Bacha Baa Botsa
Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
LINTHONG tsee tse latelang, ke efe eo u ka ratang ho ba le eona?
● Ho itšepa haholoanyane
● Ho ba le metsoalle e eketsehileng
● Ho thaba haholoanyane
Ha e le hantle, u ka ba le lintho tseo ka boraro ba tsona! Joang? Ka hore u ipehele lipakane u be u li finyelle. Nahana ka lintlha tse latelang.
U ka itšepa haholoanyane Ha u ipehela lipakane tse nyenyane ’me u li finyella, u tla ba le sebete sa hore u leke ho finyella tse khōloanyane. U tla boela u be sebete haholoanyane ha u tobana le liteko tsa letsatsi le letsatsi—tse kang ho hlōla khatello ea lithaka. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong ba bang ba tla hlokomela hore u motho ea sebete ’me ba u hlomphe. Ba bang ba ka ’na ba se hlole ba u hatella hakaalo. Ha e le hantle, u ka ’na ua qala ho ba khahla.—Bapisa le Matheu 5:14-16.
Ho ba le metsoalle e eketsehileng Batho ba thabela ho etsa setsoalle le batho ba nang le sepheo—ba tsebang seo ba se batlang ’me ba ikemiselitse hore ba se finyelle. ’Me ha batho ba u rata ka lebaka la lipakane tseo u ipehetseng tsona, hangata ba tla u tšehetsa hore u li finyelle.—Moeklesia 4:9, 10.
Ho thaba haholoanyane Ho bua ’nete: Ho jeoa ke bolutu hase ntho e thabisang kapa ho letela hore lintho li iketsahalle feela bophelong. Ka lehlakoreng le leng, ha u ipehela lipakane ’me u li finyella, u ikutloa u finyeletse ho itseng. Ha ho makatse hore ebe moapostola Pauluse, e leng Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “Ha ke mathe feela ke se na pakane.” (1 Bakorinthe 9:26, Contemporary English Version) Hopola hore haeba u ipehetse pakane e khōlō, u tla thaba haholoanyane ha u e finyella!
Na u se u itokiselitse ho qala? Seha leqephe le latelang ’me u le mene, ebe u latela mehato e boletsoeng.a
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litlhahiso tsena ke mehlala ea lipakane tseo u ka li finyellang ka libeke tse ’maloa kapa likhoeli, empa melao-motheo ea tsona e boetse e sebetsa le lipakaneng tse khōlō.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
● Na ho ka khoneha hore u ipehele lipakane tse ngata ka nako e le ’ngoe?—Bafilipi 1:10.
● Na ho ipehela lipakane ho bolela hore u lokela ho rera motsotso o mong le o mong bophelong ba hao?—Bafilipi 4:5.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25, 26]
Kamoo u ka finyellang lipakane tsa hao
HLOKOMELA Liproverbia 4:25, 26 1
“U se ke ua tšaba ho ipehela lipakane tse khōlō. Haeba ba bang ba khonne ho li finyella, le uena u ka li finyella.”—Roben.
1. Nahana ka lipakane tseo u ka ipehelang tsona. Thabela mohato ona! U se ke ua bapisa lintlha tseo u li nahanang; ngola likhopolo tse ngata kamoo u ka khonang. Nahana ka lintho tse 10 kapa tse 20 tseo u ka li etsang.
2. Hlahlobisisa lintho tseo u li nahanang. Ke life tse u thabisang haholo? Tse boima haholo ke life? Ke life tseo u tla ba motlotlo haholo ha u ka li finyella? Hopola hore lipakane tse molemo ka ho fetisisa ke tse hlileng li leng bohlokoa ho uena.
3. Beha tsa bohlokoa pele. Qala ka ho khetha lipakane tseo u ka li finyellang ka matsatsi a seng makae. Ebe u khetha tseo u ka li finyellang ka mor’a nako e telele (ka libeke tse seng kae kapa likhoeli). Li thathamise ho latela hore na u batla ho finyella life pele.
Lipakane Tsa Mohlala
Setsoalle Ho etsa setsoalle le motho eo e seng thaka ea ka. Ho tsosolosa setsoalle sa khale.
Bophelo bo botle Ho ikoetlisa ka metsotso e 90 beke ka ’ngoe. Ho robala lihora tse robeli bosiu bo bong le bo bong.
Sekolo Ho ntlafatsa limaraka tsa ka thutong ea lipalo. Ho emela se nepahetseng ha lithaka li nkhatella hore ke kopitse ha re ngola tlhahlobo.
Bomoea Ho bala Bibele ka metsotso e 15 letsatsi ka leng. Bekeng ena, ke bolelle seithuti-’moho le ’na seo ke se lumelang.
E-ba Le Moralo Liproverbia 21:5 2
“Ho ba le lipakane ho molemo, empa u boetse u lokela ho ba le moralo hore u li finyelle. Ho seng joalo, u tla lula u ipehela lipakane empa ho se mohla u li finyellang.”—Derrick.
Pakaneng ka ’ngoe ho tseo u li khethileng, etsa se latelang:
1. Ngola pakane ea hao.
2. Beha nako eo u batlang ho e finyella ka eona. Etsoe, ho ipehela pakane empa u sa ipehela nako eo u tla e finyella ka eona ke toro feela!
3. Etsa moralo oa mehato e amehang.
4. Nahana ka lintho tse ka ’nang tsa u sitisa. Ebe u nahana tsela eo u tla li hlōla ka eona.
5. Etsa boitlamo. Itlame hore u tla etsa sohle se matleng a hao ho finyella pakane ena. Joale e saene ’me u ngole letsatsi.
Ho ithuta Sepanishe hore ke etele Mexico ka la 1 July
Mehato eo ke lokelang ho e nka ke
1. Ho fumana buka e hlalosang lipolelo.
2. Ho ithuta mantsoe a macha a leshome beke ka ’ngoe.
3. Ho mamela ha batho ba bang ba bua Sepanishe.
4. Ho kōpa motho e mong hore a nthuse ka melao ea puo le tsela eo mantsoe a bitsoang ka eona.
Litšitiso tse ka ’nang tsa hlaha
Ha ho motho ea haufi le ’na ea buang Sepanishe
Kamoo nka li hlōlang kateng
Ke tla kopitsa likhatiso tse rekotiloeng ka Sepanishe mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org.
․․․․․ ․․․․․
Mosaeno Letsatsi
Nka Bohato! Johanne 13:17 3
“Ho ka bonolo hore ho be le lintho tse u sitisang ho finyella lipakane tsa hao u be u li lebale, kahoo u lokela ho lula u tsepamisitse kelello ho tsona ’me u sebeletse ho li finyella.”—Erika.
Qala hang-hang. Ipotse, ‘Ke lokela ho etsa’ng kajeno e le hore ke leke ho finyella pakane ea ka?’ Ke ’nete hore e ka ’na eaba ha ua ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amehang, empa u se ke ua lumella seo ho u sitisa hore u qalelle. Joalokaha Bibele e bolela, “ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Fumana seo u ka se etsang kajeno—le haeba se le senyenyane—’me u se etse.
Hlahloba lipakane tsa hao letsatsi ka leng. Ikhopotse lebaka leo ka lona pakane ka ’ngoe e leng ea bohlokoa. Hlahloba khatelo-pele eo u e entseng ka ho tšoaea ✔ (kapa hore e phethiloe ka letsatsi lefe) haufi le mohato ka mong ha u se u e phethile.
Fetoha le maemo. Ho sa tsotellehe hore na meralo ea hao e metle hakae, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng. Ha ho na bothata. U se ke ua tšoenyeha ka hore u lokela ho khomarela ka thata moralong oo u o entseng. Tsoela pele u sebeletsa ho finyella pakane ea hao.
Sebelisa matla a ho nahana. Nahanela pele ’me u ipone u se u finyeletse pakane ea hao. Ikutloe u le motlotlo ka seo u se finyeletseng. Ka mor’a moo, nahana hape ka mohato ka mong. Qetellong, ipone u se u phetha mohato ka mong ’me u nahane kamoo u tla thaba kateng ha u finyella pakane ea hao. Joale qalella!
[Setšoantšo]
Lipakane li tšoana le polane ea mohaho—motho o lokela ho sebetsa hore a li finyelle!
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Ho bonolo hore u nyahame haeba ho se na ntho eo u tsepamisitseng maikutlo ho eona kapa eo u e lebeletseng. Empa ha u ipehetse lipakane ’me u li finyella, u ikutloa u le motlotlo.”—Reed.
“U se ke ua ikoatela haeba u sa finyelle pakane ea hao ka ho phethahetseng le ka nako eo u neng u ipehetse eona. Ho ikutloa joalo ho ke ke ha u thusa. Tsoela pele u leka!”—Cori.
“Buisana le batho ba seng ba finyelletse lipakane tseo u ipehetseng tsona. Ba ka u susumetsa ’me ba u fa litlhahiso tse molemo. Hape, bolella ba lelapa leno lipakane tseo u ipehetseng tsona e le hore ba u tšehetse.”—Julia.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Seha Holim’a Mola Ona
Mena