Khaolo 3
Likarolo Tse Tloaelehileng Litšōmong
1-3. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella litšōmo? (b) Re tla akaretsa eng khaolong ee?
KE HOBANE’NG ha re hlahloba litšōmo? Na hase litaba feela tse iqapetsoeng tsa khale haholo? Le hoja e le ’nete hore tse ngata li theiloe litabeng tse iqapetsoeng, tse ling li theiloe ’neteng. Nka ka mohlala litšōmo le lipale tse fumanoang lefatšeng ka bophara tse theiloeng ’neteng ea Sekhohola se Seholo, kapa Moroallo oa lefatše, oo Bibele e buang ka oona.
2 Lebaka la ho hlahloba litšōmo ke hore ke motheo oa litumelo le litšebeletso tse sa ntsaneng li fumanoa malumeling kajeno. Ka mohlala, tumelo ea hore moea ha o shoe e ka saloa morao ho tloha litšōmong tsa Baassyria le Bababylona ba boholo-holo ho pholletsa le litšōmo tsa Baegepeta, Bagerike le Baroma ho tla fihla ho Bokreste-’mōtoana, moo e fetohileng thuto ea bohlokoa ea motheo thutong ea bona e rutang ka Molimo. Litšōmo ke bopaki ba hore batho ba khale ba ne ba batla melimo, haesita le hore na morero oa bophelo ke ofe. Khaolong ena ka bokhutšoanyane re tla akaretsa tse ling tsa lihlooho tse tloaelehileng tse hlahang litšōmong tsa mekhoa ea tsoelopele e meholo ea lefatše. Ha re ntse re hlahloba litšōmo tsena, re tla hlokomela kamoo pōpo, Moroallo, melimo le melimo-batho ea bohata, hore moea ha o shoe, le borapeli ba letsatsi li ntseng li hlaha hangata e le likarolo tse tloaelehileng makhomeletsong ana a litšōmo. Empa ke hobane’ng ha ho ka ba tjee?
3 Hangata haholo ho na le moko oa taba ea ’nete ea histori, motho, kapa ketsahalo eo hamorao e ileng ea fetelletsoa kapa ea sothoa hore e bōpe tšōmo. E ’ngoe ea linnete tsena tsa histori ke tlaleho ea Bibele ea pōpo.a
’Nete le Taba e Iqapetsoeng ka Pōpo
4, 5. Tse ling tsa litumelo tsa litšōmo tsa Bagerike e ne e le life?
4 Litšōmo tsa pōpo li ngata haholo, empa ha ho le e ’ngoe e nang le mabaka a utloahalang joaloka tlaleho ea Bibele ea pōpo. (Genese, likhaolo 1, 2) Ka mohlala, tlaleho e fanoeng litšōmong tsa Segerike e utloahala e le ea boqaba. Mogerike oa pele ea ileng a ngola litšōmo ka mokhoa o hlophisitsoeng ke Hesiod, ea ileng a ngola Theogony lekholong la lilemo la borobeli B.C.E. O hlalosa kamoo melimo le lefatše li qalileng ka teng. O qala ka Gaea, kapa Gaia (Lefatše), ea tsoalang Uranus (Leholimo). Se latelang se hlalosoa ke setsebi Jasper Griffin ho The Oxford History of the Classical World:
5 “Hesiod o pheta pale, e tsejoang ke Homer, ea ho hlahlamana ha melimo ea sepaka-paka. Pele Uranus e ne e le eena ea phahameng haholo, empa o ile a hatella bana ba hae, ’me Gaia a khothalletsa mora oa hae Cronos hore a mo faole. Cronos eena joale a ja bana ba hae, ho fihlela ha mosali oa hae Rhea a mo neha lejoe hore a le je ho e-na le ho ja Zeus; ngoana Zeus o ile a hōlisetsoa Kreta, a qobella ntat’ae hore a hlatse bana ba hae, ’me eena le bona le ka thuso e ’ngoe o ile a hlōla Cronos le Batitan ba hae eaba o ba lahlela Tartarus.”
6. Ho latela Jasper Griffin, e ka ’na eaba mohloli oa litšōmo tse ngata tsa Bagerike ke eng?
6 Bagerike ba ile ba fumana tšōmo ee e makatsang mohloling ofe? Mongoli eena enoa oa araba: “Ho bonahala e simolohile Sumere. Lipaleng tsena tsa bochabela re fumana letoto la melimo, ’me likhopolo tse hlahellang khafetsa tsa ho faoloa, ho koenngoa, le lejoe li ipheta-pheta hangata ka litsela tseo, le hoja li sa tšoane, li bontšang hore ho tšoana ha tsona le ea Hesiod hase ntho e etsahetseng feela ka tšohanyetso.” Ho hlokahala hore re shebe Mesopotamia le Babylona tsa boholo-holo e le tsona mohloli oa litšōmo tse ngata tse ileng tsa ata likhopolong tsa lihlopha tse ling tsa batho.
7. (a) Ke hobane’ng ha ho se bonolo ho fumana boitsebiso ka litšōmo tsa boholo-holo tsa Machaena? (b) Tšōmo e ’ngoe ea Machaena e hlalosa pōpo ea lefatše le motho joang? (Bapisa le Genese 1:27; 2:7.)
7 Litšōmo tsa boholo-holo tsa bolumeli ba batho ba Machaena ha ho bonolo ka mehla ho li hlalosa, kaha litlaleho tse ngata tse ngotsoeng li ile tsa senngoa nakong ea 213-191 B.C.E.b Leha ho le joalo, ho na le litšōmo tse ling tse ntseng li saletse, tse kang e hlalosang kamoo lefatše le ileng la theoa ka teng. Moprofesa oa mesebetsi ea Bochabela, Anthony Christie, oa ngola: “Re ithuta hore Chaos [boemo ba lintho pele li hlophisoa ka pōpo] e ne e tšoana le lehe la khoho. Ho ne ho se teng Leholimo kapa Lefatše. Ka lehe lena ho ile ha tsoaloa P’an-ku, empa ka likarolo tsa lona tse tenya ho ile ha etsoa Lefatše ’me ka likarolo tsa lona tse metsi ha etsoa Leholimo. P’an-ku o tšoantšetsoa e le motho ea holofetseng e mokhutšoanyane, ea apereng letlalo la bere kapa kobo ea makhasi. Ka lilemo tse 18 000 sebaka pakeng tsa Lefatše le Leholimo se ile sa hōla letsatsi le leng le le leng ka [limithara tse tharo], ’me P’an-ku o ile a hōla ka tekanyo e tšoanang hoo ’mele oa hae o ileng oa koala sekheo seo. Ha a e-shoa, likarolo tse sa tšoaneng tsa ’mele oa hae li ile tsa fetoha likarolo tse sa tšoaneng tsa tlhaho. . . . Matsetse a ’mele oa hae a ile a fetoha morabe oa batho.”
8. Ho latela litšōmo tsa Mainca, lipuo li bile teng joang?
8 Ho tsoa Amerika Boroa pale ea Mainca e hlalosa kamoo ’mōpi oa tšōmong a ileng a fana ka puo ho sechaba se seng le se seng. “O ile a neha sechaba se seng le se seng puo eo se neng se tla e bua . . . A neha e mong le e mong boleng le moea hammoho le banna le basali ’me a laela sechaba se seng le se seng hore se tebele ka tlaase ho lefatše. Ka hona sechaba se seng le se seng se ile sa feta ka tlas’a lefatše ’me tsa nyolohela libakeng tseo a neng a li abetse tsona.” (The Fables and Rites of the Yncas, ea Cristóbal de Molina oa Cuzco, e qotsitsoeng ho South American Mythology) Tabeng ena ho bonahala hore tlaleho ea Bibele ea ho ferekanngoa ha lipuo Babele ke eona moko oa ’nete oa tšōmo ena ea Mainca. (Genese 11:1-9) Empa joale a re lebiseng tlhokomelo ea rōna Moroallong o hlalositsoeng ka Bibeleng ho Genese 7:17-24.
Moroallo—Na Ke ’Nete Kapa Tšōmo?
9. (a) Bibele e re bolella eng ka maemo a pele ho Moroallo lefatšeng? (b) Noe le lelapa la hae ba ile ba lokela ho etsa eng hore ba lopolloe Moroallong?
9 Ha e re khutlisetsa morao hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 4 500, hoo e ka bang ka 2 500 B.C.E., Bibele e re bolella hore bara ba moea ba Molimo ba bafetoheli ba ile ba iphetola batho ’me “ba inkela basali.” Ho tsoakana hona ka likamano tsa botona le botšehali hoo e seng ha tlhaho ho ile ha hlahisa Linefilimi tse mabifi, “linatla tsa boholo-holo, tse mabitso a tumileng.” Boitšoaro ba bona bo se nang molao bo ile ba ama lefatše la pele ho Moroallo ho isa ntlheng eo Jehova a ileng a re: “Ke tla timetsa lefatšeng batho bao ke ba bōpileng . . . hobane ke belaela kahoba ke [ba] entse. Empa Noe a fumana mohau pel’a Jehova.” Tlaleho joale e tsoela pele ka mehato e tobileng le e sebetsang eo Noe a ileng a lokela ho e nka hore a ipholose Moroallong hammoho le lelapa la hae le mefuta e sa tšoaneng ea liphoofolo.—Genese 6:1-8, 13–8:22; 1 Petrose 3:19, 20; 2 Petrose 2:4; Juda 6.
10. Ke hobane’ng ha tlaleho ea Bibele ea Moroallo e sa lokela ho talingoa e le tšōmo?
10 Ba kajeno ba tšoaeang liphoso ba bolela hore tlaleho ea liketsahalo tsa pele ho Moroallo e boleloang ho Genese ke tšōmo. Leha ho le joalo, histori ea Noe e ile ea amoheloa ea ba ea lumeloa ke banna ba tšepahalang, ba kang Esaia, Ezekiele, Jesu Kreste, le baapostola Petrose le Pauluse. E boetse e tšehetsoa ke ’nete ea hore e bonahala litšōmong tse ngata haholo lefatšeng ka bophara, ho akarelletsa Thoko ea Gilgamesh ea boholo-holo hammoho le litšōmo tsa Machaena le tsa Maaztec, Mainca, le Bamaya. Re ntse re hopotse tlaleho ea Bibele, a re hlahlobeng litšōmo tsa Baassyria le Bababylona le kamoo li buang ka teng ka moroallo.c—Esaia 54:9; Ezekiele 14:20; Mattheu 24:37; Ba-Heberu 11:7.
Moroallo le Molimo-Motho Gilgamesh
11. Tsebo ea rōna ka Thoko ea Gilgamesh e theiloe ho eng?
11 Ha re khutlela morao historing mohlomong ka lilemo tse ka bang 4 000, re kopana le tšōmo e tummeng ea Akkadian e bitsoang Thoko ea Gilgamesh. Tsebo ea rōna ea sena e theiloe haholo-holo mangolong a mongolo oa cuneiform a neng a e-tsoa pokellong ea libuka ea Ashurbanipal, ea ileng a busa ka 668-627 B.C.E., Nineve ea boholo-holo. Mangolo ana ke a ho tloha lekholong la lilemo la bosupa B.C.E., le hoja tlaleho e qala morao haholo ho feta moo.
12. Gilgamesh e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha a ne a sa ratehe? (Bapisa le Genese 6:1, 2.)
12 Ke pale ea mesebetsi ea bonatla ea Gilgamesh, ea hlalosoang e le molimo likarolong tse peli ho tse tharo le motho karolong e le ’ngoe ho tse tharo, kapa e le molimo-motho. Tlhaloso e ’ngoe ea thoko ena e re: “Uruk o ile a haha marako, lerako le leholo la tšireletso, le tempele ea Eanna ea lehlohonolo bakeng sa molimo oa sepaka-paka Anu, le bakeng sa Ishtar molimotsana oa lerato . . . , mofumahali oa rōna oa lerato le ntoa.” (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 45, bakeng sa letoto la melimo le melimotsana ea Baassyria le Bababylona.) Leha ho le joalo, Gilgamesh e ne e se sebopuoa se setle haholo hore se be teng har’a batho. Baahi ba Uruk ba ile ba ipelaetsa ho melimo: “Takatso ea hae e sa khaotseng ha e tlohelle moroetsana moratuoa oa hae, leha e le mohlabani morali oa hae kapa mosali oa morena.”
13. (a) Melimo e ile ea nka khato efe, ’me Gilgamesh o ile a etsa eng? (b) Utnapishtim e ne e le mang?
13 Melimo e ile ea nka khato efe ha e arabela pelaelo ea batho? Molimotsana Aruru o ile a bōpa Enkidu hore e be motho ea qothisanang lehlokoa le Gilgamesh. Leha ho le joalo, ho e-na le hore e be lira, ba ile ba fetoha metsoalle e haufi. Ha thoko e ntse e tsoela pele, Enkidu o ile a shoa. Gilgamesh ea tsielehileng, o ile a lla: “Mohla ke shoang, na ha ke na ho tšoana le Enkidu? Malimabe a kene mpeng ea ka. Ke ho tšaba lefu, ke solla lithoteng tse cheleng.” O ne a batla lekunutu la ho se shoe ’me a tsoa letšolo ho fumana Utnapishtim, mophonyohi oa moroallo ea neng a nehiloe ho se shoe le melimo.
14. (a) Utnapishtim o ile a bolelloa hore a etse eng? (Bapisa le Genese 6:13-16.) (b) Phello ea leeto la thokong la Gilgamesh e bile efe?
14 Gilgamesh qetellong o fumana Utnapishtim, ea mo phetelang pale ea moroallo. Joalokaha e fumanoa ho Letlapana XI la Thoko ena, e tsejoang e le Letlapana la Moroallo, Utnapishtim o pheta litaelo tseo a ileng a li neoa ka moroallo: “Qhaqha ntlo (ena), haha sekepe! Tela matlotlo, batla bophelo ba hao. . . . Ha u le ka sekepeng u nke peō ea lintho tsohle tse phelang.” Na see ha se utloahale joalokaha Bibele e bua ka Noe le Moroallo? Empa Utnapishtim a ke ke a neha Gilgamesh ho se shoe. Gilgamesh, a saretsoe, o khutlela hae Uruk. Tlaleho e fella ka lefu la hae. Molaetsa o akaretsang oa thoko ena ke masoabi le tsieleho ea lefu le bophelo ba ka morao ho lefu. Batho bao ba boholo-holo ha baa ka ba fumana Molimo oa ’nete le tšepo. Leha ho le joalo, khokahano ea thoko ena le tlaleho e bonolo ea Bibele ea mehla ea pele ho Moroallo e hlakile haholo. Joale a re reteleheleng tlalehong ea Moroallo joalokaha e hlaha lipaleng tse ling.
Pale ea Moroallo Likhopolong Tsa Lihlopha Tse Ling Tsa Batho
15. Ke hobane’ng ha re khahloa ke pale ea Sumere ea moroallo?
15 Le pejana ho tlaleho ea Thoko ea Gilgamesh ke tšōmo ea Sumere e buang ka “Ziusudra, ea lumellanang le Noe oa Bibeleng, ea hlalosoang e le morena ea tšepahalang, ea tšabang molimo, eo ka linako tsohle a ntseng a shebile ho fumana litšenolo tsa bomolimo litorong kapa mantsoeng a pheta-phetoang a boloi.” (Ancient Near Eastern Texts Relating to the Old Testament) Ho latela mohloli oona ona, tšōmo ena “e fana ka tšoano e haufi haholo le e khahlang ka ho fetisisa le ea litaba tsa Bibele e e-song ho senoloe ka hare ho lingoliloeng tsa Sumere.” Tsoelopele ea Bababylona le ea Baassyria, e tlileng hamorao, e ile ea susumetsoa ke Masumere.
16. Lipale tsa Machaena tsa moroallo e ka ’na eaba li ile tsa tsoa mohloling ofe?
16 Buka China—A History in Art e re bolella hore e mong oa babusi ba boholo-holo ba Chaena e ne e le Yü, “mohapi oa Moroallo o Moholo. Yü o ile a khelosa metsi a moroallo ho a etsa linōka le maoatle hore batho ba hae ba boele ba lule hape.” Setsebi sa litšōmo Joseph Campbell o ile a ngola ka “Nako ea ba Leshome ba Baholo” ea Chaena, a re: “Mehleng ena ea bohlokoa, e fellang ka Moroallo, babusi ba leshome ba ile ba fuoa kabelo litšōmong tsa pejana tsa nakong ea Chou. Kahoo, ho bonahala hore seo re se bonang mona e ka ’na eaba e ne e le phetolo ea sebaka seo ea letoto la lenane la marena a khale a Sumere.” Campbell joale o qotsa lintho tse ling tse tsoang lipaleng tsa Machaena tseo ho bonahalang li “tiisa khang ea hore li hlolehile Mesopotamia.” Hoo ho re khutlisetsa mohloling o moholo o tloaelehileng oa litšōmo tse ngata. Leha ho le joalo, pale ea Moroallo e boetse e hlaha Amerika Leboea le Amerika Boroa, ka mohlala, Mexico nakong ea Maaztec makholong a lilemo la bo15 le la bo16 C.E.
17. Maaztec a ne a e-na le lipale life tsa moroallo?
17 Litšōmo tsa Maaztec li ne li bua ka mehla ea pele e mene, eo ea pele ho eona ho neng ho ahile linatla lefatšeng. (Eo ke khopotso e ’ngoe ea Linefilimi, linatla tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng ho Genese 6:4.) Li ne li akarelletsa pale ea moroallo oa khale oo ho oona “metsi a ka holimo a ileng a kopana le a ka tlaase, a felisa sebaka seo ho bonahalang eka leholimo le lefatše li teana ho sona le o ileng oa etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe leoatle le leholohali le se nang moo le qalang le moo le qetellang.” Molimo o neng o laola pula e ne e le Tlaloc. Leha ho le joalo, pula ea oona e ne e sa fumanoe habonolo empa e ne e fanoa “ka ho e fapanyetsana le mali a liphofu tse entsoeng sehlabelo tseo likeleli tse keleketlang tsa tsona li neng li tla tšoantšetsa pula ’me kahoo li qalise ho rotha ha pula.” (Mythology—An Illustrated Encyclopedia) Pale e ’ngoe e bolela hore mehla ea bone e ne e busoa ke Chalchiuhtlicue, molimotsana oa metsi, oo sebaka sa oona se ileng sa timela moroallong. Batho ba ile ba pholosoa ke ho fetoha litlhapi!
18. Ke litlaleho life tse atileng litšōmong tsa Amerika Boroa? (Bapisa le Genese 6:7, 8; 2 Petrose 2:5.)
18 Ka ho tšoanang, Mainca a ne a e-na le lipale tsa oona tsa Moroallo. Sengoli sa Lenyesemane Harold Osborne se re: “Mohlomong litšobotsi tse atileng haholo litšōmong tsa Amerika Boroa ke lipale tsa moroallo . . . Litšōmo tsa moroallo li atile ka bophara har’a batho ba lithabeng le meloko ea libakeng tse mabalane tse chesang. Ho tloaelehile hore moroallo o amahanngoe le pōpo le pontšo ea matla ea molimo-’mōpi. . . . Ka linako tse ling o nkoa e le kotlo ea bomolimo e felisang batho ba teng ha ho lokisetsoa hore ho hlahe morabe o mocha.”
19. Hlalosa pale ea Bamaya ea moroallo.
19 Ka ho tšoanang, Bamaya ba Mexico le Amerika Bohareng ba ne ba e-na le pale ea bona ea Moroallo e neng e akarelletsa sekhohola se seholo se akaretsang, kapa haiyococab, e bolelang “metsi holim’a lefatše.” Mobishopo oa K’hatholike Las Casas o ile a ngola hore Maindia a Guatemala “a ne a o bitsa Butic, e leng lentsoe le bolelang moroallo oa metsi a mangata ’me le bolela kahlolo ea ho qetela, ’me kahoo ba lumela hore Butic e ’ngoe e haufi le ho tla, eo e leng moroallo o mong le kahlolo e ’ngoe, e seng ea metsi, empa ea mollo.” Lipale tse ling tse ngata tsa moroallo li teng ho pota lefatše, empa tse seng kae tse seng li qotsitsoe li sebeletsa ho tiisa moko oa lipale, ketsahalo ea histori e boletsoeng ka bukeng ea Genese.
Tumelo e Hohle ea Hore Moea ha o Shoe
20. Tumelo ea Baassyria le Bababylona mabapi le bophelo ka morao ho lefu e ne e le efe?
20 Leha ho le joalo, hase litšōmo tsohle tse theiloeng ’neteng kapa Bibeleng. Ha a ntse a batla Molimo, motho o itšoarelletse ka mahlokoa, a thetsitsoe ke pono ea bohata ea hore moea ha o shoe. Joalokaha re tla bona bukeng ena eohle, tumelo ea hore moea ha o shoe kapa tse ling tse tšoanang le eona ke lefa le tlileng ho rōna ho theosa le lilemo tse likete. Batho ba likhopolo tsa boholo-holo tsa Assyria le Babylona ba ne ba lumela hore ho na le bophelo ka morao ho lefu. New Larousse Encyclopedia of Mythology ea hlalosa: “Ka tlas’a lefatše, ka mose oane ho mohohlo oa Apsu [o tletseng metsi a hloekileng le o potolohileng lefatše], ho na le sebaka sa bolulo sa bodiabolose seo batho ba theohelang ho sona ka morao ho lefu. E ne e le ‘Lefatše leo ho sa khutloeng ho lona’ . . . Libakeng tsena tsa lefifi la ka ho sa feleng meea ea bafu—edimmu—‘e apereng joaloka linonyana, ka seaparo sa mapheo’ e sobokelletsoe hammoho kaofela.” Ho latela tšōmo ena, lefatše lena la meea e ileng le ne le busoa ke molimotsana Ereshkigal, “Khosatsana ea lefatše le leholo.”
21. Ho latela tumelo ea Baegepeta, ho ne ho etsahala eng ka bafu?
21 Baegepeta ka ho tšoanang ba ne ba e-na le khopolo ea bona ea hore moea ha o shoe. Pele moea o ka finyella boemo bo sireletsehileng ba thabo, o ne o lokela ho beoa sekaleng khahlanong le Maat, molimotsana oa ’nete le toka, o neng o tšoantšetsoa ka lesiba la ’nete. Mosebetsing ona ho ne ho thusa Anubis, molimo o hlooho ea phokojoe, kapa Horus, phakoe. Haeba Osiris a o amohela, moea oo o ne o e-ea ho ea kopanela thabo le melimo. (Bona setšoantšo, leqepheng la 50.) Joalokaha ho atisa ho etsahala, mona re fumana karolo e tloaelehileng ea khopolo ea Bababylona ea hore moea ha o shoe e bōpang malumeli, maphelo le liketso tsa batho.
22. Khopolo ea Machaena e ne e le efe ka bafu, ’me ho ne ho etsoa eng ho ba thusa?
22 Litšōmo tsa khale tsa Machaena li ne li akarelletsa tumelo ea ho phela ka ho tsoetseng pele ka morao ho lefu le tlhokahalo ea ho boloka baholo-holo ba thabile. Baholo-holo ba ne ba “nahanoa e le meea e phelang le e matla, kaofela e amehile haholo ka boiketlo ba bana ba eona ba phelang, empa e e-na le matla a ho ahlola ka bohale haeba e halefisitsoe.” Bafu ba ne ba lokela ho neoa thuso e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa balekane lefung. Kahoo, “marena a mang a Shang . . . a ne a epeloa le liphofu tsa batho ho tloha ka ba lekholo ho isa ho ba makholo a mararo, bao e neng e tla ba bahlokomeli ba hae lefatšeng le latelang. (Mokhoa ona o hokahanya Chaena ea boholo-holo le Egepeta, Afrika, Japane, le libaka tse ling, moo ho neng ho etsoa mahlabelo a tšoanang.)” (Man’s Religions, ea John B. Noss) Maemong ana tumelo ea hore moea ha o shoe e ile ea isa mahlabelong a etsoang ka batho.—Bontša phapang le Moeklesia 9:5, 10; Esaia 38:18, 19.
23. (a) Litšōmong tsa Bagerike, Hades e ne e le mang le eng? (b) Hades ke eng ho ea ka Bibele?
23 Bagerike, kaha ba qapile melimo e mengata litšōmong tsa bona, le bona ba ne ba amehile ka bafu le bokamoso ba bona. Ho latela litšōmo, ea neng a behiloe boikarabelong ba sebaka seo sa lefifi le leholo e ne e le mora oa Cronus le ngoan’abo melimo Zeus le Poseidon. Lebitso la hae e ne e le Hades, ’me sebaka seo a neng a se busa se ile sa rehelloa ka eena. Meea ea bafu e ne e fihla Hades joang?d
24. (a) Ho ea ka litšōmo tsa Bagerike, ho ne ho etsahala eng lefatšeng la meea e ileng? (b) Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa Thoko ea Gilgamesh le litšōmo tsa Bagerike?
24 Sengoli Ellen Switzer sea hlalosa: “Ho ne ho e-na le . . . libopuoa tse tšosang lefatšeng la meea e ileng. Ho ne ho e-na le Charon, ea neng a sesisa seketsoana se neng se nka ba sa tsoa shoa ho ba tlosa lefatšeng la ba phelang ho ba isa lefatšeng la meea e ileng. Charon o ne a batla ho lefuoa bakeng sa tšebeletso ea hae ea seketsoana [ho tšela nōka ea Styx], ’me hangata Bagerike ba ne ba epela bafu ba bona ba kentse chelete ea tšepe tlas’a leleme ho tiisa hore ba na le tefello e lekaneng. Meea e shoeleng e neng e hlōloa ho lefa e ne e bolokoa ka lehlakoreng lesele la nōka, moo e kang ke lefatšeng le sebakeng feela, ’me mohlomong e ne e ka khutla ho tla hlorisa ba phelang.”e
25. Ke bo-mang ba ileng ba susumetsoa ke monahano oa Bagerike ka moea?
25 Litšōmo tsa Bagerike tsa moea li ile tsa susumetsa khopolo ea Baroma, ’me bo-rafilosofi ba Bagerike, ba kang Plato (oa hoo e ka bang ka 427-347 B.C.E.), ba ile ba susumetsa ka matla Bakreste ba pele ba bakoenehi ba neng ba seka-seka litaba ba ileng ba amohela thuto ea hore moea ha o shoe thutong ea bona, le hoja e ne e se na motheo oa Bibele.
26, 27. Maaztec, Mainca, le Bamaya ba ne ba talima lefu joang?
26 Maaztec, Mainca, le Bamaya le bona ba ne ba lumela hore moea ha o shoe. Ho bona lefu e ne e le mohlolo joaloka mekhoeng e meng ea tsoelopele. Ba ne ba e-na le mekete le litumelo tsa bona ho ba thusa ho amohela ntho ena e sa amoheleheng. Joalokaha rahistori oa mesaletsa ea lintho tsa khale Victor W. von Hagen a hlalosa bukeng ea hae The Ancient Sun Kingdoms of the Americas: “Haele hantle bafu ba ne ba phela: ba ne ba mpa ba fetile tšobotsing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe; ba ne ba sa bonahale, ba ke ke ba angoa, ho se se ka ba ntšang kotsi. Bafu . . . ba ne ba fetohile litho tse sa bonahaleng tsa leloko.”—Bona phapang le Baahloli 16:30, NW; Ezekiele 18:4, 20.
27 Mohloli oona oo o re bolella hore “Moindia oa [Inca] o ne a lumela hore moea ha o shoe; haele hantle o ne a lumela hore ha ho mohla motho a shoang, . . . ’mele o shoeleng o ne o mpa o fetoha o sa shoang ’me o ne o nka tšusumetso ea matla a sa bonahaleng.” Bamaya le bona ba ne ba lumela ho moea le maholimo a 13 le lihele tse 9. Kahoo, kae le kae moo re retelehelang teng, batho ba ’nile ba batla ho latola bonnete ba lefu, ’me hore moea ha o shoe e ’nile ea e-ba seikokotlelo seo ho itšetlehoang ka sona.—Esaia 38:18; Liketso 3:23, NW.
28. Tse ling tsa litumelo tse atileng Afrika ke life?
28 Litšōmo tsa Afrika le tsona ka ho tšoanang li akarelletsa ho bua ka moea o tsoelang pele o phela. Maafrika a mangata a phela ka ho tšaba meea ea bafu. New Larousse Encyclopedia of Mythology e re: “Tumelo ena e hokahana le e ’ngoe—bophelo bo sa khaotseng ba moea ka morao ho lefu. Ba sebelisang matla a boloi ba khona ho bitsa meea hore e thuse matla a bona. Meea ea bafu hangata e fetohela ’meleng ea liphoofolo, kapa mohlomong e ka ba ea tsoaloa hape e le limela.” Ka baka leo, Mazulu a ke ke a bolaea linoha tse ling tseo a lumelang hore ke meea ea beng ka oona.
29. Hlalosa tse ling tsa lipale tsa merabe ea Afrika e ka boroa. (Bapisa le Genese 2:15-17; 3:1-5.)
29 Masai a Afrika e ka boroa-bochabela a lumela ho ’mōpi ea bitsoang ’Ng ai, ea behang lengeloi la molebeli pel’a Masai ka bomong e le tšireletso. Motsotsong oa lefu, lengeloi le nka moea oa mohlabani ho ea bophelong ba ka morao ho lefu. Larousse e qotsitsoeng pejana e fana ka pale ea lefu ea Mazulu e amang motho oa pele, uNkulunkulu, eo bakeng sa tšōmo ena a neng a fetohile molimo o phahameng ka ho fetisisa. O ile a rōma lenoabo ho bolella batho, “Motho a ke ke a shoa!” Lenoabo le ile la lieha ’me la haptjoa ke ho hong tseleng. Ka hona uNkulunkulu a romela molaetsa o fapaneng ka mochalla, a re, “Batho ba tla shoa!” Mochalla o ile oa fihla moo pele, “’me ho tloha ka nako eo ha ho motho ea ileng a pholoha lefu.” Pale ena leha e phetoa ka mekhoa e sa tšoaneng, e teng merabeng ea Batswana, Basotho, le Baronga.
30. Bukeng ee ke eng eo re tla e bona hape ka moea?
30 Ha re ntse re tsoela pele ka boithuto bona ba ho batla Molimo ha moloko oa motho, re tla bona ho ea pele kamoo tšōmo ea hore moea ha o shoe e bileng matla ’me e sa ntsaneng e le matla ka teng ho moloko oa motho.
Borapeli ba Letsatsi le Mahlabelo a Etsoang ka Batho
31. (a) Baegepeta ba ne ba lumela eng ka molimo oa letsatsi Ra? (b) Hoo ho fapana joang le seo Bibele e se buang? (Pesaleme ea 19:4-6)
31 Litšōmo tsa Egepeta li akarelletsa sehlopha se seholo sa melimo le melimotsana. Joaloka bathong ba bang ba bangata ba boholo-holo, ha Baegepeta ba ntse ba batla Molimo, ba ile ba khelohela borapeling ba se neng se ntšetsa pele bophelo ba bona ba ka mehla—letsatsi. Kahoo, tlas’a lebitso Ra (Amon-Ra), ba ne ba rapela morena ’musi ea phahameng oa sepaka-paka, ea neng a palama seketsoana ka mehla ho tloha bochabela ho ea bophirima. Ha bosiu bo fihla, o ne a latela tsela e kotsi e fetang lefatšeng la meea e ileng.
32. Hlalosa o mong oa mekete ea molimo oa mollo Xiuhtecutli (Huehueteotl).
32 Mahlabelo a neng a etsoa ka batho e ne e le tšobotsi e tloaelehileng ea borapeli ba letsatsi ba malumeli a Maaztec, Mainca, le Bamaya. Maaztec a ne a keteka letoto le sa feleng la mekete ea bolumeli, ka mahlabelo a neng a etsoa ka batho a etsetsoa melimo ea ’ona e sa tšoaneng, haholo-holo borapeling ba molimo oa letsatsi Tezcatlipoca. Hape, moketeng oa molimo oa mollo Xiuhtecutli (Huehueteotl), “batšoaruoa ba ntoa ba ne ba tantša hammoho le bahapi ba bona ’me . . . ba ne ba pota-potisoa mollo o hlenneng e be joale ba akheloa ka mashaleng, ba huloe ba sa ntsane ba phela hore ho ntšoe lipelo tsa bona tse sa ntsaneng li otla hore li nyeheloe ho melimo.”—The Ancient Sun Kingdoms of the Americas.
33. (a) Borapeli ba Mainca bo ne bo akarelletsa eng? (b) Bibele e re’ng ka mahlabelo a etsoang ka batho?
33 Tlaase boroa, bolumeli ba Mainca bo ne bo e-na le mahlabelo a bona le litšōmo. Borapeling ba boholo-holo ba Mainca, bana le liphoofolo ba ne ba nyeheloa ho molimo oa letsatsi Inti le ho Viracocha, ’mōpi.
Melimo le Melimotsana ea Tšōmong
34. Boraro-bo-bong bo tsebahalang haholo ba Baegepeta bo ne bo entsoe ka bo-mang, hona ba ne ba phetha likarolo life? (Bapisa le 2 Marena 23:5, 11; Jeremia 32:35; Ezekiele 8:16.)
34 Boraro-bo-bong bo tsebisahalang ka ho fetisisa ba Baegepeta ke bo entsoeng ka Isis, letšoao la bomme bo halalelang; Osiris, khaitseli ea hae le molekane; le Horus, mora oa bona, hangata o tšoantšetsoa ka phakoe. Ka linako tse ling liemahale tsa Baegepeta li tšoantšetsa Isis a fana ka letsoele la hae ho ngoana oa hae ka tsela e tšoanang haholo le ea liemahale le litšoantšo tse ferefuoeng tsa moroetsana-le-ngoana tsa Bokreste-’mōtoana, tse ileng tsa hlahella lilemong tse fetang tse likete tse peli hamorao. Ka nako ea teng monna oa Isis, Osiris, o ile a rateha joaloka molimo oa bafu hobane o ile a fana ka tšepo ea bophelo bo thabileng ba ka ho sa feleng bakeng sa meea ea bafu bophelong ba ka morao ho lefu.
35. Hathor e ne e le mang, hona mokete o moholo oa hae oa selemo le selemo e ne e le ofe?
35 Hathor oa Egepeta e ne e le molimotsana oa lerato le thabo, ’mino le tantši. O ile a fetoha mofumahali oa bafu, a ba thusa ka ho ba hloesa lere hore ba finyelle leholimong. Joalokaha New Larousse Encyclopedia of Mythology e hlalosa, o ne a hlomphuoa ka mekete e meholo, “ho feta eohle ka oa Letsatsi la Selemo se Secha, oo e neng e le boikhopotso ba tsoalo ea hae. Pele ho meso moprista oa mosali o ne a ntšetsa setšoantšo sa Hathor mathuleng ho se pepesetsa mahlaseli a letsatsi le chabang. Thabo e neng e latela e ne e le moritaoke feela oa se hlileng se etselitsoeng mokete, ’me letsatsi le ne le qetelloa ka pina le botahoa.” Na lintho li fetohile haholo meketeng ea Selemo se Secha lilemo tse likete hamorao?
36. (a) Boemo ba bolumeli e ne e le bofe bakeng sa Baiseraele lekholong la lilemo la bo16 B.C.E.? (b) Likotlo tse Leshome li ile tsa e-ba le bohlokoa bofe bo khethehileng?
36 Baegepeta le bona ba ne ba e-na le melimo le melimotsana e mengata ea liphoofolo sehlopheng sa bona sa melimo, e kang Apis poho, Banaded pheleu, Heqt sehohoana, Hathor khomo, le Sebek koena. (Ba-Roma 1:21-23) Ke boemong bona ba bolumeli moo Baiseraele ba ileng ba iphumana ba le botlamuoeng joaloka makhoba lekholong la lilemo la bo16 B.C.E. Hore a ba lokolle tšoarong e manganga ea Faro, Jehova, Molimo oa Iseraele, o ile a lokela ho romela likotlo tse leshome tse sa tšoaneng khahlanong le Egepeta. (Exoda 7:14–12:36) Likotlo tseo li ile tsa fella ka ho nyenyefatsoa ho entsoeng ka morero ha melimo ea tšōmong ea Egepeta.—Bona lebokose, leqepheng 62.
37. (a) E meng ea melimo ea Baroma e ne e le batho ba mofuta ofe? (b) Boitšoaro ba melimo bo ile ba ama balateli ba eona joang? (c) Pauluse le Barnabase ba bile le phihlelo efe Lystra?
37 Joale a re feteleng ho melimo ea Greece le Roma tsa boholo-holo. Roma e ile a alima melimo e mengata ho Greece ea boholo-holo, hammoho le lintle le limpe tsa eona. (Bona se ka mabokoseng, maqepheng a 43 le 66.) Ka mohlala, Venus le Flora e ne e le matekatse a pelo li thata; Bacchus e ne e le letahoa le ea ratang mekete e lerata; Mercury e ne e le lesholu la litseleng tse khōlō; ’me Apollo e ne e le moeki oa basali. Ho tlalehoa hore Jupitere, ntat’a melimo, o ile a etsa bofebe kapa a ba le likamano tsa botona le botšehali le basali ba ka bang 59 bao a tsoalanang le bona! (Ke khopotso e kaakang ea mangeloi a bafetoheli a ileng a kopanela likamano tsa botona le botšehali le basali pele ho Moroallo!) Kaha barapeli ba sekamela ho bonahatseng boitšoaro ba melimo ea bona, na ke ho makatsang hore babusi ba Roma ba kang Tibere, Nero, le Caligula ba ile ba phela bophelo bo hlephileng e le bafebi, lihlola, le babolai?
38. (a) Hlalosa mofuta oa borapeli bo neng bo sebelisoa Roma. (b) Bolumeli bo ne bo susumetsa masole a Roma joang?
38 Bolumeling ba bona, Baroma ba ile ba kenyelletsa melimo e tsoang lineanong tse ngata. Ka mohlala, ba ile ba nka ka cheseho borapeli ba Mithras, molimo oa leseli oa Persia, ea ileng a fetoha molimo oa letsatsi oa bona (bona se ka lebokoseng, maqepheng a 60-1), le molimotsana oa Mosyria Atargatis (Ishtar). Ba ile ba fetola [molimotsana oa] Bagerike Artemise oa setsomi sa mosali hore e be Diana ’me ba e-ba le molimo oa bona o tšoanang le Isis oa Baegepeta. Hape ba ile ba nka molimotsana oa kemolo o hararo oa Macelt.—Liketso 19:23-28, TLP.
39. (a) Boprista ba Roma bo ne bo busoa ke mang? (b) Hlalosa o mong oa mekete ea bolumeli ea Baroma.
39 Bakeng sa ho sebelisa lihlotšoana tsa bona tse ratehang libakeng tsa bona tsa borapeli tse nyenyane le litempeleng, ba ne ba e-na le baprista ba sa tšoaneng, bao kaofela ha bona “ba neng ba oela tlas’a matla a Pontifex Maximus [Morena ea Phahameng ka ho Fetisisa], eo e neng e le hlooho ea bolumeli ba naha.” (Atlas of the Roman World) Pokello eona ena e bolela hore o mong oa mekete ea Baroma e ne e le taurobolium, oo ho oona “morapeli a neng a ema ka sekoting ’me a tolisoa maling a poho e neng e etsoa sehlabelo ka holim’a hae. O ne a e-tsoa tšebeletsong ena a le boemong bo hloekileng ba ho hloka molato.”
Litšōmo le Lipale Tsa Bokreste?
40. Litsebi tse ngata li talima liketsahalo tsa Bokreste ba pele joang?
40 Ho latela ba bang ba kajeno ba tšoaeang liphoso, Bokreste le bona bo na le litšōmo le lipale. Na ho hlile ho joalo? Litsebi tse ngata li hana ho tsoaloa ha Jesu ke moroetsana, mehlolo ea hae le tsoho ea hae ka hore ke tšōmo. Tse ling li bile li bolela hore ha ho mohla a kileng a ba teng empa hore tšōmo ena ke ntšetso-pele e tsoang litšōmong tsa boholo-holo haholoanyane le ea borapeli ba letsatsi. Joalokaha setsebi sa litšōmo Joseph Campbell se ile sa ngola: “Ka baka leo, litsebi tse ngata li ’nile tsa fana ka maikutlo a hore ha ho mohla ho kileng ha e-ba le Johanne [Mokolobetsi] kapa Jesu, ke feela molimo oa metsi le molimo oa letsatsi.” Empa ho hlokahala hore re hopole hore litsebi tse ngata ho tsona tsena ke tse sa lumeleng ho Molimo ’me kahoo li latola ho lumela ho Molimo leha e le hofe.
41, 42. Ke bopaki bofe bo teng bo tšehetsang bonnete ba histori ba Bokreste ba pele?
41 Leha ho le joalo, pono ena e bontšang lekhonono e hanana ka ho toba le bopaki ba histori. Ka mohlala, rahistori oa Mojode Josephus (oa hoo e ka bang ka 37 ho ea ho hoo e ka bang ka 100 C.E.) o ile a ngola: “Ho Bajode ba bang ho timetsoa ha lebotho la Heroda ho ile ha bonahala e le phetetso ea bomolimo, ’me ka sebele e le phetetso ea toka, bakeng sa tšoaro ea hae ho Johanne, ea neng a bitsoa Mokolobetsi. Hobane Heroda o ne a mo bolaile, le hoja e ne e le monna ea molemo.”—Mareka 1:14; 6:14-29.
42 Rahistori eena enoa o boetse o paka boteng bo tiisoang ke histori ba Jesu Kreste, ha a ne a ngola hore ho ile ha hlaha “e mong ea bitsoang Jesu, motho ea bohlale ka ho fetisisa, haeba ka sebele a ka bitsoa motho . . . eo barutuoa ba hae ba mo bitsang mora oa Molimo.” O ile a tsoela pele ka ho bolela hore “Pilato o ne a mo ahlotse . . . ’Me le hona joale moloko oa ba bitsoang ‘Bamessia’ ka lebaka la hae o sa ntsane o le teng.”f—Mareka 15:1-5, 22-26; Liketso 11:26.
43. Moapostola Petrose o ne a e-na le motheo ofe oa ho lumela ho Kreste?
43 Ka baka leo, moapostola oa Mokreste Petrose o ne a ka ngola ka kholiseho e felletseng joaloka paki e boneng ho fetoloa ha Jesu, a re: “Hase ho ea ka litšōmo [myʹthos, ka Segerike] tse entsoeng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena oa rōna; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rōna. Hobane enere ha a fuoa hlompho le tlotliso ke Molimo, Ntat’ae, mohla lentsoe le mo tlelang, le e-tsoa khanyeng e phahameng le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena; le rōna re ne re le utloe lentsoe leo, ha le theoha leholimong, re ntse re na le eena thabeng e halalelang.”—2 Petrose 1:16-18.g
44. Ke molao-motheo ofe oa Bibele o lokelang ho hlōla khohlanong leha e le efe pakeng tsa likhopolo tsa motho le Lentsoe la Molimo?
44 Khohlanong ena e pakeng tsa likhopolo tsa “botsebi” tsa motho le Lentsoe la Molimo, re tlameha ho sebelisa molao-motheo o boletsoeng pejana: “Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba lumela, ho se lumele ha bona ho ka fosisa ho tšepeha ha Molimo na? Ho se be joalo! ’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: U tle u fumanoe u lokile lipolelong tsa hao, ’me u tle u hlōle mohla u ahloloang.”—Ba-Roma 3:3, 4.
Likarolo Tse Tloaelehileng
45. Tse ling tsa likarolo tse tloaelehileng tse fumanoang litšōmong tsa lefatše ke life?
45 Tlhahlobo ena e khutšoanyane ea tse ling tsa litšōmo tsa lefatše e sebelelitse ho bontša tse ling tsa litšobotsi tse tloaelehileng, tseo tse ngata tsa tsona li ka saloang morao ho khutlela Babylona, Mesopotamia moo malumeli a mangata a simolohileng teng. Ho na le likarolo tse tloaelehileng, e-bang ke linneteng tsa pōpo, kapa litlalehong tsa nako ea ha melimo-batho le linatla li ne li le teng lefatšeng le ha moroallo o timetsa ba khopo, kapa likhopolong tsa motheo tsa bolumeli tsa borapeli ba letsatsi le tsa hore moea ha o shoe.
46, 47. (a) Re ka fana ka tlhaloso efe ea Bibele bakeng sa tšimoloho e tloaelehileng le likarolo tse tloaelehileng litšōmong? (b) Ke litšobotsi life hape tsa borapeli ba boholo-holo tseo re tla li akaretsa?
46 Ponong ea Bibele, re ka hlalosa likarolo tsena tse tloaelehileng ha re hopola hore ka morao ho Moroallo, ka tšusumelletso e potlakileng ea Molimo moloko oa motho o ile oa saballa ho tloha Babele Mesopotamia lilemong tse fetileng tse fetang 4 200. Le hoja ba ile ba arohana, ba bōpa malapa le meloko ka lipuo tse fapa-fapaneng, ba ile ba qala ka kutloisiso e tšoanang ea histori le likhopolo tsa bolumeli tsa nakong e fetileng. (Genese 11:1-9) Ho theosa le lilemo tse makholo, kutloisiso ena e ile ea sothoa le ho khabisoa khopolong e ’ngoe le e ’ngoe ea sehlopha sa batho, ho fella ka lipale tse ngata tsa boiqapelo, lipale, le litšōmo tse ’nileng tsa theosa ho tla fihla ho rōna kajeno. Litšōmo tsena, li khelohile ’neteng ea Bibele, li hlōlehile ho atametsa moloko oa motho haufi le Molimo oa ’nete.
47 Leha ho le joalo, moloko oa motho le oona o bontšitse lerato la oona la bolumeli ka litsela tse ling tse sa tšoaneng—tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli, boshaman, matla a boloi, borapeli ba baholo-holo, le tse joalo. Na li re bolella ho hong ka ho batla Molimo ha moloko oa motho?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e qaqileng ea pōpo, bona buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society.
b Litšōmo tsa morao haholo tsa Chaena, tseo e leng tholoana ea tšusumetso ea Bobuddha, Botao, le Boconfucius, li tla tšohloa Likhaolong ea 6 le 7.
c Bakeng sa puisano e qaqileng haholoanyane ea bopaki ba Moroallo e le histori, bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, maqephe 327-8, 609-12, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower.
d “Hades” e hlaha ka makhetlo a leshome Mangolong a Bokreste a Segerike, e seng e le motho oa tšōmong, empa e le lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. Ke lentsoe la Segerike leo e leng ntho e le ’ngoe le she’ohlʹ ea Seheberu.—Bapisa le Pesaleme ea 16:10 le Liketso 2:27, Kingdom Interlinear.—Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, maqephe 1015-16, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower.
e Ho khahlisang, Utnapishtim, mohale oa Thoko e Gilgamesh, o ne a e-na le monna oa hae ea tsamaisang seketsoana, Urshanabi, ea ileng a tšelisa Gilgamesh metsi a lefu ho ea teana le mophonyohi oa moroallo.
f Ho latela buka ea lineano ea Josephus, se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe, leqepheng la 48 khatisong ea Harvard University Press, Moqolo IX.
g Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Bokreste, bona Khaolo 10.
[Lebokose le leqepheng la 43]
Melimo Ea Bagerike Le Baroma
Melimo le melimotsana e mengata ea litšōmo tsa Bagerike e ile ea nka maemo a tšoanang litšōmong tsa Baroma. Boitsebiso bo ka tlaase bo thathamisa e meng ea eona.
Bagerike Baroma Karolo
Aphrodite Venus Molimotsana oa lerato
Apollo Apollo Molimo oa leseli, meriana, le ithoko
Ares Mars Molimo oa ntoa
Artemise Diana Molimotsana oa ho tsoma le tsoalo ea bana
Asclepius Aesculapius Molimo oa phekolo
Athena Minerva Molimotsana oa mesebetsi ea matsoho, ntoa, le bohlale
Cronus Saturn Ho Bagerike, ’musi oa Batitan le ntat’a Zeus. Litšōmong tsa Baroma, o boetse ke molimo oa temo
Demeter Ceres Molimotsana oa lintho tse hōlang
Dionysus Bacchus Molimo oa veine, kemolo, le boitšoaro bo hlaha
Eros Cupid Molimo oa lerato
Gaea Terra Letšoao la lefatše, ’m’a le mosali oa Uranus
Hephaestus Vulcan Setei sa tšepe bakeng sa melimo le molimo oa mollo le mesebetsi e etsoang ka tšepe
Hera Juno Mosireletsi oa lenyalo le basali. Ho Bagerike, khaitseli le mosali ho Zeus; ho Baroma, mosali oa Jupitere
Heremese Mercury Lenģosa la melimo; molimo oa khoebo le saense; le mosireletsi oa ba maetong, masholu, le baleleri
Hestia Vesta Molimotsana oa maifo
Hypnos Somnus Molimo oa boroko
Pluto, Hades Pluto Molimo oa lefatše la meea e ileng
Poseidon Neptune Molimo oa leoatle. Litšōmong tsa Bagerike, e boetse ke molimo oa litšisinyeho tsa lefatše le lipere
Rhea Ops Mosali le khaitseli ho Cronus
Uranus Uranus Mora le monna ho Gaea le ntat’a Batitan
Zeus Jupitere ’Musi oa melimo
E theiloe ho The World Book Encyclopedia, 1987, Moqolo 13.
[Lebokose le leqepheng la 45]
Melimo Le Melimotsana Ea Baassyria Le Bababylona
Anu — molimo o phahameng ka ho fetisisa, o busang maholimo; ntat’a Ishtar
Asshur — molimo oa mohlabani oa naha oa Baassyria; e boetse ke molimo oa kemolo
Ea — molimo oa metsi. Ntat’a Marduke. O ile a lemosa Utnapishtim ka moroallo
Enlil (Bel) — morena oa moea; hamorao o ile a lekana le Zeus litšōmong tsa Bagerike. Bababylona ba ile ba mo fetola Marduke (Bel)
Ishtar — mothofatso e halalelang ea planete Venus; botekatse bo halalelang ke karolo ea sehlotšoana sa hae. E ne e le Astarte Fonesia, Atargatis Syria, Ashtarothe Bibeleng (1 Marena 11: 5, 33), Aphrodite Greece, Venus Roma
Marduke — oa pele ho melimo ea Bababylona; “o ile a koenya melimo e meng kaofela ’me a nka mesebetsi e sa tšoaneng ea eona kaofela.” Baiseraele ba ne ba mo bitsa Merodake
Shamash — molimo oa letsatsi oa leseli le toka. Moeta-pele oa Apollo oa Bagerike
Sin — molimo oa khoeli, setho sa boraro-bo-bong bo akarelletsang Shamash (letsatsi) le Ishtar (planete Venus)
Tammuz (Dumuzi) — molimo oa kotulo. Moratuoa oa Ishtar
(E theiloe ho New Larousse Encyclopedia of Mythology)
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 60]
Melimo Ea Lesole La Roma
Roma e ne e tumme ka lebotho la eona le laolehileng. Bonngoe ba ’muso oa eona bo ne bo itšetlehile ka moea le ho sebetsa hantle ha mabotho a eona. Na bolumeli e ne e le lebaka le ka nahaneloang? E, ’me ka lehlohonolo bakeng sa rōna, Baroma ba siile bopaki bo totobetseng ba mosebetsi oa bona ka sebopeho sa litsela tse khōlō, liqhobosheane, likotopo tsa metsi, liholo tse khōlō, le litempele. Ka mohlala, Northumbria, ka leboea ho England, ho na le Lerako le tummeng la Hadrian, le hahiloeng hoo e ka bang ka 122 C.E. Liepolloa li senotse eng ka mosebetsi oa Baroma oa libaka tseo masole a neng a lula ho tsona le karolo ea bolumeli?
Polokelong ea Lintho tsa Bohlokoa ea Housesteads, e haufi le masupi a epollotsoeng a sebaka sa Baroma seo masole a neng a lula ho sona Lerakong la Hadrian, bopaki bo re: “Bophelo ba bolumeli ba lesole la Moroma bo ne bo arotsoe likoto tse tharo. Sa pele . . . sehlotšoana sa Babusi ba Neng ba Entsoe Melimo le borapeli ba melimo e sireletsang ea Roma e kang Jupitere, Victory le Mars. Ho ne ho e-na le aletare e neheloang ho Jupitere selemo se seng le se seng mabaleng ao ho bokanoang ho oona qhobosheaneng e ’ngoe le e ’ngoe. Masole kaofela a ne a lebelletsoe ho kopanela meketeng e ketekang matsatsi a tsoalo, matsatsi a ho beoa boreneng le a litlhōlo a Babusi ba Neng ba Entsoe Melimo.” Ho tšoana hakaakang le mekhoa ea mabotho ea kajeno, eo ho eona baruti ba mabotho a ntoa, lialetare, le lifolakha e leng karolo e hlophisitsoeng ea borapeli ba mabotho.
Empa tšobotsi ea bobeli ea bophelo ba bolumeli ba lesole la Moroma e ne e le eng? E ne e le borapeli ba melimo e sireletsang le moea o lebelang oa lebotho la bona le khethehileng “hammoho le melimo eo a tlileng le eona linaheng tsa habo ’ona.”
“Qetellong e le lihlotšoana tse neng li lateloa ke motho ka mong. Hafeela lesole le ne le phethahatsa lintho tse le tlammeng lihlotšoaneng tsa molao le ne le lokolohile ho rapela molimo leha e le ofe oo le lakatsang ho o rapela.” Hoo ho utloahala joaloka boemo bo nahanelang ba bolokolohi ba borapeli, empa “mekhelo e ne e le malumeli ao, Bodruid e neng e le bo bong ba oona, ao mekhoa ea ’ona e neng e nkoa e se na botho, le Bokreste.”—Bapisa le Luka 20:21-25; 23:1, 2; Liketso 10:1, 2, 22.
Ho thahasellisang, ka 1949 tempele ea Mithras e ile ea sibolloa mokhoabong oa Carrawburgh, haufi haholo le Lerako la Hadrian. (Bona setšoantšo.) Baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba hakanya hore e hahiloe hoo e ka bang ka 205 C.E. E na le setšoantšo sa molimo oa letsatsi, lialetare, le mongolo oa Selatine o reng, ka karolo, “Ho Mithras molimo o sa hlōloeng.”
[Lebokose le leqepheng la 62]
Melimo Ea Egepeta Le Likotlo Tse Leshome
Jehova o ile a phethahatsa kahlolo holim’a melimo e se nang matla ea Egepeta ka Likotlo tse Leshome.—Exoda 7:14–12:32.
Kotlo Tlhaloso
1 Metsi a Nile le a mang a ile a fetoha mali. Molimo oa Nile Hapi o ile oa hlabisoa lihlong
2 Lihohoana. Molimotsana oa lihohoana Heqt oa hloka matla a ho li thibela
3 Lerōle la fetoha linta. Thoth, morena oa matla a boloi, o ile a sitoa ho thusa Baegepeta ba sebelisang matla a boloi
4 Menoang holim’a Egepeta eohle ntle ho Goshene moo Iseraele e neng e lula teng. Ha ho molimo o ileng oa khona ho e thibela—leha e le eena Ptah, ’mōpi oa bokahohle, kapa Thoth, morena oa matla a boloi
5 Seoa holim’a mehlape. Leha e le molimotsana oa khomo o halalelang Hathor kapa Apis poho e sitiloe ho thibela kotlo ena
6 Mathopa. Melimo e phekolang Thoth, Isis, le Ptah e sitiloe ho thusa
7 Lialuma le sefako. Li ile tsa senola ho hloka matla ha Reshpu, molaoli oa mahalima, le Thoth, molimo oa pula le lialuma
8 Litsie. Hona e bile lihlong tse fetisisang ho molimo oa kemolo Min, mosireletsi oa limela
9 Matsatsi a mararo a lefifi. Ra, molimo oa letsatsi o tlang boemong ba pele, le Horus, molimo oa letsatsi kamanong ea lona le lefatše, e ile ea hlabisoa lihlong
10 Ho shoa ha matsibolo ho akarelletsa la Faro, le neng le nkoa e le molimo-motho. Ra (Amon-Ra), molimo oa letsatsi ’me ka linako tse ling a tšoantšetsoa e le pheleu, o ile a sitoa ho e sitisa
[Lebokose le leqepheng la 66]
Litšōmo Le Bokreste
Borapeli ba melimo ea tšōmong ea Greece le Roma tsa boholo-holo bo ne bo e-na le tšusumetso ka ho felletseng ha Bokreste bo qala ho hlahella hoo e ka bang lilemo tse fetileng tse likete tse peli. Asia Minor batho ba Lystra (e Turkey ea kajeno) ba ile ba bitsa baphekoli ba Bakreste Pauluse le Barnabase “melimo,” Mercury le Jupitere. Tlaleho e bolela hore “moprista oa Jupitere, ea neng a le pel’a motse oa bona, a tla ka lipoho le meqhaka khorong, a rata ho etsa mahlabelo a e-na le bongata.” (Liketso 14:8-18) Ebile ka thata Pauluse le Barnabase ba ileng ba kholisa matšoele hore a se ke a ba etsetsa mahlabelo. Ho bontša kamoo batho bao ba neng ba nka litšōmo tsa bona ka botebo morao koo.
[Setšoantšo se leqepheng la 44]
Thaba Ea Olympus, Greece, Moo Ho Nahanoang Hore Ke Lehae La Melimo
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Letlapa la letsopa le ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform le fana ka karolo ea Thoko ea Gilgamesh
[Setšoantšo se leqepheng la 50]
Anubis, molimo o hlooho ea phokojoe, o beha moea o nang le pelo sekaleng se ka letsohong le letšehali, khahlanong le Maat, molimotsana oa ’nete le toka, o tšoantšetsoang ka lesiba; Thoth o ngola liphello letlapeng pele a li bolella Osiris
[Setšoantšo se leqepheng la 55]
Chalchiuhtlicue, molimotsana oa Maaztec oa metsi a hloekileng; sejana se sekoti se bōpehileng joaloka sephōkō seo ho lumeloang hore ho ne ho tšeloa lipelo tse entsoeng sehlabelo ho sona
[Setšoantšo se leqepheng la 57]
Boraro-bo-bong ba Baegepeta: ho tloha ka letsohong le letšehali, Horus, Osiris, le Isis
[Litšoantšo tse leqepheng la 58]
Borapeli ba letsatsi ba Inca bo ne bo etsoa Machu Picchu, Peru
Intihuatana, setšoantšo se manehiloeng, “tšiea e holehang” letsatsi, mohlomong e neng e sebelisoa mabapi le borapeli ba letsatsi Machu Picchu
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Litšoantšo tsa Horus phakoe, Apis poho, le Heqt sehohoana. Melimo ea Baegepeta e ile ea sitoa ho thibela likotlo tseo Jehova a ileng a li romela, ho akarelletsa kotlo ea ho fetola Nile mali
[Setšoantšo se leqepheng la 64]
Melimo ea Bagerike, ho tloha ka letsohong le letšehali, Aphrodite; Zeus, o jere Ganymede, moqhatsetsi oa melimo; le Artemise