Khaolo ea Bohlano
Jehova o Kokobetsa ba Ikhohomosang
1, 2. Ke hobane’ng ha re thahasella molaetsa oa boprofeta oa Esaia o eang ho Bajuda ba mehleng ea hae?
A KHOPISITSOE ke boemo ba Jerusalema le Juda, joale moprofeta Esaia o lebisa tlhokomelo ho Jehova Molimo ’me oa phatlalatsa: “U furaletse batho ba hao, ntlo ea Jakobo.” (Esaia 2:6a) Ke’ng se susumelitseng Molimo hore a lahle batho bao a neng a ba khethile ka boeena e le “thepa e khethehileng” ea hae?—Deuteronoma 14:2.
2 Ho nyatsa ha Esaia Bajuda ba mehleng ea hae ke taba eo re e thahasellang haholo. Hobane’ng? Hobane boemo ba Bokreste-’mōtoana kajeno bo tšoana haholo le ba batho ba habo Esaia, ’me ho joalo le ka kahlolo eo Jehova a e phatlalatsang. Ho ela hloko phatlalatso ea Esaia ho tla re fa kutloisiso e hlakileng ea seo Molimo a se nyatsang ’me ho tla re thusa ho nena mekhoa eo a sa e amoheleng. Ka hona, ka tebello e khōlō, a re hlahlobeng lentsoe la Jehova la boprofeta joalokaha le tlalehiloe ho Esaia 2:6–4:1.
Ba Inama ka Boikhohomoso
3. Esaia o bolela phoso efe ea batho ba habo?
3 Ha a bolela phoso ea batho ba habo, Esaia o re: “Ba tletse se tsoang Bochabela, ’me ba sebelisa boselamose joaloka Bafilista, ’me ba atetsoe ke bana ba basele.” (Esaia 2:6b) Lilemo tse ka bang 800 pejana, Jehova o ne a laetse batho ba hae ba khethiloeng: ‘Le se ke la itšilafatsa ka e ’ngoe ea lintho tsena tseo lichaba tseo ke li tlosang ka pel’a lōna li itšilafalitseng ka tsona.’ (Levitike 18:24) Mabapi le bao a neng a ba khethile e le thepa ea hae e khethehileng, Jehova o ile a qobella Balame hore a re: “Ke ba bona ke le tlhōrōng ea mafika, ke ba bona ke le maralleng. E le sechaba ba tsoela pele ho lula teng ka nakoana ba arohile, ha ba ipalelle har’a lichaba.” (Numere 23:9, 12) Empa, mehleng ea Esaia batho ba Jehova ba khethiloeng ba amohetse mekhoa e nyonyehang ea lichaba tse ba potolohileng ’me ba “tletse se tsoang Bochabela.” Ho e-na le ho beha tumelo ho Jehova le lentsoeng la hae, ba sebelisa “boselamose joaloka Bafilista.” Ho e-na le hore ba ipoloke ba arohile lichabeng, naha e “atetsoe ke bana ba basele”—ha ho pelaelo hore ke basele ba tlisang mekhoa eo e seng ea bomolimo ho batho ba Molimo.
4. Ho e-na le hore a ba susumelletse ho leboha Jehova, maruo le matla a sesole a ama Bajuda joang?
4 Ha a hlokomela katleho ea moruo e teng le matla a sesole a Juda tlas’a Morena Uzia, Esaia o re: “Naha ea bona e tletse silevera le khauta, ’me matlotlo a bona ha a lekanngoe. Naha ea bona e tletse lipere, ’me likoloi tsa bona ha li lekanngoe.” (Esaia 2:7) Na batho ba leboha Jehova ka leruo le joalo le matla a sesole? (2 Likronike 26:1, 6-15) Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, ba beha tšepo ea bona leruong ka bolona ’me ba furalla Mohloli oa lona, Jehova Molimo. Ka phello efe? “Naha ea bona e tletse melimo ea lefeela. Ba inamela mosebetsi oa matsoho a motho, o entsoeng ke menoana ea hae. Motho oa lefatše oa inama, ’me motho oa kokobela, ’me u ke ke ua khona ho ba tšoarela.” (Esaia 2:8, 9) Ba furalla Molimo ea phelang ’me ba inamela litšoantšo tse se nang bophelo.
5. Ke hobane’ng ha ho inamela litšoantšo e se ketso ea boikokobetso?
5 Ho inama e ka ba letšoao la boikokobetso. Empa ho inamela lintho tse se nang bophelo ke halefeela, ho etsa hore morapeli oa setšoantšo a ‘kokobele,’ a tlohe seriti. Jehova a ka tšoarela sebe se joalo joang? Barapeli baa ba litšoantšo ba tla etsa’ng ha Jehova a ba bitsa hore ba tl’o ikarabella?
‘Mahlo a Ikhohomosang a Tla Kokobela’
6, 7. (a) Ho etsahala’ng ka ba ikhohomosang letsatsing la kahlolo ea Jehova? (b) Jehova o bonahatsa khalefo ea hae ho eng le ho bo-mang, hona hobane’ng?
6 Esaia o tsoela pele: “Kena ka lefikeng ’me u ipate lerōleng ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova, le bophahamo ba hae bo botle haholo.” (Esaia 2:10) Empa ha ho lefika le tla ba leholo ka ho lekaneng hore le ba sireletse, ha ho tšireletso e tla ba khōlō ka ho lekaneng hore e ba patele Jehova, Ea Matla ’Ohle. Ha a tla ho tla liha kahlolo ea hae, “mahlo a ikhohomosang a motho oa lefatše a tla kokobela, le bophahamo ba batho bo tla kokobela; ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.”—Esaia 2:11.
7 “Letsatsi la Jehova oa mabotho” lea tla. E tla ba nako ea hore Molimo a bonahatse khalefo ea hae “ho likedare tsohle tsa Lebanone tse holimo le tse phahameng le ho lifate tsohle tsa litonanahali tsa Bashane; le ho lithaba tsohle tse phahameng le ho maralla ’ohle a phahameng; le ho tora e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng le ho lerako le leng le le leng le etselitsoeng qhobosheane; le ho likepe tsohle tsa Tarshishe le ho likepe tsohle tse lakatsehang.” (Esaia 2:12-16) E, mokhatlo o mong le o mong o hlahisitsoeng ke motho e le letšoao la seo a ikhantšang ka sona le motho e mong le e mong ea sa tšabeng Molimo o tla eloa hloko letsatsing la khalefo ea Jehova. Kahoo, “boikhohomoso ba motho oa lefatše bo tla kokobela, le ho iphahamisa ha batho ho tla kokobela; ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.”—Esaia 2:17.
8. Letsatsi la kahlolo le boletsoeng esale pele le tlela Jerusalema joang ka 607 B.C.E.?
8 Letsatsi la kahlolo le boletsoeng esale pele le tlela Bajuda ka 607 B.C.E. ha Nebukadnezare Morena oa Babylona a timetsa Jerusalema. Baahi ba bona motse oa bona o ratoang o tuka malakabe, mehaho ea oona e khanyang e heleha le lerako la oona le matla le putlama. Tempele ea Jehova e siuoa e le lesupi feela. Matlotlo a bona le likoloi tsa bona ha e be letho ‘letsatsing la Jehova oa mabotho.’ Ho thoe’ng ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang? Ho etsahala hantle feela kamoo Esaia a bolelang kateng esale pele: “Melimo ea lefeela e tla timela ka ho feletseng.” (Esaia 2:18) Bajuda—ho akarelletsa le likhosana le banna ba matla—ba isoa botlamuoeng Babylona. Jerusalema e lokela ho lula e le lesupi ka lilemo tse 70.
9. Ke ka tsela efe boemo ba Bokreste-’mōtoana bo tšoanang le ba Jerusalema le Juda mehleng ea Esaia?
9 Boemo ba Bokreste-’mōtoana bo tšoana hakaakang le ba Jerusalema le Juda mehleng ea Esaia! Ka sebele Bokreste-’mōtoana bo hlaoletse kamano e haufi-ufi le lichaba tsa lefatše lena. Ke motšehetsi ea chesehang oa Machaba a Kopaneng ’me bo tlatsitse ntlo ea bona ka litšoantšo tse rapeloang le mekhoa eo e seng ea Mangolo. Balateli ba bona ba rata lintho tse bonahalang ’me ba beha tšepo ea bona matleng a sesole. ’Me na ha bo talime baruti ba bona e le ba tšoaneloang ke tlhompho e khethehileng haholo, bo ba fa litlotla le mabitso a khethehileng? Ruri boiphahamiso ba Bokreste-’mōtoana bo tla etsoa lefeela. Empa neng?
“Letsatsi la Jehova” le Ntseng le Atamela
10. Moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba bua ka ‘letsatsi lefe la Jehova’?
10 Mangolo a bua ka “letsatsi la Jehova” leo e tla ba la bohlokoa haholo ho feta letsatsi la kahlolo ho Jerusalema le Juda tsa boholo-holo. Ka pululelo, moapostola Pauluse o ile a amahanya “letsatsi la Jehova” le tlang le ho ba teng ha Morena ea lutseng teroneng Jesu Kreste. (2 Bathesalonika 2:1, 2) Petrose o ile a bua ka letsatsi leo mabapi le ho thehoa ha ‘maholimo a macha le lefatše le lecha tseo ho tsona ho loka ho tla aha.’ (2 Petrose 3:10-13) Ke letsatsi leo ka lona Jehova a tlang ho liha kahlolo ea hae holim’a tsamaiso eohle e khopo ea lintho, ho akarelletsa le Bokreste-’mōtoana.
11. (a) Ke bo-mang ba tla ‘tiisetsa tlas’a’ “letsatsi la Jehova” le tlang? (b) Re ka etsa Jehova setšabelo sa rōna joang?
11 Moprofeta Joele o re: “Jo! letsatsi leo; hobane letsatsi la Jehova le haufi, ’me le tla tla joaloka ho tlatlapa ho tsoang ho Ea Matla ’Ohle!” Ka lebaka la ho atamela ha “letsatsi” leo, na e mong le e mong ha aa lokela ho ameha ka tšireletseho nakong eo e tšosang? Joele oa botsa: “Ke mang ea ka tiisetsang tlas’a lona?” Oa araba: “Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae.” (Joele 1:15; 2:11; 3:16) Na Jehova Molimo e tla ba setšabelo ho ba nang le moea oa boikhohomoso le ba tšepang maruo, matla a sesole le melimo eo batho ba iketselitseng eona? Le hanyenyane! Molimo o ile a lahla esita le batho ba hae ba khethiloeng ha ba ne ba itšoara ka tsela ena. Ke habohlokoa hakaakang hore bahlanka bohle ba Molimo ba ‘batle ho loka, ba batle bonolo,’ ’me ka ho teba ba hlahlobe sebaka seo borapeli ba Jehova bo se nkang bophelong ba bona!—Sofonia 2:2, 3.
‘Ho Litali le Bo-’mankhane’
12, 13. Ke hobane’ng ha e le ho loketseng hore barapeli ba litšoantšo ba lahlele melimo ea bona ‘ho litali le bo-’mankhane’ letsatsing la Jehova?
12 Barapeli ba litšoantšo ba tla talima litšoantšo tsa bona joang letsatsing le leholo la Jehova? Esaia oa araba: ‘Batho ba tla kena ka mahaheng a mafika le ka mekoting ea lefatše ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova le bophahamo ba hae bo botle haholo, ha a phahama hore lefatše le harohe letsoalo. Ka letsatsi leo motho oa lefatše o tla lahlela melimo ea hae e se nang thuso ea silevera le melimo ea hae ea lefeela ea khauta . . . ho litali le bo-’mankhane, e le hore a kene ka mekoting ea mafika le mafarung a mafika, ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova le bophahamo ba hae bo botle haholo, ha a phahama hore lefatše le harohe letsoalo. Molemong oa lōna, tlohelang motho oa lefatše, eo phefumoloho ea hae e leng linkong tsa hae, etsoe a ka eloa hloko motheong oa eng?’—Esaia 2:19-22.
13 Litali li lula ka mekoting fatše, ’me bo-’mankhane ba lula lefifing le mahaheng a se nang letho. Ho feta moo, moo ho nang le bo-’mankhane ba bangata ba lulang sebakeng se le seng, ho ba le monko o mobe le qubu ea mantle a mangata. Ho loketse ho akhela litšoantšo tse rapeloang libakeng tse joalo. Li hlile li loketsoe ke sebaka se lefifi le se sa hloekang. Ha e le batho bona, ba tla batla setšabelo mahaheng le mafarung a mafika letsatsing la kahlolo ea Jehova. Kahoo litšoantšo tse rapeloang le barapeli ba tsona ba tla hlaheloa ke qetello e tšoanang. Tumellanong le boprofeta ba Esaia, litšoantšo tse rapeloang tse se nang bophelo ha lia ka tsa pholosa barapeli ba tsona leha e le Jerusalema matsohong a Nebukadnezare ka 607 B.C.E.
14. Nakong ea letsatsi le tlang la kahlolo ea Jehova ho ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, batho ba nang le monahano oa lefatše ba tla etsa’ng?
14 Batho ba tla etsa’ng nakong ea letsatsi le tlang la kahlolo ea Jehova ho Bokreste-’mōtoana le likarolo tse ling tsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata? Ha ba tobane le maemo a ntseng a senyeha lefatšeng ka bophara, mohlomong ba bangata ba tla hlokomela hore litšoantšo tsa bona tse rapeloang ha li na thuso. Ho e-na le tsona, ka lebaka le utloahalang ba ka ’na ba batla setšabelo le tšireletso mekhatlong ea lefatše, e sa reng letho ka litaba tsa moea, mohlomong ho akarelletsa le Machaba a Kopaneng, e leng “sebata se ’mala o sekareleta” sa Tšenolo khaolo ea 17. Ke “linaka tse leshome” tsa sebata seo sa tšoantšetso tse tla timetsa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, eo karolo ea eona e khōlō e leng Bokreste-’mōtoana.—Tšenolo 17:3, 8-12, 16, 17.
15. Ka letsatsi la hae la kahlolo, Jehova o tla “behoa phahameng” a le mong feela joang?
15 Le hoja ho timetsoa le ho chesoa ha Babylona e Moholo ho ka ’na ha etsoa ka ho toba ke linaka tse leshome tsa tšoantšetso, ha e le hantle, ke ho lihuoa ha kahlolo ea Jehova. Mabapi le Babylona e Moholo, Tšenolo 18:8 e re: “Ke ka lebaka leo likotlo tsa hae li tlang ho tla ka letsatsi le le leng, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.” Kahoo tlotla e ea ho Jehova Molimo, Ea Matla ’Ohle, bakeng sa ho lokolla moloko oa batho khatellong ea bolumeli ba bohata. Joalokaha Esaia a bolela, “Ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo. Etsoe ke letsatsi la Jehova oa mabotho.”—Esaia 2:11b, 12a.
‘Baeta-pele ba Etsa Hore le Hlahlathele’
16. (a) “Setšehetso le thapo e tšehetsang” sechaba ke eng? (b) Batho ba habo Esaia ba tla utloa bohloko joang ha ho tlosoa “setšehetso le thapo e tšehetsang” sechaba sa habo bona?
16 Hore sechaba se be le botsitso, se lokela ho ba le “setšehetso le thapo e tšehetsang”—e leng lintho tse hlokahalang tse kang lijo le metsi, ’me habohlokoa le ho feta, se be le baeta-pele ba tšepahalang ba khonang ho tataisa batho le ho boloka taolo sechabeng. Leha ho le joalo, mabapi le Iseraele ea boholo-holo, Esaia o bolela esale pele: “Bonang! Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, o tlosa setšehetso le thapo e tšehetsang, setšehetso sohle sa bohobe le setšehetso sohle sa metsi Jerusalema le Juda, monna ea matla le mohlabani, moahloli le moprofeta, senohe le monna ea hōlileng, molaoli oa ba mashome a mahlano le monna ea hlomphehang haholo le moeletsi le setsebi sa boselamose, le moupelli ea nang le tsebo.” (Esaia 3:1-3) Bashanyana ba pala e tla ba likhosana ’me ba buse ka tsela e se nang botsitso. Hase feela hore babusi ba tla hatella batho empa “batho ba tla hatellana . . . Ba tla hlasela, moshanyana a hlasele monna-moholo, le ea khelloang tlaase a hlasele ea hlomphuoang.” (Esaia 3:4, 5) Bana ba “hlasela” batho ba baholo, ba ba hlokela tlhompho. Maemo a bophelo a tla theoha hoo motho a tla re ho motho e mong ea sa tšoaneleheng ho busa: “U na le seaparo sa ka holimo. U tšoanela ho ba mohatelli oa rōna, ’me letšoele lena le lihiloeng le lokela ho ba tlas’a letsoho la hao.” (Esaia 3:6) Empa ba mengoang ka tsela eo ba tla hana, ba phehelle hore ha ba na bokhoni ba ho folisa naha e tsoileng maqeba le hore ha ba na leruo bakeng sa ho hlokomela boikarabelo boo. Ba tla re: “Nke ke ka ba motlamisi oa maqeba; ’me ka tlung ea ka ha ho na bohobe kapa seaparo sa ka holimo. Le se ke la mpeha hore ke be mohatelli oa batho.”—Esaia 3:7.
17. (a) Ke ka kutloisiso efe sebe sa Jerusalema le Juda e neng ‘eka sa Sodoma’? (b) Esaia o beha bo-mang molato ka boemo ba sechaba sa habo?
17 Esaia o tsoela pele: “Jerusalema e khopiloe, ’me Juda e oele, kahobane maleme a tsona le mesebetsi ea tsona e khahlanong le Jehova, ka ho rabela mahlong a khanya ea hae. Ponahalo ea lifahleho tsa tsona e paka khahlanong le tsona, ’me li bolela sebe sa tsona se kang sa Sodoma. Ha lia se pata. Ho malimabe meea ea tsona! Etsoe li ipaketse tlokotsi.” (Esaia 3:8, 9) Batho ba Molimo ba entse borabele khahlanong le Molimo oa ’nete ka mantsoe le ka liketso. Esita le ponahalo ea lifahleho tsa bona e bontšang ho se hlajoe ke lihlong le ho hloka pako e senola libe tsa bona, tse nyonyehang joaloka tsa Sodoma. Ba selekaneng le Jehova Molimo, empa a ke ke a fetola litekanyetso tsa hae bakeng sa bona. “Lintho li tla tsamaea hantle bakeng sa ea lokileng, etsoe ba tla ja litholoana tsa mesebetsi ea bona. Ho malimabe ea khopo!—Tlokotsi; etsoe o tla tšoaroa ka tsela eo a tšoereng ba bang ka eona! Ha e le sechaba sa ka, batho ba se abelang mosebetsi ba sebetsana le sona ka thata, ’me se busoa ke basali. Lōna sechaba sa ka, ba le eteletseng pele ba etsa hore le hlahlathele, ’me ba ferekantse litsela tsa lōna.”—Esaia 3:10-12.
18. (a) Jehova o phatlalatsa kahlolo efe ho baholo le likhosana tsa mehleng ea Esaia? (b) Re ithuta thuto efe kahlolong ea Jehova ho baholo le likhosana?
18 Jehova o ‘liha kahlolo’ ho baholo le likhosana tsa Juda ’me ‘o kena kahlolong’: “Lōna le chesitse serapa sa morara. Se nkiloeng ka tlatlapo ho ea hlorileng se ka matlung a lōna. Le bolela’ng ka hore ebe le hatella sechaba sa ka, le ka hore ebe le sila lifahleho tsa ba hlorileng?” (Esaia 3:13-15) Ho e-na le hore ba sebeletse boiketlo ba sechaba, baeta-pele ba kopanela mekhoeng e bolotsana. Ba sebelisa matla a bona hampe ka ho ithuisa le ho se fe bafutsana le bahloki tse ba tšoanelang. Empa baeta-pele bana ba lokela ho ikarabella ho Jehova oa mabotho ka ho hatella ha bona batho ba hlorileng. Ena ke temoso e kaakang ho ba leng boemong ba boikarabelo kajeno! E se eka kamehla ba ka ela hloko hore ba se ke ba sebelisa matla a bona a ho laela hampe.
19. Ke khatello le tlhoriso efe tseo Bokreste-’mōtoana bo bileng molato oa tsona?
19 Bokreste-’mōtoana—haholo-holo baruti le batho ba bona ba ka sehloohong—ka bolotsana bo ithuisitse lintho tse ngata tseo e lokelang ho ba tsa batho ba tloaelehileng, bao bo ’nileng ba ba hatella le bao bo ntseng bo tsoela pele ho ba hatella. Hape bo ’nile ba otla, ba hlorisa le ho tšoara batho ba Molimo hampe ’me bo tlisitse thohako e khōlō lebitsong la Jehova. Ka nako ea hae e loketseng, ka sebele Jehova o tla bo ahlola.
‘Letšoao la ho Chesoa ka Tšepe ho E-na le Botle’
20. Ke hobane’ng ha Jehova a nyatsa “barali ba Sione”?
20 Ka mor’a hore a phatlalatse liphoso tsa baeta-pele, Jehova o lebisa tlhokomelo ho basali ba Sione, kapa Jerusalema. Ka ho totobetseng e le ka lebaka la feshene, “barali ba Sione” ba roala “liketane tsa maotong”—liketanenyana tseo ba li fasang maqaqailaneng—tse etsang molumo oa ’mino o reng kete-kete! Basali bana ba hatela haufi ’me ba tsamaea “ka mehato e potlakileng,” ba etsa se ka ’nang sa talingoa e le mokhoa o bontšang bokhabane oa ho tsamaea oa basali. Joale, phoso ke efe ka see? Ke boikutlo boo basali bana ba nang le bona. Jehova o re: “Barali ba Sione ba ikhohomositse ’me ba tsamaea ba thamotse melala ’me mahlo a bona a talimile ka mokhoa o hohelang.” (Esaia 3:16) Ha ho kamoo boikhohomoso bo joalo bo ka phonyohang kotlo.
21. Kahlolo ea Jehova ho Jerusalema e ama basali ba Bajuda joang?
21 Kahoo, ha kahlolo ea Jehova e fihla naheng, ‘barali bana ba Sione’ ba ikhohomosang ba tla lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe—esita le ke botle boo ba ikhantšang ka bona hakana. Jehova oa profeta: “Jehova le eena o tla etsa hore barali ba Sione ba be le likhoo har’a hlooho, ’me Jehova o tla pepesa liphatla tsa bona. Ka letsatsi leo Jehova o tla tlosa botle ba mefitšana le mabanta a roaloang hloohong le mekhabiso e bōpehileng joaloka khoeli, masale le lipetja le masira, lintho tse roaloang hloohong le liketane tsa maotong le linyepa le ‘matlo a moea’ [mohlomong lipitsana tsa litlolo tse nkhang hamonate] le likhetla tse khabisang tse hlahisang molumo [kapa, lithatho], masale a monoana le masale a nko, liaparo tse telele tsa ka holimo tsa maemo le liaparo tse kang mese le liaparo tsa ka holimo le lipache, le liipone tsa letsoho le liaparo tsa ka tlaase le lituku le masira a maholo.” (Esaia 3:17-23; bona mengolo e botlaaseng ba leqephe ho NW.) Ke phetoho e bohloko hakaakang!
22. Ntle ho mekhabiso ea bona, basali ba Jerusalema ba boetse ba lahleheloa ke eng?
22 Molaetsa oa boprofeta o tsoela pele ho re: “Bakeng sa oli ea balsame ho tla ba le monko oa ho bola; ’me bakeng sa lebanta, ho be le ropo; bakeng sa moriri o lokisitsoeng ka bokhabane, ho be le lefatla; bakeng sa seaparo sa boleng bo phahameng, ho itlangoe ka lesela la mokotla; bakeng sa botle ho be le letšoao la ho chesoa ka tšepe.” (Esaia 3:24) Ka 607 B.C.E., basali ba ikhohomosang ba Jerusalema ba felloa ke leruo baa futsaneha. Ba felloa ke tokoloho eo ba nang le eona ’me ba fumana “letšoao la ho chesoa ka tšepe” la bokhoba.
“Ka Sebele e Tla Etsoa Lesupi”
23. Jehova o phatlalatsa eng mabapi le Jerusalema?
23 Joale ha a bua le motse oa Jerusalema, Jehova oa phatlalatsa: “Banna ba hao ba tla lihuoa ka lerumo, ’me matla a hao a lihuoe ka ntoa. ’Me menyako ea eona e tla lokela ho siama le ho bontša ho sareloa, ’me ka sebele e tla etsoa lesupi. E tla lula fatše.” (Esaia 3:25, 26) Banna ba Jerusalema, esita le ba matla ba eona, ba tla bolaoa ntoeng. Motse o tla ripitloa ka ho feletseng. Bakeng sa “menyako ea eona,” e tla be e le nako ea ho “siama le ho bontša ho sareloa.” Jerusalema e tla “etsoa lesupi” ’me e tlosoe.
24. Ho felisoa ha banna ka sabole ho ba le liphello life tse bohloko ho basali ba Jerusalema?
24 Ho felisoa ha banna ka sabole ho tla ba le liphello tse bohloko ho basali ba Jerusalema. Ha a phethela karolo ena ea buka ea hae ea boprofeta, Esaia o bolela esale pele: “Basali ba supileng ba tla tšoara monna a le mong letsatsing leo, ba re: ‘Re tla ja bohobe ba rōna ’me re apare liaparo tsa rōna tsa ka holimo; re mpe re bitsoe ka lebitso la hao hore ho tlosoe nyeliso ea rōna.’” (Esaia 4:1) Khaello ea banna ba ka nyalang e tla ba khōlō hoo basali ba ’maloa ba tla khomarela monna a le mong e le hore ba bitsoe ka lebitso la hae—ke hore, ba tsejoe phatlalatsa e le basali ba hae—kahoo ba lokolohe thohakong ea ho ba ba se nang banna. Molao oa Moshe o ne o laela hore monna a lokisetse hore mosali oa hae a fumane lijo le liaparo. (Exoda 21:10) Leha ho le joalo, ka ho lumela ho ‘ja bohobe ba bona le ho apara liaparo tsa bona,’ basali bana ba ikemiselitse ho lokolla monna eo boikarabelong ba hae ba molao. Ke maqakabetsi a makaakang ho “barali ba Sione” bao pele ba neng ba ikhohomosa!
25. Ba ikhohomosang ba letetsoe ke’ng haufinyane?
25 Jehova o kokobetsa ba ikhohomosang. Ka 607 B.C.E., ka sebele o etsa hore boikhohomoso ba batho ba hae ba khethiloeng le “bophahamo” ba bona bo ‘kokobele.’ E se eka le ka mohla Bakreste ba ’nete ba ke ke ba lebala hore “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.”—Jakobo 4:6.
[Setšoantšo se leqepheng la 50]
Litšoantšo tse rapeloang, maruo le matla a sesole ha li pholose Jerusalema letsatsing la kahlolo ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 55]
‘Letsatsing la Jehova,’ ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tla felisoa