Liphello tse Bohloko tsa ho Bapala Papali ea Chelete
Bobby o ile a fumanoa a shoelletse ka koloing e emisitseng seterateng se ka leboea ho London. O ne a ipolaile le hoja a ne a le lilemo li 23 feela.
E ne e se e le nako monna-moholo e mong a robala seterateng pele a itlhahisa setsing sa tlhokomelo. O ne a fokola haholo kaha e ne e se e le matsatsi a mane a sa je kapa hona ho noa moriana oa hae bakeng sa lefu la pelo.
Emilio, eo e leng ntate oa bana ba bahlano, o ne a utloile bohloko haholo. Mosali oa hae le bana ba ne ba mo siile. Joale ba ne ba boetse ba hana ho mo buisa.
MOTHO ea ipolaileng, mokōpa-kōpa o hlokang bolulo le ntate ea lahliloeng: ka ho hlakileng, maemo ana a mararo a utloisang bohloko ao ho sa buuoeng ka oona a tloaelehile mokhatlong oa batho kajeno. Empa tlokotsi ka ’ngoe e na le sesosa se tšoanang—ho lemalla papali ea chelete.
Batho ba bangata bao e leng makhoba a papali ea chelete ba hana ho lumela hore ba na le bothata, ’me hangata litho tsa lelapa li pata bothata bona ho qoba ho tlontlolloa sechabeng. Empa letsatsi le letsatsi malapa a limillione lefatšeng ka bophara a talimana le tsieleho le ho hloka tšepo ka baka la bokhoba bona bo kotsi.
Ha ho motho ea tsebang hore na ho na le makhoba a papali ea chelete a makae. Ho lekanyetsoa hore lenane la a limillione tse leshome ke le itekanetseng United States. Manane ana aa tšosa ’me a ntse a eketseha hohle ha menyetla ea ho bapala papali ea chelete e ntse e eketseha linaheng tse ngata. Bokhoba ba papali ea chelete bo ’nile ba hlalosoa e le “temalo e eketsehang kapotlako ka ho fetisisa.”
Makhoba a mangata a macha a papali ea chelete a qalile e le batho ba sa atiseng ho bapala papali ea chelete e mpa e le feela bakeng sa ho “leka lehlohonolo la bona.” Joale ba ile ba hoholelloa bokhobeng bona ba papali ea chelete.
Ha ho Bapala Papali ea Chelete ho Tsoa Taolong
Ho na le menyetla efe ea hore batho ba sa atiseng ho bapala papali ea chelete ba fetohe makhoba a eona? Lisosa lia fapana, empa ka tsela e itseng, batho ba bapalang papali ea chelete ba fihla boemong boo bophelong ba bona ba ke keng ba tseba ho phela ka ntle le ho bapala papali ea chelete. (Bona lebokose leqepheng la 7.) Papaling ea chelete ba bang ba fumana thabo e leng sieo bophelong ba bona. Motho e mong ea bapalang papali ea chelete o hlalositse: “E hlile ha ke tsotelle hore na ke hapa moputso kapa che. Ha ke becha haholo ho feta ba leng pel’a ka, ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Batho baa ntlhompha. Ke ikutloa ke thabile haholo!”
Ba bang ba retelehela papaling ea chelete hobane ba le bolutu kapa ba tepelletse maikutlong. Ester, ’mè oa bana ba bane, o ile a nyaloa ke lesole leo boholo ba nako le neng le se teng lapeng. O ile a ikutloa a le bolutu eaba o qalisa ho bapala papali ea chelete mechineng ea slot libakeng tsa boithabiso. Kapotlako o ile a qala ho bapala papali ea chelete lihora tse ’maloa ka letsatsi. O ile a sebelisa chelete eohle papaling ea chelete, ’me mathata a ile a eketseha. O ile a leka ho patela monna oa hae hore o sebelisitse chelete ea lelapa papaling ea chelete ha ka masene a ntse a leka ho kalima chelete libankeng kapa ho batho ba bang ho lefella bokhoba ba hae liranta tse 550 ka letsatsi.
Ho boetse ho na le batho bao maikutlo a bona a susumetsoang ke moputso o moholo o ka haptjoang. Robert Custer, setsebi sa bokhoba ba papali ea chelete sea hlalosa: “Ka kakaretso ke ba hapang moputso qalong ba bile ba o hapa khafetsa mosebetsing oa bona oa ho bapala papali ea chelete ba fetohang makhoba a papali ea chelete.” Ka mor’a moo, takatso ea hore motho a ’ne a hape moputso e ba matla haholo.
Leraba le Bolotsana la Tumela-khoela
Batho ba bangata ba bapalang papali ea chelete ba susumetsoa ke maikutlo a ho lemoha lintho e sa le pele ho e-na le ho nahana. Ho lekanyetsa monyetla oa ho hlōla kapa ho hlōloa ho ka tšosa motho eo e neng e ka ba sebapali sa papali ea chelete haeba a susumetsoa ke monahano feela. Ka mohlala, United States, menyetla ea hore motho a bolaoe ke letolo o mong ho e 1 700 000. Bonyane ho hapa moputso ho lottery ea ’Muso ho hōle ho feta moo ka makhetlo a mabeli.
Ke mang ea lebelletseng ho otloa ke letolo? Ke feela motho eo ka linako tsohle a lebelletseng ho hlaheloa ke lintho tse bohloko. Leha ho le joalo, hoo e batlang e le motho e mong le e mong ea rekang tekete ea lottery o lora nomoro ea hae e le eona e tla huloa hore e hape moputso. Ke ’nete, ho hapa moputso oa lottery ho ipiletsa haholo ho feta ho otloa ke letolo, empa ntho e khōlō eo batho ba e tšepileng ke tumela-khoela e se nang thuso. Khetho ea bona ea “linomoro tsa lehlohonolo” tseo ba li ratang e ba kholisa hore ba ka hapa moputso le hoja menyetla e fokola.—Bona lebokose leqepheng la 8.
Claudio Alsina, setsebi sa lipalo sa Spain, se bontšitse hore haeba lik’hasino le li-lottery li ne li lokela ho sebelisa litlhaku tsa alfabeta ho e-na le linomoro lipapaling tsa lehlohonolo, menyetla ea ho hapa moputso e ne e tla lula e sa fetoha, empa tšusumetso e matla—’me mohlomong karolelano e khōlō ea chelete e kenang—e ne e tla nyamela. Khoheli ea linomoro tse ling e matla ka ho sa tloaelehang. Linomoro 9, 7, 6 le 0 ke tseo batho ba bang ba li ratang haholo, ha ba bang bona ba khetha ‘nomoro ea bona ea lehlohonolo’ linthong tse kang letsatsi la tsoalo kapa ka ho bala linaleli. Ho boetse ho teng ba tataisoang ke liketsahalo tse sa tloaelehang.
Ka letsatsi le leng monna e mong o bile le boikutlo bo sa tloaelehang ha a atamela k’hasino ea Monte Carlo. Leeba le fofang ka holim’a hae le ile la kakela katiba ea hae. Letsatsing lona leo o ile a hapa liranta tse 41 000. Kaha o ne a kholisehile hore makaka a leeba e ne e le pontšo e ntle, ha ho mohla a kileng a kena ka k’hasinong pele a raba-raba ka ntle a tšepile ho fumana “pontšo e ’ngoe e tsoang leholimong.” Kahoo, tumela-khoela e thetsa batho ba bangata ba bapalang papali ea chelete hore ba nahane hore nako ea ho hapa moputso e ke ke ea khaotsa. Leha ho le joalo, hangata sena se tsamaisana le tšusumetso e matla e ba laolang e ka ’nang ea qetella e ba bolaile.
Bakeng sa Lerato la Chelete
Batho ba bapala papali ea chelete hore ba fumane chelete, chelete e ngata ha ho khoneha. Empa tabeng ea lekhoba la papali ea chelete, chelete eo le e fumanang e ba le matla a khethehileng. Mahlong a motho ea joalo, joalokaha Robert Custer a hlalosa, “chelete e bohlokoa. . . . Chelete ke botsoalle. . . . Chelete ke moriana.” Ke hobane’ng ha chelete e bolela ho hongata hakaale ho eena?
Har’a batho ba bapalang papali ea chelete, batho ba thoholetsa mohapi oa moputso ea hlahelletseng kapa ea bechang haholo. Ba batla ho ba haufi le eena. Kahoo, chelete eo a e hapileng e bolella batho ba bapalang papali ea chelete hore ke motho oa bohlokoa. Chelete e boetse e mo lebatsa mathata a hae, e mo thusa ho roba monakeli, e etsa hore a hlasimolohe haholoanyane. Ho latela mantsoe a mofuputsi Jay Livingston, batho ba lemalletseng papali ea chelete ba “tšepile papali ea chelete ho khotsofatsa tlhoko ea bona ea maikutlo.” Ke phoso e kotsi haholo.
Ha khopolo ea ho hapa moputso ka mehla eo e seng ea sebele e fela ’me a hlōloa nako le nako, chelete e ba ea bohlokoa haholoanyane. Joale o batla ho fumana se mo lahlehetseng. Joale ke joang a ka ikitlaetsang ka matla ho fumana chelete e lekaneng ho lefa bohle bao a kalimmeng chelete ho bona, ho leka ho tsosolosa takatso ea ho hapa moputso? Ka nakoana feela bophelo ba hae bo fetoha bo ntseng bo batla chelete.
Takatso e mpe joalo ke ’nete ea bophelo ho batho ba limillione ba bapalang papali ea chelete. Ke batho ba mefuta eohle, ba lilemo tsohle le limelo tsohle. E mong le e mong e ka ba mohlaseluoa, joalokaha ho ka bonoa tabeng ea bokhoba ba papali ea chelete bo jeleng setsi har’a bacha le bo-’mè ba malapa.
Makhoba a Bacha le Bo-’mè ba Malapa
Bacha ke liphofu tsa mechine ea slot kapa lipapali tse ling tsa lehlohonolo tse ba nehang monyetla oa ho etsa chelete kapele. Phuputso e entsoeng motseng o mong oa Engelane e senotse hore bacha ba 4 ho ba 5 ba lilemo li 14 ba bapala mechine ea slot ka mehla le hore ba bangata ba ile ba simolla ha ba le lilemo li 9. Ba bang ba ne ba fosoa ke liklase ka ntle ho tumello ho ea bapala papali ea chelete. Phuputso ea sekolo se phahameng sa U.S. e senotse hore karolo ea 6 lekholong e “bontšitse matšoao a ho hlōleha ho hanela khatello e kotsi ea ho bapala papali ea chelete.”
Manuel Melgarejo, mopresidente oa sehlopha sa batho se ithutang kamoo se ka itsoelang molemo le ho ithusa ka teng se entsoeng ka batho ba neng ba bapala papali ea chelete Madrid, Spain, o hlaloselitse Tsoha! hore mocha ea phehellang ho bapala papali ea chelete a ka tšoaseha ka hore a hape moputso o le mong feela o moholo oa jackpot mochineng oa slot. Ka nakoana feela, ho bapala papali ea chelete e ba ntho ea nakong e fetileng le tšusumetso e matla. Ka nakoana feela mocha eo e leng lekhoba la papali ea chelete a ka ’na a qala ho rekisa thepa ea lelapa kapa a utsoa, esita le ho retelehela botekatseng bakeng sa ho lefella bokhoba ba hae.
Litsebi li boetse li hlokometse keketseho ea lenane la bo-’mè ba malapa ba lemalletseng ho bapala papali ea chelete. Ka mohlala, United States basali ba etsa hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong ea kakaretso ea makhoba a papali ea chelete, empa ho lekanyetsoa hore selemong sa 2000, lenane lena le tla be le nyolohetse ho karolo ea 50 lekholong.
María, ’mè oa barali ba babeli ea sebetsang ke mohlala oa bo-’mè ba bangata ba malapa ba fetohileng makhoba a papali ea chelete. Lilemong tse supileng tse fetileng, o ile a sebelisa liranta tse 96 000—boholo ba chelete ena e ne e le ea lelapa—bingo le ka mechine ea slot. Oa tletleba: “Chelete e ile le metsi. Ke laba-labela letsatsi leo ke neng ke kena ntlong ea ho jela ke tšoere [R140] ka mokotlaneng oa ka ’me ke e-na le matla a boitšoaro hore ke sebelise chelete eo molemong oa bana ba ka [ho e-na le ho e nokela ka mochining oa slot].”
Litoro tse Fetohang ho Phofa
Papali ea chelete e tletse litoro. Ho batho ba bang ba bapalang papali ea chelete, litoro tsa leruo ke tsa nakoana, empa ho makhoba a papali ea chelete, litoro tsa leruo li fetoha pakane ea bona, pakane eo ba tla e phehella ka ho hlokang kutloelo-bohloko ho isa moo ba hlokang chelete ho hang, ho ea teronkong esita le lefung.
Ho bapala papali ea chelete ho tšepisa ho khotsofatsa litlhoko tse loketseng—nako e monate e fetileng, boithabiso bo seng bokae, chelete e eketsehileng kapa ho lebala likhathatso tsa letsatsi le letsatsi—empa moputso o patehileng o ka ’na oa ipaka e le o moholo haholo, ho hlokomela sena ho ile ha soabisa makhoba a papali ea chelete. Na litlhoko tsee li ka khotsofatsoa sebakeng se seng?
[Lebokose le leqepheng la 7]
Sebōpeho sa Lekhoba la Papali ea Chelete
SEBAPALI sa papali ea chelete se tsoela pele ho bapala papali ea chelete ho sa tsotellehe hore na se lahleheloa ke chelete e kae. Haeba se hapa moputso, se sebelisa chelete ena ho tsoela pele se bapala papali ea chelete. Le hoja le bolela hore le ka khaotsa neng kapa neng ha le rata, lekhoba la papali ea chelete le nang le chelete ka mokotlaneng oa lona le tla qeta matsatsi a ’maloa le sa beche letho. Le na le takatso e matla ea ho bapala papali ea chelete.
Nako le nako le ntse le kene likolotong. Ha le hlōleha ho lefa batho bao le kalimmeng chelete ho bona, le boetse le kalima chelete e eketsehileng ho lefa likoloto tse le sithabetsang hore le ’ne le bapale papali ea chelete. Ha nako e ntse e tsamaea le fetoha le sa tšepahaleng. Le ka boela la bapala papali ea chelete ka chelete ea mong’a lona. Hangata, le qetella le lelekiloe mosebetsing.
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le mosali oa lona le bana, li le thusa ho finyella morero oa lona. Takatso ea lona ka ho ke keng ha qojoa e lebisa qhoebeshanong ea lelapa ’me qhoebeshano ena e ka qetella ka karohano kapa tlhalo.
Maikutlo a matla a ho ba molato a le etsa hore e be moithati haholoanyane. Le thatafalloa ho ba le botsoalle le batho ba bang. Qetellong, le tepella ka mokhoa o sekhahla maikutlong esita le ho leka ho ipolaea; ha le bone tsela e ’ngoe ea ho tsoa tlokotsing ena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Motho ea Hapileng Moputso o Moholo Papaling ea Chelete Monte Carlo
CHARLES WELLS, monna ea tsoang Engelane o ile a etela k’hasino ea Monte Carlo ka July 1891. Nakong ea matsatsi a ’maloa feela o ile a fetola li-franc tse likete tse leshome ho ba tse millione ka ho bapala papali ea chelete, ’me hoa makatsa hore ebe o ile a boela a etsa sena likhoeli tse nè hamorao. Libapali tse ling tse ngata tsa papali ea chelete li ne li lekile ho tseba “mokhoa oa hae oa ho hapa moputso” empa li ile tsa sitoa. Ka mehla Wells o ne a hatella hore ha ho mohla a kileng a ba le oona. Ha e le hantle, selemong se latelang o ile a lahleheloa ke chelete ea hae kaofela ’me o shoele a hloka le ea ho phoka boluma. Ka ho fapaneng, pale ena e ile ea hapa thahasello ea sechaba k’hasinong. E ile ea fumana botumo ba machaba hoo le ka mohla e sa kang ea lebaloa.
Bolotsana ba Monte Carlo
Libapali tse ngata tsa papali ea chelete li lumela hore mechine ea slot kapa mabili a roulette a na le bokhoni ba ho boloka boitsebiso. Kahoo, sebapali sa roulette se ka ’na sa nahana hore haeba ho ka hlahella letoto le itseng la linomoro ho fihlela nakong eo, ho na le menyetla ea hore lebili le tla tsoela pele ho khetha linomoro tse tsamaisanang le letoto leo. Ka ho tšoanang, ba bang ba bapalang papali ea chelete mechineng ea slot ba nahana hore haeba ho se ea hapileng moputso oa jackpot mochineng o itseng ka nako e itseng, neng kapa neng moputso o tla tla kapotlako. Maikutlo a joalo a fosahetseng a bitsoa bolotsana ba Monte Carlo.
Ka bobeli lebili la roulette le mokhoa oo le ntšang chelete ea moputso oa jackpot mochineng oa slot li itšebeletsa ka lehlohonolo feela. Ka hona, mohlomong se etsahetseng pelenyana e bile se fapaneng. Lipapaling tsena tsa lehlohonolo, joalokaha The New Encyclopædia Britannica e hlalosa, “papali ka ’ngoe e na le menyetla e lekanang le tse ling ea ho fana ka sephetho se reriloeng.” Kahoo menyetla ea ho hapa moputso ea tšoana ka linako tsohle. Leha ho le joalo, bolotsana ba Monte Carlo bo futsanehisitse libapali tse ngata tsa papali ea chelete ha tsona li ntse li tlatsa makase a lik’hasino ka chelete.