Khaolo 16
Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao
“Bokahohlenng bona ba mohlolo, ho na le ntho e le ’ngoe eo Motho a ka e tiisang. Ka sebele motho ka boeena hase boleng bo teng bo boholo ka ho fetisisa ba moea Bokahohleng. . . . Bokahohleng ho na le boleng bo boholo moeeng ho feta Motho ka boeena. . . . Pakane ea motho ke ho batla botsoalle bo haufi le boleng bona bo susumetsang liketsahalo, le ho bo batla ka sepheo sa hore a be tumellanong le motho enoa ea phethahetseng oa moea.” —An Historian’s Approach to Religion, ea Arnold Toynbee.
1. (Akarelletsa le kenyelletso.) (a) Rahistori Toynbee o ile a hlokomela eng ka motho le bokahohle? (b) Bibele e tsebahatsa ‘motho ea phethahetseng oa moea’ joang?
KAROLONG e khōlō ea lilemo tse fetileng tse likete tse tšeletseng, moloko oa batho o ’nile oa batla, ka cheseho e khōlō kapa e nyenyane hore o fumane “motho enoa ea phethahetseng oa moea.” Bolumeli bo bong le bo bong bo boholo bo abetse motho eo lebitso le fapaneng. Ho itšetlehile ka hore na e be bolumeli ba hao ke bofe—Bohindu, Bomosleme, Bobuddha, Boshinto, Boconfucius, Botao, Bojode, Bokreste, kapa leha e le bofe bo bong—u na le lebitso bakeng sa “motho enoa ea phethahetseng oa moea.” Empa Bibele e abela motho enoa lebitso, hore na ke motho mong, le botho—Jehova, Molimo o phelang. Molimo oo o khethehileng o ile oa re ho Cyruse e Moholo oa Persia: “Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong; ha ho Molimo, ha e se ’na; . . . Ke ’na ke entseng lefatše, ke bōpileng motho holim’a lona.”—Esaia 45:5, 12, 18; Pesaleme ea 68:19, 20.
Jehova—Molimo oa Boprofeta bo Tšepahalang
2. Haeba re batla ho ba le boitsebiso bo tšepahalang ka bokamoso, re lokela ho leba ho mang, hona hobane’ng?
2 Ho batla Molimo ha moloko oa batho ho fihla khutlong ha ho fihloa ho Jehova. Jehova o itšenotse e le Molimo oa boprofeta o ka bolelang qetello le qaleho. Ka moprofeta Esaia o ile a re: “Hopolang liketso tsa pele tse etsahetseng khale, hobane ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho ea joale ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela. . . . Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.”—Esaia 46:9-11; 55:10, 11.
3. (a) Ke liketsahalo life tseo re ka li bonang esale pele ka boprofeta ba Bibele? (b) Satane o entse eng ka ba sa lumelang, hona hobane’ng?
3 Kaha re na le Molimo o tšepahalang joalo oa boprofeta, re ka tseba hore na ke eng se tlang ho etsahalla tsamaiso ena ea lefatše ea malumeli a arohaneng. Hape re ka profeta se tla hlahela mekhatlo e matla ea lipolotiki eo ho bonahalang e laola qetello ea lefatše. Ho feta moo, re ka bolela esale pele hore na qetello e tla ba efe bakeng sa “molimo oa lefatše lena,” Satane, ea ‘foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang’ ka malumeli a mangata a tlositseng moloko oa batho ho Molimo oa ’nete, Jehova. Satane o entse mosebetsi oo oa ho foufatsa ka lebaka lefe? Hore ‘leseli la Evangeli ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo le tle le se ke la khanya.’—2 Ba-Korinthe 4:3, 4; 1 Johanne 5:19.
4. Ke lipotso life ka lefatše le bokamoso ba motho tse hlokang ho arabeloa?
4 Hape re ka tseba hore na ke eng se tlang ka morao ho liketsahalo tsena tse boletsoeng esale pele. E be qetellong lefatše le tla fumanoa le le boemong bofe? Le silafetse? Le senyehile? Meru ea lona e renngoe? kapa na lefatše le morabe oa motho le tla tsosolosoa? Joalokaha re tla bona, Bibele e arabela lipotso tsena kaofela. Empa a re qaleng ka ho lebisa tlhokomelo ea rōna liketsahalong tse tla tla haufinyane.
“Babylona e Moholo” oa Khetholloa
5. Johanne o ile a bona eng ponong?
5 Buka ea Bibele ea Tšenolo e ile ea senoleloa moapostola Johanne sehleke-hlekeng sa Patmose ka selemo sa 96 C.E. E tšoantšetsa ka mokhoa o hlakileng liketsahalo tse khōlō tse tla etsahala nakong ea bofelo, e leng nako eo, ho latela bopaki ba Bibele, moloko oa batho o ’nileng oa phela ho eona ho tloha ka 1914.a Litšoantšong tseo tse tšoantšetsang tseo Johanne a ileng a li bona ponong, se seng ke sa seotsoa se ikhabisitseng haholo le se phosumelang, se bitsoang “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” O ne a le boemong bofe? “Ka bona mosali eo a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.”—Tšenolo 17:5, 6.
6. Ke hobane’ng ha Babylona e Moholo e sa emele likarolo tse busang tsa lipolotiki tsa lefatše?
6 Mosali eo o emela mang? Ha rea siuoa lepala-paleng hore re nohe hore na ke mang. A ka senoloa ka mokhoa oo a tlang ho felisoa ka oona. Ponong eona eo, Johanne o utloa lengeloi le re: “Tlo, ke u bontše kahlolo ea seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi a mangata; seo marena a lefatše a febileng le sona, le ba ahileng lefatšeng ba tahiloeng ke veine ea bootsoa ba sona.” Haeba babusi, kapa marena, a lefatše a feba le eena, ho bolela hore seotsoa sena se ke ke sa emela karolo e busang ea lipolotiki ea lefatše.—Tšenolo 17:1, 2, 18.
7. (a) Ke hobane’ng ha Babylona e Moholo e sa emele likarolo tsa khoebo? (b) Babylona e Moholo e emela eng?
7 Tlaleho eona eo e re bolella hore “bahoebi ba tsamaeang ba lefatše ba fetohile barui ka lebaka la matla a menono ea hae ea ho hloka lihlong.” Ka lebaka leo Babylona e Moholo a ke ke a emela karolo ea khoebo, kapa ea “bahoebi,” ea lefatše. Leha ho le joalo, temana e bululetsoeng e re: “Metsi ao u a boneng, ao seotsoa se lutseng ho ’ona, ke merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” Ke karolo efe e ’ngoe e khōlō ea tsamaiso ea lefatše lee e salletseng e tšoanelang tlhaloso ea seotsoa sa tšoantšetso se febang le babusi ba lipolotiki, e keneng mosebetsing oa ho reka le ho rekisa ka thahasello ea khoebo, le e lutseng khanyeng holim’a batho, matšoele, lichaba, le lipuo? Ke bolumeli ba bohata ka mefuta e sa tšoaneng ea bona ea ho ikhakanya!—Tšenolo 17:15; 18:2, 3, NW.
8. Ke linnete life tse ling tse tiisang hore na Babylona e Moholo ke eng?
8 Ho khetholloa ha Babylona e Moholo ka tsela ena ho tiisoa ke hore lengeloi le matla le mo nyatsa ka lebaka la ‘boloi ba hae boo ka bona a thetsitseng lichaba tsohle.’ (Tšenolo 18:23, BPN) Mekhoa eohle ea boloi ke ea bolumeli ’me e bululetsoe ke bademona. (Deuteronoma 18:10-12) Kahoo, Babylona e Moholo o tlameha ho tšoantšetsa bolumeli. Bopaki ba Bibele bo bontša hore ke ’muso ’ohle oa Satane oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o ntšetsoang pele ke eena likelellong tsa batho ho tlosa tlhokomelo ho Molimo oa ’nete, Jehova.—Johanne 8:44-47; 2 Ba-Korinthe 11:13-15; Tšenolo 21:8; 22:15.
9. Ke likarolo life tse tloaelehileng tse fumanoang malumeling a mangata?
9 Joalokaha re bone bukeng ena kaofela, ho na le likarolo tse tšoanang tse kenelletseng motsoebereng ona o ferekaneng oa malumeli a lefatše. Malumeli a mangata a simolohile litšōmong. Hoo e ka bang kaofela ha ’ona a tlamahantsoe hammoho ke mofuta o itseng oa tumelo ho seo ho nahanoang hore ke moea oa motho o sa shoeng o pholohang lefu le o eang bophelong ba ka morao ho lefu kapa o kenang ho sebōpuoa se seng. A mangata a na le tšobotsi e tloaelehileng ea ho lumela hore ho na le sebaka se seng se tšosang le sa tlhokofatso le tlhoriso se bitsoang lihele. A mang a kopantsoe ke litumelo tsa bohetene ho melimo e meraro ho o le mong, lihlopha tsa boraro-bo-bong, le melimotsana ea bo-’mè. Ka baka leo, ho loketse hore kaofela a beoe tlas’a letšoao le le leng la seotsoa “Babylona e moholo.”—Tšenolo 17:5.
Ke Nako ea ho Baleha Bolumeling ba Bohata
10. Seotsoa sa bolumeli se profeteloa qetello efe?
10 Bibele e bolela esale pele hore qetello ea seotsoa see se kopetseng lefatše e tla ba efe? Ka puo e tšoantšetsang, buka ea Tšenolo e hlalosa ho timetsoa ha sona ke karolo ea lipolotiki. Karolo ena e tšoantšetsoa ka “linaka tse leshome” tse tšehetsang Machaba a Kopaneng, “sebata se ’mala oa sekarelata” seo e leng setšoantšo sa tsamaiso ea Satane ea lipolotiki e qaphalelitsoeng ke mali.—Tšenolo 16:2; 17:3-16.b
11. (a) Ke hobane’ng ha Molimo o nyatsa bolumeli ba bohata? (b) Babylona e Moholo o tla etsahalloa ke eng?
11 Ho timetsoa hona ha ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Satane e tla ba kahlolo e se nang mohau ea Molimo malumeling ana. A tla be a ile a fumanoa a le molato oa bofebe ba moea ka lebaka la ho kopanela le linyatsi tsa ’ona tse hatellang tsa bopolotiki le ka baka la ho li tšehetsa. Bolumeli ba bohata bo qaphalelitse liaparo tsa bona ka mali a se nang molato kaha ka ho rata linaha tsa habo bona bo tšehelitse lihlopha tse phahameng tse busang tsa sechaba se seng le se seng lintoeng tsa tsona. Ka baka leo, Jehova o kenya lipelong tsa karolo ea bopolotiki hore e phethe thato ea hae khahlanong le Babylona e Moholo le hore e e senye.—Tšenolo 17:16-18.
12. (a) U tlameha ho etsa eng hona joale hore u tle u bolokoe ha ho timetsoa Babylona? (b) Ke lithuto life tse khethollang bolumeli ba ’nete?
12 Kaha malumeli a lefatše a tjametsoe ke bokamoso bo joalo, u lokela ho etsa joang? Karabo e ho seo Johanne a ileng a utloa lentsoe le tsoang leholimong le se bolela: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” Ka baka leo, hona joale ke nako ea ho utloa taelo ea lengeloi ea ho tloha ’musong oa Satane oa bolumeli ba bohata le ho kopanela borapeling ba ’nete ba Jehova. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 377.)—Tšenolo 17:17; 18:4, 5; bapisa le Jeremia 2:34; 51:12, 13.
Harmagedone e Haufi
13. Ke liketsahalo life tse tla tloha li etsahala?
13 Tšenolo e bolela hore “likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo.” Ka lipontšo tsohle tsa boprofeta tsa Bibele, “tsatsi le le leng” leo, kapa nako e khutšoanyane ea kahlolo e potlakileng, le se le le haufi. Haele hantle, ho timetsoa ha Babylona e Moholo ho tla tlisa nako ea ‘mahlomola a maholo’ a tla fella ka ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle . . . Harmagedone.’ Ntoa eo ea Harmagedone e tla isa ho hlōloeng ha tsamaiso ea lipolotiki ea Satane le ho liheloeng ha hae sekoting. Lefatše le lecha la ho loka le tla qala.—Tšenolo 16:14-16; 18:7, 8; 21:1-4; Mattheu 24:20-22.
14, 15. Ke boprofeta bofe ba Bibele boo ho bonahalang bo le haufi le ho phethahala?
14 Boprofeta bo bong bo hlollang ba Bibele bo se bo le haufi le ho phethahala ka pel’a mahlo a rōna. Moapostola Pauluse o ile a profeta le ho lemosa: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa. Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, joale ka pelehi ha e hlahela moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.”—1 Ba-Thessalonika 5:1-3.
15 Ho bonahala eka lichaba tse neng li loantšana le ho belaellana joale li khannela ka bohlale boemong boo ho bona li tla khona ho phatlalatsa khotso le tšireletseho lefatšeng. Ka baka leo, ka lehlakoreng le leng, rea tseba hore letsatsi la kahlolo ea Jehova holim’a bolumeli ba bohata, lichaba le ’musi oa tsona, Satane, le haufi.—Sofonia 2:3; 3:8, 9; Tšenolo 20:1-3.
16. Ke hobane’ng ha keletso ea Johanne e loketse hakaale kajeno?
16 Ba limillione kajeno ba phela bophelo ba bona joalokaha eka lintho tse bonahalang ke tsa bohlokoa ba ka ho sa feleng le tse molemo. Leha ho le joalo, seo lefatše lena le bolileng le fanang ka sona ha sea teba ebile sea feta. Ke ka baka leo keletso ea Johanne e leng e loketseng hakana: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Na u ke ke ua ikhethela ho hlola ka ho sa feleng?—1 Johanne 2:15-17.
Lefatše le Lecha le Tšepisitsoeng
17. Bokamoso bo na le eng bakeng sa ba batlang Molimo oa ’nete?
17 Kaha Molimo o tla ahlola lefatše ka Kreste Jesu, ke eng se tla latela? Khale haholo, ka Mangolong a Seheberu, Molimo o ile oa profeta hore o ne o tla phethahatsa morero oa oona oa mathomo ho moloko oa batho o lefatšeng lena, e leng hore ho be le lelapa le utloang la motho le thabelang bophelo bo phethahetseng lefatšeng la paradeise. Boiteko ba Satane ba ho senya morero oo ha boa nyopisa tšepiso ea Molimo. Kahoo, Morena Davida o ne a ka ngola: “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; . . . Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Johanne 5:21-30.
18-20. Ke liphetoho life tse tla etsahala lefatšeng lee?
18 Lefatše le tla ba boemong bofe ka morao ho moo? Bo silafetseng ka ho felletseng? Boo ho bona le tla beng le chesitsoe? Meru ea lona e renngoe? Le hanyenyane! Tšimolohong Jehova o ne a rerile hore lefatše le lokela ho ba serapa sa paradeise se hloekileng, se leka-lekaneng. Monyetla oa sena o teng ho sa tsotellehe hore na motho o sebelisitse lefatše hampe hakae. Empa Jehova o tšepisitse hore o tla “senya ba senyang lefatše.” Boemo boo e kang bo tla senya lefatše bo bile teng feela lekholong la lilemo la bo20. Kahoo, ke lebaka le utloahalang haholoanyane ho lumela hore haufi Jehova o tla nka khato ho sireletsa thepa ea hae, pōpo ea hae.—Tšenolo 11:18; Genese 1:27, 28.
19 Phetoho ena e tla tloha e etsahala tlas’a tokisetso ea Molimo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha.” E ke ke ea bolela sepaka-paka se secha le planete e ncha, empa, ho e-na le hoo, e tla bolela puso e ncha ea moea holim’a lefatše le nchafalitsoeng le ahiloeng ke mokhatlo oa batho ba tsosolositsoeng. Lefatšeng leo le lecha, ho ke ke ha e-ba le sebaka sa hore batho le liphoofolo ba tlatlapuoe. Ho ke ke ha e-ba le pefo kapa tšollo ea mali. Ho ke ke ha e-ba le ba hlokang mahae, ba lapileng, le ba hatelletsoeng.—Tšenolo 21:1; 2 Petrose 3:13.
20 Lentsoe la Molimo lea bolela: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. . . . Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula joang joale ka khomo, lerōle e be lijo tsa noha; li ke ke tsa khathatsa, leha e le ho senya thabeng ea ka eohle e halalelang: ho bolela Jehova.”—Esaia 65:17-25.
Motheo oa Lefatše le Lecha
21. Ke hobane’ng ha e le ’nete hore lefatše le lecha le tla tla?
21 U ka ’na ua botsa, ‘See sohle se tla khoneha joang?’ Hobane, ‘Molimo o sa thetseng, o ile oa tšepisa khale’ hore moloko oa batho o ne o tla tsosolosoa ’me o be le bophelo bo sa feleng phethehong. Motheo oa tšepo ena ke oo moapostola Petrose a ileng a o bolela lengolong la hae la pele le neng le e-ea ho balumeli-’moho le eena ba tlotsitsoeng ba Bakreste: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng.”—Tite 1:1, 2; 1 Petrose 1:3, 4.
22. Ntho ea bohlokoa ke eng bakeng sa tšepo ea lefatše le lecha, hona hobane’ng?
22 Tsoho ea Jesu Kreste ke ea bohlokoa tšepong ea lefatše le lecha la ho loka hobane o khethiloe ke Molimo ho busa a le leholimong holim’a lefatše le hloekisitsoeng. Pauluse le eena o ile a hatisa kamoo tsoho ea Kreste e leng ea bohlokoa ka teng ha a ngola: “Kreste o tsohile bafung, ’me o beiloe thakangoaha ea ba robetseng. Hobane lefu ha le hlahile ka motho, tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho. Hobane joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:20-22.
23. (a) Ke hobane’ng ha tsoho ea Kreste e le ea bohlokoa? (b) Jesu ea tsositsoeng o ile a nea balateli ba hae taelo efe?
23 Lefu la Kreste la sehlabelo e le topollo e lekanang le se lahlehileng hammoho le tsoho ea hae li ile tsa rala motheo bakeng sa tšepo ea ‘leholimo le lecha,’ puso ea ’Muso, le “lefatše le lecha,” morabe o fetohileng, le o tsosolositsoeng oa batho. Tsoho ea hae le eona e ile ea fana ka tšusumetso ho boleleng le ho ruteng ho ileng ha etsoa ke baapostola ba hae ba tšepahalang. Tlaleho ea re bolella: “Barutuoa ba leshome le motso o mong ba ea Galilea, thabeng eo ba e laetsoeng ke Jesu [ea tsositsoeng]. Ha ba ’mona, ba mo khumamela; empa ba bang ba belaela. Eaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Mattheu 19:28, 29; 28:16-20; 1 Timothea 2:6.
24. Ke tlhohonolofatso efe e eketsehileng e tiisoang ke tsoho ea Jesu?
24 Tsoho ea Jesu e boetse e tiisa tlhohonolofatso e ’ngoe bakeng sa moloko oa batho—tsoho ea bafu. Ho tsosa Lazaro bafung ha Jesu e bile tiiso ea tsoho e akaretsang ea ka moso. (Bona se maqepheng a 249-50.) Jesu o ne a ile a re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:28, 29; 11:39-44; Liketso 17:30, 31.
25. (a) Ke khetho efe e tla ba teng bakeng sa bohle lefatšeng le lecha? (b) Lefatšeng le lecha ho tla rena bolumeli ba mofuta ofe?
25 E tla ba thabo e kaakang ho khona ho amohela baratuoa ba rōna, mohlomong meloko e amohelana ka ho hlahlamana ha eona! Mono lefatšeng le lecha, motho e mong le e mong o tla khona ho etsa qeto tlas’a maemo a phethahetseng hore na o tla rapela Molimo oa ’nete, Jehova, kapa hore na o tla lahleheloa ke bophelo joaloka mohanyetsi. E, lefatšeng le lecha, ho tla ba le bolumeli bo le bong feela, mofuta o le mong oa borapeli. Thoriso eohle e tla leba ho ’Mōpi ea lerato, ’me motho e mong le e mong ea utloang o tla pheta mantsoe a mopesaleme: “Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena oa ka! ke tla boka lebitso la hao ka mehla le ka ho sa eeng kae. . . . Jehova o moholo, o lokeloa ke lithoko tsohle, boholo ba hae ha bo na ho lekanngoa.”—Pesaleme ea 145:1-3; Tšenolo 20:7-10.
26. Ke hobane’ng ha u lokela ho hlahloba Lentsoe la Molimo, Bibele?
26 Ha e le mona u bapisitse malumeli a maholo a lefatše, re u mema hore u tsoelepele ho fuputsa ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, leo litumelo tsa Lipaki tsa Jehova li theiloeng ho lona. U ipakele hore Molimo oa ’nete o ka fumanoa. Ebang u Mohindu, Momosleme, Mobuddha, Moshinto, Moconfucius, Motao, Mojode, Mokreste, kapa ua tumelo leha e le efe, joale ke nako ea hore u hlahlobe kamano ea hao le Molimo oa ’nete le o phelang. Mohlomong u ile ua etsetsoa qeto ea hore na u tla ba bolumeling bofe ke sebaka seo u tsoaletsoeng ho sona, seo u neng u ke ke ua se laola. Ka sebele, ha ho letho le lahlehang ka ho hlahloba seo Bibele e se buang ka Molimo. Ona e ka ba monyetla oa bophelo hore ka sebele u tsebe morero oa Molimo Morena ’Musi bakeng sa lefatše lena le moloko oa batho o holim’a lona. E, ho batla ha hao Molimo oa ’nete ka tieo ho ka arabeloa ka ho ithuta Bibele le manģosa a Jehova, Lipaki tsa hae, tse u tliselitseng buka ena.
27. (a) Jesu o fetisetsa memo efe ho uena? (b) Tumellanong le sehlooho sa buka ena, Esaia o memela e mong le e mong hore a etse eng?
27 Jesu o ne a sa bue feela ha a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla neoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” U ka ba har’a ba fumaneng Molimo oa ’nete haeba u utloa molaetsa oa moprofeta Esaia: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”—Mattheu 7:7, NW; Esaia 55:6, 7.
28. Ke mang ea ka u thusang hore u fumane Molimo oa ’nete?
28 Haeba u ntse u batla Molimo oa ’nete, ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova.c Li tla thabela ho u thusa li sa u lefise hore ha nako e sa le teng u tsebisise Ntate le thato ea hae.—Sofonia 2:3.
a Bakeng sa kakaretso e qaqileng ea mehla ea bofelo, bona U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1982, maqephe a 148-54.
b Bakeng sa lethathamo la liaterese, bona leqephe la 384.
c Bakeng sa puisano e qaqileng ea boprofeta bona bo ho Tšenolo, bona buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1988, likhaolo tsa 33-37.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 377]
Kamoo u ka Khethollang Bolumeli ba ’Nete
1. Bolumeli ba ’nete bo rapela Molimo o le mong oa ’nete, Jehova.—Deuteronoma 6:4, 5; Pesaleme ea 146:5-10; Mattheu 22:37, 38.
2. Bolumeli ba ’nete bo fana ka bolokolohi ba ho buisana le Molimo ka Kreste Jesu.—Johanne 17:3, 6-8; 1 Timothea 2:5, 6; 1 Johanne 4:15.
3. Bolumeli ba ’nete bo ruta lerato le se nang boikhabi bo bile boa le sebelisa.—Johanne 13:34, 35; 1 Ba-Korinthe 13:1-8; 1 Johanne 3:10-12.
4. Bolumeli ba ’nete bo lula bo sa qaphaletsoa ke lipolotiki le likhohlano tsa lefatše. Ha bo jele paate nakong ea lintoa.—Johanne 18:36; Jakobo 1:27.
5. Bolumeli ba ’nete bo tlohella Molimo e be oa ’nete ka ho amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo.—Ba-Roma 3:3, 4; 2 Timothea 3:16, 17; 1 Ba-Thessalonika 2:13.
6. Bolumeli ba ’nete ha bo khothalletse ntoa kapa pefo ea botho.—Mikea 4:2-4; Ba-Roma 12:17-21; Ba-Kolosse 3:12-14.
7. Bolumeli ba ’nete bo atleha ho kopanya batho ba merabe eohle, lipuo, le meloko. Ha bo buelle bochaba kapa lehloeo, haese lerato feela.—Esaia 2:2-4; Ba-Kolosse 3:10, 11; Tšenolo 7:9, 10.
8. Bolumeli ba ’nete bo buella ho sebeletsa Molimo, e seng ka lebaka la moruo oa boikhabi kapa moputso, empa ka lebaka la lerato. Ha bo phahamise batho. Bo phahamisa Molimo.—1 Petrose 5:1-4; 1 Ba-Korinthe 9:18; Mattheu 23:5-12.
9. Bolumeli ba ’nete bo bolela ’Muso oa Molimo e le tšepo e tiileng ea motho, ha bo buelle filosofi e ’ngoe e itseng ea lipolotiki kapa ea boahisani.—Mareka 13:10; Liketso 8:12; 28:23, 30, 31.
10. Bolumeli ba ’nete bo ruta ’nete mabapi le morero oa Molimo bakeng sa motho le lefatše. Ha bo rute mashano a bolumeli a hore moea ha o shoe le a tlhokofatso ea ka ho sa feleng liheleng. Bo ruta hore Molimo o lerato.—Baahloli 16:30; Esaia 45:12, 18; Mattheu 5:5; 1 Johanne 4:7-11; Tšenolo 20:13, 14.
[Setšoantšo]
Lipaki tse bolelang Netherlands
[Litšoantšo tse leqepheng la 373]
Lefatše le na le monyetla oa ho ba paradeise—hore sena se tle se etsahale, ho hlokahala puso e lokileng ea ka mehla ’me Molimo o e tšepisitse
[Setšoantšo se leqepheng la 374]
Pele a khutlela leholimong, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba bolele le ho ruta litaba tse molemo lefatšeng lohle
[Setšoantšo se leqepheng la 379]
Tsoho ea bafu e tla tlisetsa lelapa la motho thabo lefatšeng ka bophara