Ha Ngoana oa Hao a E-na le Feberu
“Kea kula!” Ha ngoana oa hao a bobola ka tsela ena, u ka ’na ua potlakela ho hlahloba thempereichara ea hae. Haeba a e-na le feberu, hoa utloahala hore u ka ’na ua ikutloa u tšohile.
Ho latela phuputso e entsoeng ke Setsi sa Bana sa The Johns Hopkins, Baltimore, Maryland, U.S.A., karolo ea 91 lekholong ea batsoali e lumela hore “esita le feberu e nyenyane feela e ka baka bonyane kotsi e ’ngoe, e kang ea ho ilibana kapa ho senyeha boko.” Eona phuputso eo e bontša hore “89% ea batsoali e ile ea noesa bana ba bona meriana e theolang feberu pele thempereichara ea bona e fihla ho 102 Fahrenheit (e leng likhato tse 38,9 tsa Celsius).”
Ha e le hantle u lokela ho tšoha hakae ha ngoana oa hao a e-ba le feberu? Hona litsela tse molemohali tsa ho e phekola ke life?
Karolo ea Bohlokoa ea Feberu
Feberu e bakoa ke eng? Le hoja thempereichara e itekanetseng ea ’mele e ka ba likhato tse 37 tsa Celsius (e nkoang ka hanong), ke ntho e tloaelehileng hore ka letsatsi thempereichara ea motho e feto-fetohe.a Kahoo thempereichara ea hao e ka ’na ea e-ba tlaase hoseng ’me ea phahama motšehare oa mantsiboea. Hypothalamus, e karolong e tlaase ea boko, e laola thempereichara ea ’mele ka tsela e tšoanang le eo thermostat e laolang thempereichara ka eona. Ho bonahala feberu e ba teng ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e arabela tlhaselong ea baktheria kapa ea vaerase ’me e hlahisa protheine e ’ngoe maling e bitsoang pyrogens. Hona ho etsa hore Hypothalamus e ‘nyolle thempereichara.’
Le hoja feberu e ka hlokisa motho botsitso le ho etsa hore a felloe ke metsi ’meleng, ha e le hantle hase ntho e kotsi. Ha e le hantle, ho bonahala feberu e phetha karolo ea bohlokoa ho thuseng ’mele hore o hleke tšoaetso ea baktheria le ea vaerase, ho ea ka Setsi sa Mayo sa Thuto ea Tsa Bongaka le Liphuputso. “Livaerase tse bakang sefuba le tšoaetso e ’ngoe ea matšoafo li rata lithempereichara tse pholileng. Ka ho hlahisa feberu e seng matla hakaalo, ha e le hantle ’mele oa hao e ka ’na eaba o u thusa ho hleka vaerase.” Kahoo, mohloli ona o boetse o bolela hore “ho theola feberu e seng matla ha ho hlokahale ’me ho ka ba ha ’na ha sitisa tsela ea ’mele ea tlhaho ea ngoana oa hao hore o iphekole.” Ho thahasellisang ke hore, sepetlele se seng Mexico se bile se phekola maemo a mang ka ho phahamisa thempereichara ea ’mele, e leng phekolo e bitsoang hyperthermia.
Dr. Al Sacchetti oa American College of Emergency Physicians, o re: “Feberu ka boeona feela ke ka seoelo e leng bothata. Leha ho le joalo, ke pontšo ea hore e ka ’na eaba tšoaetso e teng. Kahoo, ha ngoana a e-na le feberu, ho lokela ho lebisoe tlhokomelo ngoaneng, le tabeng ea hore e ka ’na eaba o na le tšoaetso, eseng hore na thempereichara ea ngoana ke bokae.” American Academy of Pediatrics e hlokometse: “Ka tloaelo, feberu e ka tlas’a likhato tse 101 tsa Fahrenheit (e leng likhato tse 38,3 tsa Celsius) ha e hloke ho phekoloa ntle leha ngoana oa hao a solasola kapa a e-na le pale ea ho tsitsipana ka lebaka la feberu. Esita le lithempereichara tse phahameng ka botsona ha li kotsi ntle leha ngoana oa hao a e-na le histori ea ho tsitsipana kapa lefu le leng le sa foleng. Ke habohlokoa haholo ho sheba hore na ngoana oa hao o itšoara joang. Haeba a e-ja a bile a robala hantle, ’me a e-na le linako tseo a bapalang ka tsona, mohlomong ha a hloke phekolo leha e le efe.”
Mokhoa oa ho Phekola Feberu e Seng Matla Hakaalo
Sena ha se bolele hore ha ho letho leo u ka le etsang ho thusa ngoana oa hao. Litsebi tse ling tsa bongaka li fana ka lipuello tse latelang bakeng sa ho phekola feberu e seng matla hakaalo: Etsa hore kamore ea ngoana oa hao e lule e pholile hantle. Apesa ngoana liaparo tse bobebe. (Mocheso o feteletseng o ka mpefatsa feberu.) Khothalletsa ngoana ho noa lino tse eketsehileng, tse kang metsi, jusi e hlapolotsoeng, le sopho, hobane feberu e ka etsa hore motho a felloe ke metsi ’meleng.b (Lino-mapholi tse nang le caffeine, tse kang tse nang le khase kapa tee e ntšo, li etsa hore motho a ntše metsi hangata ’me hoo ho ka ’na ha eketsa ho fokolloa ke metsi ’meleng.) Masea a lokela ho tsoela pele a anyesoa. Qoba lijo tse silehang ka thata, kaha feberu e etsa hore qati e sile butle.
Ha feberu ea ngoana e phahamela ka holim’a likhato tse 38,9 tsa Celsius, moriana o ka rekoang lebenkeleng o ka theolang feberu, o kang paracetamol kapa ibuprofen, hangata oa fanoa. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ho lateloe litekanyetso tsa ho nooa ha oona. (Bana ba ka tlaase ho lilemo tse peli ha baa lokela ho fuoa moriana leha e le ofe kantle ho keletso ea ngaka.) Meriana e theolang feberu ha e loantše livaerase. Ka hona, ha e potlakise ho hlaphoheloa ha ngoana ha a tšoeroe ke sefuba kapa ke mafu a mang a kang ao, empa e ka ’na ea mo imolla ho solasoleng. Litsebi tse ling li buella hore bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 ba se ke ba fuoa aspirin ho theola feberu, kaha e ’nile ea amahanngoa le Reye’s syndrome—e leng boloetse bo ka ’nang ba sokela bophelo.c
Feberu e ka boetse ea theoloa ka ho hlatsoa ngoana ka seponche. Lulisa ngoana ka bateng ea metsi a seng makae a foofo, ebe u mo hlatsoa ka seponche. (U se ke ua sebelisa sesepa se nang le tahi kapa moriana o thobang o nang le tahi, kaha e ka ba chefo.)
Lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena le na le boitsebiso bo thusang mabapi le hore na motho a ka bitsa ngaka neng. Ho bonoa ke ngaka ke habohlokoa haholo-holo ho motho ea phelang sebakeng seo ho sona feberu e kotsi joaloka dengue, kokoana-hloko ea Ebola, feberu ea mala, kapa yellow fever li atileng haholo.
Joale, ka kakaretso, tsela e molemohali eo u ka e nkang ke ho etsa hore ngoana oa hao a phutholohe. Hopola hore ke ka seoelo feberu e ka phahamang hoo e ka bakang tšenyo kelellong kapa lefu. Esita le ho ilibana ho bakoang ke feberu, le hoja e le ntho e tšosang hakaalo, hangata ha ho be le phello ea nako e telele.
Ke ’nete hore, ho thibela tšoaetso ke tharollo e molemohali, ’me e ’ngoe ea litsela tse atlehang ka ho fetisisa ea ho sireletsa ngoana oa hao tšoaetsong ke ka ho mo ruta bohloeki. Bana ba lokela ho rutoa ho hlapa matsoho hangata—haholo-holo pele ba e-ja, ka mor’a hore ba ee ntloaneng, ka mor’a hore ba qete nako ba le har’a batho ba bangata, kapa ka mor’a ho tšoara liphoofolo. Haeba, ho sa tsotellehe boiteko boo u bo entseng, ngoana oa hao a tšoaroa ke feberu e seng matla hakaalo, u se ke ua ferekana. Joalokaha re ithutile, u na le ho hongata hoo u ka ho etsang ho thusa ngoana oa hao hore a hlaphoheloe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Thempereichara e ka ’na ea fapana ho ea ka hore na e nkiloe hokae le mofuta oa thermometer o sebelisitsoeng.
b Bona tokollo ea Tsoha! ea April 8, 1995, leqepheng la 11, bakeng sa ho etsa motsoako oa ho khutlisetsa metsi ’meleng o ka sebelisoang ha feberu e tsamaisana le letšollo kapa ho hlatsa.
c Reye’s syndrome ke boloetse bo kotsi ba kelello bo ka bang teng baneng ka mor’a hore ba tšoaetsoe ke vaerase.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Bitsa Ngaka Haeba Ngoana ea Nang le Feberu . . .
◼ A le likhoeli li tharo kapa ka tlaase ’me thempereichara ea hae e nkoang le ka maraong e le likhato tse 38 tsa Celsius kapa ka holimo
◼ A le pakeng tsa likhoeli tse tharo le tse tšeletseng ’me a e-na le thempereichara ea likhato tse 38,3 tsa Celsius kapa ho feta
◼ A le ka holimo ho likhoeli tse tšeletseng ’me a e-na le thempereichara ea likhato tse 40 tsa Celsius kapa ho feta
◼ A hana lintho tse nooang ’me a bontša matšoao a ho felloa ke metsi ’meleng
◼ A ilibana kapa a le monyebe ka ho feteletseng
◼ A ntse a e-na le feberu le ka mor’a lihora tse 72
◼ A lla a sa thōle kapa a e-na le matšoao a ho tsieleha le ho ferekana kelellong
◼ A e-na le makhopho, a hema ka thata, a tšolla kapa a hlatsa khafetsa
◼ A sataletse molala kapa ka tšohanyetso a ngabaoloa ke hlooho habohloko
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: The American Academy of Pediatrics