Ho Buoa Ntle Ho Mali—Melemo ea Hona ea Lemohuoa
KA 1996, Royal College of Surgeons of England e ile ea hatisa bukana e bitsoang Code of Practice for the Surgical Management of Jehovah’s Witnesses. Bukaneng eo, lingaka tse buoang li hlokometse: “Likotsi tsa tšelo ea mali li etsa hore re lakatse ho hlahloba mekhoa e fapaneng ea phekolo neng le neng ha ho khoneha.”
AHA NEWS, e hatisoang ke Mokhatlo oa Lipetlele oa Amerika, le eona e tlalehile hore na ke hobane’ng ha melemo ea ho buoa ntle ho mali e lemohiloe. Khatiso eo ea beke le beke e hlokometse: “Se qalileng e le tumelo ea bolumeli se fetoha khetho ea bongaka le theknoloji e tsoetseng pele. Phekolo ea meriana le ho buoa ntle ho mali, tseo ka tekanyo e itseng li khothalelitsoeng ke lithuto tsa Lipaki tsa Jehova, li fetela ka nģ’ane ho litlhoko tsa batho ba sekametseng linthong tsa moea, li kenella ka likamoreng tsa ho buoa sechabeng ka kakaretso.”
Khatiso e tlatsetsang makasineng ea Time ea hoetla ka 1997, e ile ea tšohla taba ea hore na ke hobane’ng ha lingaka tse ngata li buella ho buoa ntle ho mali. Sehlooho seo se ile sa re: “Lebaka le leng ke ho tšaba AIDS.” Ka ho khetheha, sehlooho seo se ile sa tlaleha mosebetsi o etsoang Setsing sa New Jersey sa Ntšetso-pele ea Phekolo ea Meriana le ho Buoa Ntle ho Mali Sepetleleng sa Englewood, se Englewood, New Jersey.
Time e hlokometse: “Setsi seo ke sona se itlhommeng pele ho tse fetang 50 United States tseo hona joale li sebelisang mokhoa oa ho buoa ntle ho mali. Se sa sebelise mali a fanoeng ho hang, se fana ka liphekolo tse ngata haholo tsa ho buoa tseo ka tloaelo li neng li tla akarelletsa tšelo ea mali, hammoho le ho sebelisa mekhoa e fokotsang ho lahleheloa ke mali ka tekanyo e khōlō, kapa e batlang e thibela tahlehelo ea mali.”
Hoa Atleha ho Bile ho Sireletsehile
Selelekela sa sehlooho seo sa Time se ile sa hlahisa phihlelo ea Henry Jackson, eo mali a hae a mangata a neng a ile a lutlela ka hare hoo a ileng a lahleheloa ke karolo ea 90 lekholong ea mali ’me hemoglobin ea hae ea theohela boemong ba ligrama tse 1,7 desilithareng ka ’ngoe, e leng boemo bo neng bo behile bophelo ba hae kotsing. Jackson o ile a tlosoa sepetleleng se seng sa New Jersey, se neng se ke ke sa mo phekola ntle ho tšelo ea mali, ’me a isoa Sepetleleng sa Englewood.
Ha a le sepetleleng sa Englewood, tlas’a tlhokomelo ea Dr. Aryeh Shander, Jackson o ile a fuoa “metsoako e nang le matla a mangata a ho eketsa tšepe le livithamine, ho kopanyelletsa le ‘litekanyo tse matla’ tsa lithethefatsi tse hahang mali, le erythropoietin, e susumetsang moko hore o hlahise lisele tse khubelu tsa mali. Qetellong, o ile a tšeloa maro ka methapo ho susumetsa potoloho e fokolang ea mali eo a neng a ntse a e-na le eona.”
Time e tlaleha hore matsatsi a seng makae hamorao, “sepetlele seo a neng a le ho sona pele se ile sa letsa ho botsa hore na Jackson o se a shoele. Ka khotsofalo eo a sitoang ho e pata, Shander o ile a ba bolella, ‘Hase feela hore ha aa shoa, empa o folile ebile o loketse ho lokolloa, ’me haufinyane o tla be a iketsetsa mosebetsi oa hae o tloaelehileng.’”
Puisanong eo a bileng le eona thelevisheneng ka la 28 November, 1997, Dr. Edwin Deitch, motsamaisi oa tsa bongaka lenaneong la ho phekola ntle ho mali Sepetleleng sa Univesithi, Newark, New Jersey, o ile a hlalosa hore na patlisiso ea ho phekola ntle ho mali e ile ea qala joang: “Lipaki tsa Jehova . . . li ile tsa etsa boiteko bo boholo ba ho fumana batho ba ka buoang ntle le ho sebelisa mali. Liphello tse ling tsa lipatlisiso tseo li fumane hore li ne li tsoella hantle ho feta kamoo ho neng ho lebeletsoe, [ho feta] batho ba ileng ba tšeloa mali.”
Dr. Deitch o ile a phaella: “Mali a ka fokotsa ho sebetsa ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ’me a baka mathata a tšoaetso ea mafu ka mor’a ho buuoa; a ka eketsa kotsi ea hore motho a tšoaroe ke kankere hape, kahoo, le hoja mali a ne a le molemo maemong a mang, a bonahala a le kotsi.” Mabapi le ho buoa ntle ho mali, Dr. Deitch o ile a etsa qeto: “Ka ho hlakileng, ho ntlafatsa boemo ba mokuli ntle ho mathata a mangata, ’me ha ho bitse chelete e ngata. Ka lebaka leo, ka sebele ho molemo maemong ’ohle.”
Kahoo, joalokaha Time e boletse, “bakuli ba eketsehileng ba tsitlella ho khetha mekhoa e sireletsehileng le e sebetsang haholoanyane ho e-na le ho tšeloa mali.” Makasine eo e ile ea boela ea tlaleha: “Ho latela likhakanyo tse ling, 25% ea tšelo ea mali United States ke e sa hlokahaleng. Ho boetse ho na le matšoao a bontšang hore bakuli ba ke ke ba mamella tekanyo e itseng ea hemoglobin e phahameng eo pele ho neng ho nahanoa hore ba ka e mamella le hore ka ho khetheha, bacha ho tloha tsoalong ba na le polokelo e itseng ea mali e ka thusang ha bothata bo hlaha. . . . [Shander] o kholisehile hore ho se sebelise mali ke khetho e sebetsang e bileng e ratoang ke bakuli ba bangata.”
Le hoja ho tšoaetsoa mafu e le kotsi e khōlō ea tšelo ea mali, ho ntse ho e-na le likotsi tse ling. Dr. Shander o ile a hlalosa: “Ka mor’a hore a hatsetsoe le ho behoa, mali ao a neng a bolokiloe ha a be le matla a ho tsamaisa oksijene a tšoanang le a mali a macha. Ke hona re qalang ho utloisisa hore na re ntse re etsa eng ha re tšela batho mali.”
“Tekanyetso ea Bohlokoa”
Time e ile ea phetha ka hore: “Qetellong, litšenyehelo e ba tsena: e ka ba $500 [R2 485] bakeng sa tšelo ka ’ngoe ea mali, hammoho le lintho tse ling tse amanang le tsamaiso, tefiso e akaretsang e ba pakeng tsa lidolara tse limilione tse 1000 [liranta tse limilione tse 4970] le lidolara tse limilione tse 2000 [liranta tse limilione tse 9900] ka selemo, e leng lebaka le lekaneng ho susumelletsa hore ho nahanoe ka mekhoa e meng ea phekolo.” Litšenyehelo tsena tse khōlōhali tsa tšelo ea mali hona joale li bonahala e le lebaka le ka sehloohong le entseng hore ho buoa ntle ho mali ho ate.
Sharon Vernon, motsamaisi oa Setsi sa Phekolo ea Meriana le ho Buoa Ntle ho Mali Sepetleleng sa St. Vincent Charity, Cleveland, Ohio, ha a bua ka ho phekola bakuli ntle le tšebeliso ea mali, o ile a re: “Hoa ata hobane lingaka lia hlokomela hore phekolo e etsoang ntle ho mali ke tekanyetso ea bohlokoa tabeng ea ho fokotsa litšenyehelo. Re fumane hore esita le lik’hamphani tsa inshorense tseo hangata li sa sebelisaneng le rōna, li romela batho ho rōna hobane hoo ho li bolokela chelete.”
Ka ho hlakileng, ho buoa ntle ho mali ho lemohuoa ka potlako mokhatlong oa tsa meriana, ’me e le ka mabaka a mangata.
[Lebokose le leqepheng la 29]
LIQETO TSA MORAO TJENA TSA LEKHOTLA
Liqeto tse peli tsa lekhotla tse ileng tsa etsoa naheng ea Illinois, U.S.A., ka November le ka December, 1997, e ne e le tsa bohlokoa. Ho ea pele, Mary Jones, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a lefuoa $150 000 (R745 500) bakeng sa matšeliso hobane ka 1993, o ile a tšeloa lipaente tse peli tsa mali ho sa tsotellehe ho hana ha hae ho hlakileng mokhoa ona oa phekolo. Ena e bile chelete e ngata ka ho fetisisa e kileng ea lefuoa Paki bakeng sa ho hlokofatsoa maikutlong ka lebaka la ho tšeloa mali e sa batle.
Nyeoe ea bobeli e ne e le e amang Paki eo ka nako eo e neng e le moimana, Darlene Brown, ea ileng a tšeloa mali ka likhoka molemong oa lesea le ka pōpelong ea hae le neng le e-na le libeke tse 34. Ka la 31 December, 1997, Lekhotla la Boipiletso la Illinois le ile la hlalosa qeto ea lona ka ho bolela hore “tšelo ea mali ke mokhoa o hlaselang oa phekolo o kena-kenanang le ho hlompha ’mele oa motho e moholo ea khonang ho ikemela.” Lekhotla leo la Boipiletso le ile la akaretsa qeto ea lona ka ho bolela hore “tlas’a molao oa Naha ena, . . . re ke ke ra beha molao o tlamang mosali oa moimana hore a lumellane le mokhoa oa phekolo o hlaselang.”
Ka la 9 February, 1998, Lekhotla le Phahameng la Tokyo le ile la fetola qeto ea lekhotla le tlaasana le neng le entse qeto ea hore ngaka e ne e e-na le tokelo ea ho tšela Misae Takeda mali ha a ne a buuoa ka 1992. Lekhotla leo le Phahameng le ile la phatlalatsa hore “ho lokela ho hlomphuoe tokelo ea mokuli ea ho ikhethela phekolo. E ne e le tlōlo ea molao ho fana ka tšelo ea mali.” Misae Takeda o ile a lefuoa li-yen tse 550 000 (R21 000) bakeng sa matšeliso.