Khaolo 15
Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
“Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:34, 35.
1, 2. Liphello tsa lerato har’a Bakreste ba ’nete e lokela ho ba life?
KA MANTSOE ao, Jesu o ile a thea tekanyetso bakeng sa ba ipolelang hore ke balateli ba hae ba ’nete. Lerato la Bokreste le ne le tla lokela ho phahamela likarohano tsohle tsa merabe, moloko, le bochaba. Le ne le tla hloka hore Bakreste ba ’nete e se be “karolo ea lefatše” joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu, ’me le joale e sa ntsane e se “karolo ea lefatše.”—Johanne 17:14, 16, NW; Ba-Roma 12:17-21.
2 Mokreste o iponahatsa joang hore hase “karolo ea lefatše”? Ka mohlala, o lokela ho itšoara joang mabapi le merusu ea mehleng ea rōna ea lipolotiki, ho lihoa ha mebuso, le lintoa? Moapostola oa Mokreste Johanne o ile a ngola tumellanong le mantsoe a Jesu a ka holimo: “E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane.” ’Me Jesu ka boeena o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba hae ba sa ka ba loana ho mo lopolla, a re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, . . . empa joale, ’muso oa ka ha se oa mona.” Leha bophelo ba Jesu bo ne bo se bo le kotsing, bahlanka bao ha baa ka ba ameha ho lokiseng khohlano eo ka litsela tsa ntoa tsa lefatše lena.—1 Johanne 3:10-12; Johanne 18:36.
3, 4. (a) Esaia o ile a profeta eng mabapi le ‘mehla ea bofelo’? (b) Ke lipotso life tse hlokang karabo?
3 Lilemo tse fetang 700 pele ho Kreste, Esaia o ne a ile a profeta hore batho ba lichaba tsohle ba ne ba tla bokana borapeling ba ’nete ba Jehova ’me ba ne ba sa tl’o hlola ba ithuta ntoa. O itse: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, . . . ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”a—Esaia 2:2-4.
4 Har’a malumeli ’ohle a lefatše, ke bofe bo ipabotseng ka ho finyella litlhokahalo tsee? Ke bafe ba hanneng ho ithuta ntoa ho sa tsotellehe ho kenngoa lichankaneng, likampong tsa mahloriso, le ho ahloleloeng lefu?
Lerato la Bokreste le ho se Jele Paate ha Bokreste
5. Lipaki tsa Jehova ka bomong li entse tlaleho ea mofuta ofe ea ho se jele paate ha Bokreste, hona hobane’ng?
5 Lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka boemo ba tsona ba motho ka mong ba ho se loane ka lebaka la ho se jele paate ha tsona ha Bokreste. Ho theosa le lekholo lena la lilemo la bo20 li ’nile tsa mamella ho kenngoa lichankaneng, likampong tsa mahloriso, ho hlokofatsoa, ho lelekoa linaheng tseo li leng ho tsona, le ho hlorisoa ka lebaka la ho hana ho tela lerato la tsona le bonngoe ba tsona e le phutheho ea lefatše ka bophara ea Bakreste ba huletsoeng ho Molimo. Jeremane ea Bonazi lilemong tsa bo-1933-45, ho ile ha shoa Lipaki tse ka bang sekete ’me tse likete li ile tsa kenngoa litlamong ka lebaka la ho hana ha tsona ho sebelisana le boiteko ba Hitler ba ntoa. Ka ho tšoanang, tlas’a Franco Spain eo e neng e le ea Bofasista, Lipaki tse nyenyane tse makholo li ile tsa ea chankaneng ’me tse ngata ka karolelano tsa qeta lilemo tse leshome motho ka mong lichankaneng tsa sesole ho e-na le ho ithuta ho loana. Ho tla fihlela kajeno linaheng tse ngata, Lipaki tse ngata tse nyenyane tsa Jehova li phela mahlomoleng lichankaneng ka lebaka la boemo ba tsona ba ho se jele paate ha Bokreste. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha li kena-kenane le mebuso mananeong a eona a sesole. Ho se jele paate ha Bokreste ho sa thekeseleng ha Lipaki litabeng tsa lipolotiki e bile mokhoa o mong o sa fetoheng oa tumelo ea tsona har’a likhohlano tsohle le lintoa tsa lekholong la lilemo la bo20. Ho hatisa hore ke balateli ba ’nete ba Kreste ’me ho li arola malumeling a Bokreste-’mōtoana.—Johanne 17:16; 2 Ba-Korinthe 10:3-5.
6, 7. Lipaki tsa Jehova li utloisisa eng ka Bokreste?
6 Ka ho tšoarella Bibeleng le mohlaleng oa Kreste, Lipaki tsa Jehova li bontša hore li sebelisa borapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova. Li lemoha lerato la Molimo joalokaha le bonahalitsoe bophelong ba Jesu le sehlabelong sa hae. Li utloisisa hore lerato la ’nete la Bokreste le fella ka boena bo sa arohanngoeng lefatšeng ka bophara—bo phahamelang likarohano tsa bopolotiki, morabe, le bochaba. Ka mantsoe a mang, Bokreste hase feela ntho ea machaba; bo phahametse bochaba, bo tšela meeli ea lichaba, matla a lichaba, kapa lithahasello tsa lichaba. Bo talima morabe oa motho e le lelapa le le leng le nang le motsoali a le mong le le nang le ’Mōpi ea tšoanang, Jehova Molimo.—Liketso 17:24-28; Ba-Kolosse 3:9-11.
7 Le hoja malumeli a mang ’ohle a ile a ameha lintoeng—tsa ho bolaeana e le bana ba motho le ho bolaea ho akaretsang—Lipaki tsa Jehova li bontšitse hore li nka ka botebo boprofeta ba Esaia 2:4, bo qotsitsoeng pele. U ka ’na ua botsa, ‘Empa, Lipaki tsa Jehova li tsoa kae? Li sebetsa joang?’
Letoto le Lelelele la Lipaki tsa Molimo
8, 9. Molimo o fetiselitse memo efe ho moloko oa batho?
8 Lilemo tse ka holimo ho 2 700 tse fetileng, moprofeta Esaia le eena o ile a bolela memo e latelang: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”—Esaia 55:6, 7.
9 Makholo a lilemo hamorao, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a hlalosetsa Bagerike bao ba Athene ba neng ba “inehetse tšabong ea melimo [ea tšōmong]”: “’Me [Molimo] o entse ka motho a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, hore li ahe holim’a lefatše lohle, ’me o laetse linako tse beiloeng le meeli e beiloeng moo batho ba tla lula teng, hore ba batle Molimo, haeba ba ka o phopholetsa ’me ba fela ba o fumana, le hoja, ha e le hantle, o se hole le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:22-28, NW.
10. Re tseba joang hore Molimo o ne o se hōle le Adama le Eva le bana ba bona?
10 Ka sebele Molimo o ne o se hōle le libōpuoa tsa oona tsa batho Adama le Eva. O ne o bua le bona, o fetisetsa ho bona litaelo tsa oona le seo o se ratang. Ho feta moo, Molimo ha oa ka oa ipata ho bara ba bona Kaine le Abele. O ile oa eletsa Kaine ea tletseng lehloeo ha a ne a bontša mohono mabapi le sehlabelo sa ngoan’abo ho Molimo. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Kaine a fetole mofuta oa hae oa borapeli, o ile a bontša mona, leeme la bolumeli ’me a bolaea ngoan’abo Abele.—Genese 2:15-17; 3:8-24; 4:1-16.
11. (a) Poleloana “ho shoela tumelo” e bolela eng? (b) Abele o ile a fetoha moshoela-tumelo oa pele joang?
11 Abele, ka ho tšepahala ha hae ho Molimo le ho isa lefung, o ile a fetoha moshoela-tumelob oa pele. Hape e bile paki ea pele ea Jehova le selelekela sa letoto le lelelele la lipaki tse bolokang botšepehi ho theosa le histori eohle. Ka hona Pauluse o ne a ka re: “Ka tumelo, Abele o hlahisitse pel’a Molimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; ’me ka baka la eona o pakiloe hore o lokile, hobane Molimo o pakile lineo tsa hae; ’me leha a shoele, le joale o sa bua ka eona tumelo eo.”—Ba-Heberu 11:4.
12. Mehlala e meng ea lipaki tse tšepahalang tsa Jehova ke efe?
12 Lengolong lona leo le eang ho Ba-Heberu, Pauluse o thathamisa letoto la banna le basali ba tšepahalang, ba kang Noe, Abrahama, Sara, le Moshe, bao, ka tlaleho ea bona ea botšepehi, ba ileng ba bōpa ‘leru le leholo la lipaki [mar·tyʹron, ka Segerike]’ le sebelelitseng e le mehlala le khothatso bakeng sa ba bang ba batlang ho tseba le ho sebeletsa Molimo oa ’nete. E ne e le banna le basali ba neng ba e-na le kamano le Jehova Molimo. Ba ne ba ile ba mo batla ’me ba mo fumana.—Ba-Heberu 11:1–12:1.
13. (a) Ke hobane’ng ha Jesu e le setšoantšo se ipabotseng sa lerato la Molimo? (b) Ke ka tsela efe e khethehileng Jesu e leng mohlala ho balateli ba hae?
13 Paki e ipabotseng har’a tse joalo ke e hlalositsoeng bukeng ea Tšenolo, “Jesu Kreste, paki e tšepehang.” Jesu ke bopaki bo bong hape bo hlakileng ba lerato la Molimo, hobane joalokaha Johanne a ile a ngola: “Rōna re bone, hape re bile re lipaki tsa hobane Ntate o romile Mora oa hae, e tle e be ’Moloki oa lefatše. E mong le e mong ea bolelang hore Jesu ke Mora oa Molimo, Molimo o lutse ho eena, ’me le eena o lutse ho Molimo. ’Me rōna re tsebile, re bile re lumetse lerato leo Molimo o re ratang ka lona.” A tsoetsoe e le Mojode, Jesu e ne e le paki ea ’nete ’me o ile a shoa e le moshoela-tumelo ea tšepahetseng ho Ntat’ae, Jehova. Balateli ba ’nete ba Kreste ho theosa le mehla le bona ka ho tšoanang e ne e tla ba lipaki tsa hae le tsa Molimo oa ’nete, Jehova.—Tšenolo 1:5; 3:14; 1 Johanne 4:14-16; Esaia 43:10-12; Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8.
14. Ke potso efe eo joale e hlokang karabo?
14 Boprofeta ba Esaia bo ile ba bontša hore ho khutlela ho Molimo oa ’nete, Jehova, e ne e tla ba tšobotsi ea “mehleng ea bofelo,” kapa seo likarolo tse ling tsa Bibele li se bitsang ‘mehla ea qetello.’c Ka lebaka la ho se tšoane ha bolumeli le pherekano ea bona tseo re li hlalositseng bukeng ena, potso ea phahama: Ke bafe mehleng ee ea qetello eo re phelang ho eona ba seng ba batlile Molimo oa ’nete, ho o sebeletsa “ka moea le ka ’nete”? Ho araba potso eo, re tlameha hore pele re lebise tlhokomelo ea rōna liketsahalong tsa lekholo la lilemo la bo19.—Esaia 2:2-4; 2 Timothea 3:1-5; Johanne 4:23, 24.
Monna e Monyenyane o Batla Molimo
15. (a) Charles Taze Russell e ne e le mang? (b) Tse ling tsa lipelaelo tsa hae ka bolumeli e ne e le life?
15 Ka 1870 monna e monyenyane ea chesehang, Charles Taze Russell (1852-1916), o ile a qala ho botsa lipotso tse ngata ka lithuto tsa neano tsa Bokreste-’mōtoana. Bocheng ba hae, o ne a sebetsa lebenkeleng la ntat’ae la liaparo tsa banna le lintho tse tšesaane motseng o moholo oa khoebo oa Allegheny (eo hajoale e leng karolo ea Pittsburgh), Pennsylvania, U.S.A. Semelo sa hae sa bolumeli e ne e le sa Presbyteriene le Congregational. Leha ho le joalo, o ne a tšoentsoe maikutlo ke lithuto tse kang bokamoso boo motho a bo rereloang pele le tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele. Mabaka a hae a ho belaela lithuto tsee tsa motheo tsa a mang a malumeli a Bokreste-’mōtoana e ne e le afe? O ile a ngola: “Molimo o neng o ka sebelisa matla a oona ho bōpa batho bao o tsebileng pele ho nako le bao o ba reretseng pele ho nako hore ba lokela ho hlokofatsoa ka ho sa feleng, e ke ke eaba o bohlale, o na le toka kapa o lerato. Melao-motheo ea oona e ne e tla ba e ka tlaase ho ea batho ba bangata.”—Jeremia 7:31; 19:5; 32:35; 1 Johanne 4:8, 9.
16, 17. (a) Ke lithuto life tse ileng tsa khahla ka botebo sehlopha sa Russell sa thuto ea Bibele? (b) Ke ho se lumellane hofe ho hoholo ho ileng ha hlaha, ’me Russell o ile a araba joang?
16 A sa ntsane a le lilemong tse ka tlaase ho 20, Russell o ile a qala sehlopha sa ho ithuta Bibele sa beke le beke le banna ba bang ba banyenyane. Ba ile ba qala ho ithuta ka hloko lithuto tsa Bibele litabeng tse ling, tse kang ho se shoe ha moea esita le sehlabelo sa topollo sa Kreste le ho tla ha hae la bobeli. Ka 1877, a le lilemo li 25, Russell o ile a rekisa seabo sa hae khoebong ea ntat’ae e neng e atleha ’me a qala mosebetsi oa ho bolela ka nako eohle.
17 Ka 1878 Russell o ile a hanana ka matla le e mong oa bao a neng a sebelisana le bona, ea neng a ile a hana thuto ea hore lefu la Kreste e ne e ka ba pheko bakeng sa baetsalibe. Russell o ile a ngola ha a hanyetsa: “Kreste o finyelletse lintho tse molemo tse sa tšoaneng bakeng sa rōna ka lefu la hae le tsoho ea hae. E bile ea re emelang lefung; o shoele e le ea lokileng bakeng sa ba sa lokang—bohle ba ne ba sa loka. Ka mohau oa Molimo, Jesu Kreste o ile a latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong. . . . O ile a fetoha mong’ a poloko ea ka ho sa feleng ho bohle ba mo utloang.” O ile a tsoela pele: “Ho rekolla ke ho reka hape. Ke eng seo Kreste a ileng a se reka hape bakeng sa batho bohle? Bophelo. Bo ile ba re lahlehela ka ho se utloe ha Adama oa pele. Adama [Kreste] oa bobeli o ile a bo reka hape ka bophelo ba hae.”—Mareka 10:45; Ba-Roma 5:7, 8; 1 Johanne 2:2; 4:9, 10.
18. (a) Ke eng e ileng ea latela ho se lumellane ka topollo? (b) Liithuti tsa Bibele li ile tsa latela mohlala ofe mabapi le menehelo?
18 Kaha ka mehla e ne e le ’muelli ea sa thekeseleng oa thuto ea topollo, Russell o ile a khaola maqhama le enoa eo a neng a ntse a sebetsa le eena. Ka Phupu 1879 Russell o ile a qala ho hatisa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, eo lefatšeng ka bophara e tsejoang kajeno e le Molula-Qhooa—O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Ka 1881 eena, hammoho le Bakreste ba bang ba inehetseng, ba ile ba thea mokhatlo oa Bibele o sa etseng phaello. O ile oa bitsoa Zion’s Watch Tower Tract Society, kajeno o tsejoa e le Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, kofuto ea molao e sebetsang lebitsong la Lipaki tsa Jehova. Ho tloha qalong feela, Russell o ile a hatella hore ho ne ho ke ke ha e-ba le likoleke tse tla nkoa libokeng tsa phutheho kapa menehelo e tla qeloa ka likhatiso tsa Watch Tower. Batho ba ileng ba ikopanya le Russell boithutong bo tebileng ba Bibele ba ile ba tsejoa ka bonolo feela e le Liithuti tsa Bibele.
Ho Khutlela ’Neteng ea Bibele
19. Ke lithuto life tsa Bokreste-’mōtoana tse ileng tsa hanoa ke Liithuti tsa Bibele?
19 Ka lebaka la ho ithuta ha bona Bibele, Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hana lithuto tsa Bokreste-’mōtoana tsa “Boraro-bo-bong bo Halalelang ka ho Fetisisa” ba mohlolo, moea oa motho oo ho neng ho boleloa hore o futsa ho se shoe, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele. Hape ba ile ba hana hore hoa hlokahala hore ho be le sehlopha se arohileng sa baruti ba koetlisitsoeng liseminaring. Ba ne ba batla ho khutlela moo Bokreste bo simolohileng teng ka boikokobetso, ka baholo ba tšoanelehang moeeng ba neng ba tla etella liphutheho pele ba sa nahane letho ka ho lefshoa moputso kapa ho buseletsoa letho bakeng sa mosebetsi oa bona.—1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9.
20. Liithuti tseo tsa Bibele li ile tsa sibolla eng mabapi le pa·rou·siʹa ea Kreste le 1914?
20 Phuputsong ea tsona ea Lentsoe la Molimo, Liithuti tseo tsa Bibele li ne li thahasella ka matla boprofeta ba Mangolo a Bokreste a Segerike bo amanang le “ho fela ha lefatše” le “ho tla” ha Kreste. (Mattheu 24:3) Ka ho ea mangolong a Segerike, ba ile ba sibolla hore “ho tla” ha Kreste haele hantle e ne e le “pa·rou·siʹa,” kapa boteng bo sa bonahaleng. Ka baka leo, Kreste o ne a neile barutuoa ba hae boitsebiso ka bopaki ba boteng ba hae bo sa bonahaleng nakong ea bofelo, eseng ba hore o tla tla ka moso a bonahala. Ntle ho boithuti bona, liithuti tseo tsa Bibele li ne li e-na le takatso e matla ea ho utloisisa linako tsa Bibele tse amanang le boteng ba Kreste. Ba sa utloisise lintlha tsohle, Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlokomela hore 1914 e ne e tla ba selemo sa bohlokoa historing ea batho.—Mattheu 24:3-22; Luka 21:7-33.
21. Russell le balumeli-’moho le eena ba ile ba utloa boikarabelo bofe?
21 Russell o ile a tseba hore mosebetsi o moholo oa ho bolela o ne o lokela ho etsoa. O ne a elelloa mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ke Mattheu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Liithuti tseo tsa Bibele tsa pele ho 1914 li ne li utloisisa hore mosebetsi oa tsona o potlakile. Li ne li lumela hore mosebetsi oa tsona oa ho bolela o ne o tla fella ka selemo seo, ’me ka baka leo li ne li ikutloa hore li lokela ho sebelisa boiteko bohle ho thusa ba bang ho tseba “Evangeli ena ea ’muso.” Qetellong, lithuto tsa C. T. Russell tsa Bibele li ne li hatisoa likoranteng tse likete ho pota lefatše.
Liteko le Liphetoho
22-24. (a) Boikutlo ba Liithuti tsa Bibele tse ngata e bile bofe ha C. T. Russell a e-shoa? (b) Ke mang ea ileng a hlahlama Russell e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower?
22 Ka 1916, ha a le lilemo li 64, Charles Taze Russell o ile a shoa ka tšohanyetso a le leetong la ho bolela ho haola le United States. E be joale ho ne ho tla etsahala joang ka Liithuti tsa Bibele? Na li ne li tla emisa mosebetsi joalokaha eka li ne li latetse motho feela tjee? Li ne li tla talimana joang le liteko tsa Ntoa ea I ea Lefatše (1914-18) eo United States e neng e tla tloha e kenya letsoho lipolaong tsa eona?
23 Boitšoaro ba Liithuti tsa Bibele tse ngata bo ile ba bonahatsoa hantle ke mantsoe a W. E. Van Amburgh, e mong oa basebeletsi ba baholo ba Mokhatlo oa Watch Tower: “Mosebetsi ona o moholo oa lefatše ka bophara hase mosebetsi oa motho a le mong. O moholo haholo hore e ka ba oa motho a le mong. Ke mosebetsi oa Molimo ’me ha o fetohe. Molimo o ile oa sebelisa bahlanka ba bangata nakong e fetileng ’me ha ho pelaelo hore O tla sebelisa ba bangata nakong e tlang. Boinehelo ba rōna ha bo ho motho, kapa mosebetsing oa motho, empa bo ho etseng thato ea Molimo, joalokaha O tla re senolela eona ka Lentsoe la Oona le ka ketello pele ea oona ea bomolimo. Molimo o sa ntsane o le ka pele-pele.”—1 Ba-Korinthe 3:3-9.
24 Ka Pherekhong 1917 ho ile ha khethoa Joseph F. Rutherford oa ’muelli oa molao le eo e neng e le seithuti se seli sa Bibele hore e be mookameli oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower. O ne a e-na le botho bo sefutho ’me a sa tšosoe habonolo. O ne a tseba hore ’Muso oa Molimo o lokela ho boleloa.—Mareka 13:10.
Cheseho e Nchafalitsoeng le Lebitso le Lecha
25. Liithuti tsa Bibele li ile tsa arabela joang phephetsong ea lilemo tsa ka morao ho ntoa ea pele ea lefatše?
25 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlophisa likopano United States ka 1919 le ka 1922. Ka morao ho mahloriso a Ntoa ea I ea Lefatše United States, ka nako eo e ile ea ka ke Pentekonta e ’ngoe bakeng sa Liithuti tseo tsa Bibele tse likete tse seng kae. (Liketso 2:1-4) Ho e-na le ho inehela tšabong ea motho, li ile tsa nka ka matla a maholoanyane pitso ea Bibele ea hore li tsoe li e’o bolela lichabeng. Ka 1919 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlahisa makasine oo e neng e tla ba motsoalle oa Molula-Qhooa o neng o bitsoa The Golden Age, oo lefatšeng ka bophara kajeno o tsejoang e le Tsoha! Ona o sebelelitse e le kofuto e matla ho tsosa batho hore ba falimehele bohlokoa ba linako tseo re phelang ho tsona le ho haha tšepo tšepisong ea ’Mōpi ea lefatše le lecha le nang le khotso.
26. (a) Ke boikarabelo bofe boo Liithuti tsa Bibele li ileng tsa bo hatisa haholoanyane? (b) Ke kutloisiso efe e hlakileng haholoanyane ea Bibele eo Liithuti tsa Bibele li ileng tsa e fumana?
26 Ka bo-1920 le bo-1930, Liithuti tsa Bibele li ile tsa beha khatiso e eketsehileng mokhoeng oa ho bolela oa Bakreste ba pele—ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Molumeli e mong le e mong o ne a e-na le boikarabelo ba ho paka ho batho ba bangata kamoo a ka khonang mabapi le puso ea ’Muso ea Kreste. Li ile tsa qala ho bona ka ho hlaka ka Bibele hore tseko e khōlō e ka pel’a moloko oa batho e ne e le ea bobusi ba bokahohle le hore e ne e tla rarolloa ka hore Jehova Molimo a robokele Satane le mesebetsi eohle ea hae ea tšenyo lefatšeng. (Ba-Roma 16:20; Tšenolo 11:17, 18) Har’a khang ena, ho ile ha ananeloa hore poloko ea motho e ne e nka sebaka sa bobeli ho ho phahamisoa ha Molimo e le ’Musi ea loketseng. Ka baka leo, ho ne ho tla lokela hore ho be le lipaki tse tšepahalang lefatšeng tse utloisisang ho pakela merero ea Molimo le bophahamo ba oona. Tlhokahalo ee e ile ea phethisetsoa se hlokahalang joang?—Jobo 1:6-12; Johanne 8:44; 1 Johanne 5:19, 20.
27. (a) Ke ketsahalo efe ea bohlokoa e ileng ea etsahala ka 1931? (b) Tse ling tsa litumelo tse khethehileng tsa Lipaki ke life?
27 Ka Phupu 1931, Liithuti tsa Bibele li ile tsa tšoara kopano Columbus, Ohio, eo ho eona ba likete ba neng ba le teng ba ileng ba amohela qeto. Qetong ena ba ile ba amohela ka thabo “lebitso leo molomo oa Morena Molimo o le khethileng,” ’me ba re: “Re lakatsa ho tsejoa ka lebitso, ‘lipaki tsa Jehova’ le ho bitsoa ka lona.” Ho tloha nakong eo, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ha li tsejoe feela ka litumelo tsa tsona tse khethehileng empa hape li tsejoa ka tšebeletso ea tsona e chesehang ea ntlo le ntlo le ea seterateng. (Bona se maqepheng a 356-7.)—Esaia 43:10-12; Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8.
28. Ke kutloisiso efe e hlakileng haholoanyane eo Lipaki li ileng tsa e fumana ka 1935 mabapi le puso ea ’Muso?
28 Ka 1935 Lipaki li ile tsa fihlela kutloisiso e hlakileng haholoanyane ka sehlopha sa ’Muso sa leholimo se tla busa le Kreste le ka bafo ba sona ba lefatšeng. Li ne li se ntse li tseba hore palo ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba bilelitsoeng ho ea busa le Kreste ba le maholimong e ne e tla ba 144 000 feela. Kahoo, tšepo ea batho ba bang bohle e ne e tla ba eng? ’Muso o hloka bafo ho bontša hore o na le tokelo ea ho ba teng. Puso ena ea leholimo, kapa ’Muso, hape e ne e tla ba le bafo ba ikokobelitseng ba limillione mona lefatšeng. Bana e ne e tla ba “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” bo hooang: “Poloko ke ea Molimo oa rōna [Jehova], o lutseng teroneng, le ea Konyana [Kreste Jesu].”—Tšenolo 7:4, 9, 10; 14:1-3; Ba-Roma 8:16, 17.
29. Ke phephetso efe eo Lipaki li ileng tsa e lemoha ’me tsa e amohela?
29 Kutloisiso ena ea bongata bo boholo e ile ea thusa Lipaki tsa Jehova ho bona hore ka pel’a tsona li na le phephetso e boima—ho fumana le ho ruta limillione tseo tsohle tse neng li ntse li batla Molimo oa ’nete le tse neng li tla bōpa “bongata bo boholo.” E ne e tla akarelletsa letšolo la machaba la ho ruta. E ne e tla hloka libui tse koetlisitsoeng le basebeletsi ba koetlisitsoeng. Ho ne ho tla hlokahala likolo. Sena sohle se ile sa bonoa ka mahlo a kelello ke mookameli ea neng a tla latela oa Mokhatlo oa Watch Tower.
Ho Batla Babatli ba Molimo Lefatšeng ka Bophara
30. Ke liketsahalo life tsa bo-1930 le bo-1940 tse ileng tsa ama Lipaki?
30 Ka 1931 ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaase ho 50 000 linaheng tse ka tlaase ho 50. Liketsahalo tsa bo-1930 le bo-1940 li ile tsa thatafatsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela. Nakong ena ho ile ha bonahala ho phahama ha Bofasista le Bonazi le ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše. Ka 1942 J. F. Rutherford o ile a shoa. Mokhatlo oa Watch Tower o ne o tla hloka boeta-pele bo matla e le hore o fane ka matla a eketsehileng boboleling ba Lipaki tsa Jehova.
31. Ke eng e ileng ea qala ho sebetsa ka 1943 ho atolosa ho boleloa ha litaba tse molemo?
31 Ka 1942, Nathan H. Knorr o ile a khetheloa ho ba mookameli oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower, a le lilemo li 36. E ne e le mohlophisi ea sehlahlo ea lemohang ka mokhoa o hlakileng hore na ho hlokahala eng ho ntšetsa pele ho boleloa ha litaba tse molemo lefatšeng lohle ka potlako ka moo ho ka khonehang, le hoja lichaba li ne li sa ntsane li kene khohlanong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka lebaka leo, ka potlako o ile a sebelisa leqheka la sekolo sa ho koetlisa baromuoa, se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.d Liithuti tsa pele tse lekholo, kaofela e le basebeletsi ba nako e tletseng, li ile tsa ngolisa ka Pherekhong 1943. Li ile tsa ithuta ka matla Bibele le litaba tse amanang le bosebeletsi ka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng pele li romeloa likabelong tsa tsona, haholo-holo linaheng lisele. Ho fihlela ka 1990, lihlopha tse 89 li phethile lenaneo la thuto, ’me basebeletsi ba likete ba tsoile Gileade ho ea sebeletsa lefatšeng lohle.
32. Ke tsoelopele efe e entsoeng ke Lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1943?
32 Ka 1943 ho ne ho le teng Lipaki tse 126 329 feela tse bolelang linaheng tse 54. Ho sa tsotellehe khanyetso e sehlōhō e tsoang ho Manazi, Mafasista, Makomonisi, le Tšusumetso ea K’hatholike hammoho le e neng e e-tsoa ho seo ho neng ho thoe ke puso ea lentsoe la sechaba nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li ne li finyelletse tlhōrō ea baboleli ba ’Muso ba ka holimo ho 176 000 ka 1946. Lilemo tse mashome a mane a metso e mene hamorao, ho ne ho e-na le ba mafolo-folo ba ka bang limillione tse ’nè linaheng, lihleke-hlekeng, le libakeng tse ling tse fetang 200. Ha ho pelaelo hore ho tsebahala ha tsona ho hlakileng ka lebitso le ketso le hona ho sebelelitse ho li tsebahatsa lefatšeng ka bophara. Empa ho ’nile ha ameha lintlha tse ling tse susumelitseng haholo ho beha ha tsona.—Zakaria 4:6.
Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Rutang Bibele
33. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li e-na le Liholo tsa ’Muso?
33 Lipaki tsa Jehova li tšoara liboka tsa beke le beke tsa ho ithuta Bibele Liholong tsa ’Muso tsa tsona tse sebeletsang liphutheho tse fetang 60 000 lefatšeng lohle. Liboka tsena ha lia theoa mekhoeng kapa ho nkeheng maikutlo empa li theiloe ho fumaneng tsebo e nepahetseng ka Molimo, Lentsoe la oona, le merero ea oona. Ka baka leo, Lipaki tsa Jehova li phutheha hammoho ka makhetlo a mararo ka beke ho eketsa kutloisiso ea tsona ea Bibele le ho ithuta hore na li ka bolela le ho ruta ba bang molaetsa oa eona joang.—Ba-Roma 12:1, 2; Ba-Filippi 1:9-11; Ba-Heberu 10:24, 25.
34. Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke ofe?
34 Ka mohlala, seboka sa har’a beke se akarelletsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, seo ho sona litho tsa phutheho li ka ngolisang. Sekolo sena, se okameloang ke moholo oa Mokreste ea tšoanelehang, se sebeletsa ho koetlisa banna, basali, le bana tsebong ea ho ruta le ho itlhalosa tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Moapostola Pauluse o ile a bolela: “Polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong.” Libokeng tsa bona tsa Bokreste, Lipaki li boetse li ithuta kamoo li ka bolelang molaetsa oa ’Muso “ka mosa le ka hlompho.”—Ba-Kolosse 4:6; 1 Petrose 3:15.
35. Tse ling tsa liboka tse tšoaroang ke Lipaki ke life, ’me melemo ea tsona ke efe?
35 Ka letsatsi lesele hape, Lipaki li boetse li phutheha bakeng sa puo ea Bibele ea metsotso e 45 e lateloang ke puisano (e etsoang ka lipotso le likarabo) ea phutheho ea hora e le ’ngoe ea sehlooho sa Bibele se amanang le thuto ea Bokreste kapa boitšoaro. Litho tsa phutheho li lokolohile ho kopanela. Selemo se seng le se seng Lipaki li boetse li ba teng libokeng tse tharo tse khōlō, likopano tse nyenyane le tse khōlō tsa letsatsi le le leng ho isa ho a mane, moo ba likete ba atisang ho bokana ho mamela lipuo tsa Bibele. Ka lebaka la liboka tsena le tse ling tse sa lefelloeng, Paki ka ’ngoe e tebisa tsebo ea eona ea litšepiso tsa Molimo bakeng sa lefatše lena le moloko oa batho hammoho le ho phaella ho fumaneng thuto e babatsehang boitšoarong ba Bokreste. E mong le e mong o huleloa haufi le Molimo oa ’nete, Jehova, ka ho latela lithuto tsa Jesu Kreste le mohlala oa hae.—Johanne 6:44, 65; 17:3; 1 Petrose 1:15, 16.
Lipaki li Hlophisoa Joang?
36. (a) Na Lipaki li na le sehlopha sa baruti se lefshoang? (b) Joale ke bafe ba nkang ketello pele ka phuthehong?
36 Ka ho utloahalang, haeba Lipaki tsa Jehova li tšoara liboka ’me li hlophisetsoa ho bolela, li tlameha ho ba le e mong ea etellang pele. Leha ho le joalo, ha li na sehlopha sa baruti se lefshoang leha e le hore li na le moeta-pele ea nang le matla a mohlolo ea boemong bo phahameng. (Mattheu 23:10) Jesu o itse: “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8; Liketso 8:18-21) Phuthehong ka ’ngoe, ho na le baholo ba tšoanelehang moeeng le bahlanka ba sebeletsang, bao ba bangata ho bona ba sebetsang mesebetsi ea boipheliso ba bile ba hlokomela le malapa, bao ka boithaopo ba etellang pele ho ruta le ho tsamaisa phutheho. Ona ka nepo ke mohlala o ileng oa beoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.—Liketso 20:17; Ba-Filippi 1:1; 1 Timothea 3:1-10, 12, 13.
37. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoa joang?
37 Baholo baa le bahlanka ba sebeletsang ba khethoa joang? Ba khethoa tlas’a tsamaiso ea sehlopha se busang sa baholo ba tlotsitsoeng ba tsoang linaheng tse fapa-fapaneng bao mosebetsi oa bona o tšoanang le oa sehlopha sa baapostola le baholo ba neng ba le Jerusalema ba neng ba nkile ketello pele phuthehong ea pele ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Joalokaha re bone ho Khaolo 11, ha ho moapostola lea mong ea neng a phahametse ba bang. Liqeto tsa bona ba ne ba li fihlela e le sehlopha, ’me liqeto tsena li ne li hlompshoa ke liphutheho tse neng li hasane lefatšeng lohle la Roma ea boholo-holo.—Liketso 15:4-6, 22, 23, 30, 31.
38. Sehlopha se Busang se sebetsa joang?
38 Tokisetso e tšoanang e sebetsa ho Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kajeno. Se tšoara liboka tsa beke le beke ntlo-kholo ea sona ea lefatše e Brooklyn, New York, e be joale litaelo li romeloa ho tsoa moo ho ea ho Likomiti tsa Makala tse teng ho pota lefatše tse laolang tšebetso ea bosebeletsi naheng ka ’ngoe. Ka ho latela mohlala oa Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khona ho akaretsa likarolo tse khōlō tsa lefatše ka boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Mosebetsi oo o tsoela pele lefatšeng lohle.—Mattheu 10:23; 1 Ba-Korinthe 15:58.
Ho Khobokana ho Molimo oa ’Nete
39. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki li sa jele paate litsekong tsa bopolotiki? (b) Lipaki li ’nile tsa atleha joang tlas’a thibelo?
39 Lekholong la lilemo la bo20, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa atleha ho pota lefatše lohle. Sena e bile ’nete esita le linaheng tseo ho tsona li neng li thibetsoe kapa li haneloa ho sebetsa. Lithibelo tsena li ne li beiloe haholo-holo ke mebuso e ileng ea hlōleha ho utloisisa boemo ba ho se jele paate ba Lipaki tsa Jehova mabapi le botšepehi ba bopolotiki le ba bochaba ba lefatše lena. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 347.) Leha ho le joalo, linaheng tse joalo, batho ba mashome a likete ba ’nile ba retelehela ’Musong oa Molimo e le oona tšepo feela ea ’nete bakeng sa khotso le tšireletseho bakeng sa moloko oa batho. Ho ’nile ha fanoa ka bopaki bo boholo lichabeng tse ngata, ’me hona joale ho na le Lipaki tse limillione tse mafolo-folo hohle.—Bona chate, leqepheng la 361.
40, 41. (a) Lipaki tsa Jehova joale li letetse eng? (b) Ke potso efe e sa ntsaneng e tlameha ho arabjoa?
40 Ka lerato la tsona la Bokreste le tšepo ea tsona ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” nakong e tlang e haufi Lipaki tsa Jehova li lebelletse liketsahalo tse sisinyang lefatše tse tla tloha li felisa ho hloka toka hohle, tšenyeho eohle, le ho se loke hohle lefatšeng lena. Ka lebaka leo li tla tsoela pele ho etela baahelani ba tsona ka boiteko bo tiileng ba ho tlisa ba lipelo li tšepahalang haufi le Molimo oa ’nete, Jehova.—Tšenolo 21:1-4; Mareka 13:10; Ba-Roma 10:11-15.
41 Khabareng, ho latela boprofeta ba Bibele, bokamoso bo na le eng bakeng sa moloko oa batho, bolumeli, le lefatše lee le silafetseng? Khaolo ea rōna ea ho qetela e tla araba potso eo ea bohlokoa.—Esaia 65:17-25; 2 Petrose 3:11-14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelo ena e qetellang e fumanoa “Leboteng la Esaia” ka pele ho mehaho ea Machaba a Kopaneng hammoho le seemahaleng se lirapeng tsa Machaba a Kopaneng, ’me haele hantle, phethahatso ea eona ke e ’ngoe ea lipakane tsa Machaba a Kopaneng.
b Lentsoe la Segerike marʹtyr, leo ho lona ho tsoang lentsoe la Senyesemane “martyr [moshoela-tumelo]” (“ea beang bopaki ka lefu la hae,” An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine), haele hantle le bolela “paki,” (“ea tiisang, kapa ea ka tiisang, seo eena ka boeena a se boneng kapa a se utloileng kapa a se tsebang ka mokhoa leha e le ofe,” A Greek-English Lexicon of the New Testament, ea J. H. Thayer).
c Bakeng sa puisano e qaqileng ea ‘mehla ea qetello,’ bona U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1982, khaolo 18.
d Gileade, e nkiloeng ho Gal·ʽedhʹ ka Seheberu, e bolela “Mokolokotoane oa bopaki.” Bona le Insight on the Scriptures, Moqolo 1, maqephe 882, 942.—Genese 31:47-49.
[Lebokose le leqepheng la 347]
Ho se Jele Paate ha Bokreste Roma ea Bohetene
Tumellanong le melao-motheo ea lerato le khotso eo Jesu a ileng a e ruta, le motheong oa boithuto ba bona ba botho ba Lentsoe la Molimo, Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba kopanela lintoeng kapa ho ikoetlisetsa tsona. Jesu o ne a itse: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Johanne 18:36.
Esale pele ka 295 C.E., Maximilianus oa Theveste, mora oa lesole la khale la Moroma, o ile a biletsoa tšebeletsong ea sesole. Ha ’musisi a mo botsa lebitso la hae, o ile a arabela: “Ebe lebaka leo u batlang ho tseba lebitso la ka ka lona ke lefe? Ka lebaka la letsoalo la bolumeli ke hanana le tšebeletso ea sesole: Ke Mokreste. . . . Nke ke ka sebeletsa sesoleng; nke ke ka siteloa letsoalo la ka.” ’Musisi o ile a mo lemosa hore o ne a tla lahleheloa ke bophelo ba hae haeba a sa mamele. “Nke ke ka sebeletsa sesoleng. U ka ’na ua mpoma hlooho, empa nke ke ka sebeletsa mebuso ea Lefatše Lena; Ke tla sebeletsa Molimo oa ka.”—An Historian’s Approach to Religion, ea Arnold Toynbee.
Mehleng ea kajeno boithuto ba botho ba Bibele bo ’nile ba khannela Lipaki ka bomong tsa Jehova lefatšeng ka bophara ho latela letsoalo la tsona hore li nke boemo bo tšoanang. Linaheng tse ling, tse ngata tsa tsona li ile tsa lefa theko e phahameng, haholo-holo Jeremane ea Bonazi, moo tse ngata li ileng tsa thunngoa, tsa fanyehoa, le ho pongoa lihlooho nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Empa bonngoe ba tsona ba lefatše ka bophara, bo theiloeng leratong la Bokreste, ha ho mohla bo kileng ba senngoa. Ha ho lea mong ea kileng a shoa ntoeng a bolaoa ke letsoho la e mong oa Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Mohlomong histori ea lefatše e ka be e bile kahosele hakaakang hoja e mong le e mong ea neng a ipolela hore ke Mokreste a ne a ile a phela ka molao oa Kreste oa lerato!—Ba-Roma 13:8-10; 1 Petrose 5:8, 9.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 356, 357]
Seo Lipaki tsa Jehova li se Lumelang
Potso: Moea (soul, ka Senyesemane) ke eng?
Karabo: Ka Bibeleng moea ona [neʹphesh, ka Seheberu; psy·kheʹ, ka Segerike; soul, ka Senyesemane) ke motho kapa phoofolo kapa bophelo bo thabeloang ke motho kapa phoofolo.
“Eaba Molimo o tsoela pele o re: ‘Lefatše le ke le hlahise meea e phelang ka mefuta ea eona, liphoofolo tsa hae le liphoofolo tse tsamaeang le liphoofolo tse hlaha tsa lefatše ho ea ka mefuta ea tsona.’ Eaba Jehova Molimo o tsoela pele ho etsa motho ka lerōle le tsoang mobung le ho bululela masobeng a linko tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.”—Genese 1:24, NW; 2:7, NW.
Liphoofolo le motho KE meea e phelang. Moea hase ntho e ’ngoe e nang le bophelo bo arohileng. O ka shoa ’me o hlile oa shoa. “Bonang, meea eohle ke ea ka; moea oa ngoana le moea oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.
Potso: Na Molimo ke Boraro-bo-bong?
Karabo: Lipaki tsa Jehova li lumela hore Jehova ke Morena ’Musi eo ho seng ea lekanang le eena oa bokahohle. “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.” (Deuteronoma 6:4) Kreste Jesu ha e le Lentsoe e ne e le sebōpuoa sa moea (spirit, ka Senyesemane) ’me o ile a tla lefatšeng ka lebaka la ho ikokobeletsa thato ea Ntat’ae. O tlas’a Jehova. “Etlare ha tsohle li beiloe ka tlas’a hae [Kreste,] ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.”—1 Ba-Korinthe 15:28; bona le Mattheu 24:36; Mareka 12:29; Johanne 1:1-3, 14-18; Ba-Kolosse 1:15-20.
Moea o halalelang ke matla a sebetsang a Molimo, kapa matla ketsong, e seng motho.—Liketso 2:1-4, 17, 18.
Potso: Na Lipaki tsa Jehova li rapela litšoantšo kapa hona ho li hlompha?
Karabo: Lipaki tsa Jehova ha li sebelise mofuta leha e le ofe oa borapeli ba litšoantšo, e-bang bo amana le litšoantšo tse rapeloang, batho, kapa mekhatlo.
“Rea tseba hore setšoantšo hase letho lefatšeng, le hore ha ho Molimo o mong, ha e se o le mong feela. Hobane leha ho le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata—leha ho le joalo, ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna, e leng oo tsohle li tsoang ho oona, oo re leng ho oona; ’me re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle li entsoeng ka eena, le rōna re leng ka eena.”—1 Ba-Korinthe 8:4-6; bona le Pesaleme ea 135:15-18.
Potso: Na Lipaki tsa Jehova li keteka ’Misa kapa ho amohela Sakaramente?
Karabo: Lipaki tsa Jehova ha li lumele hore veine le bohobe tse sebelisoang ’Miseng li fetoha nama le mali a Jesu tsa sebele, thuto ea Roma e K’hatholike. Li keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka letsatsi le lumellanang le Nisane 14 ea Sejode (ka tloaelo ka Tlhakubele kapa ’Mesa) e le boikhopotso ba selemo le selemo ba lefu la Kreste. Sebokeng sena li fetisa ka har’a phutheho bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu tšoantšetsong ea ’mele oa Kreste o se nang sebe le mali a sehlabelo. Ke feela ba nang le tšepo ea ho busa le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo ba kopanelang ho ja litšoantšetso tsena.—Mareka 14:22-26; Luka 22:29; 1 Ba-Korinthe 11:23-26; Tšenolo 14:1-5.e
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Bakeng sa puisano e tsoelang pele ea taba ena, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1986, maqephe 308-312; 401-404.
[Litšoantšo]
Lipaki tsa Jehova li kopana ka mehla Liholong tsa ’Muso bakeng sa ho ithuta Bibele
Liholo tsa ’Muso: Ichihara City, Japane (leqepheng le fetileng), le Boituva, Brazil
[Chate e leqepheng la 361]
Linaha Tse Ling Tseo Lipaki li Bolelang ho Tsona
AC,NahaLipaki tse Mafolo-folo
Argentina 79 000
Australia 51 000
Brazil 267 000
Britain 117 000
Canada 98 000
Colombia 42 000
El Salvador 18 000
Finland 17 000
France 109 000
Germany, F. R. 129 000
Greece 24 000
Hungary 10 000
India 9 000
Italy 172 000
Japane 138 000
Korea 57 000
Lebanon 2 500
Mexico 277 000
Nigeria 137 000
Philippines 102 000
Poland 91 000
Portugal 36 000
Puerto Rico 24 000
South Africa 46 000
Spain 78 000
U.S.A. 818 000
Venezuela 47 000
Zambia 72 000
36 tlas’a thibelo 220 000
Lipalo Lefatšeng ka 1989 Liphutheho tse 60 192 Lipaki tse 3 787 000
[Litšoantšo tse leqepheng la 346]
Seemahale sa Machaba a Kopaneng se re: “Re tla tea marumo a rōna mehoma”; “Lebota la Esaia” le na le temana ena ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 351]
Lipaki tsa Jehova li lumela sehlabelong sa topollo sa Kreste bakeng sa libe tsa moloko oa batho
[Litšoantšo tse leqepheng la 363]
Liholo tsa Kopano tsa Lipaki tsa Jehova: Setšoantšo se nkiloeng moeeng sa holo e East Pennines, England
Holo ea Kopano, Fort Lauderdale, Florida, U.S.A., e sebelisetsoang mananeo a Senyesemane, Spanishe, le Sefora
[Litšoantšo tse leqepheng la 364]
Ntlo-kholo ea Lefatše ea Mokhatlo oa Watch Tower, Brooklyn, New York; (ho tloha ka holimo ka letsohong le letšehali) liofisi, lifektheri, le matlo a bolulo (li toalalitsoe)
[Litšoantšo tse leqepheng la 365]
Liofisi tsa Makala tsa Watch Tower (ho tloha ka holimo ka letsohong le letšehali) Afrika Boroa, Spain, le New Zealand