Ke Hobane’ng ha ho Lokela ho Sireletsoa Meru?
LETŠOELE la batho le bōhile papali ea bolo ’me le e thoholetsa ka mabifi. Le lakatsa eka papali e ka tsoela pele ka ho sa feleng. Empa le tsoela pele ho thunya libapali. Litopo li tlosoa lebaleng ka bonngoe ka bonngoe. Letšoele le halefa haholo ha papali e theoha.
Ho senngoa ha meru ho tšoana le papali. Ha e le hantle, batho ba thabela meru, ba itšetlehile ka eona. Empa ba tsoela pele ho e bolaea joaloka libapali: mefuta ea limela le liphoofolo tseo karolo ea tsona e rarahaneng e bolokang bophelo ba meru bo tsoela pele. Leha ho le joalo, sena ha se papali. Ho senngoa ha meru hoa u ama. Ho ama boleng ba bophelo ba hao, esita le hoja u e-s’o bone moru.
Ke mefuta e ngata haholo ea lintho tse phelang, eo boramahlale ba e bitsang biodiversity, eo ba bang ba phehang khang ka hore ke thuso e khōlōhali merung. Halofo ea square k’hilomithara ea moru oa Malaysia e ka hlahisa mefuta e 835 ea lifate, ho feta United States le Canada ha li kopane.
Empa karolo ena e rarahaneng ea bophelo e senyeha habonolo feela. Ramahlale e mong o ile a bapisa limela le liboutu tsa sefofane. Ha liboutu tse eketsehileng li khoehla, tse ngata li qala ho se sebetse hantle tlas’a khatello e eketsehang. Haeba papiso eo e loketse, lefatše la rōna ke “sefofane” se nang le khathatso. Ha meru e ntse e fokotseha, ba bang ba lekanyetsa hore mefuta e likete tse leshome ea limela le liphoofolo e nyamela selemo le selemo hoo sekhahla sa ho fela ha tsona hona joale ho potlakileng ka makhetlo a 400 ho feta kamoo ho kileng ha ba kateng historing ea lefatše.
Boramahlale ba soabisitsoe ke ho haelloa ke tsebo ka lebaka la ho theoha hona ha mefuta e fapaneng ea limela le liphoofolo. Ba bolela hore sena se tšoana le ho chesa polokelo ea libuka pele u bala libuka tsa eona. Empa ho boetse ho na le tahlehelo e ’ngoe ea sebele. Ka mohlala, hoo e ka bang karolo ea 25 lekholong ea meriana e sebelisoang United States e itšetlehile ka limela tsa meru. Moriana o mong o joalo o fokolitseng bohloko ba masea lefung la leukemia ho tloha karolong ea 20 lekholong ka bo1960 ho ea karolong ea 80 lekholong ka 1985. Kahoo, ho ea ka mokhatlo oa World Wildlife Fund, meru e “emela sebaka se seholo sa tlhahiso ea meriana.” Ho sa ntse ho sibolloa limela tse ngata, ho se ho sa boleloe ka tse hlahlojoang bakeng sa meriana.
Ho feta moo, ke ba ’maloa ho rōna ba hlokomelang kamoo mefuta e mengata ea lijo e fumanoang limeleng tseo pele li neng li fumanoa merung. (Bona lebokose leqepheng la 26.) Ho fihlela kajeno, boramahlale ba bokella liphatsa tsa lefutso tsa limela tsena ’me ba li sebelisa ho matlafatsa thibelo ea mafu limeleng tse ncha le lijalong tse jeoang. Boramahlale ba bolokile liranta tse limillione tse makholo tahlehelong ea lijalo ka tsela e joalo.
Ho feta moo, ha re e-s’o tsebe hore na ke lijo life tse tsoang merung tse tlang ho hlaha tseo lefatše le li ratang haholo. Baahi ba bangata ba Amerika Leboea ha ba tsebe hore lilemong tse lekholo tse fetileng, baholo-holo ba bona ba ne ba talima panana e le ntho e makatsang, ntho e sa tloaelehang ’me ba lefa lidolara tse peli bakeng sa panana e le ’ngoe e phuthetsoeng.
Boemo ba Lefatše Lohle
Qetellong motho ke eena mohlaseluoa oa ho senngoa ha meru. Liphello tikolohong ea lefatše li bonahala li tla aparela lefatše lohle. Joang? A re hlahlobeng mofuta o mong oa meru ea libakeng tse futhumetseng tsa lefatše. Joalokaha lebitso le itlhalosa, pula ke tšobotsi ea eona e ka sehloohong. Pula e fetang limilimithara tse 200 e ka ’na ea na ka letsatsi, ’me e fetang limithara tse 9 ka selemo! Meru ea libakeng tse futhumetseng e etselitsoe ho mamella lipula tse nang li sa khaotse.
Makhapetla a fokotsa matla a marotholi hore a se hohole mobu. Mahlaku a mangata a na le lintlha tse chorileng tse pshatlang marotholi a boima. Ka lebaka leo, pula e tšolohang e fokotsoa matla ho fihlela e-ba marotholi a oelang fatše ka matla a fokolang. Lintlha tsena li boetse li lumella mahlaku ho tšolla metsi ka potlako hore a boele a moeafale, a khutlele sebakeng. Tsamaiso e metso e monya karolo ea 95 lekholong ea metsi a fihlang fatše. Moru ’ohle o monya pula joaloka seponche se seholo ebe o ntša metsi butle-butle.
Empa ha moru o se o le sieo, pula e oela ka ho toba le ka matla mobung o sa koaheloang ke letho ebe e hohola litone tsa mobu. Ka mohlala, Côte d’Ivoire, Afrika Bophirima, moru o tšekameng hanyenyane o lahleheloa ke hoo e ka bang karolo tse tharo lekholong ka selemo tsa litone tsa mobu. Hektare e tšoanang, joaloka sebaka se se nang lifate, e leng sebaka sa temo, e lahleheloa ke litone tse 90 tsa mobu ka selemo, ’me mobu o sa koaheloang ke letho, o lahleheloa ke litone tse 138.
Mofuta oo oa tahlehelo ea mobu o baka tšenyo e khōlō temong kapa makhulong. Ka ho fapaneng, matamo, e leng ’ona a bakang ho senngoa ho hoholo ha meru, ka booona a senngoa ke tahlehelo ea mobu. Ka lebaka la mobu o mongata o hoholoang ke metsi a linoka ho tsoa libakeng tse se nang meru, butle-butle e-ba seretse se tlalang matamo ’me a fetoha a se nang thuso. Libaka tse pel’a leoatle li silafatsoa ke mobu ona o mongata.
Liphello tsa pula le boemo ba leholimo li kotsi haholo. Linoka tse fatiloeng ke lipula tsa meru ea libakeng tse futhumetseng li lula li tletse selemo kaofela. Empa haeba moru o sa laole metsi a phallelang linokeng, li phophoma ka tšohanyetso ha pula e na le ho psha ka potlako. Joale ho hlaha letoto la moroallo le komello. Mekhoa ea pula e ka ’na ea ameha lik’hilomithara tse likete ho potoloha moru kaha moeafalo ea meru ea libakeng tse futhumetseng e tlatsetsa haholo hoo e ka bang halofo ea mongobo sebakeng seo. Kahona, ho senngoa ha meru e ka ’na eaba ho tlatselitse moroallong oa Bangladesh le komello ea Ethiopia e bolaileng batho ba bangata hakaana lilemong tse leshome tse fetileng.
Empa ho senngoa ha meru ho ka ba le phello boemong ba leholimo lefatšeng lohle. Meru ea libakeng tse futhumetseng e ’nile ea bitsoa matšoafo a lefatše hobane e monya carbon dioxide moeeng, ebe e sebelisa carbon ho haha likutu tsa lifate le makhapetla a koahetseng kutu. Ha moru o chesoa, carbon eohle e tšolleloa sebakeng. Bothata ke hore, motho o tšollela carbon dioxide e ngata haholo sebakeng (ka ho chesa libeso le ka ho senya meru) hore a qholotse ho futhumala ha lefatše ho sokelang ho qhibiliha ha leqhoa la lefatše le ho eketsa metsi a leoatle, ebe libaka tse pel’a leoatle li ba kotsing.a
Ha ho makatse ha batho hohle lefatšeng ba ameha tlokotsing ena. Na ba kenya letsoho? Na ho na le tharollo leha e le efe? Ho na le tšepo efe bakeng sa boemo bona bo kotsi?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Awake! ea September 8, 1989.
[Lebokose le leqepheng la 26]
Lijo tse Ngata tse Tsoang Merung
Na ho na le moru oa sebaka se futhumetseng haufi le moo u lulang teng hona joale? Nahana ka lijo tse ling tse neng li fumanoa ka bongata merung ho potoloha lefatše: reisi, poone, lipotata, manioc (cassava kapa tapioca), lehlaka la tsoekere, lipanana, lilamunu, kofi, litamati, chokolete, lipeneapole, avocado, vanilla, li-grapefruit, mefuta e mengata ea li-nut, linoko, le tee. Hoo e ka bang halofo ea lijo tsa lefatše e itšetlehile ka limela tse tsoang merung! Tseo ke tse ling tsa lijo tse fumanehang morung.
Nahana ka meriana: Li-alkaloid tse tsoang merareng li sebelisoa ho khatholla mesifa pele motho a buuoa; metsoako ea hydrocortisone ho thibela tšoaetso, quinine ho thibela malaria, digitalis ho thibela bohloko ba pelo, diosgenin bakeng sa lipilisi tsa ho thibela pelehi, le ipecac ho fokotsa ho nyekeloa ke meru. Limela tse ling li bontšitse tšepo ea ho thibela AIDS le kankere, esita le bohloko ba mala, feberu, le ho longoa ke noha le bohloko ba mahlo le mahloko a mang a mahlo. Liphekolo tse sa ntseng li ipatile ha li e-s’o tsejoe. Karolo e ka tlaase ho ea 1 lekholong ea limela tsa meru e ’nile ea hlahlojoa ke boramahlale. Seithuti se seng sa limela se boletse hore: “Re senya lintho tseo re sa tsebeng le hore li teng.”
Leha ho le joalo lijo tse ngata li hlaha merung e felang: latex, morara o omisitsoeng, boka, liasiti, tahi, metsoako e nehang lijo mebala, metsoako e nehang lijo tatso, li-dye tse kang tse sebelisoang liaparong tsa pholoso, boka bo sebelisoang ho etsa chewing gum, bamboo, le rattan—tseo ka botsona e leng motheo oa sebaka sa mosebetsi sa lefatše lohle.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Karolo e Phethahatsoang ke Meru
Meru e eketsa mongobo le oxygen sebakeng
Moru o sireletsa mobu puleng e matla
Limela li monya carbon le ho e boloka
Tsamaiso ea metso e thusa ho laola ho phalla ha metsi ho ea linokeng
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Liphello tsa ho Senngoa ha Meru
Mongobo o fokotsehang sebakeng o bolela komello e eketsehileng
Pula e hohola mobu o sa sireletsoang. Likhohola lia eketseha
Ho chesa lifate ho ntša carbon ’me ho phaella ho futhumaleng ha lefatše