Khaolo 7
Botao le Boconfucius—Ho Batla Tsela ea Leholimo
Botao, Boconfucius, le Bobuddha li etsa malumeli a mararo a maholo a Chaena le Bochabela bo Hōle. Leha ho le joalo, ho fapana le Bobuddha, Botao le Boconfucius ha lia fetoha malumeli a lefatše empa li setse haholo-holo Chaena le moo khopolo ea maikutlo a Sechaena e tiisitseng tšusumetso ea eona. Le hoja ho se lipalo tsa molao tsa lenane la hona joale la balateli ba tsona Chaena, Botao le Boconfucius ka bobeli li ile tsa laola bophelo ba bolumeli ba hoo e ka bang kotara e le ’ngoe ea baahi ba lefatše ka lilemo tse fetileng tse 2 000.
1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Botao le Boconfucius li sebelisoa kae, hona li saballetse hakae? (b) Re retelehela nakong efe joale ho hlahloba lithuto tsee?
‘TLOHELANG lipalesa tse lekholo li ke li thunye; tlohelang likolo tse lekholo li ke li hlōlisane.’ Polelo eo, e ileng ea tumisoa ke Mao Tse-tung ea tsebisahalang oa Riphabliki ea Batho ea Chaena puong e ’ngoe ka 1956, haele hantle e ne e le tlhaloso e ’ngoe ea polelo eo liithuti tsa Machaena li ’nileng tsa e sebelisa ho hlalosa mehla ea Chaena ho tloha makholong a lilemo la bohlano ho ea ho la boraro B.C.E., e neng e bitsoa nako ea Litereke tse Loantšanang. Ho tla fihlela nakong ena lesika le matla la borena la Chou (hoo e ka bang ka 1122-256 B.C.E.) le ne le theohile hore e be tsamaiso ea litereke tse loantšanang tse sa momahanang tse neng li loantšana ka mokhoa o sa khaotseng, e leng ho neng ho tepelletsa batho feela haholo.
2. (a) Ke eng se ileng sa isa ho “likolo tse lekholo” tsa batho ba tšoanang ka maikutlo? (b) Ke eng e salletseng khōlong ea “likolo tse lekholo”?
2 Morusu le mahlomola tse ileng tsa tlisoa ke lintoa li ile tsa fokolisa haholo matla a sehlopha se busang sa moetlo. Batho feela ba ne ba se ba sa khotsofalla ho ikokobelletsa matono-mapesa le bolotsana tsa sehlopha sa bahlomphehi ba busang le ho utloa mahlomola a liphello ba khutsitse. Ka baka leo, maikutlo le litebello tseo e neng e le khale li hatelletsoe li ile tsa phatloha joaloka “lipalesa tse lekholo.” Likolo tse fapa-fapaneng tsa batho ba tšoanang ka maikutlo li ile tsa ntšetsa pele maikutlo a tsona a puso, molao, taolo har’a batho, boitšoaro, le mekhoa ea se nepahetseng le se sa nepahalang, hammoho le litabeng tse kang temo, ’mino, le lingoliloeng, e le mokhoa oa ho tsosolosa maemo ao ho ka thoeng ke a loketseng bophelong. Li ile tsa tsejoa e le “likolo tse lekholo.” Tse ngata tsa tsona ha lia ka tsa hlahisa melemo ea nako e telele. Leha ho le joalo, likolo tse peli li ile tsa tuma hoo li susumelitseng bophelo Chaena ka lilemo tse fetang 2 000. Ke tseo qetellong li ileng tsa tsejoa e le Botao le Boconfucius.
Tao—Ke Eng?
3. (a) Khopolo ea Machaena ea Tao ke efe? (b) Ho fapana le ’Mōpi, Machaena a ne a lumela hore sesosa sa lintho tsohle ke eng? (Bapisa le Ba-Heberu 3:4.)
3 Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Botao (e bitsoang e le bo-dow; e tšoanang ka molumo le ao!) le Boconfucius li ile tsa sebelisa tšusumetso e tebileng le ea nako e telele haholo hakaalo ho batho ba Machaena, haesita le ba Japane, Korea, le lichaba tse ling tse tikolohong eo, ke habohlokoa ho ba le kutloisiso e itseng ea khopolo ea sehlooho ea Machaena ea Tao. Lentsoe ka bolona le bolela “tsela, ’mila, kapa tselana.” Ha ho atolosoa, hape le ka bolela “mokhoa, molao-motheo, kapa thuto.” Ho Machaena, tumellano le ho laoleha tseo ba neng ba li bona bokahohleng e ne e le litšenolo tsa Tao, ho hong ho kang thato kapa tsamaiso ea bomolimo e teng bokahohleng le e bo laolang. Ka mantsoe a mang, ho e-na le ho lumela ho Molimo ’Mōpi, ea laolang bokahohle, ba ne ba lumela ho matla a tataisang, thato ea leholimo, kapa ka mantsoe a bonolo, leholimo ka bolona e le sesosa sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
4. Machaena a ile a sebelisa khopolo ea Tao joang litabeng tsa batho? (Bapisa le Liproverbia 3:5, 6.)
4 Ha Machaena a sebelisa khopolo ea Tao litabeng tsa batho, a ne a lumela hore ho na le tsela ea tlhaho le e nepahetseng ea ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe le e mong le e mong e na le sebaka se e loketseng le mosebetsi o e loketseng. Ka mohlala, a ne a lumela hore haeba moemphera a phetha tšoanelo ea hae ka ho sebelisana ka toka le batho le ka ho hlokomela litšebeletso tsa mahlabelo tse amanang le leholimo, ho ne ho tla ba le khotso le nala bakeng sa sechaba. Ka ho tšoanang, haeba batho ba ne ba utloisisa ho batla tsela, kapa Tao, le ho e latela, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla lumellana, e be le khotso le ho ba e sebetsang. Empa haeba ba ka e kheloha kapa ba hanyetsana le eona, phello e ne etlaba ho oa ha puso le tlokotsi.
5. (a) Botao bo hlaha taba ea Botao ka lehlakoreng lefe? (b) Boconfucius bo hlaha Tao ka lehlakoreng lefe? (c) Ke lipotso life tseo ho hlokahalang hore li arabeloe?
5 Maikutlo ana a ho tsamaisana le Tao le ho se khathatsane le ho phalla ha eona ke karolo ea sehlooho ea monahano oa filosofi le oa bolumeli oa Machaena. Ho ka ’na ha boleloa hore Botao le Boconfucius ke litlhaloso tse peli tse sa tšoaneng tsa khopolo e tšoanang. Botao bo hlaha taba ka lehlakoreng la mehlolo ’me, tšimolohong ea bona, bo buella ho se etse letho, khutso, le ho se nke karolo e mafolo-folo, ho qoba batho le ho khutlela tlhahong. Maikutlo a bona a sehlooho ke hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla loka haeba batho ba ka lulella morao, ba se ke ba etsa letho, ’me ba tlohella tlhaho e itšebelletse ka tsela ea eona. Boconfucius, ka lehlakoreng le leng, bo hlaha taba ka lehlakoreng le sebetsang. Bo ruta hore taolo har’a batho e tla bolokoa ha motho e mong le e mong a phetha karolo eo a e reretsoeng ’me a etsa tšoanelo ea hae. Ho phetha seo, bo hlophisa likamano tsohle tsa batho le tsa kahisano—moemphera-bafo, ntate-mora, monna-mosali, joalo-joalo—’me bo fana ka litataiso bakeng sa tsona tsohle. Ka ho utloahalang, hona ho hlahisa lipotso tse latelang: Litsamaiso tsee tse peli li bile teng joang? Bathei ba tsona e ne e le bo-mang? Li sebelisoa joang kajeno? Hona li entse eng kamanong le taba ea ho batla Molimo ha motho?
Botao—Bo Qala e le Filosofi
6. (a) Ke eng se tsejoang ka mothei oa Botao? (b) Ho ile ha tla joang hore mothei oa Botao a tsejoe e le Lao-tzu?
6 Qalehong ea bona, Botao e ne e le filosofi ho e-na le ho ba bolumeli. Mothei oa bona, Lao-tzu, o ne a sa khotsofala ke ho oa ha puso le morusu tsa nakong eo ’me a batla topollo ka ho qoba batho le ho khutlela tlhahong. Ha ho letho le lengata le tsejoang ka monna enoa, eo ho boleloang hore o phetse lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., le hoja le hona hoo ho sa nepisisoe. Ka tloaelo o ne a bitsoa Lao-tzu, e bolelang “Monghali e Moholo” kapa “E Moholo,” hobane, kamoo pale e bolelang, ’m’ae oa moimana o ile a mo ima halelele hoo ha a tsoaloa, moriri oa hae o neng o se o le mosoeu.
7. Re ithuta eng ka Lao-tzu “Litlalehong tsa Histori”?
7 Tlaleho feela ea molao e buang ka Lao-tzu e ho Shih Chi (Litlaleho tsa Histori), ea Ssu-ma Ch’ien, rahistori ea hlompshoang oa lekhotla oa makholong a lilemo la bobeli le la pele B.C.E. Ho latela mohloli ona, lebitso la sebele la Lao-tzu e ne e le Li Erh. O ne a sebetsa e le tlelereke polokelong ea litlaleho tsa borena e Loyang, Chaena bohareng. Empa habohlokoa haholoanyane, e fana ka tlaleho ena ka Lao-tzu:
“Lao Tzu o lutse Chou boholo ba bophelo ba hae. Eitse ha a bona esale pele ho senyeha ha Chou, o ile a tloha ’me a ea moeling. Ofisiri ea ntlo ea thepa e kenang le e tsoang ka hare ho naha Yin Hsi ea re: ‘Monghali, kaha u khahloa ke ho phomola mosebetsing, ke u kōpa, molemong oa ka, hore u ngole buka.’ Ka baka leo Lao Tzu o ile a ngola buka e likarolo li peli e nang le mantsoe a likete tse hlano le a sa hlophisoang, eo ho eona a neng a bua ka likhopolo tsa Tsela [Tao] le Matla [Te]. Eaba oa tsamaea. Ha ho ea tsebang hore na o ile a shoela hokae.”
8. (a) Ho boleloa hore Lao-tzu o ile a hlahisa buka efe? (b) Ke hobane’ng ha buka e ka hlalosoa ka mekhoa e mengata e fapa-fapaneng?
8 Litsebi tse ngata li belaela bonnete ba tlaleho ena. Leha ho le joalo, buka e ileng ea hlahisoa e tsejoa e le Tao Te Ching (ka kakaretso e fetoleloa e le “Mohloli oa Molao oa Tsela le Matla”) ’me e nkoa e le buka ea motheo ea Botao. E ngotsoe ka litemana tse khutšoanyane, tse patileng moelelo, tseo tse ling tsa tsona bolelele ba tsona e leng mantsoe a mararo kapa a mane. Ka lebaka la sena le ka lebaka la hobane se boleloang ke tse ling tsa litlhaku se fetohile haholo ho tloha nakong ea Lao-tzu, buka ena e na le litlhaloso tse ngata tse fapa-fapaneng.
Ho Habanya “Tao Te Ching”
9. Lao-tzu o ile a hlalosa Tao joang ho Tao Te Ching?
9 Ho Tao Te Ching, Lao-tzu o ile a hlalosisa Tao, tsela ea ho qetela ea tlhaho, ’me a e sebelisetsa boemo bo bong le bo bong ba liketso tsa motho. Mona re qotsa phetolelong ea kajeno ea Gia-fu Feng le Jane English ha re habanya Tao Te Ching. Mabapi le Tao, e bolela se latelang:
“[Ho ne ho e-na le] ho hong ho mohlolo ho ileng ha etsoa,
Ha tsoaloa pele ho leholimo le lefatše. . . .
Mohlomong ke ’m’a lintho tse likete tse leshome.
Ha ke tsebe lebitso la hona.
Ho bitse Tao.”—Khaolo 25.
“Lintho tsohle li tsoa ho Tao.
Li feptjoa ke Ho Loka [Te].
Li entsoe ka ntho eo lintho li etsoang ka eona.
Li fuoa sebopeho ke tikoloho.
Ka hona lintho tse likete tse leshome kaofela li hlompha Tao
le ho tlotla Ho Loka [Te].”—Khaolo 51.
10. (a) Sepheo sa Botao ke sefe? (b) Maikutlo aa a Botao a sebelisoa joang boitšoarong ba botho?
10 Ke eng seo re ka se khoahlapisang litemaneng tsee tse lothang? Hore ho Matao, Tao ke matla a mang a mohlolo a maholo haholo a ikarabellang bakeng sa bokahohleng bo bonahalang. Sepheo sa Botao ke ho batla Tao, ho tlohela lefatše, le ho ba bonngoeng le tlhaho. Khopolo ena e boetse e bonahala maikutlong a Matao boitšoarong ba motho. Tlhaloso ea sepheo sena ho Tao Te Ching ke ena:
“Ho molemo ho haelloa ho e-na le ho tlala tsoete!
Leotsa haholo ntlha ea ntho e bohale, ’me ntlha e tla thithibana ka pele.
Bokella gauda le jade haholo, ’me ha ho ea tla li sireletsa.
Batla matlotlo le likhau, ’me ho tla latela tlokotsi.
Phomola ha mosebetsi o phethiloe.
Ena ke tsela ea leholimo.”—Khaolo 9.
11. Sepheo sa Botao se ka hlalosoa joang?
11 Mehlala ena e seng mekae e bontša hore bonyane qalong, Botao haholo-holo e ne e le sekolo sa filosofi. Ho arabela ho hloka toka, mahlomola, tsieleho le lefeela tse ileng tsa hlahisoa ke puso e thata ea tsamaiso ea babusi ba neng ba loantšana ea nakong eo, Matao a ne a lumela hore tsela ea ho fumana khotso le tumellano e ne e le ka ho khutlela neanong ea baholo-holo pele ho e-ba le marena le basebeletsi ba neng ba busa batho ka thata. Sepheo sa ’ona e ne e le ho phela bophelo bo khutsitseng le ba mahae, tumellanong le tlhaho.—Liproverbia 28:15; 29:2.
Mohlalefi oa Bobeli oa Botao
12. (a) Chuang Chou e ne e le mang? (b) O ile a eketsa eng lithutong tsa pele tsa Lao-tzu?
12 Filosofi ea Lao-tzu e ile ea ntšetsoa pele ka bohato bo le bong ke Chuang Chou, kapa Chuang-tzu, e bolelang “Monghali Chuang” (369-286 B.C.E.), ea ileng a nkoa e le mohlahlami ea hlahelletseng ka ho fetisisa oa Lao-tzu. Bukeng ea hae, Chuang Tzu, ha aa ka a qaqisa feela ka Tao empa o ile a boela a hlalosisa maikutlo a yin le yang, a ileng a hōlisoa ka lekhetlo la pele ho I Ching. (Bona se leqepheng la 83.) Maikutlong a hae, ha ho letho le hlileng le emeng ka mehla kapa le phethahetseng, empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boemong ba ho feto-fetoha pakeng tsa lintho tse peli tse hanyetsanang. Khaolong “Moroallo oa ho Theoha Boemong,” o ile a ngola:
“Ha ho letho bokahohleng le emeng ka mehla, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phela halelele feela ho lekana hore e shoe. Ke Tao feela, e se nang qalo kapa qetello, e bang teng ka ho sa feleng. . . . Bophelo bo ka tšoantšoa le pere ea lebelo e kholopang ka potlako e felletseng—e fetoha nako le nako le ka mokhoa o tsoetseng pele, ka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea motsotsoana. U lokela ho etsa joang? Ke eng eo u sa lokelang ho e etsa? Haele hantle ha ho etse phapang ea letho.”
13. (a) Ka qaqiso ea Chuang-tzu, maikutlo a Botao ke afe ka bophelo? (b) Ke toro efe ea Chuang-tzu e hopoloang hamolemo?
13 Ka lebaka la filosofi ena ea ho se fetohe, maikutlo a Motao ke hore ha ho na lebaka leo mang kapa mang a ka etsang ntho leha e le efe ho kena-kenana le seo tlhaho e se kentseng tšebetsong. Neng-neng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla khutlela ho se fapaneng. Ho sa tsotellehe hore na boemo bo bohloko hakae, ka pele bo tla fetoha bo molemo. Ho sa tsotellehe hore na boemo bo khahlisa hakae, ka pele bo tla fela. (Ho bontša phapang, bona Moeklesia 5:18, 19.) Pono ena ea bophelo ea filosofi e tšoantšoa hantle torong ea Chuang-tzu eo batho feela ba mo hopolang hamolemo ka eona:
“Ka lekhetlo le leng Chuang Chou o ile a lora e le serurubele, serurubele se fofelang koana le koana le se otlanyang mapheo, a khotsofetse ka boeena ’me a etsa kamoo a ratang. O ne a sa tsebe hore ke Chuang Chou. Ka tšohanyetso o ile a phaphama ’me e ne e le eo, a tiile ’me ntle ho phoso e le Chuang Chou. Empa o ne a sa tsebe hore na e be ke Chuang Chou ea ileng a lora e le serurubele, kapa serurubele se ileng sa lora e le Chuang Chou.”
14. Tšusumetso ea Botao e bonahala likarolong life?
14 Tšusumetso ea filosofi ena e bonoa mokhoeng oa lithoko le ho ferefa litšoantšo o ileng oa hōlisoa ke baetsi ba litšoantšo ba Machaena ba melokong ea morao. (Bona se leqepheng la 171.) Leha ho le joalo, Botao, bo ne bo sa tl’o lula ka nako e telele e le filosofi e sa nkeng karolo e mafolo-folo.
Ho Tloha Filosofing ho Ea Bolumeling
15. (a) Ho haptjoa maikutlo ke tlhaho ho ile ha isa Matao maikutlong afe? (b) Ke lipolelo life ho Tao Te Ching tse ileng tsa tlatsetsa maikutlong a joalo?
15 Boitekong ba bona ba ho ba bonngoeng le tlhaho, Matao a ile a tšoareha haholo kelellong ka ho ba ha eona ea ka ho sa feleng le ho tenyetseha ha eona. Ba ile ba ba le khopolo-taba ea hore ka ho phela tumellanong le Tao, kapa tsela ea tlhaho, motho ka tsela e ’ngoe e itseng a ka kha makunutu a tlhaho ’me a fetoha ea sa hlaseloeng ke ho tsoa kotsi ’meleng, maloetse, le lona lefu. Le hoja Lao-tzu a sa ka a etsa hona qeto e felletseng, litemana ho Tao Te Ching ho bonahala li fana ka maikutlo ana. Ka mohlala, khaolo ea 16 e re: “Ho ba bonngoeng le Tao ke ha ka ho sa feleng. ’Me le hoja ’mele o e-shoa, Tao ha ho mohla e tla feta.”a
16. Lingoliloeng tsa Chuang-tzu li ile tsa tlatsetsa joang litumelong tsa matla a boloi tsa Botao?
16 Chuang-tzu le eena o ile a tlatsetsa likhopolo-taba tse joalo. Ka mohlala, puisanong e ’ngoe e ngotsoeng ho Chuang Tzu, motšoantšisi e mong oa tšōmong o ile a botsa e mong, “U se u hōlile lilemong, empa u na le lebala la ngoana. Ho tla joang?” Oa bobeli a arabela: “Ke ithutile Tao.” Mabapi le rafilosofi e mong oa Motao, Chuang-tzu o ile a ngola: “Joale Liehtse o ne a ka palama moea. A haola ka thabo moeeng o pholileng, o ne a ka tsamaea matsatsi a leshome le metso e mehlano pele a khutla. Har’a batho ba shoang ba fumanang thabo, motho ea joalo o fumaneha seoelo.”
17. Ke mekhoa efe ea Botao e ileng ea hlahisoa ke likhopolo-taba tsa pejana, hona phello e bile efe? (Bapisa le Ba-Roma 6:23; 8:6, 13.)
17 Lipale tse kang tsena li ile tsa susumetsa monahano oa Matao, ’me a qala ho etsa liteko tsa boikoetliso ba ho nahanisisa, ho itima lijo, le ho phefumoloha tseo ho neng ho nahanoa hore li ka liehisa ho bola ha ’mele le lefu. Ka pele, ho ile ha qala hore ho tlala-tlale lipale tsa batho ba sa shoeng ba neng ba ka fofa marung e be ba hlaha le ho nyamela ka boithatelo le ba neng ba phela lilemo tse se nang palo lithabeng tse halalelang kapa lihleke-hlekeng tse hōle, ba phelisoa ke phoka kapa litholoana tsa mohlolo. Histori ea Machaena e tlaleha hore ka 219 B.C.E., moemphera oa Ch’in, Shih Huang-Ti, o ile a romela sehlopha sa likepe se nang le bashemane le banana ba 3 000 hore ba e’o fumana sehleke-hleke sa tšōmong sa P’eng-lai, bolulo ba ba sa shoeng, hore ba tle le setlama sa ho se shoe. Leha ho sa hlokahale hore ho ka boleloa, ha baa ka ba khutla le motsoako o lelefatsang bophelo, empa neano e bolela hore ba ile ba aha lihleke-hlekeng tse ileng tsa tla tsejoa e le Japane.
18. (a) Khopolo ea Botao e hlohlelletsang maikutlo a ‘pilisi ea ho se shoe’ ke efe? (b) Ke mekhoa efe hape ea matla a boloi e ileng ea hōlisoa ke Botao?
18 Nakong ea lesika la Han (206 B.C.E.–220 C.E.), mekhoa ea matla a boloi ea Botao e ile ea fihla tlhōrōng e ncha. Ho ile ha boleloa hore Moemphera Wu Ti, le hoja a ne a hōlisa Boconfucius e le thuto ea molao ea Naha, o ne a hapiloe haholo ke maikutlo a Botao a ho se shoe ha ’mele. O ile a haptjoa haholo ke ho ritela motsoako oa bohlale ba boloi oa ‘pilisi ea ho se shoe.’ Maikutlong a Motao, bophelo bo hlahisoa ke ho kopana ha matla a lintho tse fapaneng yin le yang (botšehali le botona). Kahoo, ka ho tsoaka loto (lefifi, kapa yin) le mercury (ho khanya, kapa yang), batsoaki ba metsoako ea boloi ba ne ba etsisa tšebetso ea tlhaho, ’me se neng se hlaha moo, kamoo ba neng ba nahana ka teng, e ne etlaba pilisi ea ho se shoe. Matao hape a ile a hōlisa boikoetliso bo kang ba Yoga, mahlale a ho laola phefumoloho, lithibelo tsa ho itima lijo, le mekhoa ea likamano tsa botona le botšehali eo ho neng ho lumeloa hore e matlafatsa matla a bohlokoa a motho le ho lelefatsa bophelo ba motho. Thepa ea bona e ne e akarelletsa liroala tseo ho neng ho boleloa hore li etsa hore motho a se ke a bonahala le hore a se ke a kenoa ke lihlomo kapa hore a nolofalloe ke ho tsamaea holim’a metsi kapa a fofe sepaka-pakeng. Hape ba ne ba e-na le lintho tse sireletsang tsa boloi, hangata li e-na le matšoao a yin-yang, a manamisitsoeng mehahong le menyako ho leleka meea e mebe le libatana tsa naha.
19. Botao bo ile ba hlophisoa joang?
19 Lekholong la bobeli la lilemo C.E., Botao bo ile ba hlophisoa. E mong ea bitsoang Chang Ling, kapa Chang Tao-ling, o ile a thea mokhatlo oa lekunutu oa Botao Chaena bophirima ’me a sebelisa lipheko tsa boloi le metsoako ea boloi. Kaha setho se seng le se seng se ne se lefa seabo sa li-peck tse hlano tsa reisi, mokhatlo oa hae o ile oa tsejoa e le Botao ba Li-peck-tse-Hlano-tsa-Reisi (wu-tou-mi tao).b A bolela hore o fumane tšenolo e tobileng e tsoang ho Lao-tzu, Chang o ile a fetoha “monghali oa leholimo” oa pele. Qetellong, ho ile ha boleloa hore o ile a atleha ho etsa motsoako o lelefatsang bophelo le ho nyolohela leholimong a ntse a phela, a palame nkoe, ho tloha Thabeng ea Lung-hu (Thaba ea Nkoe ea Drakone) Seterekeng sa Kiangsi. Ka Chang Tao-ling ho ile ha qaleha letoto le nkileng makholo a lilemo la “benghali ba leholimo” ba Matao, e mong le e mong ho boleloa hore ke Chang a tsoetsoe ka ’mele o mocha.
Ho Khahlanyetsa Phephetso ea Bobuddha
20. Botao bo ile ba leka joang ho hanyetsa tšusumetso ea Bobuddha?
20 Lekholong la bosupa la lilemo, nakong ea lesika la T’ang (618-907 C.E.), Bobuddha bo ne bo kenella bophelong ba bolumeli ba Machaena. Ho bo hanyetsa, Botao bo ile ba ikhōlisa hore e be bolumeli bo simolohileng Chaena. Lao-tzu o ile a etsoa molimo, ’me lingoliloeng tsa Matao tsa etsoa libuka tse halalelang. Ho ile ha ahoa litempele, libaka tsa boitlami tsa banna le tsa basali, ’me mabotho a baitlami ba banna le ba basali a theoa, ka tsela e batlang e tšoana haholoanyane le ea Bobuddha. Ho phaella moo, Botao hape bo ile ba amohela ka hare ho sehlopha sa bona sa melimo, melimotsana, batho ba tšōmong, le batho ba sa shoeng ba litaba tsa ba-re-e-ne-e-re tsa Machaena, tse kang Ba Robeli Ba Sa Shoeng (Pa Hsien), molimo oa maifo (Tsao Shen), melimo ea motse (Ch’eng Huang), le balebeli ba menyako (Men Shen). Phello e bile motsoebere o akarelletsang metsoako ea Bobuddha, litumela-khoela tsa neano, tumelo ea hore ho ka buisanoa le bafu ka lilaoli, le borapeli ba baholo-holo.—1 Ba-Korinthe 8:5.
21. Qetellong, Botao bo ile ba iphetola eng, hona joang?
21 Ha nako e ntse e tsoela pele, Botao bo ile ba theoha butle-butle ho ba tsamaiso ea borapeli ba melimo ea litšoantšo le tumela-khoela. Motho e mong le e mong o ne a ithapella feela melimo le melimotsana ea hae eo a e ratang litempeleng tsa moo, a e kōpa hore e mo sireletse khahlanong le bobe le ho mo thusa hore a finyelle lehlohonolo la lefatšeng. Baprista ba ne ba hiroa hore ba tšoare liphupu; ba khethe litša tse ntle tsa mabitla, matlo, le likhoebo; ba buisane le bafu; ba leleke meea e mebe le lithotsela; ba tšoare litšebeletso tsa mekete; le ho etsa litšebeletso tse ling tse sa tšoaneng. Kahoo, se ileng sa qala e le sekolo sa filosofi ea mehlolo se ne se iphetotse bolumeli bo tetebetseng ka botebo tumelong ea meea e sa shoeng, mollo oa lihele, le melimo-batho—maikutlo a nkiloeng letšeng la metsi a bolileng ke ho se phalle la litumelo tsa bohata tsa Babylona ea boholo-holo.
Mohlalefi e Mong ea Tummeng oa Chaena
22. Ke sekolo sefe sa batho ba tšoanang ka maikutlo se ileng sa busa Chaena, ’me ke lipotso life tseo ho hlokahalang hore re li hlahlobe?
22 Le hoja re setse morao mohlala oa ho phahama, ho hōla, le ho senyeha ha Botao, re lokela ho hopola hore e ne e le se seng feela sa “likolo tse lekholo” tse ileng tsa thunya Chaena nakong ea Litereke tse Loantšanang. Sekolo se seng seo qetellong se ileng sa tuma, haele hantle, se ileng sa busa, e ne e le Boconfucius. E be ke hobane’ng ha Boconfucius bo ile ba tuma hakaale-kaale? Har’a bahlalefi bohle ba Machaena, ha ho pelaelo hore Confucius ke eena ea tsebahalang hamolemo ka ntle ho Chaena, empa haele hantle e ne e le mang? Hona o ile a ruta eng?
23. Ho fanoe ka lintlha life tse qaqileng tsa botho mabapi le Confucius ‘Litlalehong tsa Histori’?
23 Mabapi le Confucius, re boetse re retelehela ho Shih Chi (Litlaleho tsa Histori) ea Ssu-ma Ch’ien. Ha ho bapisoa le tlhaloso e khutšoanyane ea Lao-tzu, re fumana histori e ngotsoeng ka mokhoa o batsi ea bophelo ba Confucius. Lintlha tse ling tse qaqileng tse qotsitsoeng phetolelong ea seithuti sa Mochaena Lin Yutang ke ena:
“Confucius o ile a tsoalloa toropong ea Tsou, seterekeng sa Ch’angping, naheng ea Lu. . . . [’M’ae] o ile a rapela leralleng la Nich’iu ’me a emola Confucius e le karabo thapelong ea hae, ka selemo sa mashome a mabeli a metso e ’meli sa Morena Hsiang oa Lu (551 B.C.). Ho ile ha bonahala leqhutsu le hlokomelehang hloohong ea hae ha a tsoaloa, ’me ke ka lebaka leo a ileng a bitsoa ‘Ch’iu’ (e bolelang “leralla”). Lebitso la hae la sebele e ne e le Chungni, ’me fane ea hae e le K’ung.”c
24. Ho ile ha etsahala eng lilemong tsa pejana tsa bophelo ba Confucius?
24 Nakoana ka mor’a hore a tsoaloe, ntat’ae o ile a shoa, empa ’m’ae, le hoja a ne a futsanehile, o ile a khona ho mo lokisetsa thuto e tšoanelehang. Moshemane enoa o ile a hōlisa thahasello e matla ea histori, lithoko, le ’mino. Ho latela The Analects, e ’ngoe ea Four Books tsa Boconfucius, o ile a inehela boithutong bo matla ha a le lilemo li 15. Ha a le lilemo li 17, o ile a neoa mosebetsi o monyenyane oa puso seterekeng sa habo sa Lu.
25. Lefu la ’m’a Confucius le ile la mo ama joang? (Bapisa le Moeklesia 9:5, 6; Johanne 11:33, 35.)
25 Boemo ba hae ba lichelete ho bonahala bo ile ba ntlafala, hoo a ileng a nyala ha a le lilemo li 19 ’me a ba le mora selemong se hlahlamang. Leha ho le joalo, ha a le bohareng ba lilemo tsa bo20, ’m’ae o ile a shoa. Hoo ka ho hlakileng ho ile ha mo ama haholo. E le ’moloki ea chatsi oa lineano tsa boholo-holo, Confucius o ile a tloha bophelong har’a batho ’me a ea llela ’m’ae lebitleng la hae ka likhoeli tse 27, kahoo a etsetsa Machaena mohlala o ka lateloang oa botšepehi ba bana ho batsoali ba bona.
Tichere Confucius
26. Confucius o ile a nka mosebetsi ofe ka morao ho lefu la ’m’ae?
26 Ka morao ho moo, o ile a siea lelapa la hae ’me a nka mosebetsi oa ho ba tichere e lebang koana le koana. Litaba tseo a neng a li ruta li ne li akarelletsa ’mino, lithoko, lingoliloeng, litokelo le litšoanelo tsa baahi, mekhoa ea boitšoaro, le saense, kapa leha e le eng e neng e ka ba teng linthong tsena ka nako eo. O tlameha a be a ile a iketsetsa lebitso, hobane ho ne ho boleloa hore ka nako e ’ngoe o ne a e-na le liithuti tse ngata hoo li ka bang 3 000.
27. Ke eng se tsejoang ka Confucius joalo ka tichere? (Bapisa le Mattheu 6:26, 28; 9:16, 17; Luka 12:54-57; Johanne 4:35-38.)
27 Bochabela, Confucius o hlomphuoa haholo e le tichere e khōlō. Haele hantle tlhaloso e lebitleng la hae le Ch’ü-fou, Seterekeng sa Shantung, habonolo feela e e baloa tjena, “Tichere ea Boholo-holo, e Halalelang ka ho Fetisisa.” Sengoli se seng sa Bophirima se hlalosa mokhoa oa hae oa ho ruta ka tsela ena: “O ne a tsamaea ho tloha ‘sebakeng se seng ho ea sebakeng se seng a tsamaea le ba neng ba amohela ka cheseho maikutlo a hae a bophelo.’ Neng le neng ha leeto le ne le ba nka sebaka leha e le sefe se selelele o ne a palama koloi ea likhomo. Ho tsamaea butle ha liphoofolo ho ne ho nolofaletsa barutuoa ba hae hore ba latele ka maoto, ’me ho hlakile hore taba ea seo a neng a se ruta hangata e ne e hlahisoa ke liketsahalo tse etsahalang tseleng.” Ho khahlisang, Jesu hamorao, a sa etsise, o ile a sebelisa mokhoa o tšoanang.
28. Ho latela sengoli sa Mochaena Lin Yutang, ke eng se ileng sa etsa Confucius tichere e hlomphuoang?
28 Ha ho pelaelo hore se ileng sa etsa Confucius tichere e hlomphehang har’a batho ba Bochabela e ne e le ’nete ea hore e ne e le seithuti se setle ka boeena, haholo-holo sa histori le mekhoa ea boitšoaro. “Batho ba ile ba huleloa ho Confucius, e seng hobane e ne e le motho ea bohlale ka ho fetisisa nakong ea hae, empa hobane e ne e le seithuti se rutehileng ka ho fetisisa, sona feela sa mehleng ea hae se neng se ka ba ruta libuka tsa boholo-holo le mokhoa oa ho ithuta oa boholo-holo,” kamoo ho ngotseng Lin Yutang. Ha a supa lerato lena la ho ithuta mohlomong e le lona lebaka le leholo leo Boconfucius bo ileng ba hlōla likolo tse ling tsa batho ba tšoanang ka maikutlo, Lin o ile a akaretsa taba ka tsela ena: “Matichere a Boconfucius a ne a e-na le ntho e ’ngoe e tiileng eo a e rutang ’me liithuti tsa Boconfucius li ne li e-na le ntho e ’ngoe e tiileng eo li ithutang eona, e leng, boithuto bo nang le bopaki ba histori, ha likolo tse ling li ile tsa qobelloa ho hlahisa feela maikutlo ao e leng a tsona.”
“Ke Leholimo le Ntsebang!”
29. (a) Takatso ea sebele ea Confucius e ne e le efe bophelong? (b) O ile a leka joang ho finyella takatso e matla ea hae, hona e le ka phello efe?
29 Ho sa tsotellehe katleho ea hae joaloka tichere, Confucius ha aa ka a nka botichere e le mosebetsi oa hae oa bophelo bohle. O ile a ikutloa hore maikutlo a hae tabeng ea mekhoa ea boitšoaro le boitšoarong a ka pholosa lefatše le tšoenyehileng la mehleng ea hae haeba feela babusi ba ne ba ka li sebelisa ka ho mo hira kapa ka ho hira liithuti tsa hae pusong ea bona. Ho finyella sena, eena le sehlotšoana sa barutuoa ba hae ba haufi haholo o ile a tloha seterekeng sa habo sa Lu ’me a tsamaea le litereke a leka ho fumana ’musi ea bohlale ea neng a ka amohela maikutlo a hae tabeng ea puso le taolo ea batho. Phello e bile efe? Shih Chi e re: “Qetellong o ile a tloha Lu, a lahloa kherehloa Ch’i, a lelekoa Sung le Wei, a ba mahlomoleng a ho hloka pakeng tsa Ch’en le Ts’ai.” Ka morao ho lilemo tse 14 a ntse a le tseleng, o ile a khutlela Lu, a saretsoe empa a sa nyahama.
30. Ke libuka life tse bōpang motheo oa Boconfucius?
30 Ka matsatsi a neng a mo saletse, o ile a inehela mosebetsing oa ho ngola libuka le ho ruta. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 177.) Le hoja ho se pelaelo hore o ile a utloa bohloko ke ho se tume ha hae, o ile a re: “Ha ke korotlele Leholimo. Ha ke ngongorehele motho. Ke phehella lithuto tsa ka mona lefatšeng, ’me ke kamanong le Leholimo le holimo. Ke Leholimo le ntsebang!” Qetellong, ka selemo sa 479 B.C.E., o ile a shoa a le lilemo li 73.
Moko-taba oa Likhopolo Tsa Confucius
31. Confucius o ile a ruta eng e le tsela ea ho finyella taolo sechabeng?
31 Le hoja Confucius a ile a ipabola ha e le seithuti le tichere, tšusumetso ea hae ho hang ha ea ka ea lekanyetsoa tikolohong ea ho ithuta feela. Haele hantle, sepheo sa Confucius e ne e se feela ho ruta melao ea boitšoaro kapa ho ruta boitšoaro empa hape e ne e le ho tsosolosa khotso le taolo har’a batho, tseo, ka nako eo, li neng li tsekolohile ka lebaka la ntoa e sa khaotseng pakeng tsa marena a loantšanang. Ho finyella pakane eo, Confucius o ile a ruta hore e mong le e mong, ho tloha ka moemphera ho isa ho motho feela, o tlameha ho ithuta hore na karolo ea hae eo a neng a lebelletsoe hore a e phethe har’a batho ke efe le hore a phele ka ho tšoanelehang.
32, 33. (a) Khopolo ea Confucius ka li e ne e le efe? (b) Ho latela Confucius, phello e ne e tla ba efe ha ho sebelisoa li?
32 Boconfuciusing khopolo ena e tsejoa e le li, e bolelang mekhoa ea tlhomphano, mekhoa e metle, taolo ea lintho, ’me, ha ho atolosoa, e bolela moetlo oa bolumeli, mekhoa e mosa, le tlhompho. Karabelong ea potso, “Hantle-ntle li ee e khōlō ke eng?” Confucius o ile a fana ka tlhaloso e latelang:
“Ho lintho tsohle tseo batho ba phelang ka tsona, li ke e khōlō ho li feta. Ha li e le sieo, ha re tsebe kamoo re ka tšoarang borapeli bo loketseng ba meea ea bokahohle; kapa kamoo re ka theang boemo bo loketseng ba morena le basebeletsi, babusi le ba busoang, le ba baholo le ba banyenyane; kapa kamoo re ka theang likamano tsa boitšoaro pakeng tsa ba batona le ba batšehali, pakeng tsa batsoali le bana le pakeng tsa bara ba motho; kapa kamoo re ka etsang phapang pakeng tsa likamano tse fapa-fapaneng ka lapeng. Ke ka lebaka leo monna ea hlomphehang a nkang li e le ntho e hlomphehang haholo hakana.”
33 Kahoo, li ke molao oa boitšoaro oo ka oona monna ea hlomphehang oa ’nete (chün-tzu, ka linako tse ling e fetoleloa e le “monna ea ka holimo”) a phethahatsang ka oona likamano tsohle tsa hae le batho. Ha e mong le e mong a leka ho etsa joalo, kamoo “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fetoha e nepahetseng ka lapeng, naheng le lefatšeng,” ho ileng ha bolela Confucius, ’me ke nakong eo Tao, kapa tsela ea leholimo, e finyelloang. Empa li e lokela ho bontšoa joang? Hoo ho re isa ho e ’ngoe ea likhopolo tsa bohlokoa tsa Boconfucius—jen (e bitsoa e le ren), ho ba le botho kapa ho ba le pelo ea botho.
34. Khopolo ea Boconfucius ea jen ke efe, hona e thusa joang ho sebetsaneng le likhathatso tsa kahisano?
34 Ha li e hatisa ho itšoara ka melao e ka ntle, jen e sebetsana le tlhaho ea botho, kapa motho ea ka hare. Khopolo ea Boconfucius, haholo-holo joalokaha e hlalosoa ke seithuti se ka sehloohong sa Confucius, Mencius, ke hore haele hantle tlhaho ea botho e ntle haholo. Kahoo, pheko bakeng sa likhathatso tsohle tsa kahisano e ho intlafatseng, ’me hoo ho qala ka thuto le tsebo. Khaolo e qalang ea The Great Learning e re:
“Ha ho fihletsoe tsebo ea ’nete, ke moo thato e fetohang e nang le ’nete; ha thato e e-na le ’nete, ke moo pelo e beoang boemong bo nepahetseng . . . ; ha pelo e le boemong bo nepahetseng, ke moo bophelo ba botho bo ntlafatsoang; ha bophelo ba botho bo ntlafetse, ke moo bophelo ba lelapa bo laoloang; ha bophelo ba lelapa bo laolehile, ke moo bophelo ba sechaba bo hlophisehang; ’me ha bophelo ba sechaba bo hlophisehile, ke moo ho bang le khotso lefatšeng lena. Ho qala ka moemphera ho theosa ho ea fihla ho batho feela, bohle ba tlameha ho hlompha ntlafatso ea bophelo ba botho e le motso kapa motheo.”
35. (a) Melao-motheo ea li le jen e ka akaretsoa joang? (b) See sohle se bonahatsoa joang maikutlong a Machaena ka bophelo?
35 Kahoo, re bona hore ho latela Confucius, ho bolokoa ha li ho tla nolofaletsa batho ho itšoara ka ho loketseng boemong bo bong le bo bong, ’me ho ntlafatsoa ha jen ho tla ba etsa hore ba tšoare e mong le e mong ka mosa. Phello, kamoo ho boleloang, ke khotso le tumellano har’a batho. Sepheo sena sa Boconfucius, se theiloeng melao-motheong ea li le jen, se ka akaretsoa ka tsela ena:
“Mosa ho ntate, botšepehi ho batsoali ho mora
Bonolo ho mora e moholo, boikokobetso le tlhompho ho ba banyenyane
Boitšoaro bo lokileng ho monna, kutlo ho mosali
Ho nahanela ha botho ho ba baholo, ho itiha ho ba banyenyane
Molemo ho babusi, botšepehi ho basebeletsi le bafo.”
Sena sohle se thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba Machaena, haesita le batho ba bang ba Bochabela, ba beha khatiso e khōlō hakana litlamanong tsa lelapa, ho beng mahlaha-hlaha, thutong, le ho tsebeng le ho etseng lintho tumellanong le sebaka seo motho a leng ho sona bophelong. Ho le molemo kapa ho le hobe, likhopolo tsena tsa Confucius li kentsoe ka botebo maikutlong a Machaena ka ho khokhotheloa ka makholo a lilemo.
Boconfucius bo Ile ba Fetoha Sehlotšoana sa Bolumeli sa Naha
36. Boconfucius bo ile ba fumana boemo ba ho ba sehlotšoana sa bolumeli sa Naha joang?
36 Ka ho phahama ha Boconfucius, nako ea “likolo tse lekholo” e ile ea fihla qetellong. Baemphera ba lesika la Han ba ile ba fumana thutong ea Boconfucius ea botšepehi ho ’musi molao oo ba neng ba o hloka ho tiisa matla a bobusi. Tlas’a Moemphera Wu Ti, eo re seng re ile ra bua ka eena mabapi le Botao, Boconfucius bo ile ba phahamisetsoa boemong ba ho ba sehlotšoana sa bolumeli sa Naha. Ke feela ba neng ba ithutetse melao ea Boconfucius ba neng ba khetheloa ho ba liofisiri tsa Naha, ’me mang kapa mang ea neng a ka ba le tšepo ea ho kena tšebeletsong ea puso o ne a lokela ho feta litlhahlobo tsa sechaba ka bophara tse theiloeng melaong ea Boconfucius. Mekhoa le litšebeletso tsa Boconfucius li ile tsa fetoha bolumeli ba ntlo ea borena.
37. (a) Boconfucius e bile bolumeli joang? (b) Ke hobane’ng, bonneteng, ha Boconfucius e se feela filosofi?
37 Phetoho ena ea liketsahalo e ile ea etsa ho hoholo ho phahamisa boemo ba Confucius har’a batho ba Machaena. Babusi ba Han ba ile ba qala neano ea ho nyehela mahlabelo lebitleng la Confucius. O ile a abeloa litlotla tsa tlhompho. Joale, ka 630 C.E., moemphera oa T’ang T’ai Tsung o ile a laela hore tempele ea Naha e tlotlang Confucius e hahuoe seterekeng se seng le se seng le sebakeng se seng le se seng ’musong oohle le hore mahlabelo a nyeheloe ka mehla. Ho sa tsotellehe mabaka ’ohle a utloahalang, Confucius o ile a phahamisetsoa boemong ba molimo, ’me Boconfucius ba fetoha bolumeli boo ho hang bo neng bo ke ke ba khetholloa ho Botao kapa Bobuddha.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 175.
Lefa la Bohlale ba Bochabela
38. (a) Ho etsahetse eng ka Botao le Boconfucius ho tloha ka 1911? (b) Empa ke eng eo e sa ntsaneng e tsoela pele ka likhopolo tsa motheo tsa malumeli aa?
38 Ho tloha qetellong ea puso ea masika a borena Chaena ka 1911, Boconfucius le Botao li nyatsoa ka matla haholo, haesita le ho hlorisoa. Botao bo ile ba nyatsoa ka lebaka la mekhoa ea bona ea matla a boloi le tumela-khoela. ’Me Boconfucius bo thathamisitsoe e le puso ea marena a hatellang, e ntšetsang pele kelello ea bokhoba ho boloka batho, haholo-holo basali, e le bafo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho nyatsoa joalo ka molao, likhopolo tsa motheo tsa malumeli ana li kene ka botebo likelellong tsa Machaena hoo li sa ntsaneng li itsetsepetse ka matla ho batho ba bangata.
39. Tlaleho e ’ngoe ea litaba e re’ng ka mekhoa ea bolumeli ea tumela-khoela ea Chaena?
39 Ka mohlala, tlas’a sehlooho “Litšebeletso tsa Bolumeli tsa Machaena Lia Rothela Beijing empa li Atleha Libakeng tse Mabōpong,” koranta ea Canada Globe and Mail e ile ea tlaleha ka 1987 hore ka morao ho lilemo tse ka bang 40 tsa puso ea ho se lumele ho Molimo Chaena, mekhoa ea liphupu, litšebeletso litempeleng, le mekhoa e mengata ea tumela-khoela e sa ntsane e tloaelehile libakeng tse ka thōko. Tlaleho e bolela hore: “Metsana e mengata e na le monna oa fengshui, hangata e le moahi ea hōlileng ea tsebang ho bala matla a moea (feng) le metsi (shui) ho lekanyetsa sebaka se loketseng haholo bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho qala ka lebitla la baholo-holo, ntlo e ncha kapa sebaka sa thepa ea kamore ea boikhathollo.”
40. Ke mekhoa efe ea bolumeli e bonoang Taiwan?
40 Libakeng tse ling, Botao le Boconfucius li fumanoa kae le kae moo likhopolo tsa baholo-holo tsa Machaena li ntseng li le teng. Taiwan, monna e mong ea boleloang hore o tsoa lesikeng la Chang Tao-ling o okamela e le “monghali oa leholimo” ka matla a ho hlomamisa baprista ba Botao (Tao Shih). Molimotsana o ratehang Matsu, ea phatlalatsoang e le “’Mè ea Halalelang Leholimong,” o rapeloa e le mohalaleli ea sireletsang oa sehleke-hleke le oa basesisi ba likepe le batšoasi ba litlhapi. Ha e le ka batho feela, ba tšoarehile haholo ka ho etsa linyehelo le mahlabelo ho meea ea linōka, lithaba, le linaleli; melimo e sireletsang ea mesebetsi eohle ea ka mehla; le melimo ea bophelo, mahlohonolo, le matlotlo.d
41. Boconfucius bo ntšetsoa pele joang joaloka bolumeli kajeno?
41 Ho thoe’ng ka Boconfucius? Karolo ea bona e le bolumeli e theoletsoe boemong ba ho ba seemahale sa naha. Chaena Ch’ü-fou, sebaka seo Confucius a tsoaletsoeng ho sona, Naha e bolokile Tempele ea Confucius le setša sa lelapa e le libaka tse hohelang bahahlauli. Mono, ho latela makasine China Reconstructs, ho etsoa lipontšo tsa “ho tsosolosa tšebeletso ea borapeli ba Confucius.” ’Me Singapore, Taiwan, Hong Kong, le libakeng tse ling Asia e ka bochabela, batho ba sa ntsane ba keteka letsatsi la tsoalo ea Confucius.
42. Botao le Boconfucius li haelloa joang joaloka tataiso ha ho batloa Molimo oa ’nete?
42 Boconfuciusing le ho Botao, re bona kamoo tsamaiso e theiloeng bohlaleng le monahanong oa motho, ho sa tsotellehe kamoo e utloahalang le ho etsoa ka morero o motle, e qetellang ka ho haelloa ha ho batloa Molimo oa ’nete. Hobane’ng? Hobane e siea karolo e ’ngoe ea bohlokoa, e leng, thato le litlhokahalo tsa Molimo o nang le botho. Boconfucius bo retelehela tlhahong ea botho e le eona matla a susumelletsang ho etsa botle, ’me Botao bo retelehela tlhahong ka boeona. Empa sena ke ho beha tšepo nthong e fosahetseng hobane ho itšoanela le ho rapela lintho tse bōpiloeng ho e-na le ’Mōpi.—Pesaleme ea 62:9; 146:3, 4; Jeremia 17:5.
43. Lineano tsa bolumeli tsa Machaena li ile tsa sebetsa joang khahlanong le ’ona ka kakaretso ha ho batloa Molimo oa ’nete?
43 Ka lehlakoreng le leng, lineano tsa borapeli ba baholo-holo le melimo ea litšoantšo, ho hlompha leholimo le leholo, le ho hlompha meea e teng linthong tsa tlhaho, hammoho le mekhoa le litšebeletso tse amanang le tsona, li fetohile tse tebileng ka matla tseleng eo Machaena a nahanang ka eona hoo li amoheloang e le ’nete e ke keng ea hlalosoa. Hangata ho thata haholo ho bua le motho oa Mochaena ka Molimo o nang le botho kapa ’Mōpi ka lebaka la hobane khopolo eo ke esele ka ho felletseng ho eena.—Ba-Roma 1:20-25.
44. (a) Likelello tse nahanang li itšoara joang meekeng ea tsela ea tlhaho? (b) Re khothalletsoa ho etsa eng?
44 Ho ke ke ha latoloa hore tlhaho e tletse lintho tse khōlō tse hlollang le bohlale le hore rōna batho re filoe matla a hlollang a ho nahana le letsoalo. Empa joalokaha ho totobalitsoe khaolong e buang ka Bobuddha, meeka eo re e bonang har’a lintho tsa tlhaho e entse hore likelello tse nahanang li fihlele qeto ea hore e tlameha e be ho na le Moqapi kapa ’Mōpi. (Bona se maqepheng a 151-2.) Ha ho le joalo, na hase ho utloahalang hore re lokela ho leka ho batla ’Mōpi eo? Haele hantle ’Mōpi enoa o re memela hore re etse joalo: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona.” (Esaia 40:26) Ho etsa joalo, re ke ke ra tseba feela hore na ’Mōpi ke mang, e leng Jehova Molimo, empa hape hore na o hopotse eng bakeng sa bokamoso ba rōna.
45. Ke bolumeli bofe hape ba Bochabela boo re tla bo hlahloba ka morao ho moo?
45 Ho na le bolumeli bo bong ntle ho Bobuddha, Boconfucius, le Botao, tse nkileng karolo e khōlō bophelong ba bolumeli ba batho ba Bochabela, bo ikhethang har’a batho ba Japane—Boshinto. Bo fapane joang? Mohloli oa bona ke ofe? Na bo isitse batho ho Molimo oa ’nete? Sena re tla se hlahloba khaolong e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phetolelo ea Lin Yutang ea serapa sena ea baleha: “A le tumellanong le Tao, ke oa ka ho sa feleng, ’me bophelo bohle ba hae bo pholositsoe kotsing.”
b Peck ke tekanyo ea lintho tse ommeng e lekanang le lilithara tse 8,8.
c Lentsoe “Confucius” ke ho fetoleloa ka mokhoa o mong oa Selatine ha K’ung-fu-tzu ea Sechaena, e bolelang “Monghali K’ung.” Baprista ba Majesuit ba ileng ba tla Chaena lekholong la lilemo la bo16 ba ile ba qapa lebitso la Selatine ha ba etsa khothalletso ho mopapa oa Roma hore Confucius a kenngoe letotong la “bahalaleli” ba Kereke ea Roma e K’hatholike.
d Sehlopha se seng sa Matao sa Taiwan, se bitsoang T’ien Tao (Tsela ea Leholimo), se bolela hore ke motsoebere oa malumeli a mahlano a lefatše—Botao, Boconfucius, Bobuddha, Bokreste, le Boislām.
Ho Bitsoa Ha Mantsoe A Sechaena
[Lebokose le leqepheng la 162]
Ho Bitsoa ha Mantsoe a Sechaena
Ho ba tumellanong le libuka tse ngata tsa barutehi, mokhoa oa Wade-Giles oa ho fetolela mantsoe a Sechaena ka mokhoa o mong o sebelisitsoe bukeng ena. Ka tlaase ho fanoe ka mokhoa o tšoanang oa molumo oa Senyesemane:
ch j, joaloka ho Tao Te Ching (jing)
ch’ ch, joaloka ho lesika la Ch’in (chin)
hs sh, joaloka ho Ta Hsüeh (shu-eh), The Great Learning
j r, joaloka ho jen (ren), ho ba le pelo ea botho
k g, joaloka ho molimotsana oa Mobuddha Kuan-yin (gwan-yin)
k’ k’, joaloka ho K’ung-fu-tzu (kung-fu-tzu), kapa Confucius
t d, joaloka ho Tao (dao), Tsela
t’ t, joaloka ho lesika la T’ang (tang)
Libuka Tse ’Nè Tsa Boconfucius Le Libuka Tsa Khale Tse Hlano
[Lebokose le leqepheng la 175]
Boconfucius—na Ke Filosofi Kapa Bolumeli?
Kaha Confucius o ile a bua hanyenyane ka Molimo, batho ba bangata ba talima Boconfucius e le filosofi feela e seng bolumeli. Leha ho le joalo, seo a ileng a se bua le ho se etsa se ile sa bontša hore o ne a sekametse bolumeling. Sena se ka bonoa lintlheng tse peli. Ea pele, o ne a e-na le tšabo e nang le tlhompho bakeng sa matla a moea a maholo ka ho fetisisa, ao Machaena a a bitsang T’ien, kapa Leholimo, ao a neng a a nka e le mohloli oa bokhabane bohle le boitšoaro bo botle le ao thato ea ’ona, kamoo a neng a ikutloa ka teng, e tsamaisang lintho tsohle. Ea bobeli, o ne a beha khatiso e khōlō polokong e chatsi ea mekhoa le mekete e amanang le borapeli ba leholimo le meea ea baholo-holo ba ileng.
Le hoja ho se mohla Confucius a kileng a buella maikutlo ana joalokaha eka ke bolumeli, ho meloko ea Machaena a fetohile sohle seo bolumeli bo leng sona.
[Setšoantšo se leqepheng la 177]
Libuka Tse ’Nè tsa Boconfucius le Libuka tsa Khale tse Hlanu
Libuka Tse ’Nè
1. The Great Learning (Ta Hsüeh), motheo oa thuto ea monna ea hlomphehang, buka ea pele e neng e ithutoa ke bashemane ba sekolo Chaena ea khale
2. The Doctrine of the Mean (Chung Yung), buka e qapollisang taba ea ho hōla ea tlhaho ea botho ka ho etsa lintho ka mokhoa o itekanetseng
3. The Analects (Lun Yü), pokello ea lipolelo tsa Confucius, e nkoang e le mohloli o moholo oa mohopolo oa Boconfucius
4. The Book of Mencius (Meng-tzu), lingoliloeng le lipolelo tsa morutuoa e moholo ho bohle oa Confucius, Meng-tzu, kapa Mencius
Libuka tsa Khale tse Hlano
1. The Book of Poetry (Shih Ching), lithoko tse 305 tse fanang ka leseli la bophelo ba letsatsi le letsatsi ba mehleng ea pele ea Chou (1000-600 B.C.E.)
2. The Book of History (Shu Ching), e akaretsang makholo a 17 a histori ea Chaena ho tloha ka lesika la Shang (1766-1122 B.C.E.)
3. The Book of Changes (I Ching), buka ea bonohe, e theiloeng litlhalosong tsa lipolelo tse 64 tse ka etsoang ka ho bōpa lipolelo ka mela e tšeletseng e felletseng kapa e sa fellang
4. The Book of Rites (Li Chi), pokello ea melao ea mekete le litšebeletso
5. Annals of Spring and Autumn (Ch’un Ch’iu), histori ea setereke sa habo Confucius sa Lu, e akaretsang 721-478 B.C.E.
[Litšoantšo]
Libuka tsa Khale tse Hlano, e ka holimo, le karolo, e ka letsohong le letšehali, ea The Great Learning (e ’ngoe ea Libuka Tse ’Nè), e qotsitsoeng leqepheng la 181
[Setšoantšo se leqepheng la 163]
Tao, ‘Tsela Eo motho A Lokelang Ho E Tsamaea’
[Setšoantšo se leqepheng la 165]
Lao-tzu, rafilosofi oa Botao, a palame nare
[Setšoantšo se leqepheng la 166]
Tempele ea Botao e hahetsoeng Matsu, “’Mè ea Halalelang Leholimong,” Taiwan
[Setšoantšo se leqepheng la 171]
Lithaba tse moholi, metsi a khutsitseng, lifate tse tsukutlehang, le liithuti tse phomotseng —lihlooho tse ratehang litšoantšong tsa naha tse ferefuoang ke Machaena—li bontša sepheo sa Botao sa ho phela ka kutloano le tlhaho
[Setšoantšo se leqepheng la 173]
Litšoantšo tsa boholo-holo tse betliloeng tsa Botao, ka letsohong le letšehali, tsa melimo ea Bophelo bo Bolelele le Ba Robeli ba Sa Shoeng. Ka letsohong le letona, moprista oa Botao ka seaparo se felletseng sa borena a sebeletsa phupung
[Setšoantšo se leqepheng la 179]
Confucius, mohlalefi ea ka pele-pele oa Chaena, o hlomphuoa joaloka tichere ea boitšoaro le mekhoa ea boitšoaro
[Setšoantšo se leqepheng la 181]
Litšebeletso, ka ’mino, Sung Kyun Kwan, setsi sa lekholong la lilemo la bo14 sa thuto sa Boconfucius se Seoul, Korea, se ntšetsa pele litšebeletso tsa Confucius
[Setšoantšo se leqepheng la 182]
E-bang ke Mobuddha, Motao, kapa Moconfucius, Mochaena oa sebele, ho tloha ka letsohong le letšehali, o isa tlhompho ho baholo-holo ba ka tlung, o rapela molimo oa matlotlo, ’me o nyehela mahlabelo litempeleng ka matsatsi a thabo