka lebaka la ho hloka tsebo kapa booatla empa e senngoa haholo-holo ka lebaka la bofutsana le meharo.”

Motso oa Bothata

Bofutsana le meharo. Ho bonahala metso ea ho senngoa ha meru e tebile mokhatlong oa batho, e tebile haholo ho feta kamoo meru ea libakeng tse futhumetseng e tetebetsang metso ea eona mobung o fokolang oa libakeng tse futhumetseng. Na motho a ka nolofalla ho fothola bothata bona?

Sebokeng se kopanetsoeng sa lichaba tse 24 se neng se tšoaretse The Hague, Netherlands, selemong se fetileng se fihletse qeto ea ho etsa molao o mocha ho Machaba a Kopaneng hore o bitsoe Globe. Ho latela Financial Times ea London, Globe e tla ba le “matla a maholo a ho hlomamisa litekanyetso tsa tikoloho le ho li tiisa.” Le hoja lichaba li tla lokela o tela borena ba tsona ba bochaba hore Globe e tle e be le matla a sebele, ba bang ba bolela ka letsatsi le leng mokhatlo o tla ba teng. Ke feela mokhatlo o kopaneng, oa lefatše lohle o ka felisang mathata a lefatše lohle.

Ao ke mabaka a utloahalang. Empa ke ’muso ofe oa batho kapa moemeli ea ka tsebang ho felisa meharo le bofutsana? Ke ’muso ofe o ka etsang seo? Kaofela ha eona e itšetlehile ka meharo, kahoo bofutsana bo tla lula bo le teng ka mehla. Haeba re tla emela moemeli oa motho ho rarolla mathata a ho senngoa ha meru, meru ha e na bokamoso; ha esita le bona batho ha ba na bokamoso.

Empa nahana ka sena. Na meru e fana ka bopaki ba hore e entsoe ke motho ea nang le bohlale bo phahameng haholo? E, ho joalo. Ho tloha metsong ea eona ho fihlela mahlakung, meru e bontša hore ke mosebetsi oa Motšoantši e Moholo.

Na Motšoantši enoa e Moholo o tla lumella motho hore a felise meru eohle le ho senya lefatše? Boprofeta ba Bibele bo arabela lipotso tsena ka ho tobileng. Boa phaella: “Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao [Molimo] bo ne bo hlahile le nako . . . ea ho senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Ho na le lintho tse peli tse tsotehang ka boprofeta boo. Pele, bo supa nakong eo motho a tlang ho tseba ho senya lefatše lohle. Ha mantsoe ao a ne a ngoloa lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, motho o ne a sa tsebe ho senya lefatše joalokaha a ne a sa tsebe le ho ea khoeling. Empa kajeno o etsa lintho tsena ka bobeli. Lebaka la bobeli, boprofeta bo araba potso ea hore na motho o tla senya lefatše ka ho felletseng—’me karabo ke che!

Molimo o bōpile motho hore a hlokomele lefatše le ho le lema, e seng ho le senya. Mehleng ea Iseraele ea boholo-holo o ne a behile litekanyetso tsa hore meru e se senngoe ’me batho ba ’ona ba ile ba phethahatsa molao oo ha ba kena Lefatšeng la Pallo. (Deuteronoma 20:19, 20) O tšepisa hore bokamosong bo haufinyane batho bohle ba tla lula ka kutloano le tikoloho.—1 Johanne 2:17; Jeremia 10:10-12.

Bibele e fana ka tšepo, tšepo ea nako eo motho a tla lema lefatše hore ebe paradeise ho e-na le ho le fetola lehoatata, o tla le lokisa ho e-na le ho le senya, o tla ba le pono e ntle ho e-na le ho sebelisa ka potlako le ka meharo bakeng sa ho fumana molemo oa nakoana. Meru e na le bokamoso. Tsamaiso e khopo ea lintho e senyang meru le lefatše lohle e tla be e fetile.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Mohlomong ho senngoa ha meru mona Lihleke-hlekeng tsa Easter ho entse hore tsoelo-pele e nyamele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

H. Armstrong Roberts

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela