Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/10 maq. 27-28
  • “Mayday! Mayday! Mayday!”—Mokhosi O Pholosang Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mayday! Mayday! Mayday!”—Mokhosi O Pholosang Bophelo
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea Pele ea ho Hlaba Mokhosi
  • Mekhoa e Atlehang Haholo ea ho Hlaba Mokhosi
  • Ho Hlaba Mokhosi ka Tsela e Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • Mekhoa ea ho Paka​—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Sebeletsa le Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Hatelang Pele ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke Eng se Bakang Mahlomola ka Lapeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Tsoha!—2010
g 10/10 maq. 27-28

“Mayday! Mayday! Mayday!”​—Mokhosi O Pholosang Bophelo

Sekepe sa ho tšoasa litlhapi se ne se aparetsoe ke mollo le mosi! Batho bohle ba neng ba le ka ho sona ba ne ba le kotsing e khōlō. Mosebetsi e mong oa Pholoso o ile a re: “Hoja motsamaisi a se ke a hlaba mokhosi, sekepe sa ‘Nautical Legacy’ se ka be se sa ka sa fumanoa.” Basebetsi ba Pholoso ba Canada ba ile ba phalla ka potlako ’me ba pholosa basesisi bao kaofela.a

“MAYDAY! Mayday! Mayday!” Ha mantsoe ao a utloahala seea-le-moeeng a phatlalatsa boemo bo kotsi ba tšohanyetso ’me a kōpa thuso e potlakileng. Na mokhosi oa Mayday oa atleha? Ka 2008, Basebetsi ba Pholoso ba United States ba ile ba phalla ka makhetlo a fetang 24 000. Ba ile ba pholosa batho ba 4 910—e leng karolelano ea batho ba 13 ka letsatsi—’me ba thusa ba fetang 31 000 ba neng ba le tlokotsing.

Empa ke hobane’ng ha re sebelisa lentsoe “Mayday”? Hona pele ho sebelisoa seea-le-moea, batho ba tsamaeang ka likepe ba tlokotsing ba ne ba hlaba mokhosi joang?

Mekhoa ea Pele ea ho Hlaba Mokhosi

Ka 1588, se seng sa Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain se bitsoang Santa Maria de la Rosa se ile sa llisa lithunya e le ho hlaba mokhosi oa hore se tlokotsing ka lebaka la sefefo se matla. Sekepe seo se ile sa teba ’me ho tlalehoa hore ha ho le ea mong ea ileng a pholoha. Maemong a mang, basesisi ba mehleng ea pele ba ne ba phahamisa lifolakha tse reretsoeng ho bontša hore ba tlokotsing. Esita le hona joale, hoa tsebahala linaheng tse ngata hore ha sekepe se fanyehile folakha e tšoeu e nang le sefapano se sefubelu, se kōpa thuso.

Lilemong tsa bo-1760, basesisi ba ile ba qala ho ithuta ho sebelisa lifolakha ho etsa matšoao e le mokhoa oa puisano. Hore motho ea hlabang mokhosi a sebelise mokhoa ona, o ne a tšoara lifolakha tse peli ebe o etsisa manaka a oache. “Nako” ka ’ngoe eo a neng a e supa, e ne e emela tlhaku kapa palo e itseng.

Empa lifolakha, likanono le matšoao li ne li sebetsa hafeela ba bang ba ne ba le haufi le sekepe hore ba li bone kapa ba utloe ha ho hlajoa mokhosi. Hangata basesisi ba kotsing e khōlō ba ne ba sa be le tšepo e kaalo ea hore ba tla fumana thuso. Boemo boo bo ne bo ka ntlafatsoa joang?

Mekhoa e Atlehang Haholo ea ho Hlaba Mokhosi

Ka bo-1840, ho ile ha e-ba le tsoelo-pele e khōlō theknolojing ea mecha ea puisano. Samuel Morse o ile a qapa mokhoa o neng o lumella batsamaisi ba mechine ea telegraph ho romela melaetsa ka mohala ba sebelisa transmitter e tsamaisoang ka letsoho. Hafeela motho ea fetisang molaetsa a ntse a pentse konopo ha a o romela, motho ea o amohelang o ne a ka lemoha pontšo ea elektronike. Morse o ile a fa tlhaku le nomoro e ’ngoe le e ’ngoe molumo o ikhethang kapa matheba le lideshe.

E le hore ba sebelise mokhoa ona leoatleng, basesisi ba ne ba sebelisa mabone ho fapana le molumo o romeloang ke batsamaisi ba mechine ea telegraph. Motho ea fetisang molaetsa o ne a khantša lebone ka nakoana ho tšoantšetsa letheba ’me a lelefatsa nako ho tšoantšetsa deshe. Ka mor’a nakoana, ho ile ha sebelisoa mokhoa o bonolo le o ikhethang o neng o akarelletsa matheba a mararo, lideshe tse tharo le matheba a mang a mararo, tse emelang litlhaku tsena SOS.b

Ka lehlohonolo, sebaka seo mokhosi o hlajoang o ka fihlang ho sona se ile sa ’na sa eketseha. Ka 1901, Guglielmo Marconi o ile a romela molaetsa oa pele oa seea-le-moea ka mose ho Leoatle la Atlantic. Joale ho ne ho ka sebelisoa maqhubu a seea-le-moea ho romela melaetsa ea SOS ho e-na le ho khantša mabone. Leha ho le joalo, basebetsi ba seea-le-moea ba ne ba ntse ba e-s’o khone ho sebelisa mantsoe ho hlaba mokhosi. Mantsoe ana “Mayday! Mayday! Mayday!” a ne a e-s’o sebelisoe.

Qetellong mantsoe a buuoang a ile a utloahala seea-le-moeeng ka 1906 ha Reginald Fessenden a ne a hasa lenaneo la puisano le ’mino. Basesisi ba neng ba e-na le liea-le-moea ba ile ba utloa ha Fessenden a bua seea-le-moeeng a le bohōle ba lik’hilomithara tse 80. Ka 1915, batho ba bang ba bangata ba ile ba thabela ho utloa puisano e neng e hasoa seea-le-moeeng Arlington, Virginia, U.S.A. ’me e fihla Eiffel Tower, Paris, Fora—e leng sebaka sa lik’hilomithara tse 14 000! U ka inahanela kamoo basesisi ba sekepe sa S.S. America ba ileng ba thaba kateng ka 1922, ha ka lekhetlo la pele ba buisana ka seea-le-moea le batho ba Deal Beach, New Jersey, U.S.A., ’me sekepe seo se le bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 600 ka leoatleng.

Ho Hlaba Mokhosi ka Tsela e Tšoanang

Lilemong tsa bo-1920 le bo-1930, basebetsi ba seea-le-moea ba ile ba qala ho buisana. Kaha basesisi ba likepe tse leoatleng ba ka ’na ba bua lipuo tse sa tšoaneng, ke joang motsamaisi a neng a ka romela molaetsa o utloisisoang hohle, ha a kōpa thuso e potlakileng? Seboka sa Machaba sa Radiotelegraph se ile sa rarolla bothata bona ka 1927 ka hore se amohele ho sebelisoa ha lentsoe “Mayday” e le mokhoa oa machaba oa ho hlaba mokhosi.c

Rea thaba hore ebe mekhoa ea puisano e ’nile ea ntlafala. Ka mohlala, likanono le lifolakha li nketsoe sebaka ke mechine e bontšang hore na sekepe se hokae le e laoloang ke sathelaete. Hape liea-le-moea li fetohile karolo ea thepa e sebelisoang, ’me mekhatlo ea pholoso e hlahloba maqhubu a moea le ho lula e le malala-a-laotsoe. Joalokaha ho bile joalo ka sekepe sa Nautical Legacy, ho sa tsotellehe hore na tlokotsi e hlaha hokae kapa ka nako mang, mohoo oa “Mayday! Mayday! Mayday!” mohlomong o ka utloahala. Ho fapana le batho ba mehleng ea khale, haeba sekepe seo u se palameng se le tlokotsing, u ka lebella ka kholiseho hore u tla fumana thuso ho e-na le hore u be le tšepo e lerootho ea hore u tla pholoha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Taba ena e tlalehiloe bukeng ea True Stories of Rescue and Survival—Canada’s Unknown Heroes

b Ho ile ha khethoa litlhaku tsena SOS hobane ho ne ho le bonolo ho li romela le ho li utloisisa. Li ne li se na moelelo o khethehileng.

c Mohoo oa “Mayday” o lokela ho phethoa ka makhetlo a mararo ho hlakisa sepheo sa oona le hore lentsoe leo le se ke la ferekanngoa le mantsoe a mang.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Sekepe sa “Nautical Legacy” sea cha ’me se aparetsoe ke mosi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Fisheries and Oceans Canada, reproduced with the permission of © Her Majesty the Queen in Right of Canada, 2010

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

E le hore ba sebelise mokhoa oa Morse leoatleng, basesisi ba ne ba sebelisa mabone ho fapana le molumo o romeloang ke batsamaisi ba mechine ea “telegraph”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Science and Society/​SuperStock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela