Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 9/8 maq. 8-11
  • Lefatše la Rōna le Joang Kajeno?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše la Rōna le Joang Kajeno?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi—Nakong eo le Hona Joale
  • Ho Atolohela ha Tlōlo ea Molao Lichabeng Tse Ling
  • ’Mapa o Fetohile
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Li Kotsi lia Bolaea
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 9/8 maq. 8-11

Lefatše la Rōna le Joang Kajeno?

NA LŌNA ba hōlileng ka ho lekaneng ho hopola 1945 le hlokometse phetoho leha e le efe litekanyetsong le boitšoarong? Ba limilione ba amohetse “boitšoaro bo bocha,” boo ho nahanoang hore bo fana ka bolokolohi bo eketsehileng. Empa ka liphello life?

Monna ea lilemo li 70 ea neng a sebeletsa Lebothong la Metsing la United States nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše o boletse: “Lilemong tsa bo-1940, ho ne ho e-na le ho tšepana ho hoholo, ’me baahisani ba ne ba thusana. Moo re neng re lula teng California, re ne re bile re sa tlamehe ho notlela mamati a rōna. Ho ne ho se na tlōlo ea molao literateng, ’me ho hang ho ne ho se pefo ea libetsa likolong. Ho tloha ka nako eo ho tšepana ho batla ho felile.” Kajeno boemo ke bofe karolong eo u leng ho eona ea lefatše? Ho tlalehoa hore New York City, halofo ea bacha ba ka holimo ho lilemo tse 14 e tsamaea ka libetsa. Mechini e lemosang ka libetsa e-ea sebelisoa likolong tse ling ho leka ho thibela lithipa, lithipa tse khōlō tse sehang mabokose le lithunya. Selemo le selemo bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ka bang milione baa ima United States, ’me a le mong ho ba bararo o ntša mpa. Bana ba banyenyane ba lilemong tse ka tlaase ho 20 e se e le bo-’mè—bana ba nang le masea.

Sehlopha se matla se emelang bosodoma ba banna le ba basali se phahamisitse mokhoa oa sona oa bophelo ka katleho hoo batho ba bangata-ngata ba o lumetseng le ho o amohela. Empa bona hammoho le ba bang, ba boetse ba fumane liphello ka boloetse le ka lefu ka lebaka la mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a kang AIDS. Seoa sa AIDS se atile bathong ba lemaletseng boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le ba sebelisang lithethefatsi hampe. Se hetse bophelo ba batho Afrika, Europe le Amerika Leboea. ’Me ha ho bonahale eka se tla fela.

A History of Private Life e-ea bolela: “Pefo, bokhoba ba tahi, lithethefatsi: ena ke mefuta e ka sehloohong ea boitšoaro bo tsoileng tseleng sechabeng sa Sweden.” Polelo eo e ka boela ea sebelisoa le linaheng tse ngata tsa lefatše la Bophirimela. Ka lebaka la ho fela ha melao-motheo ea bohlokoa ea bolumeli, ho bile le ho hlepha ho pharaletseng boitšoarong, esita le har’a baruti ba bangata.

Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi—Nakong eo le Hona Joale

Morao koana ka bo-1940, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e ne e batla e sa tsejoe har’a baahi ka kakaretso ba lefatše la Bophirimela. E, batho ba ne ba ntse ba utloela ka morphine, opium le cocaine, empa ha ho bapisoa, e ne e le sehlopha se senyenyane feela se neng se sebelisa hampe lithethefatsi tsena. Ho ne ho se na benghali ba lithethefatsi kapa barekisi ba lithethefatsi joalokaha re ba tseba kajeno. Ho ne ho se na makhoba a lithethefatsi lihukung tsa literata. Boemo ke bofe hona joale ka 1995? Babali ba rōna ba bangata ba tseba karabo ka liphihlelo tseo ba bileng le tsona tikolohong ea habo bona. Lipolao tse amanang le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e ntse e e-ba liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi metseng e meholo ea lefatše. Bo-ralipolotiki le baahloli ba laoloa ke benghali ba lithethefatsi ba matla ba ka laelang hore ho bolaoe motho leha e le ofe ea nang le tšusumetso ea sa bontšeng tšebelisano-’moho. Histori ea morao tjena ea Colombia le litšebelisano tsa eona tsa khoebo ea lithethefatsi ke bopaki ba sena.

Tlokotsi ea lithethefatsi e bolaea batho ba ka bang 40 000 selemo le selemo United States feela. Bothata boo ho hang bo ne bo le sieo ka 1945. Hase ho makatsang hore ebe ka mor’a lilemo tse mashome tsa hore mebuso e leke ho felisa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, Patrick Murphy, eo pele e neng e le mokomishinara oa sepolesa sa New York City, o ile a ngola sehlooho ho Washington Post se reng “Ntoa Khahlanong le Lithethefatsi e Felile—Lithethefatsi li Hlōtse”! O bolela hore “khoebo ea lithethefatsi . . . hona joale e har’a likhoebo tse atlehang ka ho fetisisa [United States], e etsang liphaello tse ka fihlang ho lidolara tse limilione tse likete li 150 [liranta tse limilione tse likete li 545] selemong sena.” Bothata bona bo boholohali ’me bo bonahala bo ke ke ba rarolloa. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e ntse e hōla, ’me joaloka mekhoa e meng e mebe, e fetotse batho ba li rekang hore e be makhoba. Ke indasteri e matlafatsang moruo oa lichaba tse ngata.

John K. Galbraith, moprofesa oa litaba tsa moruo, o ile a ngola bukeng ea hae The Culture of Contentment: “Thekiso ea lithethefatsi, lithunya tse khabolang ntle ho lebaka, tlōlo e ’ngoe ea molao le pherekano le tšenyeho ea lelapa hona joale ke litšobotsi tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi.” O bolela hore metse e menyenyane ka har’a metse e meholo ea Amerika “hona joale ke litsi tsa tšabo le ho felloa ke tšepo.” O ngola hore “lehloeo le eketsehileng le ho hloka botsitso sechabeng li lokela ho lebelloa.” Ke hobane’ng ha ho le joalo? O re ke hobane, barui ba ntse ba rua ka ho eketsehileng ’me mafutsana, “batho ba boemong bo tlaase sechabeng,” ba ntseng ba eketseha ka palo, ba ntse ba futsaneha le ho feta.

Ho Atolohela ha Tlōlo ea Molao Lichabeng Tse Ling

Hona joale bopaki bo ntse bo eketseha ba hore lihlopha tsa batlōli ba molao li ntse li atolosetsa tšusumetso ea tsona lefatšeng ka bophara. Ka lilemo tse ngata tlōlo ea molao e hlophisitsoeng, ka ‘litsi tsa eona tsa tlōlo ea molao,’ e ’nile ea e-ba le bohokahanyi pakeng tsa Italy le United States. Empa joale Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Boutros Boutros-Ghali o lemositse hore “tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e fetelang ka nģ’ane ho meeli ea linaha tse ling . . . e hlompholla meeli ’me e fetoha tšusumetso e fumanehang hohle.” O ile a re: “Europe, Asia, Afrika le Amerika, matla a lefifi aa sebetsa ’me ha ho sechaba se sireletsehileng.” O boetse a bolela hore “tlōlo ea molao e fetelang ka nģ’ane ho meeli ea linaha tse ling . . . e nyelisa metheo ea taolo ea puso ea sechaba ka sechaba lichabeng. [E] senya boemo ba khoebo, e senya baeta-pele ba lipolotiki le ho nyelisa litokelo tsa botho.”

’Mapa o Fetohile

Vaclav Havel, mopresidente oa Rephabliki ea Czech, o boletse puong e fanoeng Philadelphia, United States of America, hore liketsahalo tse peli tse khōlō ka ho fetisisa halofong ea bobeli ea lekholo la bo20 la lilemo e bile ho putlama ha bokoloni le ho oa ha Bokomonisi Europe Bochabela. Ho bapisa ’mapa oa 1945 le oa 1995 kapele-pele ho bontša liphetoho tse khōlō tse etsahetseng lefatšeng, haholo-holo Afrika, Asia le Europe.

Bapisa boemo ba lipolotiki bakeng sa lilemo tsena tse peli. Ha lilemo tse 50 tse fetileng li ntse li tsoela pele, Bokomonisi bo ile ba fihla boemong bo phahameng ka ho fetisisa ’me ka mor’a moo ba qetella ka ho tlosoa boemong bo tlotlehang linaheng tse ngata tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi. Lichabeng tseo puso ea bompoli e nketsoe sebaka ke mofuta oa “puso ea sechaba ka sechaba.” Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hlokofatsoa ke liphello tsa phetoho sechabeng sa habo bona ea ho ea tsamaisong ea moruo ea khoebo e lokolohileng. Ho hloka mosebetsi ho atile, ’me hangata chelete e ha e na molemo. Ka 1989 ruble ea Russia e ne e lekana le R5,84. Nakong ea ha ho ne ho ngoloa taba ena, u ne u hloka li-ruble tse 1 180 hore li lekane le ranta e le ’ngoe!

Makasine oa Modern Maturity o ile oa tlaleha hore kajeno Marussia a ka bang limilione tse 40 a phela bofutsaneng bo otlang pelo. Motho e mong oa Russia o ile a re: “Ha ho hlokahale hore re shoe. Re ke ke ra khona lepato.” Esita le lepato le litšenyehelo li tlaase le bitsa li-ruble tse ka bang 400 000. Litopo tse sa patoang li ntse li bokellana libakeng tsa polokelo ea litopo. Ka nako e tšoanang, ho lokela ho hlokomeloe hore Maamerika a fetang limilione tse 36 a phela bofutsaneng bo otlang pelo United States!

Will Hutton, mongolli oa tsa lichelete oa Guardian Weekly, o ile a ngola ka mathata a Europe Bochabela. Tlas’a sehlooho se reng “E Kena Mehleng ea Matšoenyeho,” o ile a re: “Ho putlama ha bokomonisi le ho khutlela ha Russia sebōpehong sa eona se senyenyane sa ho tloha lekholong la bo18 la lilemo ke liketsahalo tseo liphello tsa tsona li ntseng li sa utloisisoe ka ho totobetseng.” Linaha tse ka bang 25 tse ncha li nketse sebaka ’muso o moholo oo pele e neng e le oa Soviet. O bolela hore “thabo eo ho putlama ha bokomonisi ho ileng ha amoheloa ka eona hona joale e fetohile matšoenyeho a ntseng a hōla mabapi le bokamoso. . . . Ho oela ho hlokeng botsitso moruong le lipolotiking ho ka ’na ha lula ho le teng—’me Europe bophirima e ke ke ea lebella hore e se amehe.”

Ka pono e se nang tšepo joalo, hase ho makatsang hore ebe Hutton o phetha sehlooho sa hae ka ho re: “Lefatše le hloka tataiso e molemo ho feta boipiletso feela pusong ea sechaba ka sechaba le moruong oa khoebo e lokolohileng—empa ha ho letho le fumanehang.” Joale lichaba li ka retelehela hokae bakeng sa tharollo? Sehlooho se latelang se tla fana ka karabo.

[Lebokose le leqepheng la 10]

Machaba a Kopaneng ho Tloha ka 1945

Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng, a thehiloeng ka 1945, a ’nile a hlōleha ho thibela lintoa tse ngata hakaale? Mongoli-Kakaretso Boutros Boutros-Ghali o ile a bolela puong ea hae e reng “Morero oa Khotso”: “Machaba a Kopaneng a ile a hlōleha ho sebetsana le litlokotsi tse ngata tsa tsena ka lebaka la lithibelo tsa molao—tse 279 tsa tsena—tse akhetsoeng Lekhotleng la Khotso le Tšireletseho la Machaba a Kopaneng, tseo e neng e le pontšo e hlakileng ea likarohano nakong eo [ea Ntoa ea Mantsoe pakeng tsa puso ea bok’hapitale le ea Bokomonisi].”

Na Machaba a Kopaneng ha aa ka a leka ho boloka khotso pakeng tsa lichaba? A lekile, empa a senyehetsoe haholo. “Ho ile ha thehoa mesebetsi e 13 ea ho boloka khotso pakeng tsa lilemo tsa 1945 le 1987; le e meng e 13 ho tloha ka nako eo. Ho hakanyetsoa hore masole, mapolesa le basebetsi ba sechaba ba ka bang 528 000 ba sebelelitse tšebeletsong ea Machaba a Kopaneng ho fihlela ka January 1992. Ba fetang 800 ba bona ba tsoang linaheng tse 43 ba shoeletse litšebeletsong tsa Mokhatlo oo. Litšenyehelo tsa mesebetsi ena li hakanyetsoa ho lidolara tse limilione tse 8 300 [liranta tse limilione tse 30 100] ho fihlela ka 1992.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Tank and missile: U.S. Army photo

[Lebokose le leqepheng la 11]

Thelevishene

Morupeli Kapa Mokhelosi?

E ne e le malapa a seng makae a neng a e-na le thelevishene ka 1945. E ne e le hona e qalang ho hlahella ka litšoantšo tse ntšo le tse tšoeu. Kajeno, TV ke lesholu le mositisi ea lumelletsoeng hoo e ka bang lelapeng le leng le le leng linaheng tse ruileng le motseng o mong le o mong linaheng tse tsoelang pele moruong. Le hoja mananeo a seng makae e le a rutang le a hahang, boholo ba ’ona ke a theolang melao-motheo ea bohlokoa ea boitšoaro ’me a khotsofatsa litakatso tse hlephileng ka ho fetisisa tsa boitšoaro ba batho. Ha ho nahanoa ka ho tuma ha lifilimi tsa video, ho sebelisoa ha libuka le litšoantšo tsa bootsoa le libaesekopo tse shebelloang ke ba lilemong tse itseng feela ke tšobotsi e ’ngoe e tlatsetsang ho feleng ha temoho le melao-motheo e utloahalang ea boitšoaro.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lintoa tse kang ea Vietnam li bolaile batho ba fetang limilione tse 20 ho tloha ka 1945

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Patrick Frilet/Sipa Press

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Luc Delahaye/ Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela