Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/10 maq. 6-9
  • Batho Bao U ka ba Tšepang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho Bao U ka ba Tšepang
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphello Tsa Mekhoa e Metle
  • Ho Tšepahala ho sa Tsotellehe Bofutsana
  • Molimo eo re Lokelang ho mo Tšepa
  • Bontša Hore oa Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Botšepehi bo Tlisa Katleho ea Sebele
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 10/10 maq. 6-9

Batho Bao U ka ba Tšepang

Mokhanni e mong oa tekesi oa Argentina ea bitsoang Santiago, ha aa ka a tsilatsila hore na a etse’ng. Ha motho e mong a ne a siile mokotla ka tekesing ea hae, o ile a o khutlisetsa ho mong’a oona. Seo Santiago a se entseng se ka ’na sa bonahala eka se tloaelehile, empa ho makatsang ke hore ka mokotleng oo ho ne ho tšetsoe chelete e fetang $32 000 [R237 000]!

NA U ka inahanela hore na ho ne ho ka ba joang haeba lefatše le ne le tletse ka batho ba tšepahalang? Bophelo bo ne bo tla fapana hakaakang le kamoo bo leng kateng kajeno! U ne u ka siea ngoana oa hao le motho ea mo hlokomelang u sa tšohe letho. Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore u be le linotlolo kapa liloko tsa mamati ha hao. Na see ke toro feela?

Liphello Tsa Mekhoa e Metle

Ha moapostola oa Mokreste Pauluse a bua ka eena le Bakreste-’moho le eena, o ile a re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li loanelang ho se etsa. Sepheo sa tsona ke ho phela ka tsela e lumellanang le litšobotsi tse hlalositsoeng ka Bibeleng ho Esaia 33:15: “Ho na le ea tsamaeang ka ho loka ho tsoelang pele le ea buang se lokileng, ea hanang phaello ea ho hloka toka e tsoang ho ba bolotsana, ea hlohlorang matsoho hore a se ke a nka tjotjo.” Ba bang ba latetse tsela e joalo ea botšepehi joang?

● ‘Bua se lokileng.’ Domingo, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o sebetsa polasing ea kokonate naheng ea Philippines. O re: “Batho ba bangata ha ba tšepahalle bahiri ba bona. Ka mohlala, haeba ba bokeletse likokonate, ha ba bolelle mohiri hore na ha e le hantle ba bokeletse mekotla e mekae. Ba etsa seo e le hore ka bolotsana ba rekise mekotla e meng ka thōko.”

Domingo le ba lelapa la hae ba ile ba batla ba lelekoa polasing eo hobane ba ne ba sa batle ho bua leshano mabapi le hore na ho hlahisitsoe mekotla e mekae. Leha ho le joalo, Domingo o re: “Re ile ra bolella mohiri oa rōna hore le haeba a ne a ka re leleka moo, re ne re ke ke ra bua leshano. Qetellong, mohiri oa rōna o ile a re Lipaki Tsa Jehova ke batho ba molemo, ba ka tšeptjoang ’me o ile a re fa tšimo e ’ngoe eo re ka lemang ho eona.”

● ‘Hana phaello ea ho hloka toka.’ Pierre, e leng ofisiri e khōlō ea makhetho, Cameroon, o bile le menyetla e mengata ea hore a iketsetse chelete habonolo. Ha a ne a qala ho abeloa hore a lefe basebetsi ba nakoana, o ile a hlokomela ntho e sa tloaelehang. Pierre o re: “Ho ne ho lefshoa batho ba feletsoeng ke likonteraka kapa ba shoeleng. Ho e-na le ho nahana ho inkela chelete ena, ke ile ka boloka tlaleho e hlakileng ea lichelete hammoho le chelete e tsamaeang le eona ka seifing.”

Phello e bile efe? Pierre o re: “Ka mor’a lilemo tse peli, ho ile ha etsoa tlhahlobo ea liak’haonte e le ho batlisisa boemo bona. Ke ile ka thaba haholo ha ke fana ka tlaleho e tobileng ke bile ke fana ka chelete e loketseng, eo joale e neng e se e le ngata haholo. Bahlahlobi ba liak’haonte ba ile ba mpabatsa ka hore ebe ke tšepahetse.”

● Qoba ho “nka tjotjo.” Nakong eohle eo Ricardo a sebelitseng ka eona e le mohlapantši, Rio de Janeiro, Brazil, o ’nile a nonosoa tjotjo ka makhetlo a mangata. O re: “Ka lekhetlo le leng, ’muelli e mong oa molao o ile a leka ho mpha tjotjo. O ile a romela mochine o bapalang li-CD ha ka, ke sa tsebe. Mehleng eo, mechine e bapalang li-CD e ne e fumaneha ka thata ebile e le ea bokhabane.”

Ricardo o ile a etsa’ng? O re: “’Na le mosali oa ka re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra phutholla phasele eo. Ke ile ka ea ofising ea ’muelli eo oa molao ’me ka fihla a sa ntebella ho hang, eaba ke beha phasele eo deskeng ea hae. Ke ile ka ba le monyetla o motle oa ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke e khutlisa. Mongoli oa hae o ile a khahloa haholo ke seo ke se entseng.”

Le hoja e se Lipaki Tsa Jehova feela tse lekang ho phela ka botšepehi, e le sehlopha li tsebahala ka hore lia tšepahala. Ke sona se entseng hore morao tjena k’hamphani e ’ngoe ea Poland e nang le mabenkele a liaparo e hire Lipaki Tsa Jehova feela. Mookameli oa lefapha la thekiso o ile a re: “Ho na le batho ba tšepahalang hohle, empa Lipaki Tsa Jehova tsona li na le melao-motheo ’me lia e khomarela.”

Ho Tšepahala ho sa Tsotellehe Bofutsana

Batho ba bangata ba nka hore ha motho a futsanehile, seo se lokafatsa hore a se ke a tšepahala. Ka mohlala, tlaleho ea CNN e bua ka moshanyana ea lilemo li 14 oa Nigeria ea qetang nako a qhekella batho Inthaneteng. Ha a lokafatsa seo a se etsang, o ile a re: “Le ne le re ke etse’ng? Ke fepa ba lelapa leso—khaitseli ea ka, ’mè oa ka le ntate oa ka. Motho o lokela ho phela.”

Ke ’nete hore Bibele ha e tšepise batho ba tšepahalang maruo, empa e ba tiisetsa hore ba tla fumana lintho tse hlokahalang bophelong. Esaia 33:16 e re: “Ka sebele o tla fuoa bohobe ba hae; phepelo ea hae ea metsi e ke ke ea fela.”

Empa ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Ho tšepahala ho ka thusa batho ba maqakabetsing joang? Batho ba sokolang letsatsi ka leng hore feela ba fumane se eang ka maleng ba lokela ho etsa’ng?’

Nahana ka Berthe, e leng mohlolohali e mong oa Cameroon ea rekisetsang miando lephepheng, e leng mahlaka a cassava. O re: “Ka tloaelo, pakete e ba le mahlaka a 20 a miando. Barekisi ba bang ba tloaetse ho etsa mahlaka a 17 kapa a 18 feela lipaketeng tse ngata, empa ’na ha ke rate ho fumana chelete ka ho qhekella batho ba bang.”

Na khoebo ea Berthe ea atleha? Eseng kamehla. O re: “Hangata ke qeta letsatsi lohle ke sa rekisa letho. Empa ha ke kōpa lijo ho batho ba rekisang lijo seterateng ’me ke ba bolella hore ke ntse ke e-s’o rekise letho, baa ’ngoathela hobane baa tseba hore ke tla ba lefa hang feela ha ke e-ba le chelete. Taba ke hore baa ntšepa, hobane ba sebetsane le ’na ka nako e telele.”

Molimo eo re Lokelang ho mo Tšepa

Re tšepa motho le ho feta ha re bona hore o phethahatsa litšepiso tsa hae. Ha Joshua, eo e neng e le moeta-pele Iseraeleng ea boholo-holo a bua ka Molimo, o ile a re: “Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse . . . E ile ea phethahala kaofela.” (Joshua 21:45) Na le rōna re na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Molimo?

Litšepiso tsa Molimo li tšepahala hoo a bapisang lentsoe la hae le pula. (Esaia 55:10, 11) Ha e le hantle, ke eng e ka thibelang pula ho na, ho kolobisa mobu le ho etsa hore lijalo li mele? Ha ho letho! Ka tsela e tšoanang, ha ho letho le ka thibelang hore litšepiso tsa Molimo li phethahale.

E ’ngoe ea litšepiso tseo e tlalehiloe ho 2 Petrose 3:13, e reng: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” Molimo o rerile ho felisa bohle lefatšeng ba hanyapetsang batho ba bang. Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng mabapi le kamoo Molimo a tlang ho phethahatsa morero oa hae kateng? Ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

BOTŠEPEHI BOA PUTSOA

Lucio, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, Philippines, o ne a ka etsa bolotsana. O ile a fumana $27 500 [R204 000] ka k’habineteng ea khale ea ho boloka lifaele, ka ofising eo a neng a kōpiloe hore a e hloekise. Ofisi eo—hammoho le chelete—e ne e le tsa mookameli oa hae, ea neng a tsamaile ka mosebetsi. Lucio o re: “Ke ne ke qala ho bona dolara!”

Ha mookameli oa hae a khutla, Lucio o ile a mo fa chelete eo. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Lucio o re: “Ke ile ka fuoa boikarabelo bo boholoanyane. Ha e le hantle, mookameli oa ka o ile a mpha kamore moo lelapa lohle la ka le ka lulang teng. Le hoja bophelo bo le boima likarolong tse ngata tsa Philippines, ka sebele ke lumela hore Jehova Molimo o re hlokometse hobane re khomaretse melao ea hae.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

SEKALA SE TŠPAHALANG

Lephephe la Moïse le tsebahala haholo ’marakeng oa Douala, Cameroon, moo a rekisang tlhapi. O re: “Ke rehile Iebenkele la ka le lenyenyane, Sekala, hobane sekala seo ke se sebelisang ke se seng sa tse seng kae ’marakeng oo kaofela tse sa fetoloang hore li sebetse ka tsela e itseng. Kea tseba hore kamehla batho baa nteka. Ha ba nkōpa hore ke ba rekisetse k’hilograma e le ’ngoe ea tlhapi, ke ba fa eona. Kamehla ba etsa matsapa a hore ba e’o bekha mokotla oo ho barekisi ba bang. Ha ba etsa joalo, ba fumana hore e batla e le boima ho feta k’hilograma e le ’ngoe! Joale baa tseba hore ha kea leka ho ba qhekella! Batho ba bangata ba re ho ’na, ‘Re tla ho uena hobane rea tseba hore ua tšepahala.’”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Re ile ra bolella mohiri oa rōna hore le haeba a ne a ka re leleka moo, re ne re ke ke ra bua leshano.”—Domingo oa Philippines.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Bahlahlobi ba liak’haonte ba ile ba mpabatsa ka hore ebe ke tšepahetse.”—Pierre oa Cameroon.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“’Muelli e mong oa molao o ile a leka ho mpha tjotjo. . . . ’Na le mosali oa ka re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra phutholla phasele eo.”—Ricardo oa Brazil.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Hangata Berthe o qeta letsatsi lohle a sa rekisa letho. Empa batho ba bang ba rekisang lijo seterateng baa mo ngoathela hobane baa tseba hore o tla ba lefa hang feela ha a ba le chelete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela