Khaolo 12
Boislām—Tsela e Isang ho Molimo ka Boikokobetso
[Artwork-Arabic characters]
1, 2. (a) Mantsoe a qalang a Qur’ān ke afe? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe aa e le a bohlokoa ho Mamosleme? (c) Qur’ān e ne e ngotsoe ka puo efe tšimolohong, ’me “Qur’ān” e bolela eng?
“KA LEBITSO la Allah, Ea Fanang ka Melemo, Ea Tletseng Mohau.” Polelo ena ke phetolelo ea temana ea Searabia e ka holimo, e tsoang ho Qur’ān. E tsoela pele: “Thoriso e lebe ho Allah, Morena oa Mafatše: Ea Fanang ka Melemo, Ea Tletseng Mohau: Mong’a Letsatsi la Kahlolo. Uena (u le mong) eo re mo rapelang; Uena (u le mong) eo re kōpang thuso ho eena. Re bontše tsela e otlolohileng: Tsela ea bao U ba hauhetseng; E seng (tsela) ea ba ipokellelang bohale ba Hao kapa ba khelohang.”—Qur’ān, surah 1:1-7, MMP.a
2 Mantsoe ana a bōpa Al-Fātiḥah (“E Qalang”), khaolo, kapa surah, ea pele, ea buka e halalelang ea Mamosleme, Qur’ān, kapa Koran, e Halalelang. Kaha ke ba fetang a le 1 ho ba 6 ho baahi ba lefatše eo e leng Momosleme ’me Mamosleme a chesehang a pheta litemana tsena bonyane ka makhetlo a mahlano lithapelong tsa ’ona tsa letsatsi le letsatsi, ana e tlameha e be a har’a mantsoe a phetoang ka ho fetisisa lefatšeng.
3. Boislām bo saballetse hakae kajeno?
3 Ho latela mohloli o mong oa litaba, ho na le Mamosleme a fetang limillione tse 900 lefatšeng, ho etsang Boislām bolumeli bo hlahlamang Kereke ea Roma e K’hatholike ka lenane la batho. Mohlomong ke bolumeli bo hōlang ka potlako e fetisisang har’a malumeli a maholo lefatšeng, ka mokhatlo o ntseng o atoloha oa Mamosleme Afrika le lefatšeng la Bophirima.
4. (a) “Islām” e bolela eng? (b) “Mosleme” e bolela eng?
4 Lebitso Islām ke la bohlokoa ho Momosleme, hobane le bolela “boikokobetso,” “ho inehela,” kapa “ho itlama” ho Allāh, ’me ho latela rahistori e mong, “le bolela boikutlo bo kahare-hare ba ba mametseng ka tlhompho boboleling ba Mohammed.” “Mosleme” e bolela ‘ea etsang kapa ea sebelisang Islām.’
5. (a) Mamosleme a lumela eng mabapi le Islām? (b) Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa Bibele le Qur’ān?
5 Mamosleme a lumela hore tumelo ea ’ona ke tlhōrō ea litšenolo tse ileng tsa neoa Baheberu ba tšepahalang le Bakreste ba boholo-holo. Leha ho le joalo, lithuto tsa bona li fapoha ho tsa Bibele lintlheng tse ling tse itseng, le hoja ba qotsa Mangolong a Seheberu le a Segerike ka ho Qur’ān.b (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 285.) Ho utloisisa tumelo ea Mamosleme hamolemo haholoanyane, ho hloka re tsebe hore na bolumeli bona bo ile ba qala joang, hokae, hona neng.
Pitso ea Muḥammad
6. (a) Ntlha e setsing ea borapeli ba Maarabia mehleng ea Muḥammad e ne e le efe? (b) Ke neano efe e neng e le teng mabapi le Kaʽbah?
6 Muḥammadc o ile a tsoalloa Mecca (Makkah, ka Searabia), Saudi Arabia, hoo e ka bang ka 570 C.E. Ntat’ae, ʽAbd Allāh, o ile a shoa pele Muḥammad a tsoaloa. ’M’ae, Āminah, o ile a shoa ha Muḥammad a ka ba lilemo li tšeletseng. Ka nako eo Maarabia a ne a sebelisa mofuta o itseng oa borapeli ba Allāh boo setsi sa bona se neng se le phuleng ea Mecca, setšeng se halalelang sa Kaʽbah, mohaho o itekanetseng o kang lebokose moo ho neng ho hlomphuoa phatsa e ntšo e khephohileng naleling e ’ngoe. Ho latela neano ea Islām, “Kaʽbah tšimolohong e ile ea ahoa ke Adama ho latela mohlala oa leholimo ’me ka morao ho Moroallo ea tsosolosoa ke Abrahama le Ishmaele.” (History of the Arabs, ea Philip K. Hitti) E ile ea fetoha sehalalelo bakeng sa melimo ea litšoantšo e 360, o le mong bakeng sa letsatsi ka leng la selemo se baloang ka likhoeli tse itšetlehileng ka khoeli e holimo.
7. Ke mekhoa efe ea bolumeli e ileng ea tšoenya Muḥammad?
7 Ha Muḥammad a ntse a hōla, o ile a belaella mekhoa ea bolumeli ea mehleng ea hae. John Noss, bukeng ea hae Man’s Religions, oa bolela: “[Muḥammad] o ne a tšoenyehile ke likomang tse sa khaotseng tsa lithahasello tse totobetseng tsa bolumeli le tlhompho har’a marena a Quraysh [Muḥammad o ne a e-tsoa molokong oo]. Ho neng ho le matla haholoanyane e ne e le ho se khotsofale ha hae ka ho ntšetsoa pele ha mekhoa e sa tsoelang pele bolumeling ba Maarabia, ho rapeloa ha melimo e mengata ea litšoantšo le ho rapela moea o se nang ’mele, boitšoaro bo bobe libokeng tsa bolumeli le lipontšong tsa thepa e rekisoang, lino, papali ea chelete, le ho tantša tse neng li tloaelehile, le ho epeloa ha masea a sa batloeng a banana a neng a epeloa a ntse a phela ho neng ho sa etsoe Mecca feela empa Arabia eohle.—Surah 6:137.
8. Pitso ea Muḥammad ea ho ba moprofeta e ile ea etsahala tlas’a maemo afe?
8 Ho bitsoa ha Muḥammad hore e be moprofeta ho ile ha etsahala ha a le lilemo tse ka bang 40. O ne a tloaetse ho tsamaea a le mong ha a e-ea lehaheng la thaba e haufi, e bitsoang Ghār Ḥirā’, ho ea nahanisisa, ’me o ile a bolela hore e bile ka le leng ho makhetlo ana moo a ileng a fumana pitso ea hore e be moprofeta. Neano ea Mamosleme e bolela hore ha a ntse a le moo, lengeloi, leo hamorao le ileng la itsebahatsa e le Gabriele, le ile la mo laela hore a phete ho hong ka hlooho ka lebitso la Allāh. Muḥammad o ile a hlōleha ho arabela, eaba lengeloi ‘le mo tšoara ka matla ’me la mo tiisa ka thata hoo a ileng a sitoa ho mamella.’ Eaba lengeloi le pheta taelo ea lona. Hape, Muḥammad a hlōleha ho nka khato, ka hona lengeloi ‘la mo khama’ hape. Sena se ile sa etsahala ka makhetlo a mararo pele Muḥammad a qala ho pheta ka hlooho se ileng sa tla talingoa e le ea pele letotong la litšenolo tse etsang Qur’ān. Neano e ’ngoe e bolela hore pululelo ea bomolimo e ile ea senoleloa Muḥammad joaloka tšepe e llang.—The Book of Revelation e tsoang ho Ṣaḥīḥ Al-Bukhārī.
Ho Senoloa ha Qur’ān
9. Ho boleloa hore tšenolo ea pele ea Muḥammad e bile efe? (Bapisa le Tšenolo 22:18, 19.)
9 Ho boleloa hore tšenolo ea pele eo Muḥammad a ileng a e fumana ke efe? Litsebi tsa Boislām ka kakaretso li lumela hore ke litemana tsa pele tse hlano tsa surah 96, e bitsoang Al-‘Alaq, “Lehloele [la Mali],” e balehang tjena:
“Ka lebitso la Allah, Ea Fanang ka Melemo, Ea Tletseng Mohau.
Bala: Ka lebitso la Morena ea ileng a bōpa.
A bōpa motho ka lehloele.
Bala: ’Me Morena oa hao ke ea Atetsoeng ke Lintho ka ho Fetisisa,
Ea ileng a ruta ka pene,
A ruta motho seo a neng a sa se tsebe.” —MMP.
10-12. Qur’ān e ile ea bolokoa joang?
10 Ho latela mehloli ea litaba ea Searabia The Book of Revelation, Muḥammad o ile a arabela, “Ha ke tsebe ho bala.” Ka baka leo, o ile a lokela ho tšoara ka hlooho litšenolo tsena e le hore a ka li bolela hape le ho li pheta ka hlooho. Maarabia a ne a le hloahloa ho sebeliseng kelello, ’me Muḥammad e ne e se mokhelo. Ho ile ha mo nka nako e kae hore a amohele molaetsa o felletseng oa Qur’ān? Ka kakaretso ho lumeloa hore litšenolo tsena li ile tsa tla ka nako ea lilemo tse ka bang 20 ho isa ho 23, ho tloha hoo e ka bang ka 610 C.E. ho isa lefung la hae ka 632 C.E.
11 Mehloli ea litaba ea Mamosleme e hlalosa hore ha a ne a amohela tšenolo ka ’ngoe, Muḥammad hang-hang o ne a e pheta ka hlooho ho bao ho neng ho etsahala hore e be ba haufi. Bana le bona ba ne ba boloka tšenolo kelellong ’me ka ho e pheta ka hlooho ba ne ba e boloka e phela kelellong. Kaha Maarabia a ne a sa tsebe ho etsa pampiri, Muḥammad o ile a etsa hore litšenolo li ngoloe ke lingoli thepeng ea boholo-holo e neng e fumaneha ka nako eo, e kang masapo a sephara a mahetla a likamele, makhasi a palema, mahong, le matlaloana a suehileng. Leha ho le joalo, ha ea ba ho fihlela ka morao ho lefu la moprofeta enoa moo Qur’ān e ileng ea nka sebopeho sa eona sa hona joale, tlas’a tataiso ea bahlahlami ba Muḥammad le metsoalle ea hae. Hona ho etsahetse nakong ea puso ea bo-khalif, kapa baeta-pele ba Bomosleme, ba pele ba bararo.
12 Mofetoleli Muhammad Pickthall oa ngola: ‘Lisurah tsohle tsa Qur’ān li ne li bolokiloe ka hore li ngoloe pele ho lefu la Moprofeta, ’me Mamosleme a mangata a ne a bolokile Qur’ān eohle kelellong. Empa lisurah tse ngotsoeng li ile tsa abjoa har’a batho; ’me eitse ha . . . palo e khōlō ea ba neng ba tseba Qur’ān eohle ka pelo ba bolaoa ntoeng, ho ile ha bokelloa Qur’ān eohle ’me ea ngoloa.’
13. (a) Mehloli e meraro ea thuto le tataiso tsa Boislām ke efe? (b) Litsebi tse ling tsa Boislām li talima ho fetoleloa ha Qur’ān joang?
13 Bophelo ba Boislām bo laoloa ke mohloli oa matla a mararo—Qur’ān, Ḥadīth, le Sharīʽah. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 291.) Mamosleme a lumela hore Qur’ān ea Searabia ke mofuta o hloekileng ka ho fetisisa oa tšenolo, kaha, kamoo ba bolelang, ke puo eo Molimo o ileng oa e sebelisa ha o bua ka Gabriele. Surah 43:3 e re: “Re e entse Qur’ān ka Searabia, hore u tle u khone ho utloisisa (’me u ithute bohlale).” (AYA) Kahoo, phetolelo leha e le efe e talingoa e le feela ntho e hlapollotsoeng e amanang le ho lahleheloa ke bohloeki. Haele hantle, litsebi tse ling tsa Boislām li hana ho fetolela Qur’ān. Pono ea bona ke hore “ka mehla ho fetolela ke ho bontša ho hloka botšepehi,” ’me ka baka leo, “ka mehla Mamosleme a ’nile a hana ka mokhoa o bonolo ’me ka linako tse ling a thibela boiteko leha e le bofe ba ho e fetolela puong e ’ngoe,” kamoo ho bolelang Dr. J. A. Williams, tichere ea histori ea Boislām.
Ho Atoloha ha Boislām
14. Ke ketsahalo efe e ileng ea tšoaea ntlha ea bohlokoa historing ea pele ea Boislām?
14 Muḥammad o ile a thea tumelo ea hae har’a khanyetso e ngata. Batho ba Mecca, esita le ba moloko oa habo, ba ne ba mo hana. Ka morao ho lilemo tse 13 tsa ho hlorisoa le ho hlouoa, o ile a fallisetsa setsi sa hae sa tšebetso ka leboea Yathrib, eo ka nako eo e ileng ea tsejoa e le al-Madīnah (Medina), motse oa moprofeta. Ho falla hona, kapa hijrah, ka 622 C.E. ho ile ha tšoaea ntlha ea bohlokoa historing ea Boislām, ’me selemo seo hamorao se ile sa nkoa e le moo almanaka ea Boislām e qalang teng.d
15. Ho tlile joang hore Mecca e be setsi se seholo sa Boislām bakeng sa maeto a bolumeli?
15 Qetellong, Muḥammad o ile a tsitsa ha Mecca e inehela ho eena ka Pherekhong 630 C.E. (8 A.H.) ’me e e-ba ’musi oa eona. Marapo a lefatše le a bolumeli a le taolong ea hae, o ile a khona ho hloekisa hore borapeli ba melimo ea litšoantšo bo tsoe Kaʽbah ’me a e thea e le setsi sa bohlokoa sa maeto a bolumeli a eang Mecca se tsoelang pele joalo ho tla fihlela letsatsing la kajeno.—Bona maqephe a 289, 303.
16. Boislām bo ile ba nama ho fihlela kae?
16 Lilemong tse mashome a seng makae hoba Muḥammad a shoe ka 632 C.E., Boislām bo ne bo namme ho ea fihla Afghanistan esita le ho ea fihla Tunisia Afrika Leboea. Mathoasong a lekholo la lilemo la borobeli, tumelo ea Qur’ān e ne e kenelletse Spain ’me e le moeling oa Mafora. Joalokaha Moprofesa Ninian Smart a ile a bolela bukeng ea hae Background to the Long Search: “Ha se talingoa ponong ea botho, se ileng sa finyelloa ke moprofeta oa Moarabia ea phetseng makholong a lilemo la botšelela le la bosupa ka morao ho Kreste sea hlolla. Ponong ea botho, ke ho eena moo ho ileng ha phalla tsoelo-pele e ncha. Empa haele hantle ho Mamosleme mosebetsi e ne e le o molemo haholo ’me se finyelletsoeng e le mosebetsi oa Allah.”
Lefu la Muḥammad le Isa Karohanong
17. Ke bothata bofe bo boholo bo ileng ba talimana le Boislām lefung la Muḥammad?
17 Lefu la moprofeta le ile la tsosa tlokotsi. O shoele a se na ngoana e motona ’me a se na mohlahlami ea beiloeng ka ho hlaka. Joalokaha Philip Hitti a bolela: “Ofisi ea bokhalif ka baka leo ke bothata ba khale haholo boo Boislam bo ileng ba tlameha ho talimana le bona. E sa ntsane e le khang e tsoelang pele. . . . Ka mantsoe a rahistori oa Momosleme al-Shahrastāni [1086-1153]: ‘Ha ho khang ea Boislam e ileng ea tlisa tšollo ea mali ho feta ofisi ea bokhalif (imāmah).’” Bothata bo ile ba rarolloa joang morao koo ka 632 C.E.? “Abu-Bakr . . . o ile a beoa (ka la 8 Phuptjane, 632) e le mohlahlami oa Muḥammad ka likhetho tse itseng tseo ho tsona baeta-pele ba neng ba le teng motse-moholo, al-Madīnah, ba ileng ba kopanela ho tsona.”—History of the Arabs.
18, 19. Ke lipolelo life tse arolang Mamosleme a Sunnī le a Shīʽite?
18 Mohlahlami oa moprofeta e ne e tla ba ’musi, khalīfah, kapa khalif. Leha ho le joalo, taba ea bahlahlami ba ’nete ba Muḥammad e ile ea fetoha sesosa sa likarohano har’a Boislām. Mamosleme a Sunnī a amohela molao-motheo oa ofisi eo motho a e khetheloang ho e-na le eo motho a e fumanang ka hore e be ea tsoang ho moprofeta ka tsoalo. Ka baka leo ba lumela hore bo-khalif ba pele ba bararo, Abū Bakr (mohoe oa Muḥammad), ʽUmar (moeletsi oa moprofeta) le ʽUthmān (mokhoenyana oa moprofeta), e ne e le bahlahlami ba tšoanelehang ba Muḥammad.
19 Polelo eo e hanyetsoa ke Mamosleme a Mashīʽite a bolelang hore boeta-pele ba ’nete bo tla ka lesika la mali la moprofeta le ka motsoal’ae le mokhoenyana, ʽAlī ibn Abī Ṭālib, imām (moeta-pele le mohlahlami) oa pele, ea ileng a nyala morali ea neng a ratoa haholo oa Muḥammad, Fāṭimah. Lenyalo la bona le ile la hlahisa litloholo tsa bashemane tsa Muḥammad Ḥasan le Ḥusayn. Mashīʽite a boetse a bolela hore “ho tloha qalong Allah le Moprofeta oa Hae ka ho hlakileng ba ne ba abetse ʽAli e le eena feela mohlahlami ea tšoanelehang empa hore bo-khalif ba pele ba bararo ba ne ba mo qhekelletse ofising ea hae e mo loketseng.” (History of the Arabs) Ha e le hantle, Mamosleme a Sunnī a talima seo ka mokhoa o fapaneng.
20. Ho ile ha etsahala eng ka mokhoenyana oa Muḥammad ʽAlī?
20 Ho ile ha etsahala eng ka ʽAlī? Nakong ea puso ea hae e le khalif oa bone (656-661 C.E.), tsekisano ea boeta-pele e ile ea hlaha pakeng tsa hae le ’musisi oa Syria, Muʽāwiyah. Ba ile ba loana, ’me ho emisa tšollo e tsoetseng pele ea mali ea Mamosleme, ba ile ba beha qabang ea bona ka pele ho moahloli. Ho lumela ha ʽAlī hore taba e beoe ka pele ho moahloli ho ile ha fokolisa taba ea hae le ho etsa hore balateli ba hae ba bangata ba mo furalle, ho akarelletsa Bakhawārij (Bakoenehi), ba ileng ba fetoha lira tse bolaeang tsa hae. Ka selemo sa 661 C.E., ‛Alī o ile a bolaoa ka sabole e nang le chefu ke e mong ea chesehelang Bokhārijī. Lihlopha tsena tse peli (Sunnī le Shīʽah) li ne li sa utloane ho hang. Lekala la Sunnī la Boislām joale le ile la khetha moetapele har’a Baumayyad, marena a ruileng a Mecca, ao e neng e se a lelapa la moprofeta.
21. Mashīʽite a na le pono efe ka bahlahlami ba Muḥammad?
21 Bakeng sa Mashīʽah, letsibolo la ʽAlī, Ḥasan, setloholo sa moprofeta, e bile eena mohlahlami oa ’nete. Leha ho le joalo, o ile a itokolla ’me a bolaoa. Ngoana’bo Ḥusayn o ile a fetoha imām e mocha, empa le eena a bolaoa, ke mabotho a Umayyad ka la 10 Mphalane, 680 C.E. Lefu la hae kapa ho shoela tumelo ha hae, kamoo Mashīʽah a le talimang ka teng, le bile le phello ea bohlokoa ho Shīʽat ʽAlī, mokha oa ʽAlī, ho tla fihlela kajeno. Ba lumela hore ʽAlī e ne e le mohlahlami oa ’nete oa Muḥammad le ‘imām [moeta-pele] oa pele ea sirelelitsoeng ke Molimo khahlanong le ho fosa le sebe.’ Mashīʽah a ne a nka ʽAlī le bahlahlami ba hae e le matichere a sa foseng a nang le “neo ea bomolimo ea ho hloka sebe.” Karolo e khōlō haholo ea Mashīʽah e lumela hore ho bile le bo-imām ba 12 feela ba ’nete, ’me oa ho qetela ho bona, Muḥammad al-Muntaẓar, o ile a nyamela (878 C.E.) “lehaheng la moske e khōlō e Sāmarra a sa siee bana.” Kahoo “o ile a fetoha ‘ea patiloeng (mustatir)’ kapa ‘ea lebelletsoeng (muntaẓar) imām.’ . . . Ka nako ea teng o tla hlaha e se e le Mahdi (ea tataisoang ke Molimo) ho tsosolosa Boislam ba ’nete, a hape lefatše kaofela le ho tlisa puso ea lilemo tse sekete e khutšoanyane pele ho bofelo ba lintho tsohle.”—History of the Arabs.
22. Mashīʽah a ikhopotsa ho shoela tumelo ha Ḥusayn joang?
22 Selemo le selemo, Mashīʽah a keteka ho shoela tumelo ha Imam Ḥusayn. Ba ba le mekoloko eo ho eona ba bang ba itšehang ka lithipa le lisabole le ho ikutloisa bohloko ka litsela tse ling. Mehleng ea morao haholoanyane, Mamosleme a Shīʽite a ile a tsebahala haholo ka lebaka la cheseho ea ’ona bakeng sa merero ea Boislām. Leha ho le joalo, ba emela feela hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea Mamosleme a lefatše, boholo e le Mamosleme a Sunnī. Empa joale, a re reteleheleng ho tse ling tsa lithuto tsa Boislām ’me re hlokomele kamoo tumelo ea Boislām e amang boitšoaro ba letsatsi le letsatsi ba Mamosleme.
Molimo o Phahame ka ho Fetisisa, E Seng Jesu
23, 24. Muḥammad le Mamosleme ba ile ba talima Bojode le Bokreste joang?
23 Litumelo tse khōlō tsa lefatše tse lumelang ho Molimo o le mong ke Bojode, Bokreste, le Boislām. Empa nakong eo Muḥammad a neng a hlaha ka eona tšimolohong ea lekholo la bosupa la lilemo C.E., malumeli a mabeli a pele, kamoo Muḥammad a neng a nahana ka teng, a ne a suthetse hōle le tsela ea ’nete. Haele hantle, ho latela bahlalosi ba bang ba Boislām, Qur’ān e fana ka maikutlo a ho hana Bajode le Bakreste ha e re: “E seng (tsela) ea ba ipokellelang bohale ba Hao kapa ba khelohang.” (Surah 1:7, MMP) Hobane’ng?
24 Tlhaloso ea Qur’ān e re: “Batho ba Buka ena ba ile ba fosa: Bajode ka ho roba Selekane sa bona, le ka ho etselletsa Maria le Jesu . . . le Bakreste ka ho phahamisa Jesu Moapostola hore a lekane le Molimo” ka thuto ea Boraro-bo-bong.—Surah 4:153-176, AYA.
25. Ke lipolelo life tse tšoanang tseo re li fumanang ho Qur’ān le ka Bibeleng?
25 Ho nolofatsa thuto e ka sehloohong ea Boislām, e tsejoa e le shahādah, kapa ho bolela tumelo, ’me Momosleme e mong le e mong o e tseba ka pelo: “La ilāh illa Allāh; Muḥammad rasūl Allāh” (Ha ho Molimo ntle ho Allah; Muḥammad ke lenģosa la Allah). Sena se lumellana le polelo ea Qur’ān, “Molimo oa hao ke Molimo o le Mong; Ha ho Molimo o mong ntle ho Oona, Ea Fanang ka Melemo, Ea Tletseng Mohau.” (Surah 2:163, MMP) Khopolo ena e ile ea boleloa lilemong tse 2 000 pele ha ho ne ho bitsoa Iseraele ea boholo-holo: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.” (Deuteronoma 6:4) Jesu o ile a pheta taelo ena e ka sehloohong, e tlalehiloeng ho Mareka 12:29, hoo e ka bang lilemo tse 600 pele ho Muḥammad, ’me ha ho kae kapa kae moo Jesu a bolelang hore ke Molimo kapa hore o lekana le Oona.—Mareka 13:32; Johanne 14:28; 1 Ba-Korinthe 15:28.
26. (a) Mamosleme a talima Boraro-bo-bong joang? (b) Na Boraro-bo-bong bo lumellana le Bibele?
26 Mabapi le ho khetheha ha Molimo, Qur’ān e re: “Kahoo lumela ho Molimo le baapostola ba Oona. U se ke ua re ‘Boraro-bo-bong’: khaotsa: ho tla ba molemo ho uena: hobane Molimo ke Molimo o le Mong.” (Surah 4:171, AYA) Leha ho le joalo, re ke re hlokomele hore Bokreste ba ’nete ha bo na thuto ea Boraro-bo-bong. Eo ke thuto e qalehileng boheteneng e kentsoeng ke bakoenehi ba Bokreste-’mōtoana ka morao ho lefu la Kreste le baapostola.—Bona Khaolo 11.e
Moea, Tsoho, Paradeise, le Mollo oa Lihele
27. Qur’ān e re’ng ka moea le ka tsoho? (Bontša phapang le Levitike 24:17, 18, NW; Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29.)
27 Boislām bo ruta hore motho o na le moea o fetelang lefatšeng la ka morao ho lefu. Qur’ān e re: “Allah o amohela meea (ea batho) lefung la bona, le (moea) o (e-song ho) shoe borokong ba oona. O boloka (moea) oo o o khethetseng lefu.” (Surah 39:42, MMP) Ka nako e tšoanang, surah 75 kaofela e nehetsoe ho “Qiyāmat, kapa Tsoho” (AYA), kapa “Ho Tsoha ha Bafu” (MMP). Karolo ea eona e re: “Ke bitsa Letsatsi la Tsoho hore e be paki . . . Na motho o nahana hore Re ke ke ra bokella masapo a hae? . . . Oa botsa: ‘Letsatsi la Tsoho le Neng?’ . . . Na Eena [Allāh], ha a na matla a ho fana ka bophelo ho ba shoeleng?”—Surah 75:1, 3, 6, 40, AYA.
28. Qur’ān e re’ng ka lihele? (Bontša phapang le Jobo 14:13; Jeremia 19:5; 32:35; Liketso 2:25-27; Ba-Roma 6:7, 23.)
28 Ho latela Qur’ān, moea o ka ba le qetello e sa tšoaneng, eo e ka ’nang ea e-ba serapa sa leholimo sa paradeise kapa kotlo ea lihele tse tukang. Joalokaha Qur’ān e bolela: “Baa botsa: Letsatsi la Kahlolo le neng? (Ke) letsatsi leo ba tla hlokofatsoa Mollong ka lona, (’me ho tla thoe ho bona): Utloang tlhokofatso ea lōna (eo le ipaketseng eona).” (Surah 51:12-14, MMP) “Ho bona [baetsalibe] ke tlhokofatso bophelong ba lefatšeng, ’me kannete kahlolo ea Bophelo ba Ka Morao ho Lefu e bohloko haholoanyane, ’me ha ba na mosireletsi ea tsoang ho Allah.” (Surah 13:34, MMP) Ho botsoa potso: “’Me ke eng e tla le hlalosetsa hore na sena ke eng? (Ke) Mollo o tukang ka bohale!” (Surah 101:10, 11, AYA) Qetello ena e tšosang e hlalosoa ka ho qaqa: “Jo! Ba sa lumeleng litšenolo tsa Rōna, Re tla ba pepesetsa Mollo. Ka makhetlo ao ka ’ona letlalo la bona le tlang ho jeoa ke mollo Re tla ba fumantša matlalo a macha e le hore ba utloe tlhokofatso. Jo! Allah o Matla ka mehla, o Bohlale.” (Surah 4:56, MMP) Tlhaloso e tsoelang pele e re: “Jo! lihele li laletse . . . Li tla lula moo ka lilemo-lemo. Ba ho tsona ha ba utloe ho phola kapa ho noa (leha e le eng) haese metsi a belang le mohatsela o futahanyang.”—Surah 78:21, 23-25, MMP.
29. Bontša phapang pakeng tsa lithuto tsa Boislām le tsa Bibele tabeng ea moea le qetello ea oona.
29 Mamosleme a lumela hore moea oa motho ea shoeleng o ea Barzakh, kapa “Phapusing,” “sebaka kapa boemo seo batho ba tla ba ho sona ka morao ho lefu le pele ho Kahlolo.” (Surah 23:99, 100, AYA, se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe) Mono moea oa ikutloa ’me o utloa seo ho thoeng ke “Kotlo ea Lebitleng” haeba motho a ile a ba mobe, kapa o nyakallela thabo haeba a ile a tšepahala. Empa ba tšepahalang ba tlameha hore le bona ba utloe tlhokofatso e itseng ka lebaka la libe tse seng kae tsa bona tsa ha ba sa phela. Ka letsatsi la kahlolo, e mong le e mong o talimana le kabelo ea hae ea ka ho sa feleng, e khaoletsang boemo boo bo bohareng.f
30. Ba lokileng ba tšepisoa eng ho ea ka Qur’ān? (Bontša phapang le Esaia 65:17, 21-25; Luka 23:43; Tšenolo 21:1-5.)
30 Ho fapana le moo, ba lokileng ba tšepisoa lirapa tsa leholimo tsa paradeise: “’Me ha e le ka ba lumelang le ba etsang mesebetsi e metle, Re tla etsa hore ba kene Lirapeng tseo linōka li phallang tlas’a tsona hore ba e’o lula moo ka ho sa feleng.” (Surah 4:57, MMP) “Ka letsatsi leo ba lulang Paradeiseng ha ho letho leo ba tla nahana ka lona haese thabo ea bona feela. Bona le basali ba bona, ba tla lula merung e nang le moriti holim’a mealo e bonolo.” (Surah 36:55, 56, NJD) “Pele ho sena Re ile ra ngola Lipesalemeng, ka morao ho Molaetsa (o neiloeng Moshe): ‘Bahlanka ba ka, ba lokileng, ba tla ja lefa la lefatše.’” Se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ka surah ena se supisa ’mali ho Pesaleme ea 25:13 le 37:11, 29, hammoho le mantsoeng a Jesu ho Mattheu 5:5. (Surah 21:105; AYA) Ho bua ka basali ho re etsa hore joale re retelehele potsong e ’ngoe.
Molekane a le Mong oa Lenyalo kapa Sethepu?
31. Qur’ān e re’ng ka sethepu? (Bontša phapang le 1 Ba-Korinthe 7:2; 1 Timothea 3:2, 12.)
31 Na sethepu ke molao har’a Mamosleme? Le hoja Qur’ān e lumella sethepu, Mamosleme a mangata a na le mosali a le mong feela. Ka lebaka la bahlolohali ba bangata ba ileng ba siuoa ka morao ho lintoa tse ileng tsa bolaea ba bangata, Qur’ān e ile ea bula sebaka bakeng sa sethepu: “Haeba u e-na le tšabo ea hore u ke ke ua etsa likhutsana hantle, nyala basali bao, bao u bonang ba le batle ho uena, ba babeli kapa ba bararo kapa ba bane; ’me haeba u tšaba hore u ke ke ua etsa ka toka (ho ba bangata hakaalo) joale a le mong (feela) kapa (batšoaruoa) bao matsoho a hao a matona a ba tšoereng.” (Surah 4:3, MMP) Histori ea bophelo ba Muḥammad ea Ibn-Hishām e bolela hore Muḥammad o ne a nyetse mohlolohali e mong oa morui, Khadījah, ea neng a le moholo ho eena ka lilemo tse 15. Ka morao ho lefu la mohlolohali eo o ile a nyala basali ba bangata. Ha a e-shoa o ile a siea bahlolohali ba robong.
32. Mutʽah ke eng?
32 Mofuta o mong oa lenyalo Boislāmong o bitsoa mutʽah. O hlalosoa e le “tumellano e khethehileng pakeng tsa monna le mosali ka mpho le ho amohela lenyalo ka nako e itseng le ka bohali bo khethehileng bo kang ba tumellano ea lenyalo le tiileng.” (Islamuna, ea Muṣṭafā al-Rāfiʽī) Masunnī a le bitsa lenyalo le etsetsoang monate feela, ’me Mashīʽah, a le bitsa lenyalo le ka felisoang ka nako e beiloeng. Mohloli ona oona oa litaba o re: “Bana [ba manyalo a joalo] ke ba molao ’me ba na le litokelo tse tšoanang le tsa bana ba lenyalo le tiileng.” Ho totobetse hore mofuta ona oa lenyalo la nakoana o ne o sebelisoa mehleng ea Muḥammad, ’me o ile a le lumella hore le tsoele pele. Masunnī, a tsitlallela hore le ile la thibeloa hamorao, ha Maimāmī, sehlopha se seholo ka ho fetisisa sa Mashīʽite, se lumela hore le sa ntsane le sebetsa. Ha e le hantle, ba bangata baa le sebelisa, haholo-holo haeba monna a le sieo ho mosali oa hae ka nako e telele.
Boislām le Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi
33. Litšiea tse Hlano tse Lokelang ho Bolokoa le tsa Tumelo ke life?
33 Boislām bo akarelletsa litlamo tse hlano tse khōlō le litumelo tse hlano tsa motheo. (Bona se ka mabokoseng, maqepheng a 296, 303.) E ’ngoe ea litlamo tsena ke hore Mamosleme a chesehang a retelehela Mecca ka makhetlo a mahlano ka letsatsi thapelong (ṣalāt). Ka sabbatha ea Mamosleme (Labohlano), banna ba bokana moskeng bakeng sa thapelo ha ba utloa mohoo oa muezzin o tsoang toreng ea moske. Matsatsing ana limoske tse ngata li bapala pina e hatisitsoeng ho e-na le hore e be motho ea hooang.
34. Moske ke eng, ’me e sebelisoa joang?
34 Moske (masjid, ka Searabia) ke sebaka sa borapeli sa Mamosleme, se hlalosoang ke Morena Fahd Bin Abdul Aziz oa Saudi Arabia e le “lejoe la sekhutlo bakeng sa ho bitsetsoa ho Molimo.” O ile a hlalosa moske e le “sebaka sa thapelo, boithuto, mesebetsi ea molao le ea boahloli, liboka, ho bolela, tataiso, thuto le tokisetso. . . . Moske ke pelo ea batho ba Mamosleme.” Libaka tsena tsa borapeli hona joale li fumanoa hohle lefatšeng. Se seng sa tse tummeng ka ho fetisisa historing ke Mezquita (Moske) ea Córdoba, Spain, seo ka makholo a lilemo se neng se le seholo ka ho fetisisa lefatšeng. Karolo ea sona e bohareng hona joale e nkiloe ke kereke e K’hatholike e nang le mobishopo.
Khohlano le Bokreste-’mōtoana le ka Hare ho Bona
35. Mehleng e fetileng, ke boemo bofe bo neng bo le teng pakeng tsa Boislām le Bok’hatholike?
35 Ho tloha lekholong la lilemo la bosupa, Boislām bo ile ba namela bophirima ho kena Afrika Leboea, bochabela ho ea Pakistan, India, le Bangladesh, le ho theosetsa Indonesia. (Bona se ’mapeng, leqepheng le ka hare la sekoahelo.) Ha bo ntse bo etsa joalo, bo ile ba hohlana le Kereke e K’hatholike e rarollang litaba ka likhoka, e ileng ea hlophisa Lintoa tsa Bolumeli hore e lopolle Lefatše la Pallo ho Mamosleme. Ka 1492 Mofumahali Isabella le Morena Ferdinand ba Spain ba ile ba qetela ho lopolloa ha Spain ke K’hatholike. Mamosleme le Bajode ba ile ba lokela ho sokoloha kapa ba lelekoe Spain. Ho sebelisana ka mokhoa o se nang leeme la bolumeli ho neng ho ile ha e-ba teng tlas’a puso ea Mamosleme Spain hamorao ho ile ha fela tlas’a tšusumetso ea Lekhotla le Neng le Ahlola Bakhelohi la K’hatholike. Leha ho le joalo, Boislām bo ile ba pholoha ’me lekholong la lilemo la bo20 bo phahama bocha le ho hōla haholo.
36. Ke liphetoho life tse neng li etsahala Kerekeng e K’hatholike ha Boislām bo ntse bo atoloha?
36 Ha Boislām bo ntse bo atoloha, Kereke e K’hatholike e ne e feta har’a mofere-fere oa eona, e leka ho boloka bonngoe ka hare ho eona. Empa litšusumetso tse peli tse matla li ne li tla tloha li bitoha ka matla, ’me li ne li tla soahlamanya ho ea pele setšoantšo sa bonngoe sa kereke eo. E ne e le mechine ea khatiso le Bibele ka lipuo tsa batho. Khaolo ea rōna e latelang e tla tšohla ho tsekoloha ho tsoetseng pele ha Bokreste-’mōtoana tlas’a litšusumetso tseo le tse ling.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Qur’ān” (e bolelang “Ho Pheta ka Hlooho”) ke mokhoa oa ho e peleta o ratoang ke lingoli tsa Mamosleme le oo re tla o sebelisa mona. Ho ke ho hlokomeloe hore Searabia ke eona puo eo Qur’ān e neng e ngotsoe ka eona pele, ’me ka Senyesemane ha ho phetolelo e amoheloang ka bophara. Ho se qotsitsoeng palo ea pele e emela khaolo, kapa surah, ’me ea bobeli ke palo ea temana.
b Mamosleme a lumela hore Bibele e na le litšenolo tsa Molimo empa tse ling tsa tsona li ile tsa sothoa hamorao.
c Ka Senyesemane lebitso la moprofeta enoa le ngoloa ka mekhoa e sa tšoaneng (Mohammed, Muḥammad, Mahomet). Mehloli e mengata ea litaba ea Bomosleme e ikhethela ho sebelisa Muḥammad, e leng eona eo re tla e sebelisa. Mamosleme a Turkey a ikhethela ho sebelisa Muhammed.
d Kahoo, selemo sa Mamosleme se fanoa e le A.H. (Anno Hegirae, selemo sa paleho, ka Selatine) ho e-na le A.D. (Anno Domini, selemo sa Morena) kapa C.E. (Common Era [Mehla e Tloaelehileng]).
e Bakeng sa boitsebiso bo tsoelang pele ka Boraro-bo-bong le Bibele, bona bukana Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 1989.
f Tabeng ea moea le mollo oa lihele, bapisa le litemana tsena tsa Bibele: Genese 2:7; Ezekiele 18:4; Liketso 3:23, NW. Bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 239-246; 312-316, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1986.
[Lebokose le leqepheng la 285]
Qur’ān Le Bibele
“O le senoletse Buka e nang le ’nete, e tiisang mangolo a tlileng pele ho eona; hobane O se a senotse Torah le Molaetsa o Molemo bakeng sa ho tataisa batho, le ho khetholla pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng.”—Surah 3:2, NJD.
“Hoo e ka bang litaba tsohle tsa histori tsa Koran li na le moo li tšoanang teng le tsa Bibele . . . Har’a batho ba Testamente ea Khale, Adama, Noe, Abrahama (ea boleloang ka makhetlo a ka bang mashome a supileng ho lisūrah tse sa tšoaneng tse mashome a mabeli a metso e mehlano le eo lebitso la hae e leng sehlooho sa sūrah 14), Ishmaele, Lota, Josefa (eo sūrah 12 e nehetsoeng ho eena), Moshe (eo lebitso la hae le hlahang ho lisūrah tse sa tšoaneng tse mashome a mararo a metso e mene), Saule, Davida, Salomone, Elia, Jobo le Jonase (eo sūrah 10 e bitsoang ka lebitso la hae) ba hlahella ka mokhoa o ratehang. Pale ea pōpo le ea ho oa ha Adama e qotsoa ka makhetlo a mahlano, moroallo ka a robeli le Sodoma ka a robeli. Haele hantle, Koran e bontša ho tšoana ho hoholoanyane le Pentateuch ho feta karolo leha e le efe ea Bibele . . .
“Ho batho ba Testamente e Ncha Zakaria, Johanne Mokolobetsi, Jesu (ʽĪsa) le Maria ke bona feela ba hatisoang. . . .
“Boithuto bo etsetsoang ho bapisa . . . litaba tsa Koran le tsa Bibele . . . bo senola ho se moo e ’ngoe e itšetlehileng ka e ’ngoe bakeng sa mantsoe [ha ho moo ho qotsitsoeng ka ho toba].”—History of the Arabs.
[Lebokose le leqepheng la 291]
Mehloli E Meraro Ea Thuto Le Tataiso
Qur’ān e Halalelang, eo ho boleloang hore Muḥammad o e senoletsoe ke lengeloi Gabriele. Ka Searabia, ntho e boleloang ke Qur’an le mantsoe a eona e talingoa e le e bululetsoeng.
Ḥadīth, kapa Sunnah, “liketso, lipolelo le ho amoheloa ka khutso (taqrīr) tsa Moprofeta . . . e ileng ea hlomamisoa lekholong la lilemo la bobeli [A.H.] ka sebopeho sa li-ḥadīth tse ngotsoeng. Ka baka leo, ḥadīth ke tlaleho ea ketso kapa lipolelo tsa Moprofeta.” Hape e ka sebelisetsoa liketso kapa lipolelo tsa “Balekane kapa bahlahlami” leha e le bafe ba Muḥammad. Ho ḥadīth, ke tlhaloso feela e talingoang e le e bululetsoeng.—History of the Arabs.
Sharīʽah, kapa molao oa kereke, e theiloeng melao-motheong ea Qur’ān, e laola bophelo bohle ba Momosleme kutloisisong ea bolumeli, lipolotiki, le kahisano. “Liketso tsohle tsa motho li beoa tlas’a lihlopha tse hlano tsa molao: (1) se nkoang e le tšoanelo e felletseng (farḍ) [e akarelletsang moputso bakeng sa ho nka khato kapa kotlo bakeng sa ho hlōleha ho nka khato]; (2) liketso tse babatsehang kapa tse hlomphehang (mustaḥabb) [e akarelletsang moputso ho se kotlo ha motho a fositse]; (3) liketso tse lumelloang (jāʼiz, mubāḥ), tse iphapanyetsoang ka molao; (4) liketso tse nyatsoang (makrūh), tse haneloang empa li sa otleloe; (5) liketso tse haneloang (ḥarām), tseo ho etsoa ha tsona ho biletsang kotlo.”—History of the Arabs.
[Lebokose le leqepheng la 296]
Litšiea Tse Hlano Tsa Tumelo
1. Ho lumela ho Molimo o le mong, Allāh (Surah 23:116, 117)
2. Ho lumela ho mangeloi (Surah 2:177)
3. Ho lumela ho baprofeta ba bangata empa molaetsa o le mong. Adama e ne e le moprofeta oa pele. Ba bang ba akarellelitse Abrahama, Moshe, Jesu, le “Tiiso ea Baprofeta,” Muḥammad (Surah 4:136; 33:40)
4. Ho lumela letsatsing la kahlolo (Surah 15:35, 36)
5. Ho lumela hore Molimo o na le tsebo eohle, tsebo e tlang pele ho nako, le ho rera liketsahalo tsohle. Leha ho le joalo, motho o na le bolokolohi ba ho khetha liketsong tsa hae. [Lihlopha tsa Boislām li arohane tabeng ea thato e etsoang ka bolokolohi] (Surah 9:51)
[Litšoantšo tse leqepheng la 286]
Neano ea Mamasleme e bolela hore Mahammad o ile a nyolohela leholimong a le lefikeng lena le Toreng ea Lefika, Jerusalema
[Litšoantšo tse leqepheng la 289]
Ba nkileng leeto la bolumeli la Mamosleme Mecca ba tsamaea ka makhetlo a supileng ho pota Ka’bah le ho ama kapa ho aka Lejoe le Letšo, tlaase ka letsohong le tšehali
[Litšoantšo tse leqepheng la 290]
Searabia ke puo e hlokahalang bakeng sa ho bala Qur’ān
[Litšoantšo tse leqepheng la 298]
Ho tloha ka holimo ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona: Tora ea Lefika, Jerusalema; limoske tsa Iran, Afrika Bora, le Turkey
[Lebokose le leqepheng la 303]
Litšiea Tse Hlano Tse Lokelang Ho Bolokoa
1. Pheta tumelo (shahādah): “Ha ho molimo ntle ho Allah; Muḥammad ke lenģosa la Allah” (Surah 33:40)
2. Thapelo (ṣalāt) ho shebiloe nģa Mecca ka makhetlo a mahlano ka letsatsi (Surah 2:144)
3. Ho fana ho bahloki (zakāh), tlamo ea ho fana ka karolo e itseng ea chelete eo motho a e fumanang le ea seo thepa e ’ngoe ea hae e se jang (Surah 24:56)
4. Ho itima lijo (ṣawm), haholo-holo nakong ea mokete o nkang khoeli oa Ramaḍān (Surah 2:183-185)
5. Leeto la bolumeli (ḥajj). Monna e mong le e mong oa Momosleme o tlameha hore hang bophelong ba hae a nke leeto le eang Mecca. Ke ho kula le bofuma feela tseo e leng lebaka le utloahalang le ka mo thibelang (Surah 3:97)
[Litšoantšo]
Mezquita ea Córdoba ka nako e ’ngoe e ne e eona moske e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng (hona joale Kereke eK’hatholike e nang le mobishopo, e sebakeng se bohareng)
[Litšoantšo tse leqepheng la 304]
Tumelo Ea Bahāʼī—ho Batla Bonngoe Ba Lefatše
1 Tumelo ea Bahāʼī hase sehlopha se khelohileng ho Boislām empa ke lehlomela la bolumeli ba Bābī, sehlopha sa Persia (Iran ea kajeno) se ileng sa khephoha ho lekala la Boislām ba Shīʽite ka 1844. Moeta-pele oa Babābī e ne e le Mīrzā ʽAlī Moḥammad oa Shīrāz, ea ileng a ipolela e le Bāb (“Khoro”) le imām-mahdī (“moeta-pele ea tataisoang ka nepo”) ea tsoang lesikeng la Muḥammad. O ile a bolaoa ka mor’a ho ahloleloa lefu ke ba boholong Persia ka 1850. Ka 1863 Mīrzā Ḥoseyn Alī Nūrī, setho se tsebisahalang sa sehlopha sa Bābī, “o ile a ipolela hore ke ‘Eo Molimo o tla mo bonahatsa,’ eo Bāb a mo boletseng esale pele.” Hape o ile a ipha lebitso la Bahāʼ Ullāh, (“Khanya ea Molimo”) ’me a thea bolumeli bo bocha, tumelo ea Bahāʼī.
2 Bahā’ Ullāh o ile a lelekoa Persia ’me qetellong a kenngoa litlamong Acco (kajeno ke Acre, Iseraele). Mono o ile a ngola buka ea hae e ka sehloohong, al-Kitāb al-Aqdas (Buka e Halalelang ka ho Fetisisa), ’me a hōlisa thuto ea tumelo ea Bahāʼī hore e be thuto e pharalletseng. Lefung la Bahāʼ Ullāh, boeta-pele ba bolumeli bona bo ntseng bo tetema bo ile ba fetela ho mora oa hae ʽAbd ol-Bahāʼ, ka morao ho moo ba fetela ho setloholo sa hae, Shoghi Effendi Rabbānī, ’me ka 1963 ba fetela ho sehlopha sa bolaoli se khethiloeng se tsejoang e le Ntlo ea Bokahohle ea Toka.
3 Babahāʼī ba lumela hore Molimo o itšenotse ho motho ka ho “Iphetolela Libopehong tsa Bomolimo,” ho akarelletsa Abrahama, Moshe, Krishna, Zoroaster, Buddha, Jesu, Muḥammad, Bāb, le Bahāʼ Ullāh. Ba lumela hore manģosa ana a fanoe hore a tataise moloko oa batho ka mokhoa o ntseng o fetoha oo ho oona ho hlaha ha Bāb ho ileng ha qalisa mehla e mecha bakeng sa moloko oa batho. Babahāʼī ba bolela hore ho tla fihlela joale molaetsa oa hae ke tšenolo e felletseng ka ho fetisisa ea thato ea Molimo le hore ke kofuto e ka sehloohong e fanoeng ke Molimo e tla etsa hore lefatše le be bonngoeng bo ka khonehang.—1 Timothea 2:5, 6.
4 O mong oa melao ea motheo ea Bahāʼī ke “hore malumeli ’ohle a maholo a lefatše a simolohile ho Molimo, hore melao-motheo ea oona e tumellanong e felletseng.” A “fapana feela lintlheng tseo e seng tsa bohlokoa tsa lithuto tsa ’ona.”—2 Ba-Korinthe 6:14-18; 1 Johanne 5:19, 20.
5 Litumelo tsa Bahāʼī li akarelletsa bonngoe ba Molimo, ho se shoe ha moea, le ho fetoha (libopehong, moeeng, le kahisanong) ha moloko oa batho. Ka lehlakoreng le leng, ba hana khopolo e tloaelehileng ea mangeloi. Hape ba hana Boraro-bo-bong, thuto ea ho tsoaloa ka ’mele o mocha ea Mahindu, le ho oa ha motho phethehong le topollo e ileng ea latela ka mali a Jesu Kreste.—Ba-Roma 5:12; Mattheu 20:28.
6 Hore batho ke bana ba motho le hore banna le basali baa lekana ke litšobotsi tsa sehlooho tsa tumelo ea Bahāʼī. Babahāʼī ba sebelisa borapeli ba molimo o le mong. Bonyane hang ka letsatsi, ba rapela leha e le efe ea lithapelo tse tharo tse senotsoeng ke Bahāʼ Ullāh. Ba itloaelitse ho itima lijo ho tloha ha letsatsi le phahama ho fihlela ha le likela nakong ea matsatsi a 19 a khoeli ea Bahāʼī ea ʽAlā, e bang ka Tlhakubele. (Almanaka ea Bahāʼī e entsoe ka likhoeli tse 19, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le matsatsi a 19, a nang le matsatsi a mang a itseng a kenngoang lipakeng.)
7 Tumelo ea Bahāʼī ha e na litšebeletso tse ngata tse hlomamisitsoeng, leha e le hore e na le sehlopha sa baruti. E mong le e mong ea ipolelang hore o lumela ho Bahāʼ Ullāh ’me o amohela lithuto tsa hae a ka ngolisoa e le setho. Ba kopana bakeng sa borapeli ka letsatsi la pele la khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ea Bahāʼī.
8 Babahāʼī ba ipona e le bona ba nang le thōmo ea moea ea ho hapa planete ena. Ba leka ho hasa tumelo ea bona ka moqoqo, mohlala, le ho kopanela mererong ea kopanelo, le matšolo a ho fana ka boitsebiso. Ba lumela kutlong e felletseng ea melao ea naha eo ba lulang ho eona, ’me le hoja ba vouta, ba chechela morao ho nkeng karolo lipolotiking. Ha ho ka khoneha, ba ikhethela mesebetsi e sa amaneng le hore ba hle ba loane ka ho toba mabothong a hlometseng empa ha ba hanyetse ntoa ka lebaka la letsoalo la bolumeli.
9 Joaloka bolumeli ba boromuoa, Bahāʼī ba bile le khōlo e potlakileng ka lilemo tse seng kae tse fetileng. Babahāʼī ba hakanya hore ho na le balumeli ba ka bang 5 000 000 lefatšeng ka bophara, le hoja batho ba baholo ba ngolisitsoeng tumelong ena hona joale ba le ka holimonyana ho 2 300 000.
[Setšoantšo]
Sehalalelo sa Bahāʼī se ntlo-kholo ea lefatše e Haifa, Iseraele