Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g26 no. 1 maq. 10-12
  • Etsa Metsoalle ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Metsoalle ea Sebele
  • Tsoha!—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA KELETSO EE EA SEBETSA?
  • U KA ETSA SEE JOANG?
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata ba Jeoa ke Bolutu?
    Tsoha!—2026
  • Ke Hobane’ng ha ke se na Metsoalle?
    Bacha Baa Botsa
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2026
Bala Tse Ling
Tsoha!—2026
g26 no. 1 maq. 10-12
Bo-ausi ba babeli ba lutse lebenkeleng la kofi ’me ba ntse ba qoqa.

U KA HLOLA BOIKUTLO BA HO JEOA KE BOLUTU JOANG?

Etsa Metsoalle ea Sebele

Ha u lapile, ho ja lijo tse ling le tse ling ho ka u khotsofatsa, empa lijo tse nang le phepo e ntle ke tsona tse ka u thusang hore u phele hantle ’meleng. Ka tsela e tšoanang, ha u jeoa ke bolutu, u ka nahana hore motho e mong le e mong a ka etsa hore u ikutloe u thabile. Empa taba ke hore ho ba le metsoalle ea sebele ke eona ntho e ka u thusang.

NA KELETSO EE EA SEBETSA?

Motho e mong le e mong oa tseba hore ho ba le metsoalle ea sebele ho ka mo thusa hore a hlole ho jeoa ke bolutu. Kahoo, litlaleho tse latelang tse phatlalalitsoeng likhatisong tsa bophelo bo botle ba kelello li ka u khothatsa:

  • “Batho ba bangata ba nang le metsoalle ea sebele ba thabile, ha se hangata ba jeoang ke bolutu le ho ba le khatello ea maikutlo.”—Psychology Today.

  • “Re hloka metsoalle e molemo le e ka re tšehetsang e le hore re thabele bophelo . . . Ha motho a e-na le metsoalle e molemo, o tla phela hantle ’meleng, a thabe a be a phele nako e telele.” —Monitor on Psychology.

Azra ea lulang Türkiye o ne a jeoa ke bolutu ka lebaka la mathata a lelapa labo. O re: “’Na le motsoalle oa ka re qoqa lihora tse ngata. Oa ’mamela, oa nkhothatsa ebile ha a nkahlole. Oa nthata ebile oa nkutloisisa, ’me o etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”

U KA ETSA SEE JOANG?

Etsa lintho tse ka u thusang hore u be le metsoalle. Qoba ho etsa lintho tse batlang hore u be mong, joaloka ho qeta nako e ngata u le mecheng ea puisano. Ho e-na le hoo, batla menyetla ea ho etsa lintho le batho ba bang. Lumelisa batho bao u kopanang le bona, ’me ha ho khoneha leka ho qoqa le bona hakhutšoanyane.

Abuti o khumame lebopong la leoatle ’me o ntse a qoqa le ntate-moholo ha a ntse a bapalise ntja ea ntate-moholo.

Mantsoe a Bohlale a Tsoang ka Bibeleng

“Ba babeli ba molemo ho feta a le mong . . . Etsoe haeba a le mong oa bona a oa, e mong a ka mo emisa.”—Moeklesia 4:​9, 10.

Matlafatsa kamano ea hao le batho bao u ba tloaetseng. Joalokaha ho boletsoe, ho ka ba bonolo ho theha setsoalle le batho bao u ba tloaetseng ho e-na le ho qala setsoalle se secha le batho bao u sa ba tloaelang. Har’a batho bao u ba tsebang, sheba hore na ke mang eo e ka bang motsoalle oa sebele. Ipotse: ‘Ke mang ea nang le botho boo ke bo ratang? Ke mang ea thabelang lintho tseo ke li thabelang? Ke mang eo ke thabelang ho qoqa le eena? Ke mang ea ntsotellang e le kannete?’

Leka ho theha setsoalle le ba bang hanyane ka hanyane. Qala moqoqo o mokhutšoanyane le motho, mohlomong u bua ka lintho tseo u thabelang ho bua ka tsona. Ha nako e ntse e ea, le ka tsoa ho ea ithabisa hammoho. U hopole hore ho ka etsahala hore motho eo, o na le metsoalle e meng. E-ba le mamello ’me u se ke oa nyahama hobane ho ka nka nako e telele pele uena le motho eo le ba metsoalle ea sebele.

Tlhahiso

Kopa motho e mong hore a sebetse le uena mosebetsing o itseng. Seo se ka ba molemo ho feta ho qeta nako le motho ho se na ntho e itseng eo le e etsang.

Leka ho tseba batho haholoanyane. Metsoalle ea sebele ea tsebana. E le hore u tsebe batho haholoanyane, ba botse lipotso tse tla etsa hore ho be le moqoqo, ho e-na le tse batlang karabo ea e kapa che. U ba mamele ka hloko ha ba bua. U ba bontše hore oa ba tsotella, ’me u qobe ho sheba fono ea hao kapa lintho tse ling ha le ntse le qoqa. Ikemisetse ho tela nako ea hao, le hoja u na le mabaka a mangata.

Mantsoe a Bohlale a Tsoang ka Bibeleng

“[U] potlakele ho utloa, [u] liehe ho bua.”—Jakobo 1:19.

Norio ea lulang Japane o ile a jeoa ke bolutu ka mor’a ho foufala. O re: “Ha ke bua le batho ba bang, ke qoba ho bua ka lintho tse nyahamisang, ’me ha ke bue ka ’na haholo. Ho e-na le hoo, ke leka ho ba botsa lipotso le ho ba mamela ka hloko.”

U se ke oa lebella ho hongata. Ha se hore moqoqo o mong le o mong o tla tsamaea ka tsela eo u e batlang, kapa hore motho eo u qoqang le eena e tla ba motsoalle oa hao ea haufi. Empa u se ke oa tela. Hape u hopole hore ha ho na motsoalle ea phethahetseng.

Ho hlokahala nako le boiteko e le hore motho a be le metsoalle ea sebele. Empa ho tla u tsoela molemo! Metsoalle ea sebele e tla etsa hore u thabele bophelo le hore u se ke oa jeoa ke bolutu.

Lintho Tseo u ka Nahanang ka Tsona

  • U be hlokolosi ha u sebelisa Inthanete. Ha se phoso ho bua le batho Inthaneteng kapa mecheng ea puisano. Leha ho le joalo, u ka iphumana u bua le motho ea sa u tsotelleng, kapa u bile u bua le motho eo e seng oa sebele.

  • Etsa bonnete ba hore u etsa setsoalle le batho ba nepahetseng. Batho ba etsang eka ke metsoalle ea hao ba ka u utloisa bohloko, ’me seo se ka u ama maikutlong le kelellong. Kahoo, e-ba hlokolosi ha u khetha motho eo e tla ba motsoalle oa hao ea haufi. Haeba setsoalle sa lona se u utloisa bohloko, ho molemo hore u se khaotse.


ITHUTE HO EKETSEHILENG: Bala sehlooho se reng, “Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?” kapa u shebelle video e nang le sehlooho se reng, Motsoalle oa ’Nete ke ea Joang?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela