Buka ea Bibele ea 9—1 Samuele
Bangoli: Samuele, Gade, Nathane
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Iseraele
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1078 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 1180–1078 B.C.E.
1. Ho ile ha tla phetoho efe e khōlō tlhophisong ea sechaba sa Iseraele ka 1117 B.C.E., ’me ke maemo afe a neng a tla latela ka mor’a moo?
KA SELEMO sa 1117 B.C.E., ho ile ha ba le phetoho ea bohlokoahali tlhophisong ea Iseraele e le sechaba. Ho ile ha khethoa morena oa motho! Sena se etsahetse ha Samuele a sa ntsane a sebeletsa e le moprofeta oa Jehova Iseraele. Le hoja Jehova a ne a ile a tseba sena a ba a se bolela esale pele, ho ntse ho le joalo, phetoho ea ho ba sechaba se busoang ke morena oa tsoalo, joalokaha batho ba Iseraele ba ne ba batla, e ile ea tla e le bohloko bo nyarosang ho Samuele. Kaha haesale Samuele a inehetse tšebeletsong ea Jehova ho tloha ha a tsoaloa, a bile a tletse boikutlo ba ho amohela borena ba Jehova ka tlhompho ea borapeli, o ile a bona esale pele liphello tsa tlokotsi tse neng li tla tlela litho tsa habo tsa sechaba se halalelang sa Molimo. E bile feela ka tataiso ea Jehova Samuele a ileng a inehela tlas’a litaelo tsa bona. “Samuele a tsebisa sechaba mekhoa ea borena, a e ngola bukeng, a e bea pel’a Jehova.” (1 Sam. 10:25) Ka hona mehla ea baahloli e ile ea fela, ’me ha qaleha mehla ea marena a batho e neng e tla bona ha Iseraele e phahamela matleng le botumong tseo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le tse tšoanang le tsona pele, e mpa e qetelle e oetse nyelisong le ho lahleheloeng ke kamohelo ea Jehova.
2. Ke bo-mang ba ngotseng Samuele oa Pele, ’me litšoaneleho tsa bona e ne e le life?
2 Ke mang ea neng a tla tšoaneleha ho ngola tlaleho ea bomolimo ea nako ee ea bohlokoahali? Ka nepo, Jehova o ile a khetha Samuele ea tšepahalang hore a qale ho e ngola. Samuele e bolela “Lebitso la Molimo,” ’me ka sebele o ne a hlahelletse e le ea phahamisang lebitso la Jehova mehleng eo. Ho bonahala eka Samuele o ngotse likhaolo tse 24 tse qalang tsa buka eo. Joale, ha a e-shoa, Gade le Nathane ba ile ba ntšetsa pele ho ngola hoo, ba phetha lilemo tse seng kae tsa ho qetela tsa tlaleho eo ho fihlela lefung la Saule. Sena se bontšoa ke 1 Likronike 29:29, e balehang tjena: “Ha e le litaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, li ngoliloe bukeng ea litaba tsa Samuele seboni, le bukeng ea litaba tsa Nathane moprofeta, le bukeng ea litaba tsa Gade seboni.” Ho fapana le Marena le Likronike, ho hang libuka tsa Samuele ha li bue ka litlaleho tsa pejana, ka hona ho tiisoa hore batho ba mehleng ea Davida e leng Samuele, Gade, le Nathane ke bona bangoli. Banna bana ba bararo kaofela ba ne ba le libakeng tsa boikarabelo joaloka baprofeta ba Jehova ’me ba ne ba hanyetsa borapeli ba melimo ea litšoantšo bo neng bo noele sechaba matla.
3. (a) Ho tlile joang hore Samuele oa Pele e be buka ea Bibele e arohileng? (b) E phethiloe neng, ’me e akaretsa nako efe?
3 Libuka tse peli tsa Samuele e ne e le moqolo o le mong qalehong. Samuele e ile ea aroloa ho ba libuka tse peli ha karolo ena ea Septuagint ea Segerike e hatisoa. Ho Septuagint, Samuele oa Pele e bitsoa Mebuso ea Pele. Karohano ena le lebitso Marena a Pele li ile tsa amoheloa ke Vulgate ea Selatine ’me li ntse li tsoela pele Libibeleng tsa K’hatholike ho fihlela kajeno. Hore qalong Samuele oa Pele le oa Bobeli e ne e le buka e le ’ngoe ho bontšoa ke ntlha e ngotsoeng ke bangoli ba Masora ho 1 Samuele 28:24, e bolelang hore temana ena e bohareng ba buka ea Samuele. Ho bonahala eka buka eo e phethiloe hoo e ka bang ka 1078 B.C.E. Kahoo mohlomong Samuele oa Pele e akaretsa nako e fetang lilemo tse lekholo hanyenyane, ho tloha hoo e ka bang ka 1180 ho ea ho 1078 B.C.E.
4. Ho nepahala ha tlaleho ea Samuele oa Pele ho ’nile ha tšehetsoa joang?
4 Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang ho nepahala ha tlaleho ena. Libaka tse teng lefatšeng li nyalana hantle le liketsahalo tse boletsoeng. Ho thahasellisang, tlhaselo ea Jonathane e ileng ea atleha khahlanong le setsi sa mabotho a Bafilista Mikmashe, e ileng ea lebisa ho lelekoeng ha Bafilista ka ho felletseng, e ile ea phetoa ke ofisiri ea Lebotho la Brithani Ntoeng ea I ea Lefatše, eo ho tlalehoang hore e ile ea leleka Maturkey ka ho latela matšoao a meeli ea linaha a hlalositsoeng tlalehong ea Samuele e bululetsoeng.—14:4-14.a
5. Bangoli ba Bibele ba netefatsa bonnete ba tlaleho ea Samuele oa Pele joang?
5 Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo matla le ho feta ba ho bululeloa le bonnete ba tlaleho ea buka ena. E tšoere phethahatso e hlollang ea boprofeta ba Jehova ba hore Iseraele e ne e tla kōpa morena. (Deut. 17:14; 1 Sam. 8:5) Lilemo hamorao, Hosea o ile a netefatsa tlaleho ea eona, a qotsa mantsoe a Jehova ha a re, “Ke u neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa khalefong ea ka.” (Hos. 13:11) Petrose o ile a bontša hore Samuele o ne a bululetsoe ha a tsebahatsa Samuele e le moprofeta ea ileng a ‘profeta mehla’ ea Jesu. (Lik. 3:24) Pauluse o ile a qotsa 1 Samuele 13:14 ha a totobatsa ka bokhutšoanyane histori ea Iseraele. (Lik. 13:20-22) Jesu ka boeena o ile a tiisa tlaleho eo e le ’nete ha a botsa Bafarisi ba mehleng ea hae: “Na ha lea ka la bala ho entsoeng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le eena?” Joale o ile a pheta tlaleho ea ha Davida a kōpa bohobe ba pontša. (Matt. 12:1-4; 1 Sam. 21:1-6) Esdrase le eena o ile a amohela tlaleho ena e le ’nete, joalokaha ho se ho boletsoe.—1 Likr. 29:29.
6. Bopaki bo bong bo ka har’a Bibele bo bontšang hore Samuele oa Pele e tšoere tlaleho ea ’nete ke bofe?
6 Kaha ena ke tlaleho ea ho qala ea mesebetsi ea Davida, karolo e ’ngoe le e ’ngoe eo Davida a boletsoeng ho eona ka Mangolong e tiisa hore buka ea Samuele ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Liketsahalo tse ling tsa eona li bile li boletsoe litlhalosong tse ka holimo ho lipesaleme tsa Davida, joaloka Pesalemeng ea 59 (1 Sam. 19:11), Pesalemeng ea 34 (1 Sam. 21:13, 14), le Pesalemeng ea 142 (1 Sam. 22:1 kapa 1 Sam. 24:1, 3). Ka hona, bopaki bo ka hare ho Lentsoe la Molimo bo tiisa ka mokhoa o khaolang khang bonnete ba tlaleho ea Samuele oa Pele.
LITABA TSE KA HARE TSA SAMUELE OA PELE
7. Histori e ka bukeng ee ke e mabapi le bophelo ba baeta-pele bafe Iseraeleng?
7 Buka ena e akaretsa karolo e itseng ea nako kapa nako e felletseng ea bophelo ba baeta-pele ba bane ba Iseraele: Moprista e moholo Eli, moprofeta Samuele, morena oa pele Saule, le Davida ea ileng a tlotsoa ho ba morena ea latelang.
8. Maemo a likolohileng ho tsoaloa ha Samuele le ho fetoha ha hae “mosebeletsi oa Jehova” ke afe?
8 Boahloli ba Eli le Samuele e mocha (1:1–4:22). Ha tlaleho e qala, re tsebisoa Anna, mosali ea ratoang ka ho fetisisa oa Elkana, Molevi. Ha a na bana ’me tlalehong ena o songoa ke mosali e mong oa Elkana, Peninna. Nakong ea ketelo e ’ngoe ea lelapa ea selemo le selemo Shilo, moo areka ea selekane sa Jehova e leng hona teng, Anna o rapela ka tieo hore Jehova a mo fe mora. O tšepisa hore haeba thapelo ea hae e ka arabeloa, o tla nehelana ka ngoana tšebeletsong ea Jehova. Molimo o arabela thapelo ea hae, ’me o beleha mora, Samuele. Hang ha a khoisoa, o mo tlisa tlung ea Jehova ’me o ’meha tlhokomelong ea moprista e moholo, Eli, e le ea ‘khethetsoeng Jehova.’ (1:28) Joale Anna o hlalosa maikutlo a hae pineng ea nyakallo ea teboho le thabo. Moshanyana o fetoha “mosebeletsi oa Jehova ka pele ho Eli moprista.”—2:11, NW.
9. Samuele o fetoha moprofeta joang Iseraeleng?
9 Litaba tsa Eli ha li tsamaee hantle. O se a hōlile, ’me bara ba hae ba babeli ba fetohile litlokotsebe tse se nang thuso tse ‘sa reng letho ka Jehova.’ (2:12) Ba sebelisa tšebeletso ea bona ea boprista ho khotsofatsa meharo ea bona le litakatso tsa boitšoaro bo bobe. Eli o hlōleha ho ba khalemela. Ka hona Jehova o tsoela pele ho romela melaetsa ea bomolimo khahlanong le ntlo ea Eli, o lemosa hore “ha ho ka ke ha e-ba monna oa leqheku tlung ea hao” le hore bara ba Eli ka bobeli ba tla shoa ka letsatsi le le leng. (1 Sam. 2:30-34; 1 Mar. 2:27) Qetellong, O romela moshanyana Samuele ho Eli ka molaetsa oa kahlolo o lomang. Ka hona Samuele e monyenyane o amoheloa ka molao e le moprofeta Iseraeleng.—1 Sam. 3:1, 11.
10. Jehova o phethahatsa kahlolo holim’a ntlo ea Eli joang?
10 Ka nako e loketseng Jehova o phethahatsa kahlolo ena ka ho tlisa Bafilista. Ha ntoa e imela Iseraele, Baiseraele, ba hoelelitse ka lerata, ba tlisa areka ea selekane ho tloha Shilo ho tla kampong ea lebotho la bona. Ha ba utloa ho hoeletsa hoo ’me ba tseba hore Areka e tlisitsoe ka hare ho kampo ea Baiseraele, Bafilista baa imatlafatsa ’me ba fumana tlhōlo e makatsang, ba leleka Baiseraele ka ho felletseng. Areka ea haptjoa, ’me bara ba babeli ba Eli baa shoa. Eli, pelo ea hae e se e ntse e thothomela, o utloa tlaleho eo. Ha ho buuoa ka Areka, o oa ka seetse setulong sa hae ’me o bolaoa ke ho robeha molala. Ka hona boahloli ba hae ba lilemo tse 40 boa fela. Ruri, “Khanya e tlohile ho Iseraele,” hobane Areka e emela boteng ba Jehova ho batho ba hae.—4:22, NW.
11. Areka e ipaka joang hore hase ntho e nang le matla a boloi?
11 Samuele o ahlola Iseraele (5:1–7:17). Joale Bafilista le bona ba lokela ho ithuta thuto e ba tlisetsang masoabi ea hore areka ea Jehova ha ea lokela ho sebelisoa e le ntho e nang le matla a boloi. Ha ba isa Areka ka har’a tempele ea Dagone e Ashdode, molimo oa bona o oela fatše ka sefahleho. Letsatsing le hlahlamang Dagone o boetse o oela fatše pel’a monyako, lekhetlong lena o khaoha hlooho le liatla tse peli. Sena se qalisa mokhoa oa tumela-khoela oa Bafilista oa ‘ho se hate sefate sa monyako oa Dagone.’ (5:5) Bafilista ba potlakela ho tlosa Areka ho e isa Gathe ’me ho tloha moo e ea Ekrone empa hoo kaofela ha ho thuse letho! Litlhokofatso li tla e le tsieleho, ho ruruha methapo, le ho pateloa ke litoeba. Marena a Bafilista a selekaneng, boitekong ba ho qetela ha lenane la bafu le ntse le phahama, a khutlisetsa Areka Iseraele ka koloi e ncha e huloang ke likhomo tse peli tsa litsoetse. Ha e le Bethe-Shemeshe tlokotsi e oela Baiseraele ba bang hobane ba talima Areka. (1 Sam. 6:19; Num. 4:6, 20) Qetellong, Areka e emisoa ntlong ea Abinadabe motseng oa Balevi oa Kiryathe-Jearime.
12. Ke mahlohonolo afe a tlisoang ke ho tšehetsa ha Samuele borapeli bo nepahetseng?
12 Ka lilemo tse 20 Areka e lula tlung ea Abinadabe. Samuele, a hōlile e se e le monna, o phehella Iseraele ho lahla bo-Baale le litšoantšo tsa Ashtarothe ’me ba sebeletse Jehova ka lipelo tsohle tsa bona. Ba etsa sena. Ha ba phuthehela Mitspa ho rapela, marena a selekaneng a Bafilista a nka monyetla ona bakeng sa ntoa ’me a khaoletsa Iseraele e sa itebela. Iseraele e hooa ho Jehova ka Samuele. Lerata le leholo la sealuma se tsoang ho Jehova le ferekanya Bafilista, ’me Baiseraele, ba matlafalitsoe ke sehlabelo le thapelo, ba fumana tlhōlo e sa tloaelehang. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ‘letsoho la Jehova le tsoela pele ho ba boima holim’a ba-Filista ka litšiu tsohle tsa Samuele.’ (7:13) Leha ho le joalo, Samuele ha a fumane phomolo. O tsoela pele ho ahlola Iseraele nakong ea bophelo bohle ba hae, o potoloha selemo le selemo ho tloha Rama, ka leboea feela ho Jerusalema, ho ea Bethele, Gilgale, le Mitspa. Ha a le Rama o hahela Jehova aletare.
13. Ho tla joang hore Iseraele e latole Jehova joaloka Morena, ’me Samuele o lemosa ka liphello life?
13 Morena oa pele oa Iseraele, Saule (8:1–12:25). Samuele o tsofaletse tšebeletsong ea Jehova, empa bara ba hae ha ba tsamaee litseleng tsa ntat’a bona, hobane ba amohela litjotjo ’me ba sokamisa kahlolo. Nakong ena baholo ba Iseraele ba atamela Samuele ka taelo ena: “Joale, re beele morena, a tle a re ahlolele, joale ka ha ho etsoa lichabeng tsohle.” (8:5) Samuele, a ferekane haholo, o ea ho Jehova ka thapelo. Jehova oa arabela: “Ha ba lahle uena, ba lahlile ’na, hore ke se ke ka ’na ka ba morena oa bona. . . . Joale, mamela mantsoe a bona.” (8:7-9) Leha ho le joalo, pele Samuele o tlameha ho ba lemosa ka liphello tse sisimosang tsa kōpo ea bona ea bofetoheli: ho abeloa mesebetsi ka ntle ho boikhethelo, ho lefa lekhetho, ho lahleheloa ke bolokolohi, ’me qetellong ho tle mesarelo e bohloko le ho hoeletsa ho Jehova. Ba sa cheche likōpong tsa bona, batho ba batla morena.
14. Saule o tiisoa joang boreneng?
14 Joale re kopana le Saule, mor’a Kishe oa leloko la Benyamine eo hape e leng eena e motle le e molelele ho feta bohle Iseraeleng. O isoa ho Samuele, ea mo tlotlisang moketeng, oa mo tlotsa, ’me joale o mo hlahisa ho Iseraele eohle e phuthehileng Mitspa. Le hoja pele Saule a ipata ka har’a thoto, qetellong o hlahisoa e le eena ea khethiloeng ke Jehova. Samuele o boetse o hopotsa Iseraele tšoanelo e loketseng ea borena, o e ngola bukeng. Leha ho le joalo, ke feela nakong ea ha a hlōla Baammone, e leng ho felisang ho thibelloa ha motse oa Jabeshe o Gileade, moo boemo ba Saule e le morena bo tiisoang, kahoo batho ba tiisa borena ba hae Gilgale. Samuele o boetse o ba fa khothatso e matla ea ho tšaba, ho sebeletsa, le ho utloa Jehova, ’me o hooa ho Jehova hore a fane ka pontšo ka mokhoa oa lialuma tseo e seng nako ea tsona le pula nakong ea kotulo. Ka pontšo e tšosang, Jehova o bontša khalefo ea hae ka ho mo latola ha bona joaloka Morena.
15. Sebe sa boikhohomoso se lebisang ho hlōleheng ha Saule ke sefe?
15 Ho se utloe ha Saule (13:1–15:35). Ha Bafilista ba tsoela pele ho tšoenya Iseraele, Jonathane, mora ea sebete oa Saule, o bolaea lebotho la Bafilista. Ho iphetetsa bakeng sa sena, sera se rōmela lebotho le leholo, ‘le ka ka lehlabathe le lebopong la leoatle’ ka bongata, ’me le hloma kampo Mikmashe. Ho hloka phomolo ho kena ka har’a masole a Iseraele. ‘Hoja feela Samuele o ne a ka tla re fa tataiso ea Jehova!’ Saule, a felletsoe ke mamello ea ho emela Samuele, o etsa sebe ka hore ka boikhohomoso a nyehele secheso ka boeena. Hang-hang Samuele oa hlaha. A qhelela ka thōko boikemelo ba Saule bo sa utloahaleng, o phatlalatsa kahlolo ea Jehova: “Joale, borena ba hao bo ke ke ba tiea; Jehova o ikhethetse monna e mong ea pelong ea hae; Jehova o se a mo khethile hore e be morena oa sechaba sa hae, kahobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”—13:14.
16. Lepotla-potla la Saule le tlisa mathata afe?
16 Jonathane, a chesehela lebitso la Jehova, o boetse o hlasela setsi se ka thōko sa sesole sa Bafilista, lekhetlong lena o na le motho ea mo jarelang lihlomo feela, ’me ka potlako ba bolaea banna ba ka bang 20. Tšisinyeho ea lefatše e eketsa pherekano ea sera. Sea lelekoa, ’me Iseraele e se jahella ka matla. Leha ho le joalo, tšusumetso e felletseng ea tlhōlo e fokolisoa ke kano ea Saule ea lepotla-potla ea ho thibela bahlabani ho ja pele ntoa e fela. Banna bao ba khathala ka potlako ’me ba siteloa Jehova ka ho ja nama e qetang ho bolaoa ba sa ipha nako ea ho e fophisa mali. Ha e le Jonathane, o ikhathollotse ka lekheha la mahe a linotši pele a utloa kano eo, eo ka sebete a e phatlalatsang e le tšitiso. O lopolloa lefung ke sechaba ka baka la poloko e khōlō eo a e entseng Iseraele.
17. Ke ho latoloa hofe ho eketsehileng ha Saule ho tlang ka mor’a sebe sa hae sa bobeli se tebileng?
17 Joale ho fihla nako ea ho phethahatsa kahlolo ea Jehova ho Baamaleke ba nyelisehang. (Deut. 25:17-19) Ba lokela ho felisoa ka ho felletseng. Ha ho letho le lokelang ho qeneheloa, motho kapa sebatana. Ha ho khapo e lokelang ho nkoa. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlameha ho timetsoa. Leha ho le joalo, ka ho se utloe Saule o pholosa Agage, morena oa Baamaleke, le tse ntle ka ho fetisisa mehlapeng ea likhutšoane le ea likhomo, ho tla etsetsa Jehova sehlabelo ka mokhoa oa mponeng. Sena se halefisa Molimo oa Iseraele hoo o bululelang Samuele ho bolela ho latoloa ha Saule lekhetlo la bobeli. Samuele, a sa natse boikemelo ba Saule ba ho itlhahisa hantle, oa phatlalatsa: “Hleka Jehova o khahloa ke licheso le ke mahlabelo, joale ka ha a khahloa ha ho utluoa lentsoe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo . . . Ereka ha u lahlile taelo ea Jehova, le eena o u lahlile, hore u se ke ua ’na ua ba morena.” (1 Sam. 15:22, 23) Joale Saule o nanabetsa letsoho ho leka ho ipiletsa ho Samuele ’me o hahola moleka oa seaparo sa hae. Samuele o mo tiisetsa hore ka sebele Jehova o tla hahola ’muso ho Saule ka eona tsela eo ’me a o fe monna ea molemonyana. Samuele ka boeena o nka sabole, o timetsa Agage, ’me o furalla Saule, ho se ho se mohla a tla hlola a ’mona.
18. Jehova o khetha Davida motheong ofe?
18 Ho tlotsoa ha Davida, sebete sa hae (16:1–17:58). Ka mor’a moo Jehova o lebisa Samuele tlung ea Jese Bethlehema ea Juda ho ea khetha le ho tlotsa morena oa ka moso. Bara ba Jese ba feta ba ntse ba hlahlojoa ka bonngoe empa baa latoloa. Jehova o hopotsa Samuele: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (16:7) Qetellong Jehova o bontša kananelo ea hae ho Davida, oa ho fela, ea hlalosoang a le “mokhunong, a le mahlo a matle, le ka sebopeho a le motle,” ’me Samuele o mo tlotsa ka oli. (16:12) Joale moea oa Jehova o theohela ho Davida, empa Saule o ba le moea o mobe.
19. Davida o fumana tlhōlo efe ka lebitso la Jehova esale qalong?
19 Bafilista ba boetse ba futuhela Iseraele, ba etellelitse ka pele senatla sa bona, Goliathe, senatla se phahameng bophahamo ba litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla (hoo e ka bang limithara tse 2,9). Ke seqhenqha se seholo hoo seaparo sa hae sa makhekhebu a tšepe se leng boima ba lik’hilogramo tse 57 ’me lehare la lerumo la hae le ka ba boima ba lik’hilogramo tse 6,8. (17:4, 5, 7) Letsatsi le leng le le leng ka nyefolo le ka nyeliso Goliathe enoa o phephetsa Iseraele hore e khethe monna e mong ’me a tle ba loane, empa ha ho lea mong ea arabelang. Saule o ntse a thothomela ka tenteng ea hae. Leha ho le joalo, Davida o utloa linyeliso tsa Mofilista eo. Davida, a khopehile ka khalefo e lokileng le ka sebete se bululetsoeng, oa khotsa: “Mofilista eo oa leqai ke motho ea joang, ha a nyelisa makhotla a Molimo o utloang?” (17:26) Davida, a hana lihlomo tsa Saule kahobane ho se mohla a kileng a leka ho li sebelisa, o tsoa ho ea loana, a hlometse ka molamu oa molisa, letjeketjane, le majoe a mahlano a boreleli feela. Ha Goliathe a talima ho thulanngoa ha hae le moshanyana enoa oa molisa e le ho tlotlollang o rohaka Davida. Karabelo e tletseng kholiseho ea hlaha: “U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla.” (17:45) Davida o betsa lejoe le le leng le korotsoeng hantle ka letjeketjane, ’me senatla seo sa Bafilista se tabana fatše! Ha Davida a mathela ho sona, pontšeng ea mabotho ao ka bobeli, o ntša sabole ea senatla seo ’me o e sebelisa ho khaola mong’a eona hlooho. Ke topollo e khōlō hakaakang e tsoang ho Jehova! Ho tlala thabo e kaakang kampong ea Iseraele! Kaha joale senatla sa bona se shoele, Bafilista baa baleha, ’me Baiseraele ba nyakalletseng baa ba lelekisa.
20. Boikutlo ba Jonathane mabapi le Davida bo fapane le ba Saule joang?
20 Saule o lelekisa Davida (18:1–27:12). Khato ea Davida e sebete lebitsong la Jehova e ’mulela setsoalle se babatsehang. Sena ke setsoalle sa hae le Jonathane, mor’a Saule eo ka tlhaho a leng mocheng oa ho fumana ’muso. Jonathane o qala ho “mo rata, joale ka ha a ithata,” kahoo ka bobeli ba hlaba selekane sa setsoalle. (18:1-3) Ha botumo ba Davida bo ntse bo ketekoa Iseraele, ka khalefo Saule o batla ho ’molaea, le hoja a mo file morali oa hae Mikale hore a mo nyale. Bora ba Saule bo ntse bo fetoha ba bohlanya ka ho eketsehileng, kahoo qetellong Davida o tlameha ho phonyoha ka thuso e lerato ea Jonathane. Ka bobeli baa lla ha ba arohana, ’me Jonathane o tiisetsa Davida botšepehi ba hae, o re: “Jehova o tla ba mahareng a ka le uena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.”—20:42.
21. Ke liketsahalo life tse khethollang paleho ea Davida ho Saule?
21 Ha Davida le sehlotšoana sa hae sa batšehetsi ba lapileng haholo ba ntse ba baleha Saule ea halefileng, ba fihla Nobe. Mona moprista Akimeleke, ha a tiisetsoa hore Davida le banna ba hae ba hloekile basaling, o ba lumella ho ja bohobe ba pontša bo halalelang. Joale Davida a se a hlometse ka sabole ea Goliathe, o balehela Gathe naheng ea Bafilista, moo a iketsang eka ke lehlanya. Joale o fetela lehaheng la Adullame, ’me o fetela Moabe, ’me hamorao, ka keletso ea moprofeta Gade, o khutlela naheng ea Juda. Saule ea hlantšoang ke mohono, a tšohile phetohelo ea ba tšehetsang Davida, o laela Doege Moedomo ho bolaea baahi ba motse oa baprista Nobe, ke Abiathare feela ea phonyohang ho ea kopana le Davida. O fetoha moprista oa sehlopha seo.
22. Davida o bontša botšepehi ho Jehova le tlhompho bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Hae joang?
22 Joaloka mohlanka oa Jehova ea tšepahalang, joale Davida a e-na le sehlopha sa hae sa baphaphathehi o loana ka katleho khahlanong le Bafilista. Leha ho le joalo, Saule o ntšetsa pele letšolo la hae la ho tsoma Davida ka hohle-hohle, o bokella banna ba hae ba ntoa ’me o mo tsoma “feelleng la Ene-Gedi.” (24:1) Davida, moratuoa oa Jehova, ka mehla o atleha ho siea ba mo lelekisang ka mohato o le mong. Ka lekhetlo le leng o fumana monyetla oa ho bolaea Saule, empa o qoba ho etsa hoo, o mpa a khaola moleka oa seaparo sa Saule e le bopaki ba hore o qenehetse bophelo ba hae. Esita le ketso ena e se nang kotsi e tšoenya pelo ea Davida, hobane o ikutloa hore o entse motlotsuoa oa Jehova hampe. O na le tlhompho e ntle hakaakang bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova!
23. Abigaile o bōpa khotso joang le Davida le ho qetella a fetohile mosali oa hae?
23 Le hoja joale lefu la Samuele le se le tlalehiloe (25:1), mongoli ea mo hlahlamang o ntšetsa tlaleho eo pele. Davida o kōpa Nabale, oa Maone ea Juda, hore a mo fe lijo hammoho le banna ba hae ka baka la hore ba ile ba tšoara balisa ba Nabale joaloka metsoalle. Nabale o mpa a ‘omanya’ banna ba Davida, ’me Davida o kena tseleng ho ea mo fa kotlo. (25:14) Ka ho hlokomela kotsi, mosali oa Nabale, Abigaile, ka lekunutu o isetsa Davida lijo ’me o nolofatsa pelo ea hae. Davida o mo hlohonolofatsa ka baka la ketso ena e bohlale ’me o mo khutlisa ka khotso. Ha Abigaile a tsebisa Nabale se etsahetseng, pelo ea Nabale ea hlabeha, ’me matsatsi a leshome hamorao oa shoa. Joale Davida ka boeena o nyala Abigaile enoa ea mohau ea motle.
24. Davida o boetse o qenehela bophelo ba Saule joang?
24 Ka lekhetlo la boraro, Saule o lelekisa Davida ka lephehlo-phehlo la bohlanya, ’me o boetse o fumana mohau oa Davida. ‘Boroko bo boholo bo tsoang ho Jehova’ bo oela Saule le banna ba hae. Sena se etsa hore Davida a khone ho kena kampong le ho nka lerumo la Saule, empa o qoba ho isa letsoho la hae khahlanong le “motlotsuoa oa Jehova.” (26:11, 12) Davida o qobelloa ho balehela ho Bafilista ho fumana tšireletso ka lekhetlo la bobeli, ’me ba mo fa Tsiklage e le sebaka sa bolulo. Ha a le mona o tsoela pele ho futuhela lira tse ling tsa Iseraele.
25. Sebe sa boraro se tebileng seo Saule a se etsang ke sefe?
25 Qetello ea Saule ka ho ipolaea (28:1–31:13). Marena a Bafilista a selekaneng a isa lebotho le kopaneng Shuneme. Saule, ha a leka ho thiba hoo, o ema Thabeng ea Gilboa ka mabotho a hae. Ka tsieleho o batla tataiso empa ha a fumane karabelo ea letho ho Jehova. Hoja Samuele o ne a ka fumanoa! Saule, a ikhakantse, o etsa sebe se seng se tebileng ha a il’o batla motho ea sebelisanang le meea Ene-Dore, ka ’nģane ho meeli ea Bafilista. Ha a mo fumana, o mo kōpa hore a ’mitsetse Samuele. Ka lepotla-potla la ho etsa liqeto, Saule o hopola hore pono eo ke Samuele ea shoeleng. Leha ho le joalo, “Samuele” ha aa tšoarela morena molaetsa o tšelisang. Hosasa o tla shoa, ’me hantle feela joalokaha Jehova a boletse, ’muso o tla tlosoa ho eena. Ka kampong e ’ngoe, marena a Bafilista a selekaneng a leba ntoeng. Ha a bona Davida le banna ba hae har’a ’ona, a tlala pelaelo ’me a ba khutlisetsa hae. Banna ba Davida ba fihla Tsiklage hantle feela ka nako! Sehlopha se futuhileng sa Baamaleke se qeta ho tloha se nkile lelapa le maruo a Davida le banna ba hae, empa Davida le banna ba hae baa ba lelekisa, ’me tsohle li khutla ntle ho kotsi.
26. Puso ea morena oa pele oa Iseraele e felletseng ka koluoa e fela joang?
26 Joale ntoa e se e lohlane Thabeng ea Gilboa. Iseraele e hlōloa hampe, ’me Bafilista ba hapa liqhobosheane tsa naha. Jonathane le bara ba bang ba Saule baa bolaoa, ’me Saule ea tsoileng likotsi tse bolaeang o ipolaea ka sabole ea hae ka boeena. Bafilista ba hlōtseng ba fanyeha litopo tsa Saule le bara ba hae ba bararo marakong a motse oa Bethe-Shane, empa banna ba Jabeshe-Gileade ba li tlosa boemong bona bo nyelisehang. Puso ea morena oa pele oa Iseraele e felletseng ka koluoa e fihlile qetellong ea eona ka tlokotsi.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
27. (a) Eli le Saule ba ile ba hlōleha hokae? (b) Ke lintlheng life moo Samuele le Davida e leng mehlala e metle bakeng sa balebeli le basebeletsi ba bacha?
27 Samuele oa Pele e fupere histori e kaakang! E tšepahala ka ho felletseng ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe, e pepesa hang-hang mefokolo hammoho le matla a Iseraele. Bana e ne e le baeta-pele ba bane ba Iseraele, ba babeli ba ileng ba utloa molao oa Molimo le ba babeli ba sa kang ba o utloa. Hlokomela kamoo Eli le Saule ba ileng ba hlōleha ka teng: Eli o ile a iphapanyetsa ho nka khato, ’me Saule eena o ile a nka khato ka boikhohomoso. Ka lehlakoreng le leng, Samuele le Davida ba ile ba bontša ho rata tsela ea Jehova ho tloha bocheng ba bona, ’me tumellanong le hoo ba ile ba atleha. Re fumana lithuto tsa bohlokoa hakaakang moo bakeng sa balebeli bohle! Ke habohlokoa hakaakang hore balebeli e be ba tiileng, ba falimehetseng bohloeki le taolo ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ba hlomphang litokisetso tsa hae, ba se nang tšabo, ba liehang ho halefa, ba sebete, ’me ka lerato ba nahanele ba bang! (2:23-25; 24:5, 7; 18:5, 14-16) Hlokomela hape hore ba babeli ba ileng ba atleha ba ne ba ruile molemo koetlisong e ntle ea puso ea Molimo ho tloha bocheng ba bona ho ea pele le hore ba bile sebete ho tloha bonyenyaneng ho boleleng molaetsa oa Jehova le ho lebela lithahasello tseo a li behileng tlhokomelong ea bona. (3:19; 17:33-37) E se eka bacha bohle ba barapeli ba Jehova kajeno e ka ba “bo-Samuele” le “bo-Davida” ba banyenyane!
28. Kutlo e hatisoa joang, ’me ke keletso efe ea Samuele oa Pele e phetoa-phetoang hamorao ke bangoli ba bang ba Bibele?
28 Ho lokelang ho hopoloa ka ho hlaka har’a mantsoe ’ohle a molemo a buka ena ke mantsoe ao Jehova a ileng a bululela Samuele ho a bua kahlolong ea Saule bakeng sa ho hlōleha ha hae ho ‘hlakola lebitso la ba-Amaleke tlas’a leholimo.’ (Deut. 25:19) Thuto ea hore ‘kutlo e fetisa sehlabelo’ e phetoa-phetoa maemong a fapa-fapaneng ho Hosea 6:6, Mikea 6:6-8, le Mareka 12:33. (1 Sam. 15:22) Ke habohlokoa hore rōna kajeno re rue molemo tlalehong ena e bululetsoeng ka ho utloa lentsoe la Jehova Molimo oa rōna ka botlalo le ka ho felletseng! Re boetse re hlokomelisoa ka kutlo bakeng sa ho hlokomela khalalelo ea mali ho 1 Samuele 14:32, 33. Ho ja nama ka ntle le ho e fophisa mali ka ho loketseng ho ne ho talingoa e le ho “siteloa Jehova.” Sena se boetse se sebetsa phuthehong ea Bokreste, joalokaha ho hlakisoa ho Liketso 15:28, 29.
29. Samuele oa Pele e bontša liphello tsa phoso efe ea sechaba ka lehlakoreng la Iseraele, hona e le ka temoso efe ho batho ba phelelang ho etsa thato ea bona?
29 Buka ea Samuele oa Pele e bontša phoso e bohloko ea sechaba se ileng sa talima puso ea Molimo e hlahang leholimong e le e sa sebetseng. (1 Sam. 8:5, 19, 20; 10:18, 19) Likoli le lefeela tsa puso ea motho li senoloa ka ho hlaka le ka boprofeta. (8:11-18; 12:1-17) Qalong Saule o bontšoa e le monna ea ikokobelitseng ea neng a na le moea oa Molimo (9:21; 11:6), empa kahlolo ea hae e ile ea fifala ’me pelo ea hae ea ba mpe ha lerato la ho loka le tumelo ho Molimo li ntse li qepha. (14:24, 29, 44) Tlaleho ea hae ea qalong ea cheseho e ile ea hlakoloa ke liketso tsa hae tsa boikhohomoso hamorao, ho hloka kutlo, le ho se tšepahale ho Molimo. (1 Sam. 13:9; 15:9; 28:7; Ezek. 18:24) Ho hloka tumelo ha hae ho ile ha tsoala ho se sireletsehe, ho ileng ha tōta ho fetoha mohono, lehloeo, le polao. (1 Sam. 18:9, 11; 20:33; 22:18, 19) O ile a shoa kamoo a neng a phetse ka teng, a hlōlehile ho phetha boikarabelo ba hae ho Molimo le ho batho ba habo, hape e le temoso ho motho ofe kapa ofe ea ka ‘phelelang ho etsa thato ea hae’ joalokaha a entse.—2 Pet. 2:10-12, NW.
30. Ke litšoaneleho life tsa Samuele tse ka hlaoleloang ke basebeletsi ba mehleng ea kajeno tse ka ba ruisang molemo?
30 Leha ho le joalo, ho na le lehlakore le fapaneng le molemo. Ka mohlala, hlokomela tsela e ileng ea nkoa ke Samuele ea tšepahalang, ea sebelelitseng Iseraele bophelong bohle ba hae a se na bolotsana, ho ea ka tšobotsi, kapa leeme. (1 Sam. 12:3-5) O ne a chesehela ho utloa ho tloha boshanyaneng ba hae ho ea pele (3:5), a le mosa ’me a e-na le tlhompho (3:6-8), e le ea ka tšeptjoang ho phethahatseng mesebetsi ea hae (3:15), a sa koenehe boinehelong ba hae le boitelong ba hae (7:3-6; 12:2), a ikemiselitse ho mamela (8:21), a lula a itokiselitse ho tšehetsa liqeto tsa Jehova (10:24), a tiile kahlolong ea hae ho sa tsotellehe botho ba batho ka ho fapana (13:13), a nka khato e matla bakeng sa kutlo (15:22), ’me a phehella ho phethahatsa thōmo (16:6, 11). Hape o ile a tlalehoa hantle ke ba bang. (2:26; 9:6) Hase feela hore tšebeletso ea hae ea bocheng e lokela ho khothalletsa bacha ho kenela tšebeletso kajeno (2:11, 18) empa ho tsoela pele ha hae ntle le phomolo ho fihlela qetellong ea litšiu tsa hae ho lokela ho tšehetsa ba seng ba khathetse ka baka la ho hōla.—7:15.
31. Jonathane e ne e le mohlala o motle ho eng?
31 Joale mohlala o mong o babatsehang ke oa Jonathane. Ha aa ka a bontša maikutlo leha e le afe a mabe mabapi le ’nete ea hore Davida o ne a tlotselitsoe borena boo e ka beng e bile mojalefa oa bona. Ho fapana le hoo, o ile a hlokomela litšoaneleho tse ntle tsa Davida ’me a etsa selekane sa setsoalle le eena. Setsoalle se se nang boithati ka ho tšoanang e ka ba se hahang le se khothatsang ka ho fetisisa har’a ba sebeletsang Jehova ka botšepehi kajeno.—23:16-18.
32. Ke litšobotsi life tse ntle tse ka hlokomeloang ho basali Anna le Abigaile?
32 Bakeng sa basali, ho na le mohlala oa Anna, ea neng a tsamaea le monna oa hae ka mehla ho ea sebakeng sa borapeli ba Jehova. E ne e le mosali ea tšoarellang thapelong, ea ikokobelitseng, ea ileng a tela ho thabela botsoalle le mora oa hae ho phethahatsa tšepiso ea hae le ho bontša kananelo bakeng sa mosa oa Jehova. Ka sebele moputso oa hae oa ho ’mona a kenela tšebeletso e behang litholoana ea bophelo bohle ho Jehova e ile ea e-ba o babatsehang. (1:11, 21-23, 27, 28) Ho feta moo, mohlala o mong ke oa Abigaile, ea ileng a bontša boikokobetso ba bosali le ho ba le kelello ho ileng ha hapa thoriso ea Davida, hoo hamorao a ileng a fetoha mosali oa hae.—25:32-35.
33. Lerato le botšepehi tsa Davida tse sebete li lokela ho re susumelletsa ho nka tsela efe?
33 Lerato la Davida ho Jehova le hlalositsoe ka tsela e susumetsang lipesalemeng tseo Davida a li ngotseng ha a ntse a lelekisoa feelleng ke Saule, “motlotsuoa oa Jehova” ea neng a ntse a oa tumelong. (1 Sam. 24:6; Pes. 34:7, 8; 52:8; 57:1, 7, 9) Hape Davida o ile a halaletsa lebitso la Jehova ka kananelo e tlohang botebong ba pelo hakaakang ha a hanyetsa monyelisi Goliathe! “Ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla . . . Kajeno, Jehova o tla u neela matsohong a ka; . . . ’me lefatše lohle le tla tseba hobane Molimo o teng Iseraeleng. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane hlōlo ke ea Jehova, ’me o tla le neela matsohong a rōna.” (1 Sam. 17:45-47) Davida, “motlotsuoa” ea sebete le ea tšepahalang oa Jehova, o ile a tlotlisa Jehova joaloka Molimo oa lefatše lohle hape e le oona feela Mohloli oa ’nete oa poloko. (2 Sam. 22:51) E se eka ka mehla re ka latela mohlala ona o sebete!
34. Merero ea Jehova ea ’Muso e phutholoha ka ho eketsehileng mabapi le Davida joang?
34 Samuele oa Pele e re’ng ka tsoelo-pele ea merero ea Molimo ea ’Muso? Khele! sena se re tlisa ntlheng ea sehlooho ea sebele ea buka ena ea Bibele! Hobane mona ke hona moo re kopanang le Davida, eo mohlomong lebitso la hae le bolelang “Moratuoa.” Davida o ne a ratoa ke Jehova ’me o ile a khethoa e le “monna ea lumellanang le pelo ea hae,” eena ea tšoanelehang ho ba morena Iseraeleng. (1 Sam. 13:14, NW) Ka hona ’muso o ile oa fetela molokong oa Juda, tumellanong le tlhohonolofatso ea Jakobo ho Genese 49:9, 10, ’me borena bo ne bo lokela ho lula molokong oa Juda ho fihlela ’Musi eo batho bohle ba tla mo utloa a fihla.
35. Ho tlile joang hore lebitso la Davida le amahanngoe le la Peō ea ’Muso, ’me ke litšobotsi life tsa Davida tseo Peō eo e sa ntsaneng e tla li bontša?
35 Ho feta moo, lebitso la Davida le amahanngoa le la Peō ea ’Muso, eo ka ho tšoanang e ileng ea tsoalloa Bethlehema e bile e le ea lesika la Davida. (Matt. 1:1, 6; 2:1; 21:9, 15) Eo ke Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, “tau ea leloko la Juda, lehlomela la Davida,” le “motso le moloko oa Davida, naleli e khanyang ea meso.” (Tšen. 5:5; 22:16) Ha enoa “mor’a Davida” a busa matleng a ’Muso, o tla bontša tieo eohle le sebete sa ntat’ae moholo ea khanyang ha a loantša lira tsa Molimo a li liha ’me a halaletsa lebitso la Jehova lefatšeng lohle. Kholiseho ea rōna e matla hakaakang ho Peō ee ea ’Muso!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Romance of the Last Crusade, 1923, Major Vivian Gilbert, maqephe 183-6.