Ha Lik’hemik’hale li U Kulisa
MAEMO a mangata a multiple chemical sensitivity (MCS [ho hlōloa ke monko oa lik’hemik’hale tse ngata]) aa makatsa. Ka ho utloahalang, ho na le ho se lumellane ho hoholo mokhatlong oa lingaka mabapi le seo boemo bo leng sona. Lingaka tse ling li lumela hore MCS e bakoa ke lintho tse amang ’mele, tse ling li lumela hore e bakoa ke lintho tse amang kelello, ha tse ling li nka hore ka bobeli lintho tse amang ’mele le tse amang kelello lia ameha. Lingaka tse ling li bolela hore MCS e ka ba ea ’na ea emela sehlopha sa maloetse a ’maloa.a
Bakuli ba bangata ba MCS ba re ho pepesehela haholo linthong tse hahlamelang tse chefo, tse kang chefo e bolaeang likokoanyana ke hona ho bakileng hore ba be boemong boo, ha ba bang ba bolela hore ho ba ka makhetlo a mangata kapa kamehla sebakeng seo chefo e hahlamelang motho butle, ke hona ho bakileng boemo ba bona. Hang ha ho fumanoa hore motho o tšoeroe ke MCS, bakuli ba ba le matšoao a fapaneng a bang teng khahlanong le lik’hemik’hale tse ’maloa tseo ho bonahalang ba ne ba se na bothata ba tsona pele, tse kang linyanyatsi tse nkhang hamonate le lihlahisoa tse hloekisang. Ke ka hona ho hlahileng polelo “ho hlōloa ke menko ea lik’hemik’hale tse ngata.” Nahana ka boemo ba Joyce.
Ha Joyce a sa le sekolong, o ile a ba le linta tsa hlooho. Ka hona, hlooho ea hae e ile ea nyanyatsoa ka chefo e bolaeang likokoanyana. Bophelo ba Joyce bo ile ba fokola, ’me o ile a qala ho hlōloa ke lik’hemik’hale tse neng li ntse li sa mo hlōle pele. Tsena li akarelletsa lintho tse hloekisang ka tlung, lintho tse nkhisang moea hamonate, linyanyatsi tse nkhang hamonate, lisepa tsa moriri le petrole. Joyce o re: “Mahlo a ka a ruruha ho ea bohōleng boo a koalehang, ’me mahanana a ka a ba le tšoaetso, ebe ke tšoaroa ke hlooho e bohlokohali le ho nyekoa ke pelo haholo hoo ke lulang ke kula matsatsi. . . . Ke ’nile ka tšoaroa ke pneumonia ka makhetlo a mangata hoo matšoafo a ka a felileng joaloka a motho ea ’nileng a tsuba ka lilemo tse 40—’me ha ke e-s’o ka ke tsuba bophelong!”
Ho pepesehela kamehla moeeng o hahlamelang o chefo, hoo le hona ho boletsoeng e le se seng sa lisosa tsa MCS, ho ka ’na ha etsahala kantle kapa ka tlung. Ha e le hantle, makholong a morao tjena a lilemo ho ba teng ha lefu lena ka bongata le ka potlako ka lebaka la tšilafalo ea moea o ka tlung ho entse hore ho qaptjoe lebitso “matšoao a boloetse ba ka tlung.”
Matšoao a Boloetse ba ka Tlung
Matšoao a boloetse ba ka tlung a ile a hlahella lilemong tsa bo-1970 ha moo ho thoe’ng ho bolokoa matla, ho ileng ha kenngoa tsamaiso ea sefehla-moea se sa batleng moea o tsoang ka ntle malapeng, likolong le liofising tseo pele ho neng ho kena moea ka tsela e tloaelehileng. Lintho tse sebelisoang bakeng sa ho boloka mocheso, lehong le ntlafalitsoeng, likhomaretsi tseo matla a tsona a fofang, masela a sa etsoang ka lintho tsa tlhaho le k’hapete hangata li ne li kenngoa mehahong ena le thepeng ea eona ea ka hare.
Haholo-holo ha li le ncha, lihlahisoa tsena li ntša lik’hemik’hale tse ka ’nang tsa ntša kotsi butle, tse kang formaldehyde, tse lulang li potoloha le moea o fehloang. K’hapete e tlatseletsa bothateng bona ka ho monya lintho tse hloekisang le lihlapolli, ebe e lula e nkha ka nako e telele. Buka ea Chemical Exposures—Low Levels and High Stakes e re “mouoane o tsoang lihlapolling tse sa tšoaneng ke eona ntho e atileng ho tse silafatsang moea ka tlung.” Buka eo e re: “Lihlapolli” le tsona “li har’a lik’hemik’hale tseo hangata bakuli ba hlōloang ke lik’hemik’hale ba llang ka tsona.”
Le hoja ho bonahala boholo ba batho bo se na mathata ka tikoloho e ka har’a mehaho e joalo, ba bang ba ba le matšoao a kang a asma le mathata a mang a ho hema le ho tšoaroa ke hlooho le ho tepella ho sa tloaelehang. Hangata matšoao ana aa nyamela ha motho ea amehang a tloha tikolohong e joalo. Empa maemong a mang, The Lancet, koranta ea tsa bongaka ea Brithani e re, “bakuli ba ka ’na ba hlōloa ke monko oa lik’hemik’hale tse ngata.” Empa ke hobane’ng ha ba bang ba kulisoa ke lik’hemik’hale ha ba bang li sa ba kulise? Ena ke potso ea bohlokoa hobane ba bang ba bonahalang ba sa amehe ba ka ’na ba fumana ho le thata ho utloisisa ba kulisoang ke tsona.
Kaofela ha Rōna re Fapane
Ke hantle ho hopola hore kaofela ha rōna re ameha ka tsela e fapaneng linthong tse sa tšoaneng, ebang ke lik’hemik’hale, likokoana-hloko kapa livaerase. Lintho tse amang tsela eo batho ba ikutloang ka eona li akarelletsa tsela eo liphatsa tsa rōna tsa lefutso li entsoeng ka eona, lilemo tsa rōna, bong ba rōna, maemo a bophelo, meriana eo e ka ’nang eaba rea e noa, lefu le kileng la re tšoara, le mekhoa ea bophelo e kang ea ho sebelisa tahi, koae kapa lithethefatsi.
Ka mohlala, makasine ea New Scientist e re ha ho tluoa tabeng ea lithethefatsi tse sebelisoang e le meriana, ho ikhetha ha hao ho tla bolela “hore na sethethefatsi se itseng se tla sebetsa ho uena le hore na liphello tsa sona e ka ’na ea e-ba life.” Tse ling tsa liphello tsena e ka ba tse kotsi haholo, tsa ba tsa lebisa lefung. Ka tloaelo, liprotheine tse bitsoang li-enzyme li hloekisa lik’hemik’hale tse sa tloaelehang ’meleng, tse kang lik’hemik’hale tse fumanehang lithethefatsing le lintho tse silafatsang tse hengoang ha ho ntse ho etsoa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Empa haeba li-enzyme tsena tse “hloekisang” li sa sebetse, mohlomong ka lebaka la lefutso, ho senngoa ke chefo kapa ho se je lijo tse matlafatsang, lik’hemik’hale tse sa tloaelehang ’meleng li ka ipōpa ho ba tse kotsi.b
MCS e ’nile ea bapisoa le sehlopha sa maloetse a mali a amanang le li-enzyme a bitsoang porphyrias. Hangata tsela eo batho ba tšoeroeng ke mofuta o itseng oa porphyrias ba angoang ke lik’hemik’hale ka eona, ho tloha ka mosi oa koloi ho ea linyanyatsing tse nkhisang hamonate, e tšoana le tsela eo ba tšoereng ke MCS ba amehang ka eona.
Ho Boetse ho Ameha Kelello
Motho e mong ea tšoeroeng ke MCS o ile a bolella Tsoha! hore lik’hemik’hale tse itseng tse tloaelehileng lia mo thotofatsa. O itse: “Ke ’nile ka bona botho ba ka bo fetoha—ke halefa, ke ferekana, ke teneha lefeela, ke tlala tšabo, ke tepella ka ho sa tloaelehang. . . . Matšoao ana a ka qeta lihora tse seng kae kapa matsatsi a ’maloa.” Ka mor’a moo, o ikutloa a tamukane ’me o tepella maikutlong ka litsela tse sa tšoaneng.
Liphello tsena li tloaelehile bathong ba tšoeroeng ke MCS. Dr. Claudia Miller o re “linaha tse fetang 12 li tlaleha mathata a amanang le kelello ka mor’a hore ho fumanoe hore batho ba hahlametsoe ke lik’hemik’hale, e-bang ba hahlametsoe ke chefo e bolaeang likokoanyana kapa ba na le [matšoao a] boloetse ba ka tlung. . . . Rea tseba hore basebetsi ba hahlameloang ke lihlapolli ba kotsing e khōlō ea ho sehoa ke letsoalo leo ba sa tsebeng hore na ke la eng le ho tepella maikutlong. . . . Kahoo, re lokela ho ba ba nahanelang haholo le ho hopola hore mohlomong setho se amehang haholo ’meleng ke boko ha bo ka hahlameloa ke lik’hemik’hale.”
Le hoja ho pepesehela lik’hemik’haleng ho ka lebisa mathateng a kelello, lingaka tse ngata li lumela hore se fapaneng le seo le sona se ka etsahala—mathata a kelello a ka tlatsetsa hore motho a qetelle a hlōloa ke lik’hemik’hale. Dr. Miller ea boletsoeng ka holimo le Dr. Nicolas Ashford, ba lumelang ka tieo hore MCS e bakoa ke lintho tse amang ’mele, ba lumela hore “liketsahalo tse amang kelello le maemo a bophelo, tse kang ho shoeloa ke molekane kapa tlhalo, li ka hatella tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung hore e se sebetse ’me li ka ’na tsa etsa hore batho ba itseng ba hlōloe haholoanyane ke lik’hemik’hale tsa tekanyo e tlaase. Ka sebele, kamano e teng lipakeng tsa lintho tse amanang le kelello le maemo a bophelo ke e rarahaneng.” Dr. Sherry Rogers, e mong ea lumelang hore MCS e bakoa ke lintho tse amang ’mele, o re “khatello ea maikutlo e etsa hore motho a hlōloe haholoanyane ke lik’hemik’hale.”
Na ho na le seo batho ba tšoereng ke MCS ba ka se etsang ho ntlafatsa bophelo ba bona kapa bonyane ho fokotsa matšoao?
Thuso Bakeng sa ba Tšoeroeng ke MCS
Le hoja ho se na pheko e tsejoang bakeng sa MCS, bakuli ba bangata ba khonne ho fokotsa matšoao a eona, ’me ba bang ba bile ba khonne ho qala bocha ho phela ka tsela e batlang e tloaelehile. Ke eng e ba thusitseng hore ba sebetsane le boemo ka katleho? Ba bang ba re ba ruile molemo ka ho latela keletso ea ngaka ea bona ea hore ba qobe lik’hemik’hale tse ka tsosang matšoao ao ba nang le ’ona ka hohle kamoo ba ka khonang.c Judy ea tšoeroeng ke MCS o fumana hore ho qoba lik’hemik’hale ho sebetsa hantle haholo ho eena. Ha Judy a ne a hlaphoheloa ka mor’a ho hlaseloa ke kokoana-hloko ea Epstein-Barr, o ile a hahlameloa ho tlōla tekano ke chefo e bolaeang likokoanyana moo a lulang ’me qetellong a tšoaroa ke MCS.
Joaloka ba bang ba bangata ba tšoeroeng ke MCS, Judy o hlōloa ke lik’hemik’hale tse ngata tsa ka tlung. Ka hona, o sebelisa sesepa se sa tsoakoang le baking soda bakeng sa ho hloekisa le ho hlatsoa liaparo. O fumana asene e sebetsa hantle ha e sebelisoa e le senolofatsa-masela. Sebaka seo a behang liphahlo tsa hae ho sona le kamore ea hae ea ho robala li na le lintho le masela tse entsoeng ka lintho tsa tlhaho feela. Monna oa hae ha a kenye liaparo tsa hae tse hlatsuoeng dry-clean liaparong tse ling tsa bona ho fihlela li hahluoe ke moea ka libeke sebakeng seo moea o kenang hantle ho sona.
Ke ’nete hore lefatšeng la kajeno ho ka ’na ha se ke ha etsahala hore batho ba tšoeroeng ke MCS ba qobe ho kopana le lik’hemik’hale tsohle tse ba fang bothata. American Family Physician e re: “Hangata tšitiso e khōlō ea MCS ke ho itšehla thajana le ho ikhula hoo bakuli ba ho etsang moo ba lekang ho qoba ho hahlameloa ke lik’hemik’hale.” Sehlooho seo se bontša hore ha bakuli ba le tlas’a tlhokomelo ea bongaka, ba lokela ho sebetsa le ho tloaelana le batho, butle-butle ba eketse ho sebetsa ha bona. Ka nako e tšoanang, ba lokela ho sebetsana le ho seoa ke letsoalo leo ba sa tsebeng hore na ke la eng le ho otla ho matla ha pelo ka hore ba ithute ho khatholoha le ho tseba mekhoa e itseng ea ho laola ho hema. Sepheo ke ho thusa bakuli hore butle-butle ba tsebe ho tloaelana le ho hahlameloa ke lik’hemik’hale ho e-na le hore ba li felise ka ho feletseng bophelong ba bona.
Pheko e ’ngoe e molemo ke ea ho robala hantle bosiu. David ea tšoeroeng ke MCS, eo hona joale a batlang a se a se na matšoao a bonahalang, o hlalosa hore karolo e itseng ea ho hlaphoheloa ha hae e bakiloe ke ho robala kamoreng eo ho eona ho nang le moea o mongata o hloekileng. Ernest le mosali oa hae, Lorraine, bao ka bobeli ba tšoeroeng ke MCS ba boetse ba fumana hore “ho robala hantle bosiu ho thusa haholo ho sebetsaneng le lik’hemik’hale tseo ho leng thata ho li qoba motšehare.”
Ka ho hlakileng, lijo tse matlafatsang ’mele ke tsa bohlokoa kamehla bakeng sa hore motho a boloke kapa hona ho fumana hape bophelo bo botle. Ha e le hantle, li ’nile tsa thoholetsoa e le “motsoako o le mong oa bohlokoa ka ho fetisisa oa tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele.” Hoa utloahala hore tsamaiso ea ’mele e lokela ho sebetsa hantle hore o tsebe ho fumana matla hape a bophelo bo botle, bonyane ho ea bohōleng bo itseng. Lijo tse tlatsetsang ho matlafatsa li ka thusa.
Ho ikoetlisa le hona ho tlatselletsa bophelong bo botle ba ’mele. Ho phaella moo, ha u fufuleloa, u thusa ’mele oa hao hore o ntše chefo ka letlalo la hao. Hape ntho ea bohlokoa ke ho ba le boikutlo bo botle ba kelello le ho rata ho tšeha, hammoho le ho ratoa le ho bontša ba bang lerato. Ha e le hantle, “lerato le ho tšeha” ke setlhare seo ngaka e ’ngoe e se fang bakuli bohle ba hae ba MCS. E, “pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang.”—Liproverbia 17:22.
Leha ho le joalo, ho thabela botsoalle bo lerato, bo thabileng, e ka ba bothata bo boholo bakeng sa batho ba tšoeroeng ke MCS ba sitoang ho mamella menko ea linyanyatsi tse nkhang hamonate, lintho tse hloekisang, litebela-lephoka le lik’hemik’hale tse ling tseo boholo ba rōna re thulanang le tsona mesebetsing ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Batho ba tšoeroeng ke MCS ba khona joang tlas’a maemo aa? Ka tsela e tšoanang, ba bang ba ka etsa eng ho thusa ba tšoeroeng ke MCS? Sehlooho se latelang se tla tšohla lintlha tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! hase koranta ea bongaka, ’me lihlooho tsena tse buang ka MCS ha lia rereloa hore li buelle khopolo e itseng ea bongaka. Li mpa li tlaleha lintho tsa morao-rao tse fumanoeng le tse ling tseo lingaka le bakuli ba fumaneng li thusa bakeng sa ho sebetsana le bokuli bona. Tsoha! ea hlokomela hore ha ho na tumellano e feletseng har’a lingaka mabapi le se bakang MCS, se etsahalang ha e tšoara motho kapa liphekolo tse ngata le mananeo tse fanoang le ho sebelisoa ho bakuli.
b Mohlala o tloaelehileng oa ho fokola ha enzyme o amana le enzyme e thusang bakeng tšilo. Ba nang le bothata ba tšilo ha ba khone ho monya tsoekere e teng lebeseng, ’me baa kula ha ba le noa. Batho ba bang ba haelloa ke enzyme e khonang ho sila tyramine, k’hemik’hale e fumanoang chising le lijong tse ling. Ka lebaka leo, ha batho bana ba ja lijo tse joalo, ba ka ’na ba tšoaroa ke hlooho e opang habohloko e ba tšoarang khafetsa.
c Ba lumelang hore ba tšoeroe ke MCS ba tlameha ho batla thuso ea botsebi ho lingaka tse nang le botumo bo botle. E tla ba booatla ho etsa liphetoho tse feteletseng mokhoeng oo u phelang ka oona, ’me mohlomong li bile li bitsa chelete e ngata, pele u ka ea hlahlojoa ka ho feletseng. Litlhahlobo li ka ’na tsa sibolla hore ho etsa liphetoho tse fokolang lijong tsa hao kapa mokhoeng oo u phelang ka oona ho tla fokotsa kapa hona ho phekola matšoao ao u nang le oona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Na U Hloka Lik’hemik’hale Tse Ngata Hakaale?
Kaofela ha rōna re lokela ho fokotsa ho ba boemong boo re ka hahlameloang ke lik’hemik’hale tse ka ’nang tsa e-ba chefo. Sena se akarelletsa lik’hemik’hale tseo re li bolokang malapeng. Buka ea Chemical Exposures e re: “Lintho tse silafatsang moea o ka tlung li bonahala li hlahella har’a tse ka pele-pele tse bakang hore batho ba hlōloe ke lik’hemik’hale. Metsoako e kopakaneng e nang le lik’hemik’hale tse fapaneng tse makholo tseo butle-butle matla a tsona a fofang, e etsahala ka tlung.”d
Ka hona, ipotse hore na u fela u hloka ho sebelisa lik’hemik’hale tse ngata joalokaha u etsa na, haholo-holo lichefo tse bolaeang likokoanyana le lintho tse nang le lihlapolli tseo matla a tsona a fofang. Na u se u kile ua leka ho sebelisa tse se nang chefo? Leha ho le joalo, haeba u tlameha ho sebelisa k’hemik’hale e ka ’nang ea e-ba kotsi, etsa bonnete ba hore ha ho mohla u e sebelisang u sa ela hloko litlhokomeliso tsohle tse hlokahalang. Hape, etsa bonnete ba hore u e beha sebakeng se sireletsehileng moo bana ba ke keng ba e fihlela le moo ha e tsoa mouoane e ke keng ea senya letho. Hopola hore le tsona lik’hemik’hale tse ling tse ntseng li koetsoe li ka tsoa mouoane.
Ho ba hlokolosi ka lik’hemik’hale ho boetse ho sebetsa le tabeng ea hore na re itlotsa ka eng, kapa ke eng e qhalanelang letlalong la rōna. Lik’hemik’hale tse ngata, ho kopanyelletsa le linyanyatsi tse nkhang hamonate, li monngoa ke letlalo ebe li kenella tsamaisong ea mali. Ka hona, litlapeli ke tse ling tsa litsela tse bontšang hore ho sebelisitsoe sethethefatsi se itseng. Ka hona, haeba u itšela ka k’hemik’hale e kotsi letlalong, buka ea Tired or Toxic? e re “mohato oa pele le oo ka potlako o lokelang ho nkoa ke oa ho hlatsoa ka ho felletseng k’hemik’hale eo letlalong.”
Batho ba bangata ba tšoeroeng ke boloetse ba ho hlōloa ke menko ea lik’hemik’hale tse ngata ba hlōloa ke menko e nkhang hamonate. Karolo ea 95 lekholong ea lik’hemik’hale tse sebelisoang linyanyatsing tse nkhang hamonate ke lintho tseo e seng tsa tlhaho tse nkiloeng ho petroleum. Ho sebelisoa acetone, camphor, benzaldehyde, ethanol, g-terpinene le lik’hemik’hale tse ling tse ngata. Ka mohlala, kotsi eo lintho tsena li ka e bakang bophelong e phatlalalitsoe ke Lekala la Tsa Tšireletso ea Tikoloho—United States. Ho joalo le ka lik’hemik’hale tse sebelisoang linthong tse nkhisang moea hamonate. Ha bo-rasaense ba tsa tikoloho ba ne ba hlahloba lintho tse nkhisang moea hamonate, University of California at Berkeley Wellness Letter e re ba ile ba “li hlahloba e le lintho tse silafatsang, eseng tse ntlafatsang moea o ka tlung.” Lintho tse nkhisang moea hamonate ha li felise monko o mobe; li mpa li o pupetsa.
Buka ea Calculated Risks e bolela hore “e ’ngoe ea likhopolo tsa bohlokoa ka ho fetisisa malebana le lintho tse chefo [ke hore] lik’hemik’hale tsohle li chefo tlas’a maemo a itseng a hahlamelang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Litsela tseo ka tsona u ka bolokang lelapa la hao le sireletsehile linthong tse ngata tse ka fetohang chefo li tšohliloe tokollong ea Tsoha! ea January 8, 1999.