Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • jv khao. 22 leq. 502-leq. 520 ser. 2
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Subheadings
  • Similar Material
  • Liketsahalo tse Makatsang Poland
  • Likarolo tse Eketsehileng tsa Europe Bochabela Lia Buleha
  • Hona Joale ba Bangata ba Ikemiselitse ho Mamela
  • Masimo a Soeufaletse Kotulo
  • Ho Teana le Batho Libakeng Tsohle le ka Linako tsohle ha ho Khoneha
  • Boiteko bo Iphetang ba ho Finyella Lipelo
  • Ho Akaretsa Tšimo ka ho Phethahetseng Haholoanyane
  • Ho Matlafatsa Bopaki ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • ‘E Monyenyane o Fetohile Sekete’
  • Ho sa Tla Fanoa ka Bopaki bo Bokae “Linaheng tse Ling”?
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 22 leq. 502-leq. 520 ser. 2

Khaolo 22

Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše

Ka 1975 ho ile ha etsoa liqeto tsa bohlokoa mabapi le tsela eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o neng o tla tsamaisoa ka eona ntlo-khōlōng ea tsona ea lefatše. Nakong eo li ne li e-s’o tsebe hore na ke masimo afe a ka ’nang a buleha bakeng sa bopaki bo pharalletseng pele ho bofelo ba tsamaiso ea lefatše ea hona joale kapa hore na ho sa tla fanoa ka bopaki bo bokae linaheng tseo li boletseng ka bolokolohi ho tsona ka lilemo tse ngata. Empa li ne li batla ho sebelisa monyetla o mong le o mong hamolemo kamoo ho ka khonehang. Maqephe 502 ho ea 520 a pheta liketsahalo tse ling tse thabisang.

HO BILE le liphetoho tse khōlō Amerika Boroa. Ke lilemong tse seng kae tse fetileng ha Lipaki tsa Jehova Ecuador li tobane le lihlopha tsa mahoo-hoo tsa K’hatholike, baruti ba K’hatholike Mexico ba busa joaloka marena metseng e mengata, ’me Lipaki tsa Jehova li thibeloa ke ’muso Argentina le Brazil. Empa maemo a fetohile haholo. Hona joale ba bangata ba neng ba rutiloe hore ba tšabe kapa ba hloee Lipaki bona ka bobona ke Lipaki tsa Jehova. Ba bang ba mamela ka thabo ha Lipaki li ba etela bakeng sa ho arolelana le bona molaetsa oa Bibele oa khotso. Lipaki tsa Jehova lia tsebahala ’me li hlomphuoa ka ho pharalletseng.

Boholo ba likopano tsa tsona le boitšoaro ba Bokreste ba ba bang teng li hapile tlhokomelo. Likopano tse peli tse joalo, tse neng li tšoeroe ka nako e le ’ngoe São Paulo le Rio de Janeiro, Brazil, ka 1985, li bile le tlhōrō ea lenane la ba bileng teng ba 249 351. Hamorao, likopano tse eketsehileng tse 23, tse neng li tšoeroe ka morero oa ho amohela batho ba thahasellang karolong e setseng ea Brazil, li bile le kakaretso ea ba 389 387 ba bileng teng. Liphello tsa mosebetsi oo Lipaki tsa Jehova li neng li o etsa joaloka matichere a Lentsoe la Molimo Brazil li ile tsa bonahala ka ho hlaka ha batho ba 4 825 ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka ho qoelisoa metsing letotong la likopano tseo. Lilemo tse hlano feela hamorao, ka 1990, ho ile ha hlokahala hore ho tšoaroe likopano tse 110 ho pholletsa le Brazil bakeng sa ho amohela batho ba 548 517 ba bileng teng. Lekhetlong lena batho ba 13 448 ba ile ba itlhahisa bakeng sa ho qoelisoa metsing. Ho pholletsa le naha batho ka bomong le malapa a makholo a likete ba ne ba amohela Lipaki tsa Jehova hore li ba rute Lentsoe la Molimo.

’Me ho thoe’ng ka Argentina? Ka mor’a lilemo tse mashome tsa lithibelo tsa ’muso, Lipaki tsa Jehova moo li ile tsa boela tsa khona ho bokana ka bolokolohi ka 1985. E bile thabo e kaakang hore ho be teng ba 97 167 letotong la bona la pele la likopano! Tlas’a sehlooho se reng “’Muso o Hōlang—oa Lipaki tsa Jehova,” koranta ea moo ea litaba Ahora e ile ea makatsoa ke tlhophiso ea batho ba tlileng kopanong Buenos Aires, ho hloka leeme la merabe kapa la bochaba ka ho felletseng, khutso ea bona, le lerato leo ba le bonahalitseng. Eaba e phetha ka ho re: “Ho sa tsotellehe hore na re lumellana le likhopolo le lithuto tsa bona, batho bana ka kakaretso ba tšoaneloa ke tlhompho ea rōna e khōlō.” Leha ho le joalo, batho ba bangata ba Argentina ha baa ka ba fella moo. Ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me ba ba teng libokeng Holong ea ’Muso ho bona kamoo Lipaki li sebelisang melao-motheo ea Bibele ka teng bophelong ba tsona. Eaba batho bana ba etsa qeto. Lilemong tse latelang tse supileng, ba mashome a likete ho bona ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova, ’me lenane la Lipaki Argentina le ile la eketseha ka karolo ea 71 lekholong!

Karabelo litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e bile e sa tloaelehang le ho feta Mexico. Lilemong tse fetileng, Lipaki tsa Jehova moo li ne li hlaseloa khafetsa ke lihlopha tsa mahoo-hoo tse hlohlellelitsoeng ke baruti. Empa taba ea hore Lipaki ha lia ka tsa ipuseletsa kapa tsa batla ho iphetetsa e ile ea khahla batho ba lipelo li tšepahalang haholo. (Ba-Roma 12:17-19) Hape ba ile ba hlokomela hore Lipaki li thehile litumelo tsohle tsa tsona Bibeleng, e leng Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, ho e-na le lineanong tsa batho. (Matt. 15:7-9; 2 Tim. 3:16, 17) Hape ba ne ba bona hore Lipaki li na le tumelo eo kannete e li tšehetsang ha li le mahlomoleng. Malapa a mangata ka ho eketsehileng a ile a amohela Lipaki tsa Jehova ha li ithaopela ho a khannela lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng. Ha e le hantle, ka 1992, karolo ea 12 lekholong ea lithuto tsa Bibele tse neng li khannoa ke Lipaki lefatšeng ka bophara e ne e le Mexico, ’me lenane le leholo la tsona le ne le na le malapa a maholo. Ka baka leo, lenane la Lipaki tsa Jehova Mexico—eseng feela la ba bang teng libokeng tsa tsona empa la bao e neng e le baboleli ba phatlalatsa ba mafolo-folo ba ’Muso oa Molimo—le ile la phahama ho tloha ho 80 481 ka 1975 ho ea ho 354 023 ka 1992!

Europe le teng, liketsahalo tse sa tloaelehang li tlatselitse ho phatlalatsoeng ha molaetsa oa ’Muso.

Liketsahalo tse Makatsang Poland

Le hoja mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe Poland ho tloha ka 1939 ho ea ho 1945 (nakong ea puso ea Bonazi le ea Soviet) hape le ho tloha ka July 1950 (tlas’a taolo ea Soviet), Lipaki tsa Jehova li ne li sa khaotsa ho bolela moo. Le hoja li ne li le 1 039 feela ka palo ka 1939, ka 1950 ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 18 116, ’me ba ile ba tsoela pele ho ba baevangeli ba mafolo-folo (le hoja ba ne ba le hlokolosi). (Matt. 10:16) Leha ho le joalo, ha e le likopano tsona li ne li tšoaroa ka sekhukhu—libakeng tsa mahae, melikong, le likhoeng. Empa, ho qala ka 1982, ’muso oa Poland o ile oa li lumella ho tšoara likopano tsa letsatsi le le leng tsa boholo bo itekanetseng meahong e hiriloeng.

Joale, ka 1985 mabala a maholo ka ho fetisisa a lipapali Poland a ile a lokolleloa Lipaki tsa Jehova bakeng sa likopano tse ’nè tse khōlō khoeling ea August. Ha e mong ea tlileng kopanong ea tsoang Austria a fihla ka sefofane, o ile a makala ha a utloa tsebiso e etsoang ka sebuela-hōle e amohelang Lipaki tsa Jehova Poland bakeng sa kopano ea tsona. Ha Paki e ’ngoe e seng e hōlile ea Poland e neng e tlil’o amohela moeti enoa e hlokomela boikutlo bo fetohileng ba ’muso boo sena se bo bontšang e ile ea sekisa meokho ea thabo. Ba bileng teng likopanong tsena e bile ba 94 134, ho akarelletsa lihlopha tse tsoang linaheng tse 16. Na batho ka kakaretso ba ne ba tseba se etsahalang? Ka sebele ho joalo! Nakong ea likopano tsena le ka mor’a tsona, ba ile ba bala litlaleho likoranteng tsa bona tse khōlō, ba bona matšoele a tlileng kopanong thelevisheneng, ’me ba utloa likarolo tse itseng tsa lenaneo seea-le-moeeng sa sechaba. Ba bangata ho bona ba ile ba rata seo ba se boneng le ho se utloa.

Litokisetso bakeng sa likopano tse khōloanyane le ho feta Poland li ne li ntse li tsoela pele ha, ka May 12, 1989, ’muso o fana ka tumello ea molao ho Lipaki tsa Jehova joaloka mokhatlo oa bolumeli. Ka mor’a likhoeli tse tharo, likopano tse tharo tsa lichaba li ne li ntse li tsoela pele—Chorzów, Poznan, le Warsaw—ka kakaretso ha e-ba teng ba 166 518. Ka ho makatsang, Lipaki tse likete tse tsoang ho se neng se bitsoa Soviet Union (U.S.S.R.) le Czechoslovakia nakong eo li ile tsa khona ho fumana tumello e hlokahalang ea ho tsamaea ’me li ile tsa e-ba teng. Na mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa Lipaki tsa Jehova o ne o hlahisa litholoana linaheng tsee tseo ho tsona ho se lumele ho Molimo ho neng ho buelloa ka matla ke ’Muso ka lilemo tse mashome? Karabelo e ile ea bonahala ha batho ba 6 093, ho akarelletsa bacha ba bangata, ba itlhahisa bakeng sa ho qoelisoa metsing likopanong tseo.

Ho ne ho hlakile ho batho ka kakaretso hore Lipaki li fapane—ka tsela e hlomphehang haholo. Likoranteng tsa sechaba, ba ile ba bala lipolelo tse tšoanang le tse latelang: “Ba rapelang Jehova Molimo—joalokaha bona ka bobona ba bolela—ba nka liboka tsa bona e le tsa bohlokoa bo boholo, tseo ka sebele e leng pontšo ea bonngoe bo teng har’a bona. . . . Ba tlileng kopanong ke mehlala e metle e lokelang ho etsisoa mabapi le tlhophiso, khutso, le bohloeki.” (Życie Warszawy) Batho ba bang ba Poland ba ile ba etsa qeto ea ho etsa ho eketsehileng ho feta feela ho shebella ba tlileng kopanong. Ba ne ba batla hore Lipaki tsa Jehova li ithute Bibele le bona. Ka baka la thuto e joalo ea Lentsoe la Molimo, lenane la Lipaki tsa Jehova Poland le eketsehile ho tloha ho 72 887 ka 1985 ho ea ho 107 876 ka 1992; ’me selemong seo sa ho qetela, li sebelitse lihora tse fetang 16 800 000 li bolella batho ba bang ka tšepo e hlollang e boletsoeng ka Mangolong.

Leha ho le joalo, hase Poland feela moo ho neng ho etsahala liphetoho tse thabisang.

Likarolo tse Eketsehileng tsa Europe Bochabela Lia Buleha

Hungary e ile ea fana ka tumello ea molao ho Lipaki tsa Jehova ka 1989. Seo e neng e le German Democratic Republic (GDR) nakong eo se ile sa tlosa thibelo ea sona ea lilemo tse 40 holim’a Lipaki ka 1990, likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore ho heletsoa ha Lerako la Berlin ho qale. Khoeling e latelang Mokhatlo oa Bokreste oa Lipaki tsa Jehova Romania o ile oa amoheloa ka molao ke ’muso o mocha oa Romania. Ka 1991 Lekala la Toka Moscow le ile la phatlalatsa hore Molao oa motheo oa “Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova U.S.S.R.” o ngolisitsoe ka molao. Hona selemong seo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Bulgaria o ile oa lumelloa ka molao. Ka 1992, Lipaki tsa Jehova Albania li ile tsa amoheloa ka molao.

Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsa eng ka tokoloho eo li e filoeng? Mongoli e mong oa likoranta o ile a botsa Helmut Martin, mohokahanyi oa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova GDR: “Na le tla kenella lipolotiking?” Ha e le hantle, ke sona seo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba neng ba se etsa. Moena Martin o ile a arabela: “Che, Jesu o file barutuoa ba hae kabelo ea Mangolo, ’me ke eona eo re e nkang e le mosebetsi oa rōna o moholo.”—Matt. 24:14; 28:19, 20.

Ka sebele Lipaki tsa Jehova e ne e se hona li qalang ho hlokomela boikarabelo boo karolong ena ea lefatše. Le hoja ho ’nile ha hlokahala hore li ntšetse mosebetsi oa tsona pele tlas’a maemo a thata haholo ka lilemo tse ngata, linaheng tse ngata ho tsena liphutheho (tse kopanang lihlopheng tse nyenyane) li ne li ntse li tsoela pele, ’me ho fanoa ka bopaki. Empa ho ne ho buleha monyetla o mocha. Li ne li ka tšoara liboka tseo li neng li ka memela batho ka bolokolohi ho tsona. Li ne li ka bolela ka ntlo le ntlo ka bolokolohi, li sa tšabe hore li tla koalloa teronkong. E ne e le linaha tse nang le kakaretso ea baahi ba fetang 390 000 000, moo ho nang le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Li hlokomela ka tieo hore re phela mehleng ea ho qetela ea tsamaiso ea hona joale ea lintho ea lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa nka khato kapele.

Esita le pele ho fanoa ka tumello ea molao, litho tsa Sehlopha se Busang li ne li etetse linaha tse ’maloa ho bona se ka etsoang ho thusa baena ba tsona ba Bakreste. Ka mor’a hore lithibelo li tlosoe, li ile tsa ea linaheng tse eketsehileng ho tsena bakeng sa ho hlophisa mosebetsi. Ka lilemo tse seng kae, li ne li teane ka seqo ’me li buile le Lipaki tse leng Poland, Hungary, Romania, Czechoslovakia, Russia, Ukraine, Estonia, le Belarus.

Ho ile ha lokisetsoa likopano bakeng sa ho matlafatsa Lipaki tse lulang linaheng tsena le ho hlokomelisa batho ka ho hlaka molaetsa oa ’Muso oa Molimo. Nakong e ka tlaase ho likhoeli tse hlano hoba thibelo e tlosoe ke seo e neng e le GDR nakong eo, ho ile ha tšoaroa kopano e joalo Lebaleng la Lipapali la Olympia Berlin. Lipaki tse tsoang linaheng tse ling tse 64 li ile tsa arabela kapele-pele memong ea hore li be teng. Li ile tsa ho nka e le tokelo ho thabela ketsahalo eo le baena le bo-khaitseli ba Bakreste bao ka lilemo tse mashome ba neng ba bonahalitse botšepehi ho Jehova ho sa tsotellehe mahloriso a boima.

Ka 1990 le ka 1991, ho ile ha tšoaroa likopano tse ling ho pholletsa le Europe Bochabela. Ka mor’a hore ho tšoaroe likopano tse ’nè tsa sebaka seo Hungary ka 1990, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa kopano ea lichaba Népstadion Budapest ka 1991. Ho bile teng ba 40 601 ba tsoang linaheng tse 35. Ka lekhetlo la pele lilemong tse fetang 40, Lipaki tsa Jehova li ile tsa khona ho tšoara likopano tsa phatlalatsa Romania ka 1990. Ho ile ha tšoaroa letoto la likopano ho pholletsa le naha eo, ’me hamorao ea ba likopano tse peli tse khōloanyane, selemong seo. Ho bile le likopano tse eketsehileng tse robeli ka 1991, ’me ha e-ba teng ba 34 808. Ka 1990, ho seo e neng e le Yugoslavia nakong eo, ho ile ha tšoaroa likopano ho e ’ngoe le e ’ngoe ea lirephabliki tse bōpang naha eo. Selemong se latelang, le hoja naha eo e ne e soketsoe ke ntoa ea lehae, Lipaki tsa Jehova tse 14 684 li ile tsa thabela kopano ea lichaba Zagreb, motse-moholo oa Croatia. Mapolesa a ne a maketse ha a bona Macroatia, Mamontenegro, Maserbia, Maslovenia, le ba bang ba bokane ka khotso ’me ba mametse lenaneo.

Ho seo nakong eo e neng e le Czechoslovakia le teng, ho ile ha lokisetsoa likopano kapele. Kopanong e neng e tšoaretsoe Prague ka 1990 ho bile teng ba 23 876. Ba hlokometseng lebala la lipapali ba ne ba thabile haholo ke seo ba se boneng hoo ba ileng ba lokollela Lipaki meaho e meholohali ka har’a naha bakeng sa kopano ea tsona e latelang. Ketsahalong eo e ikhethang, ka 1991, ho bile le batho ba chesehang ba 74 587 ba tlileng kopanong ba ileng ba tlala Lebala la Lipapali la Strahov Prague. Batho ba tlileng kopanong ba Maczech le Maslovak ba ne ba thabile ’me ka mafolo-folo ba etsa litlatse ha ho etsoa tsebiso ea ho lokolloa ha New World Translation of the Holy Scriptures e felletseng ka lipuo tsa bona, bakeng sa ho e sebelisa tšebeletsong ea phatlalatsa hammoho le thutong ea botho le ea phutheho.

Hape e bile ka 1991 ha, ka lekhetlo la pele historing, Lipaki tsa Jehova li khona ho tšoara likopano pontšeng libakeng tseo nakong eo li neng li le ka har’a Soviet Union. Ka mor’a kopano e neng e tšoaretsoe Tallinn, Estonia, ho bile le e ’ngoe Siberia. Tse ’nè li ile tsa tšoareloa metseng e meholo Ukraine, ’me e ’ngoe ea tšoareloa Kazakhstan. Kakaretso ea ba bileng teng e bile 74 252. ’Me e le litholoana tsa morao-rao tsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa Lipaki tsa Jehova libakeng tsena, ba 7 820 ba ile ba itlhahisa bakeng sa ho qoelisoa metsing. Ena e ne e se qeto ea ho hapeha maikutlo eo ba e entseng ka baka la ho thabela kopano. Ba eang kolobetsong ba ne ba itokisitse ka hloko esale pele ka likhoeli tse itseng—’me maemong a mang, e bile ka lilemo.

Batho baa kaofela ba ne ba tsoa hokae? Ho ne ho hlakile hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova e ne e se hona o qalang karolong eo ea lefatše. Lingoliloeng tsa Watch Tower li ne li rometsoe ka poso ho motho e mong ea thahasellang Russia hoo e ka bang morao koo ka 1887. Mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower ka boeena o ne a kile a etela Kishinev (eo hona joale e leng Moldova) ka 1891. Liithuti tse ling tsa Bibele li ne li ile tsa ea Russia li il’o bolela lilemong tsa bo-1920; empa ho ne ho bile le khanyetso e matla ea ba boholong, ’me lihlopha tse seng kae tse ileng tsa bontša thahasello molaetseng oa Bibele li ne li fokola. Leha ho le joalo, boemo bo ile ba fetoha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona. Maliboho a naha a ile a hlophisoa bocha, ’me likarolo tse khōlō tsa baahi li ile tsa fumana libaka nģa e ’ngoe. Ka baka leo, Lipaki tse fetang sekete tse buang Seukraine tse tsoang ho seo e neng e le Poland bochabela li ile tsa iphumana li le ka har’a Soviet Union. Lipaki tse ling tse neng li lula Romania le Czechoslovakia li ile tsa fumana hore libaka tseo li lulang ho tsona li fetohile karolo ea Soviet Union. Ho phaella moo, Marussia a neng a fetohile Lipaki tsa Jehova ha a ntse a le likampong tsa mahloriso tsa Jeremane a ile a khutlela ha habo ’ona, ’me a ile a tsamaea le litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka 1946, ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolo-folo tse 4 797 Soviet Union. Ba bangata ho tsona ’muso o ne o ba tlosa sebakeng se seng o ba isa ho se seng ho theosa le lilemo. Ba bang ba ile ba koalloa literonkong. Hohle moo ba eang ba ne ba paka. Manane a bona a ile a eketseha. Esita le pele ’muso o ba fa tumello ea molao, ba ’maloa ho bona ba ne ba le mafolo-folo hohle ho tloha Lviv ka bophirimela ho ea fihla Vladivostok lebōpong le ka bochabela la Soviet Union, ka mose ho leoatle ho tloha Japane.

Hona Joale ba Bangata ba Ikemiselitse ho Mamela

Ha Lipaki li tšoere likopano ka 1991 ho seo e neng e le U.S.S.R. nakong eo, batho ka kakaretso ba bile le monyetla oa ho li talimela haufinyane. Ba ile ba arabela joang? Lviv, Ukraine, ofisiri ea sepolesa e ile ea bolella e mong oa ba tlileng kopanong: “Lea ipabola tabeng ea ho ruta ba bang se lokileng, le bua ka Molimo, ’me ha le kenelle pefong. Re ne re ntse re bua ka hore na ke hobane’ng ha re ne re atisa ho le hlorisa, ’me re fihletse qeto ea hore re ne re e-s’o ka re le mamela ’me re sa tsebe letho ka lōna.” Empa joale ba bangata ba ne ba mamela, ’me Lipaki tsa Jehova li ne li batla ho ba thusa.

E le hore li ka ntšetsa mosebetsi oa tsona pele ka katleho linaheng tsena, ho ne ho hlokahala lingoliloeng tsa Bibele. Ho ile ha etsoa boiteko bo boholo ba ho li hlahisa kapele. Selters/Taunus, Jeremane, Lipaki tsa Jehova li ile tsa atolosa meaho ea tsona ea khatiso ka makhetlo a ka bang mabeli ka boholo. Le hoja katoloso e ne e ntse e e-s’o phethoe, hoo e ka bang libeke tse peli ka mor’a hore thibelo e tlosoe ho seo e neng e le Jeremane Bochabela nakong eo, ho ile ha romeloa litone tse 25 tsa lingoliloeng sebakeng sena li tsoa setsing sa khatiso Selters. Ho tloha nakong ea ho tlosoa ha lithibelo linaheng tsa Europe Bochabela ho fihlela ka 1992, hoo e ka bang litone tse 10 000 tsa lingoliloeng ka lipuo tse 14 tse khōlō li ile tsa romeloa libakeng tsena tse sa tšoaneng li tsoa Jeremane, litone tse ling tse 698 li tsoa Italy, ’me tse eketsehileng li tsoa Finland.

Kaha li ne li siuoe lepala-paleng ka lilemo tse ngata, Lipaki linaheng tse ling li ne li boetse li hloka thuso litabeng tsa tlhokomelo ea liphutheho le tsamaiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng. E le ho khotsofatsa tlhoko ena e potlakileng, ho ile ha iteanngoa le baholo ba nang le phihlelo—ba neng ba ka bua puo ea naha, ha ho khoneha—Jeremane, United States, Canada, le libakeng tse ling. Na ba ne ba tla ikemisetsa ho fallela ho e ’ngoe ea linaha tsee tsa Europe Bochabela bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko ee? Ka sebele ho bile le karabelo e thabisang! Moo ho khonehang, baholo ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade kapa Sekolong sa Koetliso ea Bosebeletsi le bona ba ile ba romeloa.

Joale, ka 1992 ho ile ha tšoaroa kopano e hlollang ea lichaba St. Petersburg, motse oa bobeli o moholo ka ho fetisisa Russia. Hoo e ka bang batho ba 17 000 ba ne ba tsoa linaheng tse 27 tse ka ntle ho Russia. Kopano ena e ile ea phatlalatsoa ka ho pharalletseng. Har’a ba ileng ba tla ke batho ba neng ba e-s’o utloe ka Lipaki tsa Jehova ho hang. Lenane la ba bileng teng le ile la fihla tlhōrōng ea ba 46 214. Ba tlileng kopanong ba ne ba le teng ba tsoa likarolong tsohle tsa Russia, ba bang ba tsoa bochabela ho Sehleke-hleke sa Sakhalin, haufi le Japane. Lihlopha tse khōlō li ne li tsoa Ukraine, Moldova, le linaha tse ling tseo pele e neng e le karolo ea U.S.S.R. Li ile tsa tla le litaba tse molemo. Litlaleho li bontšitse hore liphutheho ka bomong metseng e kang Kiev, Moscow, le St. Petersburg li ne li ba le karolelano ea lenane la ba bang teng libokeng tsa tsona le fetang lenane la Lipaki ka makhetlo a imenneng habeli kapa ho feta. Batho ba bangata ba neng ba batla hore Lipaki tsa Jehova li ithute Bibele le bona ba ile ba lokela ho kenngoa lethathamong la ba emeng. Ho tsoa Latvia, ho ne ho tlile batho ba ka bang 600 kopanong le ba bang ba eketsehileng ba tsoang Estonia. Phutheho e ’ngoe St. Petersburg e ne e e-na le ba fetang lekholo ba loketseng ho kolobetsoa kopanong. Ba bangata ho ba bontšang thahasello ke bacha kapa batho ka bomong ba rutehileng haholo. Ka sebele, mosebetsi o moholo oa kotulo ea moea o ntse o tsoela pele tšimong ena e khōlō eo ka nako e telele lefatše le neng le e talima e le qhobosheane ea ho se lumele ho Molimo!

Masimo a Soeufaletse Kotulo

Ha boikutlo mabapi le tokoloho ea bolumeli bo ntse bo fetoha, linaha tse ling le tsona li ile tsa tlosa lithibelo holim’a Lipaki tsa Jehova kapa tsa li fa tumello ea molao eo e neng e le khale li hana ka eona. Libakeng tse ngata ho tsena, kotulo e khōlō ea moea e ne e le lekhatheng la ho bokelloa. Maemo a ne a tšoana le ao Jesu a a hlaloselitseng barutuoa ba hae ha a re: “Emisang mahlo a lōna, le talime masimo, hobane a se a soeufaletse ho kotuloa.” (Joh. 4:35) Hlokomela libaka tse seng kae feela tseo sena se etsahetseng ho tsona Afrika.

Tšebeletso ea ntlo le ntlo ea Lipaki tsa Jehova e ne e thibetsoe Zambia ka 1969. Ka baka leo, Lipaki moo li ile tsa sebelisa nako e ngata li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele le batho ba thahasellang. Ba bang ba ile ba qala ho tsoma Lipaki e le hore ba ka fumana thupelo. Butle-butle lithibelo tsa ’muso li ile tsa kokobela, ’me lenane la ba bang teng libokeng le ile la eketseha. Ka 1992 ho bile le ba 365 828 ba bileng teng Sejong sa Morena sa Mantsiboea Zambia, a le mong ho ba bang le ba bang ba 23 sechabeng!

Ho elella ka leboea ho Zambia, Zaire, ba likete tse eketsehileng ba ne ba batla ho ithuta seo Lipaki tsa Jehova li se rutang ka bophelo ba Bokreste le ka morero oa Molimo bakeng sa batho. Ka 1990 ha maemo a lumella Lipaki ho bula Liholo tsa tsona tsa ’Muso hape, libakeng tse ling batho ba bangata ba ka bang 500 ba ile ba subuhlellana libokeng tsa tsona. Ka mor’a lilemo tse peli Lipaki tse 67 917 Zaire li ne li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 141 859 le batho ba joalo.

Lenane la linaha tse fanang ka tumello e ne e le le hlollang. Ka 1990, baromuoa ba Watch Tower ba neng ba lelekiloe Benin lilemong tse 14 pejana joale ba ile ba fuoa monyetla oa ho khutla ka molao, ’me ha buleha monyetla oa hore ba bang ba tle. Selemong sona seo Letona la Toka Rephabliking ea Cape Verde le ile la saena taelo e fanang ka tumello ea melao ea motheo ea Mokhatlo oa sebakeng seo oa Lipaki tsa Jehova, ka hona la fana ka tumello ea molao. Joale, ka 1991 thibelo e ile ea tlosoa ka molao ho Lipaki tsa Jehova Mozambique (moo babusi ba mehleng ba neng ba li hlorisa ka sehlōhō), Ghana (moo mosebetsi oa tsona o neng o thibetsoe ka molao), le Ethiopia (moo ho neng ho sa khonehe ho bolela phatlalatsa kapa ho tšoara likopano ka lilemo tse 34). Pele selemo se fela, Niger le Congo le tsona li ile tsa li fa tumello ea molao. Mathoasong a 1992, lithibelo li ile tsa tlosoa kapa ha fanoa ka tumello ea molao ho Lipaki tsa Jehova Chad, Kenya, Rwanda, Togo, le Angola.

Ana e ne e le masimo a seng a loketse kotulo ea moea. Ka mohlala, Angola, kapele-pele Lipaki li ile tsa ba le keketseho ea 31 lekholong; ho phaella moo, baboleli ba ’Muso ba ka bang 19 000 moo ba ne ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse ka bang 53 000. E le ho fana ka thuso ea tsamaiso bakeng sa lenaneo lena le leholo la thuto ea Bibele Angola hammoho le Mozambique (moo batho ba bangata ba buang Sepotoketsi), baholo ba tšoanelehang ba tsoang Portugal le Brazil ba ile ba khothalletsoa ho fallela Afrika ba tl’o ntšetsa pele tšebeletso ea bona teng. Baromuoa ba buang Sepotoketsi ba ile ba abeloa tšimo e sa tsoa buloa ea Guinea-Bissau. ’Me Lipaki tse tšoanelehang tse tsoang Fora le linaheng tse ling li ile tsa khothalletsoa hore li tl’o thusa ho finyella mosebetsi o potlakileng oa ho bolela le ho etsa barutuoa Benin, Chad, le Togo, moo batho ba bangata ba buang Sefora.

Har’a libaka tseo haholo-holo li hlahisitseng barorisi ba bangata ba Jehova ke tseo khale e neng e le liqhobosheane tsa Roma e K’hatholike. Ho phaella ho Latin America, sena se etsahetse Fora (moo tlaleho ea 1992 e bontšitseng baevangeli ba Lipaki ba 119 674), Spain (moo ho bileng le ba 92 282), Philippines (e nang le ba 114 335), Ireland (e nang le tekanyo ea khōlo ea Lipaki ea 8 ho ea ho 10 lekholong selemo le selemo), le Portugal.

Ha ba 37 567 ba ba teng kopanong ea Lipaki e neng e tšoaretsoe Lisbon, Portugal, ka 1978, makasine oa Opção o itse: “Ho mang kapa mang ea bileng teng Fátima nakong ea leeto la bolumeli, sena se fapane haholo. . . . Mona [kopanong ea Lipaki tsa Jehova] likhopolo-taba lia fela, li nkeloa sebaka ke ho tšoaroa ha seboka seo ho sona balumeli ba tšohlang mathata a bona ’moho, tumelo ea bona le pono ea bona ea moea. Boitšoaro ba bona e mong ho e mong bo fana ka letšoao le khethollehileng la kamano e bontšang ho tsotella.” Lilemong tse latelang tse leshome, lenane la Lipaki Portugal le ile la eketseha hoo e ka bang ka karolo ea 70 lekholong.

’Me ho thoe’ng ka Italy? Khaello e khōlō ea liithuti tsa boruti ba K’hatholike e qobelletse liseminari tse ling ho koaloa. Likereke tse ’maloa ha li sa na moruti oa pharishe. Maemong a mangata meaho ea khale ea kereke e se e le mabenkele kapa liofisi. Ho sa tsotellehe sena sohle, kereke e loanne ka matla ho thibela Lipaki tsa Jehova. Lilemong tse fetileng e ile ea qobella liofisiri ho leleka baromuoa ba Lipaki ’me ea laela hore liboka tsa tsona li koaloe ke mapolesa. Libakeng tse ling ka bo-1980, baruti ba pharishe ba ile ba re menyakong ea batho kaofela (ho akarelletsa le ba bang bao e neng e le Lipaki tsa Jehova) ho behoe matšoao a reng: “U se ke ua Kokota. Re Mak’hatholike.” Likoranta li ne li e-na le lihlooho tse reng: “Mokhosi oa Kereke Khahlanong le Lipaki tsa Jehova” le “‘Ntoa e Halalelang’ Khahlanong le Lipaki tsa Jehova.”

Ha baruti ba lekholo la pele la lilemo ba Bajode ba leka ho khutsisa baapostola, Gamaliele, tichere ea Molao, o ile a ba eletsa ka bohlale: “Ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tsoang ho batho, o tla fela. Empa ha eba o tsoa ho Molimo, le ke ke la ba la o felisa.” (Lik. 5:38, 39) Phello e bile efe ha baruti ba Roma e K’hatholike ba lekholong la bo20 la lilemo ba leka ho khutsisa Lipaki tsa Jehova? Mosebetsi oa Lipaki tse 120 Italy ka 1946 ha oa ka oa felisoa. Ho e-na le hoo, ka 1992, ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolo-folo tse 194 013 tse kopanelang le liphutheho tse 2 462 ho pholletsa le naha eohle. Li tlatsitse hoo e ka bang Italy eohle ka thuto ea tsona ea Lentsoe la Molimo. Ho tloha ka 1946 li sebelitse lihora tse fetang limillione tse 550 li bua le Mataliana a mang ka ’Muso oa Molimo. Ha li ntse li etsa joalo, li ba sietse likopi tse limillione tsa Bibele ka boeona hammoho le libuka, libukana, le limakasine tse hlalosang Mangolo tse fetang limillione tse 400. Li batla ho kholiseha hore batho ba Italy ba fumana monyetla o felletseng oa ho ema ka lehlakoreng la Jehova pele Armageddone e fihla. Ha li ntse li etsa joalo, li hopola seo moapostola Pauluse a se ngotseng ho 2 Ba-Korinthe 10:4, 5, e leng: “Libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li le matla ka Molimo ho liha liqhobosheane. Re liha ka tsona merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo.”

Lipaki tsa Jehova ha li lebise tlhokomelo feela linaheng tseo e neng e le liqhobosheane tsa K’hatholike. Lia tseba hore Jesu Kreste o itse: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle.” (Mar. 13:10, NW) ’Me ke oona mosebetsi oo Lipaki li o etsang. Ka 1992, ho ne ho e-na le tse 12 168 tse tšoarehileng ho bolella batho India ka ’Muso oa Molimo. Tse ling tse 71 428 li ne li bolela Rephabliking ea Korea. Japane ho ne ho e-na le tse 171 438, ’me manane a tsona a ne a eketseha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Li ile tsa boela tsa tsoela pele ho etsa boiteko ba ho finyella linaheng tseo ho tsona ho fanoeng ka bopaki bo fokolang kapa bo e-song ho fanoe.

Ka hona, karolong e qetellang ea bo-1970, ka lekhetlo la pele, li ile tsa khona ho isa molaetsa oa ’Muso ho batho ba lulang Lihleke-hlekeng tsa Marquesas le Kosrae—tse leng Leoatleng la Pacific ka bobeli. Li ile tsa boela tsa fihla Bhutan, e mateanong a moeli o ka boroa ho Chaena, le Comoros, thōkoana ho lebōpo le ka bochabela la Afrika. Lilemong tsa bo-1980 mosebetsi oa pele oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova o ile oa tlalehoa ho tsoa Lihleke-hlekeng tsa Wallis le Futuna, hammoho le lihleke-hlekeng tsa Nauru le Rota, tseo kaofela li leng ka boroa-bophirimela ho Pacific. Tse ling tsa tsona ke libaka tse batlang li le nyenyane; empa batho ba lula ho tsona, ’me bophelo ke ba bohlokoa. Lipaki tsa Jehova li hlokomela ka matla boprofeta ba Jesu ba hore pele bofelo bo e-tla, molaetsa oa ’Muso o ne o tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Matt. 24:14, NW.

Ho Teana le Batho Libakeng Tsohle le ka Linako tsohle ha ho Khoneha

Le hoja boboleli ba ntlo le ntlo bo ntse bo tsoela pele ho ba mokhoa o ka sehloohong o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova ho finyella batho, lia hlokomela hore ha li finyelle batho bohle leha li sebelisa mokhoa ona o hlophisehileng. Ka boikutlo ba ho potlaka, li tsoela pele ho batla batho libakeng tsohle tseo ba ka fumanehang ho tsona.—Bapisa le Johanne 4:5-42; Liketso 16:13, 14.

Ha liketsoana li emisa likoung tsa Jeremane le Netherlands, esita le ka nako e khutšoanyane, Lipaki tsa Jehova li leka ho li etela, li pakela molaoli pele ebe li ea ho basebetsi. Li nka lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ngata bakeng sa batho. ’Marakeng ea sechaba ea Chad, Afrika bohareng, ho tloaelehile ho bona sehlopha sa batho ba 15 kapa ba 20 ba pota-potile e mong oa Lipaki tsa Jehova ea buang le bona ka tšepo ea ’Muso oa Molimo. Li sebetsa ka lihlopha tse fapanyetsanang, Lipaki li bua le batho ba rekisetsang maphepheng le bareki ba likete ba rekang hoseng ka Moqebelo ’marakeng e rekisang thepa e sebelisitsoeng Auckland, New Zealand. Batho ba fetang liemelong tsa libese Guayaquil, Ecuador—ba bangata ho bona e le ba tsoang likarolong tse hōle tsa naha—ba atameloa ke Lipaki tse ba fang bukana e lekanang le makasine e nakong kapa La Atalaya le ¡Despertad! Ba sebetsang bosiu ’marakeng ea lijo e sebetsang bosiu le motšehare Motseng oa New York ba eteloa mesebetsing ea bona ke Lipaki e le hore le bona ba ka fumana monyetla oa ho utloa litaba tse molemo.

Ha li tsamaea ka lifofane, ka literene, ka libese, le ka literene tse tsamaeang ka tlaase ho lefatše, Lipaki tsa Jehova tse ngata li arolelana le bao li tsamaeang le bona linnete tsa bohlokoa tsa Bibele. Nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare mosebetsing oa tsona oa boipheliso le sekolong, hape le ha batho ba tlile mahaeng a tsona ka mabaka a khoebo, li sebelisa menyetla eo bakeng sa ho paka. Lia tseba hore mohlomong batho ba bangata ho bana ba tla be ba le sieo lapeng ha Lipaki li etsa maeto a tsona a ka mehla.

Ha li ntse li pakela ba bang, ha li lebale litho tsa tsona tse haufi tsa lelapa le beng ka tsona ba bang. Empa ha Maria Caamano, Paki ea Argentina, a leka ho bolella lelapa la hae kamoo a susumelitsoeng ka ho teba ke seo a ithutileng sona ka Bibeleng, ba ne ba mo tloka kapa ba iphapanya. Ha a ka a tela empa o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse 1 900 a il’o pakela ba bang ba beng ka eena. Ba bang ba ile ba arabela hamolemo. Hanyane ka hanyane, ba bang ba ile ba mamela. Ka baka leo, hona joale har’a beng ka eena ho na le batho ba baholo ba fetang 80 le bana ba fetang 40 ba amohetseng linnete tsa Bibele ’me ba li arolelana le ba bang.

E le ho thusa beng ka eena, Michael Regan o ile a khutlela ha habo, Boyle, Seterekeng sa Roscommon, Ireland. O ile a ba pakela kaofela. Mochana oa hae o ile a khahloa ke moea oa thabo le tsela e hlomphehang ea bophelo ea bana ba Michael. Kapele-pele eena le monna oa hae ba ile ba amohela thuto ea Bibele. Ha ba kolobetsoa, ntate oa hae o ile a mo phephethela habo. Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane, boikutlo ba hae bo ile ba kokobela, ’me o ile a amohela lingoliloeng tse itseng—a rerile ho pepesa “liphoso” tsa Lipaki. Empa kapele o ile a hlokomela hore seo a se balang ke ’nete, ’me ka mor’a nako o ile a kolobetsoa. Hona joale litho tsa lelapa tse fetang 20 li kopanela le phutheho, ’me ba bangata ho tsona ba se ba kolobelitsoe.

Ho thoe’ng ka batho ba teronkong? Na ba ne ba ka rua molemo molaetseng oa ’Muso oa Molimo? Lipaki tsa Jehova ha li ba hlokomolohe. Teronkong e khōlō Amerika Leboea, litokisetso tsa ho ithuta Bibele le batšoaruoa, hammoho le ho ba teng libokeng tsa ka mehla tse tšoaroang ke Lipaki tsa Jehova teronkong, li ile tsa hlahisa liphello tse molemo hoo batsamaisi ba teronko ba ileng ba etsa hore ho tšoaroe likopano moo. Ba bang teng ho tsona e ne e se batšoaruoa feela empa hape le Lipaki tse likete tse tsoang ka ntle. Linaheng tse ling le teng, ho etsoa boiteko bo tiileng ba ho pakela banna le basali ba teronkong.

Lipaki tsa Jehova ha li lumele hore thuto ea Bibele e tla fetola batšoaruoa bohle ba teronkong. Empa li tseba ho tsoa phihlelong hore ba bang ba ka thusoa, ’me li batla ho ba fa monyetla oa ho amohela tšepo ea ’Muso oa Molimo.

Boiteko bo Iphetang ba ho Finyella Lipelo

Khafetsa Lipaki tsa Jehova li etela batho. Joalokaha barutuoa ba pele ba Jesu ba entse, li “ea li sa khaotse” ho batho masimong ao li a abetsoeng ho leka ho tsosa thahasello ea bona ’Musong oa Molimo. (Matt. 10:6, 7, NW) Libakeng tse ling li khona ho etela malapa ’ohle a leng sebakeng sa tsona hanngoe feela ka selemo; libakeng tse ling, li eta ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse seng kae. Portugal, metseng e meholo ea Lisbon, moo ho nang le karolelano ea Paki e le ’ngoe ho batho ba bang le ba bang ba 160, Lipaki li etela batho hoo e ka bang beke e ’ngoe le e ’ngoe. Venezuela, ho na le metse eo ho eona masimo a akaretsoang ka mehla ka makhetlo a fetang le le leng ka beke.

Ha Lipaki tsa Jehova li etsa maeto a iphetang ha li leke ho qobella batho molaetsa oa Bibele. Li mpa feela li leka ho ba fa monyetla oa ho etsa qeto e bohlale. Kajeno, batho ba bang ba ka ’na ba re ha ba thahaselle; empa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona kapa maemong a lefatše li ka ’na tsa etsa hore ba amohele molaetsa ka lekhetlo le leng. Ka baka la leeme kapa ka baka la ho tšoareha haholo hore ba ka mamela, batho ba bangata ha ho mohla ba kileng ba utloa seo Lipaki li se rutang. Empa maeto a iphetang a botsoalle a ka ’na a etsa hore ba mamele. Hangata batho ba khahloa ke botšepehi le botšepehi ba boitšoaro ba Lipaki tse phelang tikolohong ea bona kapa bao li sebetsang le bona. Ka baka leo, ka mor’a nako, ba bang ba ba le thahasello e lekaneng ea ho batlisisa se hlileng se boleloang ke molaetsa oa tsona. Mosali e mong ea joalo Venezuela, ka mor’a hore ka thabo a amohele lingoliloeng le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, o itse: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a ntlhalosetsa lintho tsena.”

Ka tsela e mosa, Lipaki li leka ho finyella lipelo tsa bao li buang le bona. Guadeloupe, moo ho neng ho e-na le Paki e le ’ngoe ho batho ba bang le ba bang ba 57 ka 1992, ho tloaelehile hore beng ba matlo ba re, “Ha ke thahaselle.” Ha ba rialo, Eric Dodote oa arabela: “Kea utloisisa, ’me ke ipeha boemong ba hao.” Ebe oa phaella: “Empa ere ke u botse, Na u ka rata ho phela maemong a molemonyana ho feta a teng kajeno?” Ka mor’a ho mamela seo mong’a ntlo a se buileng, o ne a sebelisa Bibele ho bontša kamoo Molimo a tlang ho tlisa maemo a joalo lefatšeng la Hae le lecha.

Ho Akaretsa Tšimo ka ho Phethahetseng Haholoanyane

Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha ba thata ka ho eketsehileng linaheng tse ling ho fumana batho malapeng. Khafetsa, monna le mosali ba etsa mosebetsi oa boipheliso, ’me ka mafelo-beke ba ka ’na ba ea boithabisong hōle le hae. E le ho sebetsana le boemo bona, linaheng tse ngata Lipaki tsa Jehova li etsa mosebetsi oa tsona o moholo oa ho paka ka ntlo le ntlo mantsiboea. Brithani, Lipaki tse ling ha li khutlele feela ho ba neng ba le sieo hae pakeng tsa hora ea botšelela le ea borobeli mantsiboea empa tse ling, ka boiteko ba ho teana le batho pele ba ea mosebetsing, li etsa maeto a joalo pele ho hora ea borobeli hoseng.

Esita le moo batho ba leng teng hae, ho ka ’na ha ba thata ho ba finyella ntle leha motho a menngoe esale pele, ka baka la mehato ea tšireletso e phahameng ka baka la ho ata ha tlōlo ea molao. Empa Brazil ha batho ba bang bao ho leng thata ho iteanya le bona ba il’o otlolla maoto hoseng ka meso tselaneng e entsoeng ka mapolanka lebōpong la Copacabana Beach, ba ka ’na ba atameloa ke Paki e chesehang e leng moo ka nako e tšoanang ea hoseng e akarelletsa ba bang puisanong e bolelang kamoo’Muso oa Molimo o tlang ho rarolla mathata a batho ka teng. Paris, Fora, ha batho ba khutlela likamoreng tsa bona motšehare oa mantsiboea, ba ka ’na ba fumana banyalani ba nang le botsoalle ba Lipaki monyako oa moaho oa bona, ba emetse ho bua le batho ba lulang teng ka bomong ba ikemiselitseng ho qeta metsotso e seng mekae ho utloa ka mokhoa oo Molimo a tlang ho o sebelisa ho tlisa tšireletseho ea ’nete. Honolulu, Motseng oa New York, le libakeng tse ling tse ngata, ho boetse ho etsoa boiteko ba ho finyella ka thelefono batho ba lulang meahong e sirelelitsoeng ka thata.

Haeba li khona ho teana le motho ea itseng lelapeng ka leng, le moo Lipaki ha li ikutloe hore mosebetsi oa tsona o phethiloe. Takatso ea tsona ke ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ntlong ka ’ngoe. Ka linako tse ling sena se finyelloa ka ho eta ka matsatsi a fapaneng kapa ka linako tse fapaneng. Puerto Rico ha mong’a ntlo e mong a re ha a thahaselle, Paki e ile ea botsa hore na ho na le e mong ka tlung eo e ka buang le eena. Sena se ile sa fella ka ho buisana le monna oa lelapa, ea neng a kutse ka lilemo tse 14 ’me boholo ba nako a lula a le betheng. Pelo ea hae e ile ea khothatsoa ke tšepo e boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Ka thahasello e tsosolositsoeng bophelong, kapele-pele o ile a theoha betheng, a ba teng libokeng Holong ea ’Muso, ’me a arolelana le ba bang tšepo ea hae e ncha.

Ho Matlafatsa Bopaki ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

Ntho e ’ngoe hape e tlatselitse haholo ho matlafatseng bopaki lilemong tsa morao tjena. Ke ho phahama ha lenane la Lipaki tse sebeletsang e le bo-pula-maliboho. Ka takatso e matla ea ho sebelisa nako ea tsona e ngata kamoo ho ka khonehang tšebeletsong ea Molimo, le ka kameho ea tsona e lerato ka batho ba bang, li hlophisa litaba tsa tsona hore li ka sebetsa lihora tse 60, 90, 140 kapa tse fetang khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo. Joalokaha ho etsahetse ho moapostola Pauluse ha a ntse a paka Korinthe, Greece, ba kenelang tšebeletso ea bopula-maliboho ba “tšoareha ka matla ka lentsoe,” ba batla ho pakela batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka ’Muso oa Bomessia.—Lik. 18:5, NW.

Ka 1975 ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba 130 225 lefatšeng ka bophara. Ka 1992 ho ne ho e-na le ba 605 610 ka karolelano khoeli le khoeli (ho akarelletsa bo-pula-maliboho ba ka mehla, ba thusang, le ba khethehileng). Ka hona, nakong eo ka eona lenane la Lipaki lefatšeng ka bophara le ileng la eketseha ka karolo ea 105 lekholong, ba ileng ba bula monyetla oa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ba ile ba eketseha ka karolo ea 365 lekholong! Ka baka leo, nako e hlileng e sebelisitsoeng bopaking e ile ea phahama ho tloha ho lihora tse ka bang limillione tse 382 ho ea ho tse fetang limillione tse sekete ka selemo!

‘E Monyenyane o Fetohile Sekete’

Jesu Kreste o ile a laela balateli ba hae hore e be lipaki tsa hae ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše. (Lik. 1:8, NW) Ka moprofeta Esaia, Jehova o ne a boletse esale pele: “E monyenyane o tla fetoha sekete, ’me e monyenyane a fetohe sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esa. 60:22, NW) Tlaleho e bontša ka ho hlaka hore Lipaki tsa Jehova li etsa mosebetsi oo Jesu a o boletseng esale pele, ’me li latsoitse khōlo eo Molimo ka boeena a e tšepisitseng.

Bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, haholo-holo li ne li fumaneha Amerika Leboea le Europe; ho ne ho e-na le tse itseng Afrika; ’me tse ling, ka lihlopha tse nyenyane, li ne li qhalakane lefatšeng lohle. Ho hang li ne li sa finyella naha e ’ngoe le e ’ngoe ka molaetsa oa ’Muso, leha e le hona hore li ne li finyelletse karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea linaha tseo li pakang ho tsona. Leha ho le joalo, ka lebelo le makatsang boemo boo bo ’nile ba fetoha.

Nahana ka Amerika Leboea. K’honthinente ena e tloha Canada ka leboea ho ea Panama, ’me ho na le linaha tse robong lipakeng. Ka 1945 ho ne ho e-na le Lipaki tse 81 410 sebakeng sena se seholo. Linaha tse ’nè ho tsena li ile tsa tlaleha Lipaki tse ka tlaase ho 20 naha ka ’ngoe, ’me naha e le ’ngoe e ne e se na mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli ho hang. Ho tloha nakong eo, ho fanoe ka bopaki bo matla le bo tiileng linaheng tsena tsohle. Ka 1992, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 1 440 165 karolong ena ea lefatše. Linaheng tse ngata ho tsena, ka karolelano, hona joale Paki ka ’ngoe e na le batho ba makholo a seng makae feela bao e lokelang ho ba pakela. Batho ba bangata ba eteloa ke Lipaki ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse seng kae; ba bang ba eteloa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ho khannoa lithuto tsa lehae tsa Bibele tse fetang 1 240 000 ka mehla le batho ka bomong ba thahasellang le lihlopha.

Ho thoe’ng ka Europe? Karolo ena ea lefatše e nama ho tloha Scandinavia ka boroa ho ea Mediterranean. Ka ntle ho sebaka se seholo seo pele se neng se tsejoa e le Soviet Union, ho ne ho se ho fanoe ka bopaki bo pharalletseng Europe pele ho Ntoa ea II ea Lefatše. Ho tloha nakong eo, ho hlahile meloko e mecha, ’me le eona e ntse e bontšoa ho tsoa ka Mangolong hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla nka sebaka sa mebuso eohle ea batho. (Dan. 2:44) Ho tloha ho Lipaki tse likete tse seng kae tse ileng tsa etsa mosebetsi oa tsona tlas’a lithibelo tse boima nakong ea ntoa, lenane la baboleli ba ’Muso linaheng tse 47 tseo tlaleho ea tsona e hatisitsoeng ka 1992 le ne le nyolohetse ho 1 176 259, ho akarelletsa le libaka tseo pele e neng e le karolo ea U.S.S.R., Europe le Asia. Naheng ka ’ngoe ho tse hlano—Brithani, Fora, Jeremane, Italy, le Poland—ho ne ho e-na le Lipaki tse chesehang tse fetang 100 000. ’Me Lipaki tsee kaofela li ne li ntse li etsa eng? Tlaleho ea tsona bakeng sa 1992 e bontša hore selemong seo, li sebelitse lihora tse fetang 230 000 000 boboleling ba phatlalatsa, li etsa maeto a ntlo le ntlo, ’me li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele. Boevangeling ba tsona, Lipaki tsena ha lia ka tsa feta esita le rephabliki e nyenyane ea San Marino, linaha tsa bohosana tse kang Andorra le Liechtenstein, kapa Gibraltar. Kannete, ho ne ho fanoa ka bopaki bo boletsoeng esale pele.

Afrika le eona e amohela bopaki bo pharalletseng. Litlaleho li bontša hore ho fihlela ka 1945, litaba tse molemo li ne li fihlile linaheng tse 28 k’honthinenteng eo, empa ho ne ho fanoe ka bopaki ba sebele bo fokolang haholo linaheng tse ngata ho tsena. Leha ho le joalo, ho tloha nakong eo, ho finyelletsoe ho hongata moo. Ka 1992, ho ne ho e-na le Lipaki tse chesehang tse 545 044 k’honthinenteng ea Afrika, tse bolelang litaba tse molemo linaheng tse 45. Moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea selemong seo, ho bile teng ba 1 834 863. Kahoo, hase feela hore ho bile le khōlo e makatsang empa monyetla oa keketseho e eketsehileng ke o sa tloaelehang!

Tlaleho ea Amerika Boroa le eona ke e hlollang. Le hoja ho ne ho finyelletsoe naha e le ’ngoe feela ho tse 13 ka molaetsa oa Bibele pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, nakong eo ho ne ho e-na le liphutheho tse 29 feela k’honthinenteng eo kaofela, ’me ho ne ho ntse ho e-s’o be le mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli linaheng tse ling. Mosebetsi o moholo oa boboleli ba ’Muso o ne o sa ntsane o larile ka pele. Ho tloha nakong eo Lipaki tsa moo li ile tsa sebetsa ka matla. Ba khathollotsoeng ka metsi a bophelo ka thabo ba mema ba bang, ba re: ‘Tloong, ’me le inkele metsi a bophelo ntle ho tefo.’ (Tšen. 22:17, NW) Ka 1992, ho ne ho e-na le bahlanka ba Jehova ba 683 782 liphuthehong tse 10 399 Amerika Boroa ba kopanelang ka thabo mosebetsing ona. Ba bang ba bona ba ne ba etsa boiteko ba ho finyella libaka tse neng li e-s’o fumane bopaki bo phethahetseng. Ba bang ba ne ba ea nako le nako moo ho neng ho se ho fanoe ka bopaki, ho khothalletsa batho ‘ho latsoa le ho bona hore Jehova o molemo.’ (Pes. 34:8) Ka mehla ba ne ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 905 132 ho thusa batho ba thahasellang ho etsa litsela tsa Jehova tsela ea bona ea bophelo.

Hape nahana ka Asia le lihleke-hleke tse ngata le lihlopha tsa lihleke-hleke ho pota lefatše. Ho finyelletsoe eng moo? Ho fihlela nakong ea ka mor’a ntoa, libaka tse ngata ho tsena li ne li fumane boboleli bo fokolang ba ’Muso. Empa Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14, NW) Tumellanong le seo, lilemong tse mashome ho tloha nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, boboleli ba litaba tse molemo boo pejana bo neng bo fihlile linaheng, lihleke-hlekeng, le lihlopheng tsa lihleke-hleke tse 76, bo ile ba pharalla ho ea ho tse ling tse 40 ’me ba matlafatsoa libakeng tse neng li finyelletsoe nakong e fetileng. Tšimong ena e khōlō, ka 1992 ho ne ho e-na le Lipaki tse inehetseng tse 627 537 tse thabelang haholo ho tsebahatsa ‘liketso tsa Jehova tse matla le boholo ba khanya ea borena ba hae.’ (Pes. 145:11, 12) Tšebeletso ea tsona e ne e se bonolo. Libakeng tse ling ho ne ho hlokahala hore li tsamaee lihora tse telele ka seketsoana kapa sefofane e le ho ea fihla lihleke-hlekeng tse hōle tšimong ea tsona. Empa ka 1992 li sebelitse lihora tse fetang 200 000 000 mosebetsing oa boevangeli ’me tsa khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tsa ka mehla tse 685 211.

Ruri phethahatso ea tšepiso ea hore ‘e monyenyane o tla fetoha sekete’ e etsahetse, ’me e etsahetse ka tekanyo e khōlō! Naheng ka ’ngoe ho tse fetang 50 moo ho neng ho se na le ‘e monyenyane’—moo ho neng ho se na Lipaki tsa Jehova morao koo ka 1919, moo li neng li sa fana ka bopaki ho hang—kajeno ho na le barorisi ba Jehova ba fetang sekete. Linaheng tse ling ho tsena, hona joale ho na le Lipaki tsa Jehova tse mashome a likete, e, esita le tse makholo a likete, tseo e leng baboleli ba chesehang ba ’Muso oa Molimo! Lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li fetohile “sechaba se matla”—seo palo ea sona joaloka phutheho ea lefatše lohle e kopaneng e fetang baahi ba naha ka ’ngoe ho tse 80 tsa linaha tse ipusang tsa lefatše.

Ho sa Tla Fanoa ka Bopaki bo Bokae “Linaheng tse Ling”?

Ho akarelletsa ho sohle se ka holimo, ho qala ka 1992, ho ne ho ntse ho e-na le “linaha tse ling” tse 24—moo Lipaki tsa Jehova li neng li ntse li le tlas’a lithibelo tse boima tsa ’muso le tseo ho sa hatisoeng litlaleho tse qaqileng tsa tsona. Ho fanoe ka bopaki bo bongata ho tse ling tsa linaha tsena. Leha ho le joalo, linaheng tse ling lenane la Lipaki le fokola haholo. Ho sa ntse ho e-na le batho ba e-s’o utloe molaetsa oa ’Muso. Empa Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore bopaki bo hlokahalang bo tla fanoa. Hobane’ng?

Hobane Mangolo a bontša hore Jesu Kreste, a le teroneng ea hae leholimong, ke eena ea tsamaisang mosebetsi. (Matt. 25:31-33) Tlas’a tataiso ea hae “lengeloi le fofang mahareng a leholimo” le filoe boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo tsa ka ho sa feleng le ho phehella “lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle” hore “tšabang Molimo, isang khanya ho oona.” (Tšen. 14:6, 7) Ha ho matla leholimong kapa lefatšeng a ka sitisang Jehova ho hulela ho eena ka boeena ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Lik. 13:48, NW; Joh. 6:44.

Ha ho karolo ea lefatše e leng hōle hoo molaetsa oa ’Muso o ke keng oa fihla ho eona. Beng ka batho baa eta. Lithelefono le poso li fetisa litaba. Bo-rakhoebo, basebetsi, liithuti, bahahlauli ba teana le batho ba lichaba tse ling. Ho tšoana le nakong e fetileng, ho joalo le kajeno, litaba tsa bohlokoa tsa hore Jehova o behile Morena oa hae oa leholimo teroneng a e-na le matla holim’a lichaba li ntse li tsoela pele ho tsebahatsoa ho batho ka mekhoa ena. Mangeloi a ka tiisa hore batho ba lapetseng le ho nyoreloa ’nete le ho loka baa finyelloa.

Haeba e le thato ea Morena hore ho etsoe boboleli bo tobileng ka ho eketsehileng ba molaetsa oa ’Muso libakeng tse ling moo mebuso e bo thibetseng ho fihlela joale, Molimo a ka tlisa maemo a etsang hore mebuso eo e fetole maano a eona. (Liprov. 21:1) ’Me moo ho sa ntsaneng ho ka hlaha menyetla, ka thabo Lipaki tsa Jehova li tla ikitlaetsa ho bona hore batho ba leng linaheng tseo ba fumana thuso e ngata ea ho ithuta ka morero oa Jehova o lerato kamoo ho ka khonehang. Li ikemiselitse ho tsoela pele ho sebeletsa li sa khaotse ho fihlela Jehova ka Jesu Kreste a re mosebetsi o phethiloe!

Ka 1992, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile ka ho bolela linaheng tse 229. Selemong seo ka litsela tse sa tšoaneng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ile tsa fihla linaheng tse 235. Tse leshome ho tsona li ile tsa finyelloa ka lekhetlo la pele ka mor’a 1975.

Ho fanoe ka bopaki bo matla hakae? Lilemong tse qalang tse 30 ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li sebelitse lihora tse 4 635 265 939 ho boleleng le ho ruteng ka lebitso la Jehova le ’Muso oa hae. Leha ho le joalo, ka Lipaki tse eketsehileng le tse ngata tse leng tšebeletsong ea nako e tletseng, lilemong tse latelang tse 15 (e leng halofo feela ea lilemo tseo), li sebelitse lihora tse 7 858 677 940 bopaking ba phatlalatsa le ka ntlo le ntlo hammoho le ho khanneng lithuto tsa lehae tsa Bibele. ’Me mosebetsi o ile oa tsoela pele ho matlafala, ha li tlaleha lihora tse ling tse 951 870 021 mosebetsing ona ka 1990/91 le lihora tse fetang limillione tse sekete selemong se latelang.

Lingoliloeng tse abiloeng ke Lipaki bakeng sa ho phatlalatsa ’Muso, hammoho le lipuo tse fapa-fapaneng tseo li entsoeng hore li fumanehe ka tsona, ha li lekane le boiteko leha e le bofe ba batho karolong efe kapa efe. Litlaleho ha lia fella; empa litlaleho tse teng li bontša hore ka lipuo tse 294, libuka, libukana, libukana tse lekanang le makasine, le limakasine tse 10 107 565 269, hammoho le lipampitšana tse limillione tse likete tse sa baloeng, li ile tsa sieloa batho ba thahasellang pakeng tsa lilemo tsa 1920 le 1992.

Nakong ea ho ngoloa ha sena, bopaki lefatšeng lohle ha bo e-s’o phethoe. Empa mosebetsi o seng o finyelletsoe le maemo ao o finyelletsoeng tlas’a ’ona li fana ka bopaki bo kholisang ba ho sebetsa ha moea oa Molimo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 502]

Likopano tse khōlō le boitšoaro ba Bokreste ba ba tlileng kopanong li ile tsa hapa tlhokomelo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 505]

“Ba tlileng kopanong ke mehlala e metle e lokelang ho etsisoa mabapi le tlhophiso, khutso, le bohloeki”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 507]

Ho ile ha tšoaroa likopano tse ikhethang libakeng tseo ho tsona Lipaki li neng li bile tlas’a khatello ka lilemo tse mashome

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 508]

Litone tse likete tsa lingoliloeng tsa Bibele li ile tsa romeloa linaheng tsa Europe Bochabela

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 509]

Baholo ba tšoanelehang ba ile ba ithaopela ho fallela linaheng tseo ho tsona ho neng ho e-na le tlhokahalo e khethehileng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 516]

Takatso ea tsona ke ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ntlong ka ’ngoe

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 518]

Keketseho e makatsang le monyetla oa katoloso e eketsehileng

[Likrafo/Litšoantšo tse leqepheng la 513]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Keketseho ea Baboleli ba ’Muso Bochabela

India

10 000

5 000

1950 1960 1970 1980 1992

Rephabliki ea Korea

60 000

30 000

1950 1960 1970 1980 1992

Japane

150 000

100 000

50 000

1950 1960 1970 1980 1992

[Setšoantšo se leqepheng la 503]

Morumbi Stadium, São Paulo, Brazil (se bontšitsoeng mona), le Maracanã Stadium, Rio de Janeiro, li ne li hlokahala ka nako e le ’ngoe ka 1985 bakeng sa ho amohela matšoele bakeng sa kopano ea Lipaki tsa Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 504]

Ba bang ba eang kolobetsong Chorzów, Poland, ka 1989

[Litšoantšo tse leqepheng la 506]

Likopano tse Ling tse Ikhethang ka 1991

Prague, Czechoslovakia

Tallinn, Estonia (ka ho le letona)

Zagreb, Croatia (ka ho le letona)

Budapest, Hungary (ka holimo)

Baia-Mare, Romania (ka ho le letona)

Usolye-Sibirskoye, Russia (ka tlaase)

Alma-Ata, Kazakhstan (ka holimo)

Kiev, Ukraine (ka ho le letšehali)

[Litšoantšo tse leqepheng la 511]

Likopano tsa Lichaba tsa Lipaki tsa Jehova, St. Petersburg, Russia, ka 1992

Boikutlo bo mofuthu ba machaba

Ho tsoa Russia

Ho tsoa Moldova

Ho tsoa Ukraine

Bacha ba bangata ba ne ba le teng

M. G. Henschel (ka ho le letšehali) o tšohla lenaneo le Stepan Kozhemba (ea bohareng), a sebelisa toloko

Ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba ile ba tlisa Libibele tsa Serussia hore Lipaki li li sebelise ho pholletsa le Russia eohle

[Litšoantšo tse leqepheng la 512]

Ka bo-1980 Kereke e K’hatholike e ile ea phatlalatsa ntoa holim’a Lipaki, ho latela likarolo tsena tsa likoranta tsa litaba tsa Setaliana

[Litšoantšo tse leqepheng la 514]

Ha likepe li emisa Rotterdam, Netherlands, Lipaki li teng ho buisana le batho ka ’Muso oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 515]

Esita le moo tšimo e akaretsoang khafetsa, joaloka mona Guadeloupe, Lipaki li tsoela pele ho leka ho finyella lipelo tsa baahisani ba tsona ka litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (Lesotho)
    • Share
    • Lintlha Tseo U li Khethang
    • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • JW.ORG
    • Log In
    Share