Lefatše la Rōna le Kula Hakae?
KA MONGOLI OA TSOHA! PHILIPPINES
Boemo ba mokuli enoa bo bobe haholo. Matšoao a hore oa kula a mangata. O nkha lehano. O na le feberu, ’me e phahame ho feta nakong e fetileng. Matsapa a ho e theola ha a atlehe. Ho fumanoe chefo marong a hae a ’mele. Ha ho loantšoa matšoao a itseng, ho qhoma a mang kae-kae ’meleng. Haeba enoa e ne e le mokuli ea tloaelehileng, lingaka li ne li ka hlalosa maloetse ao a mangata e le a sa foleng le a bolaeang. Li tsietsoe, mehato eo li neng li ka e nka ke ea hore feela li bone hore mokuli o tšoaroa hantle ka hohle kamoo ho ka khonehang ho fihlela a ithoballa.
LEHA ho le joalo, mokuli enoa hase motho. Ke lehae la rōna—lefatše. Ketsahalo e ka holimo e bapisa hantle se hlileng se etsahalang lefatšeng lena la rōna. Moea o silafetseng, ho futhumala ha lefatše, metsi a silafetseng le litšila tse nang le lik’hemik’hale tse chefo ke a ’maloa feela a maloetse a lefatše lena la rōna le kulang haholo. Joaloka lingaka tseo ho builoeng ka tsona ka holimo, litsebi li tsielehile hore na li etse eng.
Hangata mecha ea litaba e etsa khoeletso ka boemo bo seng botle ba lefatše ka ho ngola lihlooho tsa litaba le litlhaloso tse khutšoanyane tse kang: “Ho tšoasa litlhapi ka ho phatlola mafika ka metsing ho fetola leoatle lebala la polao.” “Maasia a Limilione Tse Sekete a ka ’na a ba Leqemeng la Metsi a Hloekileng Lilemong Tse 24 Tse Tlang.” “Lithane tse limilione tse 40 tsa litšila tse nang le lik’hemik’hale tse chefo li qhalloa linaheng tse ling ka tumellano selemo se seng le se seng.” “Hoo e ka bang liliba tse peli ho tse tharo tse 1 800 Japane li na le chefo.” “Ho Tšoenyeha Bocha ka ho Taboha ho Ntseng ho Eketseha ha Lera la Ozone ka Holim’a Antarctic.”
Batho ba bang ba tloaela litaba tse buang khafetsa ka likotsi tse tobaneng le tikoloho hoo ba qetellang ba nahana hore ‘Ha ho tšoenye hakaalo hafeela ho sa nkame.’ Leha ho le joalo, ebang rea elelloa kapa che, tšenyo e khōlōhali ea tikoloho ea lefatše e ama batho ba bangata. Kaha tšilafalo ea lefatše lena la rōna e se e namme haholo, ho ka etsahala hore e se e ntse e ama likarolo tse ling tsa bophelo ba rōna. Ka hona, bohle re lokela ho ameha ka bophelo bo botle le polokeho ea lehae la rōna. Etsoe ke hokae moo re neng re ka phela teng ntle le moo?
Hantle-ntle bothata boo bo namme hakae? Lefatše lee le kula hakae? Bophelo ba batho bo ameha joang? A re ke re hlahlobeng lintlha tse seng kae tse tla re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lefatše la rōna le hlile le kula haholo, eseng feela taba ea ho itšupa mona le mane.
◼ MAOATLE: Ho tšoasoa litlhapi tse ngata ho tlōla tekano leoatleng. Tlaleho ea Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng e re “karolo ea 70 lekholong ea libaka tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona ka molao e horuloa litlhapi tse hlahang le pele ho ka ba le tse ling tse ka tšoasoang.” Ka mohlala, mofuta oa cod, oa hake, oa haddock le oa flounder e fumanoang Atlantic Leboea, e ile ea fokotseha ka karolo ea 95 lekholong lipakeng tsa 1989 le 1994. Haeba sena se tsoela pele, see se tla bolela’ng ho batho bao leoatle e leng mohloli oa bona o moholo oa lijo?
Ho phaella moo, selemo le selemo ho hakanyetsoa hore lithane tse ka bang limilione tse 20 ho ea ho tse 40 tsa lintho tse phelang leoatleng lia tšoasoa, ebe li khutlisetsoa leoatleng—hangata li tsoile likotsi kapa li shoele. Hobane’ng? Li tšoaselletsoa le tse batloang le hoja tsona li sa batloe.
◼ MERU: Ho rema meru ho na le liphello tse ngata tse mpe. Ho felloa ke lifate ho etsa hore lefatše le se khone ho monya carbon dioxide ka ho lekaneng, ’me ho bontšoa hore sena ke sona sesosa sa ho futhumala ha lefatše. Mefuta e itseng ea limela, eo e neng e ka ba mohloli oa meriana e tla pholosa bophelo, e ea nyamela. Leha ho le joalo, ho senya meru ho ntse ho tsoela pele ka sekhahla. Ha e le hantle, lilemong tsa morao tjena lebelo la ho senngoa ha meru le eketsehile. Ba bang ba boholong ba nka hore haeba sena se tsoela pele, meru ea tropike e tla nyamela nakong ea lilemo tse ka bang 20.
◼ LITŠILA TSE NANG LE LIK’HEMIK’HALE TSE CHEFO: Ho qhalla litšila tse kotsi lefatšeng le leoatleng ke bothata bo tebileng bo ka ntšang ba limilione kotsi e khōlō. Litšila tse ntšang mahlaseli a kotsi a liathomo, litšepe tse boima, le lihlahisoa tsa polasetiki li har’a lintho tse ka bakelang batho le liphoofolo bokooa bo itseng, maloetse kapa lona lefu.
◼ LIK’HEMIK’HALE: Lilemong tse lekholo tse fetileng, ho sebelisitsoe lik’hemik’hale tse ka bang 100 000 tse ncha. Lik’hemik’hale tsena li fetela moeeng oo re o hemang, mobung, metsing le lijong. Ke tse fokolang haholo tse behiloeng tlas’a teko ho bona hore na li ama bophelo ba batho joang. Leha ho le joalo, ho tse behiloeng tlas’a teko, tse ngata tsa tsona li fumanoe li ka baka kankere kapa tsa baka maloetse a mang ka litsela tse itseng.
Ho na le likotsi tse ling tse ngata tse tjametseng tikoloho ea rōna: tšilafalo ea moea, likhoere-khoere tse sa hloekisoeng, pula ea asiti, ho haella ha metsi a hloekileng. Lintho tse ’maloa tse boletsoeng li se li ntse li lekane ho bontša hore lefatše lena le hlile lea kula. Na mokuli eo a ka pholosoa, kapa ebe mohlomong ho se ho se letho le ka etsoang?