Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/09 leq. 25
  • Ntsu e Khōlō e Jang Nama Merung e Metalana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntsu e Khōlō e Jang Nama Merung e Metalana
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nonyana Ena e Kotsing
  • Ho Fofela Holimo ka Mapheo a Kang a Ntsu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Leihlo la Ntsu
    Tsoha!—2003
  • Lintsu kapa Manong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Moo Lintsu li Fofelang Teng Bakeng sa Tinare ea Tlhapi
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 5/09 leq. 25

Ntsu e Khōlō e Jang Nama Merung e Metalana

KA MONGOLI OA TSOHA! ECUADOR

◼ E tlameha ebe batho ba neng ba fuputsa Amerika Boroa mehleng ea pele, ba ile ba hlolloa ha ba bona nonyana ena e khōlō. E ile ea ba makatsa hoo ba ileng ba e rehella ka sebata se tšabehang sa litšōmong tsa Bagerike, seo e leng nonyana-mosali—se bitsoang harpy.

Le kajeno batho ba bangata ba ntse ba makatsoa ke tsela e hlollang eo ntsu ena e shebahalang ka eona. Ntsu ena e phelang merung e lulang e le metalana ea Amerika Bohareng le Boroa, ke e ’ngoe ea lintsu tse khōlō le tse matla ka ho fetisisa lefatšeng. E bolelele ba lisenthimithara tse 91 ’me ha e phukalalitse mapheo a ka fihla limithareng tse peli. Tse tšehali li khōlō ho feta tse tona ’me li ka ba boima ba lik’hilograma tse 9.

Ho latela boholo ba tsona, lintsu tsena li boetse li na le linala tse thata tse hōlang ho fihlela li le bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 13, ’me li kopola habeli tsa ntsu ea Amerika Leboea. Ho feta moo, ho ea ka National Geographic Today, linala tsa ntsu ena li thata hoo li ka silakanyang “masapo a manoabo, litšoene le a liphoofolo tse ling tseo ntsu ena e li hloibilang lifateng tsa moru o lulang o le motalana, ’me e atisa ho bolaea liphoofolo tseo hang-hang.” Le hoja ntsu ena e le khōlō joalo ebile e hlometse ka tsela ena e tšosang, e fofa e khutsitse hoo motho a ka ’nang a se ke a e utloa ha e feta.

Nonyana Ena e Kotsing

Le hoja batho ba se na lebaka le lekaalo la hore ba tšabe ntsu ena, eona e na le lebaka la hore e ba tšabe. Ho tsongoa ha lintsu tsena ho seng molaong le ho senngoa ha moru oo li phelang ho oona ho entse hore nonyana ena e be e ’ngoe ea liphoofolo tse kotsing ea ho fela, ’me batho ba se ba e bona seoelo naheng. E le ha ’muso oa Panama o leka ho sireletsa ntsu ena, o phatlalalitse hore nonyana eo ke ea sechaba, ’me batho ba fumanoang ba le molato oa ho e tsoma ka ntle ho tumello ba fuoa likotlo tse boima.

’Muso oa Ecuador le oona o leka ho sireletsa ntsu ena. Ha Dr. Yara Pesantes oa Guayaquil Historic Park, eo e leng ngaka ea liphoofolo a buisana le Tsoha! o ile a hlalosa hore lintsu tsena ha li khone ho ba le malinyane pele li qeta lilemo tse ’nè kapa tse hlano. Esita le ha li se li le lilemong tseo, li ba le malinyane ka mor’a lilemo tse peli, ’me tse tšehali li behela lehe le le leng kapa a mabeli feela ka nako. Kaha li lieha ho ba le malinyane, ha ho bonolo ho li baballa. Dr. Pesantes o re empa lenaneo la ho li koalla le se le thusitse hore ho be le lelinyane le phetseng hantle.

Leha ho le joalo, haufinyane ha ho sa tla hlola ho e-ba thata ho li baballa. Hobane’ng? Hobane ’Mōpi, Jehova Molimo, o tla laola lefatše ka ho feletseng ’me ntle ho pelaelo a bontše hore ha aa bōpela polanete ea rōna le liphoofolo tsa eona tse hlollang lefeela.—Pesaleme ea 104:5; Esaia 45:18.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

O lokisetsa ho e kenya letšoao

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pete Oxford/Minden Pictures

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Tui De Roy/Roving Tortoise Photos

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela