Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
KA NAKO e ’ngoe ho kile ha e-ba le sebaka se seholo se neng se apesitse lefatše la rōna ka botala. Se ne se e-na le lifate tsa mefuta eohle le linōka tse khōlō tse neng li phunyelletsa har’a sona.
Ho tšoana le sebaka se seholo seo ho lengoang limela ho sona, e ne e le sebaka se setle se nang le mefuta e sa tšoaneng. Halofo ea mefuta ea liphoofolo, linonyana le likokoanyana tsa lefatše e ne e phela moo. Empa le hoja e ne e le karolo ea lefatše e atlehileng ka ho fetisisa, e ne e boetse e senyeha habonolo—e senyeha habonolo ho feta kamoo motho leha e le mang a neng a ka nahana kateng.
Moru o lulang o le motala o melang linaheng tse chesang tse mongobo, ho ea kamoo re o bitsang kateng hona joale, o ne o bonahala o namme haholo—’me o ke ke oa senyeha habonolo. Empa o ne o se joalo. Moru oa pele o lulang o le motala o ile oa qala ho nyamela lihlekehlekeng tsa Caribbean. Khale hoo e ka bang ka 1671—lilemo tse leshome pele nonyana e bitsoang dodo e timela—masimo a tsoekere a ile a metsa moru o Barbados.a Lihlekehleke tse ling tse sebakeng seo li ile tsa feta tlas’a boemo bo tšoanang, e le temoso ea boemo bo tlelang lefatše ka bophara bo hloeleng mekoalaba lekholong lena la bo20 la lilemo.
Kajeno meru e lulang e le metala e melang linaheng tse chesang tse mongobo e koahela karolo ea 5 lekholong feela ea lefatše, ha ho bapisoa le karolo ea 12 lekholong lilemong tse lekholo tse fetileng. ’Me selemo le selemo ho rengoa, kapa ho chesoa moru oa sebaka se fetang Engelane ka boholo, kapa lisekoere-k’hilomithara tse 130 000. Lebelo lena le tšosang la tšenyo le sokela ho isa moru o lulang o le motala—hammoho le lintho tse phelang ho oona—qetellong e tšoanang le ea dodo. Philip Fearnside, eo e leng mofuputsi oa meru e lulang e le metala, Brazil, oa lemosa: “Ha ho motho ea ka bolelang ka kholiseho hore moru o tla fela ka selemo se itseng ka ho khetheha, empa ntle leha lintho li ka tsa fetoha, moru o tla fela.” Diana Jean Schemo o tlalehile ka October selemong se fetileng: “Boitsebiso ba libekeng tsa morao tjena bo bontša hore moru o chesitsoeng Brazil selemong sena o feta o chesitsoeng Indonesia, moo metse ea teng e meholo e ’nileng ea apareloa ke leru la mosi o fetetseng linaheng tse ling. . . . Ho ea ka boitsebiso bo fanoeng ke sathalaete, sebakeng sa Amazon ho chesitsoe karolo ea 28 lekholong selemong se fetileng, ’me lipalo tse fumanoeng morao-rao tjena tsa ho senngoa ha meru ka 1994 li bontša keketseho ea karolo ea 34 lekholong ho tloha ka 1991.”
“Lifate Tse Melang Lehoatateng”
Ke hobane’ng ha meru e lulang e le metala, e neng e bonahala e teteane lilemong tse lekholo tse fetileng, e fela ka potlako tjee? Meru e melang libakeng tse nang le mofuthu o lekaneng, e koahelang karolo ea 20 lekholong ea lefatše, ha ea ka ea fokotseha hakaalo lilemong tse 50 tse fetileng. Ke eng e etsang hore meru e lulang e le metala e senyehe habonolo tjee? Karabo e itšetlehile ka sebōpeho sa eona se ikhethang.
Arnold Newman, bukeng ea hae e bitsoang Tropical Rainforest, o bolela hore moru o lulang o le motala o ’nile oa hlalosoa ka nepo e le “lifate tse melang lehoatateng.” O hlalosa hore libakeng tse ling tsa nōka ea Amazon le Borneo, “ntho e makatsang ke hore meru e meholo e metse moo e leng lehlabathe le lesoeu feela.” Le hoja meru e mengata e lulang e le metala e sa mele lehlabatheng, boholo ba eona e mela mobung o se nang matla le o monyenyane. Le hoja, mobu o ka holimo morung o melang sebakeng se nang le mofuthu o lekaneng o ka ’na oa e-ba limithara tse peli ho ea tlaase, oa moru o lulang o le motala, ke ka seoelo o fetang lisenthimithara tse hlano. Ke joang limela tse atlehileng ka ho fetisisa lefatšeng li ka atlehang tikolohong e se nang limatlafatsi joalo?
Litsebi li ile tsa fumana tlhaloso ea sephiri sena lilemong tsa bo-1960 le bo-1970. Li ile tsa fumana hore ha e le hantle-ntle moru oa iphepa. Boholo ba limatlafatsi tseo limela li li hlokang bo hlahisoa ke makala le ho bola ha makhasi a oelang fatše morung ’me—ka thuso ea mocheso le mongobo o lulang o le teng moo—a bolisoa kapele ke bohloa, li-fungus le likokoanyana tse ling. Ha ho letho le senngoang; ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sebelisoa hape. Ka ho fufuleloa le ho fetoha mouoane ha metsi a tsoang makhasing a moru, moru o lulang o le motala o boetse o sebelisa hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea pula eo o e fumanang. Hamorao, maru a thehiloeng ka tsela ena a nosetsa moru hape.
Empa tšebetso ena e babatsehang e senyeha habonolo. Haeba e senyehile haholo, e sitoa ho inchafatsa. Ha ho rengoe karolo e nyenyane ea moru, ka mor’a lilengoana tse seng kae, e boela boemong ba eona; empa ha ho rengoe karolo e khōlō, e ka ’na ea se ke ea hlola e boela boemong ba eona. Lipula tse matla li hohola limatlafatsi, ’me letsatsi le chesang le tlabola mobunyana o ka holimo ho fihlela ha qetellong ho se ho ka mela joang ba thite feela.
Naha, Patsi le Li-Hamburger
Linaha tse sa tsoelang pele moruong tse haelloang ke libaka tsa temo, li nka libaka tsa meru e meholo e atlehileng e ho tsona e le tse loketseng bakeng sa ho sebelisetsoa temo. Tharollo “e bonolo” e bile ho khothalletsa balemi ba futsanehileng, ba se nang litša ho rema likarolo tse ling tsa moru le ho inkela tsona—ho tšoana le bajaki ba tsoang Europe ba ileng ba jaka Amerika Bophirimela. Leha ho le joalo, ho bile le liphello tse senyang morung esita le ho lihoai.
Ho tlokoma ha moru o lulang o le motala ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla hōla hantle sebakeng seo. Empa hang ha lifate li rengoa, ho thetseha ka hore sebaka seo se beha haholo ho fela ka potlako. Victoria, mosali oa Moafrika ea lemang seratsoana seo lelapa labo le iphumanetseng sona morung, o hlalosa bothata.
“Ntate matsale o sa tsoa rema le ho chesa karolo ena ea moru e le hore ke leme matokomane, cassava le libanana. Selemong sena ke lokela ho chaea, empa lilemong tse peli tse tharo tse latelang, mobu ona o tla be o khathetse, ’me re tla be re lokela ho rema karolo e ’ngoe hape. Ke mosebetsi o boima, empa ke eona tsela feela eo re ka phelang ka eona.”
Bonyane ho na le lihoai tse ka bang limilione tse 200 tse remang le ho chesa meru joaloka Victoria le lelapa labo! ’Me li ikarabella bakeng sa karolo ea 60 lekholong ea tšenyo ea moru o lulang o le motala e etsahalang selemo le selemo. Le hoja balemi bana ba bahahlauli ba ne ba ka thabela mokhoa o bonolo oa temo, ha ba na boikhethelo. Ba tobane le ntoa ea letsatsi le letsatsi ea ho iphelisa, ba fumana ho baballa moru o lulang o le motala e le tšenyo feela e sa hlokahaleng.
Le hoja lihoai tse ngata li rema moru bakeng sa temo, tse ling li o rema bakeng sa ho fulisa. Leruo la likhomo ke sesosa se seng se seholo sa ho rengoa ha meru, merung e lulang e le metala ea Amerika Bohareng le Amerika Boroa. Nama ea likhomo tsena hangata e fella Amerika Leboea, moo libaka tse ngata tse rekisang lijo li thabelang ho sebelisa nama e theko e tlaase ho etsa hamburger.
Leha ho le joalo, barui ba likhomo le bona ba tobana le bothata bo tšoanang le ba lihoai tse nyenyane. Makhulo a tlokomang har’a lifate tsa moru o lulang o le motala e ba ka seoelo a khonang ho fulisa likhomo ka lilemo tse fetang tse hlano. Ho fetola moru o lulang o le motala lekhulo bakeng sa likhomo tsa nama ho ka ’na ha tsoela ba seng bakae molemo, empa ka sebele ke e ’ngoe ea litsela tsa ho hlahisa lijo e senyang ka ho fetisisa eo batho ba kileng ba e qapa.b
Tšokelo e ’ngoe e khōlō morung o lulang o le motala ke ea ho rengoa ha lifate. Ha ho bolele hore ho rema lifate ho hlile ho senya moru o lulang o le motala. Lik’hamphani tse ling li rema lifate tse seng kae tsa mefuta eo li e rekisang ka tsela e lumellang moru hore o boele o hlomele. Empa likarolo tse peli ho tse tharo tsa moru oa lisekoere-k’hilomithara tse 45 000 oo lik’hamphani tsa patsi li o remang selemo le selemo li rengoa ka tsela e fosahetseng hoo e bang sefate se le seng ho tse hlano tsa moru se tsoang se sa lemala.
Setsebi sa limela Manuel Fidalgo sea tletleba: “Ke ho ntšosang ho bona moru o babatsehang hakana o fetoloa sebataolo ke ho rengoa ha lifate ka tsela e sa laoleheng. Le hoja e le ’nete hore limela le lifate tse ling li ka ’na tsa mela sebakeng se renngoeng, tse melang bocha ke moru oa bobeli—o batlang o melisa mefuta e fokolang ka lenane. Ho tla nka makholo a lilemo kapa esita le likete tsa lilemo pele moru oa qalong o mela bocha.”
Lik’hamphani tse remang lifate li boetse li potlakisa tšenyo ea moru ka litsela tse ling hape. Ba fulisang likhomo le lihoai tsa bahahlauli ba hlasela moru haholo-holo ka ho sebelisa litsela tse betliloeng ke baremi ba lifate tsa moru. Ka linako tse ling, patsi eo baremi ba lifate ba e sieang mehlaleng ea bona e rotetsa mollo merung, e leng ho senyang moru o fetang oo baremi ba lifate ba o remileng. Borneo, mollo o le mong feela oa mofuta oo o ile oa chesa lihekthere tse milione ka 1983.
Ke’ng se Etsoang ho Sireletsa Moru?
Ka lebaka la litšokelo tsena, ho etsoa boiteko ba ho sireletsa meru e setseng. Empa mosebetsi oo ke o moholohali. Lirapa tsa sechaba tsa boikhathollo li ka sireletsa likaroloana tse itseng feela tsa moru o lulang o le motala, empa ho tsoma, ho rema lifate le temo e lemang ka ho rema le ho chesa moru li ntse li tsoela pele ka har’a meeli ea lirapa tse ngata tsa boikhathollo. Linaha tse sa tsoelang pele moruong li haelloa ke chelete ea ho hlokomela tsamaiso ea lirapa tsa boikhathollo.
Mebuso e haelloang ke chelete e tšoasoa habonolo ke lik’hamphani tsa machaba hore e rekise litokelo tsa ho rengoa ha lifate—maemong a mang e le e ’ngoe ea lintho tse seng kae feela tseo e leng tsa bohlokoa tse fumanehang naheng eo tse ka lefellang likoloto tse entsoeng linaheng tse ling. ’Me lihoai tsa bahahlauli tse limilione ha ho na moo li ka eang teng haese ho kenella hare-hare morung o lulang o le motala.
Lefatšeng le hlasetsoeng ke mathata a mangata hakaale, na paballo ea meru e lulang e le metala ke ea bohlokoa hakaalo? Ke’ng se re lahlehelang haeba re e tlohella hore e nyamele?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Dodo e ne e le nonyana e khōlō, e boima, e sa tsebeng ho fofa e ileng ea timela ka 1681.
b Ka lebaka la boipelaetso bo etsoang hohle, libaka tse ling tse rekisang lijo li khaolitse ho reka nama ea khomo e theko e tlaase e hlahang linaheng tse chesang tse mongobo.