Lintho tsa Kajeno tsa ho Bapala—Li Ruta Bana ba Rōna Eng?
BANA ba na le taba-tabelo ea tlhaho ea ho bapala. Ho latela buka Choosing Toys for Children, bana ba phetseng hantle “kapele-pele ba iqapela mafatše a bona a ho hloela le monyaka.” Sena e ne e le ’nete esita le mehleng ea boholo-holo. Nakong eo ho ne ho tloaelehile ho bona bana ba bapala ‘mapatlelong a motse.’ (Zakaria 8:5) Ho bapala ho joalo hangata ho ne ho akarelletsa lipapali tse amang ho qapa, le ho nahana.—Bapisa le Mattheu 11:16, 17.
Ka lebaka leo, ke ka ho loketseng ho bapala ho ’nileng ha bitsoa mosebetsi oa ngoana, ’me haeba seo ke ’nete, kahoo lintho tsa ho bapala li ka bitsoa likofuto tsa ngoana. Makasine Parents o re: “Ho bapala ke tsela eo ka eona bana ba ithutang ka lefatše. . . . Ho bapala ka lintho tsa ho bapala ho nyenyefatsa lefatše hore le be litekanyetsong tsa ngoana, lefatše leo ngoana a ka le kopang le ho le laola. Ho bapala ho hōlisa mesifa le ho sebelisana ha litho tsa ’mele, ho fana ka monyetla oa ho bapala le bana ba bang, ho leka mekoallo e lipakeng tsa lintho tsa sebele le tse inahaneloang, ’me ho thusa bana ho ithuta ho buisana, ho neana menyetla, le ho arolelana. Ho bapala ho susumetsa kelello ’me ho fana ka phihlelo tsebong ea ho rarolla mathata.”
Lintho tsa ho bapala e ne e boetse e le tsa bohlokoa ho bana mehleng ea Bibele. Ha ho chekoa Iseraele ho tsetolotsoe letlotlo le lenyenyane la lintho tsa bana tsa ho bapala, tse kang mashoehle-shoehle, liphala, lipitsa tse nyenyane le likariki. The World Book Encyclopedia e re: “Afrika ea boholo-holo, bana ba ne ba thabela libolo, liphoofolo tsa ho bapala, le lintho tsa ho bapala tse huloang. Bana ba Greece le Roma tsa boholo-holo ba ne ba thabisoa ke likepe, likariki, mabili, le litopo. Nakong ea Mehla e Bohareng Europe, lintho tsa ho bapala tse tummeng li ne li akarelletsa mabastere a letsopa, mashoehle-shoehle, le lipopi tse tsamaisoang ka letsoho.”
Lintho tsa ho bapala tse susumetsang, tse thahasellisang, le tse rutang li ntse li phetha karolo ea bohlokoa kajeno. Leha ho le joalo, ho na le mefuta e mengata ea lintho tsa ho bapala tse rekisoang tseo bohlokoa ba tsona bo belaetsang. Sehlooho sa 1992 makasineng oa Time se re: “U se ke ua sheba qubung ea selemo sena ea lintho tsa ho bapala tse ncha haeba u batla monate o motle, o hloekileng. Hoo e ka bang mohlahisi e mong le e mong [o] lebisa tlhokomelo ho se nyonyehang.” Qubu e ’ngoe ea lintho tsa ho bapala e ne e akarelletsa lehata la polasetiki le kang la sebele leo bana ba neng ba ka le etsa hore e be le “nyonyehang ka ho fetisisa.” Ho boetse ho rekisoa lintho tsa ho bapala tse tšoantšang mesebetsi ea ’mele, joaloka ho hlatsa. Batsoali le bana ka ho tšoanang ba ntse ba behoa tlas’a likhatello tse boima tsa ho reka lintho tsena tsa ho bapala.
Ho Rekisetsa Bana
Makasine Pediatrics in Review e bontša hore “Molao oa Hammurabi o ne o ho talima e le tlōlo ea molao eo kotlo ea eona e leng lefu ho rekisetsa ngoana ntho leha e le efe.” Leha ho le joalo, baetsi ba lintho tsa ho bapala ba kajeno le baphatlalatsi ha ba hlajoe ke lihlong ho rekisetsa bana ba se nang molato thepa e theko e boima. Ka ho sebelisa mekhoa e rarahaneng ea lipatlisiso, baqapi ba lintho tsa ho bapala ba ba le temohisiso ka likelello tsa bana. ’Me ka ho tsoela pele ho ekelletsa makolopetso a macha thepeng ea bona, ba ka etsa hore moetso oa selemo se fetileng o bonahale o siiloe ke nako, ’me oa selemo sena e le o ke keng oa nkeloa sebaka ke letho.
Indasteri ea lintho tsa ho bapala e boetse e sebelisa ka ho feletseng matla a thelevishene. United States, mananeo a bana a thelevishene a tletse lipapatso tsa lintho tsa ho bapala. Ka ho sebelisa lik’hamera tsa boemo bo holimo, molumo le litšoantšo tse hlophisehileng hantle, le ’mino o fanang ka maikutlo a macha, lipapatso tseo li etsa hore esita le lintho tsa ho bapala tsa boemo bo tlaase li bonahale li rateha, li thahasellisa. Le hoja batsoali ba bangata ba ka bona ka ’nģane ho mano a joalo, “bana ba banyenyane ba lumela hore lipapatso li bolela ’nete.”—Pediatrics in Review.
Boholo ba mananeo a reretsoeng bana e batla e le lipapatso tsa lintho tsa ho bapala. Ho latela khatiso Current Problems in Pediatrics, mananeo a joalo a “reretsoe ho rekisa ntho ea ho bapala ho e-na le ho ruta kapa ho matlafatsa bophelo ba bana.” Ka mohlala, lenaneo Teenage Mutant Ninja Turtles, le hlahisitse “lihlahisoa tse fetang tse 70, lithollo tse jeoang hoseng, le baesekopo.”
Ho latela Pediatrics in Review, “lipatlisiso tse ngata li bontša hore bana ba pepeselitsoeng lipapatso ba tšoenya batsoali ba bona hore ba reke thepa e bapalitsoeng.” Mothehi oa k’hamphani e ’ngoe ea lintho tsa ho bapala o re: “U sheba ha bana ba hula libaki tsa batsoali ba bona ebe u tseba seo ba se buang: ‘Ha ke sa fumane ntho eo ea ho bapala, ke tla shoa.’” Kahoo, ha ho makatse hore Canada feela, bareki ba sebelisa chelete e fetang lidolara tse libilione tse 1.2 (liranta tse limilione tse likete li 3,2) selemo ka seng linthong tsa ho bapala bakeng sa bana ba bona, litloholo, le metsoalle.
Lipapali tsa Ntoa
Lipapali tsa video tsa ntoa li har’a tse ling tsa tse tummeng haholo indastering ea lintho tsa ho bapala. Babuelli ba bolela hore lipapali tse joalo li thusa ho hōlisa tsebo ea ho rarolla mathata, le tšebelisano-’moho lipakeng tsa mahlo le matsoho, tsebo ea ho tsamaisa mesifa, esita le ho tsosolosa thahasello ea ho batla ho tseba ho eketsehileng. Sehlooho se seng ho The Toronto Star se re: “Ha e sebelisoa ka nepo, ntho ea ho bapala ea elektronike e ka se be kotsi, ebile e ka ruta.” Koranta eo ea lumela: ‘Empa, hangata ke ntho e arolang motho ho ba bang, haesita le ho baka bokhoba.’
Nahana ka moshemane e mong ea ileng a ba le bokhoba ba ho bapala lipapali tsa video tsa ntoa. ’Mè oa hae o re: “Oa makatsa—a ke ke a tlohela ho bapala ho fihlela a bolaile e mong le e mong.” Ngoana eo o lilemo li kae? O lilemo li peli feela! Monoana oa hae o monyenyane o tsoile matsoabali ke ho penya likonopo nako e ka etsang lihora tse ’nè ho isa ho tse hlano ka letsatsi. Leha ho le joalo, ha ho bonahale ’mè oa hae a tšoenyehile. “Ntho feela eo ke tšoenyehileng ka eona ke hore o batla ha lintho li etsoa ka nako le motsotso,” a rialo a chaea menoana. Papali eo “e potlaka haholo . . . , ’me bophelo ba sebele ha bo potlake hakaalo.”
Ho latela The Toronto Star, ba bang ba sa rateng lipapali tsa video ba na le boikutlo ba hore lipapali tseo “ha li khothalletse bana ho ithuta ho ithabisa ka menahano, ho bala kapa lintho tse ling tse phomotsang kelello tse tloaelehileng, haesita le ho ba hohela hore ba se etse mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae.” Ba bang ba rutang bana ba bile ba re ‘lipapali tsa video ke tloaelo e khelosang ’me li na le matla a ho khothalletsa bana boitšoaro bo mabifi, ba ho ikarola.’
Ho pheta ha thelevishene litaba tsa tšebeliso ea liqhomane nakong ea ntoa ea Koung ea Persia ka 1991 ho ile ha susumetsa haholo ho batla lintho tse eketsehileng tsa ho bapala tsa ntoa tse tloaelehileng. Ka holimo-limo lethathamong la lintho tse tummeng e ne e le litšoantšo tsa litanka tsa Abrams, limisaele tsa Scud, le lihelikoptara tsa Hind. Litsebi li tšoha hore ho bapala ka lintho tse joalo tsa ho bapala ho ka khothalletsa pefo kapa mohlomong ha thethefatsa boikutlo ba bana ka pefo. Bonyane, ho etsa joalo ho khahlanong le morero oa se ngotsoeng ka Bibeleng ho Esaia 2:4, e ileng ea bolela esale pele hore batho ba Molimo ba ne ba ke ke “le ka mohla ba boela ba koetlisetsoa ntoa.”—The New English Bible.
Ho ’nile ha e-ba le maemo ao ho ’ona lintho tsa ho bapala tse kang lintho tsa sebele, joaloka lithunya tsa metsi tse matla haholo, li ileng tsa susumetsa pefo ea sebele. Motseng o mong oa Amerika Leboea, ntoa ea lithunya tsa metsi tse matla haholo e ile ea qetella e le ntoa ea lithunya tsa sebele, eo ho eona ho ileng ha shoa ngoana ea lilemo li 15. Ketsahalong e fapaneng, bacha ba babeli ba ile ba ntšoa kotsi ke monna ea jereng sethunya ea halefileng ka mor’a ho kolobisoa ka lithunya tsa metsi. Liketsahalo tse ling tse ngata tse mabifi li ’nile tsa susumetsoa ke lintoa tsa lithunya tsa metsi tse bonahalang li se na kotsi.
Molaetsa oo U o Romelang
Ke batsoali ba fokolang ba tšepahalang ba ananelang pefo. Ho ntse ho le joalo, indasteri ea lintho tsa ho bapala tsa ntoa e atleha haholo. Ka linako tse ling batsoali ba khetha ho sekisetsa litumelo tsa bona ho e-na le hore ba tobane le bohale ba ngoana. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ka ho etsa joalo ba etsetsa ngoana eo sehlōhō se seholo. ’Matlisisi oa bophelo ba kelello oa Canada Susan Goldberg o pheha khang: “Ha re fa bana lintho tsa ho bapala, re bonahatsa kananelo ea rōna ea seo ntho ea ho bapala e se emelang.” Ke ’nete, ho tloaelehile hore ka linako tse ling bana ba bang ba bonahatse boitšoaro bo mabifi. Setsebi se seng sa kelello se pheha khang: “Ka ntle ho lithunya tsa papali, bana ba ne ba tla iketsetsa meetso ea bona, esita le ho sebelisa menoana ea bona.” Mohlomong. Empa na motsoali o lokela ho khothalletsa pefo ka ho fa ngoana setšoantšo sa lihlomo tsa pefo?
E boetse ke ’nete hore bana ba fokolang ba tla hle ba khethe bophelo ba bonokoane hobane feela ba ile ba bapala ka sethunya sa papali. Empa ha u fa bana ba hao lintho tsa ho bapala tse joalo, u fana ka molaetsa o joang? Na u batla hore ba lumele hore pefo e monate kapa hore ho bolaea le ntoa lia thahasellisa? Na u ba ruta ho hlompha litekanyetso tsa Molimo? Lentsoe la hae le re: “Moea oa hae [Molimo] o hloile ea khopo le ea ratang sehlōhō.”—Pesaleme ea 11:5.
Susan Goldberg o hlokomela ho tsoela pele hore ‘ha bana ba kenella papaling e mabifi ka ho eketsehileng ’me batsoali ba bona ba ananela, ho ka etsahala haholo hore ba sebelise pefo ho rarolla mathata.’ Ho Ba-Galata 6:7 Bibele e re: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” Na ka ’nete ngoana a ka kotula litšobotsi tsa botho bo lokileng papaling e mabifi?
Ha ho talingoa taba ka teka-tekano, ho tlameha ho lumeloa hore bana bohle ba fapane. Ngoana e mong a ka fetoha lekhoba la lipapali tsa elektronike, empa e mong a ke ke a fetoha lona. ’Me hore na ka sebele bana ba tšoantša marata le litšoantšo tsa elektronike tsa video le pefo ea bophelo ba sebele ha hoa tiea. Ka lebaka leo batsoali ba tlameha ho etsa qeto ea hore na se molemohali bakeng sa bana ba bona ke eng ’me ba be hlokolosi haholo ha ba khethela bana ba bona lintho tsa ho bapala.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho bapala ho thusa bana ho ithuta ho utloisisana