Lijo Tse Tsoang Serapeng sa Hao
KA MONGOLI OA TSOHA! CENTRAL AFRICAN REPUBLIC
LINAHENG tse ngata, letsatsi le letsatsi batho ba amehile ka hore na ba tla fepa ba malapa a bona joang. Hangata ho tura ha meroho e tloaelehileng ho etsa hore seo e be phephetso ea sebele. Leha ho le joalo, ba bang ba fumane tharollo e batlang e le bonolo—e leng ho itemela tse ling tsa lijo.
Mohlomong u ka ’na ua lakatsa ho iqalla seratsoana sa hao. Ke ’nete hore ka jareteng ea hao ho ka ’na ha se be le sebaka se lekaneng sa ho lema, empa ho ka etsahala hore ebe haufi le moo u lulang ho na le moo u ka lokisetsang ho iketsetsa seratsoana teng. Ak’u nahane feela chelete eo u ka e bolokang ka ho itemela lijo tse monate le tse hahang! Ho lema serapa ho ka ba ha u thusa le koetlisong ea ’mele eo u e hlokang. Ho lema serapa e ka ba ea e-ba mosebetsi oa lelapa oo bana ba hao ba tla o thabela. Ka sebele, ho lema serapa sa meroho ke thupelo. Ho ruta motho litšobotsi tse kang ea ho se fele pelo. (Jakobo 5:7) Ho phaella moo, ho shebella ha lijalo li hōla ho ka u atametsa haufi le ’Mōpi oa lintho tsohle tse molemo.—Pesaleme ea 104:14.
Joale, u se ke ua nahana hore ho itemela lijo ha ho hloke boikitlaetso kapa hona hore u tla fumana litholoana kapele. Empa, ka boikemisetso le ka tsebo e nyenyane eo u ka bang le eona, u ka atleha!
Lelapa le Thulana le Phephetso
Ka mohlala, nahana ka Timothée le Lucie—banyalani ba Bakreste ba nang le bana ba babeli, ba lulang Bangui, motse-moholo oa Central African Republic. Ba ile ba fumana hore ho ba le serapa ke tsela e molemo le e thabisang ea ho eketsa chelete e nyenyane eo ba e fumanang.
Ha Lucie a ne a le lilemo li 13, o ile a itemela seratsoana lapeng habo, ’me o ne a sebetsa ho sona ha a e-tsoa sekolong le ka mafelo-beke. O ne a thabela ho bona lijalo li hōla. Leha ho le joalo, lilengoana hamorao, o ile a hopola hore o ntse a ka iqalla seratsoana bakeng sa ho lemela lelapa la hae. O ile a lokisetsa hore a leme sebaka se neng se le haufi le moo a lulang, seo ha e le hantle e neng e le thotobolo. Lucie o ile a hlokomela hore a ka se sebelisa hamolemonyana. Ho e-na le hore ebe sebaka seo hase sa na thuso, ho bola ha matlakala a bileng moo ka lilemo-lemo ho ne ho nontšitse mobu oo hore e be o loketseng bakeng sa ho lema lijo ho oona. Lucie le Timothée ba ile ba etsa qeto ea ho fetola sebaka seo serapa se atlehang.
Ho Qalella
Leha ho le joalo, ntho ea pele, ba ile ba lokela ho etsa lipatlisiso. Ba buisana le ba bang ba tsebang ho hong ka temo ea meroho ’me ba hla ba hloaea tsebe. Kaha sebaka sena se ne se hloka ho nosetsoa, ba bile ba ithuta le mokhoa oa ho ichekela seliba. Ho bala libuka tse buang ka tsa temo le hona ho ile ha ba tsoela molemo.
Ba ile ba bala ka kamoo limela li amang tse ling kateng hape ba ithuta le hore na limela tse ling li thusa tse ling ho atleha joang. Leha ho le joalo, limela tse ling li hlile li sitisa tse ling ho hōla. Ba bang ba re lihoete le tamati ke li-ea-thoteng li bapile serapeng sa meroho. Ka ho tšoanang, ho lema celery le cauliflower hammoho ho li tsoela molemo ka bobeli. Dille le eona ke “motsoalle” oa lierekisi, komkomere, lettuce le eiee. Leha ho le joalo, lettuce e tala le parsley ha li okhelane mollo. Eiee e tla bolaea linaoa tse tala le lierekisi. Ha limela li le chefo ho tse ling, lia li fokolisa ebe li hlaseloa habonolo ke mafu a seoa le likokoanyana tse kotsi.
Timothée le Lucie le bona ba ithutile hore e ne e se bohlale ho lema sejalo se le seng serapeng. Haeba se ne se hlaseloa ke likokoanyana kapa mafu, ba ne ba ka lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho lema lijalo tse sa tšoaneng ho ile ha ba thusa ho fokotsa kotsi eo. Litlamatlama le lipalesa li ile tsa eketsa mebala, tsa etsa hore serapa sa bona sa meroho se thahasellise, le ho ba setle, ’me sa hohela linotši le likokoanyana tse ling tse thusang hore lirapa li lule li atlehile.
Banyalani bana ba bile ba fumana le litsela tsa ho qoba ho fafatsa limela tsa bona ka chefo. Ba ithutile hore ho lema konofolo feela ho thusa ho tlosa likokoanyana tse itseng serapeng.a
Ho ile ha ba hloka hore ba sebetse ka thata le ho mamella, empa kajeno Timothée le Lucie ba na le serapa se atlehileng. Se hlahisa k’habeche, parsley, tamati, lihoete, likomkomere le li-eggplant—ka linako tse ling li ba ngata hoo lelapa le ke keng la li qeta!
Itemele Serapa sa Hao!
Leha ho le joalo, hase Afrika feela moo batho ba sibolotseng molemo oa ho ba le lirapa tsa bona. Ka mohlala, Jeremane, ho na le liratsoana tseo batho ba li seheloang tse fetang milione. Ka linako tse ling li bitsoa Schrebergaerten (li rehelletsoe ka ngaka ea Lejeremane, Daniel Schreber), liratsoana tseo ba li seheloang ke likoatipa (tse pakeng tsa lisekoere-mithara tse 200 le 400) tse hirisetsoang batho ba lulang metseng e meholo. Ho latela mofuputsi e mong, liratsoana tsena “li phetha karolo ea bohlokoa tlhahisong ea litholoana le meroho e sa tsoa khuoa.” Liratsoana tsena li boetse li sebeletsa e le likoatipa tsa “paradeise” bakeng sa balemi ba lirapa tsena—sebaka seo u ka sebetsang le ho phomola ho sona.
Bibele e tšepisa hore ka letsatsi le leng haufinyane, lefatše lohle e tla be e le serapa—paradeise ea ’nete. (Luka 23:43) Leha ho le joalo, khabareng u ka fumana koatipanyana ’me oa thabela ho fumana lijo tse tsoang seratsoaneng sa hao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng mabapi le ho leleka likokoanyana serapeng ho sa sebelisoe chefo e bolaeang likokoanyana, bona sehlooho se reng “Gardening the Organic Way,” tokollong ea Awake! ea March 22, 2002.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Timothée le Lucie ba khella serapa sa bona sa lelapa metsi
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lirapa tse seheloang batho Munich, Jeremane