Buka ea Bibele ea 10—2 Samuele
Bangoli: Gade le Nathane
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Iseraele
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1040 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 1077–1040 B.C.E.
1. Samuele oa Bobeli e qaleha tlas’a boemo bofe, ’me tlaleho ea eona e tsoela pele joang?
SECHABA sa Iseraele se ne se felletsoe ke tšepo ka baka la tlokotsi ea Gilboa le ho futuheloa ke Bafilista ba hlōtseng ho ileng ha latela. Baeta-pele ba Iseraele le ba molemohali har’a bahlankana ba eona ba ne ba shoele. Boemong bona “motlotsuoa oa Jehova” ea neng a sa ntsane a le mocha, Davida mor’a Jese, o ile a hlahella ka ho felletseng ponong ea sechaba. (2 Sam. 19:21) Ke kamoo buka ea Samuele oa Bobeli, e ka ’nang ea bitsoa buka ea Jehova le Davida, e qalang ka teng. Tlaleho ea eona e tletse liketsahalo tsa mefuta eohle. Re nkoa ho tloha botebong ba ho hlōloa ho ea sehlohlolong sa ho hlōla, ho tloha mahlomoleng a sechaba se tsekollotsoeng ke likhohlano ho ea katlehong ea ’muso o kopaneng, ho tloha mahlaha-hlaheng a bocha ho ea bohlaleng ba ho hōla lilemong. Ena ke tlaleho ea botho ea bophelo ba Davida ha a ntse a leka ho latela Jehova ka pelo eohle ea hae.a Ke tlaleho e lokelang ho susumelletsa ’mali e mong le e mong ho hlahloba pelo ea hae e le hore a matlafatse kamano ea hae le boemo ba hae le ’Mōpi oa hae.
2. (a) Ho tlile joang hore buka ee e bitsoe Samuele oa Bobeli? (b) Bangoli e ne e le bo-mang, litšoaneleho tsa bona e ne e le life, ’me ke tlaleho efe feela eo ba neng ba batla ho e boloka?
2 Ha e le hantle, esita le lebitso la Samuele ha lea boleloa ka har’a tlaleho ea Samuele oa Bobeli, kaha ke lebitso leo ho bonahalang hore buka ena e ile ea bitsoa ka lona ka lebaka la hore qalong e ne e le moqolo o le mong le Samuele oa Pele. Baprofeta Nathane le Gade, ba ileng ba phetha ho ngoloa ha Samuele oa Pele, ba ile ba tsoela pele ho ngola Samuele oa Bobeli kaofela ha eona. (1 Likron. 29:29) Ba ne ba tšoaneleha bakeng sa mosebetsi ona. Gade o ne a ’nile a ba ’moho le Davida ha e ntse e le mophaphathehi ea tsongoang Iseraele, ’me ho isa qetellong ea puso ea Davida ea lilemo tse 40, o ne a sa ntsane a sebetsa ka mafolo-folo le morena. Gade ke eena ea ileng a sebelisoa ho phatlalatsa khalefo ea Jehova ho Davida ka baka la ho bala sechaba sa Iseraele ka booatla. (1 Sam. 22:5; 2 Sam. 24:1-25) Mosebetsi oa moprofeta Nathane, ea neng a sebetsa haufi-ufi le Davida, o kenella nakong ea bophelo ba Gade esita le ho fetela ka morao ho eona. O ile a fuoa tokelo ea ho tsebahatsa selekane sa bohlokoa sa Jehova le Davida, selekane sa ’muso o sa feleng. Ke eena eo ka sebete a bile a le tlas’a pululelo a ileng a supa sebe se seholo sa Davida se amang Bathe-Sheba hammoho le kotlo ea sona. (2 Sam. 7:1-17; 12:1-15) Ka hona Jehova o ile a sebelisa Nathane, eo lebitso la hae le bolelang “[Molimo] O Fane,” le Gade, eo lebitso la hae le bolelang “Tlhohonolofatso e Molemo,” ho tlaleha boitsebiso bo bululetsoeng bo molemo bo ho Samuele oa Bobeli. Bo-rahistori bana ba sa iphahamiseng ba ne ba sa batle ho boloka khopotso ea bona ka bobona, kaha ha ho boitsebiso bo fanoeng ka maloko a bona kapa bophelo ba bona ba botho. Ba ne ba batla feela ho boloka tlaleho e bululetsoeng ke Molimo, molemong oa barapeli ba Jehova ba ka moso.
3. Samuele oa Bobeli e akaretsa nako efe, ’me ho ngoloa ha eona ho phethiloe neng?
3 Samuele oa Bobeli e ntšetsa pele tlaleho ea histori ea Bibele e nepahetseng ka morao ho lefu la Saule, morena oa pele oa Iseraele, ’me e tsoela pele ka eona ho fihlela ha puso ea Davida ea lilemo tse 40 e se e le haufi le ho fela. Ka hona, nako e akarelitsoeng ke ho tloha ka 1077 B.C.E. ho isa hoo e ka bang ka 1040 B.C.E. ’Nete ea hore buka ena ha e tlalehe lefu la Davida ke bopaki bo matla ba hore e ngotsoe hoo e ka bang ka 1040 B.C.E., kapa pejana feela ho lefu la hae.
4. Samuele oa Bobeli e tlameha ho amoheloa e le karolo ea Mangolo a halalelang a Bibele ka mabaka afe?
4 Ka ’ona mabaka a behiloeng mabapi le Samuele oa Pele, buka ea Samuele oa Bobeli e tlameha ho amoheloa e le karolo ea Mangolo a halalelang a Bibele. Bonnete ba eona bo ke ke ba belaelloa. Ho hloka leeme ha eona, ho se pate esita le libe le mefokolo ea Morena Davida, ka bohona ke bopaki bo matla bo bontšang linnete le hoja bo sa toba.
5. Lebaka le matla ka ho fetisisa la ho amohela Samuele oa Bobeli e le Lengolo le bululetsoeng ke lefe?
5 Leha ho le joalo, bopaki bo matla ka ho fetisisa ba bonnete ba Samuele oa Bobeli bo ka fumanoa boprofeteng bo phethahetseng, haholo-holo bo mabapi le selekane sa ’Muso se entsoeng le Davida. Molimo o ile oa tšepisa Davida: “Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.” (7:16) Esita le bofelong ba ’muso oa Juda, Jeremia o ile a bua ka ho tsoela pele ha tšepiso ena tlung ea Davida ka mantsoe ana: “Ho itsoe ke Jehova: Davida a ke ke a ba a hloka motho ea lulang teroneng ea ntlo ea Iseraele.” (Jer. 33:17) Boprofeta bona bo phethahetse, hobane hamorao Jehova o ile a etsa hore Juda ho hlahe “Jesu Kreste, mor’a Davida,” joalokaha Bibele e netefatsa hoo ka ho hlaka.—Matt. 1:1.
LITABA TSE KA HARE TSA SAMUELE OA BOBELI
6. Davida o arabela joang ha a utloa litaba tsa lefu la Saule le Jonathane?
6 Liketsahalo tse qalang tsa puso ea Davida (1:1–4:12). Ka mor’a lefu la Saule Thabeng ea Gilboa, mobalehi e mong oa Moamaleke ea tsoang ntoeng o tla a potlakile a tlisa tlaleho ho Davida Tsiklage. A tšepile hore o tla fumana kamohelo ea Davida, o qapa pale ea hore ke eena ka seqo ea bolaileng Saule. Ho e-na le ho babatsoa, Moamaleke enoa o fumana moputso oa lefu feela, hobane o ikahlotse ka ho tiisa hore o bolaile “motlotsuoa oa Jehova.” (1:16) Joale morena e mocha, Davida, o qapa koli ea malla, “Seqha,” eo ho eona a llelang lefu la Saule le Jonathane. Pina ena e fihla tlhorong e ntle ka ho bontša ha eona ho amang pelo lerato le leholo haholo la Davida ho Jonathane: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali! Linatla li oele joang? Lihlomo tsa ntoa li timetse joang?”—1:17, 18, 26, 27.
7. Ke liketsahalo life tse ling tse tšoaeang karolo e qalang ea puso ea Davida?
7 Ka tataiso ea Jehova, Davida le banna ba hae ba isa malapa a bona Hebrone naheng ea Juda. Mona baholo ba moloko oo ba tla ho tla tlotsa Davida hore e be morena oa bona ka 1077 B.C.E. Molaoli Joabe o fetoha ea hlahelletseng ka ho fetisisa ho batšehetsi ba Davida. Leha ho le joalo, joaloka ea qothisanang lehlokoa le Davida bakeng sa borena, Ishe-Boshethe, mor’a Saule, o tlotsoa ke Abnere, molaoli oa lebotho. Ho ba le likhohlano khafetsa pakeng tsa mabotho a mabeli a loantšanang, ’me Abnere o bolaea ngoan’abo Joabe. Qetellong, Abnere oa inyatsa o tla kampong ea Davida. O isa morali oa Saule Mikale ho Davida, eo e leng khale Davida a mo ntšelitse bohali. Leha ho le joalo, ho phetetsa ho bolaoa ha ngoan’abo, Joabe o fumana monyetla oa ho bolaea Abnere. Davida o utloa bohloko haholo ka baka la sena, o bolela hore eena ha a ikarabelle ka tsela efe kapa efe. Kapele ka mor’a moo Ishe-Boshethe ka boeena oa bolaoa ha a ntse “a robetse liphateng, e le motšehare o moholo.”—4:5.
8. Jehova o atlehisa puso ea Davida holim’a Iseraele eohle joang?
8 Morena Davida Jerusalema (5:1–6:23). Le hoja Davida a se a busitse Juda ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng, joale o fetoha ’musi eo ho seng mang kapa mang ea qothisanang lehlokoa le eena, ’me baemeli ba meloko ba mo tlotsa hore e be morena oa Iseraele eohle. Lena ke lekhetlo la boraro la ho tlotsoa ha hae (1070 B.C.E.). E ’ngoe ea liketso tsa Davida tsa ho qala e le ’musi oa ’muso kaofela ke ho hapa qhobosheane ea Sione e Jerusalema ho Bajebuse ba itširelelitseng qhobosheaneng, o ba tsometsa ka ho hlaha ka tsela ea kotopo ea metsi. Joale Davida o fetola Jerusalema motse-moholo oa hae. Jehova oa makhotla o hlohonolofatsa Davida, o etsa hore a ’ne a be moholo ka ho eketsehileng. Esita le Hirame, morena oa Tyre ea ruileng, o romela Davida likedare tsa bohlokoa haholo hammoho le banna ba sebetsang hore ba hahele morena ntlo. Lelapa la Davida lea eketseha, ’me Jehova o atlehisa puso ea hae. Ho boetse ho ba le lintoa tse peli khahlanong le Bafilista ba ratang ntoa. Ntoeng ea pele ho tsena, Jehova o qhalla Davida sera Baale-Peratsime, o mo fa tlhōlo. Ntoeng ea bobeli, Jehova o etsa mohlolo o mong ka ho hlahisa “molumo oa liqi lintlheng tsa lifate tsa monokotšoai,” ho bontša hore Jehova o etelletse Iseraele pele ho leleka mabotho a Bafilista. (5:24) Ke tlhōlo e ’ngoe e ikhethang bakeng sa mabotho a Jehova!
9. Hlalosa liketsahalo tse amanang le ho tlisoa ha Areka Jerusalema.
9 Davida, a e-na le banna ba 30 000, o kena leetong la ho ea lata areka ea selekane Baale-Juda (Kiryathe-Jearime) ho e tlisa Jerusalema. Ha e ntse e tlisoa ka ’mino o moholo le nyakallo, koloi e e palamisitseng ea tsukutleha, ’me Uzza, ea tsamaeang ka thōko ho eona, o nanabetsa letsoho ho tsitsisa Areka e halalelang. “Ebile Jehova o halefela Uzza, ’me Molimo oa ’molaea hona teng ka molato oo.” (6:7) Areka e phomola tlung ea Obed-Edomo, ’me nakong ea likhoeli tse tharo tse latelang, Jehova o hlohonolofatsa ntlo ea Obed-Edomo ka ho enneng. Ka mor’a likhoeli tse tharo Davida oa tla ’me o nka Areka ka tsela e nepahetseng karolong e setseng kaofela ea leeto leo. Ka mehoo ea thabo, ’mino le motjeko, Areka e tlisoa motse-moholo oa Davida. Davida o senola thabo ea hae e khōlō ka ho tjeka ka pel’a Jehova, empa mosali oa hae Mikale o nyatsa sena. Davida o tsitlallela hore: “Ke tla keteka ka pel’a Jehova.” (6:21, NW) Ka baka leo Mikale o lula a se na bana ho fihlela lefung la hae.b
10. Selekane le tšepiso tsa Jehova tse latelang tseo re li hlokomelang ke life?
10 Selekane sa Molimo le Davida (7:1-29). Joale re tla ho e ’ngoe ea liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba Davida, e amanang ka ho toba le sehlooho se seholo sa Bibele, ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso tlas’a Peō e tšepisitsoeng. Ketsahalo ena e tlisoa ke takatso ea Davida ea ho hahela areka ea Molimo ntlo. Kaha eena ka boeena o lula ntlong e ntle ea likedare, o bontša Nathane takatso ea hae ea ho hahela areka ea Jehova ea selekane ntlo. Ka Nathane, Jehova o tiisetsa Davida mosa oa Hae o lerato ho Iseraele ’me o thea selekane le eena se tla tšoarella ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, hase Davida empa ke peō ea hae e tla hahela lebitso la Jehova ntlo. Ho phaella moo, Jehova o etsa tšepiso e lerato: “Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.”—7:16.
11. Davida o senola teboho ka thapelo efe?
11 Davida a khahliloe ke molemo oa Jehova, joalokaha o bontšitsoe ka selekane sena sa ’Muso, o tšolla teboho ea hae bakeng sa mosa oohle o lerato oa Molimo: “Ke sefe sechaba se lefatšeng se kang sechaba sa hao sa Iseraele, seo Molimo o tlileng ho se lopolla, hore e be sechaba sa oona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatše la sona tse kholo, tse tšabehang! . . . ’Me uena Jehova, u ’nile ua ba Molimo oa sona.” (7:23, 24) Ka tieo o rapella ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ntlo ea Davida hore e tiisoe pel’a Hae.
12. Davida o loana lintoa life, ’me o bontša ntlo ea Saule mosa ofe?
12 Davida o atolosa sebaka se busoang ke Iseraele (8:1–10:19). Leha ho le joalo, Davida ha a tlohelloe hore a buse ka khotso. Ho sa ntsane ho e-na le lintoa tse lokelang ho loanoa. Davida o tsoela pele ho bolaea Bafilista, Bamoabe, Batsoba, Basyria, le Baedomo, o atolosa moeli oa Iseraele ho ea fihla litekanyong tsa oona tse khethiloeng ke Molimo. (2 Sam. 8:1-5, 13-15; Deut. 11:24) Joale o retelehela tlung ea Saule e le hore ka lebaka la Jonathane, a ka bontša mosa o lerato ho bafe kapa bafe ba setseng. Tsiba, mohlanka oa Saule, o mo hlokomelisa mor’a Jonathane, Mefiboshethe, ea holofetseng maoto. Hang-hang, Davida o laela hore maruo ’ohle a Saule a nehoe Mefiboshethe le hore tšimo ea hae e lengoe ke Tsiba le bahlanka ba hae ho hlahisetsa ntlo ea Mefiboshethe lijo. Leha ho le joalo, Mefiboshethe ka boeena o tla ja tafoleng ea Davida.
13. Jehova o bontša hore o na le Davida ka litlhōlo life tse eketsehileng?
13 Ha morena oa Ammone a shoa, Davida o romela manģosa ho mor’a hae Hanune ka lipontšo tsa mosa o lerato. Leha ho le joalo, baeletsi ba Hanune ba nģosa Davida ka hore o ba rometse ho ea hloela naha, ka hona baa a tlotlolla ’me ba a khutlisa ba a taboletse liaparo. Davida, a halefisitsoe ke nyeliso ena, o romela Joabe le lebotho la hae ho phetetsa bobe bona. A arotse mabotho a hae, o leleka Baamone le Basyria ba neng ba tlil’o ba thusa habobebe. Basyria ba hlophisa mabotho a bona bocha, empa ba boetse ba hlōloa ke mabotho a Jehova tlas’a taolo ea Davida ’me ba lahleheloa ke bakhanni ba makoloi ba 700 le banna ba kaletseng lipere ba 40 000. Bona ke bopaki bo eketsehileng ba mohau oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae holim’a Davida.
14. Davida o etsa sebe sefe le Bathe-Sheba?
14 Davida o siteloa Jehova (11:1–12:31). Nakong e latelang ea selemo Davida o boetse o romela Joabe Ammone ho thibella Rabba, ha eena ka boeena a sala Jerusalema. Ka mantsiboea a mang ha a le holim’a marulelo a ntlo ea hae, o bona Bathe-Sheba e motle, mosali oa Uria Mohethe, a ntse a tola. O mo tlisa tlung ea hae, o ba le likamano le eena, ’me oa ima. Davida o leka ho pata sena ka ho khutlisa Uria ntoeng Rabba le ho mo romela tlung ea hae ho ea ikhatholla. Leha ho le joalo, Uria o hana ho ikhahlisa le ho ba le likamano le mosali oa hae ha Areka le lebotho li ntse li “lutse metlotloaneng.” Ka ho tsieleha Davida o khutlisetsa Uria ho Joabe ka lengolo le reng: “U ke u laolele Uria kapele moo ntoa e lohlaneng; le suthe pel’a hae, a tle a bolaoe, a shoe.” (11:11, 15) Uria o shoa ka tsela ena. Ha nako ea Bathe-Sheba ea tšiamo e fetile, hang-hang Davida o mo tlisa tlung ea hae, moo a fetohang mosali oa hae, ’me ngoan’a bona, mora, oa tsoaloa.
15. Nathane o phatlalatsa kahlolo ea boprofeta holim’a Davida joang?
15 Sena se sebe mahlong a Jehova. O romela moprofeta Nathane ho Davida ka molaetsa oa kahlolo. Nathane o bolella Davida ka monna oa morui le monna oa mofutsana. E mong o ne a e-na le mehlape e mengata, empa e mong o ne a e-na le konyana e tšehali, eo e neng e le phofotsoana e ruiloeng ke lelapa ’me “ho eena eka ke morali.” Leha ho le joalo, ha ho fihla nako ea ho etsa mokete, morui ha aa ka a nka nku mehlapeng ea hae, empa o ile a nka konyana e tšehali ea monna oa mofutsana. Davida, a halefile ha a utloa sena, oa khotsa: “Ka Jehova ea utloang, motho ea entseng hoo o lokeloa ke lefu!” Nathane o mo arabela ka mantsoe ana: “Motho eo ke uena!” (12:3, 5, 7) Joale o phatlalatsa kahlolo ea boprofeta ea hore basali ba Davida ba tla hobosoa pontšeng ke monna e mong, hore ntlo ea hae e tla tšoenngoa ke ntoa e ka har’a lelapa, le hore ngoana oa hae ka Bathe-Sheba o tla shoa.
16. (a) Ke eng se boleloang ke mabitso a mora oa bobeli oa Davida ka Bathe-Sheba? (b) Phello ea ho qetela ea tlhaselo Rabba ke efe?
16 Ka masoabi le ka pako e tiileng, Davida o lumela phatlalatsa: “Ke sitetsoe Jehova.” (12:13) Feela joalokaha lentsoe la Jehova le boletse, ngoana ea hlahileng ka kopano ena ea bofebe o shoa ka mor’a ho kula matsatsi a supileng. (Hamorao, Davida o ba le mora e mong ka Bathe-Sheba; enoa ba mo reha Salomone, e leng lebitso le tsoang motsong o bolelang “khotso.” Leha ho le joalo, Jehova o romela Nathane ho mo reha Jedidia, e bolelang “Moratuoa oa Jah.”) Ka mor’a phihlelo ea hae e otlang pelo, Davida o bitsoa ke Joabe hore a tle Rabba, moo tlhaselo ea ho qetela e ntseng e lokisoa hona teng. A se a hapile mohloli oa metsi a motse, ka tlhompho Joabe o siela morena tlotla ea ho hapa motse ka booona.
17. Ke likhathatso life tsa ka lapeng tse qalang ho tšoenya lelapa la Davida?
17 Mathata a Davida a ka lapeng (13:1–18:33). Likhathatso tsa Davida tsa lelapa li qala ha e mong oa bara ba Davida, Amnone, a qala ho ba le lerato le theiloeng holim’a litakatso ho Tamare, khaitseli’a ngoan’abo, Absalome, eo e leng oa mosali e mong oa ntat’ae. Amnone o iketsa eka oa kula ’me o kōpa hore Tamare e motle a romeloe ho tla mo oka. Oa ’meta, joale o qala ho mo hloea haholo, hoo a mo lelekang a hobosehile. Absalome o rera ho iphetetsa, o emela nako ea hae e nepahetseng. Hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao, o lokisetsa mokete oo Amnone le bara ba bang kaofela ba morena ba memeloang ho oona. Ha pelo ea Amnone e nyakalalitsoe ke veine, o khaoletsoa a sa itebela ’me o bolaoa ka taelo ea Absalome.
18. Absalome o khutlisoa palehong ka leqheka lefe?
18 Ka ho tšoha khalefo ea morena, Absalome o balehela Geshure, moo a phelang joaloka mobalehi ka lilemo tse tharo. Khabareng, Joabe, molaoli oa lebotho la Davida, o rera ho etsa hore Davida a boelane le Absalome. O lokisetsa hore mosali ea bohlale oa Tekoa a hlahise boemo bo inahanetsoeng ka pel’a morena bo amang kahlolo e tšoanetseng, ho lelekoa, le kotlo. Ha morena a fetisa kahlolo, mosali eo o senola lebaka la ’nete la boteng ba hae, ka hore mor’a morena ka boeena, Absalome, o balehetse Geshure. Davida o hlokomela hore ke Joabe ea rerileng sena empa o fana ka tumello ea hore mor’a hae a khutlele Jerusalema. Ho feta lilemo tse ling tse peli pele morena a lumela ho bona Absalome ba talimane mahlong.
19. Ke phetohelo efe e hlahellang joale, hona e le ka phello efe ho Davida?
19 Ho sa tsotellehe mosa o lerato oa Davida, ka potlako Absalome o rera phetohelo ea ho amoha ntat’ae borena. Absalome o motle ka mokhoa o ikhethang har’a banna bohle ba sebete ba Iseraele, ’me sena se eketsa lerato la hae la bophahamo le boikhohomoso. Selemo se seng le se seng moriri oa hae o hōlang haholo ha o kutiloe o boima ba lik’hilogramo tse ka bang 2,3. (2 Sam. 14:26, NW, mongolo o tlaase ho leqephe) Ka mekhoa e fapaneng ea bolotsana, Absalome o qala ho hapa lipelo tsa banna ba Iseraele. Qetellong, phetohelo ea hlahella. A fumane tumello ea ntat’ae ea ho ea Hebrone, moo Absalome o phatlalatsa morero oa hae oa bofetoheli ’me o bitsa Iseraele eohle hore e mo tšehetse ha a fetohela Davida. Ha matšoele a maholo a phallela ka lehlakoreng la mor’a hae oa mofetoheli, Davida o baleha Jerusalema a e-na le batšehetsi ba seng bakae ba tšepahalang, bao ho bona Ittai Mogathe a ipakang e le motšehetsi e moholo, ’me oa phatlalatsa: “Ka Jehova ea utloang, le ka morena, mong a ka, ea utloang, leha morena, mong a ka, a ka ba kae le kae, leha e le ho shoeng, leha e le ho pheleng, mohlanka oa hao le eena o tla ba hona teng.”—15:21.
20, 21. (a) Ke liketsahalo life tse etsahalang palehong ea Davida, ’me boprofeta ba Nathane bo phethahatsoa joang? (b) Akitofele oa lehlaba-phio o fihla lefung la hae joang?
20 Ha Davida a ntse a balehile Jerusalema, o tseba ka bohlaba-phio ba e mong oa baeletsi ba hae ba tšeptjoang ka ho fetisisa, Akitofele. Oa rapela: “Oho, Jehova, u etse keletso ea Akitofele lefeela.” (15:31) Tsadoke le Abiathare, baprista ba tšepahalang ho Davida, le Hushai Moarke ba khutlisetsoa Jerusalema ho ea sheba le ho tlaleha mesebetsi ea Absalome. Khabareng, lefeelleng, Davida o kopana le Tsiba, mohlanka oa Mefiboshethe, ea tlalehang hore joale mong’a hae o lebelletse hore ’muso o boele tlung ea Saule. Ha Davida a fetela pele, Shimei, oa ntlo ea Saule, oa mo rohaka o bile o ’metsa ka majoe, empa Davida o thiba banna ba hae hore ba se ke ba iphetetsa.
21 Morao koana Jerusalema, ka tlhahiso ea Akitofele, mofetoheli Absalome o ba le likamano le lirethe tsa ntat’ae “pontšeng ho ba-Iseraele bohle.” Sena se phethahatsa kahlolo ea boprofeta ea Nathane. (16:22; 12:11) Hape, Akitofele o eletsa Absalome hore a nke lebotho la banna ba 12 000 ’me a tsome Davida ho theosa le lefeella. Leha ho le joalo, Hushai ea khonneng ho etsa hore Absalome a mo tšepe, o buella hore a nke tsela e fapaneng. ’Me hantle feela joalokaha Davida a rapetse, keletso ea Akitofele ea ferekanngoa. Joaloka Judase, Akitofele ea ferekaneng o ea hae ’me oa iphenetha. Ka sekhukhu Hushai o tlalehela baprista Tsadoke le Abiathare merero ea Absalome, ’me bona, ba fetisetsa melaetsa ho Davida lefeelleng.
22. Tlhōlo ea Davida e kopana le masoabi afe?
22 Sena se etsa hore Davida a khone ho tšela Jordane ’me a khethe sebaka sa ntoa morung oa Mahanaime. Mono o hlophisa mabotho a hae bakeng sa ntoa ’me o a laela hore a tšoare Absalome ka mosa. Bafetoheli ba hlōloa hampe. Ha Absalome a baleha a palame ’moulo ’me a feta morung o teteaneng, hlooho ea hae e tšoasoa ke makala a ka tlaase a sefate se seholo, ’me o leketla moo sebakeng. Ha Joabe a mo fumana a le tsietsing ena, oa ’molaea, a sa natse taelo ea morena le hanyenyane. Masoabi a tebileng a Davida ha a utloa ka lefu la mor’a hae a senoloa sellong sa hae: “Mor’a ka Absalome! mor’a ka! mor’a ka Absalome! Hojane ho shoele ’na bakeng sa hao, Absalome! mor’a ka! mor’a ka!”—18:33.
23. Ke litokisetso life tse tšoaeang ho khutla ha Davida e le morena?
23 Liketsahalo tse qetellang tsa puso ea Davida (19:1–24:25). Davida o tsoela pele ho siama habohloko ho fihlela ha Joabe a mo phehella hore a boele a nke boemo ba hae bo nepahetseng joaloka morena. Joale o khetha Amasa ho ba molaoli oa lebotho sebakeng sa Joabe. Ha a khutla, o amoheloa ke sechaba, ho akarelletsa Shimei, eo Davida a qenehelang bophelo ba hae. Mefiboshethe le eena o tlisa nyeoe ea hae, ’me Davida o mo fa lefa le lekanang le la Tsiba. Hang hape, Iseraele eohle le Juda li kopana tlas’a Davida.
24. Ho ba le liphetoho life tse eketsehileng tse amang moloko oa Benyamine?
24 Leha ho le joalo, ho sa na le likhathatso tse ling tse tlang. Sheba, Mobenyamine, o phatlalatsa hore ke eena morena ’me o etsa hore ba bangata ba furalle Davida. Amasa, ka taelo ea Davida ea hore a phuthe banna ’me a felise phetohelo eo, o kopana le Joabe ’me o bolaoa ka bohlaba-phio. Joale Joabe o nka lebotho ’me o latela Sheba ho ea motseng oa Abele oa Bethe-Maaka ’me oa o thibella. Ka ho utloa keletso ea mosali ea bohlale oa motse, baahi ba bolaea Sheba, ’me Joabe oa khutla. Ka baka la hore Saule o ne a bolaee Bagibeone ’me molato oa mali ao o ne o ntse o e-s’o phetetsoe, ho ba le bofuma ka lilemo tse tharo Iseraele. Ho tlosa molato oa mali, bara ba supileng ba ntlo ea Saule baa bolaoa. Hamorao, ntoeng le Bafilista hape, bophelo ba Davida bo pholosoa bo se bo le lintšing ke mochan’ae Abishai. Banna ba hae ba hlapanya hore a se ke a hlola a ea ntoeng le bona “e se re mohlomong ua tima lebone la Iseraele.” (21:17) Joale ba bararo ho banna ba hae ba etsa bokhabane bo hlahelletseng ka ho bolaea linatla tsa Bafilista.
25. Ke eng e senoloang lipineng tsa Davida tse latelang tse tlalehiloeng?
25 Ntlheng ena, mongoli o kenya pina eo Davida a e binelang Jehova tlalehong ena, e tšoanang le Pesaleme ea 18 eo hape e senolang teboho bakeng sa ho lopolloa “matsohong a lira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule.” Ka nyakallo oa phatlalatsa: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka, monamoleli oa ka. O sitsa morena oa hae ka poloko e kholo, o etsa mohau ho motlotsuoa oa hae, ho Davida, le ho moloko oa hae, ka ho sa feleng.” (22:1, 2, 51) Joale ho latela pina ea ho qetela ea Davida, eo ho eona a lumelang, “Moea oa Jehova o bua ka ’na, lentsoe la hae le lelemeng la ka.”—23:2.
26. Ho boletsoe eng mabapi le banna ba linatla ba Davida, ’me o bontša tlhompho bakeng sa mali a bona a bophelo joang?
26 Ha re khutlela tlalehong ea histori, re fumana ho thathamisitsoe banna ba linatla ba Davida, bao ba bararo ba bona e leng ba hlahelletseng. Bana ba ameha ketsahalong ea ha setsi se ka thōko sa masole a Bafilista se hlonngoe Bethlehema, motseng oa habo Davida. Davida o senola takatso ena: “Ke mang ea tla ’nosa metsi a seliba sa Bethlehema, se khorong?” (23:15) Eaba banna ba bararo ba linatla ba fohla kampo ea Bafilista, ba kha metsi selibeng, ’me ba khutlela ho Davida ka ’ona. Empa Davida o hana ho a noa. Ho fapana le hoo, o a tšollela fatše, o re: “Oho Jehova, a nke ke se ke ka etsa hoo; ha ke re, ke mali a banna bao ba ileng, ba telile ho phela ha bona?” (23:17) Ho eena metsi ao a lekana le mali a bophelo ao ba ileng ba a beha kotsing bakeng sa ’ona. Banna ba linatlahali ba 30 ba lebotho la hae le liketso tsa bona tse sebete ke bona ba latelang ba thathamisoang.
27. Sebe sa ho qetela seo Davida a se etsang ke sefe? Kotlo e tlisoang ke sebe seo e emisoa joang?
27 Qetellong, Davida o etsa sebe ka ho bala sechaba. Ha a kōpa mohau ho Molimo, o fuoa khetho pakeng tsa likotlo tse tharo: lilemo tse supileng tsa bofuma, ho hlōloa lintoeng ka likhoeli tse tharo, kapa matsatsi a mararo a lefu la seoa ka har’a naha. Davida oa arabela: “A re mpe re oele matsohong a Jehova, etsoe mehauhelo ea hae e le mengata; ke se ke ka oela matsohong a batho.” (24:14) Lefu la seoa sechabeng ka kakaretso le bolaea batho ba 70 000, le emisa feela ha Davida, a nka khato ka litaelo tsa Jehova tse tlileng ka Gade, a reka seotlo sa Arauna, moo a etsetsang Jehova licheso le mahlabelo a kopanetsoeng teng.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
28. Samuele oa Bobeli e tšoere litemoso life tse tsotehang?
28 Ho na le ho hongata ho ka fumanoang ho Samuele oa Bobeli ho molemo bakeng sa ’mali kajeno! E batla e le boikutlo bo bong le bo bong ba botho bo ferefiloeng mona ka mebala e matla ka ho fetisisa, ea bophelo ba sebele. Ka hona, re lemosoa ka mantsoe a tsotehang ka liphello tse tlisang koluoa tsa ho rata bophahamo le boiphetetso (3:27-30), ho ba le takatso e fosahetseng bakeng sa molekane oa lenyalo oa e mong (11:2-4, 15-17; 12:9, 10), liketso tsa bohlaba-phio (15:12, 31; 17:23), lerato le theiloeng holim’a litakatso feela (13:10-15, 28, 29), kahlolo ea lepotla-potla (16:3, 4; 19:25-30), le ho se hlonephe liketso tsa e mong tsa boinehelo.—6:20-23.
29. Ke mehlala efe e babatsehang ea boitšoaro le khato tse nepahetseng tse ka fumanoang ho Samuele oa Bobeli?
29 Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle molemo o moholo ka ho fetisisa oa Samuele oa Bobeli o ka fumanoa ka lehlakoreng la eona le molemo, ka ho ela hloko mehlala e mengata e babatsehang ea boitšoaro le khato tse nepahetseng. Davida ke mohlala ka boinehelo ba hae bo khethehileng ho Molimo (7:22), boikokobetso ba hae ka pel’a Molimo (7:18), ho phahamisa ha hae lebitso la Jehova (7:23, 26), pono ea hae e nepahetseng tlokotsing (15:25), ho bakela sebe ha hae ka tieo (12:13), botšepehi ba hae tšepisong ea hae (9:1, 7), ho boloka ha hae ho leka-lekana tlas’a teko (16:11, 12), ho itšetleha ha hae ka Jehova ka linako tsohle (5:12, 20), le tlhompho ea hae e tebileng bakeng sa litokisetso tsa Jehova le bao a ba khethang (1:11, 12). Ha ho makatse hore Davida o ne a bitsoa “monna ea lumellanang le pelo [ea Jehova]”!—1 Sam. 13:14, NW.
30. Ke melao-motheo efe e sebelisoang le e bontšoang ho Samuele oa Bobeli?
30 Ho sebelisoa ha melao-motheo ea Bibele e mengata le hona ho ka fumanoa ho Samuele oa Bobeli. Har’a eona ho na le melao-motheo ea boikarabelo ba sechaba (2 Sam. 3:29; 24:11-15), hore boikemisetso bo botle ha bo fetole litlhokahalo tsa Molimo (6:6, 7), hore ho lokela ho hlonepshoe bohlooho tokisetsong ea puso ea Jehova (12:28), hore mali a lokela ho nkoa a halalela (23:17), hore ho hlokahala tefo bakeng sa molato oa mali (21:1-6, 9, 14), hore ea bohlale a ka qobisa ba bangata koluoa (2 Sam. 20:21, 22; Moek. 9:15), le hore botšepehi ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le baemeli ba oona bo tlameha ho bolokoa “e-bang ke bakeng sa lefu kapa bakeng sa bophelo.”—2 Sam. 15:18-22, NW.
31. Samuele oa Bobeli e fana ka mahlaseli a ’Muso oa Molimo joang, joalokaha hoo ho pakoa ka Mangolong a Bokreste a Segerike?
31 Habohlokoa ho feta tsohle, Samuele oa Bobeli e supa ’Musong oa Molimo ’me e fana ka mahlaseli a oona a khanyang, e leng oo o o theang matsohong a “mor’a Davida,” Jesu Kreste. (Matt. 1:1) Kano eo Jehova a e entseng ho Davida mabapi le ho ba teng ha ’muso oa hae ka ho sa feleng (2 Sam. 7:16) e boletsoe ho Liketso 2:29-36 mabapi le Jesu. Hore boprofeta, “Ke tla ba ntat’ae, eena e be mor’a ka” (2 Sam. 7:14), bo ne bo hlile bo supa Jesu ho bontšoa ke Ba-Heberu 1:5. Sena se ile sa boela sa netefatsoa ke lentsoe la Jehova ha a ne a bua a le leholimong: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Matt. 3:17; 17:5) Qetellong, Gabriele o supa selekane sa ’Muso se entsoeng le Davida mantsoeng a hae ho Maria mabapi le Jesu: “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32,33) Tšepiso ea Peō ea ’Muso e hlaha e le e thabisang hakaakang ha mohato ka mong oa tsoelo-pele ea eona o manoloha ka pel’a mahlo a rōna!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 745-7.
b Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 373-4.