Khaolo 4
Ho Batla se sa Tsejoeng ka Matla a Boloi le ka Tumelo ea ho Bua le Meea ea Bafu ka Lilaoli
1. Pauluse o ile a bolella batho ba Athene eng Areopago? Hobane’ng?
“BANNA ba Athene, ke lemoha hore linthong tsohle ho bonahala le inehetse ho tšaba melimo haholoanyane ho feta ba bang.” (Liketso 17:22, NW) Ke seo moapostola oa Mokreste Pauluse a ileng a se bolella letšoele le neng le bokane Areopago, kapa Leralla la Mars, motseng oa boholo-holo oa Athene, Greece. Pauluse o ile a etsa polelo eo hobane pejana o ne a ile a bona hore “motse o tletse melimo ea litšoantšo.” (Liketso 17:16, NW) O ne a ile a bona eng?
2. Ke eng se ileng sa bontša hore batho ba Athene ba ne ba tšaba melimo?
2 Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a ile a bona melimo e sa tšoaneng ea Bagerike le Baroma motseng oo o neng o e-na le lichaba tse ngata, ’me ho ne ho hlakile hore bophelo ba batho bo ne bo lohelletsoe borapeling ba bona ba melimo. Ka lebaka la ho tšaba hore mohlomong ka tsietsi ba ka ’na ba hlokomoloha ho rapela molimo leha e le ofe oa bohlokoa kapa o matla oo, ka lebaka leo o neng o ka halefa haholo, batho ba Athene ba bile ba akarelletsa le “Molimo o sa tsejoeng” borapeling ba bona. (Liketso 17:23) Hono ka sebele ho ile ha bontša ka ho hlaka hore ba tšaba melimo.
3. Na ho tšaba melimo ho ile ha fella feela ho batho ba Athene?
3 Haele hantle, ho tšaba melimo, haholo-holo e sa tsejoeng, ha hoa ka ha fella feela ho batho ba Athene ba lekholong la pele la lilemo. Ho busitse hoo e ka bang moloko oohle oa motho ka lilemo tse likete-kete. Likarolong tse ngata tsa lefatše, hoo e ka bang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho e amana ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang le molimo o mong o itseng kapa meea. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, litšōmo tsa Baegepeta, Bagerike, Baroma, Machaena, le ba bang ba boholo-holo li ne li kena ka metso likhopolong tsa melimo le meea, e neng e nka karolo ea bohlokoa litabeng tsa botho kapa tsa sechaba ka seng. Nakong ea Mehla e Bohareng, lipale tsa ba neng ba ithuta meriana ka tšepo ea ho thibela mafu, botsofali le lefu, lilaoli, le baloi li ne li atile sebakeng sohle se neng se busoa ke Bokreste-’mōtoana. ’Me boemo bo batla bo tšoana kajeno.
Litšebeletso le Litumela-khoela Kajeno
4. E meng ea meetlo e ratehang e amanang ka ho hlakileng le melimo kapa meea ke efe?
4 E-bang batho baa ho lemoha kapa che, lintho tse ngata tseo ba li etsang li amana le mekhoa kapa litumelo tsa tumela-khoela, tse ling li amana le melimo kapa meea. Ka mohlala, na u ne u tseba hore ho bolokoa ha letsatsi la tsoalo ho simolohile boleping ba linaleli, bo behang bohlokoa bo boholo letsatsing le tobileng leo motho a tsoetsoeng ka lona? Ho thoe’ng ka kuku ea letsatsi la tsoalo? Ho bonahala e amana le molimotsana oa Bagerike Artemise, oo letsatsi la oona la tsoalo le neng le ketekoa ka likuku tse entsoeng ka mahe a linotši tse bōpehileng joaloka khoeli tse neng li hlongoa likerese ka holimo. Kapa na u ne u tseba hore ho apara botšo liphupung tšimolohong e ne e le leqheka la ho baleha tlhokomelo ea meea e mebe eo ho neng ho boleloa hore e ne e nyonyoba linakong tse joalo? Maafrika a mang a matšo a itlotsa ka ntho e tšoeu, ’me ba siameng linaheng tse ling ba apara mebala e sa tloaelehang e le hore meea e se ke ea ba tseba.
5. Tse ling tsa litumela-khoela tse tloaelehileng tseo u li tsebang ke life?
5 Ntle ho meetlo ena e ratehang, hohle batho ba na le litumela-khoela tsa bona le lintho tseo ba li tšabang. Ka Bophirima, ho pshatla seipone, ho bona katse e ntšo, ho tsamaea tlas’a lere, hape, ho itšetlehile ka hore na u hokae, Labobeli kapa Labohlano la la 13 ke matsatsi a talingoang e le lipontšo tse bolelang esale pele ntho e ’ngoe e mpe e tlang. Bochabela, Majapane a apara kimono ea ’ona a fapanyelitse letsoho le letšehali ka holimo ho le letona, hobane ho e fapanyetsa ka lehlakoreng le leng ho boloketsoe litopo. Matlo a ’ona a ahoa a se na lifensetere kapa menyako e shebileng leboea-bochabela e le hore bademona, bao ho boleloang hore ba hlaha le ka lehlakoreng leo, ba se ke ba fumana moo ba kenang le teng. Philippines, batho ba rōla bafu lieta ’me ba li beha ka thōko ho maoto pele ho phupu e le hore “Mohalaleli” Petrose a tle a ba amohele. Batho ba baholo ba bolella bacha hore ba itšoare hantle ka ho supa hore sebopeho se khoeling ke sa “Mohalaleli” Michael, ea shebelletseng le ea ntseng a ngola liketso tsa bona.
6. Kajeno batho ba amehile hakae tumelong ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli?
6 Leha ho le joalo, tumelo ho meea le melimo, ha e felle feela meetlong le litumela-khoeleng tseo ho bonahalang li se na kotsi. Har’a batho ba sa tsoelang pele le ba tsoetseng pele, batho ba retelehela mekhoeng e sa tšoaneng hore ba laole kapa ba kokobetse bohale ba meea e tšosang le hore ba fumane mohau oa e etsetsang batho melemo. Ka tlhaho, re ka ’na ra nahana pele ka batho ba likhoeng tse hōle le lithabeng ba eang ho ba reng ba buisana le bafu, li-epa-meri, le bo-shaman (baprista ba matla a boloi) ha ba kula kapa ba le litlallong ka tsela e ’ngoe e itseng. Empa batho ba metseng e meholo le e menyenyane le bona ba ea ho balepi ba linaleli, ba bonang lintho tsa moea, ba reng ba bolela tse tla etsahala, le ba reng baa profeta ho ea botsa ka nako e tlang kapa ho fumana thuso ea ho etsa liqeto tsa bohlokoa. Ba bang, le hoja ka tloaelo e le litho tsa bolumeli bona kapa bo bong, ba phehella mekhoa e joalo ka cheseho. Ba bang ba bangata ba entse hore bolumeli ba bona e be tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli, boloi le matla a mohlolo a ho tseba lipatuoeng.
7. Ho hlokahala hore re nahane ka lipotso life?
7 Mohloli kapa tšimoloho ea mekhoa ee eohle le litumela-khoela ke eng? Na ke feela litsela tse fapaneng tsa ho atamela Molimo? Habohlokoa haholoanyane, li etsetsa ba li latelang eng? Ho fumana likarabo lipotsong tsena, re tlameha ho hetla morao historing ea motho le ho fumana tlhase ea litsela tsa hae tsa pejana tsa ho rapela.
Ho Hahamalla Tse sa Tsejoeng
8. Ke tšobotsi efe e ikhethang e khethollang batho ho libōpuoa tse tlaase?
8 Ho fapana le seo litsebi tsa ho iphetola ha lintho li ka ’nang tsa se bolela, motho o na le motsoako o itseng oa bomoea o mo etsang hore a fapane le libōpuoa tse tlaase a be a li phahamele. O tsoetsoe ka tšusumetso ea ho batla tse sa tsejoeng. Ka linako tsohle o loana le lipotso tse kang: Morero oa bophelo ke eng? Ho etsahala eng ka mor’a hore motho a shoe? Haele hantle, kamano ea motho le lefatše le bonahalang, bokahohle, ke efe? Hape o khannoa ke takatso ea ho hahamalla ho hong ho phahameng kapa ho matla haholoanyane ho mo feta e le hore a ka tseba ho laola tikoloho ea hae le bophelo ba hae.—Pesaleme ea 8:3, 4; Moeklesia 3:11; Liketso 17:26-28.
9. Setsebi se seng se hlalosa “bomoea” joang?
9 Ivar Lissner bukeng ea hae Man, God and Magic o ho hlalosa ka tsela ena: “Ha ho letho leo motho a ka le etsang haese ho hlolloa ke phehello eo motho a ’nileng a loana ka eona, historing eohle ea hae, ho hahamalla ho fihla ka ntle ho eena ka boeena. Ha ho mohla matla a hae a kileng a tobisoa feela litlhokong tsa bophelo. Ka mehla o ’nile a batlisisa, a phopholetsa tsela ea hae ho ea pejana, a batla ho finyella se ke keng sa finyelloa. Tšusumetso ena e futsitsoeng le ea mohlolo e ho motho ke bomoea ba hae.”
10. Ke eng e bontšang hore motho o na le tšusumetso ea tlhaho ea ho hahamalla ho fihla ho Molimo?
10 Haele hantle, ba sa lumeleng ho Molimo ha ba talime litaba ka tsela eo. Ka kakaretso ba amahanya tšekamelo ena ea botho le litlhoko tsa motho, tsa kelello kapa tse ling, joalokaha re bone ho Khaolo 2. Leha ho le joalo, na hase phihlelo e tloaelehileng ea rōna hore ha re talimane le kotsi kapa re le boemong bo tsietsang, bohato ba pele ba batho ba bangata ke ho ipiletsa ho Molimo kapa matla a mang a phahameng haholoanyane bakeng sa thuso? Hona ke ’nete kajeno joalokaha e ne e le ’nete linakong tse fetileng. Kahoo, Lissner o ile a boela a re: “Ha ho lea mong ea ileng a etsa lipatlisiso har’a batho ba khale ka ho fetisisa ba sa tsoelang pele ea ka hlōlehang ho utloisisa hore kaofela ba ne ba nahana ka Molimo, hore ba ne ba hlokomela ka ho felletseng hore ho na le boleng bo phahameng.”
11. Phello ea boiteko ba motho ba ho hahamalla ho fihla ho tse sa tsejoeng ke eng? (Bapisa le Ba-Roma 1:19-23.)
11 Mokhoa oo ba ileng ba leka ho khotsofatsa takatso ena eo ba tsoetsoeng le eona ea ho hahamalla ho fihla ho tse sa tsejoeng e bile taba e ’ngoe. Litsomi le balisa ba neng ba lula hohle ba ne ba thothometsoa ke matla a libatana tsa naha. Balemi ba ne ba tloaelane ka ho khethehileng le liphetoho boemong ba leholimo le linako tsa selemo. Ba neng ba lula likhoeng ba ne ba itšoara ka mokhoa o fapaneng haholo le batho ba neng ba phela mahoatateng kapa lithabeng. Har’a tšabo ena le litlhoko tse sa tšoaneng, batho ba ile ba hōlisa mekhoa ea bolumeli e sa tšoaneng ka mokhoa o makatsang eo ka eona ba neng ba e-na le tšepo ea ho ipiletsa ho melimo e etsetsang batho melemo le ho kokobetsa bohale ba e tšosang.
12. Ke litšobotsi life tse tloaelehileng tse bonoang hohle mekhoeng ea bolumeli ea batho?
12 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se tšoane ho hongata, ho na le litšobotsi tse itseng tse tšoanang tse hlokomelehang mekhoeng ena ea bolumeli. Har’a tsona ke tlhompho e tebileng le tšabo ea meea e halalelang le matla a phahametseng tlhaho, tšebeliso ea matla a boloi, ho noha bokamoso ka matšoao le lipontšo, bolepi ba linaleli, le mekhoa e sa tšoaneng ea ho bolela tse tlang ho etsahala. Ha re ntse re hlahloba litšobotsi tsena, re tla bona hore li nkile karolo e khōlō ho bōpeng monahano oa bolumeli oa batho ho pota lefatše le ho theosa le mehla, esita le ho akarelletsa batho ba kajeno.
Meea e Halalelang le Matla a Phahametseng Tlhaho
13. Ke eng eo e ka ’nang eaba e ne e qaka batho linakong tse fetileng?
13 Ho bonahala bophelo ba batho ba linakong tsa pele bo ne bo tletse limakatso. Ba ne ba potolohuoe ke liketsahalo tseo ho neng ho le thata ho li hlalosa le tse qakang. Ka mohlala, ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha motho ea charolang ka ho phethahetseng a ne a ka hlaseloa ke ho kula ka tšohanyetso, kapa hore na ke hobane’ng ha leholimo le ka sitoa ho fana ka pula ka nako ea teng, kapa hore na ke hobane’ng ha sefate se hlobotseng seo ho bonahalang se se na bophelo se ka fetoha se setala ’me sa bonahala se tletse bophelo ka nako e itseng ea selemo. Esita le seriti sa motho ka boeena, ho otla ha pelo, le phefumoloho e ne e le limakatso.
14, 15. Ka lebaka la khaello ea kutloisiso le tataiso, ho bonahala motho a ile a amahanya lintho tseo a sitoang ho li hlalosa le eng? (Bapisa le 1 Samuele 28:3-7.)
14 Ka tšekamelo ea moea eo motho a tsoaloang le eona, e ne e le ho ka lebelloang hore a amahanye lintho tsena tse mo makatsang le liketsahalo le matla a mang a itseng a phahametseng tlhaho. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho haelloa ke tataiso e loketseng le kutloisiso, lefatše la hae le ile la phakisa la tlala meea ea batho ba shoeleng, meea, lithotsela, le bademona. Ka mohlala, Maindia a Algonquian a Amerika Leboea a bitsa moea oa motho otahchuk, e bolelang “seriti sa hae,” ’me batho ba Malay ba Asia e ka Boroa-bochabela ba lumela hore ha motho a e-shoa, moea oa hae o pholoha ka masoba a linko tsa hae. Kajeno, tumelo ho meea le ho meea ea batho ba shoeleng—le boiteko ba ho bua le eona ka mokhoa o mong o itseng—e batla e le e akaretsang.
15 Ka mokhoa o tšoanang, lintho tse ling tikolohong ea tlhaho—letsatsi, khoeli, linaleli, maoatle, linōka, lithaba—ho ne ho bonahala li phela ’me li e-na le tšusumetso e tobileng liketsong tsa batho. Kaha lintho tsena ho ne ho bonahala li e-na le lefatše la tsona, li ile tsa mothofatsoa hore e be meea le melimo, e meng e le e etsetsang batho melemo le ho ba thusa, e meng e le khopo ’me e le kotsi. Borapeli ba lintho tse bōpiloeng bo ile ba nka sebaka sa bohlokoa hoo e ka bang malumeling ’ohle.
16. Borapeli ba meea, melimo, le lintho tse halalelang bo ile tsa bontšoa joang?
16 Re ka fumana litumelo tsa mofuta ona malumeling a hoo e ka bang tsoelopeleng e ’ngoe le e ’ngoe ea boholo-holo. Bababylona le Baegepeta ba ne ba rapela melimo ea bona ea letsatsi, khoeli, le lihlopha tsa linaleli. Liphoofolo le libatana tsa naha le tsona li ne li le har’a lintho tseo ba li rapelang. Mahindu a tsebahala ka sehlopha sa ’ona sa melimo, e baloang ka limillione. Machaena le ’ona ka mehla a ’nile a e-ba le lithaba tsa ’ona tse halalelang le melimo ea ’ona ea linōka, ’me a bontša botšepehi ba oona ho lelapa ka ho rapela baholo-holo. Madruid a boholo-holo a Lihleke-hleke tsa Brithani a ne a nka hore lifate tsa leoka lia halalela, ’me a ne a fana ka borapeli bo khethehileng ho semela sa mistletoe se hōlang se imamaretse ka sefate sa leoka. Hamorao, Bagerike le Baroma ba ile ba tlatsetsa ka karolo ea bona; ’me ho lumela ho meea, melimo, meea ea batho, bademona, le lintho tse halalelang tsa mefuta eohle ho ile ha mela ka tieo.
17. Borapeli ba lintho tse bōpiloeng bo sa ntsane bo bonahala ka eng kajeno?
17 Le hoja batho ba bang kajeno ba ka ’na ba talima litumelo tsohle tse joalo e le litumela-khoela, likhopolo tsena li sa ntsane li fumanoa mekhoeng ea bolumeli ea batho ba bangata ho pota lefatše. Ba bang ba sa ntsane ba lumela hore lithaba, linōka, mafika a bōpehileng ka tsela e makatsang, lifate tse tsofetseng, le lintho tse ling tse ngata lia halalela, ’me ba li rapela e le lintho tseo ho ka ineheloang ho tsona. Ba haha lialetare, libaka tsa borapeli, le litempele libakeng tsena. Ka mohlala, Nōka ea Ganges ea halalela ho Mahindu, ao takatso ea ’ona e ratehang ka ho fetisisa e leng ho tola ho eona ha a sa ntsane a phela le hore molora oa ’ona o tle o fafatsoe ho eona ka morao ho lefu. Mabuddha a nka e le phihlelo e sa tloaelehang ho rapela sebakeng sa borapeli sa Buddh Gaya, India, moo ho boleloang hore Buddha o ile a fumana leseli la litaba tlas’a sefate sa bodhi. Mak’hatholike a oa ka mangole Basilica ea Mofumahali oa Rōna oa Guadalupe e Mexico kapa a tola metsing a “halalelang” sebakeng sa borapeli se Lourdes, France, ha a batla lipheko tsa mohlolo. Ho rapeloa ha lintho tse bōpiloeng ho e-na le ’Mōpi ho sa ntsane ho bonahala haholo kajeno.—Ba-Roma 1:25.
Ho Hōla ha Matla a Boloi
18. Tumelo meeeng le ho melimo e ile ea isa ho eng?
18 Hang hoba ho tiisoe tumelo ea hore lefatše le se nang bophelo le tletse meea, e molemo le e mebe, ho ile ha isa habonolo mohatong o latelang—boiteko ba ho buisana le e molemo bakeng sa tataiso le mahlohonolo le ho kokobetsa bohale ba e mebe. Phello e bile tloaelo ea matla a boloi, e atileng hoo e ka bang sechabeng se seng le se seng nakong e fetileng le hona joale.—Genese 41:8; Exoda 7:11, 12; Deuteronoma 18:9-11, 14; Esaia 47:12-15; Liketso 8:5, 9-13; 13:6-11; 19:18, 19.
19. (a) Matla a boloi ke eng? (b) Ke hobane’ng ha ho bonahala batho ba bangata ba lumela matla a boloi?
19 Kutloisisong ea ’ona ea motheo, matla a boloi ke boiteko ba ho laola kapa ho qobella matla a tlhaho kapa a phahametseng tlhaho ho etsa thato ea motho. Ka lebaka la ho se tsebe sesosa sa sebele sa liketsahalo tse ngata tsa letsatsi le leng le le leng, batho mekhatlong ea pejana ba ne ba lumela hore ho pheta-phetoa ha mantsoe a itseng a matla a boloi kapa lipina, kapa ho etsoa ha litšebeletso tse itseng, ho ne ho ka tlisa liphello tse itseng tse lakatsoang. Se neng se ka etsa hore batho ba lumele mofuta ona oa matla a boloi ke hore tse ling tsa litšebeletso tsena li ne li hlile li sebetsa. Ka mohlala, li-epa-meri—tseo e neng e hlile e le lingaka tse sebelisang matla a boloi kapa lilaoli—tsa Lihleke-hleke tsa Mentawai tsa Sumatra bophirima ho ne ho tlalehoa hore li atleha ka mokhoa o hlollang ho phekola batho ba tšoeroeng ke letšollo. Molao oa bona oa matla a boloi e ne e le ho etsa hore mokuli a paqame ka sefahleho se shebileng fatše haufi le lintši tsa selomo e be o nyeka mobu nako le nako. Ke eng se neng se etsa hore hoo ho sebetse? Mobu o lilomong o ne o e-na le kaolin, letsopa le lesoeu leo ho tloaelehileng hore le sebelisoe merianeng e meng ea kajeno ea letšollo.
20. Ho ile ha tla joang hore matla a boloi a buse bophelo ba batho?
20 Likatleho tse seng kae tsa mofuta ona li ne li potlakela ho nyopisa ho hlōleha hohle ’me li etsetsa ba sebelisang mekhoa ena botumo bo botle. Ka potlako ba fetoha litho tse hlomphuoang ka tšabo le tse nketsoeng holimo—baprista, balaoli, bo-shaman, li-epa-meri, lingaka tsa baloi, ba buisanang le meea ea bafu. Batho ba ne ba e-ea ho bona ka mathata a bona, a kang ho phekoloa kapa ho thibela ho kula, ho fumana lintho tse lahlehileng, ho fumana masholu, ho leleka litšusumetso tse mpe, le ho etsa boiphetetso. Qetellong ha e-ba le sehlopha se seholo sa mekhoa ea tumela-khoela le litšebeletso tse sebetsanang le litaba tsena hammoho le liketsahalo tse ling bophelong, tse kang ho tsoaloa ha bana, ho fihla lilemong, ho lebeletsoa lenyalong, lenyalo, lefu, le lepato. Matla le liphiri tsa matla a boloi tsa phakisa tsa laola tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho.
Litantši tsa Pula le ho Betsa
21, 22. Ho boleloa eng ka “matla a boloi a ho etsisa”? Etsa mohlala.
21 Ho sa tsotellehe ho se tšoane ho hoholo mekhoeng ea matla a boloi ea batho ba fapaneng, likhopolo tsa motheo tse li susumetsang li tšoana ka mokhoa o tsotehang. Pele, ke khopolo ea hore ntho e tšoanang e hlahisa ntho e tšoanang, hore phello e lakatsoang e ka hlahisoa ka ho etsisa ntho eo. Ka linako tse ling hona ho bitsoa matla a boloi a ho etsisa. Ka mohlala, ha khaello ea pula e ne e sokela lijalo tsa bona, Maindia a Omaha a Amerika Leboea a ne a tantša a ntse a pota-pota nkho ea metsi. Joale e mong oa bona o ne a e-noa a mang a metsi ao e be o a tšoella moeeng joalokaha ho fokoa kapa joaloka pula. Kapa monna o ne a ka ’na a meneka fatše joaloka bere e hlabiloeng ho tiisa hore o ne a tla atleha ha a il’o tsoma libere.
22 Batho ba bang ba ne ba e-na le litšebeletso tse khethehileng haholo, tse akarelletsang lipina tse phetang mantsoe a le mang le linyehelo. Machaena a ne a etsa drakone ea pampiri e khōlō kapa ea lehong, molimo oa ’ona oa pula, e be a e tsamaisa har’a motse, kapa a ne a nka setšoantšo se rapeloang sa molimo oa ’ona ka tempeleng e be a se beha letsatsing hore se utloe mocheso ’me mohlomong se ba romelle pula. Tšebeletso ea batho ba Ngoni ba Afrika Bochabela e akarelletsa ho tšela joala ka nkhong e epetsoeng fatše tempeleng ea pula e be joale baa rapela, “Morena Chauta, u re thatafalelitse pelo ea hao, u rata ha re etsa eng? Ka sebele re tla timela. Faa bana ba hao lipula, joala ke boo re u file bona.” Joale ba noa joala bo setseng. Hona ho lateloa ke pina le tantši le ho tsokoa ha makala a qopelitsoeng ka metsing.
23. Boloi le ho betsa li ile tsa hōla joang? (Bapisa le Levitike 19:31; 20:6, 27; Deuteronoma 18:10-13.)
23 Khopolo e ’ngoe e susumetsang mekhoa ea matla a boloi ke hore lintho tseo e kileng ea e-ba tsa motho li tsoela pele ho mo susumetsa le ka mor’a hore a arohane le tsona. Hona ho ile ha isa mokhoeng oa ho betsa motho e mong ka ho sebetsa ntho e ’ngoe eo e neng e le ea motho eo. Esita le makholong a lilemo la bo16 le la bo17 Europe le England, batho ba ne ba sa ntsane ba lumela ho baloi le ba nang le tsebo ea boloi ba neng ba ka ntša batho kotsi ka matla a mofuta ona. Mekhoa e khethehileng e neng e sebelisoa e ne e akarelletsa lintho tse kang ho etsa setšoantšo sa mafura sa motho le ho se hloma lipele, ho ngola lebitso la hae sekotoaneng sa pampiri e be joale sea chesoa, ho epela setsekana sa seaparo sa hae, kapa ho etsa lintho tse ling tse itseng ka moriri oa hae, manala a hae a kutiloeng, mofufutso, kapa mantle. Boholo ba mekhoa ena le e meng bo ka bonoa ka ’nete ea hore Melao ea Paramente e ile ea etsoa England ka 1542, 1563, le 1604 e neng e phatlalatsa hore boloi ke tlōlo ea molao eo kotlo ea eona e leng lefu. Ka mokhoa ona kapa o mong, mokhoa ona oa matla a boloi o ’nile oa sebelisoa ke batho hoo e ka bang sechabeng se seng le se seng ho theosa le mehla.
Bokamoso ka Matšoao le Lipontšo
24. (a) Bonohe ke eng? (b) Bababylona ba ne ba noha joang?
24 Hangata ho sebelisoa matla a boloi ho koaholla boitsebiso bo patuoeng kapa ho nyarela nakong e tlang ka matšoao le lipontšo. Sena se tsejoa e le bonohe, ’me Bababylona ba ne ba tsebahala ka bona. Ho ea ka buka Magic, Supernaturalism, and Religion, “e ne e le litsebi tse hloahloa tsa ponelo-pele, ho noha bokamoso ka libete kapa likahare tsa liphoofolo tse hlabiloeng, ka mollo le mosi, le ka ho phatsima ha majoe a bohlokoa; ba ne ba bolela liketsahalo pele ho nako ka ho hoasa ha liliba le ka sebopeho sa limela. . . . Matšoao a lintho tse sebakeng, pula, maru, moea o fokang, le lehalima ho ne ho hlalosoa hore li bolela ho hong ho tla etsahala; ho peperana ha thepa ea ntlo le likosene tsa lehong ho ne ho bolela pele ho nako liketsahalo tsa ka moso. . . . Lintsintsi le likokoanyana tse ling, hammoho le lintja, li ne li tsamaisa melaetsa ea matla a mohlolo a ho tseba lipatuoeng.”
25. Ezekiele le Daniele ba ile ba bua joang ka tšebeliso ea bonohe Babylona ea boholo-holo?
25 Buka ea Bibele ea Ezekiele e tlaleha hore phutuhong e ’ngoe ea sesole, ‘morena oa Babylona o ne a eme ’mileng o moholo, maarohanong a litsela tse peli, hore a etse bonohe; a shohlomanye metsu, a botse literafime, a talime sebete.’ (Ezekiele 21:21) Litsebi tsa boloi, lilaoli, le baprista ba sebelisang matla a boloi le bona e ne e le karolo ea ka mehla lekhotleng la Bababylona.—Daniele 2:1-3, 27, 28, NW.
26. Mofuta o mong oa bonohe o neng o rateha har’a Bagerike e ne e le ofe?
26 Batho ba lichaba tse ling, ba bochabela le bophirima ho likarolo tse ling tse itseng le bona ba ne ba tšoarehile mefuteng e mengata ea bonohe. Bagerike ba ne ba e-ea libakeng tsa bona tseo ho fumanoang melaetsa ea melimo ho tsona mabapi le liketsahalo tse khōlō tsa lipolotiki hammoho le litaba tse nyenyane tsa batho tse kang lenyalo, leeto, le bana. Sebaka se neng se tsebahala haholo libakeng tsena tseo ho neng ho fumanoa melaetsa ea melimo ho tsona e ne e le sa Delphi. Likarabo, tseo ho neng ho nahanoa hore li tsoa ho molimo Apollo, li ne li fanoa ka moprista oa mosali, kapa Pythia, ka melumo e sa hlakang ’me li ne li hlalosoa ke baprista ba neng ba qapa litemana tse ka utloisisoang ka litsela tse sa tšoaneng. Mohlala oa sebele e bile karabo e ileng ea neoa Croesus, morena oa Lydia, e neng e re: “Haeba Croesus a ka tšela Halys, o tla timetsa ’muso o moholo o matla.” Ho ile ha etsahala hore ’muso oo o moholo o matla o ileng oa timetsoa e be oa hae. Croesus o ile a thulana le tlhōlo matsohong a Cyruse oa Persia ha a tšela Halys ho hlasela Cappadocia ka tšohanyetso.
27. Baroma ba ile ba kopanela bonoheng ho fella kae?
27 Ka Bophirima tsebo ea bonohe e ile ea fihla tlhōrōng ka Baroma, ba neng ba tšoarehile ka lipontšo le litemoso hoo e ka bang nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e etsa. Batho ba boemong bo bong le bo bong sechabeng ba ne ba lumela bolepi ba linaleli, boloi, likhoetsa, ho bolela tse tla etsahala pele ho nako, le mefuta e meng e mengata ea bonohe. ’Me ho latela setsebi se seng sa histori ea Baroma, Edward Gibbon, “mekhoa e sa tšoaneng ea borapeli, e neng e atile lefatšeng la Baroma, batho ba ne ba e nka kaofela e le ea ’nete ka ho tšoanang.” Ramolao ea tummeng le sebui sa phatlalatsa Cicero e ne e le setsebi sa ho sheba lipontšo ho linonyana tse fofang. Rahistori oa Moroma Petronius o ile a hlokomela hore ha ho ahloloa ka malumeli a mangata le lihlotšoana tsa bokhelohi metseng e meng ea Baroma, e tlameha e be ho ne ho e-na le melimo e mengata ho feta batho metseng eo.
28. Machaena a ne a noha joang linakong tsa boholo-holo?
28 Chaena, ho ile ha utolloa likotoana tsa masapo le likhaketla tsa ho laola tse fetang 100 000 tsa ho tloha lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. (lesikeng la borena la Shang). Li ne li sebelisoa ke baprista ba Shang ha ba batla tataiso ea bomolimo bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho qala ka boemo ba leholimo le ho tsamaea ha mabotho. Baprista ba ne ba ngola lipotso ka litlhaku tsa boholo-holo masapong ana. E be ba futhumatsa masapo ana le ho hlahloba matlere a hlahileng e be ba ngola likarabo hona masapong ao. Litsebi tse ling li lumela hore mongolo oa Sechaena o ile oa hōla hona litlhakung tsena tsa boholo-holo.
29. Ke molao-motheo ofe oa bonohe o ngotsoeng ho I Ching?
29 Tlaleho e tsebisahalang haholo ea Sechaena sa boholo-holo ea bonohe ke I Ching (Moqolo oa Liphetoho; e bitsoa Yee-Jing), eo ho boleloang hore e ngotsoe ke babusi ba babeli ba pele ba Chou, Wen Wang le Chou Kung, lekholong la bo12 la lilemo B.C.E. E na le litlhaloso tse qaqileng tsa tšebelisano ea matla a mabeli a hanyetsanang yin le yang (lefifi-leseli, khanyetsano-tumellano, botšehali-botona, khoeli-letsatsi, lefatše-leholimo, le tse joalo), ao Machaena a mangata a sa ntsaneng a lumela hore ke melao-motheo e laolang e susumetsang litaba tsohle tsa bophelo. A fana ka setšoantšo sa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntse e fetoha ka linako tsohle le hore ha ho letho le emeng ka mehla. Ho atleha mosebetsing ofe le ofe, motho o tlameha ho ela hloko le ho sebetsa tumellanong le liphetoho tsohle tsa nako eo. Kahoo, batho ba botsa lipotso le ho laola ka lotho e be ba retelehela ho I Ching bakeng sa likarabo. Ho theosa le makholo a lilemo, I Ching e ’nile ea e-ba motheo bakeng sa mekhoa eohle ea ho bolela tse tlang ho etsahala, bonohe bo etsoang ka mela e sehiloeng fatše kapa libopeho, le mefuta e meng ea bonohe ea Chaena.
Ho Tsoa Botsebing ba Linaleli ho ea Bonoheng ba Linaleli
30. Hlalosa khōlo ea tsebo ea linaleli mehleng ea pele.
30 Ke khale ho laoleha ha letsatsi, khoeli, linaleli, le liplanete e le ntho e hapang likelello tsa batho ba lefatšeng. Libukana tsa khale hoo e ka bang ka 1800 B.C.E. tsa linaleli li sibollotsoe Mesopotamia. Motheong oa boitsebiso bo joalo, Bababylona ba ile ba khona ho bolela esale pele liketsahalo tse ngata tsa linaleli, tse kang ho fifala ha khoeli ka lebaka la ho siroa ke letsatsi, ho hlaha le ho nyamela ha lihlopha tsa linaleli, le ho tsamaea ha liplanete tse itseng. Baegepeta, Baassyria, Machaena, Maindia, Bagerike, Baroma, le batho ba bang ba boholo-holo ka ho tšoanang ba ne ba lisa leholimo ’me ba boloka litlaleho tse felletseng tsa liketsahalo tsa linaleli. Ka litlaleho tsena ba ne ba thea lialmanaka tsa bona le ho hlophisa mesebetsi ea bona ea selemo le selemo.
31. Tsebo ea linaleli e ile ea tsoala bonohe ba linaleli joang?
31 Ba ile ba hlokomela ka seo ba se bonang linaleling hore liketsahalo tse itseng lefatšeng ho bonahala li e-ba ka nako e tšoanang le liketsahalo tse itseng tsa leholimo. Ka mohlala, ho fetoha ha linako tsa selemo ho ne ho latela haufi-ufi ho tsamaea ha letsatsi, ho phahama le ho teba ha leoatle ho ne ho latela libopeho tsa khoeli, ho tlala ha selemo le selemo ha Nile ka mehla ho ne ho latela ho bonahala ha Sirius, naleli e khanyang ka ho fetisisa. Qeto e neng e ka lebelloa e bile hore lihloliloeng tsa leholimo li ne li nka karolo ea bohlokoa ho baka liketsahalo tsena le tse ling tse etsahalang lefatšeng. Haele hantle, Baegepeta ba ne ba bitsa Sirius Motlisa Nile. Khopolo ea hore linaleli li susumetsa liketsahalo tsa lefatšeng e ile ea phakisa ea isa khopolong ea hore ho ne ho ka itšetlehoa ka lihloliloeng tsa leholimo ho bolela pele ho nako litaba tsa ka moso. Kahoo botsebi ba linaleli bo ile ba tsoala bonohe ba linaleli. Ka potlako, marena le babusi ba ile ba boloka linohe tsa linaleli li behiloe ka molao makhotleng a bona ho botsa linaleli mabapi le litaba tsa bohlokoa tsa naha. Empa batho feela ka ho tšoanang ba ne ba talima linaleli mabapi le litaba tsa bona tsa katleho ea botho.
32. Bababylona ba ne ba sebelisa bonohe ka litsela life?
32 Bababylona ba boetse ba hlahella hape tabeng. Ba ne ba talima linaleli e le libaka tseo melimo e lulang ho tsona leholimong, joalokaha litempele e ne e le libaka tseo e lulang ho tsona lefatšeng. Hona ho ile ha tsoala khopolo ea ho bokella linaleli ka lihlopha hammoho le tumelo ea hore ho khathatseha maholimong, ho kang ho sirana kapa ho bonahala ha linaleli tse itseng tse khanyang haholo kapa mechochonono, ho ne ho bolela pele ho nako masoabi le ntoa lefatšeng. Litlaleho tse makholo-kholo tsa balepi ba linaleli tse neng li e-ea ho marena li ile tsa fumanoa har’a lintho tse neng li entsoe tse utollotsoeng Mesopotamia. Tse ling tsa tsona ka mohlala li ne li bolela hore ho atamela ha ho fifala ha khoeli ka lebaka la ho siroa ke letsatsi e ne e le pontšo ea hore sera se itseng se ne se tla hlōloa kapa hore ho bonahala ha planete e itseng sehlopheng se itseng sa linaleli ho ne ho bolela “bohale bo boholo” lefatšeng.
33. Esaia o ile a bua eng ka “ba lekolang linaleli” ba Babylona?
33 Tekanyo eo Bababylona ba neng ba itšetlehile ka mofuta ona oa bonohe e ka bonoa hape mantsoeng a somang a moprofeta Esaia khahlanong le bona ha a ne a bolela pele ho nako ho timetsoa ha Babylona: “Tsoela pele ka boupelli ba hao le ka bongata ba boloi ba hao, e leng lintho tseo u li sebelitseng e sa le bocheng ba hao . . . A ba ke ba eme, ba u pholose, bona ba tsebang leholimo, ba lekolang linaleli, ba u bolellang, ha khoeli e roha, tsee u tla hlaheloa ke tsona.”—Esaia 47:12, 13.
34. “Magi” ba ileng ba tla ho lesea Jesu e ne e le bo-mang?
34 Ho tsoa Babylona, bonohe ba linaleli bo ile ba tšelisetsoa Egepeta, Assyria, Persia, Greece, Roma, le Arabia. Ka Bochabela, Mahindu le Machaena le bona ba ne ba e-na le litsamaiso tsa bona tse khethehileng tsa bonohe ba linaleli. “Magi” bao ’moleli oa evangeli Mattheu a tlalehang hore ba ile ba tla ho lesea Jesu e ne e le “linohe tsa linaleli tse tsoang likarolong tsa bochabela.” (Mattheu 2:1, 2, NW) Litsebi tse ling li lumela hore batho bana ba nohang linaleli e ne e le ba lihlopha tsa bonohe ba linaleli tsa Kaldea le Medo-Persia ba neng ba e-tsoa Parthia, eo e neng e le sebaka sa Persia ’me hamorao e ile ea fetoha ’Muso oa Parthia o ipusang.
35. Ke eng e ileng ea hōla bonoheng ba linaleli nakong ea Bagerike?
35 Leha ho le joalo, ke Bagerike ba ileng ba hōlisa bonohe ba linaleli ka sebopeho seo bo sebelisoang ka sona kajeno. Lekholong la bobeli la lilemo C.E., Claudius Ptolemy, setsebi sa linaleli sa Mogerike sa Alexandria, Egepeta, o ile a bokella boitsebiso bohle bo neng bo le teng ba bonohe ba linaleli libukeng tse ’nè, tse bitsoang Tetrabiblos, tse sebelelitseng e le buka ea motheo bakeng sa bonohe ba linaleli ho tla fihlela joale. Ka eona, ho ile ha hōla seo ho tloaelehileng hore se bitsoe bonohe ba linaleli ba tsoalo, ke hore, mokhoa oa ho noha bokamoso ba motho ka ho ithuta chate ea hae ea tsoalo, kapa horoscope—chate e bontšang hore na nakong eo motho a neng a tsoaloa ka eona letsatsi, khoeli, le liplanete tse sa tšoaneng li ne li le hokae har’a lihlopha tsa linaleli joalokaha li bonoa sebakeng seo motho a tsoaletsoeng ho sona.
36. Bopaki ba hore bonohe ba linaleli bo ile ba hlompheha ke bofe?
36 Makholong a bo14 le la bo15 a lilemo, bonohe ba linaleli bo ne bo amoheleha ka bophara Bophirima. Liunivesithi li ne li bo ruta e le e ’ngoe ea lithuto tse rutoang, bo ne bo hloka ho sebelisetsoa tsebo e kang eo motho a e sebelisang bakeng sa lipuo le lipalo. Linohe tsa linaleli li ne li talingoa e le liithuti. Lingoliloeng tsa Shakespeare li tletse lipolelo tse buang ka litšusumetso tsa bonohe ba linaleli litabeng tsa batho. Lekhotla le leng le le leng la borena le banna ba bangata ba hlomphehang ba ne ba e-na le linohe tsa bona tsa linaleli bakeng sa ho li botsa neng le neng ha ho hlokahala. Ho ne ho se mosebetsi ofe kapa ofe—e-bang ke ntoa, mohaho, khoebo, kapa leeto—o neng o ka etsoa ho sa ka ha botsoa linaleli pele. Bonohe ba linaleli bo ne bo fetohile ntho e hlomphehang.
37. Tsoelopele ea saense e amme bonohe ba linaleli joang?
37 Le hoja mosebetsi oa litsebi tsa linaleli tse kang Copernicus le Galileo, hammoho le tsoelopele lipatlisisong tsa saense, o nyatsitse haholo hore bonohe ba linaleli e ka ba saense ka molao, bo tšoarelletse ho tla fihlela kajeno. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 85.) Ho lihlooho tsa Linaha hammoho le motho ea seterateng, e-bang ba tsoa lichabeng tse tsoetseng pele mahlaleng a boqapi kapa metseng e thōko-thōko linaheng tse ntseng li hōla, tsebo ena ea mohlolo, e qapiloeng ke Bababylona, eaba e hōlisoa ke Bagerike, le ho atolosoa ke Maarabia, e sa ntsane e sebelisa tšusumetso e pharaletseng kajeno.
Bokamoso bo Ngotsoeng Sefahlehong le Seatleng
38. Ke eng e ileng ea isa mefuteng e meng ea bonohe e amanang le letsoho la motho le sefahleho sa hae?
38 Haeba ho sheba maholimo bakeng sa matšoao le lipontšo tsa ka moso ho bonahala ho sa hlaka hantle, ho na le litsela tse ling tse ngatanyana le tse bonolo haholoanyane tseo ba tšoarehileng tsebong ea bonohe ba ka retelehelang ho tsona. Zohar, kapa Sefer ha-zohar (Buka ea Bokhabane, ka Seheberu), buka ea lekholong la bo13 la lilemo ea Sejode ea mehlolo, e itse: “Lereng le koahetseng bokahohle, re bona libopeho tse ngata tse entsoeng ke linaleli le liplanete. Li senola lintho tse patiloeng le liphiri tse tebileng. Ka ho tšoanang, matlalong a rōna a likolohileng motho ho na le libopeho le litšobotsi tseo e leng linaleli tsa ’mele ea rōna.” Khopolo ena e ile ea isa litseleng tse tsoetseng pele tsa bonohe, kapa ho bolela pele ho nako lintho tse tlang ho etsahala, ka ho hlahloba sefahleho le seatla sa letsoho bakeng sa matšoao a boprofeta. Bochabela hammoho le Bophirima, mekhoa e joalo e sa ntsane e atile ka bophara. Empa ho hlakile hore tšimoloho ea eona e metse ka metso boleping ba linaleli le matleng a boloi.
39. Physiognomy ke eng, hona e sebelisitsoe joang?
39 Physiognomy ke mokhoa oa ho bolela tse tlang ho etsahala ka ho hlahloba litšobotsi tsa sefahleho, tse kang sebopeho sa mahlo, nko, meno, le litsebe. Strasbourg ka 1531, John e mong oa Indagine o ile a phatlalatsa buka e buang ka taba ena eo ho eona a neng a fane ka litšoantšo tse hlakileng tsa lifahleho tse nang le mahlo, linko, litsebe, le tse joalo tse sa tšoaneng, hammoho le litlhaloso tsa hae. Ho khahlisang, o ile a qotsa mantsoe a Jesu Kreste a ho Mattheu 6:22, “Ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o tla ba le leseli,” e le motheo oa ho bolela hore mahlo a maholo, a phatsimang, le a chitja a bontša botšepehi le bophelo bo botle, ha mahlo a khohletseng le a manyenyane e ne e le letšoao la mohono, pelo e mpe, le ho belaella. Leha ho le joalo, bukeng e tšoanang, Compendium of Physiognomy, e phatlalalitsoeng ka 1533, mongoli Bartolommeo Cocle o ile a bolela hore mahlo a maholo le a chitja ke letšoao la motho ea feto-fetohang le ea botsoa.
40. (a) Chiromancy ke eng? (b) Ho ile ha ipiletsoa Bibeleng joang ho tšehetsa chiromancy?
40 Ho latela linohe, ha u tloha hloohong, letsoho le bontša matla a tsoang holimo ho feta karolo leha e le efe e ’ngoe ea ’mele. Kahoo, ho bala mela ea letsoho ho lekanyetsa sebopeho sa motho le bokamoso ba hae ke mofuta o mong o tsebisahalang oa bonohe—chiromancy (tsebo ea ho bala mela ea letsoho), eo ka tloaelo e bitsoang palmistry. Ba neng ba bala mela ea letsoho Mehleng e Bohareng ba ile ba batla ka Bibeleng ho tšehetsa tsebo ea bona. Ba ile ba hlaha ka litemana tse kang “Eba moo o kokobanyang matsoho a batho bohle, hore batho kaofela, bao o ba bōpileng, ba tle ba o tsebe” le “Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letšehali.” (Jobo 37:7; Liproverbia 3:16) Makukuno, kapa litutulu, tsa letsoho le tsona li ne li nahaneloa hobane ho ne ho nahanoa hore li emela liplanete ’me kahoo li ne li senola ho hong ka motho ka boeena le ka bokamoso ba hae.
41. Batho ba Bochabela ba noha joang?
41 Ho bolela tse tla etsahala ka ho ithuta litšobotsi tsa sefahleho le ka letsoho ho rateha haholo Bochabela. Ntle ho litsebi tse balang mela ea letsoho le tse eletsang tse ithaopelang ho sebeletsa batho, bo-maithutoana le bo-iketsetse ba bangata ka lebaka la libuka le likhatiso tsa mefuta eohle tse fumanehang ka bophara. Hangata batho ba tšoareha ho baleng mela ea letsoho e le mohloli oa ho itlosa bolutu, empa ba bangata ba nka litaba tse joalo ka botebo. Leha ho le joalo, ka kakaretso ke seoelo batho ba khotsofallang ho sebelisa mokhoa o le mong feela oa bonohe. Ha ba talimane le mathata a tebileng kapa liqeto tsa bohlokoa, ba ea litempeleng tsa bona, e-bang ke tsa Buddha, Botao, Shinto kapa tse ling, ho botsa melimo, joale ba ee ho linohe tsa linaleli ho botsa linaleli, ba ee ho ea reng o bolela tse tla etsahala hore a bale mela ea liatla tsa bona le ho sheba lifahleho tsa bona, ’me, ka morao ho tseo tsohle, ba tle hae ’me ba botse baholo-holo ba bona ba ileng. Kae-kae ba na le tšepo ea ho fumana karabo eo ho bonahalang e ba loketse.
Na ke Boithabiso Feela bo Seng Kotsi?
42. Takatso ea batho ea tlhaho ea ho tseba bokamoso e ba isitse ho eng?
42 Ke tlhaho hore motho e mong le e mong a batle ho tseba hore na bokamoso bo na le eng. Takatso ea ho atleha le ho leleka se ka ’nang sa ntša motho kotsi le eona ke e akaretsang. Ke ka lebaka leo batho ka mehla eohle ba ’nileng ba talima ho meea le melimo bakeng sa tataiso. Ha ba etsa joalo, ba ile ba ameha tumelong ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli, matleng a boloi, bonoheng ba linaleli, le mekhoeng e meng ea tumela-khoela. Nakong e fetileng batho ba ne ba roala lithatho le likhoetsa ho itšireletsa, ’me ba ne ba e-ea ho li-epa-meri le bo-shaman bakeng sa phekolo. Kajeno batho ba sa ntsane ba roala limmetlele tsa “Mohalaleli” Christopher kapa ba roala liroala tsa “mahlohonolo,” ’me ba na le liboka tsa bona tsa ho bua le meea, matlapa a Ouija, libolo tsa mahakoe, li-horoscope, le likarete tsa ho noha. Tabeng ea tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli le tumela-khoela, ho bonahala motho a entse phetoho e nyenyane.
43. (a) Ba bangata ba ikutloa joang ka tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli, matla a boloi, le bonohe? (b) Ke lipotso life ka mekhoa ea tumela-khoela tseo ho hlokahalang hore li arabeloe?
43 Haele hantle, batho ba bangata ba hlokomela hore lintho tsena hase letho haese tumela-khoela feela le hore ha li na motheo oa sebele. ’Me ba ka ’na ba eketsa ka hore ba li etsetsa ho ithabisa feela. Ba bang ba bile ba beha lebaka la hore matla a boloi le bonohe e hlile a molemo hobane a kholisa likelello tsa batho bao ntle ho moo ba neng ba ka ’na ba tšosoa ke litšitiso tseo ba talimanang le tsona bophelong. Empa na see sohle ke feela boithabiso bo seng kotsi kapa ho khothatsa kelello? Hantle-ntle mohloli oa mekhoa ea tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli le matla a boloi eo re buisaneng ka eona khaolong ee hammoho le e meng e mengata eo re sa e bolelang ke ofe?
44. Haele hantle, ho ka thoe’ng ka motheo oa mekhoa eohle e joalo?
44 Tseleng ea ho hlahloba litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli, matla a boloi, le bonohe, re hlokometse hore li tlamahane haufi-ufi le litumelo ho meea ea bafu le boteng ba meea, e molemo le e mebe. Kahoo, haele hantle, tumelo meeeng, matleng a boloi, le bonoheng e theiloe mofuteng o itseng oa borapeli ba melimo e mengata e metseng ka metso thutong ea hore moea oa motho ha o shoe. Na ona ke motheo o tiileng oo motho a ka hahang bolumeli ba hae holim’a oona? Na u ka nka borapeli bo theiloeng motheong o joalo e le bo amohelehang?
45. Ke potso efe ka lijo tse nyehetsoeng ho melimo ea litšoantšo e neng e talimane le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?
45 Bakreste lekholong la pele la lilemo ba ne ba talimane le lipotso tse tšoanang. Ba ne ba potolohuoe ke Bagerike le Baroma, ka melimo ea bona e mengata le batho ba phahameng ba rapeloang hammoho le litšebeletso tsa bona tsa tumela-khoela. Tšebeletso e ’ngoe e ne e le mokhoa oa ho nyehela lijo ho melimo ea litšoantšo e be joale hamorao lijo tseo li jeoa hammoho. Na mang kapa mang ea neng a rata Molimo oa ’nete le ea neng a thahasella ho o khahlisa o ne a ka kopanela litšebeletsong tse joalo? Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a ileng a arabela potso eo.
46. Pauluse le Bakreste ba pele ba ne ba lumela eng ka Molimo?
46 “Ha e le ka ho ja lijo tse hlabetsoeng litšoantšo, rea tseba hore setšoantšo hase letho lefatšeng, le hore ha ho Molimo o mong, ha e se o le mong feela. Hobane leha ho le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata—leha ho le joalo, ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna, e leng oo tsohle li tsoang ho oona, oo re leng ho oona.” (1 Ba-Korinthe 8:4-6) Ho Pauluse le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, bolumeli ba ’nete e ne e se borapeli ba melimo e mengata, empa e ne e le boinehelo ho ‘Molimo o le mong feela, e leng Ntate,’ oo Bibele e senolang lebitso la oona ha e re: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 83:18.
47. Pauluse o ile a senola bonnete ka ‘melimo le marena a leholimong kapa lefatšeng’ joang?
47 Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore le hoja moapostola Pauluse a itse “setšoantšo hase letho,” ha aa ka a re “melimo” le “marena” tseo batho ba neng ba retelehela ho tsona ka matla a bona a boloi, bonohe, le mahlabelo e ne e se lintho tse teng. E be joale ho hlakisoa eng? Pauluse o ho hlakisitse hamorao lengolong lona leo ha a ngola: “Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo.” (1 Ba-Korinthe 10:20) E, ka melimo ea tsona le marena, haele hantle lichaba li ne li rapela bademona—libōpuoa tsa mangeloi kapa meea, tse ileng tsa fetohela Molimo oa ’nete ’me tsa tlatsana le moeta-pele oa tsona, Satane Diabolose.—2 Petrose 2:4; Juda 6; Tšenolo 12:7-9.
48. Ke kotsi efe ea matla a mohlolo a ho tseba lipatuoeng e sa ntsaneng e le teng kajeno, ’me e ka qojoa joang?
48 Hangata batho ba qenehela batho bao ho thoeng ke ba sa tsoelang pele ba neng ba entsoe makhoba ke litumela-khoela tsa bona le lintho tseo ba neng ba li tšaba. Ba re ba khopisoa ke mahlabelo a neng a tšolla mali le mekhoa ea bobatana ea ho tšoara litšebeletso. ’Me ke hantle ha ba ikutloa joalo. Leha ho le joalo, ho tla fihlela kajeno re sa ntsane re utloa ho boleloa ka voodoo, lihlotšoana tsa bokhelohi tsa bosatane, esita le mahlabelo a etsoang ka batho. Le hoja ana e ka ’na ea e-ba maemo a fetelletseng, leha ho le joalo a bontša hore thahasello e sa ntsane e le teng matleng a mohlolo a ho tseba lipatuoeng. E ka ’na ea qala ka ‘ho ithabisa ho seng kotsi’ le bohele-hele, empa hangata phello ke tlokotsi le lefu. Ke bohlale hakaakang ho ela hloko temoso ea Bibele: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.”—1 Petrose 5:8; Esaia 8:19, 20.
49. Pakane ea patlisiso e tla ba efe likhaolong tse latelang tsa buka ee?
49 Ha re hlahlobile hore na bolumeli bo qalile joang, ho se tšoane litšōmong tsa boholo-holo, le mefuta e sa tšoaneng ea tumelo ea ho bua le meea ea bafu ka lilaoli, matla a boloi, le tumela-khoela, joale re tla lebisa tlhokomelo ea rōna malumeling a maholo a lefatše a batlang a e-na le tsamaiso—Bohindu, Bobuddha, Botao, Boconfucius, Boshinto, Bojode, likereke tsa Bokreste-’mōtoana, le Boislām. A qalile joang? A ruta eng? A na le tšusumetso efe ho balumeli ba ’ona? Lipotso tsena le tse ling li tla hlahlobjoa likhaolong tse latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 76]
Matla a mang a boloi ho ne ho bonahala a sebetsa
[Lebokose le leqepheng la 85]
Na Bonohe Ba Linaleli Bo Lumellana Le Saense?
Bonohe ba linaleli bo bolela hore letsatsi, khoeli, linaleli, le liplanete li ka susumetsa litaba tse etsahalang lefatšeng le hore boemo boo lihloliloeng tsena tsa leholimo li leng ho bona motsotsong oo motho a tsoaloang ka oona bo nka karolo ea bohlokoa bophelong ba hae. Leha ho le joalo, lintho tse ntseng li fumanoa ke bo-rasaense li hlahisa liphephetso tse nyahamisang:
▪ Mosebetsi oa litsebi tsa linaleli tse kang Copernicus, Galileo, le Kepler o bontšitse ka ho hlaka hore lefatše hase bohare ba bokahohle. Hape hoa tsebisahala hona joale hore hangata linaleli tse bonahalang eka ke lihlopha ha li hlile ha lia tlamahanngoa e le sehlopha. Tse ling tsa tsona mohlomong li kenelletse hare sebakeng, ha tse ling mohlomong li batla li le haufi ha ho bapisoa. Kahoo, libaka tsa lihlopha tse sa tšoaneng tsa linaleli ke tse inahaneloang feela.
▪ Ba nohang linaleli ba pele ba ne ba sa tsebe liplanete Uranus, Neptune, le Pluto hobane ha lia ka tsa sibolloa ho fihlela ha ho qaptjoa li-bonela-hōle. “Litšusumetso” tsa tsona li ne li buelloa joang lichateng tsa bonohe ba linaleli tse neng li entsoe makholo-kholo a lilemo pele? Ho feta moo, ke hobane’ng ha “tšusumetso” ea planete e ’ngoe e ka ba “molemo” ha ea e ’ngoe e le “mpe,” empa hona joale bo-rasaense ba tseba hore haele hantle liplanete ke feela mafika kapa meea e ikholokileng e se nang bophelo, e ntseng e bilika sebakeng?
▪ Saense ea metsoako ea lefutso e re bolella hore motheo oa litšobotsi tsa botho ba rōna ha o bōptjoe tsoalong, empa kemolong, ha e ’ngoe ea lisele tse limillione tsa peō e tsoang ho ntate e kopana le lehe le nang le sele e le ’ngoe le tsoang ho ’mè. Leha ho le joalo, bolepi ba linaleli bo tiisa horoscope ea motho nakong ea tsoalo. Phapang ena ea hoo e ka bang likhoeli tse robong e lokela ho fa motho tlaleho e fapaneng ka ho felletseng ea botho ho latela bonohe ba linaleli.
▪ Nako e beheloang leeto la letsatsi har’a lihlopha tsa linaleli joalokaha le bonoa ke motho ea shebelletseng a le lefatšeng kajeno, e salletse morao ka nako e ka etsang khoeli ho seo e neng e le sona lilemong tse fetileng tse 2 000 ha ho ne ho etsoa lichate tsa balepi ba linaleli le mananeo a bona a boitsebiso. Kahoo, bonohe ba linaleli bo ne bo tla thathamisa motho ea hlahileng mafelong a Phuptjane kapa mathoasong a Phupu e le Cancer (ea khenang feela, ea feto-fetohang, le ea monyemo). Haele hantle, leha ho le joalo, ka nako eo letsatsi le sehlopheng sa linaleli sa Gemini, e leng ho lokelang ho etsa hore motho e be ea buisehang, ea masene, le ea buang haholo.
Ka ho hlakileng, bonohe ba linaleli ha bo na mabaka a utloahalang kapa a saense ao bo emang ho ’ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 71]
Liipone Tse Pshatlehileng, Likatse Tse Ntšo, Le Linomoro Tse Ling Tse Itseng Ke Motheo Oa Tumela-khoela. Tlhaku Ea Sechaena Bakeng Sa “’Nè” E Na Le Molumo O Tšoanang Le “Lefu” Ka Sechaena Le Sejapane
[Setšoantšo se leqepheng la 74]
Ka letsohong le letšehali, Basilica ea Mofumahali oa Rōna oa Guadalupe, Mexico, moo Mak’hatholike a rapellang lipheko tsa mohlolo. Ka letsohong le letona, Stonehenge, England, moo ho boleloang hore Madruid a boholo-holo a ne a rapela letsatsi teng
[Setšoantšo se leqepheng la 80]
Batho ba bang ba ne ba e-ea ho bo-shaman le lingaka tsa baloi
[Setšoantšo se leqepheng la 81]
Ba bang ba na le liboka tsa bona tsa ho bua le meea, matlapa a Ouija, libolo tsa lehakoe, likarete tsa ho noha, le ba reng ba bolela tse tla etsahala
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Bonohe Bochabela, ho sebelisoa mengolo e likhaketleng tsa likhulu le matšoao a yin-yang, bo na le histori e telele
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
Batho ba bangata ba botsa li-horoscope, ba lumela hore sebaka seo letsatsi, khoeli, liplanete, le linaleli li neng li le ho sona nakong ea ha ba tsoaloa e ama bophelo ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Ka ho hlohlora thupa ea ho noha hore e tsoe ka selateng sa eona, ea inehetseng o fumana molaetsa le tlhaloso