Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g26 no. 1 maq. 7-9
  • Thusa Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Batho ba Bang
  • Tsoha!—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA KELETSO EE EA SEBETSA?
  • U KA ETSA SEE JOANG?
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2026
  • U ka Etsa’ng ha u Jeoa ke Bolutu?
    Tsoha!—2026
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Jeoa ke Bolutu
    Tsoha!—2004
  • Selelekela
    Tsoha!—2026
Bala Tse Ling
Tsoha!—2026
g26 no. 1 maq. 7-9
Nkhono o ruta ngoanana e monyenyane ho baka. ’Mè oa ngoanana eo o ba shebelletse ’me oa bososela.

U KA HLOLA BOIKUTLO BA HO JEOA KE BOLUTU JOANG?

Thusa Batho ba Bang

Joalokaha tlala e u bolella hore u hloka ho ja, ka tsela e tšoanang ho jeoa ke bolutu ho u bolella hore u hloka metsoalle.

U ka etsa setsoalle le batho ba bang joang haeba u sa kholiseha hore ba batla ho ba metsoalle ea hao? Ntho e ka u thusang ke ho nka bohato, ho e-na le ho emela hore ba bang ba bue le uena. Batla menyetla ea ho thusa le ho tšehetsa ba bang ka lintho tseo ba li hlokang.

NA KELETSO EE EA SEBETSA?

Nahana ka sena: U thabela ho qeta nako le batho ba joang? Na u thabela ho qeta nako le batho ba inahanang bobona kapa ba nahanelang batho ba bang? Ho hlakile hore joaloka batho ba bangata, u thabela ho ba le batho ba nahanelang ba bang. Kahoo, ha u thusa motho e mong, a ka batla ho ba haufi le uena ’me a batla litsela tsa ho u tšehetsa.

Sena ha se bolele hore motho e mong le e mong eo u mo thusang, o tla batla ho ba motsoalle oa hao. Leha ho le joalo, ho thusa batho ba bang ho tla u tsoela molemo. Ho ka boela ha etsa hore u se ke oa lula u nahana ka mathata a hao, a kang ho jeoa ke bolutu. Batho ba thusang ba bang, ba ba le metsoalle e mengata ebile ba ba le morero bophelong. Ba ba le pono e nepahetseng ka bona le ka maemo a bona. Hangata ha ba tšoenyehe haholo le ho ba le khatello e matla ea maikutlo ebile e ba batho ba phetseng hantle le ba thabileng.

Ha u bontša thahasello ho batho ba bang, u tla ba le menyetla e mengata ea ho etsa metsoalle ea sebele

Antonellaa oa Italy, ea ileng a loantšana le boikutlo ba ho jeoa ke bolutu ka mor’a hore monna oa hae a hlokahale, o re: “Ho thusa batho ba bang ho etsa hore ke sebelise nako ea ka hamolemo ha ho se na ntho eo nka e etsang. Kea utloa hore ke etsa ntho e molemo ’me seo sea nthabisa.”

Mantsoe a Bohlale a Tsoang ka Bibeleng

“Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.”—Liketso 20:35.

U KA ETSA SEE JOANG?

Qala ka ho etsa lintho tse nyenyane. U ka qala ka ho thusa batho bao u seng u ntse u ba tseba. Ho etsa joalo ho bonolo ho feta ho thusa batho bao u sa ba tsebeng. Na u ka ba memela lijong kapa oa ba fa mpho e itseng? Ho bontša mosa ka litsela tse nyenyane ho ka thusa ba bang haholo. Ha u le mong, na u ka romella motho e mong molaetsa ho utloa hore na o ntse a ea joang? Batho baa thaba ha ba utloa hore ho na le motho ea ntseng a nahana ka bona.

Nkhono o tliselitse ’mè le morali palesa. Ba mo lumelisa ba thabile.

Bontša hore u tsotella batho ba bang. Nahana ka batho bao u ba tsebang. Ipotse: ‘Ba ka hloka thuso ka eng? Ba ka thabela eng?’ Ka mohlala, u ka ithaopela ho thusa motho ka mesebetsi e itseng eo a sa khoneng ho e etsa. Haeba u se u holile, u ka koetlisetsa ba bang ho etsa mesebetsi e itseng kapa oa ba bolella lintho tseo u ithutileng tsona. Le hoja lintho tsena li bonahala li le nyenyane, li ka tsoela ba bang molemo haholo.

Ntate o thusa nkhono ho tlosa lehloa le ka pela ntlo ea hae.

Leka ho sheba seo ba bang ba se hlokang le haeba u sa ba tsebe hantle. Ha u ntse u phetha mabaka a hao, bontša thahasello ho batho ba bang. Bososela u be u ba lumelise. Ha u bona motho ea utloileng bohloko kapa ea nang le bokooa, leka ho ikenya lieteng tsa hae. Ho ba le kutloelo-bohloko ho tla u susumelletsa hore u mo thuse. Ha u etsa joalo, u ka ba le metsoalle e mecha e tla u tsotella joalokaha u e tsotella.

Ntate o lokisa baesekele ea banyalani ba seng ba holile. Nkhono o mo tlisetsa seno-mapholi a thabile.

Emma o ile a jeoa ke bolutu ka mor’a ho fallela naheng e ’ngoe. O re: “Ke leka ho thusa batho ba holileng le ba kulang. Ke ile ka ela ba bang lishopong le ho ba felehetsa ha ba ea ngakeng. Ha ’mè e mong a tl’o lula sebakeng seo ke lulang ho sona, ke ile ka mo thusa ka lintho tse ’maloa ka ba ka mo thusa hore a ikutloe a amohelehile.”

Itlhokomele. Loanela ho lula u phetse hantle ’meleng, ’me u etse bonnete ba hore u robala nako e lekaneng. Ha u thusa batho ba bang, u se ke oa ikhahlapetsa hoo u ka khathalang haholo. Ka tsela eo, u tla ba le matla a lekaneng bakeng sa ho thusa ba bang.

Batho ba hloka ho thusana bophelong. Kahoo, leka ho thusa ba bang le ho itlhokomela. Ho etsa joalo ho ka u thusa nakong eo u jeoang ke bolutu.


ITHUTE HO EKETSEHILENG: Bala sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Thusa Batho ba Bang?” Le hoja se ngoletsoe bacha, sehlooho sena se ka thusa batho bohle.

a Mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela