Linaleli le Motho na ho na le Kamano?
TLOAELO ea ho sheba linaleli ha e ncha. Ho ea ka The World Book Encyclopedia, balemi lilemong tse likete tse fetileng “ba ne ba sheba linaleli hore ba tsebe na ba jale lijalo tsa bona neng. Bahahlauli ba ile ba ithuta ho sebelisa linaleli hore ba supe tsela.” Esita le kajeno maetong a ho ea sebakeng, linaleli li ntse li sebelisoa e le tataiso. Baholo-holo ba bile ba qapa litšōmo tsa batho le liphoofolo bao ba neng ba nahana hore ba tšoantšitsoe lihlopheng tsa linaleli, kapa melala. Ka mor’a nako batho ba ile ba ba le boikutlo ba hore linaleli li ka susumetsa bophelo ba bona.
Khetho e Pharalletseng ea Linaleli
Palo feela le boholo ba linaleli li tlatsa tšabo. Ho hakanyetsoa hore ho na le melala, kapa lihlopha tse khōlō tsa linaleli tse ka bang limilione tse likete tse lekholo bokahohleng! The International Encyclopedia of Astronomy e re: “Hoo ke palo ea lithollo tsa reise tse ka pakoang ka moahong o moholo oa kereke.” Molala oa Milky Way, oo setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete e leng karolo ea oona, o hakanyetsoa hore o na le linaleli tsa palo eo. Naleli e haufi-ufi le Lefatše la rōna (ho fapana le Letsatsi), ea sehlopha sa Alpha Centauri, e batla e le bohōle ba lilemo tsa ho tsamaea ha leseli tse 4,3. Selemo sa ho tsamaea ha leseli ke sebaka seo leseli le se tsamaeang ka selemo. Seo se bolela hore ha re sheba naleli eo, leseli le fihlelang leihlo la rōna le tlohile naleling eo lilemo tse 4,3 pejana ’me nako eo eohle le ne le tsamaea sebakeng ka lebelo la lik’hilomithara tse 299 792 ka motsotsoana. Ho feta kutloisiso ea rōna ho nahana ka sebaka se amehang. Empa, eo ke naleli e haufi-ufi. Linaleli tse ling li bohōle ba lilemo tsa ho tsamaea ha leseli tse limilione tse likete ho tloha sehlopheng sa rōna sa linaleli. Ha ho makatse ha moprofeta oa Molimo a ile a bolela: “Bonang, lichaba li joale ka lerotholi la metsi le lutlang nkhong, le joale ka lerolenyana le sekaleng. Bonang, lihleke-hleke li joale ka lerōle le lesesanyane le fefohelang koo.” (Esaia 40:15) Ke mang ea tsotellang tholenyana ea lerōle?
Pōpo ea leholimo e haufi-ufi ho lefatše ke khoeli, e amang lefatše la rōna haholo, matla a eona a hulelang lintho tlaase a etsa phapang e lipakeng tsa limithara tse fetang 15 lipakeng tsa maqhubu a phahameng le a tlaase libakeng tse ling. Ho latela litsebi tsa saense tsa Mafora tse tharo, hona joale ho lumeloa hore matla a ho hulela lintho tlaase a khoeli ke ’ona a bolokang lefatše le sekame ka likhato tse 23, ka tsela ena ho ba le tiiso ea ho fetoha ha linako tsa selemo nako le nako. (Nature, February 18, 1993) Kaha khoeli e na le tšusumetso ea sebele e kaalo polaneteng ea rōna, ke ho utloahalang ho botsa, Ho thoe’ng ka linaleli tse likete tse limilione? Empa pele, libuka tsa boholo-holo, joaloka Bibele, li re bolella eng ka linaleli?
Linaleli ka Mangolong
Bibele e bua ka linaleli ka makhetlo a mangata, e le ka tsela ea sebele le ka tsela ea tšoantšetso. Ka mohlala, ho latela mopesaleme e mong, ’Mōpi o entse “khoeli le linaleli ho busa bosiu” e le hore linaleli li ka thusa ho fana ka leseli bakeng sa lefatše. (Pesaleme ea 136:9, Tanakh) Hamorao, ha a etsa selekane le Abrahama ea tšepahalang, Molimo o ile a re: “Lelala joale, u talime maholimo, u bale linaleli, ha ekaba u ka li bala. Eaba o re ho eena: Litloholo tsa hao li tla ba kalo.” (Genese 15:5) Moapostola Pauluse o supa hore linaleli lia fapana, ha a re: “Khanya ea letsatsi ke esele, le khanya ea khoeli ke esele, le khanya ea linaleli ke esele; hobane naleli e ee e be hosele ho naleli e ’ngoe ka khanya.”a (1 Ba-Korinthe 15:41) Ka nako e tšoanang, bongata bona bo boholo ba linaleli le khanya ea tsona ha li ka thōko kapa ho hlōla taolo ea ’Mōpi oa tsona: “O lekanya palo ea linaleli, o li rea mabitso kaofela.”—Pesaleme ea 147:4.
Ka lehlakoreng le leng, Mangolong re fumana hore linaleli hangata li sebelisetsoa ho bua ka batho, babusi, le mangeloi. Josefa mora oa Jakobo o lora batsoali ba hae ba tšoantšoa e le “letsatsi, le khoeli” banab’abo e le “linaleli.” Mangeloi a boleloa e le “linaleli tsa meso.” Ho buuoa ka morena oa Babylona a lakatsa ho ba ka holimo ho “linaleli tsa Molimo,” babusi ba leloko la Davida ba sechaba sa Iseraele. Batho ba sa tsitsang phuthehong ea Bokreste ba tšoantšoa le “linaleli tse kherang,” athe lihlopha tse tšepahalang tsa baholo ba phutheho li boleloa e le “linaleli” letsohong le letona la Kreste.—Genese 37:9, 10; Jobo 38:7; Esaia 14:13; Juda 13; Tšenolo 1:16.
Tlaleho e ’ngoe ka Bibeleng e re ‘linaleli ha li tsamaea ka litsela tsa tsona tsa loantša Sisera,’ molaoli oa lebotho oa Morena Jabine oa Kanana, ea neng a ile a hatella sechaba sa Iseraele ka lilemo tse 20. Jehova o ile a abela Moahloli Barake oa Iseraele ho pholosa Iseraele botlamuoeng ’me a etsa hore a hlōle Sisera ka tsela e hlollang, esita le hoja Sisera a ne a e-na le makoloi a makholo a robong a nang le lisekele tsa tšepe mabiling. Pineng ea tlhōlo, Baiseraele ba ile ba bina: “Naleli tse maholimong tsa loana, tsa loantša Sisera, ha li tsamaea ka litsela tsa tsona.” Ha ho fanoe ka tlhaloso hore ha e le hantle linaleli tseo li loanne joang. Ho e-na le ho nka hore linaleli li ile tsa ama ntoa ka tsela e tobileng, ke ho utloahalang ho feta ho lumela hore polelo eo e bontša mofuta o itseng oa ho kena lipakeng ha bomolimo molemong oa Iseraele.—Baahloli 5:20.
“Naleli” ea Bethlehema
Mohlomong e ’ngoe ea linaleli tse tsejoang ka ho fetisisa tse boletsoeng ka Bibeleng ke “naleli” ea Bethlehema e ileng ea lebisa linohe tsa linaleli tsa “Bochabela” ntlong eo Jesu a neng a isitsoe ho eona ke batsoali ba hae ka mor’a ho tsoalloa ka setaleng. Naleli eo e ne e le eng? Ka sebele e ne e se e tloaelehileng, kaha e ne e le tlaase ho lekana hore linohe tseo tsa linaleli li e latele ho ka etsang lik’hilomithara tse 1 600. “Naleli” eo e ile ea ba isa Jerusalema pele. Ha a utloa ka sena, Morena Heroda o ile a ba hloma lipotso ’me a etsa qeto ea ho bolaea lesea Jesu. Eaba “naleli” e lebisa linohe tseo tsa linaleli ka ho khetheha ntlong eo Jesu a neng a lula ho eona. Ka sebele ha ho naleli e tloaelehileng e neng e ka etsa seo. Na ntho eo e kang naleli e ne e tsoa ho Molimo? Kaha ketelo ea linohe tsa linaleli e ile ea baka ka tsela e sa tobang ho bolaoa ha ‘bashemane bohle ba Bethlehema le literekeng tsohle tsa eona ho tloha ho ba lilemo tse peli ho ea tlaase,’ na hase ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore “naleli” e ne e le ntho e sebelisoang ke Sera sa Molimo, Satane, ka teko ea ho timetsa Mora oa Molimo?—Mattheu 2:1-11, 16.
Hape ho lokela ho hopoloa hore linohe tseo tsa linaleli li ne li tsoa Bochabela, mohlomong li tsoa Babylona, eo e neng e le setsi sa boholo-holo sa boselamose, boloi, le bonohe. Bongata ba pōpo ea leholimo bo reheletsoe ka melimo ea Babylona. Mehleng ea Morena Nebuchadnezare, bonohe bo ne bo sebelisetsoa ho mo thusa ho etsa qeto ea hore a nke tsela efe letšolong la hae la ntoa.—Ezekiele 21:20-22.
Moprofeta Esaia o ile a phephetsa baeletsi ba Babylona, ka ho re: “Uena [Babylona] ha u na matla ho sa tsotellehe keletso eo u e fumanang. Ere linohe tsa hao li tle li u pholose—batho ba ithutang linaleli, ba etsang ’mapa ea libaka tsa leholimo le ho u bolella khoeli le khoeli se tla u etsahalla. Ba tla tšoana le likutu tsa joang, ’me mollo o tla ba chesa! Ba ke ke ba khona le ho ipholosa . . . ’me ha ho ea tla sala ho u pholosa.” E le ’nete ho latela boprofeta ba Esaia, Babylona e matla e ile ea lihoa ke Cyruse e Moholo ka 539 B.C.E. Tataiso eo linohe tseo tsa Babylona li neng li bolela hore li e nka linaleling e ile ea fetoha koluoa bakeng sa bohle ba amehang.—Esaia 47:13-15, Today’s English Version.
Na see se bolela hore re ke ke ra ithuta letho ho linaleli?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bolepi ba linaleli ba kajeno bo tiisa mantsoe a Pauluse, kaha linaleli li fapana ka ’mala, boholo, bongata ba leseli le hlahisoang, mocheso, le ho teteana ha naleli ka ’ngoe.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Seo ba Bang ba se Buileng
BONOHE BA LINALELI: “tlatsetso le tšehetso ea bolepi ba linaleli.”—Johannes Kepler (1571-1630) molepi oa linaleli oa Mojeremane.
“Bonohe ba linaleli ke boloetse, eseng saense. . . . Ke sefate seo tlas’a moriti oa sona litumela-khoela tsohle li atlehang.”—Moses Maimonides (1135-1204), setsebi sa Mojode sa Mehla e Bohareng.
“Saense ea khale e bolelang hore e khona ho hlahloba botho ba batho ka bomong le boitšoaro le ho bolela esale pele litloaelo le liketsahalo tsa nako e tlang motheong oa libaka tsa lintho tse maholimong. . . . Mohlomong ka hoo e ka bang ka lekholo la bo6 la lilemo BC—ho nahanoa hore Bakalde ba boroa ho Iraq ba hlahile ka khopolo ea ho bapisa nako eo motho a hlahileng ka eona le lihlopha tsa linaleli tsa nako eo. Sena se ne se amana le tšusumetso ea linaleli tse bonahalang li tsitsitse nakong ea tsoalo, haesita le ea Letsatsi, Khoeli le lipolanete tse hlano. . . . Litsamaiso tsa bonohe ba linaleli le tlhaloso ea lihlopha tsa linaleli tsa nako eo motho a hlahileng ka eona li itšetlehile ka likhopolo tseo balepi ba linaleli le litsebi tse ling tsa saense tse ngata li fumanang li itšetlehile ka tlhaloso ea botho ’me li sa amohelehe.”—C. A. Ronan, mookameli oa morero, East Asian History of Science Trust, Cambridge, England, le motlatsetsi oa The International Encyclopedia of Astronomy eo taba ena e qotsitsoeng ho eona.
Ho etsa papiso ea khopolo ena ea botho, Ronan o hlalosa hore ha kelellong ea motho oa Bophirimela, polanete e khubelu, Mars, e amahanngoa le ntoa le mabifi, ho Machaena, bofubelu ke ’mala o motle, ’me Mars e talingoa e na le tšusumetso e bonolo. Ho fapana le hoo, litšōmo tsa Bophirimela li amahanya Venus le bosoeu le botle. Ho Machaena “bosoeu . . . bo nkoa e le ’mala oa lefu, bobolu le timetso; Venus ka lebaka leo e ile ea bitsoa ‘polanete e lefifi ea ntoa.’”
Ronan o tsoela pele: “Ho sa tsotellehe boemo ba eona ba saense ea khale, bonohe ba linaleli mehleng e fetileng bo ne bo phetha karolo ea bohlokoa ho tšehetseng pono ea bolepi ba linaleli le ho fana ka matlotlo a ho e ntšetsa pele.”
Bahapi ba 19 ba khau ea Nobel, hammoho le litsebi tse ling tsa saense, ba ile ba ntša polelo ea phatlalatsa ea melao-motheo ka 1975 e nang le sehlooho “Khanyetso ea Bonohe ba Linaleli—Phatlalatso ea Lihlalefi tse 192.” E ile ea bolela:
“Mehleng ea boholo-holo batho . . . ba ne ba sa nahane ka bohōle ba lefatše ho tloha liplaneteng le linaleling. Empa kaha kajeno bohōle ba tsona bo ka lekanngoa, rea bona kamoo matla a hohelang a liplanete tse hōle a fokolang kateng. Ke phoso ho nahana hore matla a linaleli le liplanete nakong ea kemolo a ka bōpa bokamoso ba rōna.”b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka bonohe ba linaleli, bona Tsoha! ea May 8, 1986, maqephe 3-9.