Khaolo ea 15
Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
1. Re kolota batsoali ba rōna eng, ’me kahoo re lokela ho ikutloa joang le ho itšoara joang ho bona?
MONNA ea bohlale oa khale-khale o ile a eletsa: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) U ka ’na ua re: ‘Le ka mohla nke ke ka ho etsa hoo!’ Ho e-na le ho nyelisa bo-’m’a rōna—kapa bo-ntat’a rōna—boholo ba rōna re ikutloa re e-na le lerato le tebileng ho bona. Rea hlokomela hore re ba kolota haholo. Ka holim’a tsohle, batsoali ba rōna ba re file bophelo. Le hoja Jehova e le Mohloli oa bophelo, re ne re ke ke ra ba teng ho hang ka ntle ho batsoali ba rōna. Ha ho letho leo re ka le fang batsoali ba rōna la bohlokoa joaloka bophelo. Joale, nahana feela ka boitelo, ho tšoenyeha, litšenyehelo le tlhokomelo e lerato e amehang mabapi le ho thusa ngoana tseleng e tlohang boseeng ho fihlela e e-ba motho e moholo. Kahoo, ke ho utloahalang hakaakang hore Lentsoe la Molimo le eletse: “Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao . . . e le hore u ka tsoella hantle le hore u ka tsoela pele ka nako e telele lefatšeng”!—Baefese 6:2, 3.
HO LEMOHA LITLHOKO TSA MAIKUTLO
2. Bana ba hōlileng ba ka lefa “puseletso e loketseng” ho batsoali ba bona joang?
2 Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste: “A [bana kapa litloholo] ba ithute pele ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea bona le ho ’na ba lefa puseletso e loketseng ho batsoali le batsoali ba batsoali ba bona, kaha hona hoa khahlisa mahlong a Molimo.” (1 Timothea 5:4) Bana ba hōlileng ba fana ka ‘puseletso ena e loketseng’ ka ho bontša kananelo ea lilemo tsa lerato, mosebetsi le tlhokomelo tseo batsoali ba bona le batsoali ba batsoali ba bona ba ba etselitseng tsona. Tsela e ’ngoe eo bana ba ka etsang sena ka eona ke ka ho hlokomela hore ba hōlileng ba hloka lerato le tiisetso joaloka mang le mang—hangata e le haholo le hona. Joaloka rōna bohle, ba hloka hore ba ikutloe hore ba nkuoa e le ba bohlokoa. Ba hloka hore ba ikutloe hore bophelo ba bona ke ba bohlokoa.
3. Re ka hlompha batsoali le batsoali ba batsoali ba rōna joang?
3 Kahoo re ka hlompha batsoali ba rōna le batsoali ba batsoali ba rōna ka hore re ba tsebise hore rea ba rata. (1 Bakorinthe 16:14) Haeba re sa lule le batsoali ba rōna, re lokela ho hopola hore ho ba le puisano le bona ho ka bolela ho hoholo ho bona. Lengolo le hlasimollang, ho bua le bona ka thelefono, kapa ho ba etela ho ka tlatsetsa haholo thabong ea bona. Miyo, ea phelang Japane, o ile a ngola ha a ne a le lilemo tse 82: “Morali oa ka [eo monna oa hae e leng mosebeletsi ea tsamaeang] oa mpolella: ‘’Mè, re kōpa u “tsamaee” le rōna.’ O nthomella kemiso ea bona ea hore na ba tla be ba le hokae le nomoro ea thelefono bakeng sa beke ka ’ngoe. Nka phetla ’mapa oa ka eaba ke re: ‘Joale ba mona!’ Kamehla ke leboha Jehova ka tlhohonolofatso ea ho ba le ngoana ea joalo.”
HO THUSA KA LITLHOKO TSA LINTHO TSE BONAHALANG
4. Neano ea bolumeli ba Bajuda e ile ea khothaletsa ho hloka kutloelo-bohloko joang ho batsoali ba hōlileng?
4 Na ho hlompha batsoali ba motho ho ka boetse ha akarelletsa le ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa lintho tse bonahalang? E. Hangata ho joalo. Mehleng ea Jesu baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba tšoarelletse neanong ea hore haeba motho a phatlalalitse hore chelete ea hae kapa thepa e ne e le “mpho e nehetsoeng ho Molimo,” o ne a lokolohile boikarabellong ba ho e sebelisa ho hlokomela batsoali ba hae. (Matheu 15:3-6) Ke ho hloka kutloelo-bohloko ho hokaakang! Ha e le hantle, baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba khothaletsa batho hore ba se ke ba hlompha batsoali ba bona empa ho ba tšoara ka nyeliso ka hore ka boithati ba ba hanele lintho tseo ba li hlokang. Le ka mohla ha re batle ho etsa joalo!—Deuteronoma 27:16.
5. Ho sa tsotellehe litokisetso tse entsoeng ke mebuso ea linaha tse ling, ke hobane’ng ha ho hlompha batsoali ba motho ka linako tse ling ho akarelletsa ho fana ka thuso ea lichelete?
5 Linaheng tse ngata kajeno, mananeo a liphallelo a tšehetsoang ke ’muso a hlokomela tse ling tsa litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa ba hōlileng tse kang lijo, liaparo le matlo. Ho phaella moo, ba hōlileng ka bobona e ka ’na eaba ba iketselitse litokisetso bakeng sa botsofali ba bona. Empa haeba litokisetso tsena li fela kapa li ipaka li sa lekana, bana ba hlompha batsoali ba bona ka ho etsa seo ba ka se khonang ho khahlametsa litlhoko tsa batsoali. Ha e le hantle, ho hlokomela batsoali ba tsofetseng ke bopaki ba boinehelo ba bomolimo, ke hore boinehelo ba motho ho Jehova Molimo, Moqapi oa tokisetso ea lelapa.
LERATO LE BOITELO
6. Ba bang ba entse litokisetso life tse sebetsang e le hore ba ka hlokomela litlhoko tsa batsoali ba bona?
6 Bana ba bangata ba hōlileng ba arabetse litlhokong tsa batsoali ba bona ba fokolang ka lerato le ka boitelo. Ba bang ba lula le batsoali ba bona malapeng a bona kapa ba falletse haufi le bona. Ba bang ba lula ha batsoali ba bona. Hangata, litokisetso tse joalo li ipakile e le tlhohonolofatso ho batsoali le ho bana ka bobeli.
7. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho se potlakele ho etsa liqeto mabapi le batsoali ba hōlileng?
7 Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho nka bohato bo joalo ha ho be le liphello tse ntle. Hobane’ng? Mohlomong hobane liqeto li etsoa ka lepotla-potla haholo kapa li thehiloe haholo maikutlong. Ka bohlale Bibele ea lemosa: “Ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Ka mohlala, a re re ’mè oa hao ea hōlileng o na le bothata ba ho phela a le mong ’me u nahana hore ho ka ba molemo hore a tl’o lula le uena. Ha u ntse u nahana hore na u tla nka mehato efe ka bohlale, u ka ’na ua nahanela tse latelang: Hantle-ntle o hloka eng? Na ho na le litšebeletso tsa botho kapa tse tšehetsoang ke ’muso tse fanang ka tharollo e ’ngoe e amohelehang? Na o batla ho falla? Haeba ho joalo, bophelo ba hae bo tla ameha ka litsela life? Na o tla tlameha ho siea metsoalle ea hae? See se tla mo ama maikutlong joang? Na u se u kile ua buisana le eena ka lintho tsee? Ho falla hoo ho ka ama uena, molekane oa hao le bana ba hao joang? Haeba ’mè oa hao a batla tlhokomelo, ke mang ea tlang ho mo hlokomela? Na ho ka arolelanoa boikarabelo? Na u se u kile ua buisana ka taba eo le bohle ba amehang ka ho toba?
8. U ka bona mang ha u etsa qeto ka kamoo u ka thusang batsoali ba hao ba hōlileng?
8 Kaha boikarabelo ba tlhokomelo bo holim’a bana kaofela ka lapeng, e ka ’na ea e-ba bohlale ho ba le seboka sa lelapa e le hore bohle ba ka kopanela ho etseng liqeto. Ho buisana le baholo ka phuthehong ea Bokreste kapa metsoalle e kileng ea tobana le boemo bo tšoanang le hona ho ka thusa. Bibele ea lemosa: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.”—Liproverbia 15:22.
E-BA EA IPEHANG BOEMONG BA E MONG LE EA UTLOISISANG
9, 10. (a) Ho sa tsotellehe botsofali ba bona, ba hōlileng ba lokela ho nahaneloa joang? (b) Ho sa tsotellehe hore na ngoana ea hōlileng o nka mehato efe molemong oa batsoali ba hae, ke eng seo a lokelang ho ba fa sona kamehla?
9 Ho hlompha batsoali ba rōna ba hōlileng ho hloka ho ipeha boemong ba bona le kutloisiso. Ha botsofali bo ntse bo hlahisa liphello tsa bona tse tebileng, ba hōlileng lilemong ba ka ’na ba fumana ba thatafalloa haholoanyane ke ho tsamaea, ho ja le ho hopola. Ba ka ’na ba hloka thuso. Hangata bana e ba ba amehang haholo ka ho sireletseha ha batsoali ba bona ’me ba leke ho ba tataisa. Empa ba hōlileng ke batho ba baholo ba nang le bohlale le phihlelo tseo ba li bokeletseng bophelong bohle ba bona, nakong eohle ea bophelo ea ho itlhokomela le ho iketsetsa liqeto. Ho tsebahala ha bona le boitlhompho ba bona li ka ’na tsa likoloha karolong ea bona eo ba e phethang joaloka batsoali le batho ba baholo. Batsoali ba ikutloang hore ba tlameha ho inehela hore bana ba bona ba laole bophelo ba bona ba ka ’na ba tepella maikutlong kapa ba halefa. Ba bang ba hlonamela le ho hanyetsa seo ba ka ’nang ba se bona e le boiteko ba ho ba amoha bolokolohi ba bona.
10 Mathateng a joalo ha ho na tharollo e bonolo, empa ke mosa ho lumella batsoali ba hōlileng hore ba itlhokomele ’me ba iketsetse liqeto ho fihlela moo ba ka khonang. Ke bohlale hore u se ke ua etsa liqeto mabapi le hore na se molemohali ke sefe bakeng sa batsoali ba hao ka ntle le ho buisana le bona pele. E ka ’na eaba ba lahlehetsoe ke ho hongata. Ba lumelle hore ba ipolokele seo ba sa ntseng ba e-na le sona. U ka ’na ua fumana hore ha u sa leke ho laola bophelo ba batsoali ba hao, kamano ea hao le bona e tla ba e ntle. E tla ba ba thabileng haholoanyane, ’me le uena u tla thaba. Esita le haeba ho hlokahala ho tsitlella linthong tse itseng molemong oa bona, ho hlompha batsoali ba hao ho hloka hore u ba fe seriti le tlhompho tse ba lokelang. Lentsoe la Molimo lea eletsa: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng.”—Levitike 19:32.
HO BOLOKA BOIKUTLO BO NEPAHETSENG
11-13. Haeba kamano ea ngoana ea hōlileng le batsoali ba hae e ne e se ntle nakong e fetileng, o ntse a ka sebetsana le phephetso ea ho hlokomela batsoali ba hae ba lilemong tsa botsofali joang?
11 Ka linako tse ling bothata boo bana ba hōlileng ba tobanang le bona ka ho hlompha batsoali ba bona ba tsofetseng bo akarelletsa kamano eo ba bileng le eona le batsoali ba bona bonyenyaneng. Mohlomong ntate oa hao o ne a se na botsoalle hape a hloka lerato, ’mè oa hao a hatella a bile a le bohale. E ka ’na eaba u ntse u ikutloa u ferekane, u halefile, kapa u utloile bohloko kahobane e ne e se batsoali bao u neng u rata ha e ka ba bona. Na u ka hlōla maikutlo a joalo?a
12 Basse, ea hōletseng Finland, oa pheta: “Ntate lenyalong la bobeli e ne e bile ofisiri ea SS Jeremane ea Bonazi. O ne a halefa feela, ’me joale a le kotsi. O ne a otla ’Mè ka makhetlo a mangata ke ntse ke le teng. Ka lekhetlo le leng ha a nkhalefetse, o ile a tsoka lebanta la hae ’me a nkotla sefahlehong ka chasepere. E ile ea nkotla ka matla hoo ke ileng ka oela ka ’nģane ho bethe.”
13 Empa, ka lehlakoreng le leng botho ba hae bo ne bo fapane. Basse oa phaella: “Ka lehlakoreng le leng, o ne a sebetsa ka thata haholo ’me o ne a sa iqenehele mabapi le ho hlokomela lelapa ka lintho tse bonahalang. Ha ho mohla a kileng a mpontša kameho e mofuthu ea bontate, empa ke ne ke tseba hore o ne a utloile bohloko maikutlong. ’Mè oa hae o ne a ile a mo leleka lapeng ha e sa ntse e le moshanyana. O hōtse a loana ’me a kenela ntoa e le mohlankana. Ke ne ke utloisisa ho isa bohōleng bo itseng ’me ke ne ke sa ’mee molato. Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka batla ho mo thusa kahohle kamoo nka khonang ho fihlela lefung la hae. Ho ne ho se bonolo, empa ke ile ka etsa seo nka se khonang. Ke ile ka leka ho ba mora ea molemo ho fihlela qetellong, ’me ke nahana hore o ile a nkamohela ke le ea joalo.”
14. Ke lengolo lefe le sebetsang maemong ’ohle, ho akarelletsa le a hlahang mabapi le ho hlokomela batsoali ba hōlileng?
14 Maemong a lelapa, joaloka litabeng tse ling, keletso ea Bibele ea sebetsa: “Le ikapese maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”—Bakolose 3:12, 13.
BAHLOKOMELI LE BONA BA HLOKA TLHOKOMELO
15. Ke hobane’ng ha ho hlokomela batsoali ka linako tse ling ho tepeletsa?
15 Ho hlokomela motsoali ea fokolang ke mosebetsi o thata, o akarelletsang mesebetsi e mengata, boikarabelo bo boholo le lihora tse telele. Empa karolo e thata ka ho fetisisa hangata ke ea maikutlo. Hoa nyahamisa ho shebella batsoali ba hao ba fokolloa ke bophelo, kelello le bolokolohi. Sandy, ea tsoang Puerto Rico, oa pheta: “’Mè e ne e le khubu ea lelapa leso. E ne e le ntho e utloisang bohloko haholo ho mo hlokomela. Pele o ile a qala ka ho hlotsa; eaba joale o hloka lere, hamorao ea e-ba ntho eo a tsamaeang a itšetlehile ka eona, ea ntan’o ba setulo sa likooa. Ka morao ho moo o ile a ’na a mpefala ho fihlela a hlokahala. O ile a tšoaroa ke kankere ea masapo ’me o ne a hloka tlhokomelo e sa khaotseng—bosiu le motšehare. Re ne re mo hlatsoa le ho mo jesa le ho mo balla. Ho ne ho le thata haholo—haholo-holo maikutlong. Ha ke hlokomela hore ’Mè o ne a e-shoa, ke ile ka lla hobane ke ne ke mo rata haholo.”
16, 17. Ke keletso efe e ka thusang mohlokomeli hore a boloke pono e leka-lekaneng ea lintho?
16 Haeba u iphumana u le boemong bo tšoanang, u ka etsa eng hore u atlehe? Ho mamela Jehova ka ho bala Bibele le ka ho bua le eena ka thapelo ho tla u thusa haholo. (Bafilippi 4:6, 7) Ka tsela e ka sebelisoang, etsa bonnete ba hore u ja lijo tse matlafatsang ’me u leke ho fumana boroko bo lekaneng. Ka ho etsa joalo, u tla ba boemong bo botle, ka bobeli maikutlong le ’meleng hore u hlokomele moratuoa oa hao. Mohlomong u ka lokisetsa nako ea ho phomola kemisong ea letsatsi le letsatsi. Esita le haeba nako ea phomolo e sa fumanehe, e ntse e le bohlale hore u etse kemiso bakeng sa boikhathollo. Hore u tle u fumane nako ea ho ba sieo, u ka ’na ua khona ho lokisetsa hore e mong a tl’o sala le motsoali oa hao ea kulang.
17 Ho tloaelehile ho bahlokomeli bao e seng e le batho ba baholo hore ba itebelle ho etsa mehlolo. Empa u se ke ua ikutloa u le molato ka seo u ke keng ua se etsa. Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala hore u ise moratuoa oa hao lehaeng la tlhokomelo ea batho ba hōlileng. Haeba u mohlokomeli, ipehele lintho tseo u ka li khonang. Ha ua tlameha ho leka-lekanya se hlokoang ke batsoali ba hao feela empa hape le se hlokoang ke bana ba hao, molekane oa hao le uena ka bouena.
MATLA A FETANG A TLOAELEHILENG
18, 19. Jehova o tšepisitse ho tšehetsa ka eng, hona ke phihlelo efe e bontšang hore o boloka tšepiso ea hae?
18 Ka Lentsoe la hae, Bibele, Jehova ka lerato o fana ka tataiso e ka thusang motho haholo ho hlokomela batsoali ba tsofalang, empa eo hase eona feela thuso eo a fanang ka eona. “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang,” mopesaleme o ile a ngola joalo tlas’a pululelo. “O utloa mehoo ea bona, ’me oa ba lopolla.” Jehova o tla pholosa, kapa a boloke batho ba hae ba tšepahalang le maemong a thata ka ho fetisisa.—Pesaleme ea 145:18, 19.
19 Myrna, mane Philippines, o ile a ithuta sena ha a ne a hlokomela ’mè oa hae, ea ileng a holofatsoa ke stroke. Myrna oa ngola: “Ha ho ntho e tepeletsang ho feta ho bona moratuoa oa hao a le mahlomoleng, a sa khone ho u bolella hore na ho opa hokae. Ho ne ho tšoana le ho mo bona a noela metsing butle-butle, ’me ho ne ho se letho leo nka le etsang. Ka makhetlo a mangata ke ne ke ee ke khumame ka mangole ’me ke bue le Jehova ka kamoo ke khathetseng kateng. Ke ne ke lla joaloka Davida, ea ileng a kōpa Jehova hore a khakeletse meokho ea hae ka lekukeng ’me a mo hopole. [Pesaleme ea 56:8] ’Me joalokaha Jehova a ile a tšepisa, o ile a mpha matla ao ke neng ke a hloka. ‘Jehova e ile ea e-ba seikokotlelo ho ’na.’”—Pesaleme ea 18:18.
20. Ke litšepiso life tsa Bibele tse thusang bahlokomeli hore ba lule ba e-na le tšepo, esita le haeba eo ba mo hlokomelang a e-shoa?
20 Ho ’nile ha boleloa hore ho hlokomela batsoali ba tsofalang ke “pale e se nang sephetho se thabisang.” Ho sa tsotellehe le boiteko bo molemohali ba tlhokomelo, ba hōlileng ba ka ’na ba e-shoa, joalokaha ’mè oa Myrna a ile a shoa. Empa ba tšepang Jehova baa tseba hore lefu hase qetello ea litaba. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ba lahlehetsoeng ke batsoali ba bona ba hōlileng ka lefu ba fumana matšeliso tšepong ea tsoho hammoho le tšepisong ea lefatše le lecha le thabisang la Molimo leo ho lona ‘lefu le sa tl’o hlola le e-ba teng.’—Tšenolo 21:4.
21. Ke liphello life tse ntle tse hlahisoang ke ho hlokomela batsoali ba hōlileng?
21 Bahlanka ba Molimo ba hlompha batsoali ba bona ka ho teba, le hoja e ka ’na eaba bana ba se ba tsofetse. (Liproverbia 23:22-24) Baa ba hlompha. Ka ho etsa joalo, ba latsoa seo maele a bululetsoeng a se bolelang: “A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao; a nyakalle, ea u belehileng.” (Liproverbia 23:25) ’Me ka holim’a tsohle, ba hlomphang batsoali ba bona ba hōlileng ba boetse ba thabisa le ho hlompha Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona ha re bue ka maemo ao ho ’ona batsoali ba neng ba le molato oa ho sebelisa hampe matla a bona le ho tšeptjoa ha bona, hoo ho ka talingoang e le bonokoane.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA RE THUSA JOANG . . . HO HLOMPHA BATSOALI BA RŌNA BA HŌLILENG?
Re lokela ho neha batsoali le batsoali ba batsoali ba rōna puseletso e loketseng.—1 Timothea 5:4.
Litaba tsohle tsa rōna li tlameha ho sebetsoa ka lerato.—1 Bakorinthe 16:14.
Liqeto tsa bohlokoa le ka mohla ha lia lokela ho etsoa ka lepotla-potla.—Liproverbia 14:15.
Batsoali ba hōlileng, esita le haeba ba kula hape ba fokola, ba tlameha ho hlomphuoa.—Levitike 19:32.
Re ke ke ra tobana le tebello ea ho tsofala le ho shoa kamehla.—Tšenolo 21:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 179]
Hase bohlale ho etsetsa motsoali liqeto ka ntle le ho bua le eena pele