Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ip-1 khao. 6 maq. 61-72
  • Jehova Molimo o Hauhela Masala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova Molimo o Hauhela Masala
  • Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Se Melisoang ke Jehova’
  • Masala e ba a Halalelang ho Jehova
  • Tšepiso ea Tlhokomelo e Lerato
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esaia—I
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Le Nyakalle ka ho sa Feleng ka Lebaka la Seo ke se Bōpang”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Bala Tse Ling
Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
ip-1 khao. 6 maq. 61-72

Khaolo ea Botšelela

Jehova Molimo o Hauhela Masala

Esaia 4:2-6

1, 2. Moprofeta Esaia o bolela eng esale pele mabapi le Juda le Jerusalema?

SEFEFO se mabifi se hlasela tikoloho e nang le baahi ba bangata. Meea e matla, lipula tsa litloebelele le sekhohola se matla li putula naha, li senya mahae le lijalo ’me li bolaea batho. Empa kapele sefefo seo sea feta, ’me ka mor’a sona ho ba le khutso. Ho ba pholohileng, joale ke nako ea ho tsosolosa le ho haha bocha.

2 Moprofeta Esaia o bolela esale pele ntho e tšoanang le eo mabapi le Juda le Jerusalema. Maru a sefefo a kahlolo ea Molimo a ntse a atamela ka tsela e tšosang—’me e le ka lebaka le utloahalang! Molato oa sechaba o boima. Babusi hammoho le batho ba tlatsitse naha ka ho hloka toka le tšollo ea mali. A sebelisa Esaia, Jehova o pepesa molato oa Juda ’me o lemosa hore O tla liha kahlolo sechabeng seo se sa utloeng molao. (Esaia 3:25) Naha ea Juda e tla sala e le lesupi ka ho feletseng ka mor’a sefefo sena. E tlameha ebe tebello eo e utloisa Esaia bohloko.

3. Molaetsa o bululetsoeng o ho Esaia 4:2-6 o tšoere litaba life tse monate?

3 Empa ho na le litaba tse monate! Sefefo sa kahlolo e lokileng ea Jehova se tla feta, ’me masala a tla pholoha. E, kahlolo ea Jehova ho Juda e tla kopanngoa le mohau! Molaetsa oa Esaia o bululetsoeng o tlalehiloeng ho Esaia 4:2-6 o supa pele nakong ena e thabisang. Ho joalokaha eka letsatsi lea chaba ka mor’a ho siroa ke maru; joale ho ba le phetoho ho tloha ho se bonahalang le se utloahalang e le kahlolo—se hlalositsoeng ho Esaia 2:6–4:1—ho ea ho naha le batho ba nchafalitsoeng ka bokhabane.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšohla boprofeta ba Esaia ba ho tsosolosoa ha masala?

4 Boprofeta ba Esaia bo mabapi le ho tsosolosoa ha masala le tšireletseho ea ’ona ka morao ho moo bo boetse boa phethahala mehleng ea rōna—“karolong e qetellang ea matsatsi.” (Esaia 2:2-4) A re tšohleng molaetsa ona o nakong, hobane hase feela hore o na le moelelo oa boprofeta empa hape o re ruta ka mohau oa Jehova le kamoo re ka o fumanang kateng re le batho ka bomong.

‘Se Melisoang ke Jehova’

5, 6. (a) Esaia o hlalosa nako ea khotso e latelang sefefo se matla se tlang joang? (b) Lentsoe “lehlōmela” le bolela’ng, hona see se bontša’ng ka naha ea Juda?

5 Esaia o bua ka tsela e mofuthu haholoanyane ha a talima ka nģ’ane ho sefefo se tlang, nakong eo ho eona ho renang khotso haholoanyane. Oa ngola: “Letsatsing leo seo Jehova a se melisang [“(lehlōmela) semela sa Jehova,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe] se tla sebelisetsoa mokhabiso le khanya, ’me litholoana tsa naha e tla ba seo ho ithorisoang ka sona le se setle bakeng sa ba phonyohileng ba Iseraele.”—Esaia 4:2.

6 Mona Esaia o bua ka tsosoloso. Lereho la Seheberu le fetoletsoeng e le “lehlōmela” le bolela ‘ntho e melang, letlōbō, lekala.’ Le amana le nala, keketseho le litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova. Ka hona Esaia o fana ka tlhaloso e hlakileng ea tšepo—lesupi le atamelang le ke ke la e-ba teng ka ho sa feleng. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, naha ea Juda eo pele e neng e atlehile e tla boela e beha litholoana haholo.a—Levitike 26:3-5.

7. Ke ka tsela efe lehlōmela la Jehova le tlang ho “sebelisetsoa mokhabiso le khanya”?

7 Esaia o sebelisa mantsoe a hlakileng ho hlalosa phetoho e khanyang e larileng ka pele. Lehlōmela la Jehova le tla “sebelisetsoa mokhabiso le khanya.” Lentsoe “mokhabiso” le hopotsa motho botle ba Naha e Tšepisitsoeng nakong eo Jehova a neng a e neha Iseraele lilemo tse makholo pejana. E ne e le ntle hoo e neng e talingoa e le “mokhabiso [“lebenyane,” New American Bible] oa linaha tsohle.” (Ezekiele 20:6) Ka hona mantsoe a Esaia a tiisetsa batho hore naha ea Juda e tla tsosolosetsoa khanyeng le botleng ba eona ba pele. Ka sebele, e tla tšoana le lebenyane leo e leng moqhaka oa lefatše.

8. Ke bo-mang ba tla beng ba itokiselitse ho thabela botle bo tsosolositsoeng ba naha, hona Esaia o hlalosa maikutlo a bona joang?

8 Leha ho le joalo, ke bo-mang ba tla beng ba le teng bakeng sa ho thabela botle bo tsosolositsoeng ba naha? Esaia o ngola hore ke “ba phonyohileng ba Iseraele.” E, ba bang ba tla pholoha timetso e hlabisang lihlong e boletsoeng esale pele. (Esaia 3:25, 26) Masala a phonyohileng a tla khutlela Juda ’me a kopanele tsosolosong ea eona. Ho bana ba khutlileng—“ba phonyohileng”—lintho tse ngata tse hlahisitsoeng ke naha ea bona e tsosolositsoeng e tla ba “seo ho ithorisoang ka sona le se setle.” (Esaia 4:2, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mahlabisa-lihlong a ho etsoa lesupi a tla nkeloa sebaka ke boikutlo bo bocha ba thabo e khōlō.

9. (a) Phethahatsong ea mantsoe a Esaia, ho ile ha etsahala’ng ka 537 B.C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore “ba phonyohileng” ba akarelletsa ba bang ba tsoaletsoeng botlamuoeng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

9 Tumellanong le mantsoe a Esaia, sefefo sa kahlolo se ile sa fihla ka 607 B.C.E. ha Bababylona ba ne ba timetsa Jerusalema ’me Baiseraele ba bangata ba timetsoa. Ba bang ba ile ba pholoha ’me ba isoa botlamuoeng Babylona, empa hoja e ne e se ka mohau oa Molimo, ho ka be ho sa ka ha e-ba le baphonyohi ho hang. (Nehemia 9:31) Qetellong, Juda e ile ea sala e le lesupi ka ho feletseng. (2 Likronike 36:17-21) Joale, ka 537 B.C.E., Molimo ea mohau o ile a lumella “ba phonyohileng” hore ba khutlele Juda e le hore ba tsosolose borapeli ba ’nete.b (Esdrase 1:1-4; 2:1) Pako e tsoang botebong ba pelo ea batlamuoa bana ba khutlang e hlalositsoe ka bokhabane ho Pesaleme ea 137, eo mohlomong e ngotsoeng nakong ea botlamuoa kapa kapele ka mor’a moo. Koana Juda, ba ne ba lema ’me ba jala peō naheng. Ak’u nahane hore na e tlameha ebe ba ile ba ikutloa joang ha ba bona hore Molimo o ne a hlohonolofatsa boiteko ba bona, a etsa hore naha e atlehe joaloka “serapa sa Edene” se behang litholoana!—Ezekiele 36:34-36.

10, 11. (a) Ke ka tsela efe Liithuti tsa Bibele li neng li le botlamuoeng ba “Babylona e Moholo” mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo? (b) Jehova o ile a hlohonolofatsa masala a Baiseraele ba moea joang?

10 Mehleng ea rōna ho bile le tsosoloso e tšoanang. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo nakong eo, li ile tsa e-ba botlamuoeng ba moea ba “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:5) Le hoja Liithuti tsa Bibele li ne li lahlile lithuto tse ngata tsa bohata, li ne li ntse li qaphalelitsoe ke likhopolo le mekhoa e itseng ea Bobabylona. Ka lebaka la khanyetso e hlohlellelitsoeng ke baruti, tse ling tsa tsona li ile tsa hla tsa kenngoa teronkong. Naha ea tsona ea moea—letlotlo la tsona la bolumeli, kapa la moea—e ile ea sala e le lesupi.

11 Empa nakong ea selemo ka 1919, Jehova o ile a hauhela masala ana a Baiseraele ba moea. (Bagalata 6:16) O ile a bona pako ea ’ona le takatso ea ’ona ea ho mo rapela ka ’nete, kahoo a a lokolla teronkong ea sebele ’me habohlokoa le ho feta, a a lokolla botlamuoeng ba moea. Bana “ba phonyohileng” ba ile ba khutlisetsoa letlotlong la bona la moea leo ba le filoeng ke Molimo, leo a ileng a le atlehisa haholo. Letlotlo lena la moea le bile le ponahalo e ipiletsang, e hohelang, e hutseng batho ba bang ba limilione ba tšabang Molimo hore ba ikopanye le masala borapeling ba ’nete.

12. Mantsoe a Esaia a phahamisa mohau oo Jehova a nang le oona ho batho ba hae joang?

12 Mantsoe a Esaia mona a phahamisa mohau oo Molimo a nang le oona ho batho ba hae. Le hoja Baiseraele e le sechaba ba ile ba fetohela Jehova, o ile a hauhela masala a bakileng. Re ka fumana matšeliso ka ho tseba hore esita le ba etsang liphoso tse tebileng ba ka khutlela ho Jehova ba e-na le tšepo. Ha ho hlokahale hore batho ba bakileng ba ikutloe hore ba ke ke ba fumana mohau oa Jehova, kaha ha a lahle pelo e hlomohileng. (Pesaleme ea 51:17) Bibele ea re tiisetsa: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang.” (Pesaleme ea 103:8, 13) Ka sebele, Molimo ea mohau joalo o lokeloa ke thoriso eohle ea rōna!

Masala e ba a Halalelang ho Jehova

13. Joalokaha ho tlalehiloe ho Esaia 4:3, Esaia o hlalosa masala a neng a tla hauheloa ke Jehova joang?

13 Re se re tsebisitsoe masala ao Jehova a neng a tla a hauhela, empa joale Esaia o a hlalosa ka tsela e tebileng haholoanyane. Oa ngola: “Ba setseng Sione le ba siiloeng Jerusalema ho tla boleloa hore baa halalela ho eena, e mong le e mong ea ngotsoeng fatše bakeng sa bophelo Jerusalema.”—Esaia 4:3.

14. Ke bo-mang “ba setseng” le “ba siiloeng,” hona ke hobane’ng ha Jehova a tla ba hauhela?

14 Ke bo-mang “ba setseng” le “ba siiloeng”? Ke ba phonyohileng ba boletsoeng temaneng e ka pele—batlamuoa ba Bajuda ba tla lumelloa hore ba khutlele Juda. Joale Esaia o bontša lebaka leo ka lona Jehova a tlang ho ba hauhela—e tla ba ba ‘halalelang ho eena.’ Khalalelo e bolela “ho hloeka kapa ho hloka sekoli bolumeling; ho khetheha.” Ho halalela ho akarelletsa ho hloeka, ho hloka sekoli, ka polelo le ka ketso, ho finyella tekanyetso ea Jehova ea se lokileng le se tšoanetseng. E, Jehova o tla hauhela ba ‘halalelang ho eena,’ ’me o tla ba lumella hore ba khutlele “motseng o halalelang,” Jerusalema.—Nehemia 11:1.

15. (a) Poleloana e reng ‘ngoloa fatše bakeng sa bophelo Jerusalema’ e re hopotsa moetlo ofe oa Bajuda? (b) Mantsoe a Esaia a fana ka temoso efe e tebileng?

15 Na masala aa a tšepahalang a tla lula moo? Esaia o tšepisa hore a tla ‘ngoloa fatše bakeng sa bophelo Jerusalema.’ Sena se re hopotsa moetlo oa Bajuda oa ho boloka tlaleho e hlokolosi ea malapa le meloko ea Iseraele. (Nehemia 7:5) Ho ngoloa tlalehong ho ne ho bolela ho phela, hobane ha motho a ne a e-shoa, lebitso la hae le ne le hlakoloa. Likarolong tse ling tsa Bibele, re bala ka tlaleho ea tšoantšetso, kapa buka, e nang le mabitso a bao Jehova a ba putsang ka bophelo. Empa mabitso a ngoloa bukeng ena tlas’a maemo a itseng, kaha Jehova a ka ‘hlakola’ mabitso. (Exoda 32:32, 33; Pesaleme ea 69:28) Ka hona, mantsoe a Esaia a fana ka temoso e tebileng—bana ba khutlang ba ka tsoela pele ba phela naheng ea habo bona e tsosolositsoeng hafeela ba lula ba halalela mahlong a Molimo.

16. (a) Ke’ng seo Jehova a neng a se hloka ho bao a ileng a ba lumella ho khutlela Juda ka 537 B.C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore mohau oa Jehova ho masala a tlotsitsoeng le “linku tse ling” ha ea ba oa lefeela?

16 Ka 537 B.C.E., masala a ileng a khutlela Jerusalema a ile a khutlela teng ka sepheo se setle—ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete. Ha ho ea silafalitsoeng ke mekhoa ea bolumeli ba bohetene kapa boitšoaro bo litšila boo Esaia a neng a lemositse ka matla mabapi le bona ea neng a e-na le tokelo ea ho khutla. (Esaia 1:15-17) Ke feela bao Jehova a neng a ba talima e le ba halalelang ba neng ba ka khutlela Juda. (Esaia 35:8) Ka ho tšoanang, ho tloha ha a lokolloa botlamuoeng ba moea ka 1919, masala a tlotsitsoeng, ao hona joale a seng a kopane le “linku tse ling” tse limilione—e leng ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng—a ’nile a leka ka hohle hore e be a halalelang mahlong a Molimo. (Johanne 10:16) A tlohetse lithuto le mekhoa ea Bobabylona. E le batho ka bomong, a loanela ho boloka litekanyetso tsa Molimo tse phahameng tsa boitšoaro. (1 Petrose 1:14-16) Mohau oa Jehova ho ’ona ha ea ba oa lefeela.

17. Ke mabitso a bo-mang ao Jehova a a ngolang ‘bukeng ea hae ea bophelo,’ hona re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 Hopola hore Jehova o ile a hlokomela ba neng ba halalela Iseraele ’me a ‘ngola mabitso a bona fatše bakeng sa bophelo.’ Ka ho tšoanang, kajeno Jehova o hlokomela boiteko ba rōna ba hore re be ba hloekileng kelellong le ’meleng ha re ntse re ‘hlahisa ’mele ea rōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo.’ (Baroma 12:1) Molimo o tlaleha bohle ba latelang tsela e joalo ea bophelo ‘bukeng ea hae ea bophelo’—e leng tlaleho ea tšoantšetso e nang le mabitso a ba leng mocheng oa ho fumana bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng. (Bafilippi 4:3; Malakia 3:16) Joale, a re etseng sohle se matleng a rōna hore re lule re halalela mahlong a Molimo, kaha ka ho etsa joalo re ka boloka mabitso a rōna ka ‘bukeng’ eo ea bohlokoahali.—Tšenolo 3:5.

Tšepiso ea Tlhokomelo e Lerato

18, 19. Ho ea ka Esaia 4:4, 5, ke tlhoekiso efe eo Jehova a lokelang ho e etsa, hona e tla finyelloa joang?

18 Ho latelang, Esaia o bontša kamoo baahi ba naha e tsosolositsoeng e tlang ho ba ba halalelang kateng le hore na ba letetsoe ke litlhohonolofatso life. O re: “Ha Jehova a se a hlatsoitse mantle a barali ba Sione ’me a tlositse le tšollo ea mali ea Jerusalema e ho eona ka moea oa kahlolo le moea oa ho chesa, ka sebele Jehova o tla boela a etse leru motšehare le mosi, le khanya ea mollo o tukang bosiu; sebakeng se seng le se seng se tiisitsoeng sa Thaba ea Sione le sebakeng sa eona seo ho kopaneloang ho sona kahobane ho tla ba le tšireletso khanyeng eohle.”—Esaia 4:4, 5.

19 Pejana, Esaia o ile a khalemela “barali ba Sione” ka matla, bao boitšoaro ba bona bo silafetseng bo neng bo patiloe ke mekhabiso ea bona ea mponeng. O ile a boela a pepesa molato oa mali oa batho ka kakaretso le ho ba phehella hore ba itlhatsoe. (Esaia 1:15, 16; 3:16-23) Leha ho le joalo, mona o talima pele nakong eo ka eona Molimo ka boeena a tla beng a ‘hlatsoitse mantle,’ kapa tšilafalo boitšoarong, ’me a ‘hloekisitse maqaphaqapha a mali.’ (Esaia 4:4, New International Version) Tlhoekiso ee e tla phethoa joang? Ka “moea oa kahlolo” le ka “moea oa ho chesa.” Timetso e tlang ea Jerusalema le ho isoa botlamuoeng Babylona e tla ba phethahatso ea kahlolo ea Molimo le khalefo ea hae e tukang khahlanong le sechaba se sa hloekang. Masala a pholohang litlokotsi tsena ’me a khutlela hae a tla be a kokobelitsoe, a hloekisitsoe. Ke ka lebaka leo e tlang ho ba a halalelang ho Jehova ’me a fumane mohau.—Bapisa le Malakia 3:2, 3.

20. (a) Lipoleloana tse reng “leru,” “mosi” le “mollo o tukang” li re hopotsa eng? (b) Ke hobane’ng ha ho ke ke ha hlokahala hore baholehuoa ba hloekisitsoeng ba tšabe letho?

20 Ka Esaia, Jehova o tšepisa hore o tla tlisa masala ana a hloekisitsoeng tlhokomelong ea hae e lerato. Lipoleloana tse reng “leru,” “mosi” le “mollo o tukang” li hopotsa kamoo Jehova a ileng a hlokomela Baiseraele kateng ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. “Topallo ea mollo le leru” e ile ea ba sireletsa ho Baegepeta ba ba lelekisang; ea boela ea ba etella pele lefeelleng. (Exoda 13:21, 22; 14:19, 20, 24) Ha Jehova a iponahatsa Thabeng ea Sinai, thaba eo e ile “ea kubella mosi ka hohle.” (Exoda 19:18) Ka hona, ho ke ke ha hlokahala hore baholehuoa ba hloekisitsoeng ba tšabe letho. Jehova e tla ba Mosireletsi oa bona. O tla ba le bona ebang ba bokana malapeng a bona kapa ba kopana hammoho likopanong tse halalelang.

21, 22. (a) Lephephe, kapa motlotloane, hangata le ne le hahoa ka morero ofe? (b) Ke tebello efe e behoang ka pel’a masala a hloekisitsoeng?

21 Esaia o phethela tlhaloso ea hae ea tšireletso ea bomolimo ka ho lebisa tlhokomelo bophelong ba letsatsi le letsatsi. Oa ngola: “Ho tla ba le lephephe bakeng sa moriti motšehare mochesong o bataolang, le bakeng sa setšabelo le sebaka sa ho ipatela sekhohola le pula.” (Esaia 4:6) Hangata ho ne ho hahoa lephephe, kapa motlotloane serapeng sa morara kapa tšimong bakeng sa ho itšireletsa ho neng ho hlokahala haholo letsatsing le bataolang la nakong ea komello le ho itšireletsa serameng le lifefong tsa nakong ea lipula.—Bapisa le Jonase 4:5.

22 Ha masala a hloekisitsoeng a thulana le mocheso o matla oa mahloriso le lifefo tsa khanyetso, a tla fumana Jehova e le Mohloli oa ’ona oa tšireletso, polokeho le setšabelo. (Pesaleme ea 91:1, 2; 121:5) Kahoo a fuoa tebello e babatsehang: Haeba a tlohela litumelo le mekhoa e sa hloekang ea Babylona, a ikokobeletsa tlhoekiso ea kahlolo ea Jehova, ’me a leka ho lula a halalela, a tla lula a bolokehile, joalokaha eka a ka ‘lephepheng’ la tšireletso ea Molimo.

23. Ke hobane’ng ha Jehova a hlohonolofalitse masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona?

23 Hlokomela hore ho tla tlhoekiso pele, e ntan’o ba litlhohonolofatso. Ho bonahetse sena e le ’nete mehleng ea rōna. Morao koana ka 1919, ka boikokobetso masala a tlotsitsoeng a ile a lumela ho hloekisoa, ’me Jehova o ile a ‘hlatsoa’ ho se hloeke ha ’ona. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, “bongata bo boholo” ba linku tse ling le bona bo itumeletse hore bo hloekisoe ke Jehova. (Tšenolo 7:9) A hloekisitsoe joalo, masala le metsoalle ea ’ona a hlohonolofalitsoe—Jehova o a tlisitse tlhokomelong ea hae e sireletsang. Hase hore o a sireletsa ka mohlolo mochesong oa mahloriso kapa lifefong tsa khanyetso hore li se ke tsa a imela. Empa oa a sireletsa, joalokaha eka o emisa holim’a ’ona ‘lephephe bakeng sa moriti le sebaka sa ho ipatela sekhohola.’ Joang?

24. Ho totobala joang hore Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae e le mokhatlo o hlophisitsoeng?

24 Nahana ka sena: E meng ea mebuso e matla ka ho fetisisa historing e ile ea thibela mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki tsa Jehova kapa ea leka ho li felisa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Lipaki li ’nile tsa lula li tiile ’me tsa tsoela pele ho bolela li sa khaotse! Ke hobane’ng ha lichaba tse matla li hlōlehile ho felisa mosebetsi oa sehlopha see sa batho se batlang se le senyenyane le seo ho bonahalang eka ha se na boitšireletso? Hobane Jehova o kentse bahlanka ba hae ba hloekileng ka ‘lephepheng’ la tšireletso leo ho seng motho ea ka le heletsang!

25. Hore ebe Jehova ke Mosireletsi oa rōna ho bolela eng ho rōna re le batho ka bomong?

25 Ho thoe’ng ka rōna re le batho ka bomong? Hore ebe Jehova ke Mosireletsi oa rōna ha ho bolele hore re phela bophelo bo se nang mathata tsamaisong ena ea lintho. Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba tobana le mahlomola a tšabehang, a kang bofuma, likoluoa tsa tlhaho, ntoa, ho kula le lefu. Ha re tobane le litlokotsi tse joalo, le ka mohla a re se keng ra lebala hore Molimo oa rōna o na le rōna. O re sireletsa moeeng, o fana ka seo re se hlokang—esita le “matla a fetang se tloaelehileng”—bakeng sa ho mamella liteko ka botšepehi. (2 Bakorinthe 4:7) Kaha re sireletsehile ka lebaka la boteng ba hae, ha ho hlokahale hore re tšabe letho. Etsoe, hafeela re etsa sohle seo re ka se khonang hore re ipoloke re halalela mahlong a hae, ha ho letho le tla “khona ho re arohanya le lerato la Molimo.”—Baroma 8:38, 39.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litsebi tse ling li bolela hore poleloana e reng ‘lehlōmela la Jehova’ e bua ka Mesia, ea neng a ke ke a hlaha ho fihlela ka mor’a hore Jerusalema e tsosolosoe. Ho li-Targum tsa Searame, tlhaloso ea poleloana ena e baleha tjena: “Mesia [Kreste] oa Jehova.” Ho thahasellisang ke hore lona lereho leo la Seheberu (tseʹmach), hamorao le sebelisoa ke Jeremia ha a bua ka Mesia e le “lehlōmela le lokileng” le hlahisetsoang Davida.—Jeremia 23:5; 33:15.

b “Ba phonyohileng” ba ne ba akarelletsa ba bang ba neng ba tsoaletsoe botlamuoeng. Bana ba ne ba ka talingoa e le “ba phonyohileng,” kaha ba ka be ba sa tsoaloa ho hang hoja baholo-holo ba bona ba ne ba sa pholoha timetso.—Esdrase 9:13-15; bapisa le Baheberu 7:9, 10.

[Setšoantšo se leqepheng la 63]

Sefefo sa kahlolo ea Molimo se tlela Juda

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela