“Ke ne ke Batla ho Fumana Mangolo a ka Feela”
MONNA e mong ea bitsoang Andre ea hlahetseng Afrika Boroa ’me eo hona joale a lulang Namibia, o re: “Nke ke ka hlola ke lebala se ileng sa etsahala posong hoseng ho hong ka Mantaha. Batho ba ne ba le bangata haholo sebakeng seo. Ke ile ka bona mokotla o mong o belaetsang, o ituletse feela. Ke ile ka kōpa mangolo a ka eaba kea tsamaea. Ka mor’a hore ke tlohe moo ka koloi metsotso e ka bang meraro, ke ile ka utloa molumo o matla oa ho phatloha. Hamorao ke ile ka hlokomela hore bomo e ne e phatlohile limithara tse seng kae feela le moo ke neng ke eme teng.”
Andre o re: “Ke ne ke batla ho fumana mangolo a ka feela. Empa ke ile ka tšoha haholo hamorao ha ke hlokomela hore batho ba se nang molato, bao bongata ba bona ke neng ke ba tseba, ba shoele. Le hoja sena se etsahetse lilemong tse fetang 25 tse fetileng, ke ntse ke ferekana ha ke nahana ka sona. Ka linako tse ling ke hopola batho ba bangata ba shoeleng le ba lemetseng hampe bao ke ileng ka ba bona ka mor’a moo, ’me ke elelloa kamoo ke batlileng ke e-shoa kateng.”
Bothata ba Lefatše Lohle
Le hoja ho ka ’na ha etsahala hore ebe ha u e-s’o ka u feta tlhaselong e joalo, mohlomong ua utloela hore lintho tse kang tsena li etsahala khafetsa lefatšeng. Batho ba bangata ba etsa liketso tse mabifi, kapa tseo ka tloaelo ho thoeng ke tsa bokhukhuni, e le hore ba finyelle merero ea bona.—Sheba lebokose le reng, “Likhukhuni ke Bo-mang?” leqepheng le latelang.
Moqolotsi e mong oa litaba o ile a fumana hore ka 1997 e ne e le “linaheng tse ’nè feela moo ho neng ho lula ho e-na le letšolo la litlhaselo tsa batho ba ipolaeang ka libomo.” Empa ka 2008, mofuputsi eena eo o ile a ngola hore “linaheng tse fetang mashome a mararo lik’honthinenteng tsohle, ntle le Australia le Antarctica ho bile le liphello tse bohloko tsa litlhaselo tsa batho ba ipolaeang ka libomo.” O ile a phetha ka ho re litlhaselo tseo “li etsoa ke mekhatlo e mengata, e leng se bolaeang batho ba bangata haholo selemo le selemo.”—The Globalization of Martyrdom.
Nahana ka tlhaselo e boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Sehlopha se ileng sa lumela hore ke sona se chehileng bomo sebakeng seo, se ne se nka hore se loanela tokoloho. Se ne se loanela ho fumana boipuso ’musong o neng o busa naheng ea sona ka nako eo. Empa ke eng e susumelletsang batho hore ba etse lintho tse joalo e le hore ba finyelle merero ea bona? Nahana ka se etsahaletseng Hafeni.
Hafeni o hlahetse Zambia ’me o hōletse likampong tsa baphaphathehi linaheng tsa boahelani. O re: “Ke ne ke halefisoa ke tsela e sehlōhō le e se nang toka eo ba lelapa leso le batho ba bang ba neng ba tšoeroe ka eona.” Kahoo, o ile a kena mokhatlong oa baitseki, oo batsoali ba hae e neng e le litho tsa oona.
Ha a hopola linako tseo, Hafeni o tsoela pele, o re: “Ntho e neng e utloisa bohloko ka ho fetisisa ke tsela eo ho ba mophaphathehi ho neng ho ama batho ka eona maikutlong. Bana ba ne ba arohanngoa le batsoali le banab’abo bona. Ba baholo ba ne ba ea ntoeng. Ba bangata ba bona ha baa ka ba hlola ba khutla. Ha ho mohla nkileng ka bona Ntate, esita le foto ea hae feela. Ntho eo ke e tsebang ke hore o shoeletse ntoeng. Le kajeno taba eo e ntse e nkutloisa bohloko.”
Ho hlakile hore taba ena e rarahane. Ho e utloisisa hantle ho tla u thusa ho hlokomela hore na ho hlokahala’ng ho felisa liketso tse mabifi.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
LIKHUKHUNI KE BO-MANG?
Mofuputsi e mong ea bitsoang Mark Juergensmeyer oa hlalosa: “Se etsang hore motho a sebelise lentsoe ‘sekhukhuni’ ho hlalosa motho ea etsang liketso tse mabifi ke hore na o nka liketso tseo li loketse kapa che. Maemong a mangata, tšebeliso ea lentsoe leo e itšetlehile ka hore na motho o talima lefatše joang: haeba a nka hore lefatše le khotsong, o talima liketso tse mabifi e le bokhukhuni. Haeba a nka hore lefatše le ntoeng, a ka ’na a talima liketso tse mabifi e le tse loketseng.”
Kahoo, hangata lentsoe lena “sekhukhuni,” le amahanngoa le lipolotiki ka tsela e itseng. Lihlopha tse ngata li ipitsa baloaneli ba tokoloho, eseng likhukhuni. Ho latela mongoli e mong, bokhukhuni bo akarelletsa (1) liketso tse tobisitsoeng ho baahi bao e seng masole le (2) liketso tse mabifi tse reretsoeng ho susumetsa batho maikutlo, haholo-holo ho etsa hore ba lule ba tšohile. Ka hona, batho ba ntoeng—ebang ke marabele kapa ba ’muso—hangata ba ka ’na ba sebelisa maqiti le mekhoa ea likhukhuni.