Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
KA 1844, setsebi sa Segerike Konstantin von Tischendorf se ile sa thola maqephe a 129 a ngotsoeng ka letsoho ka moqomong oa lithōle ntlong ea baitlami. Tischendorf o ile a nka maqephe ao a bohlokoa, ’me hona joale a bōpa karolo ea Codex Sinaiticus—e leng buka e ’ngoe e tummeng ka ho fetisisa ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho.
Letlotlo leo le ile la pholosoa ka nako e loketseng. Meru e lulang e le metala—eo le eona hangata bohlokoa ba eona ba sebele bo hlokomolohuoang—ke ka seoelo e bang lehlohonolo joalo. Selemo se seng le se seng nakong ea komello, barui ba mehlape le lihoai tsa bahahlauli ba chesa lifate tse likete tse melang linaheng tse chesang tse mongobo. Al Gore, eo hona joale e leng motlatsi oa mopresidente oa United States, ea ileng a bona ka mahlo khanare ea mollo o joalo, Amazon, o ile a re: “Ka sebele ke tšenyo e makatsang. Ke e ’ngoe ea litlokotsi tse khōlō ho feta tsohle historing.”
Ke ka seoelo re chesang ntho eo re tsebang hore ke ea bohlokoa. Tlokotsi ka meru e lulang e le metala ke hore e senngoa le pele re utloisisa bohlokoa ba eona, pele re utloisisa tsela eo e sebetsang ka eona, esita le pele re tseba se ho eona. Ho chesa moru o lulang o le motala ho tšoana le ho chesa pokello ea libuka bakeng sa ho futhumatsa ntlo—ntle le ho hlahloba boitsebiso bo ka libukeng tseo.
Lilemong tsa morao tjena litsebi li qalile ho fuputsa “libuka” tsena, ’me li bokeletse boitsebiso bo bongata bo jeroeng ke meru e lulang e le metala. Li fana ka “boitsebiso” bo hlollang.
Moru o Ikhethang
Rahistori oa Lesepanishe Gonzalo Fernández de Oviedo o ile a khotsa ka 1526, a re: “Lifate tsena tsa West Indies ke tse sa hlaloseheng, kaha ke boieane feela.” Lilemong tse makholo a mahlano hamorao pono eo ea hae e ntse e nepahetse. Mongoli Cynthia Russ Ramsay oa ngola: “Moru o lulang o le motala [ke] sebaka se nang le mefuta e mengata e sa tšoaneng, e rarahaneng ka ho fetisisa le e sa utloisisoeng hakaalo tikolohong le linthong tse phelang lefatšeng.”
Setsebi sa lintho tse phelang naheng e chesang e mongobo Seymour Sohmer se re: “Le ka mohla ha rea lokela ho lebala ’nete ea hore re tseba ho fokolang feela kapa ha re tsebe letho ka tsela eo meru e mengata e melang linaheng tse chesang tse mongobo e bōpehileng ka eona le kamoo e sebetsang kateng, re sa re letho ka mefuta ea limela le liphoofolo eo e nang le eona.” Mefuta e mengata haholo le e nang le kamano e rarahaneng e etsa hore mosebetsi oa mofuputsi e be o tepeletsang.
Moru o melang sebakeng se nang le mofuthu o lekaneng o ka ’na oa e-ba le mefuta e seng mekae ea lifate hekthereng ka ’ngoe. Ka lehlakoreng le leng, halofong ea hekthere e le ’ngoe morung o lulang o le motala ho ka ’na ha phela mefuta e sa tšoaneng e fetang 80, le hoja kakaretso ea lenane la lifate tse hekthereng ka ’ngoe ka karolelano e ka ba tse 700 feela. Kaha ho beha mefuta e mengata joalo e sa tšoaneng ka lihlopha tsa eona ke mosebetsi o khathatsang le o hlokang kelo-hloko, ke libaka tse seng kae feela tsa moru o lulang o le motala tse boholo ba ho feta hekthere e le ’ngoe feela tse kileng tsa hlahlobisisoa. Leha ho le joalo, tse ileng tsa hlahlobisisoa li hlahisitse litholoana tse makatsang.
Lifate tse ngata tse sa tšoaneng li fana ka libaka tsa bolulo ho mefuta e mengata-ngata ea lintho tse phelang morung—e mengata ho feta kamoo motho leha e le ofe a neng a ka nahana kateng. National Academy of Sciences ea United States e bolela hore ka tloaelo sebakeng se phetseng hantle morung o lulang o le motala sa lisekoere-k’hilomithara tse leshome ho ka ’na ha phela mefuta e sa tšoaneng ea lianyesi tse ka bang 125, e 100 ea lihahabi, e 400 ea linonyana le e 150 ea lirurubele. Ha re bapisa, re hlokomela hore Amerika Leboea eohle e na le mefuta kapa e eteloa ke linonyana tsa mefuta e ka tlaasenyana ho 1000.
Le hoja mefuta e se nang palo ea limela le liphoofolo e ka ’na ea fumaneha likarolong tse ngata tsa moru o lulang o le motala, e meng e fumaneha feela sebakeng se lithaba. Seo ke sona se etsang hore li senyehe habonolo. Ka nako eo baremi ba lifate ba qetang ho rema lifate mosikong oa thaba e Ecuador lilemong tse seng kae tse fetileng, limela tsa mefuta e 90 tse melang moo li ne li timetse.
Maemong a joalo a tlokotsi, Interagency Task Force ea United States ea Meru e melang Linaheng tse Chesang tse Mongobo ea lemosa: “Lichaba tse ikopantseng li tlameha ho potlaka le ho lumellana ho loantša bothata bona haeba mehloli ena e nkeloang fatše le eo mohlomong e ke keng ea nkeloa sebaka ka e meng e tla sireletsoa ho timetsoeng ka ho feletseng mathoasong a lekholo le latelang la lilemo.”
Empa ho ka ’na ha hlaha potso: Na mehloli ee ea tlhaho ke ea bohlokoa hakaalo? Na ho fela ha moru o lulang o le motala ho tla ama bophelo ba rōna haholo?
Lijo, Moea o Hloekileng le Meriana
Na u qala letsatsi la hao ka ho ja li-cornflake, mohlomong le lehe le phehiloeng le ho noa kofi e chesang? Haeba ho joalo, u rua molemo ka tsela e sa tobang kotulong ea meru e melang linaheng tse chesang tse mongobo. Poone, linaoa tsa kofi, khōhō e behetseng lehe leo, esita le khomo e ntšitseng lebese leo—kaofela ha tsona li tsoa liphoofolong le limeleng tsa moru o melang linaheng tse chesang tse mongobo. Poone e tsoa Amerika Boroa, kofi e tsoa Ethiopia, likhōhō tse ruuoang hae li tsoa likhōhōng tsa moru oa Asia, ’me likhomo tsa lebese li tsoa banteng e kotsing ea Asia Boroa-bochabela. Buka e bitsoang Tropical Rainforest ea hlalosa: “Karolo e feletseng ea 80 lekholong ea seo re se jang e simolohile linaheng tse chesang tse mongobo.”
Motho o sitoa ho hlokomoloha tšimoloho ea lijo tseo a li jang. Lijalo hammoho le mehlape li ka fokolisoa haholo ke ho tsoakana le mefuta e meng. Moru o lulang o le motala, hammoho le pokello ea mefuta e mengata ea lintho tse phelang ho oona, li ka fana ka liphatsa tse sa tšoaneng tsa lefutso tse hlokahalang bakeng sa ho matlafatsa limela kapa liphoofolo tsena. Ka mohlala, setsebi sa limela sa Mexico, Rafael Guzmán, se ile sa sibolla mefuta e mecha ea limela tse amanang le poone ea hona joale. Tšibollo ea hae e bile e thahasellisang lihoai hobane semela sena (Zea diploperennis) se hlōla maloetse a mahlano ho a supileng a ka sehloohong a senyang poone. Litsebi li tšepa ho sebelisa mofuta ona o mocha ho hlahisa poone e sa hlaseloeng ke boloetse.
Ka 1987, ’muso oa Mexico o ile oa sireletsa mosiko oa lithaba oo poone ena ea naha e neng e fumanoa ho oona. Empa ha ho senngoa meru e mengata hakana, ha ho pelaelo hore mefuta ea bohlokoa haholo e tšoanang le ona ea lahleha, le pele e sibolloa. Merung ea Asia Boroa-bochabela, ho na le mefuta e ’maloa ea likhomo tsa naha e ka matlafatsang mehlape e ruuoang. Empa mefuta ena kaofela e lintšing tsa timelo ka lebaka la ho senngoa ha tulo ea eona.
Moea o hloekileng ke oa bohlokoa feela joaloka lijo tseo re li jang. Joalokaha motho ofe le ofe ea thabelang ho tsamaea morung ho ikhatholla a hlokometse, lifate li etsa mosebetsi oa bohlokoa haholo ho fepeleng tikoloho ka oksijene. Empa ha li chesoa, li ntša carbon e le ka sebōpeho sa carbon dioxide le carbon monoxide. Likhase tsena bobeli li hlahisa mathata.
Ba bang ba hakanya hore batho ba se ba entse lintho tse entseng hore tekanyo ea carbon dioxide e imene habeli tikolohong ea lefatše. Le hoja ho nahanoa hore tšilafalo e bakoang ke indasteri ke eona e jarang molato o ka sehloohong, ho boleloa hore ho chesa meru ho ikarabella bakeng sa tlhahiso ea carbon dioxide e fetang karolo ea 35 lekholong. Hang ha e fihla sepakapakeng, carbon dioxide e baka sibipetsane seo litsebi tse ngata li nahanang hore se tla baka mocheso o mongata lefatšeng lohle.
Carbon monoxide eona e mpe le ho feta. Ke motsoako o ka sehloohong o bolaeang o fumanoang mosing o chefo o mathōkong a metse e meholo ea litoropo. Empa mofuputsi James Greenberg o ile a makatsoa ke ho fumana “carbon monoxide e ngata joalo holim’a moru oa Amazon joaloka e holim’a metse ea litoropo ea United States.” Ho chesa meru ea Amazon ka ho se nahanele ho silafalitse sepakapaka sona seo lifate li neng li reretsoe hore li se hloekise!
Ntle le ho ba mohloli oa lijo le moea o hloekileng, moru o lulang o le motala e ka ba pokello ea sebele ea meriana. Kotara ea meriana eohle eo lingaka li fanang ka eona e nkiloe limeleng tsa meru e melang linaheng tse chesang tse mongobo. Merung e melang lithabeng tsa Andes ho mela quinine, e loantšang malaria; sebakeng sa Amazon, ho mela curare, e sebelisetsoang ho khatholla mesifa pele ho tšebetso ea ho buuoa; ’me Madagascar, ho mela rosy periwinkle, eo li-alkaloid tsa eona li pholosang lenane le eketsehang la bakuli ba nang le kankere ea mali. Ho sa tsotellehe liphello tse babatsehang joalo, ke hoo e ka bang karolo ea 7 lekholong feela ea limela tsohle tse melang linaheng tse chesang tse mongobo tse hlahlobiloeng ho bona haeba li ka etsa metsoako ea meriana. ’Me nako ea fela. Cancer Institute ea United States e lemosa hore “pheliso e jang setsi ea meru e melang linaheng tse chesang tse mongobo e ka ’na ea hlahisetsa letšolo la ho loantša kankere bothata bo tebileng.”
Ho boetse ho na le likarolo tse ling tsa bohlokoa tseo meru e lulang e le metala e li phethang—le hoja bohlokoa ba tsona bo sa ananeloe hakaalo ho fihlela ha meru e felile. Har’a tsona ke ho laola ho na ha pula le mocheso le serame hammoho le ho thibela khoholeho ea mobu. Buka e bitsoang The Emerald Realm: Earth’s Precious Rain Forests ea tlaleha: “Matletsetletse a meru ea lefatše e melang linaheng tse chesang tse mongobo a feta hōle seo re se utloisisang ka ’ona mehleng ena. Empa le hona joale rea tseba hore bohlokoa ba eona ke bo ke keng ba lekanngoa.”
“Re Tla Sireletsa Feela Seo re se Ratang”
Ho senya mehloli e re fang matletsetletse hakana ka sebele ke bothoto bo tšabehang. Lilemong tse fetang 3000 tse fetileng, Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba sireletse lifate tsa litholoana ha ba ne ba loana le motse oa sera. O ile a ba fa lebaka le bonolo: “Li le fa lijo.” Ho feta moo, “lifate tsa naheng hase batho hore le li hlasele.” (Deuteronoma 20:19, 20, The New English Bible) Ho ka boleloa ntho e tšoanang le ka meru e lulang e le metala e rengoang hore e fele.
Ka sebele, meru e lulang e le metala, ho tšoana le lifate tsa litholoana, e bohlokoa haholo ha e tlohetsoe e eme ho feta ha e renngoe. Empa lefatšeng lena la kajeno, hangata lintho tsa molemo oa nakoana li etelletsoa pele ho feta tsa molemo oa nako e telele. Leha ho le joalo, thuto e khona ho fetola maikutlo. Setsebi sa lintho tsa tlhaho sa Senegal, Baba Dioum, sea bontša: “Qetellong re tla sireletsa feela seo re se ratang; re tla rata feela seo re se utloisisang; ’me re tla utloisisa feela seo re se rutiloeng.”
Tischendorf o ile a utsoa maqephe ao a khale Lehoatateng la Sinai hobane a ne a rata libuka tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho ’me a batla ho li boloka. Na batho ba eketsehileng ba tla ithuta ho rata meru e lulang e le metala ka nako e le hore ba e sireletse?
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Ho chesa moru o lulang o le motala ho tšoana le ho chesa pokello ea libuka bakeng sa ho futhumatsa ntlo—ntle le ho hlahloba boitsebiso bo ka libukeng tseo
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Meru e lulang e le metala ehlahisa (1) “cacao,” (2) “rosy periwinkle,” e thusang phekolong ea kankere ea mali le (3) oli ea palema. (4) Ho senyeha ha meru ho lebisa ho ritseng ha libaka ho senyang haholo