Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/15 maq. 3-6
  • Ho Hlokomela Batsoali ba Hao ba Tsofetseng—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlokomela Batsoali ba Hao ba Tsofetseng—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOHLALA OA JESU
  • HO SENNGOA TOKISETSO E MOLEMO
  • TSE HLOKOANG KE BA TSOFETSENG
  • HO KA ETSOA JOANG?
  • PHUTHEHO E KA ETSA HO HOHOLO
  • TOKISETSO E HLOHONOLOFATSOANG KE MOLIMO
  • “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng. Tšaba Molimo oa hoa. Ke ’na Jehova.”—Lev. 19:32.
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla
    Tsoha!—1991
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha Nkhono le Ntate-moholo ba Lula le Rōna?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/15 maq. 3-6

Ho Hlokomela Batsoali ba Hao ba Tsofetseng—Joang?

NGAKA ea re: “’M’ao oa holofala joale, ’me ke nahana hore re mo fumanele sebaka lehaeng la maqheku.”

Morali a qala ka ho lumela. Le ’m’ae a etsa joalo, empa ka tsela e fapaneng—e bohloko. Ponahalo ea ntlo e khōlō e hlomolang ea solla ka pel’a hae, ’me a ipona a se a lutse har’a maqhekoana a hlomohileng. Empa lentsoe le hlasimollang la morali la khutlisa kelello ea hae.

“U se k’a ikhathatsa ’Mè, ke tla bua le Jan hore u lule le rōna.”

’M’ae a sisinya hloho. “Che, ngoan’aka. Lelapa la hao le tšoarehile haholo, ’me . . . ”

Hamorao morali a ngola: “Molomo oa hae o ne o re, ‘Che,’ empa mahlo a hae a ithapella: ‘Ke kōpa hore u se ntlohele ke le mong, tsamaea le ’na.’”

Leha ho le joalo ho teng mahae a matle haholo a maqheku libakeng tse ling. Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore ’mè a ee ho le leng la oona? Hobane morali, ntle ho ho hlokomela lelapa la hae, o tla tlameha ho hlokomela ’m’ae. Na ’m’ae o tla hle a kenelle hantle lapeng ha morali oa hae?

Ntle ho pelaelo, ho hlaha lipotso tse joalo ka bongata. ’Me ha ba baholo ba ntse ba eketseha, malapa a mangata a ntse a thulana le lipotso tsena. Na Bibele e fana ka leseli tabeng ee?

MOHLALA OA JESU

Ha Jesu Kreste a ne a leketlile sefateng, o ile a hopola taba ea ’m’ae ea tsofalang ho sa tsotellehe bohloko bo boholo ba hae. Ka ho totobetseng Maria e ne e le mohlolohali ka nako eo ’me kaha Jesu o ne a talimane le lefu, o ne a nahana ka tlhokomelo ea hae ha a se a ile. Bana babo nameng ba ne ba e-so lumele ho Jesu; e ne e se barutuoa ba hae. Eaba Jesu o re Johanne, morutuoa oa hae ea ratoang haholo, a hlokomele ’m’ae Maria. Bibele e re ka boemo moo sefateng sa tlhokofatso:

“Jesu ha a bona ’m’ae le morutuoa eo a mo ratang a bapile le eena, a re ho ’m’ae: Mosali, bona, mora oa hao ke eo. A ntoo re ho morutuoa: Bona, ’m’ao ke eo! Ka nako eona eo, morutuoa eo a mo nkela ka tlung ea hae.”—Joh. 19:26, 27.

Ke thato ea Molimo hore batsoali ba thabele ho nahaneloa ho hoholo, joalokaha molao oa hae o bolela. Kahoo Jesu o ne a sebetsa tumellanong le oa bohlano Melaong e Leshome e neiloeng Iseraele, o reng: “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatšeng leo u le neoang ke Jehova Molimo oa hao.” Ho leboha batsoali ba motho ho tla putsoa haholo ke Jehova.—Ex. 20:12.

HO SENNGOA TOKISETSO E MOLEMO

Leha ho le joalo, joalokaha ho le joalo ka melao e meng e mengata, Molao oa Bohlano oa senngoa butle-butle. Ka boithati, Bajode ba bangata ba qala ho hlokomoloha batsoali ba bona, ba lebala kamoo ba ileng ba ba hlokomela ka lerato. Hamorao, baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ba ba leka ho kenyelletsa maikutlo a hore ho hlokomela batsoali ho ka hlokomolohuoa, ha feela ho hlokomeloa litšoanelo tsa bolumeli. Jesu a hanyetsa phoso ena ka matla. A bolela hore mang le mang ea behellang melao ea Molimo ka thōko ka tsela e joalo o ne a rapella Molimo lefeela.—Mar. 7:6-13.

Barutuoa ba Jesu ba ne ba utloisisa hantle haholo seo Molimo o se hlokang ho hlokomela batsoali ba hlokang, le bona batsoali ba batsoali. Moapostola Pauluse o ngolile: “Ekare ha mohlolohali e mong a e-na le bana, kapa litloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo.” (1 Tim. 5:4) Na u hlokometse seo e leng tšoanelo ea pele ea bana? Ke ho lefa batsoali ba bona, le bona batsoali ba batsoali, bakeng sa tlhokomelo eo ba e fumaneng ha ba sa le banyenyane. E, Molimo o khahloa ke ha bana ba hlokomela batsoali ba ke keng ba hlola ba itlhokomela.

Lefatšeng kajeno ‘’mè le ntate ba hlomphuoa’ ka mokhoa o fokolang haholo. Ho e-na le hoo, boikutlo hangata ke hore: “Mong le mong a itjare; le ’na ke na le likhathatso tse ntekaneng.” Litholoana tsa khopolo ena e thata li bonahala habonolo: Batho ba hōlileng ba baloang ka limillione bao “qetello” ea bophelo ba bona e leng boima hobane ha ho mang ea ba tsotellang.

TSE HLOKOANG KE BA TSOFETSENG

Ka linako tse ling motho o fetoha ea se nang thuso qetellong ea bophelo ba hae ho tšoana le qalong. Hona ho fetoha moroalo botsofaling ho e-na le molemo oa bongoaneng. Lesea le se nang thuso ka liatleng tsa ’mè oa lona le eloa hloko haholo; empa ha motho ea fokolang a kena ka tlung, ke seoelo ho nang le ea mo elang hloko. Ba bangata ba nahana hore, “Oho, o phethile litšiu tsa hae.”

Botsofali le mokhathala li atisa ho fihlela hong. Kahoo lintho tseo ba bang ba ka li etsang ka bonolo li hloke boiteko bo matla ho batho ba hōlileng. Le oona mosebetsi oa ntlo oa tsatsi le leng le le leng o ka fetoha moroalo ho bona, re sa bue letho ka ho hloekisa ntlo hantle, ho lila ho hlokomela serapa, le tse ling.

Ka linako tse ling batho ba baholo ba khathetse haholo hoo ba sitoang ho lokisa lijo tse chesang kapa ho ea mabenkeleng. Leha ho le joalo, lijo tse tšoanelehang ba li hloka. Hangata ha ba sa tsotella litholoana tse ncha kapa meroho. ’Me kaha batho ba hōlileng hangata ha ba noe metsi haholo, ba ee ba bontše ho omella letlalo. ’Me hona ho ka tsoala ho thotofala le pherekano.

Batho ba bangata ba baholo ba ikhethela ho qoba lerata le molumo. Ba ikhethela ho shebella liketsahalo tsa letsatsi ka leng ba le moo ho khutsitseng. Empa hopola hore, ka kakaretso, ba ntse ba thahasella lintho tse ba potolohileng. Kamor’a hore u phele bophelo bo tletseng le bo thabisang, na u ka rata ho hlokomolohuoa ho hang? Che! “Kotlo” e mpe ka ho fetisisa eo motho ea tsofetseng a ka e etsetsoang ke hore a nehelloe bolutu. Leha ho le joalo ha batsoali ba tsofetseng ba kenngoa mahaeng a booki hore ba tlosoe tseleng, hona ho ka ba ahlolela hona kotlong e joalo.

Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore, tlas’a maemo a itseng, pheko e molemo e ke ke ea e-ba lehae la maqheku bakeng sa batsoali ba hōlileng. Boemo ba ’mele ea bona mohlomong ke bo ba tlamang ho ba liphateng ka nako eohle, ’me ba hloke tlhokomelo ea nako eohle. Mohlomong u tlameha ho sebetsa hore u lefe melato, ’me ka hoo u sitoe ho lula lapeng e le hore u ka etsa tokisetso e joalo. Mohlomong ha ho setho se seng sa lelapa se nang le hona ho etsa joalo. Mahae a mang a maqheku a ipakile e le tokisetso e ntle bakeng sa batho ba maemong a joalo.

HO KA ETSOA JOANG?

Lelapa le leng le itse: “Re ile ra tlohella ntate le ’mè hore ba ikhethele: lehae la maqheku kapa ho lula le rōna. Ba phakisa ba khetha: ho lula le rōna.”

Empa potso e ka ’na ea e-ba hore: Re tla ba fumanela kamore joang? Le hoja e se lelapa le leng le le leng le ka ho etsang, a mangata a ho entse. Haeba ho e-na le kamore e kaholimo, bashemane ba rata haholo ho robala ka ho eona. Kapa, ho ka ’na ha etsoa libethe tse palamaneng ka kamoreng ea bana ho rarolla bothata ba sebaka. Mohlomong lelapa ha le le leholo le ka fallela matlong a maholoanyane e le hore ho ka fumaneha sebaka sebakeng sa Nkhono kapa Ntate-moholo, kapa bona ka bobeli.

Ho hlokahala ho nahanela lintho pele ha ho kenngoa motho ea holofetseng ka tlung. Ho ka ba kotsi ho ba le limmete tse khoehlileng fatše. Hape, ipotse: Na khanya e ka liphacheseng e lekane? Na bethe e bolelele bo lekaneng? Na mabota a ntlo ea ho hlapela le a liphachese a na le moo ho itšoarelletsoang? Na tšepe e teng hore ba ka e letsa haeba motho a hloka thuso bosiu?

Ho se etse letho letšehare lohle ha ho molemo, ’me ha hoa lokela batho ba baholo. Ho na le mesebetsi e mengata e menyenyane eo ba ka ratang ho e etsa—mohlomong ho ebola litapole le ho sala le bana (ba ka sala le bana haeba ba sa ntsane ba tseba ho tsamaea). Mosali e mong oa Mokreste o ile a ruta ’m’ae oa sefofu ho loha, e leng ho ileng ha thabisa mosali-moholo haholo. Haeba batho ba hōlileng ba na le ntho e molemo eo ba ka e etsang, u se ke ua ba tetesa, le haeba mohlomong u ne u ka etsa mosebetsi hamakhethe ho feta moo.

Ho batho ba hōlileng, ha ho letho le khathollang motšehare ho feta ho kopana le bana. ’Me bana ba bangata ba thabela kopano e joalo haholo! Mohlomong ha ho e mong ntle ho Nkhono kapa Ntate-moholo ea nang le nako e ngata hakana bakeng sa bana, kapa ea ka phetang litaba kapa liphihlelo tse thabisang joaloka bona.

Ha motsoali ea hōlileng a se a sitoa ho tsamaea, ho ka ba molemo ho batla setulo se mabili. Pele, mohlomong ho ka ’na ha e-ba thata hore Nkhono kapa Ntate-moholo ba lule ho sona. (“Batho ba tla re’ng?”) Empa ha a hlokomela hore joale o tla tseba ho tsoela ka ntle ho ntlo hangata, likhanyetso tsohle li tla khutsisoa.

Leha ho le joalo, ho ka etsoa joang haeba batsoali ba hlokang ba batla ho lula ba le bang kapa haeba ba qetella ba beiloe lehaeng la maqheku? Mabakeng a joalo, Bakreste ba bang ba ile ba fallela haufi le motho ea holofetseng kapa motsoali ea mong. Joale, setloholo se seng se lumelloa ho ea robaletsa ha maqheku. Kapa ha ba le lehaeng la maqehku, ba ka eteloa nako la nako. Haeba ho se bonolo ho fallela haufi joalo, motho a ka kōpa e mong ea haufi le moo ho ’na a hloela batsoali ba hae nako le nako.

Ho le joalo, ho ka lokela hore nako le nako batsoali ba hōlileng kapa maqheku ba hloeloe hakhutšoanyane. Na ba fumana sohle seo ba se hlokang lijong le mofuthu? Na lintho tsohle li hloekile? Na ho na le ho hlokang ho lokisoa? Na ebe ba jeoa ke bolutu? Ba phela joang ’meleng? Hopola, ke boikarabelo ba hao ho bona hore ba hlokomelehile hantle.

Ho feta tsohle, batsoali ba hao ba hōlileng ba hloka ho kholiseha hore ua ba rata le hore hase khathatso ho uena. Nako le nako u ba kope ka liatla ka botsoalle. Motho e moholo o hloka lerato le mofuthu le kamano haholo. ’Me u mamele ka hloko ha batsoali ba hao ba u bolella ho hong, le haeba u se u ile ua ho utloa. Ho nyahamisa haholo ho ba hōlileng haeba ba hlokomela hore batho ha ba sa ba ela hloko ha ba bua. Ho ikutloa hore ha ba ratoe ho ka fella ka masoabi ’me ha qetella ka lefu le potlakileng.

PHUTHEHO E KA ETSA HO HOHOLO

Empa na Bakreste ba tšepahalang ba se nang bana ba lumetseng ba ka hlokisoa thuso eohle e lerato? Che, ke ho loketseng hore phutheho ea Bokreste, “ntlo ea Molimo,” e fane ka tlhokomelo e lerato bakeng sa Bakreste ba tšepahalang joalo ba seng ba hōlile ’me ba holofetse tseleng ea ’nete ea Molimo.—1 Tim. 3:15; 5:16.

Ntlheng ena, khaitseli e mong oa Mokreste o ile a ngola: “Le hoja monna oa ka a se ’neteng, ka tumello ea hae ke ’nile ka hlokomela khaitseli moeeng ea seng a hōlile haholo (lilemo li 86) ka nako e fetang lilemo tse tšeletseng. Ke ile ka khannoa ke lerato bakeng sa khaitseli enoa; ka bona e le ‘Nkhono.’ Pele, e ne e le moroalo hobane o ne a “hula e mong le e mong ka nko,” ho akarelletsa le bana. Ruri Jehova o ile a thusa. Bana le bona ba ithutile ho sebelisana le batho ba hōlileng.”

Ka khaitseli e mong ea seng a hōlile, moena oa Mokreste o ile a ngola: “o kolobelitsoe a le lilemo li 76, kamor’a bophelo bo boima le ba bolutu. Kaha o jeoa ke lefu la pelo ’me a tsamaea le ka thata, o ne a hloka tlhokomelo e kholoanyane. Ka nako eo o ne a le lilemo li 81 ’me re sa le banyenyane rea s’o qete le lilemo tse peli re nyalane. Re atlehisitse lilemo tsena bophelong ba hae hore ebe tse monate ka ho mo etela letsatsi le leng le le leng, leha e le ka nako e khutšoanyane feela. Re sebetsa litaba tsohle tsa hae, ’me mosali oa ka oa mo hlatsoetsa le ho mo phehela. Mpho e khōlō eo re neng re ka mo fa eona ke ho rehella mora oa rōna ka eena. A lla ha a re: ‘Joale ke Nkhono kannete.’”

Ba bang ka phuthehong ea Bokreste ba ka etsa ho hongata ho bona hore ba hōlileng ba har’a bona ba hlokomeloa ka tsela eo Jehova a neng a ba reretse eona. Na u bona monyetla oa ho thusa ba bang ka tsela ee?

TOKISETSO E HLOHONOLOFATSOANG KE MOLIMO

Leha re ke ke ra bolela, hase ntho e fokolang ho tlisa batsoali ba hao ba tsofetseng lapeng ha hao. Empa nahana ka litlhaloso tse ileng tsa etsoa ke ba bang:

Motho e mong a hlokomela hore: “Ebile bopaki bo totobetseng. Boteng ba motho oa ’mè e moholo ruri bo kopanya lelapa.”

Mokreste e mong a ngola: “Mahlohonolo a rōna ke hore re ananelana haholoanyane joaloka monna le mosali, ’me re ithutile ho mamella.”

E mong eena a ngola: “Ha ’mè a tla ho tla lula le rōna e ne e le sekulane. Empa o atolositse mosebetsi oa hae bohato ka bohato ka lapeng a bile a ntse a matlafala le ho phela hantlenyana ’meleng.”

Joale u tla etsa joang ha e mong kapa batsoali ba hao ka bobeli ba ka holofala? Ke hobane’ng ha u sa lule u khutsitse ’me u ikhopotse lintho tsohle tseo batsoali ba hao ba ileng ba u etsetsa tsona bongoaneng ba hao, le kamorao ho moo. Ipotse: Ne nka etsa’ng ntle ho bona? Ke mohlala ofe oo nka o neang bana ba ka ka hore ke hlokomele batsoali ba ka ka lerato? Hape, Molimo o batla ha ke etsa joang? Karabo ea oona ke hore: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao.”—Liprov. 3:27.

“U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng. Tšaba Molimo oa hoa. Ke ’na Jehova.”—Lev. 19:32.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Jesu a abela morutuoa Johanne hore a hlokomele ‘m’ae

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Bakreste ba tlangoa ho lefa batsoali ba bona tlhokomelo eo ba e fumaneng bonyenyaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Maqheku a mangata a hloka ho thusoa. Na u ka a etsetsa ho hong?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Batsoali ba tsofalang ba tšelisoa ke tiisetso ea hore ua ba rata

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela