Ke Hobane’ng ha re Tsofala?
“Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o na le bophelo bo bokhutšoaane empa o na le mesarelo e mengata haholo.”—JOBO 14:1, THE JERUSALEM BIBLE.
E KA ’na eaba u ’nile ua ba le maikutlo a hore joang kapa joang lintho tsohle tse phelang li tla khathalloa ke pere kae-kae bophelong. Likoloi le mechine e sebelisoang letsatsi le leng le le leng qetellong li khaotsa ho sebetsa. Ho bonolo ho nahana hore liphoofolo le tsona lia tsofala ’me qetellong li shoe ka tsela e tšoanang. Empa moprofesa oa thuto ea bophelo ba liphoofolo, Steven Austad, oa hlalosa: “Lintho tse phelang li fapane hōle le mechine. Ntho e ka sehloohong e etsang hore lintho tse phelang li ikhethe ke hore tsona li na le matla a ho inchafatsa.”
Tsela eo ’mele oa hao o inchafatsang ka eona ha u ile ua tsoa kotsi ea hlolla, empa tsela eo ’mele o lulang o inchafatsa ka eona e hlolla le ho feta. Ka mohlala, nahana ka masapo a hao. Makasine ea Scientific American ea hlalosa: “Le hoja lesapo le bonahala eka ha le phele, ha e le hantle ke sehlopha sa lisele tse phelang tse lulang li inchafatsa ha motho a le lilemong tsa ho tiea. Ho inchafatsa hona ha e le hantle ho haha masapo ’ohle a motho bocha lilemong tse ling le tse ling tse 10.” Litho tse ling tsa ’mele oa hao li inchafatsa khafetsa-khafetsa. Lisele tse ling tsa letlalo, sebete le mala li inchafatsa hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Motsotsoana o mong le o mong, ’mele oa hao o hlahisa lisele tse ncha tse limilione tse 25 ho nkela tse ling sebaka. Haeba sena se ne se sa etsahale, ’me litho tsohle tsa ’mele oa hao li ne li sa nchafatsoe kapa ho nkeloa sebaka ke tse ling nako le nako, u ne u tla tsofala u sa le ngoana.
Taba ea hore litho tsa ’mele ha li khathale e bile e hlollang le ho feta ha litsebi tsa baeloji li qala ho ithuta ka limolek’hule tse fumanoang seleng ea ntho e phelang. Ha lisele tsa hao li nkeloa sebaka ke tse ncha, sele e ’ngoe le e ’ngoe e ncha e tlameha ho ba le DNA ea hao, e leng molek’hule e nang le boholo ba boitsebiso bo hlokahalang bakeng sa ho nchafatsa ’mele ’ohle oa hao. Nahana feela hore na DNA e kopilitsoe ka makhetlo a mangata hakae, eseng feela bophelong ba hao empa ho tloha haesale motho a e-ba teng lefatšeng! E le ho utloisisa hore na sena se hlolla hakae, ak’u nahane hore na ho ne ho ka etsahala’ng haeba u ne u ka etsa kopi ea tokomane e itseng mochineng o etsang likopi, ebe joale u sebelisa kopi e ncha ho etsa kopi e latelang. Haeba u ne u ka etsa sena ka makhetlo-khetlo, likopi tse latelang li ne li ke ke tsa hlaka hantle ’me qetellong li ne li ke ke tsa baleha. Ho thabisang ke hore boleng ba DNA ea rōna ha bo fokotsehe kapa ho khathala ha lisele li ntse li hlahisa tse ling ka makhetlo-khetlo. Hobane’ng? Hobane lisele tsa rōna li na le litsela tse ngata tsa ho lokisa liphoso tse ka etsahalang nakong eo ho etsoang DNA e ’ngoe. Haeba ho ne ho se joalo, e ka be e le khale moloko oa batho o ne o fele!
Kaha litho tsohle tsa ’mele ea rōna—tse khōlō esita le tse nyenyane joaloka limolek’hule—li lula li nkeloa sebaka ke tse ling kapa li nchafatsoa, ho tsofala ha ho tlisoe hakaalo ke taba ea ho sebetsa ha tsona nako e telele. Ka lilemo tse ngata, litho tse sa tšoaneng tsa ’mele tse etsang mesebetsi ka ho fapa-fapana lia itokisa kapa ho inchafatsa, ka litsela tse fapaneng le ka lebelo le sa tšoaneng. Joale ke hobane’ng ha kaofela li khaotsa ho sebetsa hoo e batlang e le ka nako e le ’ngoe?
Na ho Tsofala ke Tlholeho?
Ke hobane’ng ha katse e ruiloeng e phela lilemo tse 20 empa phoofolo e lekanang le eona, e bitsoang opossum, eona e phela lilemo tse tharo feela?a Ho tla joang hore ’mankhane o phele lilemo tse 20 kapa tse 30, empa toeba eona e phela lilemo tse tharo feela? Ke hobane’ng ha khulu e khōlō e ka phela lilemo tse 150, empa tlou e phela lilemo tse 70 feela? Lintho tse kang lijo, boima ba ’mele, boholo ba boko, kapa hore na phoofolo e phela ka tsela e potlakileng hakae, hase tsona tse etsang hore liphoofolo li phele lilemo tse fapaneng hakana. Encyclopædia Britannica e re: “Litaelo tsa hore na phoofolo e phele nako e kae li haheletsoe liphatseng tsa lefutso tsa mofuta ka mong oa phoofolo.” Hore na phoofolo e ka phela lilemo tse kae ho laoloa ke liphatsa tsa lefutso. Empa ha lilemo tsa ho phela li elella bofelong, ke eng e etsang hore ho sebetsa ha ’mele ho qale ho fokola?
Setsebi sa baeloji ea limolek’hule, Dr. John Medina, se ngotse: “Ho bonahala ho e-na le matšoao a mohlolo a bang teng ka nako e itseng a bolellang lisele hore li khaotse ho etsa mosebetsi oa tsona o tloaelehileng.” Se boetse se re: “Ho na le liphatsa tse ling tsa lefutso tse ka bolellang lisele, haesitana le ’mele ’ohle, hore li tsofale ’me li shoe.”
’Mele ea rōna e ka tšoantšoa le k’hamphani e ’nileng ea atleha khoebong ka lilemo tse ngata. Ka tšohanyetso, baokameli ba eona ba khaotsa ho hira le ho koetlisa basebetsi ba bacha, ba khaotsa ho lokisa le ho reka mechine e mecha, hape ba khaotsa ho hlokomela mehaho le ho e lokisa. Ho e-s’o ee kae, khoebo e qala ho khoehla. Empa ke hobane’ng ha baokameli ba fetotse tsela e atlehang eo ba etsang lintho ka eona? Potso eo e tšoana hantle le eo litsebi tsa baeloji tse etsang lipatlisiso ka ho tsofala li ipotsang eona kajeno. Buka e reng The Clock of Ages, e re: “Lipatlisisong tse etsoang ka botsofali, ntho e emisang hlooho ka ho fetisisa ke ho leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lisele li khaotsa ho ikatisa ’me li qala ho shoa.”
Na Botsofali bo ka Phekoloa?
Botsofali bo ’nile ba bitsoa “bothata bo rarahaneng ka ho fetisisa mathateng ’ohle a lintho tse phelang.” Ka mor’a boiteko bo entsoeng ka lilemo tse ngata, lipatlisiso tsa saense li hlōtsoe ho fumana sesosa sa botsofali, re se re sa re letho ka pheko ea bona. Ka 2004, makasine ea Scientific American, e ile ea hatisa temoso e fanoeng ke bo-rasaense ba 51 ba entseng lipatlisiso ka botsofali. E itse: “Hona joale ha ho setlhare se rekisoang—leha e le se le seng feela—se ipakileng se thusa motho hore a liehe ho tsofala, se etsang hore a se ke a tsofala kapa se mo khutlisetsang bocheng.” Le hoja ho ja ka tsela e nepahetseng le ho ikoetlisa ho ka ntlafatsa bophelo ba hao le ho fokotsa monyetla oa hore motho a bolaoe ke maloetse a itseng pele ho nako, ha ho letho le ipakileng le liehisa botsofali. Qeto ena e entsoeng e re hopotsa mantsoe a Jesu a fumanoang ka Bibeleng: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?”—Matheu 6:27.
Ha a akaretsa boiteko bohle bo entsoeng ho fumana pheko ea botsofali, Medina o ile a ngola: “Ruri ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha re tsofala. . . . Ka mor’a ho tsoa letšolo la ho loantša kankere lilemong tse ngata tse fetileng, le kajeno re ntse re e-s’o fumane pheko. ’Me ka sebele ho tsofala ho rarahane ho feta lisosa tsa kankere.”
Lipatlisiso li Entse Hore ho Fihleloe Qeto ea Bohlokoa
Lipatlisiso tsa hore na ’mele ea lintho tse phelang e sebetsa joang le hore na ke hobane’ng ha li tsofala ha lia felisa ka ho feletseng tšepo ea ho phela haleletsana. Ba bang ba fumane hore lipatlisiso tsa bona li entse hore ba tlamehe ho fihlela qeto ea bohlokoa ho utloisiseng botsofali. Setsebi se seng sa tšebetso ea lik’hemik’hale molek’huleng ea lintho tse phelang, se bitsoang Michael Behe, se ngotse: “Lilemong tse mashome a mane tse fetileng, thuto ea tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang e sibolotse sephiri sa lisele. . . . Boiteko bona bo bongata ba ho etsa lipatlisiso ka sele—ho etsa lipatlisiso nthong e nyenyane joaloka molek’hule ea ntho e phelang—bo fana ka bopaki bo hlakileng, bo utloahalang le bo matla ba hore ‘moetsi’ o teng!” Ho na le motho ea entseng lintho tse phelang ka tsela e bohlale. Behe hase motho oa pele oa ho fihlela qeto eo. Ka mor’a ho nahanisisa ka pōpeho ea ’mele oa motho, mopesaleme oa boholo-holo o ile a ngola: “Ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”—Pesaleme ea 139:14.
Haeba lintho tsohle li entsoe, joale ho phahama potso e thahasellisang, Na Molimo, Moetsi e Moholo, o bōpile batho hore ba phele nako e batlang e lekana le ea liphoofolo tse ngata, kapa o batla hore re phele halelele ho feta liphoofolo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mofuta o tloaelehileng oa opossum ke marsupial e fumanoang Amerika Leboea.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Re entsoe ka mokhoa o hlollang’
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Na botsofali bo bakoa ke ho khathala ha litho tsa ’mele?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]
DNA: Photo: www.comstock.com