Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 9/8 maq. 6-7
  • 1945-1995—Na ke Lilemo Tse 50 Tsa Tsoelo-pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1945-1995—Na ke Lilemo Tse 50 Tsa Tsoelo-pele?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlafatso Linthong Tse Bonahalang
  • Basali—Nakong eo le Hona Joale
  • Ho Falla ka Bongata ho Hlahisa Mathata
  • Boemo ba Joale le ba Kamoso ba Linaha Tse Ling Tsa Afrika
  • Ke Hobane’ng ha Afrika e Hlōleha ho Iphepa?
    Tsoha!—1987
  • Lefatše le ne le le Joang Lilemong Tse 50 Tse Fetileng?
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Metse ea Mek’huk’hu—Linako tse Thata Metseng ea Litoropo e Teteaneng
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 9/8 maq. 6-7

1945-1995—Na ke Lilemo Tse 50 Tsa Tsoelo-pele?

NA U bone ntlafatso e itseng mofuteng oa bophelo ba hao lilemong tse 50 tse fetileng?a Nahana ka meriana. Linaheng tse ling tse kang Brithani, Canada, Cuba le Sweden, ho hlahisoa ha tsamaiso ea ’muso ea boiketlo ba sechaba, hammoho le tsamaiso ea eona ea ho phallela sechaba ka meriana, ho ile ha tiisa hore lingaka le lipetlele li ne li tla fumaneha ho bohle ho sa tsotellehe boemo ba moruo ba bakuli.

Esita le lichaba tse ling tse tsoelang pele moruong li khonne ho ntlafaletsa baahi ba tsona maemo a bophelo. JAMA (The Journal of the American Medical Association) e hlokometse hore “mafapha a mang a bophelo a linaha tse fokolang moruong a atlehile ho fana ka tlhokomelo ea bophelo ea motheo e fumanehang ho bohle ka tefello eo linaha tsa ’ona li ka e khonang. . . . Ho entsoe tsoelo-pele e hlollang ea ho fokotsa ho shoa ha masea le bana Chaena, Costa Rica, Sri Lanka le seterekeng sa Kerala sa India.”

Lintlafatso Linthong Tse Bonahalang

Ha ho bapisoa le boemo ba moruo ka 1945, batho ba bangata ba boemong bo molemo haholo linthong tse bonahalang ka 1995. Ba bangata bao lilemong tse 50 tse fetileng ba neng ba ke ke ba khona ho ba le lintho tsa bokhabane hona joale ba na le likoloi, li-TV, li-VCR, libapalisoa tsa CD, lihatsetsi, li-cellular phone le lihlahisoa tse ling tsa bophelo ba mehleng ena. Mohlomong u e mong oa bao ba limilione.

Joalokaha bangoli ba buka e nang le letoto ea A History of Private Life ba hlalosa, “ka lilemo tse mashome a mararo ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Fora [hammoho le linaha tse ling tsa Europe e ka bophirimela] li ile tsa e-ba le khōlo e tsitsitseng moruong, tseo, le hoja li sa ka tsa felisa ho fapana ha maemo a moruo sechabeng, li ileng tsa tlisa katleho e ncha ho lihlopha tsohle sechabeng. Ka ntlo e ‘hlomphehang,’ koloi e ‘itekanetseng,’ le thelevishene hammoho le litlhohonolofatso tse eketsehileng tsa tsamaiso ea ’muso ea boiketlo ba sechaba le meriana ea mehleng ea kajeno, bonyane e mong le e mong o ne a ka khona ho thabela bophelo bo ka mamelloang, haeba e se ho hafa ka nkatana.”

Leha ho le joalo, potso ke ena, Na lintho tse bonahalang tse eketsehileng li bolela hore batho ba ba maemong a molemonyana ka kutloisiso eohle? Na ke ntho e iketsahallang feela hore ho bokella lintho tse bonahalang ho bolela bophelo bo molemonyana kapa bo sireletsehileng haholoanyane? Matlotlo a eketsehileng ho batho ba bang a ntse a siea ba bangata ba se na letho. Seo se eketsa likhoheli tsa bosholu, tlatlapo, bomenemene le litlōlo tse ling tsa molao tse mabifi haholoanyane. Batho ba bang ba futsanehileng ba ikemiselitse ho rua—ebang ke ka tšoanelo kapa ka ho tlōla molao. Ka mohlala, New York City, ho utsuoa likoloi tse fetang 100 000 selemo ka seng. Lintho tse bonahalang ha li fane ka tiisetso ea bophelo bo sireletsehileng haholoanyane.

Ho bile le lintlafatso likarolong tse ling, le hoja e se haholo kamoo ba bang ba neng ba ka rata.

Basali—Nakong eo le Hona Joale

Ntoa ea II ea Lefatše e fane ka tšusumetso karolong e ncha ea basali ba bang. Ba bangata ba ne ba tloaetse ho ba bo-’m’a bana le bo-’mè ba malapa, ha banna e ne e le bona ba neng ba sella malapa lijo. Ntoa ea bobeli ea lefatše e ile ea fetola seo sohle. Banna ba ile ba isoa ntoeng, ’me hang-hang basali ba bona ba ile ba iphumana ba sebetsa lifekthering tsa ho etsa libetsa kapa mesebetsing e meng e tlohetsoeng ke banna. Linakong tsa morao tjena, ba bang ba kene litšebeletsong tsa mabotho a hlometseng ’me ba ithutile ho bolaea. Basali ba limilione ba ile ba sebeletsa ho fumana meputso ’me ba latsoa hanyenyane mokhoa oa bophelo o fapaneng hammoho le ho ikemela licheleteng. Seo e ne e le qalo e bonahalang e le nyenyane ebile e se ea bohlokoa eo butle-butle e ileng ea betla tsela bakeng sa “basali ba lokolohileng” ba kajeno. Ntoeng ea bona ea ho batla ho lekana le banna, basali ba bang ba bolela hore tsela e sa ntse e le telele eo ba lokelang ho e tsamaea linaheng tse ngata. Ba bolela hore ho na le “tšitiso e sa bonahaleng” e ba thibelang ho nyolohela maemong a phahameng mesebetsing e mengata.

Ho Falla ka Bongata ho Hlahisa Mathata

Phetoho e ’ngoe e khōlō lilemong tse 50 tse fetileng ke ho lahla bophelo ba mahaeng le temo ka boiteko ba ho fumana bophelo bo molemonyana metseng e meholo. Ho ba bang takatso ena e matla e phethahetse. Empa liphello e bile life ho ba bang ba bangata?

Selemo le selemo ba limilione ba fallela metseng e meholo e seng e ntse e tletse tsoete! ka baahi, moo matlo a haellang ebile a bitsa chelete e ngata. Phello e ’ngoe e bile efe? Metse ea mek’huk’hu e fetoha libaka tsa keketseho ea maloetse, tlōlo ea molao le ho hloka botsitso lipolotiking. Mehaho ena ea maiketsetso, e entsoeng ka likhechana tsa mabokose a lipampiri a lahliloeng, lehong, kapa masenke, ke litakana, li-barraca kapa li-chabola (ka Sepanishe), tseo ho tsona ho lulang batho ba lefatše ba hulang ka thata le ba futsanehileng ba boemong bo tlaase-tlaase sechabeng. Metse ena ea mek’huk’hu—favela ka Sepotoketsi le gecekondu ka Seturkey (ke hore “e hahiloeng ka bosiu bo le bong”)—ke lintho tse teng bophelong tse ke keng tsa hlokomolohuoa, ebang ke Afrika, India, Amerika Boroa, kapa sebakeng leha e le sefe.

Boemo ba Joale le ba Kamoso ba Linaha Tse Ling Tsa Afrika

Ho ka thoe’ng ka Afrika? Lingaka tse peli tse ngolang ho JAMA li ile tsa ngola sehlooho se reng: “Afrika e Kotsing—Bokamoso ba Eona Boa Tšosa Empa Tšepo e Ntse e le Teng.” Li ile tsa hlokomela hore maemo a lipolotiki le a bophelo linaheng tse ngata tsa Afrika a hlahisa mathata a ka ’nang a e-ba kotsi. Li ile tsa ngola: “Lilemo tse fetileng tse 20 e bile tse bakang tlokotsi Afrika e ka boroa ho Sahara [sebaka sa linaha tse 45]. Tikoloho ena e ’nile ea oeloa ke litlala tsa sekoboto, likomello, lintoa tsa lehae, bobolu lipolotiking, AIDS, baahi ba eketsehang ka potlako, tlhahiso e fokolang ea lijo, ho senyeha ha tikoloho . . . Litsebi lia lumellana ka ho bolela esale pele hore ho hlepha ha moruo ho eketsehileng, bofutsana le mahlomola li ke ke tsa qojoa, bonyane ka nako e itseng e khutšoanyane.” Sehlooho sona seo se tlaleha hore linaha tse 32 har’a tse 40 tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng li sebakeng sa Afrika ka boroa ho Sahara.

Joale, ho thoe’ng ka boemo bo teng hajoale ba boitšoaro lefatšeng? Sehlooho se latelang se tla tšohla ka bokhutšoanyane “tsoelo-pele” ea lefatše ntlheng ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka lebaka la ho haella ha sebaka, kakaretso ea rōna ha e kopanyelletse litšobotsi tsohle tsa tsoelo-pele kapa phetoho ka lilemo tse 50 tse fetileng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

USAF photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela