“Lerato la Hao la Pele”
“Empa ke na le see ke se nyatsang ho uena, ke hobane u lahlile lerato la hao la pele. Hopola hle moo u oeleng, ’me u bake.”—TŠENOLO 2:4, 5.
1, 2. (a) Jesu o tobisitse mantsoe afe a keletso phuthehong ea Efese? (b) Mantsoe aa e ka ’na eaba a bakile eng?
NA U paki ea Jehova e nang le lilemo tse telele tsa tšebeletso e tšepahalang? Haeba u joalo, u ka ikutloa joang haeba motho e mong eo u mo hlomphang haholo a ka u bolella mantsoe a qotsitsoeng mona kaholimo? Na u tla khopeha ke hona? Kapa u tla nahana hore o entse phoso ’me o bua le motho osele?
2 Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 1 900, phutheho, kapa kereke ea Efese Asia Minor e ile ea tobisoa mantsoe ana molaetseng o neng o ea ho eona o tsoa ho Jesu Kreste ea tsositsoeng. Mantsoe a hae a tlameha a be a ile a ba nyarosa. Bakreste bao ba Efese ba ne ba mamelletse lebitsong la Jesu ’me ba hanela tšusumetso ea bakoenehi ka lilemo tse fetang 40. (Liketso 18:18, 19; Ba-Efese 1:1, 2) Jesu a re: “Ke tseba mesebetsi ea hao, le mokhathala oa hao, le mamello ea hao, le hobane u sitoa ho mamella ba babe, u bile u lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, ’me u lemohile hoba ba leshano.” (Tšenolo 2:2) Ba ne ba ntse ba le “’neteng” kamoo re ka bolelang. Ebe joale bothata e ne e le bofe?
3. Bothata ba Bakreste ba Efese e ne e le bofe?
3 Ba ne ba feletsoe ke ‘lerato leo ba neng ba e-na le Iona pele.’ Ba ne ba se ba sa sebeletse Jehova ka mofuthu oa lerato la Bokreste joaloka pele. Ka lebaka leo, ba ne ba khoehlisitse. Kahoo, Jesu a ba lemosa: “Hopola hle moo u oeleng, ’me u bake, ’me u etse mesebetsi ea pele.”—Tšenolo 2:5.
4. Ke temoso efe eo re ka e nkang phihlelong ea Ba-Efese?
4 Mona ho na le temoso bakeng sa bahlanka ba Jehova kajeno. Ho bonolo haholo hore le bao e leng khale ba le mafolo-folo Bokresteng ba fole. Ba ka ’na ba bonahala ba ntse ba le matla, empa ka hare ba lahlehetsoe ke lerato le tebileng leo ba kileng ba e-ba le Iona bakeng sa Jehova. Lengolong le eang ho Ba-Korinthe, Pauluse a lemosa: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.” (1 Ba-Korinthe 10:12) Ho re thusa ntlheng ena, a re ke re boneng hore na Ba-Efese ba fumane lerato la bona joang le hore na ba thusitsoe joang hore ba le boloke.
Bokreste Efese
5, 6. Litaba tse molemo li ile tsa boleloa Efese joang, hona neng?
5 Lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, motse oa Efese e ne e le motse o enneng le o phetheselang ’me e ne e le setsi sa bolumeli sa molimo oa mosali oa mohetene Artemise (kapa, Diana). Thuto e buang ka Jesu e le Messia oa Jehova e utloahetse moo bonyane ka 52 C.E. ha Pauluse a fihla a tsoa Korinthe a e-na le banyalani Akila le Priscilla. Pauluse a sitoa ho lula, empa Akila le Priscilla bona ba lula. Ha sebui se matla Apollose se qala ho ruta moo “ka kelello” litaba tsa Jesu, banyalani bana ba Bakreste ba mo thusa ho lokisa moo a neng a sa utloisisa ka kolobetso. Apollose eaba o fetoha mosebeletsi ea chesehang phuthehong ea lekholo la pele la lilemo.—Liketso 18:24-28.
6 Likhoeli tse seng kae hamorao, Pauluse a khutlela Efese ’me a fumana sehlopha sa barutuoa ba ka bang 12 ba neng ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne. Ka ho ananela mantsoe a Pauluse, ba kolobetsoa hape. Joale, ka likhoeli tse tharo a bolela ntlong ea thapelo. Eare ha Bajode ba bangata ba sa ananele, Pauluse le barutuoa ba bacha ba ea lebaleng la sekolo sa Tyranno moo a ileng a qala ho ruta tsatsi le leng le le leng.—Liketso 19:8-10.
7, 8. Ke liketsahalo life tse hlokomelehang tse tšoaileng kholo e potlakang ea phutheho Efese?
7 Joale ha qala nako e thabisang Efese. Jehova a etsa mesebetsi ea bohlokoa ea ho phekola ka Pauluse. Batho ba neng ba ama liphahlo tsa hae ba ne ba fola, ’me polelo ea ho bolela ha hae ea tlala le sebaka seo. (Liketso 19:11-17) Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngola ka nako eo, a re ho phutheho ea Korinthe, ka mose o mong ho Leoatle la Aegean: “Ke tla lula Efese ho be ho fihle Pentekonta. Hobane teng ke buletsoe monyako o moholo oa tšebetso e hlohonolofalang, hape ho le bahanyetsi ba bangata.”—1 Ba-Korinthe 16:8, 9.
8 Pauluse a lula Efese nako e fetang lilemo tse peli. Ba bangata ba ithuta ka lerato le hlollang leo Jehova a le bontšitseng ka ho romela Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae hore ba bontšang ho lumela ho eena ba ka ba le bophelo bo sa feleng. Ba amohela ’nete, ’me lerato leo ba ileng ba le bontša bakeng sa Jehova le Mora oa hae la e-ba matla. Ba neng ba sebelisa bonohe “ba tlisa libuka tsa bona, ba li chesa pel’a bohle; ha ho lekanngoa theko ea tsona, ha fihleloa hoba e lekana le lichelete tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano. Lentsoe la Morena la ’na la ata joalo, la sebetsa ka matla.” (Liketso 19:19, 20) Nahana hore na hoo ebile bopaki bo matla hakaakang!
9. Matla a lerato la phutheho e ncha a ile a lekoa joang?
9 Matla a lerato la Baefese a phakisa a lekoa. Efese, litei tse ngata tsa silevera li ne li tsoella hantle bophelong ka ho etsa litempelana tsa silevera tsa Diana. Demetriuse, e mong oa litei tseo, ha a bona hore phutheho e nyenyane ea Bokreste ke kotsi mokhoeng oa bona oa bophelo, a mema pitso ea litei tse ling tsa silevera ’me ba tsosa mofere-fere. Bophelo ba Bakreste ba e-ba kotsing ho fihlela ha mongoli oa motse a khutsisa mokhopi. (Liketso 19:23-41) Ho ka etsahala hore ho bile le liteko tse tšoanang le tseo tse sa tlalehoang ka Bibeleng, Pauluse o buile ka ho ‘loana le libatana Efese.’ (1 Ba-Korinthe 15:32) Leha ho le joalo, lerato le matla leo Baefese ba neng ba e-na le Iona ho Jehova la ba thusa ho mamella.
10. Pauluse joale a leka ho khothatsa baholo ba Efese joang?
10 Qetellong, Pauluse a tloha Efese. Empa ka 56 C.E. ha a le tseleng a leba Jerusalema, a iphumana a le Mileta, hōle ka likilomithara tse 48. Eaba o bitsa baholo ba Efese ho ea kopana le bona ’me a ba khothalletsa hore ba latele mohlala oa hae le hore ba lise mohlape oa Molimo o kalosong ea bona. A hla a ba lemosa ka “liphiri tse bohale” tse neng li tla tsoa har’a bona ’me li khelose barutuoa. Hape a senola hore mohlomong a ke ke a hlola a bona lifahleho tsa bona hape. Kahoo “ba tšoaroa bohle ke ho lla haholo-holo; ba itihela molaleng oa Pauluse, ba mo aka.”—Liketso 20:17-38.
11. Pauluse a utloa life ka Ba-Efese ha a le Roma?
11 Ha Pauluse a fihla Jerusalema a tšoaroa ’me qetellong a rōmeloa Roma e le motšoaruoa. Ha a le moo mehopolo ea hae ea khutlela hape ho baena ba hae ba Efese, eaba o ba ngolla lengolo le hlahang ka Bibeleng tlas’a lebitso “Epistole ea Moapostola Pauluse ho Ba-Efese”. Mothating ona lerato la Bakreste ba Efese ho Jehova Molimo le Mora oa hae le ne le sa le matla, kaha Pauluse o itse ho bona: “Ha e sa le ke utloa le ’na tumelo ea lōna ho Morena Jesu, le lerato la lōna ho bahalaleli bohle, ha ke lese ho leboha ka lōna.”—Ba-Efese 1:15-17.
12. Ke keletso efe eo Pauluse a ileng a e ngola a le Roma e neng e tla thusa Ba-Efese ho boloka ‘lerato la bona la pele’?
12 Lengolong la hae, Pauluse a fana ka keletso e lokiselitsoeng ho ba thusa hore ba boloke lerato la bona le phela. A ba hopotsa hore ba phela mehleng e mebe, ’me kahoo, ba ‘lopolle linako,’ ba se ke ba lumella litaba tse ling ho bupetsa ho etsoa ha thato ea Molimo. (Ba-Efese 5:15-17) Pauluse a boela a hopotsa Baefese hore lira tsa bona tsa sebele hase batho ba lekang ho ba hanyetsa. Empa a re: “Ntoa ea rōna . . . e loana le . . . meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” Kahoo, a ba khothatsa ka matla hore ba apare lihlomo tsa moea le hore ba ikopanye haufi le Molimo ka thapelo.—Ba-Efese 6:11-18.
13. Timothea o tsebile ho thusa Ba-Efese joang?
13 Pauluse a ngola lengolo la hae le eang ho Ba-Efese hoo e ka bang ka 60 kapa 61 Mehleng e Tloaelehileng ea rōna. (Ba-Efese 1:1) Nakoana kamor’a moo Timothea a etela Efese ’me, ha a le moo, a amohela lengolo le tsoang ho Pauluse leo re le bitsang Timothea oa Pele. Ho Iona Pauluse a khothalletsa mohlankana enoa hore a lule Efese hore a “laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele; ’me ba se ke ba ineela litšōmo, le litaba tse sa feleng tsa masika, e leng litaba tse hlahisang likhang.” (1 Timothea 1:3, 4) Ntle ho pelaelo boteng ba Timothea motseng bo ile ba thusa Bakreste ba bangata ba Efese ho boloka lerato la bona le chesehang ho Jehova ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe e ba potileng.
14. (a) Jehova o ne a matlafalitse Ba-Efese joang? (b) Ho sa tsotellehe sena, ho ile ha etsahala joang ka bona?
14 Hoo e ka bang ka 65 C.E., Pauluse a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Timothea. Ho Iona a bolela hore o romile lenqosa le leng, Tykike, Efese. (2 Timothea 4:12) Ke moo re qetellang ho bala ka Efese ho fihlela ha Jesu a rōmela molaetsa oa hae o ngotsoeng bukeng ea Tšenolo. Bakreste ba Efese e ne e le litholoana tsa ho bolela ha moapostola Pauluse. Hamorao ba fumana molemo ka maeto a Bakreste ba tsebisahalang ba kang Timothea, ba eletsoa ka lengolo le bululetsoeng ke moea o halalelang ’me ea e-ba karolo ea “’mele o le mong.” (Ba-Efese 4:4). Empa leha ho le joalo ba ne ba lahlehetsoe ke ‘lerato la bona la pele.’
Ho Hlokahala Keletso e Tiileng
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ka’na ba ikutloa hore ho ne ho ka lebelloa hore Ba-Efese ba felloe ke mofuthu o mong oa lerato leo ba neng ba e-na le Iona pele? (b) Na Jesu o ile a ikutloa ka tsela eo?
15 Ba bang ba ka ’na ba talima ho fola ha lerato le mofuthu la Ba-Efese e le ho utloahalang. Ha e le hantle, phutheho e ne e bile teng Efese ka lilemo tse fetang 40 nakong ea ha Jesu a rōmela molaetsa oa hae ka Johanne. Ha ho pelaelo hore ba bangata ha baa ka ba hopola mohlala o motle oa Akila le Priscilla kapa boboleli bo matla ba Apollose. E ne e le lilemo tse 30 moapostola Pauluse a shoele. Jerusalema e ne e e-na le lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano e timetse. Kahoo ho ne ho ka lebelloa hore Bakreste ba Efese ba ne ba tla iketla, ba felloe ke kutloisiso ea hore nako e potlakile le ho felloa ke cheseho ea bona.
16 Leha ho le joalo, Jesu ha a ka a hlokomoloha phetoho e joalo. Ba bang bao e neng ebile Bakreste ka nako e tšoanang le Baefese ba ne ba sa felloa ke ‘lerato la pele.’ Moapostola Johanne, ea ngotseng molaetsa oa Jesu o eang ho Baefese, o ne a e-na le lilemo tse 20 e le molateli oa Kreste ha Pauluse a tlisa litaba tse molemo Efese. Ho feta moo, ba phutheho ea Filadelfia ba fane ka bopaki bo matla ba hore ba ne ba sa lahleheloa ke ‘lerato la bona la pele.’—Tšenolo 3:7-11.
17. Keletso ea Jesu ebile efe ho Bakreste ba Efese?
17 Ka lebaka leo, Jesu o ne a bua ntho e utloahalang ha a bolella Ba-Efese bao ka matla hore haeba ba sa bake ’me ba sa tsose lerato la bona, ba tla lahleheloa. A re: “Ke tla tla ho uena, ke tlose kandelare ea hao tulong ea eona, ha u sa bake”. (Tšenolo 2:5) Hona e ne e se tšoso kaha e ne e le temoso e lerato ho Bakreste bao, e ba phehella ho sebetsa ka bohlale ’me kahoo ba se ke ba lahleheloa ke tokelo ea bona.
Lebaka la ho Lahleheloa ke ‘Lerato la Pele’
18, 19. (a) Baisereale ba bile le cheseho efe ha ba lokolloa Egepeta? (b) Ke hobane’ng ha ba ile ba lahleheloa ke cheseho eo?
18 Ke hobane’ng ha batho ba lahleheloa ke lerato la bona la pele bakeng sa Jehova le cheseho ea ho etsa thato ea hae? Bibele ha e re bolelle se ileng sa etsahalla Ba-Efese. Empa ho na le mehlala e meng ka Bibeleng ea ntho e ’ngoe e joalo e ileng ea etsahala. Hopola Baiseraele ba ileng ba ntšoa Egepeta ke Moshe. Ba bone mesebetsi e matla ea Jehova e fihla tlhorong ka ho timetsoa ha Faro le makhotla a hae Leoatleng le Lefubelu, batho ba lopolotsoeng ba Molimo ba thaba haholo. Ba bina ka nyakallo, “Ke mang ea ka ka uena Jehova, har’a melimo?” (Exoda 15:11; Pesaleme ea 136:1, 15) Hamorao, ha Jehova a etsa selekane le bona, ba bolela ka lentsoe le le leng: “Tseo tsohle Jehova a li boletseng, re tla li etsa le ho li utloa.”—Exoda 24:7.
19 Empa moea oa Baiseraele oa phakisa oa fetoha. Bosieo ba metsi ka nakoana, bosieo ba mefuta e meng ea lijo, ho tšaba Bakanana le mathata a mang tsa ba lebatsa liketso tse matla tsa Jehova le selekane seo a se entseng le bona. E, esita le Egepeta, naha ea botlamuoa ba bona, ea bonahala e rateha! Ba lebala sehlōhō se tšabehang sa Baegepeta ’me ba ikhopolela feela ka ‘lihlapi, likomkomere, mahapu, sholoto, lieiee le sefothafotha’ tseo ba kileng ba li ja moo.—Numere 11:5.
20, 21. (a) Ke litaba life tse thabisang tseo Bajode ba ileng ba li utloa mehleng ea Cyruse, ’me tsa e-ba le phello efe? (b) Ke eng e ileng ea etsa hore cheseho ea bona e time?
20 Hape, hopola Bajode ba ileng ba khutla botlamuoeng ba Babylona ka 537 B.C.E. Nahana kamoo ba ileng ba tlala thabo ha ba utloa Cyruse a re: “Jehova . . . o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ea Juda. Har’a lōna mang le mang eo e leng motho oa sechaba sa hae, Molimo oa hae o ke o be le eena, ’me a nyolohele Jerusalema naheng ea Juda, ’me a hahe ntlo ea Jehova, Molimo oa Iseraele.” (Esdrase 1:2, 3) Ha arabela ba mashome a likete, ’me thabo ea e-ba khōlō ha motheo oa tempele e ncha o raloa.—Esdrase 2:64; 3:10-13.
21 Leha ho le joalo, cheseho eo ea phakisa ea fela. Lira tse haufi le bona, tsa hanyetsa ’me tsa leka ho fumana taelo ea molao ho emisa mosebetsi oa ho hahuoa ha tempele. (Esdrase, khaolo 4) Bajode ba qala ho ikahela matlo a matle. (Haggai 1:4) Koana, ba ne ba ntse ba nahana hore ba sebelisa bolumeli ba Sejode. Ba ne ba sa lahla tumelo ea bona. Empa ba ne ba feletsoe ke lerato le matla leo ba neng ba bile le Iona pele bakeng sa Jehova le lithahasello tsa borapeli ba ’nete. Ntle ho pelaelo, ba ne ba nahana hore ba leka-lekane kapa ba utloisisa seo ba se etsang. Empa Jehova a hana. A romela baprofeta Haggai le Zakaria ho fehla cheseho ea bona le ho ba khothalletsa ho phetha mohaho oa ntlo ea Jehova.—Esdrase 5:1, 2.
22, 23. (a) Ke eng e ka ’nang ea etsa hore kajeno Bakreste ba felloe ke lerato la bona la pele? (b) Ke lipotso life tse saletseng hore re li nahane?
22 Bakreste ba ka ’na ba hlaheloa ke ntho e joalo mehleng ea rōna. Mathata a letsatsi le letsatsi a bophelo lefatšeng leo e seng la Bokreste a ka ’na a tima thabo ea bona. Ha nako e ntse e e-ea, ’nete e ka ’na ea khaotsa ho ba e pholileng le e thabisang. Ho ka ba ’na ha etsahala hore ha nako e hlakola mehopolo ea hore na lefatšeng ho ne ho le joang, Mokreste a ka ’na a talima ka tlhōlohelo seo ho thoeng ke bolokolohi, bosieo ba boikarabelo, tseo balefatše ba nang le tsona. (Ba-Efese 2:11, 12) Kapa Bakreste ba ka ’na ba qetoa ke boikutlo ba batho ba ba potolohileng. Ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore ba se be mafolo-folo haholo tšebeletsong ea Molimo, ba ke ba nyehlise hanyenyane.—Jeremia 17:9.
23 E tlameha ebe ho Bakreste ba Efese ho batlile ho e-ba tjena, empa Jesu ka ho hlakileng o ne a ikutloa hore ba ka hlaphoheloa. Ha e le hantle, ba ne ba se ba fumane keletso e ngata ka moapostola Pauluse eo, haeba e sebelisoa, e neng e ka thusa ho khutlisa ‘lerato la bona la pele.’ Keletso ee ea bohlokoa e ne e le efe? Hona na ho tla re thusa ho boloka ‘lerato la rōna la pele’ kajeno? Re tla buisana ka hona sehloohong se latelang.
Na u sa Hopola—
◻ Ke bothata bofe bo neng bo le teng phuthehong ea Efese?
◻ Ke thuso efe eo Jehova a neng a ba file eona?
◻ Ke hobane’ng ha Baiseraele ba mehleng ea Moshe ba ile ba felloa ke cheseho?
◻ Ke eng e ileng ea lahlisa Baiseraele ba mehleng ea Esdrase thabo ea bona?
◻ Ke eng e ka re lahlisang ‘lerato leo re neng re e-na le Iona pele’?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mohlomong ka mabaka a nama, litho tsa phutheho ea Efese li ile tsa felloa ke lerato la pele
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Haggai a botsa Bajode: ‘Hleka ho lōna ke nako ea ho lula matlung a lōna a manehiloeng ka liplanka, athe ntlo ea Molimo ke lesupi?’