Ho Thusa ba Tšoeroeng ke MCS
HO HLŌLOA ke lintho tse tloaelehileng, e-bang ke senyanyatsi se nkhang hamonate kapa lintho tse hloekisang, ho fa bakuli bothata bo fetang feela ba bongaka, empa ho boetse ho ba fa bothata tabeng ea botsoalle. Batho ba rata ho ba le metsoalle ka tlhaho, empa ho tšoaroa ke multiple chemical sensitivity (MCS [ho hlōloa ke menko ea lik’hemik’hale tse ngata]) ho qobella ba bang bao ntle le bothata boo, e leng batho ba ratang mesoaso, hore ba phele bophelo bo bolutu. Shelly, eo e leng mokuli oa MCS o re: “Ke ’nile ka tšoaroa ke mafu a mang nakong e fetileng, empa ha e le bothata bona bona bo a feta kaofela. Karolo e thata haholo ea bona ke ho ikarola.”
Ka masoabi, ka linako tse ling bakuli ba MCS ba nkoa e le mekhelo. Lebaka le leng la sena ke hore ha e le hantle, MCS ke ntho e rarahaneng e ncha e etsahalang eo lefatše le e-s’ong ho ka le e tloaela. Empa ho se tsebe ka MCS ha ho fane ka lebaka la hore motho a belaelle ba tšoeroeng ke eona. Koranta ea American Family Physician e re: “Ka sebele bakuli bana ba utloa bohloko ka lebaka la matšoao ao ba nang le ’ona.”
Ho e-na le ho sheba batho ba tšoeroeng ke MCS ka la moleka hobane feela lefu la bona le makatsa le bile le sa utloisisehe, motho ea bohlale o tlameha ho laoloa ke molao-motheo o ho Liproverbia 18:13, NW: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” Ho molemo hakaakang hore motho a bontše lerato le kang la Kreste ho bohle ba kulang, a sa bontše leeme! Le ka mohla re ke ke ra ikoahlaela ho bontša lerato le joalo, ho sa tsotellehe hore na saense ea bongaka e sibolla eng nakong e tlang.
Ho Bontša Lerato le Kang la Kreste
Lerato le kang la Kreste le tšoana le taemane e nang le litšobotsi tse ntle tse ka tšoanelang ketsahalo leha e le efe kapa tlhoko. Ha motsoalle a na le MCS, lerato la rōna le kang la Kreste le tlameha ho phatsima ke kutloelo-bohloko, le re lumelle hore re ipehe boemong ba hae. Hape, lerato “ha le batle lithahasello tsa lona”—kapa re ka re, litokelo tsa lona. Le etelletsa pele boiketlo ba ba bang. Le re thusa hore re be le ‘tiisetso, re jare lintho tsohle, re lumele lintho tsohle, le ho mamella lintho tsohle.’ Lerato le joalo “ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8.
Mary ha aa tšoaroa ke MCS, empa metsoalle e meng ea hae e tšoeroe ke eona. Mary oa ngola: “Ke motho ea ratang litlolo tse nkhang hamonate, empa ke khetha ho se itšele ka tsona ha ke etela ba tšoeroeng ke MCS.” Ka mantsoe a hae, Mary ha a etsisa Jesu o re: “Ke batla ho thusa.” (Mareka 1:41) Trevor o ile a tšoaroa ke MCS ho tloha boseeng. ’Mè oa hae o re: “Batho bao ke ’nileng ka sebelisana le bona ba ile ba tenyetseha hore ba nahanele mora oa ka.” Joy, e mong oa Lipaki tsa Jehova ea lulang Australia ’me a tšoeroe ke MCS haholo, o re o khothatsoa ke metsoalle ea hae le beng ka eena ba mo etelang kamehla ’me ba bontša hore ba utloisisa bothata ba hae.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba tšoeroeng ke MCS ba lokela ho leka ho ba le mamello ho batho ba itšelang ka linyanyatsi tse nkhang hamonate moo ba leng teng. Ernest ea qotsitsoeng sehloohong se ka pele ho sena o ile a re ho Tsoha!: “Bokuli ba rōna ke moroalo o boima oo re lokelang ho o jara. Batho ba bang le bona ba na le mathata a bona, ka hona, rea ananela ha ba re thusa ka a rōna.” E, ho khothalletsa tšebelisano-’moho, e seng ho e qobella, kamehla ke leano le molemohali. Lorraine o re: “Ha motho ea itšetseng ka setlolo se nkhang hamonate kapa senyanyatsi a mpotsa hore na ke hobane’ng ha eka kea kula, ke mo bolella hore ‘ke hlōloa ke lintho tse nkhang hamonate, ’me ho bonahala bosiung bona ho totile.’ Hangata seo se lekane ho batho ba nang le kutloisiso.” Ka ho hlakileng, seo ha se bolele hore haeba u tšoeroe ke MCS, u ke ke ua hopotsa metsoalle ea hao ka mosa hore u hloka thuso ea eona.
Ka lehlakoreng le letle, Pam ea qotsitsoeng pejana oa ngola: “Lintho tsohle tse re tšoereng hona joale ke tsa nakoana feela.” Ke hobane’ng ha Pam a re “ke tsa nakoana feela”? Hobane tšepo ea hae e thehiloeng Bibeleng ke ea hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlosa lintho tsohle tse hlokofatsang lefatšeng. O tla felisa esita le lona lefu—ntho eo le motho ea phelang hantle ka ho fetisisa qetellong a tlamehang ho tobana le eona.—Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4.
Ho sa le joalo, bohle ba tlamehang ho mamella bokuli boo ho seng pheko ea bona hona joale ba ka lebella ka thabo nakong eo, tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo ‘ho seng motho ea tla re: “Kea kula.”’ (Esaia 33:24, NW) Ha re ntse re mameletse liteko leha e le life tse re hlahelang tsamaisong ena ea joale ea lintho, bohle a re lekeng ka matla ho ba joaloka Jesu ’me re lebise tlhokomelo ea rōna moputsong oo re o behetsoeng.—Baheberu 12:2; Jakobo 1:2-4.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho Bontšana Lerato
Melao-motheo e latelang ea Bibele e ka ’na ea u thusa haeba motsoalle kapa mong ka uena a tšoeroe ke multiple chemical sensitivity (MCS [ho hlōloa ke monko oa lik’hemik’hale tse ngata]) kapa haeba e le uena:
“Ka hona lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
“U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—Matheu 22:39.
“A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Kaofela re hloka khothatso ea moea, haholo-holo ha re kula. Ka ho babatsehang, Bakreste ba bangata ba tšoeroeng ke MCS ba etsa boiteko ba ho ea libokeng ka seqo; ba bang ba kulang haholo ka linako tse ling ba kopanela ka ho hokahanngoa ka thelefono. Libakeng tse ling, ho na le libaka tse behelletsoeng ka thōko Liholong tsa ’Muso hore ho tsona ho se be le menko ea linyanyatsi tse nkhang hamonate bakeng sa batho ba tšoeroeng ke MCS. Empa sena se ke ke sa etsahala kamehla kapa hona ho sebetsa.
“Le se ke la lebala ho etsa se molemo . . . , kaha ka mahlabelo a joalo Molimo o khahlisoa haholo.” (Baheberu 13:16) Hlokomela hore hangata ho etsa se molemo ho hloka ho iketsa sehlabelo. Na u ikemiselitse ho iketsa sehlabelo bakeng sa ho thusa motho ea tšoeroeng ke MCS? Ka lehlakoreng le leng, batho ba tšoeroeng ke MCS ba tlameha ho ba le kahlolo e molemo linthong tseo ba lebelletseng ba bang hore ba li etse. Ka mohlala, baholo ba Bakreste ba ke ke ba etsa melao mabapi le tšebeliso ea litlolo le linyanyatsi tse nkhang hamonate, kapa hona hore ba tla khona ho etsa litsebiso kamehla malebana le tsona. Ho phaella moo, batho ba sa tsoa thahasella le baeti ba inyanyalitseng ka linyanyatsi tsena tse nkhang hamonate ba tla libokeng tsa Bokreste—’me rea ba amohela. Ka sebele re ke ke ra rata ho ba soabisa kapa ho etsa hore ba ikutloe ba sa phuthuloha ka ho sebelisa ha bona linyanyatsi tse nkhang hamonate.
‘Batlang khotso ’me le e phehelle.’ (1 Petrose 3:11) Ka ho hlakileng, litaba tse amanang le bophelo ha lia tlameha ho amoha Bakreste khotso. Jakobo 3:17 e re ‘bohlale bo tsoang holimo bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo tletse mohau.’ Batho ba nang le khotso, ebang ke ba tšoeroeng ke MCS kapa che, e ke ke ea e-ba ba feteletsang lintho kapa ba batlang ho fetang ho lebeletsoeng mabapi le tšebeliso kapa ho se sebelisoe ha lintho tse nang le lik’hemik’hale. Ka ho tšoanang, batho ba nang le kahlolo e molemo ba ‘tletseng mohau’ le bona ba tla qoba ho tsitlella tokelong ea bona ea ho inyanyatsa ka linyanyatsi tse nkhang hamonate haeba ba lemoha hore li tla ama bophelo ba motho e mong. Ka tsela ena, ba bontša hore le bona ba batla “maemo a khotso” le hore ba ‘etsa khotso.’—Jakobo 3:18.
Ka lehlakoreng le leng, boikutlo bo sa tenyetseheng, bo sa nahaneleng, e-bang ke ka lehlakoreng la motho ea tšoeroeng ke MCS kapa e mong, bo tšoana le moqala o arolang batho. Boikutlo bo joalo ha bo ruise leha e le ofe molemo ’me bo ka ba ba senya kamano ea motho le Molimo.—1 Johanne 4:20.
Ho hlakile hore Bakreste ba na le letlotlo le tsotehang—moea oa Jehova. Ha ba kōpa Jehova kamehla bakeng sa moea oa hae, ba hlaolela litholoana tse babatsehang, haholo-holo lerato—“tlamo e phethahetseng ea kopano.” (Bakolose 3:14) Ka nako e tšoanang, ka mamello ba lumella moea oo hore o hlahise litšoaneleho tse kang tsa Kreste ho ba bang.—Bagalata 5:22, 23.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Batho ba tšoeroeng ke MCS ba hloka metsoalle joalokaha ba bang ba e hloka