Khaolo 8
Boshinto Ho Batla Molimo ha Japane
“Kaha ntate e ne e le moprista oa Boshinto, re ile ra bolelloa hore re nyehele galase ea metsi le sekotlolo sa reisi e phehiloeng ka mouoane oa metsi a belang holim’a kamidana [sehalalelo sa lelapa sa Boshinto] hoseng ho hong le ho hong pele ho lijo tsa hoseng. Ka morao ho ketso eo ea borapeli, re ne re theola sekotlolo sa reisi e be re jella ho sona. Ka ho etsa joalo, ke ne ke kholisehile hore melimo e ne e tla re sireletsa.
“Ha re ne re reka ntlo, ka hloko re ne re tiisa hore sebaka sa ntlo e ncha se botleng ka ho bona hore na matšoao a sona ke a amohelehang tumellanong le ntlo ea rōna ea khale ka hore re ee ho shaman, kapa selaoli. O ne a re hlokomelisa ka menyako e meraro ea bademona ’me a re laela hore re latele mokhoa oa tlhoekiso oo ntate a neng a o laetse. Ka hona re ne re hloekisa ntlo eo ka letsoai hang ka khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.”—Mayumi T.
1. (Akarelletsa le kenyelletso.) Bolumeli ba Boshinto bo sebelisoa kae haholo-holo, hona bo akarelletsa eng bakeng sa ba bang ba balumeli ba bona?
BOSHINTO ka ho khethehileng ke bolumeli ba Majapane. Ho latela Nihon Shukyo Jiten (Encyclopedia ea Malumeli a Majapane), “Ho qaleha ha Boshinto ho batla ho tšoana le ho qaleha ha meetlo ea bochaba ea Majapane, ’me ke meetlo ea bolumeli eo ho seng mohla e kileng ea sebelisoa ka thōko ho sehlopha sena sa batho.” Empa litšusumetso tsa Majapane tsa khoebo le meetlo hona joale li saballetse hoo ho lokelang ho re khahla ho tseba hore na ke lintlha life tsa bolumeli tse ileng tsa bōpa histori ea Japane le botho ba Majapane.
2. Boshinto bo susumetsa bophelo ba batho ba Majapane ho fella kae?
2 Le hoja Boshinto bo ipolela hore bo na le litho tse ka holimo ho 91 000 000 Japane, ho lekanang le hoo e ka bang karolo tse tharo ho tse ’nè tsa baahi ba eona, liphuphutso li senola hore ke batho ba 2 000 000 feela, kapa karolo ea 3 lekholong ea baahi ba batho ba baholo, e hlileng e ipolelang hore e lumela Boshinto. Leha ho le joalo, Sugata Masaaki, mobatlisisi oa Boshinto, o re: “Boshinto bo lohelletsoe ka mokhoa o rarahaneng haholo kahehong ea bophelo ba letsatsi le letsatsi ba Majapane hoo batho ba sa hlokomeleng le hore bo teng. Ho Majapane bo itšoanela feela le tikoloho e sa ba sitiseng ka letho e tsitsitseng joaloka moea oo ba o phefumolohang.” Le bona ba ipolelang hore ba phuthile matsoho feela tabeng ea bolumeli ba reka liroala tsa tšireletso ea sephethe-phethe tsa Boshinto, ba tšoara manyalo a bona ho latela neano ea Boshinto, le ho tšollela chelete ea bona meketeng ea selemo le selemo ea Boshinto.
Bo Qalile Joang?
3, 4. Ho tlile joang hore bolumeli ba Japane bo tsejoe ka lekhetlo la pele e le Boshinto?
3 Lebitso “Boshinto” le hlahile lekholong la lilemo la botšelela C.E. ho khetholla bolumeli ba moo ho Bobuddha, bo neng bo kenngoa Japane. “Bonneteng, ‘Bolumeli ba Majapane’ . . . bo bile teng pele ho kenngoa Bobuddha,” kamoo ho hlalosang Sachiya Hiro, mobatlisisi oa malumeli a Majapane, “empa e ne e le bolumeli bo ka kelellong feela, bo entsoeng ka meetlo le ‘mekhoa ea boitšoaro.’ Leha ho le joalo, ka ho kenngoa ha Bobuddha, batho ba ile ba hlokomela ’nete ea hore mekhoa eo ea boitšoaro e ne e thea bolumeli ba Majapane, bo fapaneng le Bobuddha, boo e neng e le bolumeli bosele.” Bolumeli boo ba Majapane bo ile ba qala joang?
4 Ho thata ho supa nako eo Boshinto ba pele, kapa “Bolumeli ba Majapane,” bo qalileng ka eona. Ka ho hlaha ha ho lengoa ha reisi masimong a metsi, “mokhoa oa temo oa masimo a metsi o ile oa etsa hore e be habohlokoa hore ho be le metse e hlophisitsoeng hantle le e tsitsitseng,” kamoo ho hlalosang Kodansha Encyclopedia of Japan, “’me mekhoa ea temo—eo hamorao e ileng ea nka karolo ea bohlokoa hakana Boshintong—e ile ea hōlisoa.” Batho bao ba pele ba ile ba qapa le ho hlompha melimo e mengata haholo ea tlhaho.
5. (a)Mashinto a na le pono efe ka bafu? (b) Pono ea Mashinto ka bafu e bapisoa joang le ea Bibele?
5 Ho phaella tlhomphong ena, ho tšaba meea e ileng ho ile ha isa litšebeletsong tsa ho e khahlisa. Sena hamorao se ile sa hōlisoa hore e be borapeli ba meea ea baholo-holo. Ho latela tumelo ea Boshinto, moea “o ileng” o sa ntsane o e-na le botho ba oona ’me o qaphaletsoa ke litšila tsa lefu hang ka morao ho lefu. Ha batho ba shoetsoeng ba etsa litšebeletso tsa ho ikhopotsa mofu, moea o hloekisoa ho isa ntlheng eo ho tlosoang lonya lohle, ’me o nka sebopeho sa khotso le se molemo. Ka nako ea teng moea oa moholo-holo o phahamela boemong ba ho ba molimo oa moholo-holo, kapa oa molebeli. Kahoo re fumana hore tumelo ea hore moea ha o shoe ke ea bohlokoa bolumeling bo bong hape ’me e laola boikutlo le liketso tsa balumeli.—Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 6, 10.
6, 7. (a) Mashinto a ne a talima melimo ea ’ona joang? (b) Shintai ke eng, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa Boshintong? (Bapisa le Exoda 20:4, 5; Levitike 26:1; 1 Ba-Korinthe 8:5, 6.)
6 Melimo ea tlhaho le melimo ea baholo-holo e ne e nkoa e le meea “e fofang” sebakeng le e tlatsang moea. Nakong ea mekete, batho ba ne ba bitsa melimo hore e theohele libakeng tse itseng tse khethetsoeng ketsahalo eo. Ho ne ho boleloa hore melimo e lula ka nakoana ka hare ho shintai, lintho tse rapeloang tse kang lifate, majoe, liipone, le lisabole. Bo-shaman, kapa lilaoli, ba ne ba okamela litšebeletso tse bitsang melimo hore e theohe.
7 Butle-butle, libaka tseo melimo e neng e “theohela ho tsona,” tse neng li hloekisoa ka nakoana bakeng sa mekete, li ile tsa nka sebopeho sa ho ba sebakeng se le seng ka mehla. Batho ba ile ba haha lihalalelo bakeng sa melimo e molemo, eo ho neng ho bonahala e ba hlohonolofatsa. Qalong ba ne ba sa betle litšoantšo tsa melimo empa ba ne ba rapela shintai, eo ho neng ho boleloa hore meea ea melimo e lula ho eona. Esita le thaba kaofela, e kang Fuji, e ne e ka sebeletsa e le shintai. Ka morao ho nako ho ile ha e-ba le melimo e mengata hoo Majapane a ileng a qapa polelo yaoyorozu-no-kami, eo haele hantle e bolelang “melimo e limillione tse robeli” (“kami” e bolela “melimo”). Hona joale polelo e sebelisetsoa ho hlalosa “melimo e se nang palo,” kaha palo ea melimo ea bolumeli ba Boshinto e ntse e eketseha ka mehla.
8.(a) Ho latela litšōmo tsa Boshinto, Amaterasu Omikami o ile a ba teng joang le ho qobelloa ho fana ka leseli? (b) Amaterasu Omikami o ile a fetoha molimo oa sechaba joang, hona baemphera ba ne ba tlamahane le eena joang?
8 Ha litšebeletso tsa Boshinto li ntse li itsetsepela lihalalelong, batho ba seboko se seng le se seng ba ile ba kenya ka sehalalelong molimo oa molebeli oa bona. Leha ho le joalo, ha lelapa la borena le kopanya sechaba lekholong la lilemo la bosupa C.E., le ile la phahamisa molimotsana oa letsatsi oa lona, Amaterasu Omikami, hore e be molimo oa naha le molimo o moholo oa melimo ea Mashinto. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 191.) Ka morao ho nako ho ile ha qaptjoa tšōmo ea hore moemphera e ne e le ngoana ea tsoileng ka ho toba ho molimotsana oa letsatsi. Ho tiisa tumelo eo, lingoliloeng tse peli tsa Boshinto, Kojiki le Nihon shoki, li ile tsa etsoa lekholong la borobeli la lilemo C.E. Ho sebelisoa litšōmo tse ileng tsa phahamisa lelapa la borena e le bana ba tsoileng ho melimo, libuka tsena li ile tsa thusa ho tiisa bophahamo ba baemphera.
Bolumeli ba Mekete le Litšebeletso
9. (a) Ke hobane’ng ha Boshinto bo bitsoa bolumeli ba “bo-ha-bo-na” ke setsebi se seng? (b) Boshinto bo na le melao e thata hakae tabeng ea lithuto? (Bapisa le Johanne 4:22-24.)
9 Leha ho le joalo, libuka tsena tse peli tsa litšōmo tsa Boshinto, ha lia ka tsa nkoa e le mangolo a bululetsoeng. Ho thahasellisang, Boshinto ha bo na mothei ea tsejoang kapa Bibele. Kamoo ho hlalosang Shouichi Saeki, setsebi sa Boshinto, “Boshinto ke bolumeli ba mokoloko oa ‘bo-ha-bo-na.’ Ha-bo-na lithuto tse tiileng hape ha-bo-na thuto e qaqileng e rutang ka ho tseba molimo. Bo itšoanela feela leha bo-se-na melao-motheo leha e le efe e ka hlokomeloang. . . . Le hoja ke hōliselitsoe lelapeng leo ka neano le khomaretseng Boshinto, ha ke hopole nkile ka neoa thuto e tebileng ea bolumeli.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ho Mashinto, lithuto, melao-motheo, ’me, ka linako tse ling, le sona seo a se rapelang hase lintho tsa bohlokoa. Mobatlisisi oa Boshinto o re: “Le sehalalelong se le seng molimo o kentsoeng ka sehalalelong hangata o ne o ee o fetoloe e be ho kenngoa o mong, ’me ka linako tse ling batho ba neng ba rapela melimo eo le ho nyehela lithapelo ho eona ba ne ba sa hlokomele phetoho eo.”
10.Ntho ea bohlokoa haholo ho Mashinto ke efe?
10 Hantle-ntle ntho eo e leng ea bohlokoa ho Mashinto ke efe? “Qalong,” kamoo ho bolelang buka ea moetlo oa Majapane, “Boshinto bo ne bo nka liketso tse ntšetsang pele kutloano le mokhoa oa bophelo motseng o monyenyane li le ‘ntle’ ’me tse sitisang lintho tse joalo e le tse ‘mpe.’” Kutloano le melimo, tlhaho, le motse e ne e nkoa e le ea bohlokoa bo fetisisang. Ntho leha e le efe e neng e sitisa kutloano e nang le khotso ea motse e ne e le mpe ho sa tsotellehe hore na ke ea bohlokoa boitšoarong.
11. Mekete e nka karolo efe borapeling le bophelong ba Boshinto ba letsatsi le letsatsi?
11 Kaha Boshinto ha bo na thuto e hlomamisitsoeng kapa mokhoa oa ho ruta, tsela ea bona ea ho hōlisa kutloano motseng ke ka litšebeletso le mekete. Encyclopedia ea Nihon Shukyo Jiten ea hlalosa: “Seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa Boshintong, ke hore na re keteka mekete kapa che.” (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 193.) Ho keteka hammoho meketeng ho potapotiloe melimo ea baholo-holo ho ne ho tlatsetsa moeeng oa tšebelisano har’a batho metseng e lemang reisi. Mekete e meholo e ne e amahanngoa le ho lengoa ha reisi ’me ho sa ntsane ho le joalo. Nakong ea selemo, batho ba metse ba bitsa “molimo oa masimo a metsi a reisi” hore o theohele motseng oa bona, ’me ba rapella chai. Hoetla, ba leboha melimo ea bona bakeng sa kotulo. Nakong ea mekete, ba pota-pota ba nkile melimo ea bona ka mikoshi, kapa sehalalelo se jaruoang, ’me ba kopanela veine e etsoang ka reisi (sake) le lijo le melimo.
12. Boshintong ho etsoa litšebeletso life tsa tlhoekiso, hona e le ka morero ofe?
12 Leha ho le joalo, hore ba be bonngoeng le melimo, Mashinto a lumela hore a tlameha ho hloekisoa le ho hlatsuoa litšileng tsohle tsa ’ona tsa boitšoaro le sebe. Ke hona mona moo litšebeletso li kenang teng. Ho na le litsela tse peli tsa ho hloekisa motho kapa ntho. E ’ngoe ke oharai ’me e ’ngoe ke misogi. Ho oharai, moprista oa Boshinto o tsokotsa lekala la sefate sa sakaki se lulang se le se setala ka mehla leo ntlheng ea lona ho fasellelitsoeng pampiri kapa flakse ho hloekisa ntho kapa motho, ho misogi, ho sebelisoa metsi. Litšebeletso tsena tsa tlhoekiso ke tsa bohlokoa bolumeling ba Boshinto hoo setsebi se seng sa Mojapane se reng: “Ke ka nepo ho ka boleloang hore ntle ho litšebeletso tsena, Boshinto bo ke ke ba ema [e le bolumeli].”
Ho Tenyetseha ha Boshinto
13, 14. Boshinto bo ile ba tenyetsehela malumeling a mang joang?
13 Mekete le litšebeletso li tšoarelletse Boshintong ho sa tsotellehe ho fetoha hoo bolumeli ba Boshinto ho bileng le hona ho theosa le lilemo. Ho fetoha hofe? Seithuti se seng sa Boshinto se tšoantša liphetoho tse Boshintong le tsa popi e tšoantšisang liaparo. Ha ho ne ho kenngoa Bobuddha, Boshinto bo ile ba ikapesa lithuto tsa Bobuddha. Ha batho ba batla litekanyetso tsa boitšoaro, bo ile ba apara Boconfucius. Boshinto e bile bo tenyetsehang haholo.
14 Ho kenngoa ha likarolo tsa bolumeli bo bong ho bo bong, ho ile ha etsahala qalong haholo historing ea Boshinto. Le hoja Boconfucius le Botao, tse tsejoang Japane e le “Tsela ea yin le yang,” li ne li kenelletse bolumeling ba Boshinto, Bobuddha ke bona bo ileng ba tsoakana haholoanyane le Boshinto.
15, 16. (a) Mashinto a ile a itšoara joang Bobuddheng? (b) Ho ile ha tla joang hore Boshinto bo kopanngoe le Bobuddha?
15 Ha Bobuddha bo kena bo hlaha Chaena le Korea, Majapane a ile a bitsa mekhoa ea bona ea bolumeli ba neano Boshinto, kapa “tsela ea melimo.” Leha ho le joalo, ha ho hlaha bolumeli bo bocha, Japane e ile ea arohana ke hore na e amohele kapa e se ke ea amohela Bobuddha. Ba neng ba tšehetsa Bobuddha ba ile ba tsitlella, ‘Linaha tsohle tse re potileng li rapela ka tsela eo. Ke hobane’ng ha Japane e ka fapana?’ Sehlopha sa ba neng ba hanana le Bobuddha se ile sa hanyetsa, ‘Haeba re rapela melimo eo re ahisaneng le eona, re tla be re mema bohale ba melimo ea rōna.’ Ka morao ho lilemo tse mashome tsa ho hloka kutloano, ba tšehetsang Bobuddha ba ile ba hlōla. Qetellong ea lekholo la lilemo la botšelela C.E., ha Khosana Shōtoku a amohela Bobuddha, e bile tšimoloho ea bolumeli bo bocha.
16 Ha Bobuddha bo namela metseng e ka thōko, bo ile ba thulana le melimo ea moo ea Boshinto eo boteng ba eona bo neng bo kene ka metso bophelong ba letsatsi le letsatsi ba batho. Malumeli ana a mabeli a ile a tlameha ho sekisetsa hore a be teng hammoho. Baitlami ba banna ba Mabuddha ba neng ba itšoere ka thata lithabeng ba ile ba thusa ho kopanya malumeli ana a mabeli. Kaha ho ne ho nkoa hore lithaba ke bolulo ba melimo ea Boshinto, mekhoa ea ho itšotla ea baitlami ba banna lithabeng e ile ea fehla maikutlo a ho tsoaka Bobuddha le Boshinto, ao hape a ileng a isa ho haheng jinguji, kapa “lihalalelo-litempele.”a Butle-butle ho kopanngoa ha malumeli ana a mabeli ho ile ha etsahala ha Bobuddha bo nka bohato ba ho bōpa likhopolo tsa bolumeli.
17. (a) Kamikaze e bolela eng? (b) Kamikaze e ile ea amahanngoa joang le tumelo ea hore Japane ke naha e halalelang?
17 Ho sa le joalo, tumelo ea hore Japane e ne e le naha e halalelang e ne e ntse e teba. Ha Bamongol ba hlasela Japane lekholong la lilemo la bo13, ho ile ha hōla tumelo ho kamikaze, hantle-ntle “moea o fokang o halalelang.” Ka makhetlo a mabeli Bamongol ba ile ba hlasela sehleke-hleke sa Kyushu ka sehlopha se tšosang sa likepe, ’me ka makhetlo a mabeli ba sitisoa ke lifefo. Majapane a ile a tlotlisa lifefo tsena, kapa meea e fokang (kaze), ka hore e tsoa ho melimo (kami) ea ’ona ea Boshinto, ’me hona ho ile ha hōlisa haholo botumo ba melimo ea ’ona.
18. Boshinto bo ile ba hlōlisana joang le malumeli a mang?
18 Ha tšepo ho melimo ea Boshinto e ntse e hōla, e ile ea talingoa e le melimo ea mathomo, ha bo-Buddha (“ba fumaneng tsebo”) le bo-bodhisattva (bao e tlang ho ba bo-Buddha ba thusang ba bang ho fumana tsebo; bona se maqepheng a 136-8, 145-6) ba ne ba bonoa e le feela libopeho tse ling tsa nakoana tsa molimo. Ka lebaka la khohlano ena ea Boshinto khahlanong le Bobuddha, ho ile ha hlaha likolo tse sa tšoaneng tsa Boshinto. Tse ling li ne li hatisa Bobuddha, tse ling li hōlisa sehlopha sa melimo ea Boshinto, ’me tse ling hape li ile tsa sebelisa mofuta oa morao oa Boconfucius ho khabisa lithuto tsa bona.
Ho Rapela Moemphera le Boshinto ba Naha
19. (a) Sepheo sa Mashinto a Tsosolosang e ne e le sefe? (b) Lithuto tsa Norinaga Motoori li ile tsa isa ho eng? (c) Molimo o re mema hore re etse eng?
19 Ka morao ho lilemo tse ngata tsa ho sekisetsa, baruti ba Mashinto ba thuto ea ho tseba molimo ba ile ba fihlela qeto ea hore bolumeli ba bona bo ne bo silafalitsoe ke monahano oa bolumeli oa Machaena. Ka hona ba tsitlallela ho khutlela tseleng ea boholo-holo ea Majapane. Sekolo se secha sa Boshinto, se tsejoang e le Boshinto ba Tsosoloso, se ile sa hlaha, ka Norinaga Motoori (e bitsoang e le Motoʹori), setsebi sa lekholong la lilemo la bo18, e le e mong oa baruti ba ka pele-pele. Ha Motoori a ntse a batla tšimoloho ea meetlo ea Sejapane, o ile a ithuta libuka le mesebetsi ea khale, haholo-holo lingoliloeng tsa Boshinto tse tsejoang e le Kojiki. O ile a ruta ka bophahamo ba molimotsana oa letsatsi Amaterasu Omikami empa ka mokhoa o sa hlakang a siea lebaka la liketsahalo tsa tlhaho e le taba ea melimo. Ho phaella moo, ho latela thuto ea hae, tataiso ea bomolimo e ke ke ea tsejoa esale pele, ’me ke ho hloka tlhompho hore batho ba leke ho e utloisisa. Maikutlo a hae e ne e le hore u se ke ua botsa lipotso ’me u ikokobeletse tataiso ea bomolimo.—Esaia 1:18.
20, 21. (a) Moruti e mong oa Moshinto o ile a leka ho felisa tšusumetso efe ea “Machaena” Boshintong? (b) Filosofi ea Hirata e ile ea isa ho theoeng ha mokhatlo ofe?
20 E mong oa balateli ba hae, Atsutane Hirata, o ile a hōlisa maikutlo a Norinaga ’me a leka ho hloekisa Boshinto, ho bo hlatsoa litšusumetso tsohle tsa “Machaena.” Hirata o ile a etsa joang? O ile a kopanya Boshinto le thuto ea bolumeli ea “Bokreste” ba bokoenehi! O ile a tšoantša Amenominakanushi-no-kami, molimo o boletsoeng ho Kojiki, le Molimo oa “Bokreste” ’me a hlalosa hore molimo ona o moholo oa bokahohle o na le melimo e ’meli e tlas’a oona, “O Behang Haholo (Takami-musubi) le O Behang Tsa Bomolimo (Kami-musubi), eo ho bonahalang e emela melao-motheo ea botona le botšehali.” (Religions in Japan) E, o ile a inkela thuto ea molimo oa melimo e meraro ho o le mong ho Roma e K’hatholike, le hoja ho se mohla e ileng ea fetoha thuto e khōlō ea Boshinto. Leha ho le joalo, ho kopanya ha Hirata Bokreste ka lebitso le Boshinto, ho ile ha qetella ho khomathisellelitse mofuta oa Bokreste-’mōtoana oa molimo o le mong kelellong ea Boshinto.—Esaia 40:25, 26.
21 Thuto ea ho tseba ka molimo ea Hirata e ile ea fetoha motheo oa mokhatlo oa ‘Hlompha Moemphera,’ o ileng oa isa ho lihoeng ha bahatelli ba sesole ba babusi ba loantšanang, bo-shogun, le ho tsosolosoeng ha puso ea borena ka 1868. Ka ho theoa ha puso ea borena, barutuoa ba Hirata ba ile ba khetheloa ho ba bo-komishinara ba puso ba borapeli ba Boshinto, ’me ba ntšetsa pele boiteko ba ho etsa Boshinto bolumeli ba Naha. Tlas’a molao oa motheo o neng o le mocha ka nako eo, moemphera, ea neng a talingoa e le ngoana ea tsoileng ka ho toba ho molimotsana oa letsatsi Amaterasu Omikami, o ne a nkoa e le “ea halalelang ka ho khethehileng le ea ke keng a hlompholloa.” Kahoo o ile a fetoha molimo o phahameng ka ho fetisisa oa Boshinto ba Naha.—Pesaleme ea 146:3-5.
“Tokomane e Halalelang” ea Boshinto
22, 23. (a) Ke litaelo life tse peli tse ileng tsa ntšoa ke moemphera? (b) Ke hobane’ng ha litaelo tsee li ne li nkoa li halalela?
22 Le hoja Boshinto bo ne bo e-na le litlaleho, litšebeletso le lithapelo tsa bona tsa boholo-holo ho lingoliloeng tsa Kojiki, Nihongi, le Yengishiki, Boshinto ba Naha bo ne bo hloka buka e halalelang. Ka 1882 Moemphera Meiji o ile a ntša Taelo ea Borena e eang ho Masole le Basesisi ba Likepe. Kaha e ne e e-tsoa holimo ho moemphera, Majapane a ile a e talima e le tokomane e halalelang, ’me e ile ea fetoha motheo oa ho nahanisisa ha letsatsi le letsatsi bakeng sa banna ba mabothong a hlometseng. E ne e hatisa hore tšoanelo ea motho ka mong ea ho lefa melato le lintho tse mo tlamang ho moemphera-molimo e ka holimo ho tšoanelo leha e le efe eo a ka bang le eona ho mang kapa mang e mong.
23 Keketso e ’ngoe tokomaneng e halalelang ea Boshinto e ile ea e-ba teng ha moemphera a ntša Taelo ea Borena ea Thuto ka la 30 Mphalane, 1890. “Ha ea ka ea thathamisa feela lintho tsa bohlokoa bakeng sa thuto likolong empa ka ho hlakileng ea fetoha mangolo a halalelang a Boshinto ba Naha,” kamoo ho hlalosang Shigeyoshi Murakami, seithuti sa Boshinto ba Naha. Taelo ena e ile ea hlakisa hore kamano e “pakoang ke histori” pakeng tsa baholo-holo ba borena ba tšōmong le bafo ba bona e ne e le motheo oa thuto. Majapane a ile a talima litaelo tsee joang?
24. (a) Fana ka mohlala oa kamoo batho ba ileng ba talima litaelo tsa borena. (b) Boshinto ba Naha bo ile ba isa ho rapeloeng ha moemphera joang?
24 Asano Koshino o sa ntsane a hopola: “Ha ke sa le ngoanana motlatsi oa hlooho [ea sekolo] o ne a ee a phahamise lebokose la lehong hore le be matobana le mahlo e be ka tlhompho o le tlisa sethaleng. Hlooho [ea sekolo] e ne e ee e amohele lebokose e be e ntša buka eo ho eona ho ngotsoeng Taelo ea Borena ea Thuto. Ha ho ntse ho baloa taelo ena, re ne re lokela ho inamisa lihlooho tsa rōna ho fihlela ha re utloa mantsoe a ho qetela, ‘Lebitso la Motlotlehi le tiiso ea Hae.’ Re ne re e utloa ka makhetlo a mangata hoo re neng re tseba mantsoe ka hlooho.” Ho fihlela ka 1945, le ka tsamaiso ea thuto e theiloeng litšōmong, sechaba kaofela se ne se beiloe boemong ba ho inehela bosona ho moemphera. Boshinto ba Naha bo ne bo talingoa e le bolumeli bo phahameng ka ho fetisisa, ’me lihlotšoana tse ling tse 13 tsa Boshinto tse neng li ruta lithuto tse fapaneng li ne li behuoe sehlopheng sa Boshinto ba Lihlotšoana.
Thōmo ea Bolumeli ea Japane—Ho Hapa Lefatše
25. Batho ba ne ba talima moemphera oa Japane joang?
25 Boshinto ba Naha le bona bo ne bo e-na le molimo oa bona oa setšoantšo. “Hoseng ho hong le ho hong, ke ne ke opa liatla ke shebile letsatsi, tšoantšetso ea molimotsana Amaterasu Omikami, e be joale ke sheba bochabela nģ’a Ntlong ea Borena le ho rapela moemphera,” kamoo ho hopolang Masato, monna-moholo oa Mojapane. Moemphera o ne a rapeloa joaloka molimo ke bafo ba hae. O ne a nkoa e le ea ka holimo-limo lipolotiking le bolumeling ka lebaka la ho tsoa ha hae ho molimotsana oa letsatsi. Moprofesa e mong oa Mojapane o itse: “Moemphera ke molimo o senotsoeng ka batho. Ke Molimo o bonahalang.”
26. Ke thuto efe e ileng ea hlahisoa ke ho hlompha moemphera?
26 Ka baka leo, ho ile ha hōlisoa thuto ea hore “setsi sa lefatše lena le tsotehang ke naha ea Mikado [Moemphera]. Ho tloha setsing sena re tlameha ho hōlisa Moea ona o Moholo lefatšeng lohle. . . . Ho atolosoa ha Japane e Khōlō lefatšeng lohle le ho phahamisoa ha lefatše kaofela hore e be lefatše la Melimo ke mosebetsi o potlakileng oa hona joale, ’me hape, ke sepheo sa rōna sa ka ho sa feleng le se sa fetoheng.” (The Political Philosophy of Modern Shinto, ea D. C. Holtom) Ho ne ho se karohano ea Kereke le Naha ho sena!
27. Masole a ne a sebelisa borapeli ba moemphera oa Japane joang?
27 Bukeng ea hae Man’s Religions, John B. Noss oa hlalosa: “Sesole sa Japane se ile sa potlakela ho itšebelisetsa pono ena. Se ile sa e fetola karolo ea puo ea sona ea ntoa hore ho hapa e ne e le thōmo e halalelang ea Japane. Ka sebele ka mantsoe a joalo re ka ’na ra bona phello e nang le lebaka ea bochaba bo tsoakuoeng le litekanyetso tsohle tsa bolumeli.” Ho ile ha jaloa tlokotsi e kaakang bakeng sa Majapane le lichaba tse ling, e theiloeng haholo-holo tšōmong ea Boshinto ea bomolimo ba moemphera le ho tsoaka bolumeli le bochaba!
28. Boshinto bo bile le karolo efe boitekong ba ntoa ba Japane?
28 Majapane ka kakaretso a ne a se na boikhethelo leha e le bofe haese feela ho rapela moemphera tlas’a Boshinto ba Naha le tsamaiso ea bona ea borena. Thuto ea Norinaga Motoori ea ‘U se ke ua botsa letho, empa u ikokobeletse tataiso ea bomolimo’ e ile ea busa le ho laola monahano oa Majapane. Ka 1941 sechaba sohle se ile sa bokelloa ho kena boitekong ba Ntoa ea II ea Lefatše tlas’a folakha ea Boshinto ba Naha le ka boinehelo ho “molimo-motho ea phelang.” Batho ba ile ba nahana hore ‘Japane ke naha e halalelang,’ ‘le hore kamikaze, moea o halalelang, o tla foka ha tlokotsi e hlaha.’ Masole le malapa a ’ona a ile a rapela melimo ea oona ea balebeli bakeng sa katleho ntoeng.
29. Ke eng e ileng ea isa ho felloeng ke tumelo ka lehlakoreng la ba bangata ka morao ho Ntoa ea II ea Lefatše?
29 Ha sechaba se “halalelang” se hlōloa ka 1945, litlokotsing tse peli tse etsahetseng ka nako e tšoanang tsa ho timetsoa ka liqhomane tsa athomo ha Hiroshima le boholo ba Nagasaki, Boshinto bo ile ba talimana le tlokotsi e fetisisang. Ka bosiu bo le bong feela, ’musi ea halalelang eo ho neng ho boleloa hore ha a hlōloe, Hirohito, o ile a fetoha feela moemphera oa motho ea hlōtsoeng. Tumelo ea Majapane e ile ea soahlamana. Kamikaze e ne e soetsitse sechaba. Encyclopedia ea Nihon Shukyo Jiten e re: “Le leng la mabaka e bile ho sareloa ha sechaba ke hore se ekiloe. . . . Ho hong ho hobe ka ho fetisisa, lefatše la Boshinto ha lea ka la fana ka tlhaloso ea ka pele ea bolumeli le e loketseng bakeng sa lipelaelo tse hlahisitsoeng ke [ho hlōloa]. Kahoo, boitšoaro bo ileng ba bontša ho se hōle ba bolumeli ba hore ‘Ha ho na molimo kapa Buddha’ bo ile ba fetoha mokhoa o akaretsang.”
Tsela e Isang Kutloanong ea ’Nete
30. (a) Re ka ithuta eng ka phihlelo ea Boshinto Ntoeng ea II ea Lefatše? (b) Ke hobane’ng haele habohlokoa hore re sebelise matla a rōna a ho nahana mabapi le borapeli ba rōna?
30 Tsela eo Boshinto ba Naha bo ileng ba e tsamaea e phahamisa bohlokoa ba hore e mong le e mong a hlahlobe litumelo tsa neano tseo a li khomaretseng. E ka ’na eaba Mashinto a ne a batla tsela ea kutloano le baahisani ba bona ba Majapane ha a tšehetsa ntoa. Seo, joalokaha ho ka lebelloa, ha sea ka sa tlatsetsa kutloanong ea lefatše ka bophara, ’me kaha bafepi ba bona le bana ba bona ba bolailoe ntoeng, le ka malapeng ha sea ka sa tlisa kutloano. Pele re nehela bophelo ba rōna ho e mong, re tlameha ho tiisa hore na ke ho mang le hore na re inehela pakaneng efe. Tichere ea Mokreste e ile ea bua tjena ho Baroma bao nakong e fetileng ba neng ba inehetse borapeling ba moemphera: “Kea le rapela, hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” Joalokaha Bakreste ba Baroma ba ne ba lokela ho sebelisa matla a bona a ho nahana ho khetha hore na ke ho mang moo ba lokelang ho inehela, ke habohlokoa ho sebelisa matla a rōna a ho nahana ho rera hore na ke mang eo re lokelang ho mo rapela.—Ba-Roma 12:1, 2, NW.
31. (a) Ke eng e bonahetseng e lekane bakeng sa balumeli ba bangata ba Boshinto? (b) Ke potso efe eo ho hlokahalang hore e arabeloe?
31 Bakeng sa Mashinto ka kakaretso, ntlha ea bohlokoa bolumeling ba bona e ne e se ho tsebahala ka ho khethehileng ha molimo o le mong. Hidenori Tsuji, morupeli oa histori ea bolumeli ea Majapane, o re: “Bakeng sa batho feela, melimo kapa bo-Buddha e ne e sa etse phapang ea letho. E-bang ke melimo kapa bo-Buddha, hafeela e ne e utloa likōpo bakeng sa chai, ho felisoa ha maloetse, le tšireletseho ea lelapa, hoo ho ne ho lekane bakeng sa batho.” Empa na see se ile sa ba isa ho Molimo oa ’nete le tlhohonolofatso ea oona? Karabo ea histori e hlakile.
32. Khaolo ea rōna e latelang e tla tšohla eng?
32 Ho batleng ha ’ona molimo, Mashinto, a theile litumelo tsa ’ona litšōmong, a ile a fetola motho feela tjee, moemphera oa ’ona, molimo, ea ileng a bitsoa ka bohata hore ke ngoana ea tsoileng ho molimotsana oa letsatsi Amaterasu Omikami. Leha ho le joalo, lilemo tse likete pele Boshinto bo qala, Molimo oa ’nete o ne o ile oa itšenola ho monna oa tumelo oa Mesopotamia oa lesika la Sema. Khaolo ea rōna e latelang e tla tšohla ketsahalo eo ea bohlokoa haholo le phello ea eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Japane mehaho ea bolumeli bakeng sa Mashinto e nkoa e le lihalalelo ’me ea Bobuddha, e le litempele.
[Lebokose le leqepheng la 191]
Molimotsana Oa Letsatsi Tšōmong Ea Boshinto
Tšōmo ea Boshinto e bolela hore nakong ea khale haholo, molimo Izanagi “o ile oa hlatsoa leihlo la oona le ka lehlakoreng le letšehali, eaba o beleha molimotsana o moholo Amaterasu, molimotsana oa Letsatsi.” Hamorao, Susanoo, molimo oa masaba-saba a leoatle, o ile oa tšosa Amaterasu hoo a ileng a “ipata lehaheng le nang le mafika la Leholimo, a koala monyako ka lejoe le khephohileng. Lefatše le ile la oela lefifing.” Ka hona melimo ea loha leano la ho ntša Amaterasu ka lehaheng. E ile ea bokella mekōkō e llang ho phatlalatsa meso eaba e etsa seipone se seholo. Holim’a lifate tsa sakaki, ea fanyeha mabenyane le lifolakha tsa masela. Eaba molimotsana Ama no Uzume o qala ho tantša le ho tila holim’a bate ka maoto a hae. Tantšing ea hae ea bohlanya, o ile a hlobola liaparo tsa hae, eaba melimo e ipolaisa litšeho. Ketso ena eohle ea tsosa bohele-hele ba Amaterasu, ea ileng a sheba ka ntle ’me a ipona ka seiponeng. Seriti sa hae ka seiponeng se ile sa mo etsa hore a tsoele ka ntle ho lehaha, eaba molimo oa Matla o mo qhautsa ka letsoho le ho mo ntšetsa ka ntle pooaneng. “Lefatše le ile la boela la bonesoa ke mahlaseli a molimotsana oa Letsatsi.”—New Larousse Encyclopedia of Mythology.—Bapisa le Genese 1:3-5, 14-19; Pesaleme ea 74:16, 17; 104:19-23.
[Lebokose le leqepheng la 193]
Boshinto—bolumeli Ba Mekete
Selemo sa Majapane se tletse mekete ea bolumeli, kapa matsuri. E latelang ke e meng ea e ka sehloohong:
▪ Sho-gatsu, kapa Mokete oa Selemo se Secha, la 1-3 Pherekhong.
▪ Setsubun, linaoa tse hasoang ka hare le ka ntle matlung, ha ho ntse ho hoeletsoa, “Bo-Diabolose ba tsoe, mahlohonolo a kene”; la 3 Tlhakola.
▪ Hina Matsuri, kapa Mokete oa Lipopi, bakeng sa banana, o tšoaroa ka la 3 Tlhakubele. Ho etsoa sethala se beiloeng lipopi se tšoantšetsang lelapa la boholo-holo la borena.
▪ Mokete oa Bashemane, ka la 5 Motšeanong; Koi-nobori (lifolakha tsa li-carp tse tšoantšetsang matla) li fofisoa lipalong.
▪ Tsukimi, ho boha ka thabo khoeli e tolokileng ea bohareng ba hoetla, ha ho ntse ho nyeheloa liphaphatha tse nyenyane tsa reisi le litholoana tsa pele tsa lijalo tsa hoetla.
▪ Kanname-sai, kapa nyehelo ea reisi ea pele e etsoang ke moemphera, ka Mphalane.
▪ Niiname-sai e ketekoa ke lelapa la borena ka Pulungoana, ha moemphera, ea okamelang joaloka moprista e moholo oa Boshinto ba Borena a latsoa reisi e ncha.
▪ Shichi-go-san, e bolelang “supa-hlano-tharo,” e ketekoang ke malapa a Boshinto ka la 15 Pulungoana. Supa, hlano, le tharo li talingoa e le lilemo tsa bohlokoa tsa phetoho; bana ba apereng likimono tse mebala-bala ba etela lihalalelo tsa malapa.
▪ Ho ketekoa le mekete e mengata ea Bobuddha, ho akarelletsa letsatsi la tsoalo la Buddha, ka la 8 ’Mesa, le Mokete oa Obon, ka la 15 Phupu, o fellang ka mabone a lilantherene tse phaphametseng leoatleng kapa molapong “ho tataisa meea ea baholo-holo hore e khutlele lefatšeng la ka ’nģane ho lefu.”
[Setšoantšo se leqepheng la 188]
Ea Chese-helang Boshinto O kōpa Melemo Ho Melimo
[Setšoantšo se leqepheng la 189]
Boshinto, ‘Tsela ea Melimo’
[Setšoantšo se leqepheng la 190]
Thaba kaofela, e kang Fuji, ka linako tse ling e talingoa e le shintai, kapa ntho ea borapeli
[Setšoantšo se leqepheng la 195]
Mashinto a nkileng mikoshi, kapa sehalalelo se jaruoang, ’me ka holimo, a apere makhasi a hollyhock (aoi) nakong ea Mokete oa Aoi Kyoto
[Setšoantšo se leqepheng la 196]
Ho fokisoa ha pampiri kapa flakse e tlamelletsoeng lekaleng la sefate se setala ka mehla ho nahanoa hore ho hloekisa motho le lintho, ho li tiisetsa tšireletseho
[Setšoantšo se leqepheng la 197]
Mojapane ha a utloe ho ikhanyetsa ha letho ho rapeleng ka pele ho seha-lalelo sa Boshinto, ka letsohong le letšehali, le aletareng ea Bobuddha
[Setšoantšo se leqepheng la 198]
Moemphera Hirohito (sethaleng) o ne a rapeloa e le ngoana ea tsoileng ho molimotsana oa letsatsi
[Setšoantšo se leqepheng la 203]
Mosali e monyenyane o qhoaella sehalalelong ema, kapa mokhabiso oa lehong, oo a o rekileng