Re Atlehile Hakae ho Sireletsa Tikoloho?
CHERNOBYL, Bhopal, Valdez, Three Mile Island. Mohlomong mabitso ao a u hopotsa litšoantšo tsa likoluoa tsa tikoloho tse etsahetseng likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. Koluoa ka ’ngoe ho tsena e ile ea re hopotsa hore tikoloho ea lefatše e hlasetsoe.
Batho ba ’maloa ba boholong le ba bang ba ’nile ba fana ka temoso. Ba bang ba entse lipontšo phatlalatsa ho tsebahatsa kamoo ba ikutloang kateng. Setsebi se seng sa tlhokomelo ea lilaeborari sa Lenyesemane se ile sa itlamella katakateng ka ketane e le ho hanyetsa ho hahoa ha tsela e neng e tla paroletsa le tikolohong eo ho eona ho phelang lintho tse ka timelang habonolo. Basali ba babeli ba Maaborigine a Australia ba ile ba etella pele letšolo le neng le le khahlanong le ho rafa uranium serapeng sa sechaba sa lintho tse hlaha. Mosebetsi oa ho rafa o ile oa emisoa. Le hoja boiteko bo joalo bo etsoa ka sepheo se setle, hase kamehla bo amoheloang hantle. Ka mohlala, molaoli oa likepe tsa ntoa tlas’a puso ea Soviet Union o ne a tšoenyehile ka ho lutla ha mahlaseli a kotsi a nyutlelie likepeng tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse neng li tebile leoatleng. Ha a bolela phatlalatsa ka libaka tseo likepe tsena li leng ho tsona, o ile a tšoaroa.
Mekhatlo e fapa-fapaneng le eona e ’nile ea lemosa ka likotsi tse tjametseng tikoloho. E akarelletsa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso; Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Tikoloho; le mokhatlo oa Greenpeace. E meng e tlaleha mathata a tikoloho hafeela e le ntho e amanang le mosebetsi oa eona. E meng e inehetse ho pepeseng litaba tse amanang le tikoloho. Mokhatlo oa Greenpeace o tsebahala haholo ka ho romela baitseki libakeng tseo ho tsona ho nang le khang e khōlō mabapi le tikoloho le ho lebiseng thahasello ea sechaba litabeng tse kang ho futhumala ha lefatše, mefuteng ea lintho tse phelang tse kotsing ea ho timela le likotsing tse ka bakoang ke liphoofolo le limela tse hōlisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa tsona tsa lefutso.
Baitseki ba bang ba re ba sebelisa “mekhoa e ikhethang ho pepesa mathata a tobaneng le tikoloho lefatšeng lohle.” Ka hona, ba sebelisa maqheka a kang ho itlamella ka liketane likeiting tsa fektheri e remang lifate ho etsa mapolanka e le ho ipelaetsa khahlanong le ho senngoa ha meru ea boholo-holo. E le ho ipelaetsa khahlanong le naha e ’ngoe e neng e robile tumellano ea ho emisa ka nakoana ho tšoasa marua-rua, sehlopha se seng sa baitseki se ile sa ea liofising tsa boemeli tsa naha eo se roetse mahlo a maholohali a maiketsetso e le ho bontša hore liketso tsa naha eo li bonoa ke bohle.
Ho na le lintho tse ngata tseo ho ka lebisoang tlhokomelo ho tsona mabapi le tikoloho. Ka mohlala, batho ka bomong le mekhatlo ba ’nile ba fana ka litemoso hangata mabapi le likotsi tsa tšilafalo ea metsi. Leha ho le joalo, boemo bo bonahala bo nyahamisa haholo. Batho ba limilione tse sekete ha ba na metsi a nooang a hloekileng. Ho latela makasine ea Time, “selemo se seng le se seng batho ba limilione tse 3,4 ba bolaoa ke mafu a amanang le metsi.” Tšilafalo ea moea ke bothata bo tšoanang. The State of World Population 2001 e tlaleha hore “tšilafalo ea moea e bolaea batho ba hakanyetsoang limilioneng tse 2,7 ho ea ho tse 3,0 selemo se seng le se seng.” E phaella ka hore “tšilafalo ea moea o ka ntle e ntša batho ba fetang limilione tse likete li 1,1 kotsi.” Ho etsa mohlala o tobileng, e tlaleha hore “lintho tse silafatsang tse sa bonahaleng moeeng ke tsona tse bakelang karolo ea 10 lekholong ea bana ba Europe tšoaetso ea matšoafo.” E, ho sa tsotellehe litemoso le mehato e nkiloeng ho fihlela joale, mathata a amanang le lintho tsena tsa motheo tse hlokahalang bophelong a ’nile a mpefala.
Ho ba bangata, boemo bona bo bonahala bo ikhanyetsa. Hona joale ho na le boitsebiso bo bongata ho feta leha e le neng pele mabapi le tikoloho. Batho ba bangata le mekhatlo e mengata ho feta pele ba thahasella ho bona tikoloho e hloekile. Mebuso e thehile mafapha a thusang ho rarolla mathata ana. Re na le theknoloji e tsoetseng pele ho feta leha e le neng pele ho re thusa ho sebetsana le mathata ana. Ho ntse ho le joalo, ha ho bonahale lintho li ntlafala. Hobane’ng?
Litšitiso li Feta Tsoelo-pele
Khatelo-pele ea indasteri e ne e reretsoe hore e nolofatse bophelo ba rōna. Ho na le moo e bo nolofalitseng teng. Leha ho le joalo, “khatelo-pele” ena ke eona e totisang mathata ana a tikoloho ea lefatše. Re thabela lintho tse qapiloeng le khatelo-pele eo indasteri e re etselitseng eona, empa ho etsoa ha lintho tsena le ho li sebelisa ha rōna hangata ho felletse ka ho senya likarolo tsa lefatše la rōna.
Mohlala oa sena ke likoloi. Li entse hore ho nka leeto ho se nke nako e telele hape ho be bonolo. Ke batho ba ’maloa haholo ba ka ratang ho khutlela mehleng ea lipere le likariki. Leha ho le joalo, lipalangoang tsa kajeno li kentse letsoho mathateng a mangata. Bo bong ba ’ona ke ba ho futhumala ha lefatše. Batho ba ’nile ba fetola metsoako ea lik’hemik’hale sepakapakeng ka ho sebelisa lintho tse qapiloeng tse ntšetsang moeeng lithane tse limilione tsa likhase. Ho boleloa hore likhase tsena ke tsona tse bakileng se bitsoang ho futhumala ha lefatše, e leng ho etsang hore ho futhumale sepakapakeng. Lithempereichara li ’nile tsa phahama lilemong tse lekholo tse fetileng. Lefapha la U.S. Environmental Protection Agency le tlaleha hore “lilemo tse leshome tse ileng tsa futhumala ka ho fetisisa lekholong la bo20 la lilemo, e bile ho tse 15 tse qetellang lekholo leo.” Bo-rasaense ba bang ba lumela hore lekholong la bo21 la lilemo, karolelano ea likhato tsa thempereichara lefatšeng e ka ’na ea nyoloha ka likhato tse 1,4 ho ea ho tse 5,8 tsa Celsius.
Ho lebeletsoe hore thempereichara e futhumetseng haholo e bake mathata a mang. Moalo oa lehloa o Karolong e ka Leboea ea Lefatše o ntse o fokotseha. Leqhoa le koahetseng sebaka se etsang lisekoere-lik’hilomithara tse 3 250 Antarctica le ile la fokotseha mathoasong a 2002. Lekholong lena la lilemo, maoatle a ka ’na a phahama haholo. Kaha baahi ba lefatše ba etsang karolo ea boraro ba phela haufi le leoatle, sena se ka qetella ka ho lahleheloa ha bona ke matlo le masimo. Ho ka boetse ha baka mathata a maholo metseng e meholo e iphaphathileng ka mabōpo.
Bo-rasaense ba lumela hore lithempereichara tse holimo li tla eketsa ho na ha pula haholo, ho etse hore hangata boemo ba leholimo bo be bobe haholo. Ba bang ba lumela hore lifefo tse matla tse kang se ileng sa bolaea batho ba 90 Fora, ’me sa senya le lifate tse limilione li 270 ka 1999 ke selelekela feela sa lintho tse tlang. Bafuputsi ba bang ba lumela hore ho fetoha ha tlelaemete ho tla jala mafu a kang malaria, dengue le k’holera.
Mohlala oa likoloi o bontša kamoo liphello tsa theknoloji li rarahaneng kateng—lintho tse qapiloeng tse thusang batho ka kakaretso li ka baka mathata a mangata a amang likarolo tse ngata tsa bophelo. Polelo ea Human Development Report 2001 ke ’nete ha e re: “Khatelo-pele e ’ngoe le e ’ngoe ea theknoloji e tla le melemo le likotsi, tseo tse ling tsa tsona ho seng bonolo ho li bona esale pele.”
Hangata ho shejoa eona theknoloji bakeng sa ho rarolla mathata a tikoloho. Ka mohlala, ke khale litsebi tsa tikoloho li bile khahlanong le ho sebelisoa ha chefo e bolaeang likokoanyana. Ha limela tse fetotsoeng liphatsa tsa lefutso li ne li hlahisoa, tse neng li tla fokotsa kapa li emise ho sebelisoa ha chefo e bolaeang likokoanyana, ho ne ho bonahala eka theknoloji e fumane tharollo ea sebele. Leha ho le joalo, tabeng ea peō e fetotsoeng liphatsa ka ho kenyelletsa chefo ea Bt hore peō eo ka boeona e loantše likokoanyana tse jang tlhaka, ho sa hlokahale hore ho sebelisoe chefo, liteko li ile tsa fumana hore e ka boetse ea bolaea le libōkō tse seng kotsi ho eona. Ka hona, ka linako tse ling “litharollo” lia phekhoha ’me li ka hlahisa mathata a eketsehileng.
Na Mebuso e ka Thusa?
Kaha tšenyo ea tikoloho ke bothata bo boholo, tharollo e sebetsang e ne e tla hloka hore mebuso ea lefatše e sebelisane hantle. Maemong a mang, baemeli ba ’muso ba ’nile ba bontša sebete se tsotehang, se hlokahalang bakeng sa ho buella liphetoho tse utloahalang tse ka thusang tikoloho. Leha ho le joalo, ho ’nile ha e-ba le katleho e fokolang, le hona e le seoelo.
Mohlala oa sena ke seboka sa machaba se ileng sa tšoareloa Japane ka 1997. Lichaba li ile tsa ngangisana le ho phehisana khang ka tumellano ea selekane ea ho fokotsa likhase tse tsoelang moeeng tse bakang ho futhumala ha lefatše. Qetellong, ho makaleng ha ba bangata, ho ile ha fihleloa qeto. Tumellano ena e ile ea bitsoa Selekane sa Kyoto. Linaha tse tsoetseng pele tse kang tsa European Union, Japane le United States li ne li tla be li fokolitse likhase tse tsoelang moeeng ka karolelano ea 5,2 lekholong ka 2012. E ne e utloahala e khotsofatsa. Leha ho le joalo, mathoasong a 2001, ’muso oa United States o ile oa bontša hore o ne o lahla Selekane sena sa Kyoto. Sena se makalitse ba bangata, kaha United States e tšoella hoo e ka bang kotara ea likhase moeeng, le hoja baahi ba eona ba le ka tlaase ho karolo ea bohlano lekholong ea baahi bohle ba lefatše. Ho phaella moo, mebuso e meng e ’nile ea lieha ho amohela selekane seo.
Mohlala o boletsoeng ka holimo o bontša kamoo ho leng thata kateng hore mebuso e fumane tharollo e sebetsang. Ho thata ho etsa hore mebuso e fapaneng e lule fatše ho shebisana taba, ’me ho thata hore e lumellane hore na e tla sebetsana joang le bothata ba tikoloho. Esita le haeba ho tekenoa litumellano, hamorao e meng ea ikhula litumellanong tseo. E meng e fumana ho le thata ho phethahatsa litumellano tseo. Maemong a mang mebuso kapa mekhatlo e ba le maikutlo a hore e ke ke ea amohela litšenyehelo tse tsamaisanang le ho hloekisa tikoloho. Libakeng tse ling ke taba feela ea meharo, kaha likhoebo tse khōlōhali li ba le tšusumetso e khōlō mebusong hore e se nke mehato e tla fokotsa phaello ea likhoebo tseo. Likhoebo li ’nile tsa tsebahala ka ho batla ho fumana sohle seo li ka se khonang lefatšeng li sa nahanele liphello tsa ka moso.
Ho thatafatsa lintho le ho feta, hase bo-rasaense bohle ba lumellanang tabeng ea hore na liphello tsa tšilafalo ea lefatše li tla ba kotsi hakae. Ka hona, baetsi ba melao ’musong ba ka ’na ba se tiisehe hore na ba etse lithibelo moruong ho ea bohōleng bofe e le hore ba laole bothata boo e ka nang eaba bo boholo, kapa ha bo hlile ha bo boholo joalokaha ba bang ba nahana.
Moloko oa batho o tsietsoe. Bohle baa tseba hore ho na le bothata le hore ho lokela ho etsoe ho hong ka bona. Lichaba tse ling li etsa boiteko ho latela matsoalo a tsona, empa mathata a tikoloho ha e le hantle a ntse a mpefala. Na ebe lefatše le reretsoe hore le qetelle le sa tšoanela ho ahoa ke batho? A re tšohleng potso ena sehloohong se latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
TŠILAFALO EA LERATA
Mofuta o mong oa tšilafalo ke o sa bonoeng empa o ka utluoa—e leng tšilafalo ea lerata. Litsebi li re e bakile ho tšoenyeha hobane e ka etsa hore motho a qetelle a sa utloe litsebeng, a be le khatello ea maikutlo, khatello e phahameng ea mali, ho sitoa ho khaleha le ho se sebetse hantle. Bana ba eang sekolong libakeng tse lerata ba ka ba le bothata ba ho bala.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
HO REMA MERU HO BAKA SEOA SA LIKHOTO
Ha metse e 15 ea Samar, Philippines, e ne e hlaseloa ke likhoto tse ngata, mohloli o mong oa ’muso o ile oa beha molato ho rengoeng ha moru sebakeng seo. Ho fokotseha ha moru ho ile ha fokotsa liphoofolo tse jang likhoto hammoho le ho fokotsa lijo tsa likhoto. Likhoto li ile tsa fallela moo ho lulang batho ho ea batla lijo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Michael Harvey/Panos Pictures
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
NA KE MAHLATSIPA A LITŠILA TSE NANG LE LIK’HEMIK’HALE TSE CHEFO?
Ha Michael a le likhoeli li tharo le halofo, ho ile ha fumanoa hore o na le hlahala ea mofuta o itseng oa kankere. Hoja e bile eena feela, seo se ne se ke ke sa makatsa. Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha fumanoa hore bana ba bang ba ka bang 100 sebakeng sona seo le bona ba ne ba e-na le kankere. Sena se ile sa tšosa batsoali ba bangata. Ba bang ba ile ba nahana hore mohlomong palo e ngata joalo ea bana ba nang le kankere e ne e amana le lik’hamphani tsa lik’hemik’hale tse neng li le sebakeng seo. Phuputso e ile ea fumana hore k’hamphani e ikemetseng ea ho thotha litšila e ne e ile ea thotha litoromolo tse nang le lik’hemik’hale tse chefo k’hamphaning e ’ngoe ’me ea li lahlela sebakeng seo pele e neng e le polasi ea likhoho, ka linako tse ling e ne e bile e qhalla litšila tseo ka ntle. Bafuputsi ba ile ba fumana mohlala oa metsi a silafalitsoeng ke tsona lilibeng tsa moo. Batsoali ba lula ba ipotsa hore na ebe mohlomong seo ke sona se baketseng bana ba bona kankere na.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
LIK’HEMIK’HALE TSE CHEFO
Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, lithane tse 120 000 tsa lintho tse chefo, haholo-holo phosgene le khase ea mustard, li ile tsa koalloa ka likepeng ’me tsa tebisoa leoatleng, tse ling tsa tsona tsa tebisetsoa karolong e ka leboea-bophirimela ea Ireland Leboea. Bo-rasaense ba Marussia ba ’nile ba lemosa hore lichefo tsena hona joale li kotsing ea ho lutlela leoatleng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
TŠILAFALO EA MOEA EA BOLAEA
Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re batho ba etsang karolo ea 5 ho ea ho 6 lekholong ba shoang lefatšeng ka bophara selemo se seng le se seng ke ka lebaka la tšilafalo ea moea. Ontario, Canada feela, ho tlalehoa hore baahi ba lahleheloa ke chelete e fetang liranta tse limilione tse likete li 5,6 selemo se seng le se seng bakeng sa kalafo le ka lebaka la ho se be teng mosebetsing kapa sekolong ka lebaka la moea o silafetseng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
HO TIMELA HA MEPOPOTLO EA LIKORALE TSA LEOATLE
Batšoasi ba bang ba litlhapi Asia Boroa-bochabela ba sebelisa motsoako oa cyanide ho tšerehanya litlhapi e le hore ba ka li tšoasa habonolo. Chefo eo ha e lule ’meleng oa tlhapi, ka hona e ntse e ka jeoa. Leha ho le joalo, chefo e salla metsing, e bolaee mepopotlo ea likorale tsa leoatle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
NA U LOKELA HO ROALA MASKE?
Makasine ea Asiaweek e tlaleha hore boholo ba moea o silafetseng metseng ea Asia o tsoa likoloing. Lienjene tsa disele le lithuthuthu hangata ke tsona tse silafatsang moea haholo, li ntša moea o nang le lintho tse ngata tse nyenyane tse silafatsang. Lintho tsena li baka maloetse a mangata. Makasine eona eo ea tlaleha: “Setsebi se hlahelletseng sa liphello tsa tšilafalo, Dr. Chan Chang-chuan, se bolela hore mosi oa disele o baka kankere.” Batho ba bang metseng ea Asia ba roala limaske e le ho itšireletsa. Na limaske tsee lia thusa? Dr. Chan o re: “Limaske tsena ha li thuse. Boholo ba likhase tse silafatsang li na le lintho tse nyenyane hoo maske e tloaelehileng e ke keng ea sefa moea oo. Ntle ho moo, . . . ha lia etsoa ka tsela e thibelang hore moea o se ke oa feta. Ka hona, li fana ka maikutlo a fosahetseng a hore lia sireletsa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho lema lifate bocha morung ho thusa ho sireletsa tikoloho
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]
AFP/Getty Images; top left: Published with the permission of The Trustees of the Imperial War Museum, London (IWM H 42208); top right: Howard Hall/howardhall.com