Tšilafalo—E Bakoa ke Mang?
“SEHLEKE-HLEKE sena ke thepa ea ’muso e tlas’a teko. Mobu oa sona o silafalitsoe ke anthrax ’me o kotsi. Ho etela sebakeng sena ho thibetsoe.”a Letšoao lena le hlonngoeng motseng o moholo oa Scotland haufi le Sehleke-hleke sa Gruinard le lemosa baeti ba lakatsang ho etela sehleke-hlekeng sena. Lilemong tse 47 tse fetileng, ha e sa le ho etsoa teko ea libetsa nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, sehleke-hleke sena se setle se ’nile sa silafatsoa ke likokoanyana tsa anthrax.
Sehleke-hleke sa Gruinard ke mohlala o moholo oa tšilafalo. Empa mekhoa e bonolo ea tšilafalo ea mobu e atileng hohle ke bothata bo eketsehang.
Tšilafalo ea Mobu ea Eketseha
Sesosa se seng sa tšilafalo ena ea mobu ke matlakala. Ka mohlala, ho ea ka The Times ea London, lelapa la Brithani le nang le litho tse ’nè le lahla tšepe ea boima ba lik’hilogramo tse 51 le lik’hilogramo tse 41 tsa polasetiki selemo le selemo, “tseo boholo ba tsona bo tsoelang pele ho silafatsa literata, mathoko a litsela, mabōpo a maoatle le libaka tsa boikhathollo.”
Makasine oa Fora GEO o tlalehile hore ka nako e ’ngoe thotobolo e khōlō ea Entressen e ka ntle ho Marseilles, Fora, e kile ea fihlela bophahamo ba limithara tse 60 ’me e ile ea hohela mofuta oa linonyana tse bitsoang li-gull tse ka bang 145 000. Terata e potolohileng thotobolo ena ha ea ka ea thibela moea ho fefola lipampiri le matlakala a lipolasetiki. Ka baka leo, ba boholong sebakeng sena ba ile ba reka sebaka se haufi sa temo sa lihektara tse 30 e bapileng le sona ho leka ho laola bothata ba matlakala.
Ha ho makatse hore ha ho ne ho hlophisoa Selemo sa Europe sa Tikoloho—se felileng ka Tlhakubele 1988—Mokomishinara oa EEC Stanley Clinton Davis o fumane lenane la mathata a tšilafalo “e le le sa feleng.”b Ka lebaka leo, letšolo la ho khothalletsa ho sebelisa lintho tse lahliloeng hape le ile la reroa ka sepheo sa ho fetola karolo ea 80 lekholong ea matlakala a Sechaba a etsang litone tse 2 200-000 000 selemo le selemo hore a sebelisoe ka litsela tse ling.
Tšilafalo ea matlakala ha e felle Europe Bophirima feela. Hona joale ke kobo-anèla. Ho ea ka makasine New Scientist, ho ile ha hlokahala hore ho hloekisoe kontinente e hōle ea Antarctica. Boramahlale ba bafuputsi ba Australia ba ile ba bokella litone tse fetang 40 tsa mechine e lahliloeng le thepa ea kaho e neng e hasantsoe haufi le sebaka sa bona. The New York Times (December 19, 1989) e tlaleha hore Maamerika a Seteisheneng sa McMurdo, Antarctica, a hloekisa matlakala a bokelletsoeng ka lilemo tse 30, ho kopanyelletsa le terekere e boima ba litone tse 35 e ileng ea teba limithara tse 24 ka metsing.
E, naheng tšilafalo le tšenyo li atile. Empa ho thoe’ng ka metsi a lefatše?
Metsi a Litšila—Ha a Lokela Bophelo
“Linōka tsa Brithani li silafala ka lekhetlo la pele ka nako e fetang korata ea lilemo tse lekholo,” ho boletse The Observer. “Kattegat [leoatle le pakeng tsa Sweden le Denmark] lea shoa. Ka potlako le fetoha le sitoang ho boloka bophelo ba lithlapi hobane le silafetse haholo ’me le hloka oxygen,” ho tlalehile The Times ea London. “Ka potlako linōka tsa Poland li fetoha sebaka seo ho tšeloang likhoere-khoere ho sona ’me ho bonahala ho se na ntlafatso.”—The Guardian.
Pulungoana 1986 e ile ea bona kotsi ea tšilafalo eo hlalositsoeng ke Daily Telegraph ea London hlalositseng e le “tlhaselo e khōlō Europe e ka Bophirima le e matla haholo ea metsi.” Mollo o kotsi femeng e ’ngoe e etsang lik’hemik’hale Basel, Switzerland, o ile oa susumetsa boralitimamollo ho tla tima khabo eo ka mathopo a metsi. Ka ho se hlokomele, metsi ao a ile a hohola litone tse 10 ho ea ho tse 30 tsa lik’hemik’hale le libolaea-likokoanyana ho li tšela ka nōkeng ea Rhine, ba baka “Chernobyl ea feme ea metsi.” Ketsahalo ena e bile eona sehlooho sa likoranta. Leha ho le joalo, se sa tlalehoeng ke ’nete ea hore ka mehla metsoako e chefu e tšolleloa nōkeng ea Rhine ka tekanyo e tlaase ho eo.
Metsi a silafetseng ha a felle sebakeng se potolohileng mohloli oa ’ona. Liphello tsa ’ona e ka ba tse bolaeang hōle le mohloli oa ’ona. Linōka tsa Europe tse phallelang Leoatleng la North li hohola ferefe, lisepa tsa meno, lithōle tse chefu, le moiteli ka litekanyetso tse khōlō hoo Mokhatlo oa Dutch oa Phuputso tsa Tšoaso ea Litlhapi hona joale o hlalosang hore flatfish (tlhapi e sephara) ea Leoatleng la North ha ea lokela ho jeoa. Liphuputso li bontša hore karolo ea 40 lekholong ea mofuta oa tlhapi o bitsoang flounder o tsoang libakeng tse sa tebang o na le mafu a letlalo kapa lihlahala tsa kankere.
Ke mang ea molato oa tšilafalo eo e joalo? Batho ba bangata ba qosa lifeme, tseo meharo ea tsona ea phaello e fetang hōle ho ameha ha tsona ka tikoloho. Leha ho le joalo, borapolasi le bona ba qosoa ka ho silafatsa matša le linōka tse haufi le mapolasi a bona. Ho sebelisa ha bona monontša oa nitrate ho hōlang ho ka etsa hore molatsoana o phallang masimong a furu o be kotsi.
Ba bang ba sebelisa linōka e le thotobolo. Nōka ea Mersey, e nang le sebaka sa ho tšoasa litlhapi ka leboea-bophirimela ho Engelane, e boleloa e le eona e litšila ka ho fetisisa Europe. “Hona joale, ke lithoto feela kapa ba sa hlokomeleng ba ka tolang nōkeng ea Mersey,” ho hlalositse Daily Post ea Liverpool, ’me ea phaella: “Motho leha e le ofe eo ka bomalimabe a ka oelang ka nōkeng a ka ’na a kula hore a isoe sepetlele.”
Likhoere-khoere le tsona li boetse li hlahella haholo har’a lintho tse silafatsang metsi a leoatle. Lebōpong le leng la leoatle le tummeng mabapi le matsatsi a phomolo la Engelane ho tlalehoa hore ho na le “litšila tse ka tlalang kopi bakeng sa metsi a lekanang bate,” tse fetang tekanyo ea EEC ka makhetlo a mane.
Ho na le kotsi e ’ngoe hape; ena e oa leholimong.
Pula ea Asiti—Tšokelo e Khathatsang
Ka nako e ’ngoe, batho Engelane ba ne ba atisa ho shoa ka baka la ho phefumoloha moea—kapa ho fapana le moo, mosi o kotsi. Kajeno, mafu a joalo a tšilafalo ke a seoelo. Mosi o kotsi oa London, oo ho lekanyetsoang hore o bolaile batho ba ka bang 4 000 ka 1952, ha e sa le tšokelo. Liteishene tsa mashala tse fehlang motlakase tse tlatselitseng mosing o kotsi li ’nile tsa isoa sebakeng se ka thōko ’me tsa kenyetsoa likorosetene tse telele ’me maemong a mang, liborosolo ho tlosa karolo e khōlō ea likhase tse kotsi.
Leha ho le joalo, sena ha sea khaotsa ho silafatsa sepaka-paka. Mohlomong likorosetene tse telele li fokolitse kotsi sebakeng sena. Empa hona joale, meea e matla e fefola lisilafatsi tsena ho ea hare ho naha—hangata ho ea linaheng tse ling. Ka lebaka leo, baahi ba Scandinavia ba kulisoa ke tšilafalo e tsoang Brithani, ’me batho ba bangata ba bitsa Brithani “Dirty Old Man of Europe [Monna-moholo ea Litšila oa Europe].” Ka tsela e tšoanang, feme e Bohareng bo ka bophirimela ba United States e baka bothata bo boholo ba pula ea asiti Canada.
Ka lilemo tse ngata, bo-ramahlale ba ile ba qosa sulfur dioxide ka baka la tšilafalo ea moea o bakang pula ea asiti. Ka 1985 Drew Lewis, moemeli oa litaba tsa U.S. tsa ka ntle ho naha oa Canada le Amerika mabapi le pula ea asiti, o boletse: “Ho bolela hore li-sulphate ha li bake pula ea asiti ho tšoana le ho bolela hore ho tsuba ha ho bake kankere ea matšoafo.” Ka ho tšoanang, ha sulfur dioxide e kopana le moholi e hlahisa sulfuric acid, e ka etsang hore pula e be le asiti kapa e bokellane marung, kahoo e nosetse meru ka mongobo o bolaeang.
Ha pula ea asiti e na kapa, ho hobe le ho feta, ha lehloa le nang le asiti le qhibiliha, mobu o ka tlas’a lona oa ameha. Boramahlale ba Sweden ba phethileng phuputso ea 1927 ba fihletse qeto ea hore botebong ba lisenthimithara tse 70, tekanyetso ea asiti e mobung oa meru e ne e phahame ka makhetlo a leshome. Phetoho ena ea lik’hemik’hale e ama matla a limela a ho monya matsoai a bohlokoa joaloka calcium le magnesium.
Sena sohle se na le phello efe ho motho? O ameha ha matša le linōka tseo pele li neng li e-na le bophelo li fetoha tse nang le asiti le tse se nang bophelo. Ho feta moo, boramahlale ba Norway ba fihletse qeto phuputsong ea bona hore asiti e ngata metsing, ebang ke matšeng kapa mobung, e qhibilihisa aluminium. Sena se baka kotsi ea sebele. Bo-ramahlale ba hlokometse “kamano e hlakileng pakeng tsa lipalo tse phahameng tsa mafu le keketseho ea aluminium” metsing. Likamano tseo e ka ’na ea ba li teng pakeng tsa aluminium le lefu la Alzheimer le mafu a mang a batho ba hōlileng a tsoelang pele ho baka tšabo.
Ke ’nete hore libakeng tse kang Nōka ea Mersey ea Brithani le thotobolo ea Entressen ea Fora, ho ’nile ha etsoa boiteko ba ho ntlafatsa boemo. Leha ho le joalo, mofuta ona oa bothata ha o fele. O hlaha hape lefatšeng lohle. Empa ho boetse ho na le mofuta o mong oa tšilafalo—tšilafalo e sa bonahaleng.
Ozone—Sera se sa Bonahaleng
Ho chesoa ha mesaletsa ea khale, ebang e le seteisheneng se fehlang motlakase kapa leifong la hae, ho hlahisa lisilafatsi tse ling ho phaella ho sulfur dioxide. Tsena li kopanyelletsa li-oxide tsa nitrogen le li-hydrocarbon tse sa chesoang.
Pono ea mahlale hona joale e beha molato o holang oa tšilafalo ea moea ho li-nitrogen oxide. Tlas’a mahlaseli a letsatsi, li thusa ho hlahisa khase e bolaeang, ozone. “Ozone ke sesilafatsi se seholo sa moea se amang lijalo US,” ho boletse David Tingey oa Lefapha la Tšireletso ea Tikoloho la U.S. O ile a lekanya hore sena se ile sa hloka naha ea hae liranta tse limillione tse 2 600 ka selemo ka 1986. Tahleleho ea Europe e bile liranta tse limillione tse 1 000 ka selemo.
Le hoja pula ea asiti e silafatsa mehloli ea metsi, batho ba bangata ba ile ba ikutloa hore ozone e amana ka ho feletseng le mesi ea makoloi, joaloka pula ea asiti e bolaeang lifate. The Economist e boletse: “Lifate [Jeremane] li bolaoa li sa le nyenyane ke ozone e seng pula ea asiti. Le hoja ho shoa hona ho ka tlisoa ke serame, moholi o nang le asiti kapa lefu, ke ozone e etsang hore lifate li hlaseloe habonolo.” ’Me se etsahalang Europe ke seipone feela sa maemo a likontinenteng tse ling. “Lifate tse libakeng tsa boikhathollo tsa sechaba tsa California li senngoa ke tšilafalo ea moea e ka ’nang eaba e tsoa hōle Los Angeles,” ho tlalehile New Scientist.
Leha ho le joalo, ho na le mofuta o mong o mobe ka ho fetisisa oa tšilafalo o silafatsang lefatše. Ke sesosa sa motheo sa tšilafalo ea lefatše, metsi, le moea oa polanete ea rōna.
Tšilafalo ea Boitšoaro
Ho bonolo ho thetsoa ke ponahalo ea batho. Jesu Kreste o ile a tšoantša sena hantle. Ha a bua le baetapele ba bolumeli ba mehleng ea hae, o itse: “Ho malimabe lōna . . . hobane le joale ka mabitla a koetlisitsoeng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse . . . ho bola hohle.” (Mattheu 23:27) E, motho a ka ’na a bonahala a hloekile, a khahleha kantle, empa lipuo tsa hae le boitšoaro li ka senola botho ba hae bo hlephileng. Ka masoabi, tšilafalo e joalo ea boitšoaro e atile kajeno.
Tšilafalo ea boitšoaro e kopanyelletsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e jeleng setsi ho feta leha e le neng pele. Likhalala tsa ’mino oa pop, libapali tsa sethalleng, esita le borakhoebo ba hlomphehang, ba tlontlolotsoe ke ho sebelisa lithethefatsi. Tšilafalo ea boitšoaro e boetse e kopanyelletsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali boo e leng sesosa sa malapa a qhalaneng, tlhalo, ho ntšoa ha limpa, hammoho le seoa sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho kopanyelletsa le koluoa ea lefu la AIDS.
Motsong oa tšilafalo ena ea boitšoaro ho na le boikhohomoso, boo le bona bo leng motsong oa tšilafalo e khōlō boitšoarong ba batho. Tereza Kliemann, ea ileng a ameha phekolong ea AIDS Naheng ea São Paulo, Brazil, o ile a hlalosa bothata bona: “Thibelo [ea AIDS] e bolela phetoho boitšoarong har’a lihlopha tseo lefu lena le atileng ho tsona ’me hoo ho thata.” Batho ba bangata ba tsitlallela ho etsa seo ba batlang ho se etsa, ho fapana le ho nahana ka ho teba kamoo liketso tsa bona li amang ba bang kateng. Ka lebaka leo, libuka, boithabiso, le botho bohle ba batho li silafetse.
Ho batho ba nahanang, boiteko ba mehleng ea joale ba ho hloekisa ’mele le boitšoaro bo bonahala e le lesira. Kahoo, u ka ’na ua ipotsa hore na ebe ho na le tšepo efe e tiileng ea lefatše le hloekileng ’meleng le boitšoarong. U se ke ua nyahama. Bibele e re bolella hore bofelo ba tšilafalo bo haufi!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Anthrax ke lefu le tšoaetsang la liphoofolo le bakang makhopho letlalong kapa lefu la matšoafo bathong.
b EEC e emela European Economic Community kapa Common Market.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Liphello tse Mpe ho Feta Tšenyo e Bakoang ke Nako
Ka mor’a lilemo tse ngata setšoantšo sena se betliloeng ka lejoe se pepesehetse metsoako ea tšilafalo, ke feela ntho e kileng ea e-ba setšoantšo se felletseng sa hlooho ea motho empa joale ho setse likaroloana tse bontšang hore e kile ea ba hlooho ea motho. Ntho e mpe haholo ho feta nako ke liphello tsa mafome tse bakiloeng ke tšilafalo ea moea. Mehaho ea boholo-holo lefatšeng ka bophara e senngoa ke pula ea asiti, ho tloha ka Holo ea Motse Schenectady, United States, ho isa meahong e meholohali ea Venice, Italy. Ho tlalehoa hore liemahale tsa Roma li ikoela feela. Ho lumeloa hore meaho e tummeng ea Parthenon ea Greece e senyehile haholo nakong ea lilemo tse 30 tse fetileng ho feta lilemong tse 2 000 ka pele. Hangata tšenyo e joalo e bakoa ke motsoako oa tikoloho o kopanyeletsang mocheso le mohatsela, moea, mongobo esita le bacteria tse phelang maboteng a mohaho. Haeba liphello tsa sena li le kotsi hakaana linthong tse sa pheleng, ebe liphello tsa tšilafalo ee ke li matla hakae ho libōpuoa tse phelang?
[Setšoantšo]
Setšoantšo se betliloeng lejoeng kerekeng ea London