Ithute ka Khoto e Bitsoang Marmot ea Lithabeng Tse Telele
Ke ile ka utloa mololi o hlabang. E ne eka ke oa moshanyana ea o letsetsang motsoalle oa hae—empa o hlaba le ho feta. Mololi oo o ne o utloahala ho potoloha thaba, empa ho sa utloahale hantle hore na o tsoa hokae. Ka ntan’o bona khoto e nyenyane e boea bo morumo e re chobe! ka mokoting o haufi le moo. Eitse ha ke sheba bukeng ea ka ea batsamai ka hlokomela hore ke ne ke se tsoa bona le ho utloa khoto e phelang lithabeng tse telele e bitsoang marmot.
MATSATSING a seng makae a latelang, ke ile ka bona likhoto tsena tse boea bo morumo hangata. Ke ile ka ithuta hore na li rata ho ora letsatsi majoeng afe, mekoti eo li atisang ho e sebelisa e hokae le hore na li phela joang holimo moo lithabeng.
Li Sebelisana ’Moho ’me li Seli
Likhoto tsena li phela ka thata makhulong a lithaba tseo tse telele. Mariha hoa bata, ’me moo li phelang teng ho ka ’na ha lula ho e-na le lehloa ka likhoeli tse ngata. Hape li sokeloa ke liphoofolo le linonyana. Kahoo, e le hore likhoto tsena li lule li phela, li lokela ho sebelisana ’moho, li rale lintho hantle ’me li be seli.
Likhoto tsena li phela e le malapa, ka tloaelo ho ba le ntate le ’mè le bana. Lelapa ka leng le ba le mekoti e ’maloa—o mong e ba oo li lulang ho oona, ha e meng e e-ba eo li tšabelang ho eona ha li le kotsing. Ka linako tse ling likhoto tsena li cheka mekoti mapetsong a tlas’a mafika. Mekoti ena e kang liqhobosheane e li nolofalletsa ho bona lintho tse hōle le ho ora letsatsi hore li ikhatholle.
Likhoto tsena li nka bohloeki e le ba bohlokoa. Li ithusetsa ka mokoting o mong e le hore mokoti oo li lulang ka ho oona o se ke oa silafala. Moo mokoti o moholo o fellang teng, likhoto tsena li etsa hore o be sephara haholo, ’me li etsa sentele ka ho oona. Seo e ba sebaka se sireletsehileng seo e tšehali e tsoallang ho sona. E boetse e ba setšabelo se futhumetseng seo lelapa lohle le ka khobokanang ho sona nakong e telele ea mariha ha li sa etse letho.
Mohlomong mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa ka lapeng ke oa ho lebela. Khoto e khōlō ea lebela ha tse ling li ntse li sela lijo haufinyane le moo. Ka linako tse ling, khoto eo e ema ka maoto a morao e le hore e lekole hore na ha ho kotsi e atamelang. Likhoto tsena li sokeloa haholo ke lintsu, liphokojoe le batho. Ha li li bona kapa li bona nonyana leha e le efe e khōlō e li jang, li hlaba mokhosi. Ho thahasellisang ke hore li hlaba mokhosi o ikhethang ha li bona ntsu—e leng eona nonyana e li tšoenyang haholo. Ha li utloa mokhosi, li balehela sebakeng se sireletsehileng. Ka ho panya ha leihlo feela, li nyamela kaofela!
Ho mamela e ka ’na ea e-ba taba ea lefu le bophelo, haholo-holo ho malinyane a likhoto tseo, ao lintsu li a ratang haholo. Haeba ho bonahala eka kotsi ea atamela, khoto e lebetseng e chobela hammoho le tse ling ka mokoting o haufi. Ebe ka mor’a metsotso e seng mekae e hloelisa ka ntle ho bona hore na kotsi e fetile.
Kamoo li Ipholisang le ho Robala Hantle
Makhulong a holimo lithabeng moo likhoto tsena li phelang teng, ho na le joang bo bongata boo li bo jang ’me hlabula ho futhumetse. Ha ho pholile, likhoto tsena li ora letsatsi lefikeng le loketseng. Ha ho chesa li ba le mathata, kaha ha li khone ho hlobola kobo ea tsona e boea. Ka lebaka lena, hangata li ba mahlahahlaha hoseng le hamorao motšehare oa mantsiboea.
Ho hang ha lia qabana le boroko; li qeta likhoeli tse ka bang tšelela li robetse li sa etse letho. Likhoto tse ling tsa mofuta o tšoanang le oo, tse bitsoang li-marmot tse thokoa, li ka ’na tsa qeta likhoeli tse robong li sa etse letho. Nakong eo li sa etseng letho, pelo e otla butle, hanngoe kapa habeli ka motsotso, ’me thempereichara ea ’mele e theohela ho likhato tse ka bang hlano tsa Celsius. Ka ho utloahalang, e le hore li qete nako e telele joalo li sa je ho hlokahala hore li itokise. Hlabula le mathoasong a hoetla, li ja haholo e le hore li be le mafura a mangata a tla li qhoba nako e telele ea mariha ha li ntse li sa etse letho.
Malinyane a likhoto tsena a rata ho bapala ’me a atisa ho lelekisana a pota-pota. Ke ile ka shebella malinyane a mang a mararo a pitika letsoapong a tšoarane, a ntse a bapala ekare aa loana. Likhoto tse khōlō le tse nyenyane li lumelisana ka ho thetsana ka linko; tsa lelapa le le leng li boetse lia hloekisana le ho futhumatsana nakong ea mariha ha ho bata.
Likhoto tsena li itokisetsa bokamoso ’me li seli ka likotsi tse ka hlahang. (Jobo 12:7) Mohlomong malapa a batho a ka ithuta ho hong likhotong tsena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Likhoto tsena li khabisa makhulo a lithabeng tse telele ’me tsela eo li sebelisanang ’moho ka eona e tiisa hore ’Mōpi o bohlale.—Pesaleme ea 50:10
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Khoto e khōlō ea lebela ha tse ling li ntse li sela lijo haufinyane le moo